Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Ezekiele—II
KHOELI ke ea December selemong sa 609 B.C.E. Morena oa Babylona o se a qalile ho thibella Jerusalema ka lekhetlo la ho qetela. Ho tla fihlela nakong ena, molaetsa oa Ezekiele o eang ho batlamuoa ba leng Babylona o bua ka ntho e le ’ngoe: ho oa le ho timetsoa ha motse oa bona o ratoang oa Jerusalema. Leha ho le joalo, hamorao boprofeta ba Ezekiele bo se bo bua ka ho ahloloa ha lichaba tsa bohetene tse ileng tsa thabela tlokotsi e ileng ea oela batho ba Molimo. Ha Jerusalema e oa ka mor’a likhoeli tse 18, molaetsa oa Ezekiele o bua ka taba e ’ngoe e ncha: ho tsosolosoa ho hlollang ha borapeli ba ’nete.
Ezekiele 25:1–48:35 e bua ka boprofeta bo amang lichaba tse potolohileng Iseraele le ka ho lopolloa ha batho ba Molimo.a Ntle ho Ezekiele 29:17-20, tlaleho ena e hlahlamanya liketsahalo ho ea ka nako ea tsona le ka litaba tseo li buang ka tsona. Leha ho le joalo, litemana tsena tse ’nè tsona ha li hlahlamanye liketsahalo ho ea ka nako ea tsona empa li bua ka boprofeta bo khahlanong le Egepeta. Kaha buka ea Ezekiele ke karolo ea Mangolo a bululetsoeng, e na le molaetsa o ‘phelang le o fanang ka matla.’—Baheberu 4:12.
‘NAHA EO E TLA BA JOALOKA SERAPA SA EDENE’
Kaha Jehova o ile a bona esale pele hore na lichaba tse latelang li ne li tla itšoara joang ha Jerusalema e oa, o re Ezekiele a profete khahlanong le Amone, Moabe, Edomo, Filistia, Tyre le Sidone. Egepeta e tla tlatlapuoa. “Faro morena oa Egepeta le . . . bongata ba hae” ba tšoantšoa le kedare e tla rengoa ka “sabole ea morena oa Babylona.”—Ezekiele 31:2, 3, 12; 32:11, 12.
Hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng ka mor’a ho timetsoa ha Jerusalema ka 607 B.C.E., mophonyohi e mong oa fihla ’me o tlalehela Ezekiele sena: “Motse o lihiloe!” Moprofeta enoa o “khona ho bua” le batho ba kholehong. (Ezekiele 33:21, 22) O na le boprofeta bo buang ka ho tsosolosoa boo a tlamehang ho bo bolela. Jehova o “tla li hlahisetsa molisa a le mong, ’me o tla li fepa, eena mohlanka oa [hae] Davida.” (Ezekiele 34:23) Edomo e tla etsoa lesupi, empa naha ea Juda e ka nģ’ane ho eona, e tla ba “joaloka serapa sa Edene.” (Ezekiele 36:35) Jehova o tšepisa hore ha “Gogo” a hlasela o tla sireletsa batho ba hae ba tsosolositsoeng.—Ezekiele 38:2.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
29:8-12—Egepeta e ile ea etsoa lesupi neng ka lilemo tse 40? Hoba Jerusalema e timetsoe ka 607 B.C.E., masala a Juda a ile a balehela Egepeta a sa natse temoso ea moprofeta Jeremia. (Jeremia 24:1, 8-10; 42:7-22) Hoo ha hoa ka ha a thusa ka letho hobane Nebukadnezare o ile a futuhela Egepeta ’me a e hapa. Mohlomong lilemo tse 40 tseo Egepeta e bileng lesupi ka tsona li ile tsa qala ka mor’a hore e haptjoe. Le hoja histori ea lefatše e se na bopaki ba ho timetsoa hoo ha Egepeta, re ka kholiseha hore e ile ea haptjoa hobane Jehova ke Mophethahatsi oa boprofeta.—Esaia 55:11.
29:18—“Hlooho e ’ngoe le e ’ngoe e entsoe lefatla, ’me lehetla le leng le le leng le phumohile” joang? Motse o hōle le leoatle oa Tyre o ile oa thibelloa ka matla hoo lihlooho tsa masole a Nebukadnezare li ileng tsa phumoha lefatla ka lebaka la ho hohloa ke lihelemete ’me mahetla a ’ona a phumoha ka lebaka la ho jara thepa ea ho haha litora le lintho tse thibellang.—Ezekiele 26:7-12.
Seo re Ithutang Sona:
29:19, 20. Kaha batho ba motse oa Tyre ba ile ba balehela sehlekehlekeng sa bona ba nkile leruo la bona le lengata, Morena Nebukadnezare ha aa ka a hapa thepa e ngata Tyre. Le hoja Nebukadnezare e ne e le ’musi ea ikakasang le ea ikhopolang boeena, Jehova o ile a mo putsa ka ho mo fa Egepeta e le “moputso bakeng sa lebotho la hae la sesole.” Na ha rea lokela ho etsisa Molimo oa ’nete ka hore re lefe mebuso makhetho bakeng sa litšebeletso tseo e re etsetsang tsona? Boitšoaro ba babusi ba lefatše kapa tsela eo makhetho a sebelisoang ka eona ha li fetole taba ea hore re lokela ho lefa makhetho.—Baroma 13:4-7.
33:7-9. Sehlopha sa kajeno sa molebeli—e leng masala a batlotsuoa—le metsoalle ea sona le ka mohla ha sea lokela ho tsilatsila ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho lemosa batho hore “matšoenyeho a maholo” aa tla.—Matheu 24:21.
33:10-20. Re tla bolokeha haeba re furalla litsela tse mpe ’me re mamela Molimo. Ka sebele, tsela ea Jehova e ‘lokile.’
36:20, 21. Kaha Baiseraele ha baa ka ba phela joaloka “batho ba Jehova,” sena se ile sa silafatsa lebitso la Molimo har’a lichaba. Ho hang ha rea lokela ho ba barapeli ba Jehova ka lebitso feela.
36:25, 37, 38. Paradeise ea moea eo re e thabelang hona joale e tletse “mohlape oa batho ba halalelang.” Kahoo, re lokela ho loanela ho e boloka e hloekile.
38:1-23. Re khothala hakaakang ha re tseba hore Jehova o tla pholosa batho ba hae tlhaselong ea Gogo oa naha ea Magogo! Gogo ke lebitso le ileng la rehoa “’musi oa lefatše lena,” e leng Satane Diabolose, ka mor’a hore a lelekoe leholimong. Naha ea Magogo ke karolo e tikolohong ea lefatše, eo Satane le bademona ba hae ba thibeletsoeng ho eona.—Johanne 12:31; Tšenolo 12:7-12.
“U BEHE PELO HO SOHLE SEO KE U BONTŠANG SONA”
E se e le selemo sa bo14 motse oa Jerusalema o timelitsoe. (Ezekiele 40:1) Baiseraele ba sa saletsoe ke lilemo tse 56 kholehong. (Jeremia 29:10) Ezekiele o se a ka ba lilemo li 50. O bontšoa naha ea Iseraele ka pono. Ho thoe ho eena: “Mor’a motho, bona ka mahlo, ’me u utloe ka litsebe, ’me u behe pelo ho sohle seo ke u bontšang sona.” (Ezekiele 40:2-4) E tlameha ebe Ezekiele o ile a hlolloa hakaakang ha a bona pono ea tempele e ncha!
Tempele e khanyang eo Ezekiele a e bonang e na le likeiti tse 6, likamore tsa ho jela tse 30, Sehalalelo, Sehalalelisiso, aletare ea lehong le aletare ea linyehelo tsa secheso. Ho na le metsi a “tsoang” tempeleng ’me qetellong e ba nōka e phoroselang. (Ezekiele 47:1) Ezekiele o boetse o bontšoa pono ea kamoo meloko e abeloang naha kateng—moloko ka mong o abeloa sebaka ho tloha bochabela ho fihlela bophirimela, ’me mochophoro oa puso o lipakeng tsa Juda le Benjamine. “Sehalalelo sa Jehova” le “motse” o bitsoang Jehova Shamma li mochophorong ona.—Ezekiele 48:9, 10, 15, 35, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
40:3–47:12—Tempele eo Ezekiele a ileng a e bona ponong e tšoantšetsa eng? Tempele ena e khōlōhali eo Ezekiele a ileng a e bona ponong ha ho mohla e ileng ea hahuoa. E ne e tšoantšetsa tempele ea moea ea Molimo—e leng tokisetso ea hae e kang tempele ea borapeli bo hloekileng mehleng ea rōna. (Ezekiele 40:2; Mikea 4:1; Baheberu 8:2; 9:23, 24) Pono ea tempele e phethahatsoa “matsatsing a ho qetela” a ha ho hloekisoa boprista. (2 Timothea 3:1; Ezekiele 44:10-16; Malakia 3:1-3) Leha ho le joalo, e tla phethahaxla ka lekhetlo la ho qetela Paradeiseng. Tempele ena eo Ezekiele a ileng a e bona ponong e ile ea fa Bajuda ba neng ba le kholehong tšepo ea hore borapeli bo hloekileng bo tla tsosolosoa le hore lelapa le leng le le leng la Bajuda le tla fuoa lefa la naha.
40:3–43:17—Ke eng se bohlokoa ka ho lekanngoa ha tempele? Ho lekanngoa ha tempele ke pontšo ea hore morero oa Jehova mabapi le borapeli bo hloekileng o tla phethahala e le kannete.
43:2-4, 7, 9—“Litopo tsa marena a bona” tse ileng tsa tlameha ho tlosoa tempeleng e ne e le eng? Kamoo ho bonahalang kateng, litopo tsena e ne e le melimo ea litšoantšo. Babusi ba Jerusalema le batho ba eona ba ne ba silafalitse tempele ea Molimo ka melimo ea litšoantšo—ha e le hantle, ba ne ba e entse marena a bona.
43:13-20—Aletare eo Ezekiele a ileng a e bona ponong e tšoantšetsa eng? Aletare ena ea tšoantšetso e emela thato ea Molimo mabapi le sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste. Sehlabelo sa thekollo se etsa hore ho boleloe hore batlotsuoa ba lokile le hore “bongata bo boholo” bo hloekile mahlong a Molimo. (Tšenolo 7:9-14; Baroma 5:1, 2) Mohlomong ke ka lebaka leo tempeleng eo Ezekiele a e boneng ponong, ho neng ho se na “leoatle [la tempele ea Solomone] le entsoeng ka ho qhibilihisoa,” leo e neng e le sekotlolo se seholohali sa metsi seo baprista ba neng ba hlapela ho sona.—1 Marena 7:23-26.
44:10-16—Sehlopha sa boprista se emela bo-mang? Sehlopha sa boprista se tšoantšetsa Bakreste ba tlotsitsoeng mehleng ea rōna. Ba ile ba hloekisoa ka 1918 ha Jehova a lula e le “mohloekisi le mohlatsoi” tempeleng ea hae ea moea. (Malakia 3:1-5) Ba hloekileng kapa ba bakileng ba ne ba ka tsoela pele tšebeletsong ea bona e khethehileng. Ka mor’a moo, ba ne ba lokela ho sebetsa ka thata hore ba ipoloke ba “se na letheba lefatšeng,” kahoo e e-ba mehlala ho “bongata bo boholo,” bo neng bo emeloa ke meloko eo e neng e se ea boprista.—Jakobo 1:27; Tšenolo 7:9, 10.
45:1; 47:13–48:29—Ke eng se tšoantšetsoang ke “naha” le ho abuoa ha eona? Naha e tšoantšetsa sebaka seo batho ba Molimo ba sebetsang ho sona. Ho sa tsotellehe hore na morapeli oa Jehova o hokae, o naheng e tsosolositsoeng hafeela a khomaretse borapeli ba ’nete. Naha e tla ajoa la ho qetela lefatšeng le lecha ha motho e mong le e mong ea tšepahalang a fuoa sebaka sa hae.—Esaia 65:17, 21.
45:7, 16—Monehelo oo batho ba o etsetsang boprista le morenana o tšoantšetsa eng? Tempeleng ea moea, monehelo ona haholo-holo o tšoantšetsa thuso ea moea le ho ba le moea oa tšebelisano.
47:1-5—Metsi a nōka eo Ezekiele a e boneng ponong a tšoantšetsa eng? Metsi a tšoantšetsa litokisetso tsa Jehova tsa moea tsa bophelo, ho akarelletsa le sehlabelo sa thekollo sa Kreste Jesu le tsebo ea Molimo e fumanoang ka Bibeleng. (Jeremia 2:13; Johanne 4:7-26; Baefese 5:25-27) Nōka ena e ntse e teba hanyane ka hanyane hore e kenye batho ba bacha ba amohelang borapeli ba ’nete. (Esaia 60:22) Lilemong Tse Sekete, nōka ena e tla phalla metsi a bophelo ka matla a maholo, ’me metsi a eona a tla akarelletsa kutloisiso e eketsehileng e fumanoang “meqolong” e tla buloa ka nako eo.—Tšenolo 20:12; 22:1, 2.
47:12—Lifate tse behang haholo li tšoantšetsa eng? Lifate tsa tšoantšetso li tšoantšetsa litokisetso tsa Molimo tsa moea tsa ho tsosolosetsa moloko oa batho phethehong.
48:15-19, 30-35, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe—Motse oo Ezekiele a o boneng ponong o tšoantšetsa eng? Motse oa “Jehova Shamma” o lutse naheng e “silafetseng,” e leng se bontšang hore e tlameha ebe o tšoantšetsa ntho e lefatšeng. Ho bonahala motse ona o tšoantšetsa tsamaiso ea lefatšeng e molemong oa bao e tla ba “lefatše le lecha.” (2 Petrose 3:13) Ho ba le liheke ka mahlakoreng ’ohle ho bontša hore ho tla kenoa habonolo ho oona. Balebeli ba har’a batho ba Molimo ba lokela ho atameleha.
Seo re Ithutang Sona:
40:14, 16, 22, 26. Litšoantšo tsa lifate tsa palema tse tseleng e kenang tempeleng li bontša hore ke batho ba boitšoaro bo hloekileng feela ba lumelloang ho kena. (Pesaleme ea 92:12) Sena se re ruta hore Jehova o amohela borapeli ba rōna hafeela re le batho ba lokileng.
44:23. Ka sebele re ka leboha litšebeletso tse etsoang ka sehlopha sa boprista sa kajeno! “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le etella pele hore ka nako e tšoanetseng le re fe lijo tsa moea tse re thusang ho lemoha phapang pakeng tsa se hloekileng le se sa hloekang mahlong a Jehova.—Matheu 24:45.
47:9, 11. Tsebo—e leng tšobotsi ea bohlokoa ea metsi a tšoantšetso—e ’nile ea finyella mosebetsi oa bohlokoa oa ho folisa mehleng ea rōna. Hohle moo batho ba ithutang tsebo ena teng, e ba phelisa moeeng. (Johanne 17:3) Ka lehlakoreng le leng, ba sa amoheleng metsi a phelisang ba tla “nehelloa letsoai”—ba timetsoe ka ho feletseng. Ke habohlokoa hakaakang hore ‘re etse sohle se matleng a rōna ho tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’—2 Timothea 2:15.
“Ka Sebele ke Tla Halaletsa Lebitso la ka le Leholo”
Ka mor’a hore ho tlosoe morena oa ho qetela oa lesika la Davida, Molimo oa ’nete o ile a lumella hore ho fete nako e telele pele ho tla Ea “nang le tokelo ea molao” setulong sa borena. Leha ho le joalo, Molimo ha aa ka a furalla selekane sa hae le Davida. (Ezekiele 21:27; 2 Samuele 7:11-16) Boprofeta ba Ezekiele bo bua ka “mohlanka oa ka Davida,” eo e neng e tla ba “molisa” le “morena.” (Ezekiele 34:23, 24; 37:22, 24, 25) Enoa ke Jesu Kreste a le matleng a ’Muso. (Tšenolo 11:15) Jehova o tla “halaletsa lebitso la [hae] le leholo” ka ’Muso oa Bomesia.—Ezekiele 36:23.
Haufinyane, bohle ba silafatsang lebitso le halalelang la Molimo ba tla timetsoa. Empa ba halaletsang lebitso leo bophelong ba bona ka ho rapela Jehova ka tsela e amohelehang ba tla fumana bophelo bo sa feleng. Kahoo, a re sebeliseng ka botlalo litokisetso tsa metsi a bophelo a phallang ka bongata haholo mehleng ea rōna ’me re etse borapeli ba ’nete ntho e khōlō bophelong ba rōna.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ezekiele 1:1–24:27 e tšohliloe sehloohong se reng “Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Ezekiele—I,” tokollong ea Molula-Qhooa ea July 1, 2007.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Tempele e khanyang eo Ezekiele a e boneng ponong
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Nōka ea bophelo eo Ezekiele a e boneng ponong?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.