LIPOTSO TSE TSOANG HO BABALI
Batho ba Molimo e bile batlamuoa Babylona e Moholo neng?
Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re ntlafatse kutloisiso ea rōna tabeng ee?
Bopaki bo bontša hore ka 1919, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba lokolloa botlamuoeng ba Babylona e Moholo, ’me ba bokelloa ka phuthehong e hloekisitsoeng. Ak’u nahane ka sena: Hang ka mor’a hore ’Muso oa Molimo o qale ho busa leholimong ka 1914, batho ba Molimo ba ile ba lekoa ’me butle-butle ba lokolloa borapeling ba bohata.a (Sheba naletsana.) (Malakia 3:1-4) Joale ka 1919, Jesu o ile a khetha “lekhoba le tšepahalang le le masene” ho fa bahlanka ba Molimo ba hloekisitsoeng ‘lijo ka nako e tšoanetseng.’ (Matheu 24:45-47) Hona selemong seo, bahlanka ba Molimo ba ile ba lokolloa botlamuoeng ba Babylona e Moholo. (Tšenolo 18:4) Empa batho ba Molimo e bile batlamuoa neng?
Nakong e fetileng, re ’nile ra hlalosa hore batho ba Molimo ba bile botlamuoeng ba Babylona e Moholo ka nakoana ho qala ka 1918. Molula-Qhooa oa March 15, 1992 o ile oa re, feela joalokaha Baiseraele ba ile ba isoa botlamuoeng Babylona, bahlanka ba Jehova le bona ba ile ba e-ba botlamuoa ba Babylona e Moholo ka 1918. Empa lipatlisiso li bontša hore batho ba Molimo ba bile botlamuoeng nako e telele pele ho 1918.
Boprofeta bo ho Ezekiele 37:1-14 bo bontša hore batho ba Molimo e ne e tla ba batlamuoa le hore hamorao ba ne ba tla lokolloa. Ezekiele o ile a bona thota e tletseng masapo hohle. Jehova o ile a re: “Masapo ana, ke bohle ba ntlo ea Iseraele.” (Temaneng ea 11) O ne a bua ka sechaba sa Iseraele le ka “Iseraele ea Molimo,” e leng batlotsuoa. (Bagalata 6:16; Liketso 3:21) Ponong eo, masapo a ile a boela a phela ’me ea e-ba lebothohali. Sena se hlalosa tsela eo batho ba Molimo ba ileng ba lokolloa ka eona ho Babylona e Moholo ka 1919. Empa boprofeta boo bo bontša joang hore e bile batlamuoa ka nako e telele?
Ntlha ea pele, Ezekiele o ile a hlokomela hore masapo a batho ba shoeleng “a omeletse haholo.” (Ezekiele 37:2, 11) Sena se bolela hore batho bao e ne e le khale ba shoele. Ntlha ea bobeli, Ezekiele o ile a lemoha hore bafu ha ba tsohe hang-hang, empa ba tsoha butle-butle. O ile a utloa molumo oa ‘ho kotomana, eaba masapo a qala ho atamelana.’ A ntan’o bona ho “hlaha mesifa le nama.” ’Me letlalo la qala ho koahela nama. Hamorao ‘phefumoloho ea qala ho kena ho ’ona, ’me masapo a qala ho phela.’ Qetellong, ha bafu bao ba se ba tsositsoe, Jehova o ile a ba fa naha eo ba tla lula ho eona. Ho ile ha nka nako hore tsena tsohle li etsahale.—Ezekiele 37:7-10, 14.
Feela joalokaha boprofeta bo ne bo boletse, Baiseraele ba ile ba isoa botlamuoeng ka nako e telele. Ba ile ba isoa botlamuoeng ka selemo sa 740 pele ho mehla ea Kreste, ha meleko e leshome ea ’muso o ka leboea oa Iseraele e ne e lelekoa naheng ea habo eona. Hamorao ka selemo sa 607 pele ho mehla ea Kreste, Bababylona ba ile ba timetsa Jerusalema, ’me meloko e ’meli ea ’muso o ka boroa oa Juda le eona ea lelekoa naheng ea habo eona. Joale ka selemo sa 537 pele ho mehla ea Kreste, Baiseraele ba ile ba lokolloa botlamuoeng ’me Bajuda ba seng bakae ba khutlela Jerusalema ho ea tsosolosa tempele le borapeli ba Jehova.
Lintlha tsena li bontša hore e tlameha ebe Bakreste ba tlotsitsoeng e bile batlamuoa ba Babylona e Moholo ka nako e telele, eseng feela ho tloha ka 1918 ho isa ho 1919. Jesu le eena o ne a bua ka nako ena e telele ha a re mofoka, e leng Bakreste ba bohata, o tla hōla hammoho le koro, e leng “bara ba ’muso.” (Matheu 13:36-43) Ka nako eo ho ne ho e-na le Bakreste ba seng bakae feela ba ’nete. Ba bangata ba neng ba ipitsa Bakreste ba ile ba amohela lithuto tsa bohata ’me ea e-ba bakoenehi. Ke kahoo re ka reng phutheho ea Bokreste e ne e le botlamuoeng ba Babylona e Moholo. E qalile ho ba botlamuoeng nakoana ka mor’a selemo sa 100 ’me ea tsoela pele e le botlamuoeng ho fihlela ha tempele ea Molimo ea moea e hloekisoa nakong ea bofelo.—Liketso 20:29, 30; 2 Bathesalonika 2:3, 6; 1 Johanne 2:18, 19.
Ho theosa le lilemo tseo tse makholo, baeta-pele ba likereke le bo-ralipolotiki ba ne ba batla ho laola batho. Ka mohlala, batho ba ne ba sa lumelloa ho ba le Bibele kapa ho e bala ka puo eo ba e ka utloisisang. Batho ba bang ba neng ba bala Bibele ba ile ba chesetsoa thupeng. ’Me ba neng ba hanyetsa baeta-pele ba likereke ba ne ba fuoa kotlo e boima. Ho ne ho le thata hore batho ba ithute Bibele kapa hona ho e ruta ba bang.
Pono ea Ezekiele e boetse e re ruta hore batho ba Molimo ba ile ba tsosoa, ’me ba lokolloa bolumeling ba bohata butle-butle. See se qalile ho etsahala neng, hona joang? Ponong eo, ho buuoa ka molumo oa “ho kotomana.” Molumo ona o qalile ho ba teng lilemong tse seng kae tse makholo pele ho nako ea bofelo. Lilemong tseo, ho ne ho e-na le batho ba tšepahalang ba neng ba batla ho tseba ’nete ea Bibele le ho sebeletsa Molimo, le hoja ba ne ba pota-potiloe ke lithuto tsa bohata. Ba ile ba ithuta Bibele ’me ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho bolella ba bang seo ba ithutileng sona. Ba bang ba ile ba sebetsa ka thata ho fetolela Bibele ka lipuo tseo batho ba ka li utloisisang.
Joale ka bo-1870, ho ile ha e-ba joalokaha eka nama le letlalo li koahela masapo. Charles Taze Russell le metsoalle ea hae ba ile ba sebetsa ka thata ho ithuta ’nete ea Bibele ’me ba sebeletsa Jehova. Ba ile ba sebelisa Zion’s Watch Tower le lingoliloeng tse ling ho thusa ba bang ho utloisisa ’nete ea Bibele. Ha nako e ntse e ea, “Photo-Drama of Creation” ea 1914 le buka ea The Finished Mystery e hatisitsoeng ka 1917 li ile tsa matlafatsa tumelo ea batho ba Jehova. Qetellong, ka 1919, ho ile ha e-ba joalokaha eka ba tsositsoe bafung ’me ba fuoe le naha e ncha. Ho tloha ka nako eo, ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ka ho sa feleng ba ile ba ikopanya le batlotsuoa. Ba rapela Jehova hammoho, ’me ba etsa “lebotho le leholo la sesole.”—Ezekiele 37:10; Zakaria 8:20-23.b—Sheba naletsana.
Kahoo, ho hlakile hore batho ba Molimo ba bile botlamuoeng ba Babylona e Moholo ka mor’a selemo sa 100. Ba bangata ba ile ba fetoha bakoenehi ka nako eo, ba amohela lithuto tsa bolumeli ba bohata ’me ba furalla ’nete ea Bibele. Ka lilemo tse ngata ho ne ho le thata ho sebeletsa Jehova, feela joaloka Baiseraele ha ba ne ba le botlamuoeng. Empa kajeno ’nete ea Bibele e boleloa ho batho bohle. Ruri rea thaba hore ebe re phela nakong eo “ba nang le temohisiso ba tla khanya”! Hona joale ba bangata baa “itlhoekisa” ’me ba amohela borapeli ba ’nete!—Daniele 12:3, 10.
Ha Satane a leka Jesu, na o ile a hla a mo isa tempeleng, kapa o ile a mo bontša eona ponong?
Bangoli ba Bibele, e leng Matheu le Luka ba ngotse se ileng sa etsahala. Matheu o re, ‘Diabolose o ile a tsamaea’ le Jesu ho ea Jerusalema ’me “a mo emisa holim’a tora ea tempele,” kapa tlhōrōng ea tempele. (Matheu 4:5) Luka eena o re, Diabolose o ile “a mo isa ka har’a Jerusalema ’me a mo emisa holim’a tora ea tempele.”—Luka 4:9.
Nakong ea ho feta, lingoliloeng tsa rōna li ile tsa re Satane ha aa ka a fela a isa Jesu tempeleng ha a ne a mo leka. Molula-Qhooa oa March 1, 1961, o bapisa sena le nakong eo Satane a neng a leka Jesu ka ho mo bontša mebuso ea lefatše a le tlhōrōng ea thaba. O ile oa re ha ho na thaba e phahameng hoo motho a ka bonang mebuso eohle ea lefatše a le tlhōrōng ea eona. Molula-Qhooa oo o ile oa re le tabeng ea tempele, mohlomong Satane ha aa ka a isa Jesu ho eona ka ho toba. Empa hamorao lihlooho tse ling tsa Molula-Qhooa li ile tsa re, hoja ebe Jesu o ile a itihela fatše a le tlhōrōng ea tempele a ka be a ile a shoa.
Batho ba bang ba re kaha Jesu e ne e se Molevi, o ne a sa tšoanelehe ho ema holim’a sehalalelo sa tempele. Kahoo, ba re e tlameha ebe Satane o ile a mo leka ponong. Lilemo tse makholo pele ho moo, Ezekiele le eena o ile a isoa tempeleng ka pono.—Ezekiele 8:3, 7-10; 11:1, 24; 37:1, 2.
Empa haeba Jesu o ile a isoa tempeleng ka pono, batho ba bang ba ka ipotsa:
Na Jesu o ne a tla lekeha hore a itihele fatše?
Ka lekhetlo le leng Satane o ile a leka Jesu, a re a fetole majoe bohobe ’me ka le leng a re a mo khumamele. Kahoo, na ho ka etsahala hore Satane o ne a hlile a batla hore Jesu a itihele fatše a le tlhōrōng ea tempele?
Empa haeba Satane ha aa ka a isa Jesu tempeleng ka pono, batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa:
Na Jesu o ile a tlōla molao ka hore a eme ka holim’a sehalalelo sa tempele?
Jesu o ile a fihla joang tempeleng e Jerusalema, empa a ne a le lefeelleng?
A re ke re hlahlobeng lintlha tse eketsehileng tse tla re thusa ho araba lipotso tsena tse peli.
Moprofesa D. A. Carson o re lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “tempele” ho Matheu le ho Luka mohlomong le ne le akaretsa sebaka sohle sa tempele, eseng sehalalelo feela, e leng moo ho neng ho kena Balevi feela. Karolo e ka boroa-bochabela ea tempele e ne e e-na le marulelo a bataletseng ebile e le eona e phahameng ka ho fetisisa. E ka ’na eaba Jesu o ile a isoa teng. Ha u le moo, ho theohela Phuleng ea Kidrone e ka ba limithara tse 140. Rahistori e mong ea bitsoang Josephus o ile a re, sebaka seo se ne se phahame hoo ha motho a ne a sheba fatše a le ho sona, a neng “a ka tsekela.” Le hoja Jesu e ne e se Molevi, o ne a ka ema moo ’me o ne a tla be a sa tlōle molao.
Jesu o ile a fihla joang tempeleng e Jerusalema, empa a ne a le lefeelleng? Ha re na bonnete ba seo. Bibele e re feela Satane o ile a isa Jesu Jerusalema. Ha e bolele hore na Jesu o ne a le hōle hakae le Jerusalema kapa hore na Satane o ile a mo leka nako e kae. Kahoo, ho ka etsahala hore Jesu o ile a ea Jerusalema, le hoja e ka ’na eaba e bile leeto le lelelele.
E ka ’na eaba Satane o ile a bontša Jesu “mebuso eohle ea lefatše” ponong, kaha ho ke ke ha khoneha hore motho a bone mebuso eohle a le thabeng efe kapa efe. Sena se ka ’na sa tšoana le ha re bontša motho ka video litšoantšo tsa likarolo tse ling tsa lefatše. E ka ’na eaba Satane o ile a sebelisa pono, empa ha e le hantle o ne a batla hore Jesu a mo khumamele le ho mo rapela. (Matheu 4:8, 9) Ka hona ha Satane a isa Jesu tempeleng, ho ka etsahala hore o ne a batla hore a behe bophelo ba hae kotsing ka ho itihela fatše. Empa Jesu o ile a hana. Na ho isa Jesu tempeleng ho ne ho ke ke ha mo leka haholoanyane ho feta ha Satane a ne a ka mo leka ponong?
Kahoo, ho ka etsahala hore Jesu o ile a fela a ea Jerusalema ’me a ema tlhōrōng ea tempele. Empa feela joalokaha re boletse qalong, ha re tsebe hantle hore na Satane o ile a bontša Jesu tempele joang. Leha ho le joalo, re kholisehile hore Satane o ile a phehella Jesu hore a etse ntho e fosahetseng, ’me nako le nako Jesu o ile a hana a tiile.
b Ezekiele 37:1-14 le Tšenolo 11:7-12 li bua ka se ileng sa etsahala ka 1919. Boprofeta bo ho Ezekiele 37:1-14 bo bua ka batho bohle ba Molimo ba ileng ba khutlela borapeling ba ’nete ka 1919, ka mor’a ho ba botlamuoeng ka nako e telele. Empa Tšenolo 11:7-12 e bua ka ho tsosolosoa ha barab’abo rōna ba seng bakae ka 1919 ba neng ba etella pele batho ba Molimo. Bara bao babo rōna ba ne ba qetile nako ba thibetsoe ho sebetsa.