Mamela—Seboholi sa Jehova Sea Bua!
“Ke u beile seboholi sa ntlo ea Iseraele. . . . U ba tšose, u re: Ke ’na ke buang le bona.”—EZEKIELE 3:17.
1. Ke hobane’ng ha re tšoanela ho mamela ha “seboholi” sa Jehova se bua?
“SEBOHOLI” sa Jehova se ntse se bolela molaetsa oa Molimo hona joale. Na u mametse? Bophelo ba hao ka bobona bo itšetlehile ka hore u arabele molaetseng oo ka kananelo le ho nka bohato. Haufinyane, ‘lichaba li tla tseba Jehova’ ha a tlosa qoso lebitsong la hae le halalelang ka ho timetsa tsamaiso ena e khopo le ho boloka batho ba hae. Na u tšepa hore u tla ba har’a bona? (Ezekiele 36:23; 39:7; 2 Petrose 3:8-13) U ka ’na ua ba har’a bona, empa ho tla ba joalo feela haeba u mamela ha “seboholi” sa Jehova se bua.
2. Ho hlōleha ho mamela baprofeta ba Molimo ho ile ha tlisetsa ’muso oa Juda phello efe?
2 Ho hlōleha ho mamela baprofeta ba Molimo ho ile ha tlisetsa ’muso oa Juda tlokotsi ka 607 B.C.E. Lichaba tseo e neng e le lira tsa oona li ile tsa nyakalla ha o etsoa lesupi ke Bababylona. Empa lebitso la Jehova le ile la tlotlisoa hakaakang ha a etsa hore Bajode ba tšepahalang ba khutlele naheng ea habo bona ka 537 B.C.E.!
3. Buka ea Ezekiele e tšoere eng?
3 Seboholi sa Jehova, Ezekiele, se ne se boletse esale pele hore lesupi leo le tsosoloso eo li tla ba teng. Buka ea Bibele e bitsoang ka eena le e ileng ea qeteloa ke eena Babylona hoo e ka bang ka 591 B.C.E. e tšoere (1) thōmo ea Ezekiele; (2) lipontšo tsa boprofeta; (3) melaetsa e khahlanong le Iseraele; (4) kahlōlo ea Jerusalema e boletsoeng esale pele; (5) boprofeta bo khahlanong le lichaba tse ling; (6) litšepiso tsa tsosoloso; (7) boprofeta bo khahlanong le Gogo oa Magogo; le (8) pono ea sehalalelo sa Molimo. Re u mema hore u bale buka eo ha re ntse re ithuta eona. Ka ho etsa joalo u tla bona kamoo e re amang kateng kajeno ’me u tla be u mametse ha “seboholi” sa Jehova se bua.a
Seboholi sa Molimo se Neoa Thōmo
4. (a) Ezekiele o ile a bona eng ponong? (b) “Libopuoa tse utloang” e ne e le bo-mang, hona li ne li e-na le litšobotsi life?
4 Ka la 5 Tammuze, 613 B.C.E. (selemong sa bohlano ka mor’a hore Morena Jojakine oa Juda a isoe kholehong Babylona), moprista Ezekiele ea neng a le lilemo li 30 o ne a le har’a batlamuoa ba Bajode ba neng ba le pel’a “nōka ea Kebare,” molatsoana o tsebahalang oa Nōka ea Eufrate. Ponong, o ile a bona koloi ea Jehova ea leholimo, e neng e hlokometsoe ke “libopuoa tse utloang tse ’ne.” (Bala Ezekiele 1:4-10.) ‘Sebopuoa ka seng se utloang,’ kapa kerubime e lipheo, se ne se e-na le lifahleho tse ’nè. (Ezekiele 10:1-20; 11:22) Tsena li bontša hore likerubime li na le lerato (motho), toka (tau), matla (poho), le bohlale (ntsu) tseo li li neiloeng ke Molimo. Kerubime ka ’ngoe e ne e eme pel’a ‘lebili le leholo le keneng ka har’a lebili,’ ’me moea oa Molimo, kapa matla a sebetsang, o ne o khona ho li lebisa kae kapa kae.—Ezekiele 1:1-21.
5. Koloi ea leholimo e tšoantšetsa eng, ’me pono ee ea eona e lokela ho ama batho ba Jehova joang?
5 Mopalami oa koloi e ne e le tšoantšetso e khanyang ea Jehova. (Bala Ezekiele 1:22-28.) Koloi eo e tšoantšetsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa moea oa mangeloi oa Molimo hantle hakaakang! (Pesaleme ea 18:10; 103:20, 21; Daniele 7:9, 10) Jehova o e palame ka kutloisiso ea hore o laola libopuoa tsena ’me o li sebelisa ho latela morero oa hae. Mopalami eo o ne a khatholohile, joaloka mookoli o pota-potileng, empa Ezekiele o ne a tšohile. Ka sebele, pono ena e tšosang ea khanya ea Jehova le matla a hae e le Mohlophisi ea Phahameng oa makhotla a hae a leholimo e lokela ho etsa hore ka boikokobetso re thabele tokelo ea ho mo sebeletsa re le karolo ea mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng.
6. (a) Ezekiele o ile a khetheloa eng, ’me o ne a talima tšebeletso ea Molimo joang? (b) Ezekiele o ne a lokela ho profeta har’a batho ba mofuta ofe, ’me ho tseba hore na Molimo o ile oa sebetsana le eena joang ho na le molemo ofe?
6 Le hoja a ile a hopotsoa semelo sa hae sa botho le boemo ba hae bo tlaase ka ho bitsoa “Mor’a motho,” Ezekiele o ile a khetheloa ho ba moprofeta oa Jehova. (Bala Ezekiele 2:1-5.) Ezekiele o ne a tla ea ‘lichabeng tse ikhantšitseng,’ mebuso ea Iseraele le Juda. Pele, ka taelo ea Molimo o ile a ja buka e nang le lipina tsa koli ea malla, empa e ne e latsoeha joaloka mahe a linotši hobane o ne a thabetse ho ba moprofeta oa Molimo. Ka ho tšoanang, Bakreste ba tlotsitsoeng le bahlanka ’moho le bona ba fumana ho ba Lipaki tsa Jehova ho le monate. Ezekiele o ne a lokela ho profeta har’a batho ba lipelo li thata le ba lihlooho li thata, empa Molimo o ne o tla tiisa sefahleho sa hae joaloka lifahleho tsa bona, o thatafatse phatla ea hae joaloka daemane. O ne a tla profeta ka sebete ho sa tsotellehe hore na baa mamela kapa che. Ke ho thabisang ho tseba hore joalokaha Molimo o ile oa matlafatsa Ezekiele maemong a thata, O tla re thusa ho bea bopaki ka sebete tšimong efe kapa efe.—Ezekiele 2:6–3:11.
7. Thōmo ea Ezekiele e ne e akarelletsa boikarabelo bofe?
7 Ho ja buka eo ho ile ha kenya Ezekiele ‘ho hlokofala pelo’ ho loketseng bakeng sa molaetsa oa eona. Ha a le Thel-Abibe o ile a lula ‘a maketse ka litšiu tse supileng’ a ntse a thuisa molaetsa oo. (Ezekiele 3:12-15) Ho hlokahala hore le rōna re nahanisise ’me re ithute ka matla e le hore re ka utloisisa lintho tsa moea tse tebileng. Kaha a ne a e-na le molaetsa oo a lokelang ho o phatlalatsa, Ezekiele o ile a neoa thōmo ea ho ba seboholi sa Molimo. (Bala Ezekiele 3:16-21.) Seboholi seo se neng se sa tsoa khethoa se ne se lokela ho lemosa Baiseraele ba tlōlang molao hore ba talimane le timetso e tsoang ho Molimo.
8. Ke mang ea sebeletsang e le “seboholi” sa Jehova kajeno, ’me ke bo-mang ba sebetsang ’moho le eena?
8 Haeba Ezekiele a ne a ka hlōleha ho ba seboholi, Jehova o ne a tla mo nka a ikarabella bakeng sa ho shoa ha batho bao. Le hoja ba neng ba sa batle ha a fana ka khalemelo ba ne ba tla mo tlama ka marapo a tšoantšetso, ka sebete o ne a tla phatlalatsa molaetsa oa Molimo. (Ezekiele 3:22-27) Mehleng ea rōna, Bokreste-’mōtoana bo hana ho mamela ’me bo leka ho etsetsa Bakreste ba tlotsitsoeng lithibelo. Empa ho tloha ka 1919 batlotsuoa bana ba ’nile ba sebeletsa e le “seboholi” sa Jehova, ka sebete ba phatlalatsa molaetsa oa hae “nakong ea bofelo” ba tsamaiso ena. (Daniele 12:4) “Bongata bo boholo” bo ntseng bo eketseha ba “linku tse ling” tsa Jesu bo kopane le bona mosebetsing ona. (Tšenolo 7:9, 10; Johanne 10:16) Kaha sehlopha sa “seboholi” se tsoela pele ho bolela molaetsa oa Molimo, ka sebele e mong le e mong oa batlotsuoa le oa “bongata bo boholo ba batho” o tla batla ho o phatlalatsa e le mohoeletsi oa ka mehla.
Ho Etsoa Lipontšo tsa Boprofeta
9. (a) Ezekiele o re beetse mohlala joang? (b) Ezekiele o ile a etsa eng ho bontša ho thibelloa ha Jerusalema ke Bababylona, ’me matsatsi a 390 le a 40 a ne a bontša eng?
9 Ka mor’a moo Ezekiele o ile a etsa lipontšo tsa boprofeta ka boikokobetso le sebete, a bea mohlala o lokelang ho re susumetsa hore re phethe ka boikokobetso le ka sebete likabelo tseo re li neiloeng ke Molimo. Ho bontša ho thibelloa ke Bababylona, o ne a lokela ho robala a shebile lejoeng leo a neng a fatile setšoantšo sa Jerusalema ho lona. Ezekiele o ne a lokela ho robala ka lehlakore le letšehali ka matsatsi a 390 ho jara molato oa ’muso oa meloko e leshome oa Iseraele, e be o robala ka lehlakore le letona ka matsatsi a 40 ho jara sebe sa Juda e neng e entsoe ka meloko e ’meli. Letsatsi le ne le emela selemo. Kahoo lilemo tse 390 li qalile ha Iseraele e theoa ka 997 B.C.E. ho fihlela ha Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E. Lilemo tse 40 tsa Juda li qalile ha Jeremia a khetheloa ho ba moprofeta oa Molimo ka 647 B.C.E. ho fihlela ha Juda e etsoa lesupi ka 607 B.C.E.—Ezekiele 4:1-8; Jeremia 1:1-3.
10. Ezekiele o ile a etsa lipontšo tsa liphello tsa ho thibelloa hoo joang, ’me re ka ithuta eng ’neteng ea hore Molimo o ile oa mo matlafatsa?
10 Ka mor’a moo Ezekiele o ile a etsa lipontšo tsa ho thibelloa ha motse. Ho bontša bofuma, ka letsatsi o ne a ja lijo tse etsang lik’hilograma tse 0,2 feela le metsi a ka etsang halofo ea lithara feela. Bohobe ba hae (motsoako o sa lumelloang oa koro, harese, linaoa, lensisi, mabele, le maili, o pheiloeng ka lisu) o ne o sa hloeka. (Levitike 19:19) Ketso ena e ne e bontša hore baahi ba Jerusalema ba ne ba tla hlokofatsoa haholo ke ho hloka lintho tsa bophelo. Empa ho thabisa hakaakang ho tseba hore feela joalokaha Jehova a ile a matlafatsa Ezekiele tlas’a maemo a thata, Molimo o tla re thusa hore re lule re tšepahala le hore re phethahatse thōmo ea rōna ea boboleli ha re talimane le mathata a mefuta eohle!—Ezekiele 4:9-17.
11. (a) Ke liketso life tse boletsoeng ho Ezekiele 5:1-4, ’me li ne li bolela eng? (b) ’Nete ea hore Molimo o ile oa phethahatsa lipontšo tse entsoeng ke Ezekiele e lokela ho ba le phello efe ho rōna?
11 Ka mor’a moo, Ezekiele o ile a kuta moriri oa hae le litelu tsa hae ka sabole. (Bala Ezekiele 5:1-4.) Ba neng ba bolaoa ke bofuma le ho kula ba ne ba tla tšoana le karolo e le ’ngoe ho tse tharo ea moriri oa moprofeta oo a neng a o chesitse ka hare ho Jerusalema. Ba neng ba bolailoe ntoeng ba ne ba tla tšoana le karolo e le ’ngoe ho tse tharo e otliloeng ka sabole. Baphonyohi ba ne ba tla qhalanyetsoa lichabeng joaloka karolo e le ’ngoe ho tse tharo ea moriri oa hae e hasantsoeng moeeng. Empa ba bang ba ileng kholehong ba ne ba tla tšoana le liqoba tse fokolang tsa moriri tse nkiloeng karolong eo e hasantsoeng ea ba ea phutheloa ka kobo ea Ezekiele ho bontša hore ba ne ba tla tsosa borapeli ba ’nete Juda ka mor’a lesupi la lilemo tse 70. (Ezekiele 5:5-17) ’Nete ea hore Jehova o phethahalitse sena le lipontšo tse ling tsa boprofeta e lokela ho re susumetsa hore re mo tšepe joaloka Ea Phethahatsang boprofeta.—Esaia 42:9; 55:11.
Timetso e Larileng ka Pele!
12. (a) Ezekiele 6:1-7 e bontša hore ba ba futuhelang ba ne ba tla etsa joang? (b) Ho latela boprofeta ba Ezekiele, ke eng e neng e tšoantšetsoa ke Jerusalema, ’me e tla etsahalloa ke eng?
12 Ka 613 B.C.E., Ezekiele o ile a bua le naha eo ho e bontša se neng se tla oela baahi ba Juda ba neng ba rapela melimo ea litšoantšo. (Bala Ezekiele 6:1-7.) Ba ba futuhelang ba ne ba tla senya linģalo tse liphahameng, litšiea tsa letsatsi, le lialetare tse neng li sebelisoa borapeling ba bohata. Khopolo ea ho felisoa ka bofuma, ho kula, le ntoa, ka boeona feela e ne e ka etsa hore motho a bokolle ka ho re “Jo ’na!” ’me a hatise sena ka ho opa liatla le ho tila ka leoto. Litopo tsa ba entseng bohlola ba moea li ne li tla hasana linģalong tse liphahameng. Ha Bokreste-’mōtoana, bo neng bo tšoantšetsoa ke Jerusalema, bo oeloa ke timetso e tšoanang, bo tla tseba hore tlokotsi ea bona e tsoa ho Jehova.—Ezekiele 6:8-14.
13. “Thupa” e letsohong la Jehova e ne e le eng, ’me phello ea ho sebelisoa ha eona e ne e tla ba efe?
13 ‘Bofelo bo ne bo tlela lipheletso tse ’nè tsa lefatše,’ tsamaiso ea bolumeli e sa tšepahaleng ea Juda. “Letsatsi” la litlokotsi le ne le tla pota-pota hlooho ea morapeli oa melimo ea litšoantšo ha “thupa” e letsohong la Molimo—Nebukadnezare le makhotla a hae a Babylona—e nka khato khahlanong le batho ba Jehova le tempele ea hae. Bao e neng e le ba “letšoele” la Juda la bareki le barekisi ba ne ba tla bolaoa kapa ba isoe kholehong, ’me matsoho a batho leha e le bafe ba neng ba khonne ho lula ba ntse ba phela a ne a tla tepella. Ha ho ketoloa tsamaiso ea bona ea bolumeli ba bohata, kamoo ho neng ho le kateng, ka ho siama ba ne ba tla beola lihlooho tsa bona.—Ezekiele 7:1-18.
14. Ho ntša tjotjo ho ile ha sitoa ho etsetsa Jerusalema eng, ’me hoo ho bontša eng ka Bokreste-’mōtoana?
14 Jehova le makhotla a hae a timetso ba ke ke ba ntšetsoa tjotjo. (Bala Ezekiele 7:19.) Ho ntša tjotjo ha hoa ka ha pholosa “sebaka se patiloeng,” (NW) Sehalalelisiso, hore se se silafatsoe ha “lira” tsa bona, Bakalde, li hapa lijana tse halalelang ’me li siea tempele e le lithako. Jehova ‘o ile a khaotsa boikakaso ba linatla’ ha Tsedekia a tšoaroa ’me lihlooho tsa boprista ba Levi li bolaoa. (2 Marena 25:4-7, 18-21) Che, baetsalibe ba neng ba le ka hare ho Jerusalema e thibelletsoeng ba ne ba ke ke ba phonyoha tlokotsi ka ho ntša tjotjo ha Molimo ‘o ba ahlōla’ joaloka ba robileng selekane. Ka ho tšoanang, ha lintho tseo Bokreste-’mōtoana bo li nkang li halalela li silafatsoa haufinyane, bo ke ke ba khona ho itefella tjotjo hore bo phonyohe phethahatso ea kahlōlo ea Molimo holim’a bona. Ka nako eo e tla be e se e le morao haholo hore bo ka mamela “seboholi” sa Jehova.—Ezekiele 7:20-27.
Ho Feheloa ka Baka la Manyala
15. Ezekiele o ile a bona eng Jerusalema, ’me see se lokela ho ba le phello efe ho rōna?
15 Ha Ezekiele a bona Molimo ponong o le khanyeng ka la 5 Elule, 612 B.C.E., ‘setšoantšo sa letsoho se ile sa mo nka ka sehlotho,’ ’me sa mo isa Jerusalema ka moea oa tšusumetso. Koloi ea leholimo le eona e ne e ile moo. Seo joale Ezekiele a ileng a se bona se lokela ho etsa hore re tšabe esita le khopolo ea ho mamela bakoenehi feela. (Liproverbia 11:9, NW) Ha ba le tempeleng, bakoenehi ba Baiseraele ba ne ba rapela setšoantšo se seng sa molimo (mohlomong e le palo e halalelang) se neng se phephetsa poulelo ea Molimo. (Exoda 20:2-6) Ha a kena lebaleng le ka hare, Ezekiele o bona manyala a makaakang! (Bala Ezekiele 8:10, 11.) E ne e le mahlabisa-lihlong a makaakang hore e be baholo ba 70 ba Baiseraele ba ne ba chesa libano bakeng sa melimo ea bohata e neng e tšoantšetsoa ke litšoantšo tse nyelisehang tse fatiloeng leboteng!—Ezekiele 8:1-12.
16. Pono ea Ezekiele e bontša eng ka liphello tsa bokoenehi?
16 Pono ea Ezekiele e bontša hore na bokoenehi bo na le kotsi e kaakang ea moea. Koana, basali ba Baiseraele ba ne ba boleletsoe hore ba llele Tammuze, molimo oa Babylona o neng o bile o ratana le molimotsana oa kemolo Ishtare! Hape e ne e le nyeliso e kaakang ho bona banna ba 25 ba Baiseraele ba le lebaleng le ka hare la tempele ba rapela letsatsi! (Deuteronoma 4:15-19) Ba ne ba nonosa Molimo lekala le nyonyehang, mohlomong e le le tšoantšetsang setho sa motho sa botona. Ha ho makatse he hore e be Jehova o ne a ke ke a mamela lithapelo tsa bona, joalokaha Bokreste-’mōtoana bo tla kōpa thuso ea hae ‘mahlomoleng a maholo’ empa bo ke ke ba fumana letho!—Ezekiele 8:13-18; Mattheu 24:21.
Ho Tšoaeloa Pholoho
17. Ke banna bafe ba supileng ba ileng ba bonoa ponong, ’me ba ile ba etsa eng?
17 Ka mor’a moo, re bona banna ba supileng—e mong e le mongoli ea apereng line le ba bang ba tšeletseng ba tšoereng libetsa tse thuhang. (Bala Ezekiele 9:1-7.) “Banna ba tšeletseng” ba ne ba tšoantšetsa mabotho a leholimo a timetso a Jehova, le hoja a ne a ka ’na a sebelisa likofuto tsa lefatšeng. Bao ‘monna ea apereng line’ a tšoaileng liphatla tsa bona ba ne ba tla fumana mohau oa Molimo hobane ba ne ba sa lumellane le manyala a etsoang tempeleng. Ho timetsa ha “banna ba tšeletseng” ho qalile moo ka baholo ba 70 ba neng ba rapela melimo ea litšoantšo, basali ba llelang Tammuze, le batho ba 25 ba rapelang letsatsi. Bana le ba bang ba sa tšepahaleng ho Molimo ba ile ba bolaoa ke Bababylona ka 607 B.C.E.
18. (a) ‘Monna ea apereng line’ oa mehleng ea kajeno ke mang? (b) “Letšoao” ke eng, ke bo-mang ba nang le lona, ’me ho ba le lona ho tla fella ka eng?
18 ‘Monna ea apereng line’ o tšoantšetsa sehlopha sa Bakreste ba tlotsitsoeng. Ba ea ka ntlo le ntlo ho bea letšoao la tšoantšetso ho ba fetohang karolo ea “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Kreste. “Letšoao” leo ke bopaki ba hore linku tse joalo ke batho ba inehetseng, ba kolobelitsoeng ba nang le botho bo kang ba Kreste. Baa ‘feheloa ’me baa bobola ka baka la manyala,’ a etsoang Bokreste-’mōtoaneng, ’me ba tsoile Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 18:4, 5) “Letšoao” la bona le tla totobatsa ho mabotho a timetso a Molimo hore ba lokela ho pholosoa nakong ea ‘mahlomola a maholo.’ Ba ka boloka “letšoao” leo ka ho kopanela le batlotsuoa ho tšoaeeng ba bang ba eketsehileng. Kahoo, haeba u ‘tšoailoe,’ kopanela ka cheseho mosebetsing oo oa ‘ho tšoaea.’—Ezekiele 9:8-11.
Timetso ea Mollo e Larileng ka Pele!
19. ‘Monna ea apereng line’ oa mehleng ea kajeno o hasa eng ho pholletsa le Bokreste-’mōtoana?
19 Monna ea apereng line o ile a tsamaea lipakeng tsa mabili a koloi ea leholimo e le hore a fumane mashala a hlenneng. Mashala ana a ile a betsetsoa holim’a Jerusalema, ho fana ka temoso esale pele ea hore timetso ea eona e ne e tla ba pontšo ea khalefo ea Molimo e kang mollo. (Ezekiele 10:1-8; Lillo tsa Jeremia 2:2-4; 4:11) Mehleng ea Ezekiele, Jehova o ile a sebelisa Bababylona ho tšolla khalefo ea hae. (2 Likronike 36:15-21; Jeremia 25:9-11) Empa ho thoe’ng ka mehla ea rōna? Ea neng a tšoantšetsoa ke ‘monna ea apereng line’ o hasa molaetsa oa Molimo o kang mollo ho pholletsa le Bokreste-’mōtoana e le temoso ea hore haufinyane khalefo ea Molimo e tla tšolleloa holim’a bona le Babylona e Moholo ka kakaretso. Ha e le hantle, ba hanang ho mamela “seboholi” sa Jehova ha ba na tšepo ea ho pholoha.—Esaia 61:1, 2; Tšenolo 18:8-10, 20.
20. (a) Tumellano e lipakeng tsa mabili a koloi ea leholimo le likerubime e lokela ho re ama joang? (b) Mahosana a mang a ne a etsa eng, hona ke eng eo ka phoso a neng a e tšoantša le Jerusalema?
20 Re boetse re hlokomelisoa koloi ea leholimo, mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo oa Molimo. Ha re hlokomela tumellano e pakeng tsa mabili a koloi eo le likerubime, re lokela ho susumetseha hore re sebelisane ka botlalo le mokhatlo o hlophisitsoeng oa lefatšeng oa Molimo. Re susumetsoa ke botšepehi bo nang le boitelo, re lokela hore hape re o sireletse ho batho ba bolotsana. (Ezekiele 10:9-22) Ho ne ho e-na le batho ba joalo mehleng ea Ezekiele, hobane o ile a bona mahosana a 25 a ’muso a neng a rera ho fetohela mabotho a timetso a Molimo ka thuso ea Baegepeta. A ne a tšoantša Jerusalema le pitsa, ’me ’ona a itšoantša le nama e bolokehileng ka har’a eona. Empa a ne a fositse hakaakang! “Sabole” ea “balichaba,” Bababylona, e ne e tla bolaea ba kopanetseng morerong oo, athe ba bang ba ne ba tla fetoha batlamuoa. Sena se ne se tla etsahala hobane Molimo o ne o nka Bajode ba le molato oa ho roba selekane sa oona. (Ezekiele 11:1-13; Exoda 19:1-8; 24:1-7; Jeremia 52:24-27) Kahobane Bokreste-’mōtoana bo ipolela hore bo selekaneng le Molimo empa bo tšepile litumellano tsa lichaba tsa lefatše, bo tla timela tlas’a tlhaselo ea mabotho a timetso a Jehova.
21. Ho ile ha etsahala joang ka mor’a hore Juda e etsoe lesupi ka lilemo tse 70, ’me ho bile le ntlafatso efe e tšoanang e neng e ama masala a tlotsitsoeng?
21 Le hoja Baiseraele ba ne ba ‘qhalanyelitsoe linaheng,’ ho tšoana le ka 617 B.C.E., Molimo e ne e le “sehalalelo,” kapa setšabelo, bakeng sa ba bakang. (Ezekiele 11:14-16) Empa ho ne ho ka lebelloa eng hape? (Bala Ezekiele 11:17-21.) Ka mor’a hore Juda e etsoe lesupi ka lilemo tse 70, masala a ile a tsosolosetsoa ‘lefatšeng la Iseraele’ le hloekisitsoeng. Ka ho tšoanang, ka mor’a ho ba botlamuoeng ba Babylona, masala a tlotsitsoeng a ile a lopolloa ka 1919, ’me, tlas’a tataiso ea moea oa Molimo, “lefatše” la Iseraele oa moea leo ka nako e ’ngoe e neng e le lesupi le hloekisitsoe. Kahoo, joale ba ‘tšoaetsoeng’ pholoho ba thabela mohau oa Molimo ’moho le masala a tsosolositsoeng a Iseraele oa moea. Hape haeba u tsoela pele ho mamela “seboholi,” u ka ’na ua ba har’a baphonyohi ha Jehova a ntša sabole ea hae selateng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha nako e lumela, motsamaisi oa thuto o lokela ho kōpa hore nakong eo phutheho e ithutang sehlooho sena le tse peli tse se latelang ho baloe Mangolo a bontšitsoeng ka mongolo o tšekaletseng empa a sa qotsoa. Lintlha tsa Bibele tsa sehlooho tse hlahang Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le tsona li ka nkoa lihloohong tsena hona joale ha ho ntse ho ithutoa buka ea Ezekiele.
Na U Sa Hopola?
◻ Ke hobane’ng ha re tšoanela ho mamela ha “seboholi” sa Jehova se bua?
◻ Koloi ea Ieholimo ea Molimo e ne e tšoantšetsa eng?
◻ Ke mang ea sebeletsang e Ie “seboholi” sa Jehova kajeno?
◻ Ke liketso life tsa bokoenehi tseo Ezekiele a ileng a li bona Jerusalema, ’me pono ee e Iokela ho re ama joang?
◻ ‘Monna ea apereng line’ oa mehleng ea kajeno ke mang, ’me “Ietšoao” leo a Ie beang liphatleng ke eng?