Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Tempele” le “Morena” Kajeno
    Molula-Qhooa—1999 | March 1
    • 3. Ke eng seo re ithutang sona ka marulelo a phahameng le litšoantšo tse leboteng la tsela e kenang tempeleng?

      3 Nka hore re etetse ho ea bona tempele ena ea ponong. Rea atamela ’me re hloa methati e supileng ho ea ho o mong oa menyako e meholo. Ha re le tseleng ena e kenang, rea hlolloa ha re talima holimo. Marulelo a ka hare a re phahametse ka limithara tse fetang 30! Kahoo re hopotsoa hore litekanyetso tsa ho kena tokisetsong ea Jehova ea borapeli li phahame. Mahlaseli a khanya a kenang ka lifensetere a khantšitse litšoantšo tse leboteng tsa lifate tsa palema, tse sebelisoang ka Mangolong ho tšoantšetsa ho loka. (Pesaleme ea 92:12; Ezekiele 40:14, 16, 22) Sebaka sena se halalelang ke sa ba lokileng boitšoarong le moeeng. Tumellanong le seo, re batla ho lula re lokile e le hore borapeli ba rōna e be bo amohelehang ho Jehova.—Pesaleme ea 11:7.

  • “Tempele” le “Morena” Kajeno
    Molula-Qhooa—1999 | March 1
    • 5. (a) Ke ho tšoana hofe ho teng pakeng tsa pono ea Ezekiele le pono ea Johanne e tlalehiloeng ho Tšenolo 7:9-15? (b) Ponong ea Ezekiele, ke bo-mang ba tšoantšetsoang ke meloko e 12 e rapelang lebaleng le ka ntle?

      5 Tsela ena e kena lebaleng le ka ntle moo batho ba rapelang le ho rorisa Jehova teng. Sena se re hopotsa pono ea moapostola Johanne ea “bongata bo boholo” bo rapelang Jehova “motšehare le bosiu ka tempeleng ea hae.” Ho na le lifate tsa palema liponong tsena ka bobeli. Ponong ea Ezekiele li khabisitse mabota a moo ho kenoang le teng. Ponong ea Johanne, barapeli ba tšoere makala a palema matsohong a bona, ho tšoantšetsang thabo ea bona ha ba rorisa Jehova ’me ba amohela Jesu e le Morena oa bona. (Tšenolo 7:9-15) Tabeng ea pono ea Ezekiele, meloko e 12 ea Iseraele e tšoantšetsa “linku tse ling.” (Johanne 10:16; bapisa le Luka 22:28-30.) Na le uena u e mong oa ba thabelang ho rorisa Jehova ka ho phatlalatsa ’Muso oa hae?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela