“Ba Tla Tseba Hoba Ke ’Na Jehova”
“Ha ke sa tla lumela hore ho hlompholloe lebitso la ka le khethehileng; ’me lichaba li tla tseba hoba ke ’na Jehova.”—EZEKIELE 39:7.
1, 2. Re tseba joang hore Jehova a ke ke a mamella ka ho sa feleng hore lebitso la hae le halalelang le silafatsoe?
BAISERAELE ba boholo-holo ba ile ba silafatsa lebitso le halalelang la Jehova. Buka ea Ezekiele e hlakisa sena. Empa batho ba Bokreste-’mōtoana le bona ba silafatsa lebitso la Molimo oo ba ipolelang hore baa o rapela.
2 Na ’Musi oa Bokahohle o tla lumella hore lebitso la hae le silafatsoe ka ho sa feleng? Che, hobane o phatlalalitse ho re: “Ha ke sa tla lumela hore ho hlompholloe lebitso la ka le khethehileng; ’me lichaba li tla tseba hoba ke ’na Jehova.” (Ezekiele 39:7; bona le Ezekiele 38:23.) See se tla bolela eng? Hona ke eng seo re ka ithutang sona likhaolong tse qetellang tsa buka ea Ezekiele?
Boprofeta bo Khahlanong le ba Bang
3. (a) Lichaba tse ling li ile tsa itšoara joang ha li bona mahlomola a Juda? (b) “Morena” oa Tyre o ile a tlosoa ka baka la moea ofe, ’me see se lokela ho re ama joang?
3 Ka mor’a timetso ea Jerusalema, Ammone o ile a nyatsetsoa pina ea hae ea thabo ka mahlomola a Juda, ’me Moabe a nyatsetsoa ho soma Juda. Edomo o ile a nkoa a le molato oa lehloeo, ’me moea oa boiphetetso oa Bafilista o ne o tla tlisa “likhalemelo tsa khalefo” tsa Molimo. (Ezekiele 25:1-17; Liproverbia 24:17, 18) Ka baka la ho nyakallela tlokotsi ea Jerusalema, motse oa Tyre o ne o tla oela ho Nebukadnezare, kapa Nebukadrezare (tsela ea ho ngola lebitso leo e haufi le Sebabylona haholoanyane). (Ezekiele 26:1-21) O ne o tšoana le sekepe seo joang kapa joang se neng se tla teba. (Ezekiele 27:1-36) “Morena” oa Tyre (e ka ’na eaba ke lesika la eona la babusi) o ile a tlosoa ka baka la moea oa boikhohomoso o kang oa Satane. (Ezekiele 28:1-26) Joale, ka sebele re lokela ho qoba boikakaso bo isang sebeng bo ka ’nang ba etsa hore re silafatse lebitso la Jehova.—Pesaleme ea 138:6; Liproverbia 21:4.
4. Ke eng e neng e letetse Faro le Egepeta?
4 Ezekiele o ile a bolela esale pele hore Egepeta e tla etsoa lesupi ka lilemo tse 40. Leruo la eona e ne e tla ba moputso oa Nebukadrezare bakeng sa tšebeletso ea sesole eo a e entseng ka ho phethahatsa kahlōlo ea Jehova holim’a Tyre. (Ezekiele 29:1-21) Ha Molimo o etsa hore Baegepeta ba qhalanngoe, ‘ba ne ba tla tseba hore ke eena Jehova.’ (Ezekiele 30:1-26) Faro ea ikhohomosang, ea neng a tšoantšetsa Egepeta, o ile a tšoantšoa le sefate se selelele sa kedare se neng se tla rengoa. (Ezekiele 31:1-18) Qetellong, Ezekiele o ile a bina lipina tsa koli ea malla ka Faro le ho theohela ha Egepeta Sheol.—Ezekiele 32:1-32.
Mosebetsi oa Seboholi
5. (a) Ke tlas’a maemo afe feela Molimo o khahlisoang ke seboholi sa moea? (b) Ho ‘tsamaea ka likomelo tsa bophelo’ ho bolela eng?
5 Ezekiele o ile a hopotsoa mosebetsi oa hae joaloka seboholi. (Ezekiele 33:1-7) Ha e le hantle, Molimo o khahlisoa ke seboholi sa moea feela haeba se etsa mosebetsi oa sona ’me se lemosa ba khopo. (Bala Ezekiele 33:8,9.) Kahoo, joaloka Ezekiele, sehlopha se tlotsitsoeng sa “seboholi” ka sebete se phatlalatsa litemoso tsa Molimo. Kaha Molimo ha o thabele lefu la ba khopo, o ke ke oa ba balla tlaleho ea bona ea nako e fetileng haeba ba utloa litemoso ’me ‘ba tsamaea ka likomelo tsa bophelo.’ Mehleng ea Ezekiele, ho tsamaea ka likomelo tseo ho ne ho bolela ho boloka Molao, empa hona joale ho bolela ho amohela topollo ea Kreste le ho ba molateli oa hae. (1 Petrose 2:21) Ha ho letho le phoso ka tsela eo Molimo o otlang batho ka eona kapa o ba putsang ka eona, ’me ho pholosoa ‘mahlomoleng a maholo’ ho itšetlehile ka ho ipapisa le likomelo tsa oona.—Ezekiele 33:10-20; Mattheu 24:21.
6. Kajeno, ba bangata ba tšoana joang le Bajode ba neng ba ile kholehong mehleng ea Ezekiele?
6 Ho ea qetellong ea 607 B.C.E., mophaphathehi e mong o ile a tlaleha timetso ea Jerusalema, ’me Ezekiele a boela a bolela molaetsa oa Jehova. (Ezekiele 33:21-29) Batho bao ba ileng kholehong ba ile ba itšoara joang? (Bala Ezekiele 33:30-33.) Kajeno, ba bangata ba tšoana le Bajode ba isitsoeng kholehong bao ho bona Ezekiele e neng e le sebini ‘se khahlehang se lentsoe le letle.’ Ha batlotsuoa le metsoalle ea bona ba ea ka ntlo le ntlo, batho bana ba thabela ho utloa molaetsa oa ’Muso empa ha ba nke bohato ka oona. Ho bona, o tšoana le pina e monate ea lerato, empa ha ba inehele ho Jehova, ’me ba ke ke ba pholoha ‘mahlomola a maholo.’
“Molisa a le Mong” oa Jehova
7. Ke liketso life tse entsoeng ke Jehova mehleng ea rōna tse tšoanang le litšebelisano tsa hae le linku tsa hae mehleng ea Ezekiele?
7 Molaetseng o neiloeng Ezekiele ka mor’a ho oa ha Jerusalema, Jehova o ile a nyatsa batho ba neng ba silafatsa lebitso la Hae le halalelang, “balisa ba Iseraele” ba busang. Mantsoe ao a tšoanela babusi ba Bokreste-’mōtoana hantle hakaakang! (Bala Ezekiele 34:1-6.) Ho fapana le Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, babusi ba lipolotiki ba Bokreste-’mōtoana ba inontša ka maruo a “linku.” (Johanne 10:9-15) Empa joalokaha Molimo o ile oa lopolla linku tsa oona ka ho amoha balisa bao ba baikhabi borena ha Juda e etsoa lesupi, kahoo o tla boela o lopolla linku tsa oona ka ho amoha babusi ba Bokreste-’mōtoana matla a bona ‘mahlomoleng a maholo.’ (Tšenolo 16:14-16; 19:11-21) Jehova o ile a bontša lerato bakeng sa batho ba hae ba seka linku ha a ba lopolla Babylona ka 537 B.C.E., joalokaha a ile a bontša tšobotsi eo ha a sebelisa Cyruse e Moholoanyane, Jesu Kreste, ho lokolla masala a Iseraele oa moea bokhobeng ba Babylona e Moholo ka 1919 C.E.—Ezekiele 34:7-14.
8. Jehova o ne a tla etsa joang haeba ‘nku e nonneng’ e ne e ka hatella mohlape, ’me balisa ba tlaasana ba Bakreste ba tlameha ho tšoara linku joang?
8 Molimo o fa linku tsa oona tlhokomelo e lerato. (Bala Ezekiele 34:15, 16.) Haeba ‘nku e nonneng’ e ka hatella mohlape oa Molimo kajeno, Jehova o ne a tla e ‘fepa’ ka ho khaoloa hona joale le ho ripitloa ‘mahlomoleng a maholo.’ Ka 1914 Jehova o ile a bea “molisa a le mong,” Jesu Kreste, holim’a masala a tlotsitsoeng. Ho tloha ka 1935 o ’nile a tsamaisa ho bokelloa ha “bongata bo boholo” ba “linku tse ling,” tseo joale li sebeletsang le ‘linku tse lisitsoeng ke Jehova’ tse tlotsitsoeng. Joaloka Molimo le Kreste, balisa ba tlaasana ba Bakreste ba tlameha ho tšoara linku tsena kaofela ka lerato.—Ezekiele 34:17-31; Tšenolo 7:9; Johanne 10:16; Pesaleme ea 23:1-4; Liketso 20:28-30.
“Tšimo ea Edene”!
9. Kaha Jehova o ne a rerile hore naha ea Juda le Iseraele e boloke sabbatha, o ile a etsa joang?
9 Nahana hape ka naha ea Juda le ea Iseraele e neng e entsoe lesupi. Kaha Molimo o ne o rerile hore e lokela ho boloka sabbatha ka hore e lule e se na baahi ka lilemo tse 70, o ile a nka bohato ho thibela Edomo le lichaba tse ling hore li ka aha naheng eo. (2 Likronike 36:19-21; Daniele 9:2) Ha e le hantle, Edomo le sebaka sa eona se lithabeng, Seire, le tsona li ile tsa etsoa lesupi, joalokaha ho ne ho boletsoe, tsa oela tlas’a Bababylona lipakeng tsa 602 le 601 B.C.E.—Ezekiele 35:1–36:5; Jeremia 25:15-26.
10. Ho tsosolosetsoa ha masala Juda ka 537 B.C.E. ho ne ho supa lintlafatso life mehleng ea rōna?
10 Ho tsosolosetsoa ha masala Juda ka 537 B.C.E. ho ne ho supa lintlafatso tse thabisang tsa mehla ea rōna. Ka 1919 “lithaba tsa Iseraele,” kapa naha ea moea ea lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova, li ile tsa boela tsa qala ho ahoa ke masala a tsositsoeng moeeng. (Ezekiele 36:6-15) Molimo o ile oa a hloekisa litšila tsa moea ’me oa a kenya “moea o mocha” o ileng oa etsa hore a khone ho hlahisa tholoana ea moea oa oona o halalelang. (Ba-Galata 5:22, 23) Hape e le hore lebitso la Jehova le se ke la silafatsoa ke batho ba lefatše kahobane a ile a khalemela batho ba hae, o hlohonolofalitse masala ka mokhoa o khaphatsehang.—Ezekiele 36:16-32.
11. Tumellanong le Ezekiele 36:33-36, Molimo o entse joang ka naha ea moea ea masala a tlotsitsoeng?
11 Ka mor’a hore masala a khutlele Juda, naha eo e entsoeng lesupi e ile ea nchafatsoa hore e be “tšimo ea Edene” e beang litholoana. (Bala Ezekiele 36:33-36.) Ka ho tšoanang, ho tloha ka 1919 Jehova o nchafalitse naha ea masala a tlotsitsoeng eo ka nako e ’ngoe e neng e le lesupi hore e be paradeise ea moea e beang litholoana, eo joale a e kopanetseng le “bongata bo boholo ba batho.” Kaha baahi ba paradeise ena ea moea ke batho ba halalelang, Mokreste ka mong ea inehetseng ha a ke a sebeletse ho e boloka e hloekile.—Ezekiele 36:37, 38.
Bonngoe Boa Tsosolosoa
12. Ho neoa matla a macha ha sechaba sa Bajode ba boholo-holo ho tšoantšetsoa joang ho Ezekiele 37:1-14, ’me ho na le eng e tšoanang le hoo mehleng ea kajeno?
12 Ha ba le botlamuoeng Babylona, Bajode ba ne ba se ba tšoana le sechaba se shoeleng, ba se ba tšoana le masapo feela tšimong. (Ezekiele 37:1-4) Empa ka mor’a moo Ezekiele o ile a bona eng? (Bala Ezekiele 37:5-10.) Masapo ao a ile a apesoa mesifa, nama, le letlalo, ’me a boela a neoa matla ka phefumoloho ea bophelo. (Ezekiele 37:11-14) Molimo o ile oa tsosa sechaba sa Bajode ha batho ba 42 360 ba meloko eohle ea Iseraele le ba bang ba 7 500 bao e seng Baiseraele ba sebelisa monyetla oo ho aha Juda bocha, ho tsosa Jerusalema le tempele ea eona, le ho tsosolosa borapeli ba ’nete naheng ea habo bona. (Esdrase 1:1-4; 2:64, 65) Ka ho tšoanang, ka 1918 masala a Iseraele oa moea a neng a ntse a hlorisoa a ile a ba joaloka masapo a ommeng—a bolaeloa mosebetsi oa ’ona oa ho paka. Empa ka 1919 Jehova o ile a a tsosa e le baboleli ba ’Muso. (Tšenolo 11:7-12) Tšoano ena e lokela ho matlafatsa tšepo ea rōna ea hore batlotsuoa bana le metsoalle ea bona ba bōpa mokhatlo o hlophisitsoeng oa lefatšeng oo Jehova a o sebelisang kajeno.—Bona 1975 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, maqephe 87-125.
13. Ho tsosolosoa ha bonngoe ba mokhatlo o hlophisitsoeng har’a batho ba boholo-holo ba Jehova ho tšoantšetsoa joang ho Ezekiele 37:15-20, ’me ho na le eng e tšoanang le hoo?
13 Ho tsosolosoa ha bonngoe ba mokhatlo o hlophisitsoeng har’a batho ba boholo-holo ba Jehova ho ile ha tšoantšetsoa joang? (Bala Ezekiele 37:15-20.) Mehleng ea kajeno ho na le ho hong ho tšoanang le ho kopanya lifate tse peli (se seng se tšoaetsoe ’muso oa meloko e ’meli oa Juda, se seng se tšoaetsoe ’muso oa meloko e leshome oa Iseraele). Ntoeng ea I ea Lefatše, batho ba ipatlelang litulo ba ile ba leka ho senya bonngoe ba bahlanka ba Molimo, empa ka 1919 batlotsuoa ba tšepahalang ba ile ba kopanngoa tlas’a Kreste, “morena a le mong” oa bona le “molisa a le mong” oa bona. Ho feta moo, joaloka batho ba fetang 7 500 bao eseng Baiseraele ba ileng ba khutlela Juda, ba “bongata bo boholo ba batho” joale ba kopane le masala a tlotsitsoeng. Ke thabo e kaakang ho ba paradeiseng ea moea, ho sebeletsa Jehova bonngoeng tlas’a “morena a le mong” oa rōna!—Ezekiele 37:21-28.
Gogo oa Hlasela!
14. Gogo oa Magogo ke mang, ’me o tla nka bohato bofe? (Ezekiele 38:1-17)
14 Ka mor’a moo, ho ile ha boleloa esale pele ka ketsahalo e ’ngoe e susumetsang. A tšepile hore o tla silafatsa lebitso la Molimo le ho timetsa batho ba Oona, Gogo oa Magogo o tla hlasela masala a Iseraele oa moea, a tšoantšetsang “mosali” oa Jehova, kapa mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo. (Tšenolo 12:1-17) Gogo ke “morena oa lefatše lena,” Satane Diabolose. O fumane lebitso la Gogo ka mor’a ho lelekoa ha hae leholimong, ka mor’a ho tsoaloa ha ’Muso ka 1914. (Johanne 12:31) ‘Naha ea Magogo’ ke sebaka seo Gogo le bademona ba hae ba sehetsoeng meeli hore ba felle ho sona tikolohong ea lefatše. Ka mor’a hore mabotho a khahlanong le bolumeli a timetse Bokreste-’mōtoana le likarolo tse ling kaofela tsa Babylona e Moholo, Jehova o tla etsa hore Gogo a futuhele masala a Iseraele oa moea ao ho tla beng ho bonahala eka ’ona le metsoalle ea ’ona e inehetseng ha ba na mosireletsi.—Ezekiele 38:1-17; Tšenolo 17:12-14.
15. Ho tla etsahala joang ha Gogo a hlasela Lipaki tsa Jehova?
15 Ho tla etsahala joang ha Gogo a hlasela Lipaki tsa Jehova? (Bala Ezekiele 38:18-23.) Jehova o tla loela batho ba hae! Lihlomo tsa hae e tla ba lipula tsa likhohola, majoe a sefako, mollo o bohale, mafu a seoa. Ka pherekano, makhotla a Gogo a tla hlabana ka lisabole. Empa pele Molimo o a timetsa hore a se hlole a e-ba teng, ‘ho tla etsoa hore a tsebe hore ke eena Jehova.’
16. (a) Ho tla etsahala joang ka ‘naha ea Magogo’? (b) Ho tseba liketsahalo tse boletsoeng esale pele tse amang Gogo ho lokela ho re ama joang?
16 Ha Satane le bademona ba hae ba koalloa sekoting, ‘naha ea Magogo,’ sebaka sa bona se theohileng se lefatšeng, e tla be e felile ka ho sa feleng. (Tšenolo 20:1-3) Lihlomo tsa Gogo li tla be li le ngata hoo ho li felisa ho tla nka nako e telele. Linonyana le libatana li tla khora litopo tse sa epeloang tsa letšoele la Gogo. Ho tseba see sohle ho lokela ho re ama joang? Koana, ho tseba hore le hoja tlhaselo ea Gogo e atametse Jehova o tla loela batho ba Hae ho lokela ho hōlisa tumelo ea rōna le ho etsa hore re nyakallele hore liketsahalo tse joalo li tla fella ka ho halaletsoa ha lebitso la Molimo le silafalitsoeng ka nako e telele!—Ezekiele 39:1-29.
Bonang Sehalalelo Sa Jehova!
17. (a) Ezekiele o ile a neoa pono efe ka 593 B.C.E.? (b) Boteng ba tempele ponong ke bopaki ba eng?
17 Ka 593 B.C.E., selemong sa bo14 ka mor’a timetso ea tempele Jerusalema, Ezekiele o ile a neoa pono ea sehalalelo se secha bakeng sa borapeli ba Jehova. Kaha se ne se lekantsoe ke lengeloi le neng le tataisa moprofeta, se ne se e-na le litekanyo tse kholohali. (Ezekiele 40:1–48:35) Tempele ena e ne e tšoantšetsa “tente ea ’nete e hlomiloeng ke Morena,” ’me e ne e e-na le “lintho tse tšoantšang tse leholimong.” Jesu Kreste o kene Sehalalelisisong sa eona, “leholimong la sebele,” ka 33 C.E. ho hlahisa ho Molimo molemo oa sehlabelo sa hae sa topollo. (Ba-Heberu 8:2, TLP; 9:23, 24) Tempele ena e bonoang ponong e paka hore borapeli bo hloekileng bo tla ’ne bo be teng ka mor’a tlhaselo ea Gogo. Hoo ke matšeliso a makaakang bakeng sa ba ratang lebitso la Jehova!
18. Tse ling tsa litšobotsi tse tlalehiloeng tsa tempele e bonoang ponong ke life?
18 Tempele ena e ne e e-na le litšobotsi tse ngata. Ka mohlala, ho ne ho e-na le menyako e tšeletseng marakong a eona a ka ntle le a ka hare. (Ezekiele 40:6-35) Likamore tsa ho jela tse mashome a mararo (mohlomong e le bakeng sa hore batho ba je mahlabelo a teboho) li ne li le lebaleng le ka ntle. (40:17) Aletare ea licheso e ne e le lebaleng le ka hare. (43:13-17) Aletare ea lepolanka, mohlomong e le ea ho chesa libano, e ne e le ka kamoreng e qalang ea tempele. (41:21, 22) Sehalalelisiso se ne se le litsoe tse 20 mahlakoreng a sona kaofela, ’me lerako le potileng tempele le ne le le bolelele ba lithupa tse 500 (limithara tse 1 600) lehlakoreng ka leng. E ne e le ntlo e hlollang hakaakang e tletseng khanya ea Jehova!—Ezekiele 41:4; 42:16-20; 43:1-7.
19. Re lokela ho angoa joang ke lintlha tse qaqileng tsa tempele le ’nete ea hore ba neng ba sebeletsa moo ba ne ba tšoanela ho finyella litekanyetso tsa Molimo?
19 Lintlha tse ngata tse qaqileng mabapi le tempele, mahlabelo, linyehelo, le mekete li lokela ho hatisa ho rōna tlhokahalo ea ho latela ka hloko litaelo tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo, re hlokomela hore re lokela ho etsa boiteko bohle ho tlotlisa Jehova le borapeli ba hae. (Ezekiele 45:13-25; 46:12-20) Ba neng ba sebeletsa tempeleng ba ne ba lokela ho finyella litekanyetso tse phahameng tsa Molimo, ’me ba ne ba lokela ho ruta batho ‘ho khethahanya se halalelang le se sa halaleleng.’ (Ezekiele 44:15, 16, 23) Sena se lokela ho re susumelletsa ho ipoloka re halalela joaloka batho ba Jehova.—Ba-Efese 1:3, 4.
20. (a) Metsi a neng a phalla a e-tsoa tempeleng ponong a tšoantšetsa eng? (b) Metsi ana a tšoantšetso a tla ba le phello efe?
20 Tempeleng ho ne ho phalla nōka e folisang, kapa e natefisang metsi a letsoai a Leoatle le Shoeleng, hoo a ileng a tlala litlhapi. (Ezekiele 47:1-11) Metsi ana a tšoantšetsa tokisetso ea Molimo ea bophelo bo sa feleng, ho akarelletsa sehlabelo sa Jesu, e ka fumanoang ka bongata ke baphonyohi ba tlhaselo ea Gogo le ba bang, ho akarelletsa ba tsositsoeng. (Johanne 5:28, 29; 1 Johanne 2:2; Tšenolo 22:1, 2) Leoatle le Shoeleng le tšoantšetsa boemo boo batho ba ’nileng ba phela ho bona—ho ahlōleloa sebe se futsitsoeng le lefu ’moho le puso ea Satane. Joaloka litlhapi tse ngata tse ka metsing a natefisitsoeng a Leoatle le Shoeleng, batho ba lopolotsoeng ba tla phela hantle tlas’a maemo a folisitsoeng a puso ea Bomessia.
21. Ezekiele 47:12 e bontša hore batho ba utloang ba tla thabela eng lefatšeng le lecha?
21 Ho folisa ho boetse ho amahanngoa le lifate tse metseng mabōpong a nōka eo e bonoang ponong. (Bala Ezekiele 47:12.) Lefatšeng le lecha, batho ba utloang ba tla thabela bophelo bo phethahetseng ’meleng le moeeng. Ke eng e ka sitisang hoo? Makhasi a lifate tsa litholoana tse bonoeng ponong a na le litšobotsi tse folisang tse ke keng tsa fela. E tla ba mahlohonolo a makaakang bakeng sa ba tsebang Jehova le ba mo sebeletsang!
’Me ba Tla Tseba!
22. Ke eng e bontšang hore Molimo o tla bea batho libakeng tseo o ba khethetseng tsona Paradeiseng?
22 Ka ho sebelisana le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova hona joale, re ka hlaolela litšobotsi tse tla etsa hore re be le tšebelisano-’moho ha Molimo o bea batho libakeng tseo o ba khethetseng tsona Paradeiseng ea lefatše. Hore batho ba tla khetheloa libaka joalo ho bontšoa ke ’nete ea hore meloko e ne e abetsoe libaka ka leboea le ka boroa ho sebaka sa tsamaiso seo Ezekiele a se boneng ponong. ‘Kabelo eo e halalelang’ ea naha e nang le likarolo tse tharo e ne e akarelletsa karolo ea Balevi bao e seng baprista le karolo ea baprista eo ho eona ho neng ho e-na le tempele e bonoeng ponong. Bohareng ba karolo e ka boroa ho ne ho e-na le motse o nang le basebetsi ba tsoang melokong e fapaneng ba bokeletsoeng tlas’a “morena,” mahosana ao e tla ba baemeli ba Messia ‘lefatšeng le lecha.’—Ezekiele 47:13–48:34; 2 Petrose 3:13; Pesaleme ea 45:16.
23. Hore re be har’a batho ba lopolotsoeng ba tla phela Paradeiseng, re tlameha ho etsa eng hona joale?
23 O le teroneng sehalalelong sa oona sa leholimo, Molimo o tla hlohonolofatsa motse oa tšoantšetso oo Ezekiele a o boneng. (Bala Ezekiele 48:35.) Setulo seo sa lefatšeng sa tsamaiso se tla bitsoa Jehova Shamma, kapa “Jehova o teng mona.” Tsoela pele ho bontša Molimo lerato le sa sitoeng ke letho, ’me u ka ba e mong oa batho ba lopolotsoeng ba tla phela Paradeiseng, nakong eo ka eona lefatšeng ho seng ho se motho ea tla ba lefifing la moea empa bohle ba tla tseba hore Jehova ke eena Molimo o le mong o phelang oa ’nete. (Habakuke 2:14) Qoba hore u tle u qobelloe ho ikokobeletsa lebitso la Molimo khahlanong le thato ea hao ha ba khopo ba timetsoa. Bontša tumelo, u bontše hore u tšepile ho ba har’a baphonyohi ha a phethahatsa mantsoe ana: “Lichaba li tle li tsebe hoba ke ’na Jehova.”—Ezekiele 36:23.
U Ne U Tla Re’ng?
◻ Ke tlas’a maemo afe feela Jehova a khahlisoang ke seboholi sa moea?
◻ Jehova o tšoara linku tsa hae joang, ’me balisa ba Bakreste ba Iokela ho sebetsana Ie tsona joang?
◻ Ho neoa matla a macha ha sechaba sa Bajode ho ile ha tšoantšetsoa joang? (Ezekiele 37:1-14) Ke eng e tšoanang le hoo kajeno?
◻ Gogo oa Magogo ke mang, ’me ho tla etsahala joang ha a hlasela Lipaki tsa Jehova?
◻ Ke eng se tšoantšetsoang ke metsi a phallang tempeleng e bonoang ponong?
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 25]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Kabelo e halalelang le libaka tse neng li abetsoe meloko
LEOATLE LE LEHOLO
ENTERING IN TO HAMATH
DANE
ASHERE
NEFTHALI
MANASSE
EFRAIME
RUBENE
JUDA
NTLO EA MORENA
Holy Contribution
Ene-eglaime
BENYAMINE
SIMEONE
Ene-gedi
ISSAKARE
ZABULONE
Tamare
GADE
Meribathe-kadeshe
Leoatle la Letsoai
Nōka ea Jordane
Leoatle la Galilea
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Jehova o nea linku tsa hae tlhokomelo e lerato, joalokaha balisa ba boholo-holo ba ne ba etsa joalo. Kahoo balisa ba Bakreste ba lokela ho tšoara mohlape oa Molimo ka lerato