Khaolo ea Botšelela
Ho Senoloa Sephiri sa Sefate se Seholo
1. Ho ile ha etsahala’ng ka Morena Nebukadnezare, ’me ho phahamisa lipotso life?
JEHOVA o ile a lumella Morena Nebukadnezare hore e be ’musi oa lefatše. E le morena oa Babylona, o ne a e-na le leruo le lengata, matletsetletse a lijo, ntlo e khōlō ea borena—eng kapa eng eo a neng a e lakatsa linthong tse bonahalang. Empa o ile a kokobetsoa ka tšohanyetso a sa lebella. Nebukadnezare o ile a itšoara joaloka phoofolo ka lebaka la ho ferekana kelellong! A lelekiloe tafoleng ea borena le sebakeng sa bolulo sa borena, o ile a phela naheng ’me a ja joang joaloka poho. Tlokotsi ee e ile ea bakoa ke eng? Hona ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka eona?—Bapisa le Jobo 12:17-19; Moeklesia 6:1, 2.
MORENA O TLOTLISA EA PHAHAMENG KA HO FETISISA
2, 3. Morena oa Babylona o ile a lakaletsa bafo ba hae eng, ’me o ne a talima Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa joang?
2 Nakoana ka mor’a hore Nebukadnezare a hlaphoheloe ho lahleheloeng ke kelello hoo ho feletseng, o ile a ntša tlaleho e babatsehang e eang ’musong oohle oa hae mabapi le se etsahetseng. Jehova o ile a bululela moprofeta Daniele hore a boloke tlaleho e nepahetseng ea liketsahalo tsena. E qala ka mantsoe ana: “Morena Nebukadnezare, ho batho bohle, lichaba le lipuo, ba lulang lefatšeng lohle: E se eka khotso ea lōna e ka ngatafala. Lipontšo le limakatso tseo Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa a nketselitseng tsona, ke bone ho le molemo ho li bolela. Lipontšo tsa hae li khōlō hakaakang, ’me limakatso tsa hae li matla hakaakang! ’Muso oa hae ke ’muso ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ’me bobusi ba hae ke ba moloko o mong ka mor’a o mong.”—Daniele 4:1-3.
3 Bafo ba Nebukadnezare ba ne ba ‘lula lefatšeng lohle’—’muso oa hae o ne o nka boholo ba lefatše la tlaleho ea Bibele. Morena o ile a bua tjena ka Molimo oa Daniele: “’Muso oa hae ke ’muso ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Mantsoe ao a ile a tlotlisa Jehova hakaakang ’Musong oohle oa Babylona! Ho feta moo, lena e ne e le lekhetlo la bobeli Nebukadnezare a bontšoa hore ke ’Muso oa Molimo feela oo e leng oa ka ho sa feleng, o emeng “ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Daniele 2:44.
4. Tabeng ea Nebukadnezare, “lipontšo le limakatso” tsa Jehova li ile tsa qaleha joang?
4 “Lipontšo le limakatso” tseo “Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa” a ileng a li etsa ke life? Tsena li qalile ka phihlelo ea morena e boleloang ka mantsoe ana: “’Na, Nebukadnezare, ke ne ke lutse ka boiketlo ka tlung ea ka le ho atleha ka tlung ea ka ea ’muso. Ho bile le toro eo ke ileng ka e bona, ’me ea qala ho ntšosa. ’Me ka ba le litšoantšo kelellong ha ke le betheng ea ka ’me lipono tsa hlooho ea ka tsa qala ho ntšosa.” (Daniele 4:4, 5) Morena oa Babylona o ile a etsa’ng ka toro ee e ferekanyang?
5. Nebukadnezare o ne a talima Daniele joang, hona hobane’ng?
5 Nebukadnezare o ile a khobokanya banna ba bohlale ba Babylona eaba o ba phetela toro. Empa ba ile ba hlōleha hakaakang! Ba ile ba hlōleha ka ho feletseng ho fana ka tlhaloso. Tlaleho e ile ea phaella: “Qetellong Daniele a tla ka pel’a ka, eo lebitso la hae e leng Belteshazare ho ea ka lebitso la molimo oa ka le eo ho eena ho nang le moea oa melimo e halalelang; ’me ka bolela toro ka pel’a hae.” (Daniele 4:6-8) Lebitso leo Daniele a neng a bitsoa ka lona ka lekhotleng e ne e le Belteshazare, ’me mohlomong molimo oa bohata eo morena a neng a mo bitsa “molimo oa ka” e ne e le Bele kapa Nebo kapa Marduk. Kaha Nebukadnezare o ne a rapela melimo e mengata, o ne a talima Daniele e le e mong eo “moea oa melimo e halalelang” o neng o le ho eena. ’Me ka lebaka la boemo ba Daniele e le molaoli oa banna bohle ba bohlale ba Babylona, morena o ile a bua ka eena e le “mookameli oa baprista ba sebelisang boselamose.” (Daniele 2:48; 4:9; bapisa le Daniele 1:20.) Ha e le hantle, ha ho mohla Daniele ea tšepahalang a ileng a tlohela borapeli ba Jehova hore a sebelise boselamose.—Levitike 19:26; Deuteronoma 18:10-12.
SEFATE SE SEHOLOHALI
6, 7. U ka hlalosa seo Nebukadnezare a ileng a se bona torong ea hae joang?
6 Toro e tšosang ea morena oa Babylona e ne e re’ng? Nebukadnezare o ile a re: “Joale ka bona lipono tsa hlooho ea ka ha ke le betheng ea ka, ’me, bonang! sefate bohareng ba lefatše, seo bophahamo ba sona bo neng bo le boholohali. Sefate se ile sa hōla ’me sa e-ba matla, ’me qetellong bophahamo ba sona ba fihla maholimong, ’me se ne se bonahala ho isa pheletsong ea lefatše lohle. Makhasi a sona e ne e le a khahlisang, ’me litholoana tsa sona li ne li le ngata, ’me ho sona ho ne ho e-na le lijo bakeng sa bohle. Libata tsa naha li ne li batla moriti ka tlas’a sona, ’me linonyana tsa maholimo li ne li lula makaleng a sona, ’me nama eohle e ne e ja ho sona.” (Daniele 4:10-12) Ho tlalehoa hore Nebukadnezare o ne a rata likedare tse khōlō tsa Lebanone haholo, a e-ea ho ea li boha, ’me tse ling o ile a etsa hore li tlisoe Babylona e le mapolanka. Empa ho ne ho se mohla a kileng a bona ntho e kang sefate seo a se boneng torong ea hae. Se ne se lutse sebakeng se hlaheletseng “bohareng ba lefatše,” se bonahala lefatšeng ka bophara, ’me se ne se beha hoo se neng se fana ka lijo bakeng sa nama eohle.
7 Toro ena e ne e fupere ho hongata ho feta moo, hobane Nebukadnezare o ile a phaella ka ho re: “Ka tsoela pele ho talima liponong tsa hlooho ea ka ke le betheng ea ka, ’me, bonang! molebeli, eena mohalaleli, a theoha maholimong. O ne a hoeletsa ka lentsoe le phahameng, ’me sena ke seo a neng a se bolela: ‘Remang sefate, ’me le pome makala a sona. Hlohlorang makhasi a sona, ’me le hasanye litholoana tsa sona. Libata a li balehe ka tlas’a sona, le linonyana li balehe makaleng a sona. Leha ho le joalo, le siee kutu ea sona fatše, e be e tlangoe ka lebanta la tšepe le la koporo, har’a joang ba naha; ’me e kolobisoe ke phoka ea maholimo, ’me e be le kabelo le libata har’a limela tsa lefatše.’”—Daniele 4:13-15.
8. “Molebeli” e ne e le mang?
8 Bababylona ba ne ba e-na le khopolo ea bona ea bolumeli mabapi le libōpuoa tsa moea tse molemo le tse mpe. Empa “molebeli” eo ea tsoang leholimong e ne e le mang? Kaha o ne a bitsoa “mohalaleli,” e ne e le lengeloi le lokileng le emelang Molimo. (Bapisa le Pesaleme ea 103:20, 21.) Nahana lipotso tseo e tlamehang ebe li ile tsa hlasela Nebukadnezare! Sefate see se remeloa’ng? Kutu e thibetsoeng ho hōla ka mabanta a tšepe le a koporo e na le thuso ea eng? Ha e le hantle, kutu feela tjee e phetha morero ofe?
9. Ha e le hantle, molebeli o ile a re’ng, ’me ho phahama lipotso life?
9 E tlameha ebe Nebukadnezare o ile a qakeha ka ho feletseng ha a utloa mantsoe a molebeli a tsoelang pele: “Pelo ea eona e fetohe e se ke ea hlola e tšoana le ea moloko oa batho, ’me e fuoe pelo ea sebata, ’me linako tse supileng li fete holim’a eona. Ka molao-taelo oa balebeli taba eo ke hore, le ka polelo ea bahalaleli kōpo e etsoa ka morero oa hore batho ba phelang ba tsebe hore Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho le hore o fana ka oona ho eo a batlang ho mo fa oona, ’me holim’a oona o emisa esita le ea tlaase ka ho fetisisa oa moloko oa batho.” (Daniele 4:16, 17) Kutu ea sefate ha e na pelo ea motho e otlang ka har’a eona. Ha ho le joalo, kutu ea sefate e ka fuoa pelo ea sebata joang? “Linako tse supileng” ke eng? ’Me see sohle se amana kae le puso “’musong oa moloko oa batho”? Ha ho pelaelo hore Nebukadnezare o ne a batla ho tseba.
LITABA TSE MPE BAKENG SA MORENA
10. (a) Ka puo ea Mangolo, lifate li ka tšoantšetsa eng? (b) Sefate se seholo se tšoantšetsa eng?
10 Ha Daniele a utloa toro ena, o ile a makala ka motsotsoana, eaba oa tšoha. Ha Nebukadnezare a mo phehella hore a e hlalose, moprofeta o ile a re: “Moren’a ka, e se eka toro e ka sebetsa ho ba u hloileng, le tlhaloso ea eona e sebetse ho bahanyetsi ba hao. Sefate seo u se boneng, se ileng sa hōla ’me sa e-ba matla . . . ke uena, morena, hobane u bile moholo ’me ua ba matla, le boholo ba hao bo hōlile ’me bo fihlile maholimong, le bobusi ba hao bo hōlile ho isa pheletsong ea lefatše.” (Daniele 4:18-22) Ka Mangolong, lifate li ka tšoantšetsa batho ka bomong, babusi le mebuso. (Pesaleme ea 1:3; Jeremia 17:7, 8; Ezekiele, khaolo ea 31) Joaloka sefate se seholohali sa torong ea hae, Nebukadnezare o ne a ‘bile moholo ’me a le matla’ joalokaha e ne e le hlooho ea ’muso oa lefatše. Empa ‘bobusi ho isa pheletsong ea lefatše,’ bo amang ’muso oohle oa moloko oa batho, bo tšoantšetsoa ka sefate se seholo. Ka hona se tšoantšetsa bobusi ba Jehova ba bokahohleng, haholo-holo kamanong ea bona le lefatše.—Daniele 4:17.
11. Toro ea morena e ile ea bontša joang hore o ne a tla tleloa ke phetoho e tlosang seriti?
11 Nebukadnezare o ne a tleloa ke phetoho e kokobetsang. Daniele ha a supa phetoho ena, o ile a phaella: “Kahobane morena o bone molebeli, eena mohalaleli, a theoha maholimong, eo hape a neng a re: ‘Remang sefate, ’me le se senye. Leha ho le joalo, le siee kutu ea sona fatše, empa e tlamiloe ka lebanta la tšepe le la koporo, har’a joang ba naha, ’me e kolobisoe ke phoka ea maholimo, ’me e be le kabelo le libata tsa naha ho fihlela linako tse supileng li feta holim’a eona,’ tlhaloso ke ena, morena, ’me molao-taelo oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke oona o tla hlahela khosi ea ka morena.” (Daniele 4:23, 24) Ka sebele ho ne ho hlokahala sebete ho fa morena enoa ea matla molaetsa oo!
12. Nebukadnezare o ne a tla hlaheloa ke eng?
12 Nebukadnezare o ne a tla hlaheloa ke eng? Nahana hore na o ile a itšoara joang ha Daniele a phaella ka ho re: “Ba tla u leleka ho batho, ’me u tla lula le libata tsa naha, ’me ba tla u fa limela hore u li je joaloka lipoho; ’me u tla kolobisoa ke phoka ea maholimo, ’me linako tse supileng li tla feta holim’a hao, ho fihlela u tseba hore Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho, le hore o o fa eo a batlang ho mo fa oona.” (Daniele 4:25) Ho bonahala eka balaoli ba lekhotla la Nebukadnezare ba ne ba tla mo ‘leleka bathong.’ Empa na o ne a tla hlokomeloa ke balisa ba nang le qenehelo? Che, hobane Molimo o ne a laetse hore Nebukadnezare o ne a tla lula le “libata tsa naha,” a ja limela.
13. Toro ea sefate e ile ea bontša hore ho ne ho tla etsahala’ng ka boemo ba Nebukadnezare e le ’musi oa lefatše?
13 Feela joalokaha sefate se ile sa rengoa, Nebukadnezare o ne tla ketoloa pusong ea lefatše—empa e le ka nakoana feela. Daniele o ile a hlalosa: “Kahobane ba itse ho siuoe kutu ea sefate, ’muso oa hao o tla tiea ho uena ka mor’a hore u tsebe hore maholimo aa busa.” (Daniele 4:26) Torong ea Nebukadnezare kutu ea sefate se renngoeng e ile ea tloheloa hore e sale, le hoja e ile ea tlangoa e le hore e se ke ea hōla. Ka ho tšoanang, “kutu” ea morena oa Babylona e ne e tla sala, le hoja e ne e tlanngoe hore e se ke ea hōla ka “linako tse supileng.” Boemo ba hae e le ’musi oa lefatše bo ne bo tla tšoana le kutu ea sefate e tlanngoeng. Bo ne bo tla lula bo sireletsehile ho fihlela linako tse supileng li fetile holim’a bona. Jehova o ne a tla bona hore ka nako eo ha ho ea neng a tla hlahlama Nebukadnezare e le eena ’musi feela oa Babylona, le hoja e ka ’na eaba mora oa hae ea bitsoang Evile-merodake o ile a mo tšoarela molepo.
14. Daniele o ile a phehella Nebukadnezare hore a etse’ng?
14 Ka lebaka la se ileng sa boleloa esale pele ka Nebukadnezare, ka sebete Daniele o ile a phehella: “Ka hona, morena, e se eka keletso ea ka e ka bonahala e le molemo ho uena, ’me u tlose libe tsa hao ka ho loka, le bokhopo ba hao ka ho bontša mohau ho mafutsana. Mohlomong katleho ea hao e tla lelefala.” (Daniele 4:27) Haeba Nebukadnezare a ne a ka furalla tsela ea hae ea boetsalibe ea khatello le boikhohomoso, mohlomong sena se ne se tla fetola litaba bakeng sa hae. Etsoe makholo a mabeli a lilemo pejana, Jehova o ne a rerile ho timetsa batho ba motse-moholo oa Assyria, Ninive, empa ha aa ka a etsa joalo hobane morena oa eona le bafo ba hae ba ile ba baka. (Jonase 3:4, 10; Luka 11:32) Nebukadnezare ea ikhohomosang eena o ne a tla etsa joang? Na o ne a tla fetola litsela tsa hae?
PHETHAHATSO EA PELE EA TORO
15. (a) Nebukadnezare o ile a tsoela pele ho bontša boikutlo bofe? (b) Lingoliloeng li senola’ng ka mesebetsi ea Nebukadnezare?
15 Nebukadnezare o ile a tsoela pele a ikhohomosa. Ha a ntse a tsamaea marulelong a ntlo ea hae ea borena likhoeli tse 12 ka mor’a toro ea hae ea sefate, o ile a ithorisa: “Na ena hase Babylona e Khōlō, eo ke e hahileng bakeng sa ntlo ea borena ka matla a bonatla ba ka le bakeng sa seriti sa boholo ba ka bo hlomphehang?” (Daniele 4:28-30) Nimrode o ne a thehile Babylona (Babele), empa Nebukadnezare o ile a e etsa e khanyang. (Genese 10:8-10) Ho lingoliloeng tse ling tsa hae tse ngotsoeng ka mongolo oa cuneiform, o ithorisa ka ho re: “Nebukadrezare, Morena oa Babylona, motsosi oa Esagila le Ezida, ’na ke mora oa Nabopolassar. . . . Liqhobosheane tsa Esagila le Babylona ke li tiisitse le ho theha lebitso la puso ea ka ka ho sa feleng.” (Archaeology and the Bible, ea George A. Barton, 1949, leqepheng la 478-9) Sengoliloeng se seng se bua ka litempele tse ka bang 20 tseo a ileng a li nchafatsa kapa a li haha. The World Book Encyclopedia e re: “Tlas’a puso ea Nebukadnezare, Babylona e ile ea fetoha o mong oa metse e hlollang ka ho fetisisa ea lefatše la boholo-holo. Litlalehong tsa hae, o ne a bolela mesebetsi ea hae ea sesole seoelo, empa o ne a ngola ka merero ea hae ea kaho le ho hlokomela ha hae melimo ea Babylonia. Mohlomong Nebukadnezare o ile a haha Lirapa tse Mothipoloheng tsa Babylona, e leng o mong oa Mehlolo e Supileng ea Lefatše la Boholo-holo.”
16. Nebukadnezare o ne a tla tloha a kokobetsoa joang?
16 Le hoja a ile a ithorisa, Nebukadnezare ea ikhohomosang o ne a le haufi le ho kokobetsoa. Tlaleho e bululetsoeng e re: “Ha lentsoe le sa ntse le le molomong oa morena, ha e-ba le lentsoe le theohang maholimong le reng: ‘Ho thoe ho uena, Morena Nebukadnezare, “’Muso o tlohile ho uena, ’me baa u leleka molokong oa batho, ’me u tla lula le libata tsa naha. Ba tla u fa limela hore u li je joaloka lipoho, ’me linako tse supileng li tla feta holim’a hao, ho fihlela u tseba hore Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho, le hore o o fa eo a batlang ho mo fa oona.”’”—Daniele 4:31, 32.
17. Ho ile ha etsahala’ng ka Nebukadnezare ea ikhohomosang, ’me kapele o ile a iphumana a le maemong afe?
17 Kapele-pele Nebukadnezare o ile a lahleheloa ke kelello. Kaha o ne a lelekiloe molokong oa batho, o ile a ja limela “joaloka lipoho.” Ha a le naheng har’a libata tsa naha, ka sebele o ne a sa lula a iketlile har’a joang ba sebaka se bonahalang eka ke paradeise, a thabela moea o khathollang oa letsatsi le leng le le leng. Iraq ea kajeno, moo lithako tsa Babylona li leng hona teng, likhoeling tsa lehlabula mocheso o phahamela tekanyong ea likhato tse 50 tsa Celsius ’me nakong ea mariha mohatsela o theohela ka tlaase ho ntlha ea khoamo. Ka lebaka la ho se hlokomeloe le ho pepesehela maemo ana a leholimo, moriri oa Nebukadnezare o molelele, o ririellaneng, o ne o shebahala joaloka masiba a ntsu ’me manala a sa kutoang a menoana ea hae ea matsoho le ea maoto a ne a tšoana le linala tsa linonyana. (Daniele 4:33) ’Musi eo oa lefatše ea ikhohomosang o ile a kokobetsoa hakaakang!
18. Ha linako tse supileng li ntse li tsoela pele, ho ile ha etsahala’ng ka borena ba Babylona?
18 Torong ea Nebukadnezare, sefate se seholo se ile sa rengoa ’me kutu ea sona ea tlangoa ho thibela hore e se ke ea hōla ka linako tse supileng. Ka ho tšoanang, Nebukadnezare o ile a “theoloa teroneng ea ’muso oa hae” ha Jehova a mo otla ka bohlanya. (Daniele 5:20) Ha e le hantle, sena se ile sa fetola pelo ea morena hore e se ke ea e-ba ea motho empa e be ea poho. Leha ho le joalo, Molimo o ile a bolokela Nebukadnezare borena ba hae ho fihlela qetellong ea linako tse supileng. Mohlomong e le ha Evile-merodake a ntse a tšoere molepo e le hlooho ea ’muso, Daniele o ile a sebeletsa e le “’musi oa profinse eohle ea Babylona le molaoli ea ka sehloohong oa banna bohle ba bohlale ba Babylona.” Metsoalle ea hae e meraro ea Baheberu e ile ea tsoela pele ho kopanela pusong ea litaba tsa setereke seo. (Daniele 1:11-19; 2:48, 49; 3:30) Baholehuoa bana ba bane ba ile ba emela ho khutlisetsoa ha Nebukadnezare boreneng e le morena ea phelang hantle kelellong ea ithutileng hore “Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho, le hore o o fa eo a batlang ho mo fa oona.”
HO KHUTLISETSOA HA NEBUKADNEZARE BOEMONG BA HAE
19. Ka mor’a hore Jehova a etse hore Nebukadnezare a boele a hlaphoheloe kelellong, morena eo oa Babylona o ile a hlokomela eng?
19 Jehova o ile a etsa hore qetellong ea linako tse supileng Nebukadnezare a boele a hlaphoheloe kelellong. Ha morena a lumela hore ho na le Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, o ile a re: “Bofelong ba matsatsi ao ’na, Nebukadnezare, ka phahamisetsa mahlo maholimong, eaba kutloisiso ea ka e qala ho khutlela ho ’na; ’me ka boka Ea Phahameng ka ho Fetisisa, ’me ka rorisa le ho tlotlisa Ea phelang ho isa nakong e sa lekanyetsoang, hobane bobusi ba hae ke bobusi ho isa nakong e sa lekanyetsoang ’me ’muso oa hae o teng ho tloha molokong o mong ho isa ho o mong. ’Me baahi bohle ba lefatše ba nkoa e le lefeela, ’me o etsa ho ea ka thato ea hae har’a makhotla a maholimo le baahi ba lefatše. ’Me ha ho ea ka thibang letsoho la hae kapa ea ka reng ho eena, ‘U ne u ntse u etsa’ng?’” (Daniele 4:34, 35) E, Nebukadnezare o ile a hlokomela hore ruri Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke Morena ’Musi ’musong oa moloko oa batho.
20, 21. (a) Ke joang ho tlosoa ha mabanta a tšepe kutung ea sefate sa torong ho ileng ha tšoana le se ileng sa etsahalla Nebukadnezare? (b) Ke eng seo Nebukadnezare a ileng a se lumela, ’me na see se ile sa etsa hore e be morapeli oa Jehova?
20 Ha Nebukadnezare a khutlela boreneng ba hae, ho bile joalokaha eka mabanta a tšepe ao kutu ea sefate sa torong e neng e tlanngoe ka ’ona a ne a tlositsoe. Mabapi le ho khutlisetsoa ha hae boemong ba hae, o ile a re: “Ka nako e tšoanang kutloisiso ea ka ea qala ho khutlela ho ’na, ’me bakeng sa ho hlompheha ha ’muso oa ka, boholo ba ka bo hlomphehang le khanya ea ka tsa qala ho khutlela ho ’na; ’me esita le balaoli ba ka ba phahameng ba hlomphehang le matona a ka ba qala ho mpatla ka tabatabelo, ’me ka boela ka tiisoa ’musong oa ka, ’me ka ekeletsoa boholo bo sa tloaelehang.” (Daniele 4:36) Haeba balaoli leha e le bafe ba lekhotla ba ne ba ile ba nyelisa morena ea kulang kelellong, joale ba ne ba mo ‘batla ka tabatabelo’ ka ho ipeha tlas’a hae ka hohle.
21 Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa o ne a entse “lipontšo le limakatso” tse kaakang! Ha hoa lokela ho re makatsa hore ebe morena eo oa Babylona ea khutliselitsoeng boemong ba hae o ile a re: “Joale ’na, Nebukadnezare, kea rorisa ’me ke phahamisa le ho tlotlisa Morena oa maholimo, hobane mesebetsi ea hae kaofela ke ’nete ’me litsela tsa hae ke toka, le hobane ba tsamaeang ka boikakaso o khona ho ba kokobetsa.” (Daniele 4:2, 37) Leha ho le joalo, ho lumela seo ha hoa ka ha etsa hore Nebukadnezare e be morapeli oa Molichaba oa Jehova.
NA HO NA LE BOPAKI BA LEFATŠE?
22. Ba bang ba ’nile ba tsebahatsa bohlanya ba Nebukadnezare e le lefu lefe, empa ke eng seo re lokelang ho se ela hloko mabapi le sesosa sa boemo ba hae ba bohlanya?
22 Ba bang ba ’nile ba tsebahatsa bohlanya ba Nebukadnezare e le lefu la lycanthropy. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe a bongaka e re: “LYCANTHROPY . . . e nkiloe ho [lyʹkos], lupus, phiri; [anʹthro·pos], homo, motho. Boloetse ba batho ba lumelang hore ba fetohile liphoofolo, ’me ba etsisa mantsoe kapa sello, libōpeho kapa mekhoa tsa phoofolo eo, bo ile ba rehoa lebitso lena. Hangata batho bana ba inahana ba fetohile phiri, ntja kapa katse; ka linako tse ling ba inahana ba fetohile poho, joaloka tabeng ea Nebukadnezare.” (Dictionnaire des sciences médicales, par une société de médicins et de chirurgiens, Paris, 1818, Moqolo 29, leqepheng la 246) Matšoao a lycanthropy a tšoana le a boemo ba Nebukadnezare ba bohlanya. Leha ho le joalo, kaha ho kula ha hae kelellong ho ne ho tsoa ho Molimo, ho ke ke ha tsebahatsoa ka ho toba e le lefu le tsejoang.
23. Ho na le bopaki bofe ba lefatše mabapi le bohlanya ba Nebukadnezare?
23 Setsebi John E. Goldingay se bolela lintho tse ngata tse tšoanang le bohlanya ba Nebukadnezare le ho khutlisetsoa ha hae boemong ba hae. Ka mohlala, se re: “Ho bonahala eka sekhechana se seng sa taba e ngotsoeng ka mongolo oa cuneiform se bua ka lefu le itseng la kelello la Nebukadnezare ’me mohlomong le ka ho hlokomoloha ha hae Babylona le ho tloha ho eona.” Goldingay o qotsa tokomane e bitsoang “The Babylonian Job” ’me o re e “tiisa likotlo tse tsoang ho Molimo, ho kula, ho kokobetsoa, ho batla tlhaloso ea toro e tšosang, ho lihuoa joaloka sefate, ho lelekeloa ntle, ho ja joang, ho lahleheloa ke kutloisiso, ho tšoana le pholo, ho kolobisoa ke Marduk, ho senyeha manala, ho hōla moriri le ho tlangoa ka mahlaahlela, a ntoo khutlisetsoa boemong ba hae, e leng hoo a rorisang molimo ka hona.”
LINAKO TSE SUPILENG TSE RE AMANG
24. (a) Sefate se seholo sa torong se tšoantšetsa eng? (b) Ke eng e ileng ea thibeloa ka linako tse supileng, ’me hoo ho tlile joang?
24 Joalokaha Nebukadnezare a ne a emeloa ke sefate se seholo, o ne a tšoantšetsa puso ea lefatše. Empa u hopole hore sefate se emela puso le bobusi tse khōlō haholo ho feta tsa morena oa Babylona. Se tšoantšetsa bobusi ba bokahohleng ba Jehova, “Morena oa maholimo,” haholo-holo mabapi le lefatše. Pele Jerusalema e timetsoa ke Bababylona, Davida le majalefa a hae ba ne ba lutse “teroneng ea Jehova” ’musong o neng o emela bobusi ba Molimo lefatšeng, oo setsi sa oona se neng se le Jerusalema. (1 Likronike 29:23) Molimo ka boeena o ile a etsa hore bobusi bo joalo bo rengoe bo be bo tlangoe ka 607 B.C.E. ha a ne a sebelisa Nebukadnezare hore a timetse Jerusalema. Bobusi ba bomolimo lefatšeng ka ’muso oa lesika la Davida bo ile ba thibeloa ka linako tse supileng. Linako tsee tse supileng li ne li le telele hakae? Li qalile neng hona ke eng e ileng ea tšoaea qetello ea tsona?
25, 26. (a) Tabeng ea Nebukadnezare, “linako tse supileng” li ne li le telele hakae, ’me ke hobane’ng ha u araba joalo? (b) Phethahatsong e ka sehloohong, “linako tse supileng” li ile tsa qaleha neng hona joang?
25 Nakong ea bohlanya ba Nebukadnezare, ‘moriri oa hae o ile oa e-ba molelele joaloka masiba a ntsu ’me manala a hae a e-ba malelele joaloka linala tsa nonyana.’ (Daniele 4:33) Sena se ile sa nka nako e fetang matsatsi a supileng kapa libeke tse supileng. Liphetolelo tse fapa-fapaneng li baleha tjena, “linako tse supileng,” ’me tse ling li re, “linako (tse tiileng) tse behiloeng” kapa “mehla.” (Daniele 4:16, 23, 25, 32) Phetolelo e ’ngoe ea Segerike sa Khale (Septuagint) e re “lilemo tse supileng.” Ke Josephus, rahistori oa Mojuda oa lekholong la pele la lilemo ea neng a nka “linako tse supileng” e le “lilemo tse supileng.” (Antiquities of the Jews, Buka ea 10, Khaolo ea 10, serapeng sa 6) Liithuti tse ling tsa Seheberu li ’nile tsa nka “linako” tsena e le “lilemo.” An American Translation, Today’s English Version, le phetolelo ea James Moffatt li li fetolela e le “lilemo tse supileng.”
26 Ho hlakile hore “linako tse supileng” tsa Nebukadnezare li ne li ama lilemo tse supileng. Litabeng tsa boprofeta, selemo se nka matsatsi a 360, kapa likhoeli tse 12 tsa matsatsi a 30 khoeli ka ’ngoe. (Bapisa le Tšenolo 12:6, 14.) Kahoo “linako tse supileng,” kapa lilemo tse supileng tsa morena e ne e le matsatsi a 360 ha a atisoa ka 7, kapa matsatsi a 2 520. Empa ho thoe’ng ka phethahatso e ka sehloohong ea toro ea hae? “Linako tse supileng” tsa boprofeta li ile tsa nka nako e telele haholo ho feta matsatsi a 2 520. Sena se ile sa bontšoa ke mantsoe a Jesu: “Jerusalema e tla hatakeloa holimo ke lichaba, ho fihlela linako tse behiloeng tsa lichaba li phethahala.” (Luka 21:24) ‘Ho hatakeloa’ hoo ho qalile ka 607 B.C.E. ha ho ne ho timetsoa Jerusalema ’me ’muso oa tšoantšetso oa Molimo o khaotsa ho sebetsa Juda. Ho hatakeloa hoo ho ne ho tla fela neng? “Linakong tsa tsosoloso ea lintho tsohle,” ha bobusi ba Molimo bo ne bo tla bonahatsoa hape lefatšeng ka Jerusalema ea tšoantšetso, e leng ’Muso oa Molimo.—Liketso 3:21.
27. Ke hobane’ng ha u ka re “linako tse supileng” tse qalileng ka 607 B.C.E. ha lia ka tsa fela ka mor’a matsatsi a sebele a 2 520?
27 Haeba re ne re ka bala matsatsi a sebele a 2 520 ho tloha ha Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E., seo se ne se tla re fihlisa feela ho 600 B.C.E., e leng selemo seo e seng sa bohlokoa ba letho Mangolong. Esita le ka 537 B.C.E., ha Bajuda ba lopolotsoeng ba ne ba khutletse Juda, bobusi ba Jehova ha boa ka ba bonahala lefatšeng. Ho bile joalo hobane Zorobabele, eo e neng e le mojalefa boreneng ba Davida, ha aa ka a etsoa morena empa o ile a etsoa feela ’musisi oa profinse ea Persia ea Juda.
28. (a) Ke molao ofe o lokelang ho sebelisoa matsatsing a 2 520 a “linako tse supileng” tsa boprofeta? (b) “Linako tse supileng” tsa boprofeta li ne li le telele hakae, ’me ke linako life tse tšoaeang ho qaleha le ho fela ha tsona?
28 Kaha “linako tse supileng” ke tsa boprofeta, re lokela ho sebelisa molao oa Mangolo matsatsing ana a 2 520, o reng: “Letsatsi le emele selemo.” Molao ona o behiloe boprofeteng bo mabapi le ho thibelloa ha Jerusalema ke Bababylona. (Ezekiele 4:6, 7; bapisa le Numere 14:34.) Kahoo, “linako tse supileng” tsa ho busoa ha lefatše ke mebuso ea Balichaba ntle le ho kenella ha ’Muso oa Molimo li ile tsa tsoela pele ka lilemo tse 2 520. Li qalile ka ho etsoa lesupi ha Juda le Jerusalema ka khoeli ea bosupa e baloang ka khoeli e holimo (la 15 Tishri) ka 607 B.C.E. (2 Marena 25:8, 9, 25, 26) Ho tloha moo ho fihlela ka la 1 B.C.E. ke lilemo tse 606. Lilemo tse setseng tse 1 914 li qala moo ho fihlela ho 1914 C.E. Kahoo, “linako tse supileng,” kapa lilemo tse 2 520, li ile tsa fela ka la 15 Tishri, kapa ka la 4/5 October, 1914 C.E.
29. “Ea tlaase ka ho fetisisa oa moloko oa batho” ke mang, ’me Jehova o ile a etsa’ng e le hore a mo behe teroneng?
29 Ka selemo seo, ho ile ha phetheha “linako tse behiloeng tsa lichaba,” ’me Molimo o ile a fana ka puso ho “ea tlaase ka ho fetisisa oa moloko oa batho”—Jesu Kreste—ea neng a nkoa e le ea tlaase ke lira tsa hae hoo li bileng tsa etsa hore a khokhotheloe thupeng. (Daniele 4:17) Jehova o ile a tlamolla mabanta a tšoantšetso a tšepe le a koporo “kutung” ea bobusi ba hae e le hore a behe Morena eo e leng Mesia teroneng. Ka tsela eo Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa o ile a lumella “lehlōmela” la borena hore le hlōmele ho eona e le pontšo ea bobusi ba Molimo mabapi le lefatše ka ’Muso oa leholimo o matsohong a Mojalefa e moholo ka ho fetisisa oa Davida, Jesu Kreste. (Esaia 11:1, 2; Jobo 14:7-9; Ezekiele 21:27) Re leboha Jehova hakaakang ka phello ee e thabisang le ka ho senola sephiri sa sefate se seholo!
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Sefate se seholo sa torong ea Nebukadnezare se ne se tšoantšetsa eng?
• Ke eng se ileng sa hlahela Nebukadnezare phethahatsong ea pele ea toro ea hae ea sefate?
• Ka mor’a phethahatso ea toro ea hae, ke eng eo Nebukadnezare a ileng a e lumela?
• Phethahatsong e ka sehloohong ea toro ea boprofeta ea sefate, “linako tse supileng” li ne li le telele hakae, ’me li qalile neng hona tsa fela neng?
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 83]
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 91]