Matsatsi
Tlhaloso: Matsatsi a tšoaea nako eo liketsahalo li etsahalang ka eona. Bibele e bolela matsatsi kamanong le nako e phetsoeng ke batho ka bomong, nako eo ka eona babusi ba itseng ba neng ba le litulong kapa nako ea liketsahalo tse ling tsa bohlokoa. Ke eona feela e nang le tlaleho e phethahetseng ea kemiso ea nako e khutlelang morao ho fihla pōpong ea Adama. Kemiso ea nako ea Bibele e ile ea boela ea totobatsa esale pele nako eo ka eona ho neng ho tla etsahala liketsahalo tse itseng tsa bohlokoa phethahatsong ea morero oa Molimo. Almanaka ea Gregory, e ratehang hona joale karolong e khōlō ea lefatše, e qalile ho sebelisoa ka 1582. Mehloli ea lefatše e na le ho se lumellane ha e bea matsatsi bakeng sa liketsahalo tse historing ea boholo-holo. Leha ho le joalo, matsatsi a itseng a sehlooho, a kang 539 B.C.E. bakeng sa ho oa hoa Babylona, ’me kahoo 537 B.C.E. bakeng sa ho khutla hoa Bajode botlamuoeng, a na le bopaki bo botle. (Esdra. 1:1-3) Ha ho baloa nako ho tloha matsatsing a joalo, ho bonolo ho hlalosa matsatsi a liketsahalo tsa boholo-holo tsa Bibele ka lialmanaka tsa kajeno.
Na bo-ramahlale ba pakile hore batho ba bile lefatšeng ka lilemo tse limillione, e seng feela ka lilemo tse likete tse seng kae joalokaha Bibele e bontša?
Mekhoa ea ho bea matsatsi e sebelisitsoeng ke bo-ramahlale e theiloe boinahanelong bo ka ’nang ba e-ba molemo empa hangata bo isa liphellong tse hananang haholo. Kahoo, matsatsi ao ba faneng ka oona a ntse a lokisoa nako le nako.
Tlaleho e ho New Scientist ea la 18 Tlhakubele, 1982, e re: “‘Ho hana ha ke lumela hore haufinyane selemong se fetileng ke buile lipolelo tseo ke li buileng.’ Ao ke mantsoe a Richard Leakey, puong ea mantsiboea Labohlano le fetileng, ka pel’a bamameli ba khabane ba Mokhatlo o Moholo. O ne a tlile ho tla senola hore maikutlo a amohelehang ka kakaretso ao a neng a sa tsoa a buella lenaneong la hae la thelevishene ho BBC, The Making of Mankind, ‘mohlomong a fosahetse libakeng tse ngata tsa bohlokoa.’ Haholo-holo, hona joale o bona moholo-holo oa pele oa motho a le monyenyane haholo ho feta lilemo tse limillione tse 15-20 tseo a li buelletseng ka matla hakana thelevisheneng.”—Leq. 695.
Nako le nako, ho hlahisoa mekhoa e mecha ea ho bea matsatsi. E tšepahala hakae? Ka o mong o bitsoang thermoluminescence, The New Encyclopædia Britannica (1976, Macropædia, Moq. 5, leq. 509) e re: “Hona joale mokhoa oa ho bea matsatsi oa thermoluminescence o theiloe haholo tšepong ho e-na le ho se finyelletsoeng.” Hape, Science (August 28, 1981, leq. 1003) e tlalehile hore masapo a bontšang hore a na le lilemo tse 70 000 ka mokhoa oa amino acid racemization a fane feela ka lilemo tse 8 300 kapa 9 000 ka mokhoa oa ho bea matsatsi ka radioactivity.
Popular Science (November 1979, leq. 81) e tlaleha hore setsebi sa lintho tse bonahalang Robert Gentry se “lumela hore matsatsi ’ohle a lekanyelitsoeng ka tšenyeho e bakoang ke radioactivity e ka ’na eaba ha a ea fosahala ka lilemo tse seng kae feela, empa ka nako e khōlō haholo.” Sehlooho se supa hore seo a se fumaneng se ka isa qetong ea hore “ho e-na le hore ebe motho o tsamaile lefatšeng ka lilemo tse limillione tse 3,6, mohlomong o bile teng ka lilemo tse likete tse ’maloana feela.”
Leha ho le joalo, ho ke ho hlokomeloe hore bo-ramahlale ba lumela hore lefatše le leholo ho motho. Hoo Bibele ha e ho hanyetse.
Na lilemo tsa batho pele ho Moroallo, joalokaha li boletsoe ke Bibele, li ne li lekanngoa ka lilemo tse tšoanang le tseo re li sebelisang?
Haeba ho ne ho ka thoe “lilemo” li tlameha ho lekana le likhoeli tsa rōna, hoo ho ne ho tla bolela hore Enose ebile ntate ha a le lilemo li supileng, le hore Kenane o ne a le lilemo li hlano feela ha a tsoalloa mora. (Gen. 5:9, 12) Ho hlakile hore hoo ho ke ke hoa etsahala.
Kemiso e qaqileng ea nako e fanoeng mabapi le Moroallo e bontša bolelele ba likhoeli le lilemo tse neng li sebelisoa ka nako eo. Ha ho bapisoa Genese 7:11, 24 le 8:3, 4 ho bonahala likhoeli tse hlano (ho tloha ka la 17 khoeling ea bo2 ho ea ho la 17 khoeling ea bo7) e ne e le matsatsi a 150, kapa likhoeli tse hlano tsa matsatsi a 30. Ho suptjoa ka ho tobileng “khoeling ea leshome” le linakong tse ling pele ho fihloa selemong se hlahlamang. (Gen. 8:5, 6, 8, 10, 12-14) Ka ho totobetseng, lilemo tsa bona li ne li etsoa ka likhoeli tse leshome le metso e ’meli tsa matsatsi a 30. Qalehong feela, almanaka e emeng ka thata-thata nakong e baloang ka khoeli e holimo, e ne e lokisoa nako le nako ho latela selemo sa nako e baloang ka letsatsi, joalokaha ho bontšoa ke hore Baiseraele ba ne ba e-na le mekete ea kotulo ea linako tse itseng tsa selemo ka matsatsi a beiloeng. Ka tsela eo, mekete e ne e e-ba ka linako tse loketseng tsa selemo.—Lev. 23:39.
Hopola hore Molimo o ne o entse batho hore ba phele ka ho sa feleng. Ke sebe sa Adama se isitseng lefung. (Gen. 2:17; 3:17-19; Ba-Roma 5:12) Ba phetseng pele ho Moroallo ba ne ba le haufi le phetheho ho feta rōna kajeno, ka hona ba ne ba phela haleletsana. Empa bohle ba shoele pele ba phetha lilemo tse sekete.
Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li re ’Muso oa Molimo o hlomiloe ka 1914?
Ho na le bopaki bo habeli bo supang selemo seo: (1) Kemiso ea nako ea Bibele le (2) liketsahalo tsa ho tloha ka 1914 phethahatsong ea boprofeta. Mona re tla buisana ka kemiso ea nako. Bakeng sa phethahatso ea boprofeta, bona sehlooho se seholo “Mehla ea Qetello.”
Bala Daniele 4:1-17. Litemana tsa 20-37 li bontša hore boprofeta bona bo phethahetse ho Nebukadnezare. Empa bo sa na le phethahatso e kholoanyane. Hoo re ho tseba joang? Litemana tsa 3 le 17, li bontša hore toro eo Molimo o e bontšitseng Morena Nebukadnezare e sebetsana le ’Muso oa Molimo le tšepiso ea Molimo ea ho fana ka oona ‘ho eo a ratang ho mo fa oona le ea fetisang ka bonyenyane.’ Bibele eohle e bontša hore morero oa Jehova ke hore Mora oa hae, Jesu Kreste, a buse batho e le moemeli oa Hae. (Pes. 2:1-8; Dan. 7:13, 14; 1 Ba-Kor. 15:23-25; Tšen. 11:15; 12:10) Bibele ha e hlalosa Jesu e bontša hore ruri e ne e le “ea fetisang ka bonyenyane” har’a batho. (Ba-Fil. 2:7, 8; Matt. 11:28-30) Toro ea boprofeta e supa nako ea ha Jehova a tla etsa hore batho ba busoe ke Mora oa hae.
Khabareng ho ne ho tla etsahala joang? Ho busoa hoa batho, joalokaha ho ne ho emeloa ke sefate le kutu ea sona, ho ne ho tla ba le “pelo ea phoofolo.” (Dan. 4:16) Histori ea batho e ne e tla tlala ka mebuso e bontšang litšobotsi tsa libatana. Mehleng ea kajeno, ho tloaelehile hore bere e sebelisetsoe ho emela Russia; ntsu, United States; tau, Brithani; drakone, China. Bibele e boetse e sebelisa libatana e le litšoantšetso tsa mebuso ea lefatše le tsamaiso ea lefatše lohle ea puso ea batho e tlas’a tšusumetso ea Satane. (Dan. 7:2-8, 17, 23; 8:20-22; Tšen. 13:1, 2) Joalokaha Jesu a bontšitse boprofeteng ba hae bo bontšang ka bofelo ba lefatše, Jerusalema e ne e tla “hatakeloa ke lichaba, ho be ho phethoe mehla ea lichaba.” (Luka 21:24) “Jerusalema” e ne e emela ’Muso oa Molimo hobane marena a eona ho ne ho thoe a lutse “teroneng ea ’muso oa Jehova.” (1 Likron. 28:4, 5; Matt. 5:34, 35) Ka hona, mebuso ea Balichaba, e emeloang ke libatana, e ne e tla ‘hatakela’ tokelo ea ’Muso oa Molimo ea hore o laole litaba tsa batho ebe eona e busa tlas’a taolo ea Satane.—Bapisa Luka 4:5, 6.
Mebuso e joalo e ne e tla lumelloa ho busa ka nako e kae pele Jehova a nea Jesu Kreste ’Muso? Daniele 4:16 e re ka ‘mengoaha e supileng’ (“lilemo tse supileng,” AT le Mo, hape JB botlaaseng ba leqephe temaneng ea 13). Bibele e bontša hore ha ho baloa nako ea boprofeta, letsatsi le nkoa e le selemo. (Ezek. 4:6; Num. 14:34) Joale ho ameha “matsatsi” a makae? Tšenolo 11:2, 3 e bolela ka ho hlaka hore likhoeli tse 42 (lilemo tse 3 1/2) boprofeteng boo li nkoa e le matsatsi a 1 260. Lilemo tse supileng li mena tseo habeli, kapa ke matsatsi a 2 520. Ho sebelisoa molao oa “selemo se le seng se eme bakeng sa tsatsi le le leng” ho ne ho tla fella ka lilemo tse 2 520.
‘Mengoaha e supileng’ e qalile ho baloa neng? Hoba Tsedekia, morena oa ho qetela ’Musong oa tšoantšetso oa Molimo a tlosoe teroneng e Jerusalema ke Bababylona. (Ezek. 21:25-27) Qetellong, mathoasong a Mphalane ka 607 B.C.E. ho ne ho se ho se le moneketsela feela oa borena ba Bajode. Ka nako eo, Gedalia, ’musisi oa Bajode, ea neng a sietsoe boikarabelo ke Bababylona, o ne a fenethiloe ’me Bajode ba neng ba setse ba balehetse Egepeta. (Jeremia, likhaolo 40-43) Kemiso e tšepahalang ea nako ea Bibele e bontša hore hona ho etsahetse lilemo tse 70 pele ho 537 B.C.E., e leng selemo seo ka sona Bajode ba ileng ba khutla botlamuoeng, ke hore, ho etsahetse mathoasong a Mphalane ka 607 B.C.E. (Jer. 29:10; Dan. 9:2; bakeng sa lintlha tse ling, bona buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng maqephe 138-141.)
E be joale nako e baloa joang ho fihla ho 1914? Ho bala lilemo tse 2 520 ho tloha mathoasong a Mphalane 607 B.C.E. ho re tlisa mathoasong a Mphalane 1914 C.E., joalokaha ho bontšoa chateng.
HO BALA ‘MENGOAHA E SUPILENG’
‘Mengoaha e supileng’ = 7 × 360 = lilemo tse 2 520
‘Ngoaha’ ea Bibele, kapa selemo = 12 × matsatsi a 30 = 360. (Tšen. 11:2, 3; 12:6, 14)
Phethahatsong ea ‘mengoaha e supileng’ letsatsi ka leng le lekana le selemo se le seng. (Ezek. 4:6; Num. 14:34)
Mathoasong a Mphalane, 607 B.C.E., ho ea ho Tšitoe 31,
607 B.C.E. = 1/4 ea selemo
Pherekhong 1, 606 B.C.E., ho ea ho Tšitoe 31,
1 B.C.E. = lilemo tse 606
Pherekhong 1, 1 C.E., ho ea ho Tšitoe 31, 1913 = lilemo tse 1 913
Pherekhong 1, 1914, ho ea mathoasong a
Mphalane, 1914 = 3/4 ea selemo
Palo-khōlō: Lilemo tse 2 520
Ho etsahetse eng ka nako eo? Jehova a nea Mora oa hae, Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng maholimong, borena holim’a batho.—Dan. 7:13, 14.
Ebe joale ke hobane’ng ha bokhopo bo sa le bongata hakaale lefatšeng? Hoba Kreste a beoe teroneng, Satane le bademona ba hae ba liheloa lefatšeng ho tloha leholimong. (Tšen. 12:12) Kreste e le Morena ha a ka a potlakela ho timetsa bohle ba hanang ho amohela borena ba Jehova le ba hanang ho mo amohela e le Messia. Ho e-na le hoo, joalokaha a profetile, ho ne ho tla etsoa mosebetsi oa ho bolela lefatšeng lohle. (Matt. 24:14) E le Morena, o ne a tla laela hore batho ba lichaba tsohle ba aroloe, ba ipakang ba lokile ba neoe tebello ea bophelo bo sa feleng, ’me ba khopo ba abeloe pheliso ea ka ho sa feleng lefung. (Matt. 25:31-46) Khabareng, ho ne ho tla ranaka maemo a thata ka ho fetisisa a hlileng a boleloa bakeng sa ‘mehla ea qetello.’ Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong “Mehla ea Qetello,” liketsahalo tseo li bonahetse ka ho hlaka ho tloha ka 1914. Pele litho tsa ho qetela tsa moloko o neng o phela ka 1914 li felella lefung, ho tla etsahala lintho tsohle tse profetiloeng, ho akarelletsa ‘mahlomola a maholo’ ao lefatše la joale le khopo le tla fela ka oona.—Matt. 24:21, 22, 34.
Bofelo ba lefatše lena le khopo bo tla tla neng?
Jesu o ile a arabela: “Ha e le letsatsi leo le hora eo, ha ho ea tsebang; esita le mangeloi a leholimo ha a tsebe, leha e le Mora; empa ho tseba Ntate a ’notši.” Leha ho le joalo, o boetse a re: “Ka ’nete ke re ho lōna: Moloko ona [o neng o phela ha “pontšo” ea ‘mehla ea qetello’ e qala ho phethahala] o ke ke oa feta, tseo tsohle li e-so ho etsahale.”—Matt. 24:36, 34.
Hape, hoba e bolele ka liketsahalo tse tla latela ho theoa hoa ’Muso matsohong a Jesu Kreste ka 1914, Tšenolo 12:12 e-ea eketsa: “Thabang ke hona, maholimo, le lōna ba ahileng teng. Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.”