Buka ea Bibele ea 27—Daniele
Mongoli: Daniele
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Babylona
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 536 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: 618 ho ea ho hoo e ka bang 536 B.C.E.
1. Ke histori ea mofuta ofe e leng ho Daniele, hona e totobatsa eng?
LETSATSING lena ha lichaba tsohle tsa lefatše li eme lintšing tsa koluoa, buka ea Daniele e hlokomelisa ka melaetsa ea boprofeta ea bohlokoa bo boholo. Le hoja libuka tsa Bibele tsa Samuele, Marena, le Likronike li theiloe litlalehong tsa lipaki tse boneng ka mahlo tsa histori ea ’muso oa sebele oa Molimo (lesika la Davida la borena), Daniele o beha tlhokomelo lichabeng tsa lefatše le ho fana ka lipono tse tlang esale pele tsa khohlano ea mebuso e meholo ho tloha mehleng ea Daniele ho fihla “nakong ea bofelo.” Ena ke histori ea lefatše e ngotsoeng esale pele. E lebisa tlhōrōng e hapang maikutlo e bontšang se etsahalang “nakong ea bofelo [“karolong ea ho qetela ea matsatsi,” NW].” Joaloka Nebukadnezare, lichaba li lokela ho ithuta ka tsela e bohloko hore “Mookameli ea phahameng o na le ’muso holim’a borena ba motho” le hore qetellong o tla bo neha e mong “ea kang mor’a motho,” Messia le Moeta-pele, Kreste Jesu. (Dan. 12:4; 10:14; 4:25; 7:13, 14; 9:25; Joh. 3:13-16) Ka ho hlokomela haholoanyane ho phethahala ha boprofeta ba buka e bululetsoeng ea Daniele, re tla ananela haholoanyane matla a Jehova a boprofeta le tiisetso ea hae ea tšireletso le tlhohonolofatso bakeng sa batho ba hae.—2 Pet. 1:19.
2. Ke eng se tiisang hore Daniele e ne e le motho oa sebele, ’me o profetile nakong efe ea liketsahalo?
2 Buka e rehelletsoe ka mongoli oa eona. “Daniele” (Seheberu, Da·ni·yeʼlʹ) le bolelang “Moahloli Oa Ka Ke Molimo.” Ezekiele, ea phetseng ka nako e tšoanang, o tiisa hore Daniele e ne e le motho oa sebele, a thathamisa lebitso la hae hammoho le Noe le Jobo. (Ezek. 14:14, 20; 28:3) Daniele o fana ka nako eo a qalileng ho ngola buka ea hae ka eona e le “ka selemo sa boraro sa ho busa ha Jojakime, morena oa Juda.” E ne e le ka 618 B.C.E., selemo sa boraro sa ho busa ha Jojakime e le morena oa mofo ea lefang lekhetho ho Nebukadnezare.a Lipono tsa boprofeta tsa Daniele li tsoela pele ho fihla selemong sa boraro sa Cyruse, hoo e ka bang ka 536 B.C.E. (Dan. 1:1; 2:1; 10:1, 4) Lilemo tsa bophelo ba Daniele e bile tse tletseng ka liketsahalo hakaakang! Matsatsi a hae a qalang o a phetse tlas’a ’muso oa Molimo Juda. Hamorao, e le khosana ea mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20, eena hammoho le metsoalle ea hae e hlomphehang ea Juda, a isoa Babylona ho ea phela teng nakong ea ho phahama le ho oa ha ’muso oa boraro oa lefatše oa histori ea Bibele. Daniele o ne a ntse a phela ho sebeletsa e le letona la ’muso ’musong oa bone oa lefatše, Medo-Persia. Ho ka etsahala hore ebe Daniele o phetse lilemo tse ka bang lekholo.
3. Ke eng se pakang ho amoheloa ha buka ea Daniele mangolong a halalelang le bonnete ba ho ngoloa ha eona?
3 Ka mehla buka ea Daniele e ’nile ea akarelletsoa lethathamong la libuka tsa Bajode tsa Mangolo a halalelang. Likotoana tsa Daniele li ile tsa fumanoa har’a lethathamo la libuka tse amoheloang e le tsa mangolo a halalelang tsa Meqolo ea Leoatle le Shoeleng, tse ling ke tsa halofong ea pele ea lekholo la pele la lilemo B.C.E. Leha ho le joalo, bopaki ba bohlokoa haholoanyane ba bonnete ba buka ena bo fumanoa moo Mangolo a Segerike a Bokreste a supang bukeng ena. Ka ho toba Jesu o ile a qotsa boprofeta ba Daniele boprofeteng ba hae ka “bofelo ba tsamaiso ea lintho,” moo a qotsitseng buka ena ka makhetlo a mangata.—Matt. 24:3, NW; bona hape Dan. 9:27; 11:31; le 12:11—Matt. 24:15 le Mar. 13:14; Dan. 12:1—Matt. 24:21; Dan. 7:13, 14—Matt. 24:30.
4, 5. Ke joang liphuputso tsa lintho tsa khale tse epollotsoeng li lokisitseng lipelaelo tsa batho ba nyatsang bonnete ba ho ngoloa ha Daniele?
4 Le hoja ba nyatsang bangoli le histori ea Bibele ba ile ba belaela histori ea buka ea Daniele, liphuputso tsa lintho tsa khale tse epollotsoeng ka lilemo li lokisitse lipelaelo tsa bona. Ka mohlala, batho bana ba nyatsang ba soma polelo ea Daniele ea hore Belshatsare e ne e le morena oa Babylona nakong eo ho neng ho lumeloa hore Naboniduse e ne e le ’musi. (Dan. 5:1) Thuto ea lintho tsa khale tse epollotsoeng joale e netefalitse hore Belshatsare e ne e le motho oa sebele le hore o ne a busa le Naboniduse lilemong tsa ho qetela tsa ’Muso o Moholo oa Babylona. Ka mohlala, temana ea mongolo oa lipekere oa boholo-holo e hlalosoang e le “Tlaleho ea Temana ea Naboniduse” e tiisa ka ho hlakileng hore Belshatsare o ile a sebelisa matla a borena Babylona le ho hlalosa mokhoa oa ho fetoha ha hae ’musi hammoho le Naboniduse.b Bopaki bo bong ba mongolo oa lipekere bo tšehetsa pono ea hore Belshatsare o ne a etsa mesebetsi ea borena. Letlapa, le ngotsoeng ka selemo sa bo12 sa Naboniduse, le na le kano e entsoeng lebitsong la Naboniduse, morena, le Belshatsare, mor’a morena, ka hona ho bontša hore Belshatsare o ile a busa le ntat’ae.c Lena ke lebaka le thahasellisang le hlalosang lebaka leo ka lona Belshatsare a tšepisitseng hore Daniele o tla neoa ‘setulo sa boraro ’musong’ haeba a ka hlalosa mongolo o leboteng. Naboniduse o ne a tla talingoa e le oa pele, Belshatsare e tla ba oa bobeli, ’me Daniele o tla phahamisoa e le ’musi oa boraro. (5:16, 29) Mofuputsi e mong o itse: “Mongolo oa lipekere o supang Belshatsare o fane ka leseli le lengata karolong eo a e phethahalitseng hoo sebaka sa hae historing se senohileng ka ho totobetseng. Ho na le litemana tse ngata tse bontšang hore Belshatsare o ile a batla a lekana ka boemo le ka botumo le Naboniduse. Puso e kopanetsoeng ke batho ba babeli nakong ea ho qetela ea ’muso oa Babylona ke ’nete e nang le bopaki bo tiileng. Naboniduse o ile a sebelisa matla a hae a maholo tulong ea hae ea borena Tema, Arabia, ha Belshatsare eena a ne a busa naheng ea habo bona ’me Babylona e le karolo e setsing ea puso ea hae. Ho hlakile hore Belshatsare e ne e se feela motlatsi le morena ea se nang matla; o ne a tšepetsoe ‘borena.’”d
5 Ba bang ba ile ba leka ho nyatsa tlaleho ea Daniele ea sebopi sa mollo (khao. 3), ba bolela hore ke taba ea tšōmo e iqapetsoeng. Lengolo la Khale la Babylona le baleha tjena, karolo ea lona: “Ka baka leo ho bolela Rîm-Sin morena oa lōna: Ka hobane a akhetse mocha oa lekhoba ontong, le uena akhela lekhoba seboping.” Ka ho thahasellisang, ha G. R. Driver a supa taba ena, o bolela hore kotlo ena “e hlaha paleng ea Banna ba Bararo ba Halalelang (Dan. III 6, 15, 19-27).”e
6. Likarolo tse peli tse etsang buka ea Daniele ke life?
6 Bajode ba ile ba kopanyelletsa buka ea Daniele tlas’a Mangolo, eseng tlas’a Baprofeta. Ka lehlakoreng le leng, Bibele ea Sesotho e latela lethathamo la libuka la Septuagint ea Segerike le Vulgate ea Selatine tse behang Daniele pakeng tsa baprofeta ba baholo le ba banyenyane. Ha e le hantle buka ena e na le likarolo tse peli. Ea pele ho tsona, likhaolo 1 ho ea ho 6, ho ea ka nako ea ho phethahala ha tsona, e fana ka liphihleho tsa Daniele le metsoalle ea hae tšebeletsong ea borena ho tloha ka 617 B.C.E. ho ea ho 538 B.C.E. (Dan. 1:1, 21) Karolo ea bobeli, e etsoang ke likhaolo 7 ho ea ho 12, e ngotsoe ka leemeli la motho oa pele, ke Daniele e le eena ea tlalehang ’me e hlalosa lipono tsa Daniele le lipuisano le mangeloi tseo a bileng le tsona ho tloha ka hoo e ka bang ka 553 B.C.E.f ho ea ho hoo e ka bang 536 B.C.E. (7:2, 28; 8:2; 9:2; 12:5, 7, 8) Likarolo tsena ka bobeli li etsa buka e le ’ngoe e lumellanang ea Daniele.
LITABA TSE KA HARE TSA DANIELE
7. Ke eng se lebisitseng tabeng ea hore Daniele le metsoalle ea hae ba kene tšebeletsong ea borena Babylona?
7 Ho lokisetsa tšebeletso ea Naha (1:1-21). Ka 617 B.C.E. Daniele o fihla Babylona le batšoaruoa ba Bajode. Hape ho tlisoa le lijana tse halalelang tse nkuoeng tempeleng e Jerusalema, li kenngoa ntlong ea polokelo ea matlotlo ea bohetene. Daniele le metsoalle ea hae e meraro ea Baheberu ba har’a bacha ba Juda ba borena ba khethetsoeng thupelo ea ho koetlisa ka lilemo tse tharo tlung ea borena. Kahobane Daniele a entse qeto pelong ea hae hore a se itšilafatse ka limenye-menye tsa morena tsa bohetene le veine, o etsa tlhahiso ea hore ho etsoe teko ea lijo tsa meroho ka matsatsi a leshome. Teko e tsamaela Daniele le metsoalle ea hae hantle, ’me Molimo o ba neha tsebo le bohlale. Nebukadnezare o khetha bana ba bane hore ba eme pel’a hae e le baeletsi. Temana ea ho qetela ea khaolo 1, eo ho ka etsahalang hore e be e ile ea ekelletsoa nakong e telele ka mor’a hore karolo e tlang pele ho eona e ngoloe, e bontša hore Daniele o ne a sa ntse a le tšebeletsong ea borena lilemo tse ka bang 80 ka mor’a hore a isoe botšoaruoeng, e leng hoo e ka bang ka 538 B.C.E.
8. Ke toro le tlhaloso efe tseo Molimo o li senolelang Daniele, ’me ke joang Nebukadnezare a bontšang kananelo ea hae?
8 Toro ea setšoantšo se tšosang (2:1-49). Ka selemo sa bobeli sa puso ea hae (mohlomong ho tloha ho timetsoeng ha Jerusalema ka 607 B.C.E.), Nebukadnezare o ferekanngoa ke toro. Baprista ba hae ba sebelisanang le boloi ba hlōleha ho mo senolela toro le tlhaloso ea eona. O tšepisa ho ba neha limpho tse khōlō, empa ba lla ka hore ha ho motho lea mong ntle ho melimo ea ka bontšang morena ntho eo a e kōpileng. Morena o halefa haholo le ho laela hore bahlalefi bohle ba bolaoe. Kaha Baheberu ba bane ba ne ba angoa ke taelo eo ea molao, Daniele o kōpa hore ba neoe nako ea ho senola toro. Daniele le metsoalle ea hae ba rapela Jehova hore a ba tataise. Jehova o senolela Daniele toro le tlhaloso ea eona, ’me joale o ea pel’a morena ’me o re: “Molimo o teng leholimong o senolang liphiri, ’me o tsebisitse morena Nebukadnezare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang ho tla [“karolong ea ho qetela ea matsatsi,” NW].” (2:28) Daniele o hlalosa toro. E mabapi le setšoantšo se seholohali. Hlooho ea setšoantšo ke gauda, sefuba le matsoho ke silevera, letheka le lirope ke koporo, ’me meomo ea sona ke tšepe, karolo e ’ngoe ea maoto ke tšepe ha karolo e ’ngoe e le letsopa. Lejoe le otla setšoantšo seo le ho se silakanya ’me le fetoha thaba e khōlō e koahelang lefatše kaofela. Sena se bolela eng? Daniele o tsebisa hore morena oa Babylona ke eena hlooho ea gauda. Ka mor’a ’muso oa hae ho tla latela oa bobeli, oa boraro, le oa bone. Qetellong, “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae. . . . O tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” (2:44) Ka teboho le ka kananelo, morena o phahamisa Molimo oa Daniele e le “Molimo oa melimo” ’me o etsa Daniele “’musisi oa naha eohle ea Babylona, le motsamaisi oa ba-bohlale bohle ba Babylona.” Metsoalle e meraro ea Daniele e etsoa batsamaisi ’musong oo.—2:47, 48.
9. Ha Baheberu ba bararo ba ema ba tiile khahlanong le borapeli ba setšoantšo phello e bile efe?
9 Baheberu ba bararo ba phonyoha sebopi sa mollo (3:1-30). Nebukadnezare o emisa setšoantšo se seholo sa gauda, se bophahamo ba litsoe tse 60 (limithara tse 26,7), ’me o ntša taelo ea hore babusi ba leng ’musong oa hae ba bokane bakeng sa ho neheloa ha sona. Nakong eo ho utloahalang molumo oa ’mino o khethehileng, kaofela ba lokela ho khumama ’me ba rapele setšoantšo. Motho leha e le ofe ea hlōlehang ho etsa joalo o tla akheloa seboping se bohale sa mollo. Ho tlisoa tlaleho ea hore metsoalle e meraro ea Daniele, Shadrake, Meshake, le Abede-Nego, ha baa boloka litaelo tseo. Ba tlisoa ka pel’a morena ea tletseng bohale, moo ba fanang ka bopaki bo sebete: “Molimo oa rōna, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla. . . . Re ke ke ra khumamela setšoantšo sa gauda seo u se emisitseng.” (3:17, 18) Morena, a tletse bohale, o ntša taelo ea hore sebopi se etsoe hore se chese ka makhetlo a supileng ho feta kamoo ka tloaelo se etsoang hore se chesoe ka teng le hore Baheberu ba bararo ba tlangoe le ho akheloa ka hare. Ha bao e neng e tla ba baphethahatsi ba kahlolo eo ea polao ba phetha litaelo tsena ba ile ba bolaoa ke lelakabe la mollo. Nebukadnezare o tšoha haholo. O bona eng ka seboping? Banna ba bane ba tsamaea har’a mollo ba sa tsoa likotsi, ’me oa bone “o bonahala joalo ka hoja e le mora oa melimo.” (3:25) Morena o hoeletsa Baheberu ba bararo hore ba tsoe mollong. Baa tsoa, mollo o sa ba tlabola, ho se le lephoka la mollo ho bona! Ka baka la boemo ba bona bo sebete bakeng sa borapeli ba ’nete, Nebukadnezare o phatlalatsa tokoloho ea borapeli bakeng sa Bajode ’musong ’ohle oa hae.
10. Ke toro efe e tšosang e amang ‘ngoaha tse baloang hasupa’ eo Nebukadnezare a bileng le eona, ’me na e ile ea phethahala ho eena?
10 Toro ea ‘ngoaha e fetang hasupa’ (4:1-37). Toro ena e hlaha tlalehong e le phetolelo ea Daniele ea tokomane ea ’muso Babylona. E ngotsoe ke Nebukadnezare ea kokobelitsoeng. Pele Nebukadnezare o lumela matla le ’muso tsa Molimo o Holimo-limo. ’Me o pheta toro e tšosang le kamoo e phethahetseng holim’a hae. O bone sefate se fihlang leholimong, se fanang ka moriti le lijo bakeng sa nama eohle. Molebeli a hoa: ‘Remang sefate. Holehang kutu ea sona ka mahlaahlela a tsěpe le a koporo. Ngoaha o fete holim’a sona hasupa, hore ba utloang ba tsebe hoba Mookameli ea phahameng o na le ’muso holim’a borena ba motho, le hoba a ka phahamisetsa ho oona ea fetisang ka bonyenyane.’ (4:14-17) Daniele o ile a hlalosa toro, a tsebahatsa hore sefate se emela Nebukadnezare. Ho phethahala ha toro eo ea boprofeta ha latela kapele. Ka nako eo morena a neng a bontša boikhohomoso bo boholo, a kenoa ke bohlanya; a phela joaloka phoofolo naheng ka lilemo tse supileng. Ka mor’a moo, kelello ea hae ea khutlisoa, ’me a lumela bobusi bo phahameng ba Jehova.
11. Ebile nakong ea boitšoaro bofe bo bobe moo Belshatsare a ileng a bona mongolo oa letsoho o bolelang lefu, Daniele o hlalosa mongolo oo joang, hona o phethahala joang?
11 Mokete oa lijo oa Belshatsare: tlhaloso ea mongolo oa letsoho (5:1-31). Ke bosiu ba lefu ba la 5 Mphalane, 539 B.C.E. Morena Belshatsare, mora oa Naboniduse, e le ’musi-’moho Babylona, o etsetsa matona a hae a sekete mokete oa lijo. Morena, tlas’a tšusumetso ea veine, o laela hore ho tlisoe lijana tse halalelang tsa gauda le tsa silevera tse tsoang tempeleng ea Jehova, ’me Belshatsare le baeti ba hae ba noela ho tsona, boitšoaro ba bona bo lihlong, ha ba ntse ba rorisa melimo ea bona ea bohetene. Hang-hang letsoho lea hlaha ’me le ngola molaetsa o nang le tlhaloso e patehileng leboteng. Morena o tšoha haholo. Bahlalefi ba hae ba hlōleha ho hlalosa mongolo oo. Qetellong ho tlisoa Daniele. Morena o tšepisa ho mo etsa oa boraro ’musong haeba a ka tseba ho bala le ho hlalosa mongolo oo, empa Daniele o mo bolella hore a ipolokele limpho tseo tsa hae. Joale o tsoela pele ho mo balla mongolo le tlhaloso ea oona: “MENE, MENE, THEKEL, UPHARSIN. . . . Molimo o balile ’muso oa hao, ’me o o khaotse. . . . U lekantsoe ka sekala, ’me ha fumanoa u le chatsi. . . . ’Muso oa hao o arotsoe, ’me o neiloe ba-Mede le ba-Persia.” (5:25-28) Hona bosiung boo Belshatsare oa bolaoa, ’me Dariuse Momede o amohela ’muso.
12. Leano le bolotsana khahlanong le Daniele le ile la nyopisoa joang, ke taelo efe joale eo Dariuse a ileng a e ntša?
12 Daniele ka lemeneng la litau (6:1-28). Matona a maholo ’musong oa Dariuse a loha leano le bolotsana khahlanong le Daniele ka ho etsa hore morena a ntše molao o behang thibelo ea matsatsi a 30 ea hore ho se rapeloe molimo kapa motho leha e le ofe haese morena feela. Motho leha e le ofe ea tlōlang molao oo o tla akheloa ka har’a litau. Daniele o hana ho mamela molao ona hobane o ama borapeli ba hae ’me o retelehela ho Jehova ka thapelo. O akheloa lemeneng la litau. Ka mohlolo, lengeloi la Jehova le koala melomo ea litau, ’me hosasane ka letsatsi le hlahlamang Morena Dariuse o thabela ho bona hore Daniele ha aa tsoa kotsi. Lira li feptjoa litau, ’me morena o ntša taelo ea hore batho ba tšabe Molimo oa Daniele, “etsoe e le Molimo o utloang [“phelang,” NW].” (6:26) Daniele oa atleha tšebeletsong ea borena ho fetela le pusong ea Cyruse.
13. Torong e mo tobileng, Daniele o ba le pono efe mabapi le libatana tse ’ne le borena ba ’Muso?
13 Lipono tsa libatana (7:1–8:27). Re khutlela ‘selemong se qalang puso ea Belshatsare,’ eo ho bonahalang e qalile ka 553 B.C.E. Daniele o ba le toro e mo tobileng, eo a e tlalehang ka Searamaike.g O bona libatana tse ’nè tse khōlō tse tšabehang, se seng se hlaha ka mor’a se seng. Sa bone se matla ka tsela e sa tloaelehang, ’me lenakana le mela pakeng tsa manaka a mang a sona ‘se bua ka boikakaso.’ (7:8, bapisa NW.) Moholo oa Matsatsi oa hlaha ’me o lula setulong sa hae. Ba “likete tsa likete” baa mo sebeletsa. “E mong ea kang mor’a motho” o tlisoa pel’a hae ’me o “neoa ’muso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse.” (7:10, 13, 14) Joale Daniele o amohela tlhaloso ea pono ea libatana tse ’nè. Li emela marena a mane, kapa mebuso. Har’a linaka tse leshome tsa sebatana sa bone, ho tsoa lenakana. Le ba matla ’me le loantša bahalaleli. Leha ho le joalo, Lekhotla la leholimo lea kenella e le hore “borena, le puso, le matla a mebuso eohle e ka tlas’a maholimo kaofela, li [ka] neoa sechaba sa bahalaleli ba Mookameli ea phahameng.”—7:27.
14. Ke pono efe eo Daniele a bang le eona e bontšang phooko le pheleu e linaka li peli? Gabriele o e hlalosa joang?
14 Lilemo tse peli hamorao, nako e telele pele Babylona e e-oa, Daniele o bona pono e ’ngoe, eo a e ngolang ka Seheberu. Phooko e nang le lenaka le hlahelletseng pakeng tsa mahlo a eona e loana le ho hlōla pheleu e linaka li peli e ikhohomosang. Lenaka le leholo la phooko lea robeha, ’me ho mela linaka tse ling tse ’ne tse seng matla haholo. Pakeng tsa tsona ho hlaha lenakana le fetohang le leholo, le nyefolang esita le makhotla a maholimo. Ho profetoa nako ea matsatsi a 2 300 ho fihlela sehalalelo se “hloekisoa [“se beoa boemong bo loketseng,” NW].” (8:14) Gabriele o hlalosetsa Daniele pono. Pheleu e emela marena a Bamede le Bapersia. Phooko ke morena oa Greece, eo ’muso oa hae o tlang ho aroloa ka likarolo tse ’nè. Hamorao, morena ea nang le sefahleho se tšabehang o tla ‘tsohela Morena oa marena matla.’ Kaha pono eo “e lebisa mehleng e sa leng hole haholo,” Daniele o lokela ho e boloka e le sephiri ka nako eo.—8:25, 26.
15. Ke eng se etsang hore Daniele a rapele Jehova, hona ke eng seo Gabriele a se tsebahatsang mabapi le ‘libeke tse mashome a supileng’?
15 Messia Moeta-pele o profetiloe (9:1-27). “Selemo sa pele sa ho busa ha Dariuse . . . oa lesika la ba-Mede” se fumana Daniele a hlahloba boprofeta ba Jeremia. Kahobane Daniele a hlokomela hore ho etsoa lesupi ho profetiloeng ha Jerusalema ka lilemo tse 70 ho atametse bofelo, o rapela Jehova a ipolela libe tsa hae le tsa Iseraele. (Dan. 9:1-4; Jer. 29:10) Gabriele oa hlaha ho mo tsebisa hore ho tla ba le ‘liveke tse mashome a supileng ho koalla bobe, le ho felisa sebe, le ho phekola bokhopo.’ Messia Moeta-pele o tla tla qetellong ea libeke tse 69, ka mor’a moo o tla khaoloa. Selekane se tla bolokoa se sebetsa bakeng sa ba bangata ho fihla qetellong ea beke ea bo70, ’me qetellong, ho tla ba le tšenyo le timetso.—Dan. 9:24-27.
16. Ke tlas’a maemo afe hape lengeloi le hlahang ho Daniele?
16 Leboea le thulana le boroa, Mikaele o ema ka maoto (10:1–12:13). Ke “selemo sa boraro sa Cyruse,” ’me ka hona e ka ba 536 B.C.E., ha se nako e telele haholo ka mor’a hore Bajode ba khutlele Jerusalema. Ka mor’a libeke tse tharo tsa ho itima lijo, Daniele o lebopong la nōka ea Hiddekele. (Dan. 10:1, 4; Gen. 2:14) Lengeloi le itlhahisa ho eena ’me le mo hlalosetsa hore ‘khosana ea Persia’ e ne e le hanela ho tla ho Daniele empa “Mikaele, khosana e ’ngoe e kholo,” o ile a le thusa. Joale le phetela Daniele pono e tla etsahala “mehleng ea qetello [“karolong ea ho qetela ea matsatsi,” NW].”—Dan. 10:13, 14.
17. Ke boprofeta bofe ba histori ka morena oa leboea le morena oa boroa boo joale Daniele a bo tlalehang?
17 Ha pono ena e hapang tlhokomelo e koaholloa, e bua ka ’muso oa Persia le ntoa eo o tla e loana le Greece. Morena ea matla o tla ema ka borena bo boholo, empa ’muso oa hae o tla aroloa ka likarolo tse ’nè. Qetellong ho tla ba le letoto le lelelele la marena, morena oa boroa a loantša morena oa leboea. Khohlano bakeng sa matla e tla hulela pele le morao. Marena ana a mabe a sa batleng ho fetola maikutlo a ’ona a tla ’ne a bolele leshano tafoleng e le ’ngoe. “Ka nako e beiloeng,” ntoa e tla tsoha hape. Ho tla silafatsoa sehalalelo sa Molimo, ’me “manyala a bofeliso” a tla beoa sebakeng sa sona. (11:29-31) Morena oa leboea o tla bua lintho tse makatsang khahlanong le Molimo oa melimo le ho tlotlisa molimo oa liqhobosheane. Ha “mehleng ea qetello” morena oa boroa a thulana le morena oa leboea, morena oa leboea o kena linaheng tse ngata, o kena esita le “naheng ea Mekhabiso.” A tšositsoe ke litlaleho tse tsoang bochabela le leboea, o tla futuha ka khalefo le ho hloma “litente tsa hae tsa borena pakeng tsa leoatle le leholo le thaba e halalelang ea Mekhabiso.” Leha ho le joalo, “o tla tlameha ho tsamaea tsela ena eohle ho ea bofelong ba hae, ’me a ke ke a ba le mothusi.”—11:40, 41, 45, NW.
18. Ke lintho life tse etsahalang nakong eo Mikaele a emeng ‘lebitsong la bara ba batho ba Molimo’?
18 Pono ena e hlollang e tsoela pele: Mikaele o bonoa a eme ‘bakeng sa bara ba sechaba sa Molimo.’ Ho tla ba le “matsatsi a matsoalo” ao le ka mohla a e-song ho ka a e-ba teng historing ea batho, empa ba fumanoang ba ngoliloe bukeng ba tla phonyoha. Ba bangata ba tla tsoha lerōleng ho ea bophelong bo sa feleng, ’me “ba hlalefileng [“ba nang le temoho,” NW] ba tla khanya joalo ka khanya ea leholimo.” Ba tla tlisa ba bangata ho lokeng. Daniele o lokela ho tiisa buka ho isa “nakong ea bofelo.” “Ke neng bofelo ba taba tseo tse makatsang bo tla hlaha?” Lengeloi le bolela nako ea linako tse tharo le halofo, matsatsi a 1 290, le matsatsi a 1335 le hore ke feela “ba hlalefileng [“ba nang le temoho,” NW] ba tla utloisisa.” Ho thaba hakaakang ba joalo! Qetellong, lengeloi le neha Daniele tšepiso e tiileng ea hore o tla phomola le ho tsohela lefa la hae “qetellong ea matsatsi.”—12:1, 3, 4, 6, 10, 13.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
19. Ke mehlala efe e metle ea botšepehi le ho itšetleha ka thapelo ho Jehova e fumanoang bukeng ea Daniele?
19 Bohle ba ikemiselitseng ho boloka botšepehi lefatšeng leo e leng basele ho lona ba etsa hantle haeba ba hlokomela mohlala o motle oa Daniele le metsoalle ea hae e meraro. Ho sa tsotellehe hore na tšokelo e ile ea fetoha e mabifi hakae, bana ba ile ba tsoela pele ba phela ka melao-motheo ea Molimo. Ha bophelo ba bona bo ne bo le kotsing, Daniele o ile a etsa “ka bohlale le ka kutloisiso” le ka ho hlonepha matla a maholo a morena. (2:14-16) Ha khang e hatelloa, Baheberu ba bararo ba khetha sebopi sa mollo ho e-na le ketso ea tšebeletso ea litšoantšo, ’me Daniele a khetha lemena la litau ho e-na le ho hlokomoloha tokelo ea hae ea thapelo ho Jehova. Boemong ka bong Jehova o ile a fana ka tšireletso. (3:4-6, 16-18, 27; 6:10, 11, 23) Daniele ka boeena o fane ka mohlala o motle oa ho itšetleha ho Jehova Molimo ka thapelo.—2:19-23; 9:3-23; 10:12.
20. Ke lipono life tse ’ne tse tlalehuoeng mabapi le mebuso ea lefatše, ’me ke ka baka la’ng ho matlafatsa tumelo ho li hlahloba kajeno?
20 Ho hlahloba lipono tsa Daniele ho thahasellisa ka sebele ho bile ho matlafatsa tumelo. Pele, nahana ka lipono tse ’ne tse mabapi le mebuso ea lefatše: (1) Ho na le pono ea setšoantšo se tšosang, seo hlooho ea sona ea gauda e emelang ’muso oa marena a Babylona ho qala ka Nebukadnezare, ka mor’a moo ho hlaha mebuso e meng e meraro, joalokaha e tšoantšetsoa ke likarolo tse ling tsa setšoantšo. Ena ke mebuso e silakangoang ke “lejoe,” le fetohang “’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae,” ’Muso oa Molimo. (2:31-45) (2) Lipono tse latelang tseo Daniele a li fumanang li tobisitse ho eena, ea pele e le ea libatana tse ’ne, tse emelang “marena a mane.” Tsena li joaloka tau, bere, lengau le hlooho li ’nè, le sebatana se nang le meno a maholo a tšepe, lihlooho tse leshome, ’me hamorao lenakana. (7:1-8, 17-28) (3) Ho latelang, ke pono ea pheleu (Bamede le Bapersia), phooko (Greece), le lenakana. (8:1-27) (4) Qetellong, re na le pono ea morena oa boroa le morena oa leboea. Daniele 11:5-19 ka ho nepisisa e hlalosa bora pakeng tsa lehlomela la Moegepeta le lehlomela la Moselencia la ’Muso o Moholo oa Alexandere oa Bagerike ka mor’a lefu la Alexandere ka 323 B.C.E. Ho tloha temaneng ea 20 boprofeta bo tsoela pele ho latela tsela ea lichaba tsa boroa le leboea tse tlang ho latela ka morao ho moo. Ho supa ha Jesu “manyala a bofeliso” (11:31), boprofeteng ba hae mabapi le pontšo ea ho ba teng ha hae, ho bontša hore ntoa ena ea matla pakeng tsa marena a mabeli e tsoela pele ho fihla “ho fela lefatše [“tsamaiso ea lintho,” NW].” (Matt. 24:3) Tiiso ea boprofeta e tšelisa hakaakang hore ‘matsatsing a matsoalo, ao a joalo a e-song ho be teng e sa le lichaba li hlaha, ho tla fihla nakong eo,’ Mikaele ka boeena o tla ema ka maoto ho tlosa lichaba tse sa hlompheng Molimo le ho tlisetsa batho ba utloang khotso!—Dan. 11:20–12:1, NW.
21. Ke joang boprofeta ba Daniele ba ‘libeke tse mashome a supileng’ bo ileng ba phethahala ka ho hlokomelehang?
21 Hape, ho na le boprofeta ba Daniele ba ‘libeke tse mashome a supileng.’ Ka mor’a libeke tse 69 “Motlotsuoa [“Messia Moeta-pele,” NW] Morena” o ne a tla hlaha. Ka ho hlokomelehang, lilemo tse 483 (ho atisa 69 ka lilemo tse 7) ka mor’a ‘ho ntšoa ha taelo’ ea ho tsosolosa Jerusalema, ka taelo ea Artaxerxese selemong sa hae sa bo20 le ho phethahatsoa ha eona ke Nehemia Jerusalema, Jesu oa Nazaretha o ile a kolobetsoa Nōkeng ea Jordane le ho tlotsoa ka moea o halalelang, a fetoha Kreste, kapa Messia (ho bolelang, Motlotsuoa).h E bile selemong sa 29 C.E. Ho tloha nakong eo, joalokaha Daniele a boletse esale pele, ho ile ha fihla “bofeliso” ha Jerusalema e felisoa ka 70 C.E.—Dan. 9:24-27; Luka 3:21-23; 21:20.
22. Re ithuta eng ho kokobetsoeng ha Nebukadnezare?
22 Torong ea Nebukadnezare ea sefate se renngoeng, kamoo ho tlalehileng Daniele khaolong 4, ho boleloa hore morena, ea ileng a ithorisa ka mesebetsi eo a e finyeletseng le ea neng a tšepile matla a hae, o ile a kokobetsoa ke Jehova Molimo. A etsoa hore a phele joaloka phoofolo ho fihlela a hlokomela hore “Mookameli ea phahameng o na le ’muso holim’a borena ba batho, le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.” (Dan. 4:32) Na le rōna kajeno re tla tšoana le Nebukadnezare, re ithorise ka mesebetsi eo re e finyelletseng le ho beha tšepo ea rōna matleng a batho, ka hona re ipiletsa kotlo ea Molimo kapa na re tla ba bohlale ho lumela hore ke Oona Mookameli boreneng ba batho le ho beha tšepo ea rōna ’Musong oa oona?
23. (a) Ke joang tšepo ea ’Muso e hatisoang ho pholletsa le buka ea Daniele? (b) Buka ena ea boprofeta e lokela ho re khothalletsa ho etsa eng?
23 Tšepo ea ’Muso e hatisoa ka tsela e susumetsang tumelo ho pholletsa le buka eohle ea Daniele! Jehova Molimo o bontšoa e le ’Musi e Moholo ea hlommeng ’Muso o ke keng oa felisoa ka ho sa eeng kae le o tlang ho silakanya mebuso e meng eohle. (2:19-23, 44; 4:25) Esita le marena a bahetene Nebukadnezare le Dariuse a ile a qobelloa ho lumela boholo ba Jehova. (3:28, 29; 4:2, 3, 37; 6:25-27) Jehova o phahamisoa le ho tlotlisoa e le Moholo oa Matsatsi ea ahlolang khang ea ’Muso le ea nehang “e mong ea kang mor’a motho” “’muso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse.” Ke “bahalaleli ba Mookameli ea phahameng” ba kopanelang le Kreste Jesu, “Mor’a motho,” ’Musong. (Dan. 7:13, 14, 18, 22; Matt. 24:30; Tšen. 14:14) Ke Mikaele, khosana e khōlō, ea sebelisang matla a hae a ’Muso ho silakanya le ho felisa mebuso eohle ea lefatše lena la khale. (Dan. 12:1; 2:44; Matt. 24:3, 21; Tšen. 12:7-10) Ho utloisisa boprofeta bona le lipono tsena ho lokela ho susumelletsa barati ba ho loka ho nka mehato le ho theosa ba nyolosa maqepheng a Lentsoe la Molimo ho fumana “taba tseo tse makatsang” tsa merero ea ’Muso oa Molimo tseo re li senoleloang ka buka e bululetsoeng le e molemo ea Daniele.—Dan. 12:2, 3, 6.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 1269.
b Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 283.
c Archaeology and the Bible, 1949, George A. Barton, leqephe 483.
d The Yale Oriental Series · Researches, Moq. XV, 1929.
e Archiv für Orientforschung, Moq. 18, 1957-58, leqephe 129.
f Ho bonahala Belshatsare a qalile ho kopanela pusong ho tloha selemong sa boraro sa Naboniduse ho ea pele. Kaha ho lumeloa hore Naboniduse o qalile ho busa ka 556 B.C.E., selemo sa boraro sa puso ea hae le “selemo se qalang puso ea Belshatsare” ka ho utloahalang e ne e le 553 B.C.E.—Daniele 7:1; bona Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 283; Moq. 2, leqephe 457.
g Daniele 2:4b–7:28 e ne e ngotsoe ka Searamaike, ha karolo eohle e ’ngoe e ngotsoe ka Seheberu.
h Nehemia 2:1-8; bona hape Insight on the Scriptures, Moq. 2, maqephe 899-901.