Molimo o Bululetse Bibele Joang?
KAJENO puisano e thahasellisa haholo ho feta nakong leha e le efe historing. Lithelefono, mechine ea fax, lik’homputha—lilemong tse fetileng ke mang ea neng a ka nahana ka nako eo ka eona melaetsa e neng e tla fetisetsoa hoo e batlang e le hohle lefatšeng ka nako le motsotso?
Empa mofuta oa puisano o thahasellisang ka ho fetisisa ke oo motho a ke keng a o tseba—pululelo ea Molimo. Jehova o ile a bululela bangoli ba 40 hore ba hlahise Lentsoe la hae le ngotsoeng, Bibele e Halalelang. Feela joalokaha batho ba e-na le mekhoa e mengata ea puisano, Jehova le eena o ile a sebelisa mekhoa e fapaneng ea puisano bakeng sa ho bululela Mangolo.
Ho Bolela Mantsoe a Lokelang ho Ngoloa.
Molimo o ile a fetisa melaetsa e tobileng eo hamorao e ileng ea tlalehoa ka Bibeleng.a Ka mohlala, nahana ka litaelo tse bōpang selekane sa Molao. Jehova o ile a bolella Moshe: “Ngola mantsoe ana, hobane ke entse selekane le uena le Iseraele ka mantsoe ana.” (Exoda 34:27) “Mantsoe” ao a neng a “fetisitsoe ke mangeloi,” a ile a kopitsoa ke Moshe ’me hona joale a ka fumanoa Bibeleng bukeng ea Exoda, ea Levitike, ea Numere le ea Deuteronoma.—Liketso 7:53.
Baprofeta ba bang ba bangata, ho kopanyelletsa Esaia, Jeremia, Ezekiele, Amose, Nahume le Mikea, ba ile ba fumana melaetsa e tobileng ea Molimo ka mangeloi. Ka linako tse ling banna bana ba ne ba qala liphatlalatso tsa bona ka polelo ena: “Ho itsoe ke Jehova.” (Esaia 37:6; Jeremia 2:2; Ezekiele 11:5; Amose 1:3; Mikea 2:3; Nahume 1:12) Ebe joale ba ngola seo Molimo a se buileng.
Lipono, Litoro le ho Hapeha Kelellong.
Pono ke ho bona ntho e itseng, ketsahalo kapa molaetsa o hlahisoang kelellong ea motho a sa robala, hangata e le ka tsela e itseng e sa tloaelehang. Ka mohlala, “ha ba tsoha ka botlalo,” Petrose, Jakobo le Johanne ba ile ba bona pono ea Jesu ea fetohileng. (Luka 9:28-36; 2 Petrose 1:16-21) Maemong a mang molaetsa o ne o fetisoa ka toro, kapa pono ea bosiu, o hatisoa ho motho ea o fuoang nakong eo e kang oa lora ha a robetse. Ke ka hona Daniele a ngolang ka “lipono tse itlhahisitseng moeeng oa ka, ha ke robetse”—kapa, joalokaha mofetoleli Ronald A. Knox a fetolela, “ha ke shebile litorong tsa ka.”—Daniele 4:10.
Ho hlakile hore motho eo Jehova a neng a hapa kelello ea hae o ne a e-ba boemong ba ho tsepamisa mehopolo ka ho tebileng, le hoja bonyane a ne a sa khaleha. (Bapisa le Liketso 10:9-16.) Ka Bibeleng, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho hapeha kelellong” (ekʹsta·sis), le bolela ‘ho tlosa kapa ho suthisa.’ Le na le moelelo oa ho tlosa kelello ho nahaneng ha eona ho tloaelehileng. Ka hona, motho ea hapehileng kelello o lebala se mo potolohileng nakong eo a tsepamisitseng maikutlo ka ho feletseng ponong. E ka ’na eaba moapostola Pauluse o ne a hapehile kelello ka tsela eo ha a tla “nkeloa ho kena paradeiseng ’me a utloa mantsoe a ke keng a boleloa ao ho sa lumelloeng ke molao hore motho a a bue.”—2 Bakorinthe 12:2-4.
Ho fapana le ba ileng ba ngola molaetsa oo mantsoe a oona ba a boleletsoeng ke Molimo, bangoli ba Bibele ba ileng ba fumana lipono kapa litoro kapa ba ileng ba haptjoa kelellong hangata ba ile ba e-ba le bolokolohi ba ho hlalosa seo ba se boneng ka mantsoe a bona. Habakuke o ile a bolelloa: “Ngola tšenolo, e betle mamatjaneng, hore ea balang a e bale habonolo.”—Habakuke 2:2.
Na see se bolela hore likarolo tsee tsa Bibele ha lia bululeloa ka ho feletseng ha li bapisoa le litemana tseo ho ileng ha hla ha boleloa mantsoe a tsona? Le hanyenyane. Ka moea oa hae, Jehova o ile a hatisa molaetsa oa hae ka ho feletseng kelellong ea mongoli ka mong, e le hore ho ka fetisoa mehopolo ea Molimo, eseng ea batho. Le hoja Jehova a ile a lumella hore mongoli a khethe mantsoe a nepahetseng, o ile a tataisa kelello ea hae le pelo ea hae hore a se ke a siea boitsebiso leha e le bofe ba bohlokoa ’me qetellong, mantsoe ao a ile a talingoa ka nepo e le a Molimo.—1 Bathesalonika 2:13.
Tšenolo ea Bomolimo.
Bibele e fupere boprofeta—histori e ileng ea senoloa le ho ngoloa pele ho nako—bo fetang matla a motho hōle. Mohlala o mong ke oa ho phahama le ho oa ha “morena oa ba-Gerike,” Alexandere e Moholo, ho ileng ha boleloa lilemo tse ka bang 200 esale pele! (Daniele 8:1-8, 20-22) Bibele e boetse e senola liketsahalo tseo le ka mohla motho a e-song ho ka a li bona. Pōpo ea leholimo le lefatše ke mohlala o mong. (Genese 1:1-27; 2:7, 8) Ntle ho moo, ho na le lipuisano tse ileng tsa e-ba teng leholimong, tse kang tse tlalehiloeng bukeng ea Jobo.—Jobo 1:6-12; 2:1-6.
Haeba ka ho toba Molimo a ne a sa senolele mongoli liketsahalo tse joalo, O ne a li tsebisa motho e mong e le hore e ka ba karolo ea histori e buuoang kapa e ngotsoeng, e neng e tla fetisoa ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong ho fihlela e fetoha karolo ea tlaleho ea Bibele. (Bona lebokose le leqepheng la 7.) Boemong leha e le bofe, re ka kholiseha hore Jehova e ne e le Mohloli oa boitsebiso boo kaofela, ’me o ile a tataisa bangoli bao hore litlaleho tsa bona e se be tse silafalitsoeng ke liphoso, ho feteletsa litaba kapa litšōmo. Petrose o ile a ngola mabapi le boprofeta: “Batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.”b—2 Petrose 1:21.
Ho ne ho Hlokahala Boiteko bo Matla
Le hoja bangoli ba Bibele ba ne ba “khannoa ke moea o halalelang,” ho ne ho ntse ho hlokahala hore ba nahane ka mokhoa o hlokolosi. Ka mohlala, Solomone “o ile a nahana, a fuputsa, ’me a hlophisa maele a mangata. A batlisisa mantsoe a nepahetseng, ’me lipolelo tseo a li ngotseng tsa nepahala, ea e-ba tsa ’nete.”—Moeklesia 12:9, 10, BPN.
Bangoli ba bang ba Bibele ba ile ba lokela ho batlisisa haholo e le hore ba ka ngola boitsebiso ba bona. Ka mohlala, Luka o ile a ngola mabapi le tlaleho ea hae ea Kosepele: “Ke setse morao lintho tsohle ho tloha qalong ka ho nepahala, ke u ngolle tsona ka tatellano e hlophisehileng.” Ho hlakile hore moea oa Molimo o ile oa hlohonolofatsa boiteko ba Luka, ntle ho pelaelo oa etsa hore a fumane litlaleho tse tšepahalang tse ngotsoeng tsa histori hammoho le ho botsa lipaki tse tšepahalang tse boneng ka mahlo, tse kang barutuoa ba neng ba ntse ba phela ’me mohlomong le Maria, ’mè oa Jesu. Joale moea oa Molimo o ne o tla tataisa Luka hore a tlalehe boitsebiso boo ka nepo.—Luka 1:1-4.
Kosepele ea Johanne e fapana le ea Luka ka hore eona e ne e le ea paki e boneng ka mahlo, e ileng ea ngoloa lilemo tse 65 ka mor’a hore Jesu a shoe. Ha ho pelaelo hore moea oa Jehova o ile oa chorisa mohopolo oa Johanne hore o se ke oa fokolisoa ke ha nako e ntse e feta. Sena se ne se tla ba tumellanong le seo Jesu a neng a se tšepisitse balateli ba hae: “Mothusi, moea o halalelang, oo Ntate a tla o romela ka lebitso la ka, eo o tla le ruta lintho tsohle ’me a le hopotse lintho tsohle tseo ke le boleletseng tsona.”—Johanne 14:26.
Maemong a mang bangoli ba Bibele ba ile ba kenyelletsa boitsebiso bo bokeletsoeng bo neng bo ngotsoe ke bangoli ba pejana ba histori bao e neng e le lipaki tse boneng ka mahlo, bao e neng e se bohle ho bona ba neng ba bululetsoe. Jeremia o ile a bokella boholo ba tlaleho ea Marena a Pele le a Bobeli ka tsela ena. (2 Marena 1:18) Esdrase o ile a sheba bonyane mehloli e 14 e sa bululeloang ho bokella boitsebiso bakeng sa Likronike tsa Pele le tsa Bobeli, ho kopanyelletsa le “tlaleho ea liketsahalo tsa mehleng ea Morena Davida” hammoho le ‘Buka ea marena a Juda le Iseraele.’ (1 Likronike 27:24, NW; 2 Likronike 16:11) Moshe o ne a bile a qotsa “Bukeng ea Lintoa tsa Jehova”—tlaleho eo ho bonahalang e le e ka tšeptjoang ea lintoa tsa batho ba Molimo.—Numere 21:14, 15.
Maemong a joalo, moea o halalelang o ile oa kenella ka mafolofolo, oa susumelletsa bangoli ba Bibele hore ba khethe boitsebiso ba ’nete feela, boo joale e ileng ea e-ba karolo ea tlaleho e bululetsoeng ea Bibele.
Keletso e Molemo—E Fanoe ke Mang?
Bibele e ruile likeletso tse molemo tse thehiloeng linthong tseo batho ba li lemohileng. Ka mohlala, Solomone o ile a ngola: “Ha ho letho le molemo leo motho a ka le etsang, haese hore a je, a noe, a ithabise ka tseo a li sebelitseng. Empa le teng ke ile ka bona hore tsena o li neoa ke Molimo.” (Moeklesia 2:24, BPN) Pauluse o ile a bolela hore keletso ea hae tabeng ea lenyalo e ne e le “ho ea ka maikutlo a [hae],” le hoja a ile a phaella: “Ka sebele ke nahana hore ke boetse ke na le moea oa Molimo.” (1 Bakorinthe 7:25, 39, 40) Ka sebele Pauluse o ne a fela a e-na le moea oa Molimo, hobane joalokaha moapostola Petrose a ile a hlokomela, seo Pauluse a se ngotseng e ne e le “ho ea ka bohlale boo a bo filoeng.” (2 Petrose 3:15, 16) Ka hona, o ne a fana ka maikutlo a hae a tataisoa ke moea oa Molimo.
Ha bangoli ba Bibele ba ne ba hlahisa mehopolo e joalo ea botho, ba ne ba iphaphatha le seo ba ithutileng sona le ho sebelisa mangolo ao ba neng ba e-na le ’ona. Re ka kholiseha hore mangolo a bona a ne a lumellana le mohopolo oa Molimo. Seo ba se tlalehileng e bile karolo ea Lentsoe la Molimo.
Ke ’nete hore Bibele e na le lipolelo tsa ba bang bao menahano ea bona e neng e fosahetse. (Bapisa Jobo 15:15 le 42:7.) E boetse e na le lipolelo tse seng kae tse fetisang maikutlo a bohloko a bahlanka ba Molimo, le hoja lipolelo tseo li sa ka tsa hlakisa hore na ke hobane’ng ha ba ile ba ikutloa joalo.c Leha mongoli a ne a bua lipolelo tse joalo tse tsoang ho eena, o ne a ntse a tataisoa ke moea oa Molimo hore a ngole tlaleho e nepahetseng, e neng e sebeletsa ho tsebahatsa le ho totobatsa menahano e fosahetseng. Ho feta moo, tabeng ka ’ngoe, moelelo oa eona o hlakisetsa ’mali leha e le ofe ea utloisisang hore na monahano oa mongoli o nepahetse kapa che.
Ka bokhutšoanyane, re ka kholiseha hore Bibele eohle ke molaetsa oa Molimo. Ha e le hantle, Jehova o ile a tiisa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e fumanehang ho eona e ba e tšoanelehelang morero oa hae ’me e fane ka taeo ea bohlokoa ho ba ratang ho mo sebeletsa.—Baroma 15:4.
Ke Hobane’ng ha e Ngotsoe ke Batho?
Hore ebe Jehova o sebelisitse batho bakeng sa ho ngola Bibele ho bontša bohlale ba hae bo boholo. Ak’u nahane ka sena: Na Bibele e ka be e ipiletsa ka tsela eo e ipiletsang ka eona hoja Molimo a ne a ile a e abela mangeloi? Ke ’nete hore re ne re tla hlolloa ha re bala ka litšoaneleho tsa Molimo ho ea kamoo mangeloi a bonang kateng. Empa haeba ho hang ho ne ho sa kenyelletsoa batho, re ne re ka ’na ra ba le bothata ba ho utloisisa molaetsa oa Bibele.
Ho etsa mohlala: Bibele e ne e ka ’na ea tlaleha feela hore Morena Davida o ile a etsa bofebe ’me a bolaea, le hore ka mor’a moo o ile a baka. Empa ho molemo hakaakang hore ebe ho na le mantsoe a ha Davida a hlalosa bohloko bo tebileng boo a ileng a bo utloa ka lebaka la liketso tsa hae ’me a kōpa hore Jehova a mo tšoarele! O ile a ngola: “Sebe sa ka se pel’a ka ka mehla. . . . Molimo, ha u khese pelo e robehileng, e hlomohileng.” (Pesaleme ea 51:3, 17) Kahoo, ho kenyelletsa batho ho entse hore Bibele e be mofuthu, e bue ka lintho tse fapaneng ’me e ipiletse.
E, Jehova o khethile tsela e molemohali ea ho re fa Lentsoe la hae. Le hoja ho sebelisitsoe batho ba nang le mefokolo le liphoso, ba ne ba khannoa ke moea o halalelang e le hore ho se be le liphoso mangolong a bona. Ka hona, Bibele ke ea bohlokoa ka ho fetisisa. Keletso ea eona ea utloahala, ’me boprofeta ba eona mabapi le Paradeise e tlang lefatšeng boa tšepahala.—Pesaleme ea 119:105; 2 Petrose 3:13.
Ke hobane’ng ha u sa itloaetse ho bala karolo e itseng ea Lentsoe la Molimo letsatsi le leng le le leng? Petrose o ngotse: “Le hlaolele taba-tabelo ea lebese le sa tsoakoang la lentsoe, e le hore ka lona le ka hōlela polokong.” (1 Petrose 2:2) Kaha le bululetsoe ke Molimo, u tla fumana hore Lengolo lohle le “molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.”—2 Timothea 3:16, 17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bonyane boemong bo le bong, e leng ba Melao e Leshome, boitsebiso bo ile ba ngoloa ke “monoana oa Molimo” ka ho toba. Ha Moshe e bile feela ho kopiletsa mantsoe ao meqolong kapa linthong tse ling.—Exoda 31:18; Deuteronoma 10:1-5.
b Lentsoe la Segerike pheʹro, leo mona le fetoletsoeng e le “ba khannoa,” le sebelisoa ka mokhoa o mong ho Liketso 27:15, 17 bakeng sa ho hlalosa sekepe se sututsoang ke moea. Kahoo, moea o halalelang ‘o ile oa tsamaisa’ bangoli ba Bibele. O ile oa etsa hore ba qhele boitsebiso boo e neng e le ba bohata le ho kenya feela boo e neng e le ba ’nete.
c Ka mohlala, bapisa 1 Marena 19:4 le temana ea 14 le ea 18; Jobo 10:1-3; Pesaleme ea 73:12, 13, 21; Jonase 4:1-3, 9; Habakuke 1:1-4, 13.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Moshe O Fumane Boitsebiso ba Hae Hokae?
MOSHE o ngotse buka ea Bibele ea Genese, empa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e tlalehileng e etsahetse nako e telele pele a tsoaloa. Ebe joale o fumane boitsebiso bo joalo hokae? E ka ’na eaba o ile a bo senoleloa ka ho toba ke Molimo, kapa e ka ’na eaba moloko o ne o bolella o o latelang ka tse ling tsa liketsahalo tseo o li tsebang. Kaha batho ba mehleng ea pele ba ne ba phela nako e teletsana, ho ka etsahala hore ebe boholo ba seo Moshe a se tlalehileng ho Genese se ne se fetisitsoe ho tloha ho Adama ho tla ho Moshe ka batho ba bahlano feela lipakeng—e leng Methusela, Shema, Isaka, Levi le Amrame.
Ho feta moo, e ka ’na eaba Moshe o ile a hlahloba litlaleho tse ngotsoeng. Mabapi le sena, hoa hlokomeleha hore khafetsa Moshe o ne a sebelisa polelo e reng “ke ena histori ea,” pele a bolela lebitso la motho eo a tlang ho bua ka eena. (Genese 6:9; 10:1; 11:10, 27; 25:12, 19; 36:1, 9; 37:2, NW) Litsebi tse ling li bolela hore lentsoe la Seheberu toh·le·dhohthʹ, leo mona le fetoletsoeng e le “histori,” le bolela tlaleho e seng e ntse e ngotsoe ea histori eo Moshe a ileng a e sebelisa e le mohloli oa mangolo a hae. Leha ho le joalo, ho hlakile hore ho ke ke ha thoe ho fela ho le joalo.
Ho ka etsahala hore ebe boitsebiso bo bukeng ea Genese bo finyeletsoe ka mekhoa ena eohle e meraro e boletsoeng ka holimo—bo bong ka ho bo senoleloa ka ho toba, bo bong ka ho bolellana ’me bo bong ka litlaleho tse ngotsoeng. Ntlha ea bohlokoa ke hore moea oa Jehova o ile oa bululela Moshe. Kahoo, ka nepo seo a se ngotseng se nkoa e le lentsoe la Molimo.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Ka litsela tse sa tšoaneng, Molimo o ile a bululela batho hore ba ngole Bibele