Khaolo ea Bobeli
Daniele—Buka e Qosoang
1, 2. Buka ea Daniele e qositsoe ka kutIoisiso efe, hona ke hobane’ng ha u nahana hore ke habohlokoa ho hlahloba bopaki bo e emelang?
NKA hore u ka lekhotleng, u teng nyeoeng ea bohlokoa. Monna e mong o qoselitsoe bolotsana. Mochochisi o tsitlella hore monna enoa o molato. Leha ho le joalo, moqosuoa o na le botumo ba nako e telele ba botšepehi. Na u ne u ke ke ua thahasella ho utloa bopaki bo emelang moqosuoa?
2 U boemong bo tšoanang tabeng ea buka ea Bibele ea Daniele. Mongoli oa eona ke monna ea neng a tsebahala ka botšepehi. Buka e reheletsoeng ka eena e ’nile ea hlomphuoa haholo ka lilemo tse likete. E itlhahisa e le histori ea ’nete, e ngotsoeng ke Daniele, moprofeta oa Moheberu ea phetseng lekholong la lilemo la bosupa le la botšelela B.C.E. Tatellano e nepahetseng ea liketsahalo tsa Bibele ho ea ka nako eo li etsahetseng ka eona e bontša hore buka ea hae e akaretsa nako ho tloha hoo e ka bang ka 618 ho fihlela ka 536 B.C.E. le hore e ile ea phethoa ka 536 B.C.E. Empa buka ena ea qosoa. Li-encyclopedia tse ling le libuka tse ling tsa litšupiso li fana ka maikutlo a hore buka ena ke ea bolotsana kapa li tiisa hoo pepenene.
3. The New Encyclopædia Britannica e re’ng mabapi le bonnete ba buka ea Daniele?
3 Ka mohlala, The New Encyclopædia Britannica e lumela hore buka ea Daniele e kile ea “nkoa ka kakaretso e le histori ea ’nete, e nang le boprofeta ba ’nete.” Leha ho le joalo, Britannica e bolela hore ha e le hantle, Daniele “e ngotsoe nakong ea moraonyana ea tlokotsi ea sechaba—ha Bajuda ba ne ba hlorisoa haholo tlas’a [Morena] Antiochus IV Epiphanes [oa Syria].” Encyclopedia eo e re buka ena ke ea pakeng tsa 167 le 164 B.C.E. Buka eona ena e tiisa hore mongoli oa buka ea Daniele ha a profete bokamoso o mpa feela a bolela “liketsahalo tseo ho eena e leng histori ea nakong e fetileng, a li bolela joalokaha eka ke boprofeta ba liketsahalo tsa nakong e tlang.”
4. Ho hlahlobisisoa ha buka ea Daniele ho qalile neng, ’me ke eng e rotelitseng tlhahlobisiso e tšoanang makholong a lilemo a morao tjee?
4 Maikutlo a joalo a hlaha hokae? Ho hlahlobisisoa ha buka ea Daniele ha ho hocha. Ho qalile morao koana lekholong la boraro la lilemo C.E. ka rafilosofi ea neng a bitsoa Porphyry. Joaloka ba bangata ’Musong oa Roma, o ne a ikutloa a sokeloa ke tšusumetso ea Bokreste. O ile a ngola libuka tse 15 ka sepheo sa hore a fokolise bolumeli bona “bo bocha.” Ea bo12 e ne e hanyetsa buka ea Daniele. Porphyry o ile a phatlalatsa hore buka ena e ngotsoe ka bolotsana ke Mojuda e mong lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. Ho ile ha etsoa litlhaselo tse tšoanang lekholong la bo18 le la bo19 la lilemo. Ponong ea bahlahlobisisi ba phahameng le ba itšetlehileng ka ho beha mabaka bakeng sa ho fumana ’nete ho tsa bolumeli, boprofeta—e leng ho bolela liketsahalo tsa ka moso esale pele—ke ntho e ke keng ea etsahala. Daniele e ile ea e-ba ’mutla-lintjeng. Ha e le hantle, eena le buka ea hae ba ile ba qosoa ka khotla. Bahlahlobisisi ba boletse hore ba na le bopaki bo bongata haholo ba hore buka ena ha ea ngoloa ke Daniele nakong ea kholeho ea Bajuda Babylona, empa e ngotsoe ke motho e mong osele makholo a lilemo hamorao.a Litlhaselo tse joalo li ile tsa ngatafala hoo sengoli se seng se bileng sa ngola buka e mo emelang e bitsoang Daniel in the Critics’ Den.
5. Ke hobane’ng ha taba ea bonnete ba Daniele e le ea bohlokoa?
5 Na lipolelo tse tiileng tsa bahlahlobisisi li na le bopaki bo li tšehetsang? Kapa na bopaki bo emela moqosuoa? Ho ameha litseko tsa bohlokoa mona. Ha ho amehe feela botumo ba buka ena ea boholo-holo empa ho ameha le bokamoso ba rōna. Haeba buka ea Daniele ke bolotsana, litšepiso tsa eona ka bokamoso ba moloko oa batho ke lefeela la mafeela. Empa haeba e na le boprofeta ba ’nete, ha ho pelaelo hore u tla chesehela ho ithuta hore na bo bolela eng bakeng sa rōna kajeno. Re hopotse seo, a re hlahlobeng litlhaselo tse ling tseo Daniele e hlaseloang ka tsona.
6. Ke qoso efe e etsoang ka linako tse ling mabapi le histori e ho Daniele?
6 Ka mohlala, nahana ka qoso e entsoeng ho The Encyclopedia Americana: “Makolopetso a mangata a histori ea linakong tsa pele [tse kang tsa kholeho ea Babylona] a sothiloe hampe haholo” ho Daniele. Na ho hlile ho joalo? A re hlahlobeng liphoso tse tharo tseo ho boleloang hore li teng, e le ’ngoe ka nako.
TABA EA MORENA EA SIEO
7. (a) Ke hobane’ng ha ho bua ha Daniele ka Belshazare ho ’nile ha thabisa bahlahlobisisi ba Bibele ka nako e telele? (b) Ho ile ha etsahala’ng ka maikutlo a hore Belshazare e ne e mpa e le feela motho ea inahaneloang?
7 Daniele o ngotse hore Belshazare, “mora” oa Nebukadnezare, o ne a busa e le morena Babylona ha motse oo o lihuoa. (Daniele 5:1, 11, 18, 22, 30) Ka nako e telele bahlahlobisisi ba ile ba sebelisa ntlha ena hobane ho ne ho se moo lebitso la Belshazare le neng le fumaneha teng haese feela ka Bibeleng. Ho e-na le hoo, bo-rahistori ba boholo-holo ba tsebahalitse Nabonidus, mohlahlami oa Nebukadnezare, e le eena morena oa ho qetela oa Babylona. Kahoo, ka 1850, Ferdinand Hitzig o ile a bolela hore ho hlakile hore Belshazare e ne e le motho ea iqapetsoeng ke monahano oa mongoli. Empa na khopolo ea Hitzig ha e bonahale e entsoe ka lepotlapotla? Ha e le hantle, na ho se boleloe ha morena enoa—haholo nakong eo ka eona ho lumeloang hore litlaleho tsa histori li ne li fokola—e ka hla ea e-ba bopaki ba hore ha ho mohla a kileng a ba teng? Leha ho le joalo, ka 1854 ho ile ha epolloa meqomo e menyenyane ea letsopa lithakong tsa motse oa boholo-holo oa Babylona oa Ure moo kajeno e leng Iraq ka boroa. Litokomane tsena tsa mongolo oa cuneiform tse neng li tsoa ho Morena Nabonidus li ne li akarelletsa thapelo e rapellang “Bel-sar-ussur, mora oa ka e moholo.” Le bona bahlahlobisisi ba ile ba tlameha ho lumela hore: Enoa e ne e le eena Belshazare ea bukeng ea Daniele.
8. Ho hlalosa ha Daniele Beleshazare e le morena ea busang ho pakiloe joang hore ke ’nete?
8 Leha ho le joalo, bahlahlobisisi ha baa ka ba khotsofala. E mong ea bitsoang H. F. Talbot o ile a ngola hore: “Sena ha se pake letho.” O ile a tseka hore e ka ’na eaba mora enoa ea ngotsoeng mona e ne e le ngoana feela tjee, athe Daniele o mo hlahisa e le morena ea busang. Leha ho le joalo, selemo feela ka mor’a hore ho phatlalatsoe litlhaloso tsa Talbot, ho ile ha epolloa matlapa a eketsehileng a mongolo oa cuneiform a neng a bolela hore Belshazare o ne a e-na le bangoli le basebeletsi ba ntlo. Ka sebele, e ne e se ngoana! Qetellong, matlapa a mang a ile a khaola khang ena, a tlaleha hore Nabonidus o ne a ba sieo Babylona ka lilemo tse telele ka linako tse ling. Matlapa ana a ile a boela a bontša hore ka linako tsena, o ne a “beha borena [ba Babylona] tlhokomelong” ea mora oa hae e moholo (Belshazare). Ha e le hantle, ka linako tse joalo, Belshazare e ne e le morena—’musi-’moho le ntat’ae.b
9. (a) E ka ’na eaba Daniele o ne a bolela hore Belshazare e ne e le mora oa Nebukadnezare ka kutloisiso efe? (b) Ke hobane’ng ha bahlahlobisisi ba fositse ha ba tiisa hore Daniele ha a bue le hanyenyane feela ka boteng ba Nabonidus?
9 Ba ntse ba sa khotsofala, bahlahlobisisi ba bang ba belaela ka hore Bibele ha e bitse Belshazare mora oa Nabonidus empa e mo bitsa mora oa Nebukadnezare. Ba bang ba tsitlella hore ho hang Daniele ha a bontše le hanyenyane feela hore Nabonidus o kile a ba teng. Leha ho le joalo, likhanyetso tsena ka bobeli, li felloa ke matla ha li hlahlojoa. Kamoo ho bonahalang kateng, Nabonidus o ile a nyala morali oa Nebukadnezare. Seo se ne se tla etsa Belshazare setloholo sa Nebukadnezare. Puo ea Seheberu kapa ea Searame ka bobeli ha li na mantsoe bakeng sa “ntate-moholo” kapa “setloholo sa moshemane”; “mora oa” e ka ’na ea bolela “setloholo sa moshemane sa” kapa “ea tsoang lesikeng la.” (Bapisa le Matheu 1:1.) Ho feta moo, tlaleho ea Bibele e fana ka monyetla oa hore Belshazare a khetholloe e le mora oa Nabonidus. Ha a tšosoa ke mongolo o makatsang o leboteng, Belshazare ea tsielehileng o tšepisa hore a ka fa mang kapa mang ea ka hlalosang mantsoe ao sebaka sa boraro ’musong. (Daniele 5:7) Ke hobane’ng ha a fana ka sa boraro eseng sa bobeli? Mpho ena e fana ka maikutlo a hore sebaka sa pele le sa bobeli li ne li se li e-na le beng ba tsona. Ha e le hantle, ho ne ho le joalo, li ne li nkiloe ke Nabonidus le mora oa hae, Belshazare.
10. Ke hobane’ng ha tlaleho ea Daniele ea borena ba Babylona e qaqile ho feta ea bo-rahistori ba bang ba boholo-holo?
10 Kahoo, ho bua ha Daniele ka Belshazare hase bopaki ba histori e ‘sothiloeng hampe.’ Ho fapana le hoo, Daniele—le hoja a ne a sa ngole histori ea Babylona—o re fa pono e qaqileng haholoanyane ea puso ea borena ea Babylona ho feta bo-rahistori ba boholo-holo ba lefatše ba kang Herodotus, Xenophon le Berossus. Ke hobane’ng ha Daniele a ile a tseba ho tlaleha lintlha tseo ba li tlōtseng holimo? Hobane o ne a le teng Babylona. Buka ea hae ke mosebetsi oa paki e boneng ka mahlo, eseng ea mothetsi oa makholong a morao a lilemo.
DARIASE OA MOMEDE E NE E LE MANG?
11. Ho latela Daniele, Dariase oa Momede e ne e le mang, empa ho ’nile ha thoe’ng ka eena?
11 Daniele o tlaleha hore ha Babylona e ne e lihuoa, morena ea bitsoang “Dariase Momede” o ile a qala ho busa. (Daniele 5:31) Mehloling ea lefatše kapa ea lintho tse epolotsoeng tsa khale ha ho e-s’o fumanoe lebitso la Dariase oa Momede. Kahoo, The New Encyclopædia Britannica e tiisa hore Dariase enoa ke “motho ea inahaneloang.”
12. (a) Ke hobane’ng ha bahlahlobisisi ba Bibele ba lokela hore ebe ba tseba hamolemo ho feta ho bolela ba sa qeaqee hore ha ho mohla Dariase oa Momede a kileng a ba teng? (b) E ka ’na eaba Dariase oa Momede e ne e le mang, ’me ke bopaki bofe bo bontšang see?
12 Litsebi tse ling li bile hlokolosi haholoanyane. Ha e le hantle, bahlahlobisisi ba kile ba bolela hore Belshazare le eena ke ‘motho ea inahaneloang.’ Ha ho pelaelo hore taba ea Dariase e tla ba e tšoanang. Matlapa a ngotsoeng ka mongolo oa cuneiform a se a senotse hore Cyruse oa Mopersia ha aa ka a nka tlotla ea “Morena oa Babylona” hang-hang ka mor’a hore a e hape. Mofuputsi e mong o fana ka maikutlo a hore: “Mang le mang ea neng a e-na le tlotla ea ‘Morena oa Babylona,’ e ne e le morena ea tlas’a Cyruse, eseng Cyruse ka boeena.” Na ho ne ho ka etsahala hore ebe Dariase e bile lebitso le leholo, kapa tlotla ea mosebeletsi ea matla oa ’muso oa Media eo Babylona e neng e siiloe boikarabelong ba hae? Ba bang ba fana ka maikutlo a hore e ka ’na eaba Dariase e ne e le monna e mong ea neng a bitsoa Gubaru. Cyruse o ile a beha Gubaru e le ’musi oa Babylona, ’me litlaleho tsa lefatše li tiisa hore o ile a busa ka matla a maholo. Letlapa le leng la mongolo oa cuneiform le re o ile a khetha babusi ba tlaasana hore ba buse Babylona. Ho khahlisang ke hore Daniele o bolela hore Dariase o ile a khetha babusisi ba liprofinse ba 120 hore ba buse ’muso oa Babylona.—Daniele 6:1.
13. Ke lebaka lefe le utloahalang leo ka lona Dariase oa Momede a boleloang bukeng ea Daniele empa a sa boleloe litlalehong tsa lefatše?
13 Ka nako ea teng, bopaki bo tobileng haholoanyane ba hore na hantle-ntle morena enoa e ne e le mang bo ka ’na ba hlahella. Leha ho le joalo, se bonahalang eka ke ho khutsa ha boepolli ba lintho tsa khale tabeng ena, ho hang hase lebaka la ho bolela hore Dariase ke ‘motho ea inahaneloang,’ ’me ho hang re ke ke ra lahla buka eohle ea Daniele ka hore ke ea bolotsana. Ke ho utloahalang haholoanyane ho talima tlaleho ea Daniele e le bopaki ba paki e boneng ka mahlo bo qaqileng haholoanyane ho feta litlaleho tsa lefatše tse sa ntseng li le teng.
PUSO EA JOJAKIME
14. Ke hobane’ng ha ho ke ke ha boleloa hore Daniele le Jeremia baa hanyetsana mabapi le lilemo tsa puso ea Morena Jojakime?
14 Daniele 1:1 e baleha tjena: “Ka selemo sa boraro sa ho busa ha Jojakime morena oa Juda, Nebukadnezare morena oa Babylona a tla Jerusalema ’me a e thibella.” Bahlahlobisisi ba tšoaile lengolo lena phoso hobane ho bonahala le sa lumellane le Jeremia, ea bolelang hore selemo sa bone sa Jojakime e ne e le selemo sa pele sa Nebukadnezare. (Jeremia 25:1; 46:2) Na Daniele o ne a hanyetsa Jeremia? Taba ena e hlakisoa habonolo ka boitsebiso bo eketsehileng. Ha Faro Neko a etsa Jojakime morena ka lekhetlo la pele ka 628 B.C.E., e ile ea e-ba mohlanka feela oa ’musi eo oa Egepeta. Sena se etsahetse hoo e ka bang lilemo tse tharo pele Nebukadnezare a hlahlama ntat’ae boreneng ba Babylona ka 624 B.C.E. Nakoana ka mor’a moo (ka 620 B.C.E.), Nebukadnezare o ile a futuhela Juda ’me a etsa Jojakime morena oa mohlanka ea tlas’a Babylona. (2 Marena 23:34; 24:1) Ho Mojuda ea neng a phela Babylona, “selemo sa boraro” sa Jojakime e ne e tla ba selemo sa boraro sa ha morena enoa a sebeletsa Babylona e le mohlanka. Daniele o ngotse a e-na le pono eo. Leha ho le joalo, Jeremia o ngotse a e-na le pono ea Bajuda ba neng ba phela Jerusalema. Kahoo, o buile ka borena ba Jojakime e le bo qalang ha Faro Neko a ne a mo etsa morena.
15. Ke hobane’ng ha e le taba e sa utloahaleng ho hlasela nako e fumanoang ho Daniele 1:1?
15 Ka sebele, sena seo ho nahanoang hore ke ho se lumellane, se tiisa bopaki ba hore Daniele o ngotse buka ea hae a le Babylona ha a ntse a le har’a Bajuda ba kholehong. Empa ho na le phoso e ’ngoe e totobetseng mabakeng ana a behoang ho hanyetsa buka ea Daniele. Hopola hore mongoli oa Daniele ka ho hlakileng o ne a e-na le buka ea Jeremia ’me o bile a supa ho eona. (Daniele 9:2) Haeba mongoli oa Daniele e ne e le molotsana ea hlalefileng, joalokaha bahlahlobisisi ba bolela, na o ne a ka ipeha kotsing ea ho hanyetsa mohloli oa boitsebiso o hlomphuoang joaloka Jeremia—le hona e le temaneng ea pele feela ea buka ea hae? Ho hlakile hore o ne a ke ke!
MAKOLOPETSO A MATLA
16, 17. Bopaki ba lintho tse epolotsoeng tsa khale bo tšehelitse tlaleho ea Daniele joang ea (a) ho emisa ha Nebukadnezare setšoantšo sa bolumeli e le hore batho bohle ba hae ba se rapele? (b) boikutlo ba boithoriso ba Nebukadnezare ka mesebetsi ea hae ea kaho Babylona?
16 Joale, a re tloseng tlhokomelo ea rōna litabeng tse hanyetsang re ee ho tse tšehetsang. Nahana ka makolopetso a mang a bukeng ea Daniele a bontšang hore mongoli o ne a e-na le tsebo e tobileng ka linako tseo a ngotseng ka tsona.
17 Ho tloaelana ha Daniele le makolopetso a poteletseng mabapi le Babylona ea boholo-holo ke bopaki bo ke keng ba hlokomolohuoa ba bonnete ba tlaleho ea hae. Ka mohlala, Daniele 3:1-6 e tlaleha hore Nebukadnezare o ile a emisa setšoantšo se seholo hore batho bohle ba se rapele. Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane bopaki bo bong ba hore ’musi enoa o ne a batla hore batho ba hae ba amehe haholoanyane mekhoeng ea bochaba le ea bolumeli. Ka ho tšoanang, Daniele o tlaleha boikutlo ba boithoriso ba Nebukadnezare mabapi le mesebetsi ea hae e mengata ea kaho. (Daniele 4:30) Ke feela mehleng ea kajeno moo baepolli ba lintho tsa khale ba tiisitseng hore ka sebele Nebukadnezare o ne a tšehelitse boholo ba kaho e neng e etsoa Babylona. Tabeng ea boithoriso—ha ho makatse hore ebe monna enoa o ile a etsa hore lebitso la hae le ngoloe liteneng! Bahlahlobisisi ba Daniele ba sitoa ho hlalosa hore na motho enoa eo ba nahanang hore ke molotsana oa mehleng ea Bamaccabee (167-63 B.C.E.) o ne a ka tseba joang ka mesebetsi e joalo ea kaho—lilemo tse ka bang makholo a mane ka mor’a hore mehaho eo e hahuoe le nako e telele pele baepolli ba lintho tsa khale ba e sibolla.
18. Tlaleho ea Daniele ea mefuta e sa tšoaneng ea kotlo e neng e le teng pusong ea Babylona le pusong ea Persia e bontša joang hore e nepahetse?
18 Buka ea Daniele e boetse e senola ho se tšoane ho hong ho ka sehloohong pakeng tsa molao oa Babylona le oa Medo-Persia. Ka mohlala, tlas’a molao oa Babylona, metsoalle e meraro ea Daniele e ile ea lahleloa ka sebōping se chesang sa mollo ka lebaka la ho hana ho mamela taelo ea morena. Mashome a lilemo hamorao, Daniele o ile a lahleloa ka sekoting sa litau ka lebaka la ho hana ho mamela molao oa Persia o neng o hanana le letsoalo la hae. (Daniele 3:6; 6:7-9) Ba bang ba lekile ho itebatsa tlaleho ea sebōpi sa mollo ka ho re ke tšōmo, empa baepolli tsa lintho tsa khale ba fumane lengolo la sebele le tsoang Babylona ea boholo-holo le bolelang ka ho toba ka kahlolo ea mofuta ona. Leha ho le joalo, ho Bamede le Bapersia, mollo o ne o halalela. Ka hona ba ne ba sebelisa mefuta e meng e sehlōhō ea kahlolo. Kahoo, lemena la litau ha le hlahe e le mohlolo.
19. Buka ea Daniele e hlakisa ho se tšoane hofe pakeng tsa tsamaiso ea molao ea Babylona le ea Medo-Persia?
19 Ho hlaha phapang e ’ngoe. Daniele o bontša hore ka ho panya ha leihlo Nebukadnezare o ne a ka beha le ho fetola melao kamoo a ratang kateng. Ho ne ho se letho leo Dariase a neng a ka le etsa ho fetola ‘melao ea Bamede le Bapersia’—esita le eo eena ka boeena a neng a e behile! (Daniele 2:5, 6, 24, 46-49; 3:10, 11, 29; 6:12-16) Rahistori John C. Whitcomb oa ngola: “Histori ea boholo-holo e paka ho se tšoane hona pakeng tsa Babylona, moo molao o neng o laoloa ke morena, le Medo-Persia, moo morena a neng a laoloa ke molao.”
20. Ke makolopetso afe mabapi le mokete oa Belshazare a bontšang hore Daniele o ne a e-na le tsebo e tobileng ka meetlo ea Bababylona?
20 Tlaleho e hlollang ea mokete oa Belshazare, e tlalehiloeng ho Daniele khaolo ea 5, e na le makolopetso a mangata. Kamoo ho bonahalang kateng, o ile oa qala ka lijo tse bobebe le ho noa haholo, hobane ho buuoa ka veine ka makhetlo a mangata. (Daniele 5:1, 2, 4) Ha e le hantle, litšoantšo tse betliloeng tsa mekete e tšoanang li bontša feela ha ho nooa veine. Motheong oa bopaki bo teng, veine e ne e le ea bohlokoa haholo meketeng e joalo. Daniele o boetse o bolela hore moketeng ona ho ne ho e-na le basali—lirethe tsa morena le basali ba hae ba mafielo. (Daniele 5:3, 23) Lintho tsa khale tse epolotsoeng li tšehetsa makolopetso ana a moetlo oa Bababylona. Khopolo ea basali ba bang le banna moketeng e ne e le e nyatsehang ho Bajuda le Bagerike ba mehleng ea Bamaccabee. Mohlomong ke ka lona lebaka leo liphetolelo tsa pele tsa phetolelo ea Daniele ea Septuagint ea Segerike li sa bueng ka basali bana.c Leha ho le joalo, motho enoa eo ho boleloang hore o ngotse Daniele ka bolotsana o ne a tla be a phetse nakong e tšoanang ea moetlo oa Segerike, ’me mohlomong ebile e le nakong e tšoanang e tloaelehileng, eo ka eona ho ileng ha hlahisoa Septuagint!
21. Tlhaloso e utloahalang ka ho fetisisa ea hore ebe Daniele o ne a e-na le tsebo e tebileng ka linako le meetlo tsa mehla ea kholeho Babylona ke efe?
21 Ka lebaka la makolopetso a joalo, ho bonahala ho le thata ho lumela hore ebe Britannica e ne e ka hlalosa mongoli oa buka ea Daniele e le ea nang le tsebo “e sa fellang le e sa nepahalang” ea mehla ea kholeho. Ke joang molotsana leha e le ofe oa makholong a morao a lilemo a neng a ka tseba mekhoa ea boholo-holo ea Bababylona le ea Bapersia ka botebo hakaalo? Hape, u hopole hore mebuso ena ka bobeli e ne e feletsoe ke matla nako e telele pele ho lekholo la bobeli la lilemo B.C.E. Ho totobetse hore ho ne ho se na baepolli ba lintho tsa khale ka nako eo; leha e le hore Bajuda ba nakong eo ba ne ba e-ba motlotlo ka ho tseba litso tsa linaha tse ling. Ke moprofeta Daniele feela, ea neng a e-na le tsebo e tobileng ea linako le liketsahalo tseo a li hlalositseng ea neng a ka ngola buka ea Bibele e reheletsoeng ka eena.
NA MABAKA A KA NTLE A PAKA HORE BUKA EA DANIELE E NGOTSOE KA BOLOTSANA?
22. Bahlahlobisisi ba re’ng mabapi le sebaka sa Daniele lethathamong la libuka tse amoheloang e le karolo ea Mangolo a Seheberu?
22 Le leng la mabaka a tloaelehileng ka ho fetisisa le behoang ho hanyetsa buka ea Daniele le ama sebaka sa eona lethathamong la libuka tse amoheloang e le karolo ea Mangolo a Seheberu. Bo-rabi ba boholo-holo ba ile ba hlophisa libuka tsena tsa Mangolo a Seheberu ka lihlopha tse tharo: Molao, Baprofeta le Mangolo. Ha baa ka ba thathamisa Daniele har’a Baprofeta, empa ba ile ba e thathamisa har’a Mangolo. Bahlahlobisisi ba pheha khang ea hore sena se bolela hore buka ena e tlameha ebe e ne e sa tsejoe nakong ea ha ho ne ho bokelloa mangolo a baprofeta ba bang. Ho lumeloa hore e thathamisitsoe har’a Mangolo hobane a ile a bokelloa hamorao.
23. Bajuda ba boholo-holo ba ne ba nka buka ea Daniele joang, ’me re tseba see joang?
23 Leha ho le joalo, hase bafuputsi bohle ba Bibele ba lumelang hore bo-rabi ba boholo-holo ba ile ba arola lethathamo la libuka tse amoheloang e le karolo ea Mangolo a Halalelang ka mokhoa o sa fetoheng joalo kapa hore ba ile ba qhelela Daniele ka thōko ho Baprofeta. Empa le haeba bo-rabi ba ile ba fela ba thathamisa Daniele har’a Mangolo, na see se ne se tla paka hore e ile ea ngoloa hamorao? Che. Litsebi tse hlomphehang li ’nile tsa fana ka mabaka a mangata a hore na mohlomong ke hobane’ng ha bo-rabi ba ile ba qhelela Daniele ka thōko ho Baprofeta. Ka mohlala, e ka ’na eaba ba ile ba etsa joalo hobane buka ena e ne e ba khopisa kapa hobane ba ne ba nka Daniele ka boeena e le mokhelo ho baprofeta ba bang ka hore o ne a sebetsa mosebetsi oa lefatše naheng esele. Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa ke ena: Bajuda ba boholo-holo ba ne ba hlompha buka ea Daniele ka botebo ba bile ba e nka e le karolo ea lethathamo la libuka tse amoheloang tsa Mangolo a Halalelang. Ho feta moo, bopaki bo fana ka maikutlo a hore lethathamo la libuka tse amoheloang tsa Mangolo a Seheberu le ile la phethoa khale pele ho lekholo la bobeli la lilemo B.C.E. Tse ileng tsa eketsoa hamorao li ne li sa lumelloe ho hang, ho akarelletsa tse ling tsa libuka tse ngotsoeng lekholong la bobeli la lilemo B.C.E.
24. Buka ea Ecclesiasticus ea mangolo a neano ao e seng karolo ea Bibele e ’nile ea sebelisoa joang khahlanong le buka ea Daniele, ’me ke eng se bontšang hore monahano oo o fosahetse?
24 Taba e makatsang ke hore e ’ngoe ea libuka tsena tsa morao tse sa kang tsa amoheloa e ’nile ea sebelisoa e le bopaki khahlanong le buka ea Daniele. Ho totobetse hore buka ea mangolo a neano ao e seng karolo ea Bibele e bitsoang Ecclesiasticus, ea Jesus Ben Sirach, e ngotsoe hoo e ka bang ka 180 B.C.E. Bahlahlobisisi ba rata ho bolela hore Daniele o qheletsoe ka thōko lethathamong le lelelele la banna ba lokileng le bukeng ena. Ba beha lebaka la hore e tlameha ebe Daniele o ne a sa tsejoe ka nako eo. Lebaka lena le amoheleha haholo har’a litsebi. Empa nahana: Lethathamo lona leo le siile Esdrase le Mordekai ka thōko (bao bobeli ba bona e neng e le bahale ba baholo mahlong a Bajuda ba ka mor’a kholeho), Morena Josafate ea molemo le monna ea lokileng Jobo; ho baahloli bohle, e bua ka Samuele feela.d Kaha banna ba joalo ba siiloe ka thōko lethathamong le sa ipoleleng hore le akarelitse sohle, le hlahang bukeng eo e seng karolo ea lethathamo la Mangolo a Halalelang, na re lokela ho ba qhelela ka thōko kaofela ha bona ka ho re ke batho ba inahaneloang? Maikutlo ao ka booona ha a utloahale.
BOPAKI BA KA NTLE BO EMELANG DANIELE
25. (a) Josephus o ile a paka bonnete ba tlaleho ea Daniele joang? (b) Tlaleho ea Josephus mabapi le Alexandere e Moholo le buka ea Daniele li lumellana ka tsela efe le histori e tsejoang? (Bona mongolo oa bobeli o botlaaseng ba leqephe.) (c) Bopaki ba puo bo tšehetsa bonnete ba buka ea Daniele joang? (Bona leqephe la 26.)
25 A re boeleng linthong tse fanang ka maikutlo a matle. Ho ’nile ha etsoa tlhahiso ea hore ha ho buka e ’ngoe ea Mangolo a Seheberu e pakoang hantle joaloka Daniele. Ho tea mohlala: Rahistori oa Mojuda ea tsebisahalang Josephus o paka bonnete ba eona. O bolela hore Alexandere e Moholo, nakong ea ntoa ea hae khahlanong le Persia lekholong la bone la lilemo B.C.E., o ile a tla Jerusalema, moo baprista ba ileng ba mo bontša kopi ea buka ea Daniele. Alexandere ka boeena o ile a fihlela qeto ea hore mantsoe a boprofeta ba Daniele ao a neng a a bontšoa a ne a bua ka letšolo la hae la ntoa le amang Persia.e Sena se ne se tla be se etsahetse hoo e ka bang lilemo tse lekholo le halofo pele ho “bolotsana” bo boleloang ke bahlahlobisisi. Ha e le hantle, bahlahlobisisi ba ’nile ba hlasela Josephus mabapi le serapa sena. Ba boetse ba mo hlasela ka ho ngola hore bo bong ba boprofeta bo bukeng ea Daniele bo ile ba phethahala. Leha ho le joalo, joalokaha rahistori Joseph D. Wilson a boletse, “Mohlomong [Josephus] o ne a tseba taba ena ho feta bahlahlobisisi bohle ba teng lefatšeng.”
26. Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e tšehelitse bonnete ba buka ea Daniele joang?
26 Bonnete ba buka ea Daniele bo ile ba tšehetsoa ka ho eketsehileng ha Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e ne e fumanoa mahaheng a Qumran, Iseraele. Ho makatsang ke hore har’a lintho tse ngata tse fumanoeng ka 1952, ho na le meqolo le mesaletsa e tsoang bukeng ea Daniele. Ea khale ka ho fetisisa ke ea qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo B.C.E. Ka lebaka leo, nakong eo ea khale, buka ea Daniele e ne e se e ntse e tsejoa hantle ’me e hlomphuoa ka bophara. The Zondervan Pictorial Encyclopedia of the Bible e re: “Mokhoa oa Bamaccabee oa ho beha nako ea [buka ea] Daniele, o lokela ho lahloa joale, haholo-holo hobane ho ne ho ke ke ha e-ba le lekhalo le lekaneng pakeng tsa ho ngoloa ha Daniele le ho hlaha ha eona ka sebōpeho sa likopi laebraring ea sehlotšoana sa bolumeli sa Bamaccabee.”
27. Bopaki ba khale-khale ba hore Daniele e ne e le motho oa sebele ea neng a tsebahala nakong ea kholeho ea Babylona ke bofe?
27 Leha ho le joalo, ho na le bopaki ba khale haholo le bo tšepahalang haholoanyane bakeng sa buka ea Daniele. Motho e mong ea phetseng mehleng ea Daniele e ne e le moprofeta Ezekiele. Le eena o sebelelitse e le moprofeta nakong ea kholeho Babylona. Ka makhetlo a mangata, buka ea Ezekiele e bolela Daniele ka lebitso. (Ezekiele 14:14, 20; 28:3) Litšupiso tsena li bontša hore esita le bophelong ba hae, lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., Daniele o ne a se a ntse a tsebahala e le monna ea lokileng le ea bohlale, ea tšoaneloang ke hore a boleloe hammoho le Noe le Jobo ba tšabang Molimo.
PAKI E KHŌLŌ KA HO FETISISA
28, 29. (a) Bopaki bo kholisang ka ho fetisisa ba hore buka ea Daniele ke ’nete ke bofe? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho amohela bopaki ba Jesu?
28 Leha ho le joalo, qetellong a re nahaneng ka paki e khōlō ho feta tsohle tsa bonnete ba Daniele—eo e seng mang kapa mang haese Jesu Kreste. Ha Jesu a ne a bua ka matsatsi a ho qetela, o bua ka “Daniele moprofeta” le bo bong ba boprofeta ba Daniele.—Matheu 24:15; Daniele 11:31; 12:11.
29 Joale, haeba khopolo ea bahlahlobisisi ka Bamaccabee e ne e nepahetse, e ’ngoe ea lintho tsena tse peli e ne e tla tlameha ho ba ’nete. Jesu o ne a thetsitsoe ke bolotsana bona kapa ha ho mohla a ileng a bua mantsoe ao Matheu a a qotsang ao a reng o ile a a bua. Likhopolo tseo ka bobeli ha li sebetse. Haeba re ke ke ra itšetleha ka tlaleho ea Kosepele ea Matheu, ke joang re ka itšetlehang ka likarolo tse ling tsa Bibele? Haeba re tlosa lipolelo tseo, ke mantsoe afe hape ao re tla a tlosa maqepheng a Mangolo a Halalelang? Moapostola Pauluse o ngotse: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, . . . bakeng sa ho otlolla lintho.” (2 Timothea 3:16) Kahoo, haeba Daniele e ne e le molotsana, Pauluse le eena e ne e le molotsana! Na ebe Jesu o ne a thetsitsoe? Le hanyenyane. O ne a phela leholimong ha ho ne ho ngoloa buka ea Daniele. Jesu o bile a re: “Pele Abrahama a e-ba teng, ke bile teng.” (Johanne 8:58) Har’a batho bohle ba kileng ba phela, Jesu ke eena ea molemo ka ho fetisisa eo re neng re ka kōpa boitsebiso bo mabapi le bonnete ba Daniele ho eena. Empa ha ho hlokahale hore re bo kōpe. Joalokaha re bone, bopaki ba hae bo hlakile ka ho fetisisa.
30. Jesu o ile a tiisa bonnete ba buka ea Daniele ka ho eketsehileng joang?
30 Jesu o ile a paka bonnete ba buka ea Daniele ka ho eketsehileng nakong ea kolobetso ea hae. E bile Mesia ka nako eo, a phethahatsa boprofeta bo ho Daniele bo mabapi le libeke tse 69 tsa lilemo. (Daniele 9:25, 26; bona Khaolo ea 11 ea buka ena.) Haeba khopolo ea hore Daniele e ile ea ngoloa hamorao e ne e le ’nete, mongoli oa Daniele o ntse a tsebile bokamoso lilemo tse ka bang 200 pele ho nako. Ho hlakile hore Molimo o ne a ke ke a bululela molotsana hore a bolele boprofeta ba ’nete a ngola ka lebitso le iqapetsoeng. Che, bopaki ba Jesu bo amoheloa ka pelo eohle ke batho ba tšepahalang ho Molimo. Haeba litsebi tsohle, bahlahlobisisi bohle ba teng lefatšeng ba ne ba ka iketsa ntho e le ’ngoe ho hanyetsa Daniele, bopaki ba Jesu bo ne bo tla ba shanofatsa, hobane ke “paki e tšepahalang le ea ’nete.”—Tšenolo 3:14.
31. Ke hobane’ng ha bahlahlobisisi ba bangata ba Bibele ba ntse ba sa kholiseha ka bonnete ba Daniele?
31 Le bona bopaki bona ha boa lekana ho bahlahlobisisi ba bangata ba Bibele. Ka mor’a ho hlahloba taba ena ka ho feletseng, ha ho seo motho a ka se etsang haese ho ipotsa hore na ho ka ba le bopaki leha e le bofe bo ka lekanang ho ba kholisa. Moprofesa e mong oa Univesithi ea Oxford o ile a ngola: “Ha ho molemo oa letho o fumanoang ka ho arabela likhanyetso hafeela leeme la pele la hore ‘ho ke ke ha e-ba le boprofeta bo tsoang matleng a phahametseng tlhaho,’ le ntse le le teng.” Ka hona, leeme la bona lea ba foufatsa. Empa seo ke khetho ea bona—le tahleho ea bona.
32. Re ka lebella eng thutong ea rōna ea Daniele?
32 Ho thoe’ng ka uena? Haeba u ka bona hore ha ho na lebaka la sebele la ho belaella bonnete ba buka ea Daniele, joale u mocheng oa ho qalisa thabo ea ho sibolla lintho. U tla fumana litaba tse tlalehiloeng ho Daniele e le tse hlollang le boprofeta e le bo hapang maikutlo. Sa bohlokoa haholoanyane, u tla fumana tumelo ea hao e ntse e hōla khaolong e ’ngoe le e ’ngoe. Ha ho mohla u tla ikoahlaela ho ela hloko boprofeta ba Daniele!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bahlahlobisisi ba bang ba leka ho koekoetla qoso ea bolotsana ka ho bolela hore mongoli o ile a sebelisa Daniele e le lebitso le iqapetsoeng, feela joalokaha libuka tse ling tsa boholo-holo tseo e seng karolo ea mangolo a halalelang li ile tsa ngoloa ka mabitso a iqapetsoeng. Leha ho le joalo, mohlahlobisisi oa Bibele Ferdinand Hitzig o ne a e-na le maikutlo a hore: “Taba ea buka ea Daniele, haeba ho boleloa hore e ngotsoe ke [mongoli] leha e le ofe e mong, ho ke ke ha thoe o sebelisitse lebitso le iqapetsoeng. Haeba ho sebelisitsoe lebitso le iqapetsoeng, e fetoha sengoliloeng sa bolotsana, ’me sepheo e ne e le ho thetsa babali ba nakong ea mongoli, le hoja seo se ne se le molemong oa bona.”
b Nabonidus o ne a le sieo ha Babylona e oa. Kahoo, ke ka nepo ha ho hlalosoa hore Belshazare e ne e le morena ka nako eo. Bahlahlobisisi ba baleha ’nete ka hore ba re litlaleho tsa lefatše ha li nehe Belshazare tlotla ea molao ea morena. Leha ho le joalo, bopaki ba boholo-holo bo fana ka maikutlo a hore mehleng eo, le eena ’musi batho ba ne ba ka ’na ba mo bitsa morena.
c Setsebi sa Seheberu C. F. Keil, oa ngola ka Daniele 5:3: “Ho latela moetlo oa Bamacedonia, Bagerike le Baroma, LXX. mona, esita le tem. 23, ha e bue ka basali.”
d Ho fapana le seo, lethathamo le bululetsoeng la moapostola Pauluse la banna le basali ba tšepahalang ba boletsoeng ho Baheberu khaolo ea 11, le bonahala le bua ka liketsahalo tse tlalehiloeng ho Daniele. (Daniele 6:16-24; Baheberu 11:32, 33) Leha ho le joalo, lethathamo la moapostola le lona ha le akarelletse bohle. Ho na le ba bangata, ba akarelletsang Esaia, Jeremia le Ezekiele, ba sa boleloang ka mabitso lethathamong lena, empa ho hang sena ha se pake hore ha ho mohla ba kileng ba e-ba teng.
e Bo-rahistori ba bang ba ngotse hore sena se ne se tla hlalosa hore na ke hobane’ng ha Alexandere a ne a le mosa hakana ho Bajuda, bao e neng e bile metsoalle ea Bapersia ka nako e telele. Ka nako eo, Alexandere o ne a le letšolong la ho felisa metsoalle eohle ea Persia.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Buka ea Daniele e qositsoe ka eng?
• Ke hobane’ng ha ho hlasela ha bahlahlobisisi buka ea Daniele ho se na motheo?
• Ke bopaki bofe bo tšehetsang bonnete ba tlaleho ea Daniele?
• Ke bopaki bofe bo kholisang ka ho fetisisa hore buka ea Daniele ke ’nete?
[Lebokose le leqepheng la 26]
Taba ea Puo
HO NGOLOA ha buka ea Daniele ho ile ha phethoa hoo e ka bang ka 536 B.C.E. E ngotsoe ka puo ea Seheberu le ea Searame, ka mantsoe a seng makae a Segerike le a Sepersia. Motsoako o joalo oa lipuo ha oa tloaeleha empa hase mokhelo Mangolong. Buka ea Bibele ea Esdrase le eona e ne e ngotsoe ka Seheberu le Searame. Leha ho le joalo, bahlahlobisisi ba bang ba tsitlella hore mongoli oa Daniele o sebelisitse lipuo tsena ka tsela e pakang hore o ngotse nakong ea morao ho feta 536 B.C.E. Ho boleloa hore mohlahlobisisi e mong eo mantsoe a hae a qotsoang haholo o re ho sebelisoa ha mantsoe a Segerike ho Daniele ho bontša hore e tlameha ebe e ngotsoe hamorao. O tiisa hore Seheberu se tšehetsa taba ea hore e ngotsoe hamorao ’me Searame sona bonyane se fana ka monyetla oa hore ebe e ngotsoe nakong eo—esita le ea morao hoo e ka bang lekholong la bobeli la lilemo B.C.E.
Leha ho le joalo, hase litsebi tsohle tsa puo tse lumelang. Litsebi tse ling li boletse hore Seheberu sa Daniele se tšoana le sa Ezekiele le Esdrase le hore ha se tšoane le se fumanoang libukeng tsa mangolo a neano a morao-rao ao e seng karolo ea Bibele a kang Ecclesiasticus. Mabapi le ho sebelisa ha Daniele Searame, nahana ka litokomane tse peli tse fumanoeng har’a Meqolo ea Leoatle le Shoeleng. Le tsona ke tsa Searame ’me nako ea ho ngoloa ha tsona ke ea ho tloha lekholong la pele le la bobeli la lilemo B.C.E.—nakoana ka mor’a seo ho thoeng ke ho ngoloa ha Daniele ka bolotsana. Empa litsebi li hlokometse ho se tšoane ho tebileng pakeng tsa Searame se litokomaneng tsena le se fumanoang ho Daniele. Kahoo, ba bang ba etsa tlhahiso ea hore e tlameha ebe buka ea Daniele ke ea khale ka makholo a lilemo ho feta kamoo bahlahlobisisi ba eona ba tiisang kateng.
Ho thoe’ng ka mantsoe “a khathatsang” a Segerike a bukeng ea Daniele? A mang a ’ona ho sibolotsoe hore hase a Segerike ho hang, ke a Sepersia! Mantsoe feela ao ho ntseng ho nahanoa hore ke a Segerike ke mabitso a liletsa tse tharo tsa ’mino. Na boteng ba mantsoe aa a mararo bo hlile bo bontša hore e tlameha ebe Daniele e ngotsoe hamorao? Che. Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane hore mekhoa ea Bagerike e ne e e-na le tšusumetso makholo a lilemo pele Greece e e-ba ’muso oa lefatše. Ho feta moo, haeba buka ea Daniele e ne e ngotsoe lekholong la bobeli la lilemo B.C.E., ha mekhoa le puo ea Bagerike li ne li tletse hohle, na e ne e ka ba le mantsoe a mararo feela a Segerike? Le hanyenyane. Mohlomong e ne e tla ba le a mangata ho feta moo hōle. Kahoo bopaki ba tsa puo bo hlile bo tšehetsa bonnete ba Daniele.
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 12]
[Litšoantšo tse leqepheng la 20]
(Ka tlaase) Moqomo oa tempele ea Babylona o bolela Morena Nabonidus le mora oa hae Belshazare ka mabitso
(Ka holimo) Mongolo ona o fatiloeng o bua ka boithoriso ba Nebukadnezare mabapi le mesebetsi ea hae ea kaho
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Ho latela Tlaleho ea Nabonidus, lebotho la Cyruse le ile la kena Babylona ho se ntoa
[Litšoantšo tse leqepheng la 22]
(Ka ho le letona) “Verse Account of Nabonidus” e tlaleha hore Nabonidus o ile a beha puso matsohong a letsibolo la hae
(Ka ho le letšehali) Tlaleho ea Babylona ea ho hlasela ha Nebukadnezare Juda