Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Daniele—Buka e Qosoang
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
    • TABA EA MORENA EA SIEO

      7. (a) Ke hobane’ng ha ho bua ha Daniele ka Belshazare ho ’nile ha thabisa bahlahlobisisi ba Bibele ka nako e telele? (b) Ho ile ha etsahala’ng ka maikutlo a hore Belshazare e ne e mpa e le feela motho ea inahaneloang?

      7 Daniele o ngotse hore Belshazare, “mora” oa Nebukadnezare, o ne a busa e le morena Babylona ha motse oo o lihuoa. (Daniele 5:1, 11, 18, 22, 30) Ka nako e telele bahlahlobisisi ba ile ba sebelisa ntlha ena hobane ho ne ho se moo lebitso la Belshazare le neng le fumaneha teng haese feela ka Bibeleng. Ho e-na le hoo, bo-rahistori ba boholo-holo ba tsebahalitse Nabonidus, mohlahlami oa Nebukadnezare, e le eena morena oa ho qetela oa Babylona. Kahoo, ka 1850, Ferdinand Hitzig o ile a bolela hore ho hlakile hore Belshazare e ne e le motho ea iqapetsoeng ke monahano oa mongoli. Empa na khopolo ea Hitzig ha e bonahale e entsoe ka lepotlapotla? Ha e le hantle, na ho se boleloe ha morena enoa—haholo nakong eo ka eona ho lumeloang hore litlaleho tsa histori li ne li fokola—e ka hla ea e-ba bopaki ba hore ha ho mohla a kileng a ba teng? Leha ho le joalo, ka 1854 ho ile ha epolloa meqomo e menyenyane ea letsopa lithakong tsa motse oa boholo-holo oa Babylona oa Ure moo kajeno e leng Iraq ka boroa. Litokomane tsena tsa mongolo oa cuneiform tse neng li tsoa ho Morena Nabonidus li ne li akarelletsa thapelo e rapellang “Bel-sar-ussur, mora oa ka e moholo.” Le bona bahlahlobisisi ba ile ba tlameha ho lumela hore: Enoa e ne e le eena Belshazare ea bukeng ea Daniele.

      8. Ho hlalosa ha Daniele Beleshazare e le morena ea busang ho pakiloe joang hore ke ’nete?

      8 Leha ho le joalo, bahlahlobisisi ha baa ka ba khotsofala. E mong ea bitsoang H. F. Talbot o ile a ngola hore: “Sena ha se pake letho.” O ile a tseka hore e ka ’na eaba mora enoa ea ngotsoeng mona e ne e le ngoana feela tjee, athe Daniele o mo hlahisa e le morena ea busang. Leha ho le joalo, selemo feela ka mor’a hore ho phatlalatsoe litlhaloso tsa Talbot, ho ile ha epolloa matlapa a eketsehileng a mongolo oa cuneiform a neng a bolela hore Belshazare o ne a e-na le bangoli le basebeletsi ba ntlo. Ka sebele, e ne e se ngoana! Qetellong, matlapa a mang a ile a khaola khang ena, a tlaleha hore Nabonidus o ne a ba sieo Babylona ka lilemo tse telele ka linako tse ling. Matlapa ana a ile a boela a bontša hore ka linako tsena, o ne a “beha borena [ba Babylona] tlhokomelong” ea mora oa hae e moholo (Belshazare). Ha e le hantle, ka linako tse joalo, Belshazare e ne e le morena—’musi-’moho le ntat’ae.b

  • Daniele—Buka e Qosoang
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
    • b Nabonidus o ne a le sieo ha Babylona e oa. Kahoo, ke ka nepo ha ho hlalosoa hore Belshazare e ne e le morena ka nako eo. Bahlahlobisisi ba baleha ’nete ka hore ba re litlaleho tsa lefatše ha li nehe Belshazare tlotla ea molao ea morena. Leha ho le joalo, bopaki ba boholo-holo bo fana ka maikutlo a hore mehleng eo, le eena ’musi batho ba ne ba ka ’na ba mo bitsa morena.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela