Jehova O Ntša Sabole ea Hae Selateng!
“Bohle bao e leng ba nama ba tla lokela ho tseba hore ’na ka bonna, Jehova, ke ntšitse sabole ea ka selateng sa eona.”—EZEKIELE 21:5, NW.
1. Jehova o ile a tsokotsa sabole ea hae khahlanong le bo-mang naheng ea Juda le Iseraele?
KA NEPO sabole ea Jehova e kenya lira tsa hae tšabo. Empa ha a e tsokotsa khahlanong le bafosi mebusong ea Juda le Iseraele, na kannete ba ne ba tseba hore na ho etsahala joang? E, ho ile ha etsoa hore ba tsebe hore Jehova o ntšitse sabole ea hae ea tšoantšetso selateng sa eona.—Esdrase 9:6-9; Nehemia 1:8; 9:26-30.
2. Jehova o ile a re’ng ka “sabole” ea hae, ’me hoo ho hlahisa lipotso life?
2 Ka moprofeta oa oona Ezekiele, Molimo oa re: “Bohle bao e leng ba nama ba tla lokela ho tseba hore ’na ka bonna, Jehova, ke ntšitse sabole ea ka selateng sa eona.” (Ezekiele 21:5, NW) Na mantsoe ao a ne a sebetsa feela mehleng ea boholo-holo? Kapa a na le seo a se bolelang bakeng sa rōna?
Kahlōlo ea Jerusalema e Boleloa Esale Pele
3. Ezekiele o ile a bolella ba ileng kholehong Babylonia eng, ’me hoo ho tšoana le eng mehleng ea kajeno?
3 Koloi ea Jehova e ile ea boela ea tsamaea, ’me Ezekiele le eena a tloha moo a neng a le hona teng. E ne eka mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo o kang koloi o isitsoe qhooeng holim’a Thaba ea Mehloaare. Ha a le moo Jesu o ile a bolela esale pele timetso e ileng ea oela Jerusalema ka 70 C.E., thipitlo e neng e profeta bofelo ba Bokreste-’mōtoana. (Mareka 13:20) Ponong, Ezekiele ka boeena o ne a ile a tlosoa nōkeng ea Kebare, empa ka moea oa Molimo joale o ile a khutlisetsoa tlung ea hae ea kholeho Babylonia. Ha a le moo o ile a bolella batlamuoa ba bang ‘mantsoe ’ohle ao Jehova a neng a mo senoletse ’ona.’ Ka ho tšoanang, “seboholi” se tlotsitsoeng sa Molimo le lipaki tse ikopantseng le sona kajeno li phatlalatsa sohle seo li se senoletsoeng ke Mopalami oa koloi ea leholimo.—Ezekiele 11:22-25.
4. Bajode ba ileng kholehong ba ile ba arabela joang liketsong tse tšoantšetsang tsa Ezekiele?
4 Ka liketso tsa tšoantšetso, Ezekiele o ile a bontša Bajode ba neng ba le kholehong hore tlokotsi ea sechaba e ne e le haufi. (Bala Ezekiele 12:1-7.) Moprofeta o ile a jara “thoto ea mofalli” ho bontša lintho tse seng kae tseo batlamuoa ba neng ba ka khona ho li jara mahetleng. Haufinyane tšabo e ne e tla tlala Jerusalema e thibelletsoeng. Le hoja ba bangata ba sa ka ba nka litemoso tse joalo ka ho teba, Ezekiele o ne a lokela ho bolella batho hore: “Ha ho sa tla ba le tieho ho hang.” (NW) Kajeno ho boetse ho nyelisoa litemoso tsa Molimo le boprofeta ba oona, empa re ka etsa ho hongata ho thusa ba batlang ’nete hore ba tšepe hore li tla phethahatsoa.—Ezekiele 12:8-28.
5. Kaha ‘letsatsi la Jehova’ le ne le atametse, ke ho nyatsa hofe ho neng ho loketse?
5 Ho ne ho hlokahala hore ba sa mameleng seboholi sa Jehova ba tsebe hore ba tla utloa “sabole” ea Molimo. Kahoo, ba ikarabellang bakeng sa likhopolo tse fosahetseng ka tšireletseho ea Jerusalema le Juda ba ile ba nyatsoa. Baprofeta ba bohata ba ile ba bapisoa le liphokojoe tse senyang, ’me ho ile ha bontšoa hore bo-ramashano ba ne ba soeufatsa marako a seng a batla ho oa, kapa merero ea lefeela, ea batho. Baprofeta ba bohata ba basali le bona ba ile ba nyatsoa. ‘Letsatsi la Jehova’ le ne le atametse, ’me sefahleho sa hae se ne se halefetse ‘ba ikhulang ho eena,’ ke hore, ‘ba inehelang hosele ho fapana le ho latela Molimo.’ Haeba re inehetse ho Jehova, ka sebele ha ho mohla re tla batla ho ikhula tšebeletsong ea hae e halalelang.—Ezekiele 13:1–14:11.
6. Na ho na le motho leha e le ofe ea neng a ka pholosa batho ba Juda ba khelohileng tsela, ’me hoo ho re ruta eng?
6 Ke mang ea neng a ka pholosa batho ba Juda ba khelohileng tsela? Esita le Noe ea lokileng, Daniele, le Jobo ba ne ba ke ke ba ba lopolla ha Molimo o tlisa likahlōlo tsa oona holim’a naha eo. Joale, haeba re tla bolokeha, re tlameha ho jara boikarabelo ba rōna ba botho pel’a Molimo le ho etsa thato ea oona.—Ezekiele 14:12-23; Ba-Roma 14:12.
7. Juda e ile ea tšoantšoa le eng, empa Molimo o ne o tla hloma eng ka ba tšepahalang?
7 Ka baka la baahi ba eona ba sa tšepahaleng, Juda e ile ea tšoantšoa le morara o hlaha o se nang litholoana tse monate le o neng o loketsoe feela ke mollo. (Ezekiele 15:1-8) E ile ea boela ea tšoantšoa le lesea le se nang ba habo lona le pholositsoeng ke Molimo Egepeta ’me la hlokomeloa ho fihlela e e-ba mosali. Jehova o ile a mo nka ho mo etsa mosali oa hae, empa o ile a retelehela ho melimo ea bohata ’me o ne a tla timetsoa ka baka la bofebe ba hae ba moea. Empa, ka ba tšepahalang Molimo o ne o tla ‘etsa selekane se sa feleng’—selekane se secha le Iseraele oa moea.—Ezekiele 16:1-63; Jeremia 31:31-34; Ba-Galata 6:16.
8. (a) Babylona le Egepeta li ile tsa tšoantšoa le eng? (b) Ho roba ha Tsedekia kano ea hae ho lokela ho re ama joang?
8 Ka mor’a moo, babusi ba Babylona le Egepeta ba ile ba tšoantšoa le lintsu tse khōlō. E ’ngoe e ile ea roba ntlha ea sefate sa kebare ka ho tlosa Morena Jojakine le ho bea Tsedekia tulong tsa hae. Le hoja Tsedekia a ile a ikanela ho tšepahala ho Nebukadnezare, o ile a roba kano eo, a batla thuso ea sesole ea ’musi oa Egepeta, ntsu e ’ngoe e khōlō. Haeba Tsedekia a ne a ile a kenya lebitso la Molimo kanong ea hae, ho e roba ho ile ha tlisetsa Jehova thohako. Khopolo ea ho tlisetsa Molimo thohako ka boeona feela e lokela ho etsa hore le ka mohla re se ipake re sa tšepahale ho seo re se boletseng. Ka sebele re neiloe tlotla e kaakang ea ho jara lebitso la Molimo re le Lipaki tsa Jehova!—Ezekiele 17:1-21.
9, 10. (a) Ke boprofeta bofe bo tlalehiloeng ho Ezekiele 17:22-24, empa re tlameha ho etsa eng haeba re tla fumana molemo phethahatsong ea bona? (b) Ke mang ea ikarabellang bakeng sa liphello tsa boitšoaro ba rōna?
9 Ho latelang ke boprofeta bo thabisang bo amang Messia. (Bala Ezekiele 17:22-24.) Mona, “letlobo” ke Morena oa Bomessia, Jesu Kreste. A hlomiloe ke Jehova Thabeng ea Sione ea leholimo, o ne a tla fetoha “kedare e ntle-ntle,” mohloli oa tšireletso le tlhohonolofatso ha a busa lefatše. (Tšenolo 14:1) Ka sebele re ka ikhothatsa ka sena.
10 Leha ho le joalo, haeba re tla fumana molemo phethahatsong ea boprofeta ba Messia, re tlameha ho boloka kamano e ntle le Jehova. Ho bonahala eka ba neng ba isitsoe kholehong le Ezekiele ba ne ba nahana hore ba boemong bo botle le Molimo ’me ba jarisa baholo-holo ba bona molato bakeng sa mahlomola a bona. Empa moprofeta eo o ile a bontša hore motho ka mong oa ikarabella bakeng sa liphello tsa boitšoaro ba hae. (Ezekiele 18:1-29; bapisa Jeremia 31:28-30.) Ka mor’a moo ho ile ha etsoa boipiletso. (Bala Ezekiele 18:30-32.) E, Jehova o hauhela ba bakang ’me ha a thabele lefu la motho ofe kapa ofe. Ka hona, Molimo o re: ‘Sokolohang, le tle le phele, lōna batho.’—Bapisa 2 Petrose 3:9.
11. Babusi ba Juda ba ile ba bapisoa le eng, hona ho ne ho tla etsahala joang ka eona ha e otloa ke “sabole” ea Jehova?
11 Pineng ea koli ea malla ea ho oa ha Juda, babusi ba eona ba ile ba bapisoa le litaoana. Morena Joakaze o ile a shoela kholehong Egepeta, Jojakime a tšoaroa ke Nebukadnezare, ’me Jojakine a isoa kholehong Babylona. Ka mor’a moo Nebukadnezare a bea Tsedekia teroneng ea Juda, empa a mo fetohela. Qetellong, joaloka tau e koaletsoeng, Tsedekia a isoa botlamuoeng Babylona. Tumellanong le koli ea malla ea boprofeta, ka 607 B.C.E., Juda ea fetoha morara o sentsoeng, ’me ‘ha ipaka ho se lekala le matla, leha e le lere la ho rena.’ E ne e otliloe ke “sabole” ea Jehova!—Ezekiele 19:1-14; Jeremia 39:1-7.
12. (a) Joaloka baholo-holo ba bona, balekane ba Ezekiele ba ne ba kenelletse ketsong efe e fosahetseng? (b) Ke hobane’ng ha batho ba ile ba botsa hore na ebe Ezekiele o ne a bua lipolelo tsa maele, ’me see se re nea temoso efe?
12 Ha a atameloa ke “baholo ba bang ba Iseraele,” Ezekiele o ile a bolela molaetsa oa Molimo. O ile a bontša hore le hoja Jehova a ne a lopolotse Baiseraele Egepeta ’me a ba neile Molao oa Hae, ba o furaletse ’me ba kene borapeling ba melimo ea litšoantšo. Kaha balekane ba Ezekiele ba ne ba le molato oa phoso e tšoanang, Molimo ka booona o ne o tla ba ahlōla. Ho bonahala eka e ne e le ka baka la ho se kholoe eseng ho se utloisise seo Ezekiele a se bolelang, ha batho ba botsa: “Na ha a bue lipolelo tsa maele?” (NW) Haufinyane ba ne ba tla ithuta hore ha ho letho leo e neng e le maele feela mabapi le molaetsa oo oa moprofeta. Sena se lokela ho re lemosa hore le ka mohla re se be le boikutlo ba ho se kholoe hore litemoso tsa Mangolo li tla phethahatsoa.—Ezekiele 20:1-49.
Jehova ke Mohlabani
13. “Sabole” ea Molimo e emela eng, hona ho ne ho tla etsoa hore “bohle bao e leng ba nama” ba tsebe eng ha sabole eo e tsokotsoa?
13 Selemong sa bosupa sa kholeho (ka la 10 Ab, 611 B.C.E.), ho ne ho setse nako e ka tlaase ho lilemo tse peli le halofo pele ‘ntoa ea letsatsi la Jehova’ e qala khahlanong le Juda le Jerusalema. (Ezekiele 13:5; 20:1) Hlokomela seo joale Mohlabani Jehova a ileng a se bolela ka Ezekiele. (Bala Ezekiele 21:1-5.) “Sabole” ea Molimo e emela kofuto ea lefatšeng eo a neng a tla e sebelisa, empa e ka akarelletsa mokhatlo oa hae oa leholimo, o kang koloi. Baahi “ba lokileng” le “ba babe” ba Juda le Iseraele, ’moho le lichaba tse sokelang batho ba Molimo, ba ne ba tla oa ka bohale ba “sabole” ea Molimo. Ka sebele, ho ne ho tla etsoa hore “bohle bao e leng ba nama” ba tsebe hore Jehova o ne a ba loantša.
14. (a) Joaloka Ezekiele, lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova li hlokomelisa ka eng? (b) Ke eng e bontšang hore babusi ba Bokreste-’mōtoana ba ke ke ba pholoha “sabole” ea Molimo?
14 Joaloka Ezekiele, lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova kajeno li hlokomelisa ka “sabole” eo Molimo o tla e tsokotsa khahlanong le litho tsa Bokreste-’mōtoana, boo sebaka seo bo se busang se neng se tšoantšetsoa ke “naha ea Iseraele.” Haufinyane “sabole” eo e tla utluoa ke “nama eohle, ho tloha Boroa ho isa Leboea,” ke bohle ba leng bolumeling ba bohata. Batho ba neng ba itšepile bobona mehleng ea Ezekiele ba ne ba se na letho leo ba ka nyakallang ka lona, ba fihlela qeto ea hore “sabole” ea Jehova e ne e ke ke ea ‘akofisa polao’ ea bona. “Sabole” eo e ile ea furalla lere la borena la ’muso oa Juda, joalokaha e ile ea furalla “sefate” se seng le se seng, kapa lere le leng le le leng. Joale, ka sebele babusi ba Bokreste-’mōtoana ba ke ke ba pholosoa ke kofuto ea Molimo ea timetso.—Ezekiele 21:6-17.
15. Ke ketsahalo efe e amang Nebukadnezare e bontšang hore ha ho motho ea ka emang “sabole” ea Jehova pele?
15 Boprofeta ba Ezekiele bo tsoela pele ho bontša hore ha ho motho leha e le ofe, ho akarelletsa bademona, ea ka emang “sabole” ea Jehova pele. (Bala Ezekiele 21:18-22.) Le hoja Morena Nebukadnezare a ne a tla sebelisa bonohe ba bodemona, Jehova o ne a tla etsa hore ’musi oa Babylona a futuhele Jerusalema, eseng motse-moholo oa Ammone Rabba o neng o fokola haholoanyane ha ho bapisoa. Ka khohlopong Nebukadnezare o ne a tla khetha motsu o tšoaetsoeng Jerusalema. O ne a tla sebelisa terafime (e ka ’na eaba ke melimo e menyenyane ea litšoantšo e nang le sebopeho sa batho) ’me o ne a tla batla lipontšo sebeteng sa phoofolo e bolailoeng. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe bonohe boo, o ne a tla nka tsela e eang motse-moholo oa Juda ’me a o thibelle. Ke ’nete hore Nebukadnezare o ne a entse selekane le Morena Tsedekia. Empa ka baka la ho roba selekane ha bona, Tsedekia le Bajode ba bang ba ne ba tla “tšoaroa ke letsoho” ’me ba isoe botlamuoeng Babylona.—Ezekiele 21:23, 24.
16. (a) Ho ile ha etsahala eng ho phethahatsa Ezekiele 21:25-27? (b) Mehla ea Balichaba e ile ea qala neng, ’me e ile ea felella ka ketsahalo efe?
16 Ka ho etsa bofetoheli, Tsedekia o ile a intša kotsi e bolaeang. (Bala Ezekiele 21:25-27.) Ha morena oa Juda a tlosoa litulong, mokhabo oa borena le moqhaka oa borena li ile tsa tlosoa. (2 Marena 25:1-7) ’Muso oa Juda o ‘phahameng’ o ile oa ‘kokobetsoa’ ka ho timetsoa ka 607 B.C.E. Ka hona mebuso ea Balichaba e ‘tlaase’ e ile ea ‘phahamisoa,’ ea tlohelloa hore e laole lefatše e sa tšoenngoe ke ’muso oo e leng oa Molimo ka ho toba. (Deuteronoma 28:13, 15, 36, 43, 44) Kahoo ho ile ha qaleha “mehla ea lichaba”—Mehla ea Balichaba—e ileng ea fela ka 1914 ha Molimo o fana ka borena ho Jesu Kreste, ‘ea nang le tokelo ea molao’ ea borena. (Luka 21:20-24; Pesaleme ea 110:1, 2; Daniele 4:15-28; 7:13, 14) Kaha Jesu o teroneng ea leholimo, Lichaba tseo eseng Baiseraele li ke ke tsa hatakela se neng se tšoantšetsoa ke Jerusalema ea boholo-holo, ’Muso oa mojalefa oa molao oa Davida.—Ba-Heberu 12:22.
17. Ke “leshano” lefe le neng le boleloa ke baprofeta ba Baammone?
17 Baprofeta ba Baammone ba ne ba bolela hore motse-moholo oa Ammone, Rabba, o ne o tla pholoha timetso ea sabole ea Nebukadnezare. Empa sena e ne e le “leshano,” hobane naha ea Ammone kaofela e ne e tla ripitloa. Mehleng ea rōna, Molimo o laetse hore timetso ea lichaba e tla latela ea Bokreste-’mōtoana, joalokaha le Rabba e ile ea timetsoa ka morao ho Jerusalema.—Ezekiele 21:28-32; Tšenolo 16:14-16.
Jerusalema ea Qosoa
18. Ezekiele o ile a nyatsa Jerusalema bakeng sa libe life, ’me re lokela ho itšoara joang ho see?
18 Ha a boetse a bua ka lentsoe la Jehova, Ezekiele o ile a nyatsa Jerusalema ka libe tse kang tšollo ea mali, borapeli ba melimo ea litšoantšo, bohlola, bolotsana, le ho lebala Molimo. Likhosana tsa eona tse neng li le molato oa mali li ne li sebelisa matla hampe ho isa ho ahlōleleng motho lefu, ’me baetselletsi ba ne ba tlosa lira tsa bona tseleng ka ho li qosa ka leshano. Ka baka la limpe tse joalo, baahi ba Jerusalema ba ne ba tla qhalanngoa. Ho tseba sena ho lokela ho matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho qoba tšebeliso e mpe ea matla, bohlola, ketselletso, le libe tse ling tse tebileng.—Ezekiele 22:1-16.
19. Ke ka tsela efe batho ba Juda ba ileng ba hloekisoa, hona ke hobane’ng ha ho felisoa ha bona ho ile ha tiisoa?
19 Hape Jehova o ne a tla hloekisa batho ba Juda seboping. Hona e ne e se ho ba hloekisa ka ho tlosa litšila empa e ne e le ho ba qhibilihisa khalefong ea hae e kang mollo. (Ezekiele 22:17-22) Kahlōlo ena e ne e le e loketseng bakeng sa baprofeta ba neng ba kene morerong o mobe, baprista ba tlōlang molao, mahosana a meharo, le batho ba bolotsana. Kaofela ha bona ba ile ba nyatsoa. Kaha har’a bona ho ne ho se motho ea neng a emetse ho loka, Molimo o ne o tla ba felisa ka mollo oa khalefo ea oona.—Ezekiele 22:23-31.
Ba Tšoaneloa ke Kotlo
20. Ke basali bafe ba tšoantšetso bao khalefo ea Molimo e neng e tla tšolleloa holim’a bona, ’me u ka fana ka lintlha life tse qaqileng mabapi le hore na ke bo-mang?
20 Ka mor’ a moo ho tšolloa ha khalefo ea Molimo ho ile ha tšoantšetsoa ka kahlōlo e lihoang holim’a basali ba babeli ba tšoantšetso ba neng ba le molato oa bofebe ba moea. E mong e ne e le Ohola, ’muso oa meloko e leshome oa Iseraele oo motse-moholo oa oona e neng e le Samaria. E ne e le “e moholo” hobane o ne a entsoe ka karolo e khōlō ea meloko ea Iseraele, ho akarelletsa e tsoileng lelokong la bara ba baholo ba Jakobo, Rubene le Simeone. Moen’ae e ne e le Oholiba, ’muso oa meloko e ’meli oa Juda oo motse-moholo oa oona e neng e le Jerusalema. Ohola e bolela “Tente ea Hae.” (NW) Oholiba e bolela “Tente Ea Ka e Ho Eena,” (NW) e leng ho loketseng hobane tente ea Molimo, kapa tempele ea oona, e ne e le Juda.—Ezekiele 23:1-4.
21. Ohola o ile a batla tšireletso ho mang, ’me hoo ho re nea temoso efe?
21 Ohola (Iseraele) o ile a lesa ho ba teng ha ’muso oa hae o ketoloa ke Baassyria ka 740 B.C.E. O ne a entse eng? (Bala Ezekiele 23:5-7.) Ka ho hloka botšepehi Ohola o ile a batla tšireletso litumellanong tsa lipolotiki tsa lichaba, empa sena se ile sa etsa hore a kene borapeling ba bohata ba lichaba tseo a keneng lilekaneng le tsona, kahoo ‘a itšilafatsa ka litšoantšo.’ Re fumana temoso bofebeng ba moea ba Ohola, hore re lokela ho itebela khahlanong le ho ba le maqhama le lefatše a ka senyang tumelo ea rōna.—Jakobo 4:4; 1 Johanne 2:15-17.
22. Joaloka Ohola le Oholiba, Bokreste-’mōtoana bo etsa eng, empa ho tla etsahala eng ka bona?
22 Ka ho latela tsela ea boetsalibe bo boholoanyane ho feta moholoane oa hae, Oholiba (Juda) o ile a oeloa ke tlokotsi ea sechaba matsohong a Bababylona ka 607 B.C.E. Bana ba hae ba ile ba oa ka sabole kapa ba qhobjoa ho ea botlamuoeng, ’me o ile a tlotlolloa har’a lichaba. Joaloka Ohola le Oholiba, Bokreste-’mōtoana bo etsa bofebe ba moea, boo e leng sebe mahlong a Molimo oo bo ipolelang hore boa o rapela. Boprostanta, ka likereke tsa bona tse ngata, bo itšilafalitse ka mebuso ea lefatše ea khoebo le ea lipolotiki ka mokhoa o moholo le ho feta moholoane oa bona, Roma e K’hatholike. Ka hona, Jehova o tla tiisa hore Bokreste-’mōtoana kaofela boa timetsoa. Joale batho ba tla tseba hore ke eena ’Musi Morena Jehova. Boikemisetso ba rōna ba ho qoba ho ba le maqhama a sa lokang le lefatše bo tla matlafatsoa haeba re hopola hore haufinyane metsoalle ea Bokreste-’mōtoana e tla tloha e bo fetohela ’me e phethahatsa kahlōlo ea Molimo holim’a bona joaloka karolo e ka sehloohong ea Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata.—Ezekiele 23:8-49; Tšenolo 17:1-6, 15-18.
Baikaketsi Baa Makala
23. Jerusalema e ile ea tšoantšetsoa joang molaetseng oa Molimo ho Ezekiele qetellong ea Tšitoe ka 609 B.C.E., ’me ho ne ho tla etsahala joang ka eona?
23 Qetellong ea Tšitoe letsatsing leo ka lona Nebukadnezare a ileng a qala ho thibella Jerusalema ka likhoeli tse 18 (la 10 Tebethe, 609 B.C.E.), Molimo o ile oa nea Ezekiele molaetsa o mong o hlakileng. Ho oona, Jerusalema e ne e tšoantšelitsoe ka pitsa eo baahi ba motse ba neng ba tla ‘apehoa’ ka eona. Litšila tsa boitšoaro li ne li hlahisitse “mafome” ka pitseng eo ea tšoantšetso. Bafosi ba ne ba tla ntšoa Jerusalema “ka lisuma,” ’me bomalimabe ba eona bo ne bo ke ke ba fela ho fihlela e timelitsoe. Jehova o ne a ahlōtse Jerusalema ka metsamao ea eona e mebe, ’me e ne e lokela ho timetsoa, joalokaha le Bokreste-’mōtoana bo tlameha ho timetsoa.—Ezekiele 24:1-14.
24. (a) Ke hobane’ng ha Ezekiele a sa ka a bontša ho hlonama ha mosali oa hae a e-shoa? (b) Bokreste-’mōtoana bo tla itšoara joang ha “sabole” ea Jehova e oela holim’a bona, ’me bo tla tseba eng?
24 Ka mor’a moo, Ezekiele o ne a lokela ho itšoara ka tsela e sa tloaelehang. (Bala Ezekiele 24:15-18.) Ke hobane’ng ha moprofeta a ne a sa lokela ho bontša ho hlonama ha mosali oa hae a e-shoa? E ne e le ho bontša hore na Bajode ba ne ba tla makala hakaakang ha ho timetsoa Jerusalema, baahi ba eona, le tempele ea eona. Ezekiele o ne a se a buile ho hongata ho lekana ka litaba tse joalo ’me o ne a ke ke a bolela molaetsa oa Molimo hape ho fihlela Jerusalema e oa ’me a tlaleheloa hoo. Ka ho tšoanang, Bokreste-’mōtoana le balumeli ba bona ba baikaketsi ba tla makala ha ba timetsoa. Hape ka mor’a hore ‘mahlomola a maholo’ a qale, seo sehlopha se tlotsitsoeng sa seboholi se seng se se boletse ka bofelo ba bona se tla be se lekane. (Mattheu 24:21) Empa ha “sabole” ea Molimo e oela Bokreste-’mōtoana, balumeli ba joalo le ba bang ba maketseng ‘ba tla tseba hore ke eena Jehova.’—Ezekiele 24:19-27.
U Ne U TIa Arabela Joang?
◻ Ho ile ha etsahala joang ha Jehova a tsokotsa “sabole” ea hae khahlanong Ie Juda Ie Iseraele?
◻ Re Iokela ho angoa joang ke ho roba ha Tsedekia kano ea hae ho Nebukadnezare?
◻ “Sabole” ea Molimo e emela eng?
◻ Ke ketsahalo efe e amang Nebukadnezare e bontšang hore ha ho motho ea ka emang “sabole” ea Jehova pele?
◻ Ho ile ha etsahala eng ho phethahatsa Ezekiele 21:25-27?
◻ Ke eng e neng e tšoantšetsoa ke hore e be Ezekiele ha aa ka a bontša ho hlonama ha mosali oa hae a e-shoa?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ha Morena Tsedekia a roba kano eo a neng a e entse ho Nebukadnezare ’me a isoa botlamuoeng, ke boprofeta bofe bo qalileng ho phethahatsoa?