Part 3—Babylona e Matla—’Muso oa Boraro o Moholo oa Lefatše
Babylona ea boholo-holo e ile ea fihla tlhōrōng ea bophahamo ba eona tlas’a Nebukadnezare, ea nea lefatše bolumeli ba eona, ’me ea haptjoa ka bosiu bo le bong. Ho tseba ka ho eketsehileng ka motse ona ho tla matlafatsa kholiseho ea hao ho nepahaleng ha Bibele le phethahatsong e sa foseng ea boprofeta ba eona bo hlollang.
BABYLONA e matla e ne e lutse ka boqhoele e takalalitse holim’a nōka ea Eufrate e Mesopotamia boroa. E ne e le “letlotlo la mebuso,” setsi sa bolumeli, sa khoebo, le sa sesole. (Esaia 13:19) E ne e e-na le leruo le leholo, mehaho e majaba-jaba, le lirapa tse tummeng lefatšeng. E ne e le ’muso oa lefatše oa mehleng ea eona!
Leha ho le joalo, moprofeta oa Jehova Jeremia o ile a bululeloa ho ngola: “Babylona o tla etsoa liqubu tsa majoe, leaho la liphokojoe, makatso le sesomo, moo ho seng moahi teng.”—Jeremia 51:37.
Motse oo o moholo e be lesupi ka ho feletseng? Ke mang ea neng a ka nahana ntho e joalo? Empa, hoo e kileng ea e-ba Babylona e ikhohomosang hona joale ke pokello e soabisang ea litutulu tsa lesupi, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 80 ka boroa ho Baghdad, Iraq boroa-bochabela. Ke eng e ileng ea lebisa ho oeng ha eona?
Babylona, o mong oa metse e meholo ea lefatše ea khale ka ho fetisisa, e ile ea theoa ke setloholoana sa Noe Nimrode, setsomi se matla se neng se hanyetsa Jehova. (Genese 10:8-10) Leha ho le joalo, nako eo re e thahasellang e ile ea tla nako e telele kamorao ho mehla ea Nimrode. E ile ea tla kamor’a hore e be Egepeta le Assyria e ile ea e-ba mebuso e kaholimo-limo ea lefatše.
Babylona Mehleng ea Nebukadnezare
Hoo e ka bang lilemo tse 2 600 tse fetileng, morao koo selemong sa 632 B.C.E., Bababylona le metsoalle ea bona ba ile ba phethola Assyria.a Eaba Babylona e nkela Assyria sebaka, e e-ba ’muso oa boraro o moholo oa lefatše historing ea Bibele.
Nebukadnezare, ea ileng a nka terone ea ’Muso ona oa Neo-Babylonia, kapa Babylona e Ncha, e ne e se mohapi feela—empa e boetse e le sehahi sa metse. Ka kakaretso, ho ka boleloa hore marako a Babylona le mehaho ea eona e khahlehang, li bile teng ka baka la hae. Litene tse ngata li ’nile tsa fumanoa li e-na le lebitso “Nebukadnezare”—eena Nebukadnezare ea boletsoeng hangata hakana libukeng tsa Bibele tsa Jeremia le Daniele, Nebukadnezare eo Bibele e mo qotsang a ithorisa: “Na hase oona Babylona o moholo, oo ke o hahileng ka matla a ka?”—Daniele 4:30.
Marako a mabeli a maholo a ne a lika-likelitse Babylona, ho tšetsoe likotoana tsa majoe pakeng tsa ’ona. Ha a kopane, a ne a etsa mokoallo oa bophara bo fetang limithara tse 24. Kantle ho marako ho ne ho e-na le letamo le etsang bophara ba limithara tse 20 ho ea ho tse 80, le neng le hahiloe ka setene kahare, ’me le sebelisoa ke liketsoana tsa mefuta eohle.
Tsela e khōlō e tsoang ka leboea e ne e feta Keiting ea Ishtar e limithara tse 12 ho leba tseleng e khōlō ea motse, ’Mileng o sephara oa Mekoloko. Ntlo ea Nebukadnezare ea borena e ne e le ka ho le letona, kahare ho Keiti ea Ishtar. Kamore ea eona eo terone e neng e lula ho eona e ne e etsa bophara ba limithara tse 17 le bolelele ba limithara tse 52. Keiti le marako a neng a leba ho eona li ne li khabisitsoe ka likarolo tse entsoeng ka litene tse benyang tse mebala e khanyang tse neng li tšoantšetsa litau, lipoho, le lidrakone. E ’ngoe ea litau e ka bonoa moo e bontšitsoeng ntlong ea polokelo ea lintho tsa khale e Louvre, Paris.
Bolumeli ba Babylona
Lebitso la Seheberu bakeng sa motse, Babele, le bolela “pherekano,” ha mabitso a oona a Sesumere le Seakkadia a bolela “Keiti ea Molimo.” Litlhaloso tseo ka bobeli li amahanya Babylona le bolumeli ba eona. Liithuti tse ling li lumela hore e ka ’na eaba molimo oa Babylona Marduk (Merodake ka Bibeleng) e ne e le Nimrode a entsoe molimo. Bolumeli ba Babylona bo ne bo boetse bo amohela melimo e ’maloa e tsamaeang ka lihlopha tsa boraro. O mong o joalo ke o neng o entsoe ka Sin (molimo oa khoeli), Shamash (molimo oa letsatsi), le Ishtar (molimotsana oa lerato le kemolo).
Bolepi ba linaleli bo ne bo atile haholo moo. Bababylona ba ile ba rehella lipolanete tse neng li tsebjoa ka nako eo ka melimo le melimotsana ea bona e mehlano e kapele-pele. Buka ea kajeno ea histori ea hlalosa: “Re bitsa lipolanete tsena ka mabitso a tsona a Seroma, empa Baroma ba ne ba nkile mantsoe a Sebabylona ba mpa ba a fetoletse ho a tšoanang le ’ona a Seroma. Kahona polanete ea Ishtar, molimotsana oa lerato, e ile ea fetoha Venus, ’me ea molimo Marduk e ile ea fetoleloa ho Jupiter.”b Lebitso “Mokalde,” le neng le sebelisoa ke Bababylona, le ile la ba la batla le bolela ntho e tšoanang le “molepi oa linaleli.”
Bibele e bolela hore Babylona e ne e le “lefatše la litšoantšo tse betliloeng” le la “litšoantšo tse manyala” tse nyonyehang. (Jeremia 50:2, 38, NW) Empa likhopolo tsa eona tsa bolumeli li ile tsa fetoha mohloli o moholo oa malumeli a mang lefatšeng ka bophara. Moprofesa Morris Jastrow oa ngola ho The Religion of Babylonia and Assyria: “Lefatšeng la boholo-holo, pele ho ho phahama ha Bokreste, Egepeta, Persia, le Greece li ile tsa utloa tšusumetso ea bolumeli ba Babylona.” Hamorao, likhopolo tsa eona tse ngata li ile tsa amoheloa tsa ba tsa rutoa le likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana. Kahona, Bibele e bitsa ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata “Babylona e moholo.”—Tšenolo 17:3-5.
Jerusalema e Haptjoa ke Babylona
Moprofeta Esaia o ne a phela nakong eo Assyria, ’muso oa bobeli oa lefatše, e neng e busa lefatše la boholo-holo. Empa o ile a bululeloa ke Molimo hore a profete hore Jerusalema e ne e tla timetsoa, e seng ke Baassyria ba neng ba le matla ka nako eo, empa ke Bababylona. (Esaia 39:6, 7) Na boprofeta boo bo ile ba ipaka e le ’nete? A re boneng.
E ne e le lekholo la lilemo kamorao ho mehla ea Esaia ha Babylona le metsoalle ea eona e hapa Assyria, ’me Babylona e fetoha ’muso o mocha oa lefatše. Joale, ka 617 B.C.E., morena oa Babylona Nebukadnezare o ile a hapa Morena Jojakine oa Jerusalema ’me a mo romela Babylona le ‘banna ba bang ba baholo lefatšeng’ leo e le batšoaruoa. Nebukadnezare o ile a bea Matthania boreneng Jerusalema ’me “a mo fetola lebitso, a mo rea la Tsedekia.”—2 Marena 24:11-17.
Litlaleho tsa Babylona ka botsona, tse fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa boholo-holo, le tsona li tiisa ketsahalo ena. Tlaleho ea histori ea Babylona, matlapa a boholo-holo a letsopa ao ho neng ho tlalehiloe liketsahalo tse khōlō ho ’ona, a bolela hore morena oa Babylona “o ile a lika-liketsa motse oa Juda [Jerusalema], ’me . . . a nka motse a ba a hapa morena. O ile a beha morena eo a ikhethetseng eena hona moo, a amohela lekhetho la eona le boima ’me a (ba) romela Babylona.”
Ho feta moo, Bibele e bua ka tokisetso ea lijo tse neng li fuoa Jojakine ha eena a ntse a le kholehong Babylona. (2 Marena 25:27-30) Baepolli ba lintho tsa boholo-holo ba fumane litokomane tsa tsamaiso ea Babylona tse buang ka tokisetso ea lijo tse neng li fuoa “Jojakine, morena” ’moho le “bara ba morena oa Juda.”
Le hoja batho ba Jerusalema ba ne ba le kamanong ea selekane le Jehova Molimo, ka manganga ba ne ba ntse ba hana ho latela litsela tsa Molimo kapa ho utloa baprofeta ba oona. Jehova o ile a re ba ne ba “satalalitse melala ea bona, hore ba tle ba se ke ba utloa lentsoe la ka.” O ile a lemosa ka Jeremia hore “Ke tla neela Juda kaofela matsohong a morena oa Babylona, a tle a ba ise kholehong Babylona, a ba bolaee ka lerumo.”—Jeremia 19:15; 20:4.
Kahoo ha Tsedekia a fetohela Nebukadnezare, Bababylona ba ile ba khutla ’me ba lika-liketsa Jerusalema. Ba ile ba kena marako a eona ka likhōka ka la 9 Tammuze, 607 B.C.E. Ba ile ba chesa tempele, ba heletsa marako a motse, ’me ba nka Tsedekia le batho ba bangata ho ba isa kholehong Babylona. Ka sebele mantsoe a Jehova a ile a ipaka e le ’nete: “Lefatše lena lohle le tla etsoa tšenyeho le makatso, ’me lichaba tsena li tla sebeletsa morena oa Babylona ka lilemo tse mashome a supileng.”—Jeremia 25:11.
Setšoantšo sa Toro ea Nebukadnezare
Hamorao, morena Nebukadnezare oa Babylona, hlooho ea ’muso oa lefatše oa mehleng ea hae, o ile a fumana boitsebiso bo bong bo sa tloaelehang. Molimo o ile oa mo fa toro ea setšoantšo se seholo. Toro eo e ile ea senola kemiso ea histori ea lefatše ho tloha mehleng ea Nebukadnezare ho theosa le lilemo ho fetela mebusong e hlahlamang ea lefatše ea Medo-Persia le Greece, ho feta Roma, esita le kamorao ho mehla ea rōna ea hona joale ho fihlela ha mebuso ea batho e nkeloa sebaka ka ho feletseng ke ’Muso oa Molimo. Moprofeta oa Molimo Daniele o ile a bolella Nebukadnezare: “Molimo o moholo o tsebisitse morena se tlang ho etsahala ka morao ho mehla ena; toro ke ea ’nete, ’me koahollo ea eona e tiile.”—Daniele 2:28-45.
Hape Nebukadnezare o ile a lokela ho ithuta ka boeena, ka tsela e matla haholo, hore Molimo o ka kenya letsoho litabeng tse joalo tsa lefatše—hore “Mookameli ea phahameng o na le ’muso holim’a borena ba motho, le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.”—Daniele 4:25.
Tšenyo ea Babylona E hlile ea Boleloa Esale Pele
Leha ho le joalo, sehlōhō sa Babylona se feteletseng ho batho ba Jehova se ne se ke ke sa tloheloa se sa lefeletsoa. Ka Jeremia, Molimo o ne o ile oa re: “Empa ke tla busetsa ho Babylona le ho baahi kaofela ba Kalde bobe bohle ba bona, boo ba ileng ba bo etsa Sione pel’a mahlo a lōna.” ’Me o ne a ile a bolela esale pele ka Esaia: “Ke tla tsosetsa Babylona ba-Mede.”—Jeremia 51:24; Esaia 13:17.
Hoo e ka bang makholo a mabeli a lilemo esale pele, Jehova o bile a fana ka lebitso la moeta-pele ea neng a tla liha Babylona le ho lokolla batho ba Hae—Cyruse, eo hape a tsebjoang e le Cyruse e Moholo. Boprofeta bo buang ka Cyruse bo ile ba re ho ne ho tla buloa “menyako pel’a hae, hore menyako e se ke ea koaloa.” (Esaia 44:26–45:1) Na ntho e joalo e hlile ea etsahala? Histori ea araba.
Babylona ea Oa!
Ha lilemo tse 70 tse boletsoeng esale pele tsa kholeho ea Bajode li le haufi le ho fela, Bamede le Bapersia ba ile ba kena tseleng ka mabotho a bona. Morena oa Babylona Nabonidus o ne a se a ntse a balehile Cyruse lebaleng la ntoa. Rahistori oa Mogerike Herodotus o bolela hore Bababylona ba ne ba hlomelletsoe ho mamella ho lika-liketsoa ka nako e telele haholo. ’Me ho bonahala hore ba ne ba tšepile haholo marako a matla a Babylona.
Joalokaha tlaleho ea Bibele e bolela, bosiung ba la 5/6 Mphalane selemong sa 539 B.C.E., Belshatsare o ne a tšoere mokete o moholo kahare ho Babylona, ba e-noa veine ’me ba e-ja lijo le baeti ba sekete ba phahameng. (Daniele 5:1-4) Herodotus o tiisa hore ho ne ho e-na le mokete Babylona bosiung boo. O bolela hore batho ba motse “ba ne ba le motjekong ka nako eo, ba nyakaletse.” Leha ho le joalo, kantle Cyruse o ne a khelositse metsi a Eufrate, a neng a phalla ho ea feta bohareng ba motse. Ha metsi a fokotseha, lebotho la hae le ile la tsamaea ka har’a metsi ka nōkeng, la feta marako a phahameng, ’me la kena ka seo Herodotus a se bitsang “likeiti tse nyenyane tse kenang ka nōkeng,” likeiti tse neng li siiloe li butsoe ke Bababylona.
Lilemo tse ngata esale pele, moprofeta Jeremia o ne a ile a ngola tlhaloso e hlakileng haholo ea ho oa ha Babylona: “Bahale ba Babylona ba lesitse ho loana, . . . Barongoa le manģosa ba teana le barongoa ba bang le manģosa a mang, ho ea tsebisa morena oa Babylona hobane motse oa hae o kenoe ka nģa tsohle; le hoba maliboho a tšoeroe, ho chesitsoe mahlaka ka mollo.”—Jeremia 51:30-32.
Tlaleho ea Nabonidus ea histori, eo hona joale e leng Ntlong ea Polokelo ea Lintho tsa Khale ea Manyesemane, e tiisa tlhaloso ena. E bolela hore “lebotho la Cyruse le ile la kena Babylona ho se ntoa.”
Boprofeta ba Jehova boa Phethahatsoa
Ka bosiu bo le bong Babylona e ne e oele. ’Muso oa boraro oa lefatše oa histori ea Bibele o ne o fihlile bofelong ba oona ka tšohanyetso. Cyruse o ne a ka ithorisa tokomaneng e kang chesele, e tsebjoang e le Nkho ea letsopa ea Cyruse: “Ke ’na Cyruse, morena oa lefatše, morena e moholo, morena oa molao, morena oa Babylona, morena oa Sumer.” Kapele kamor’a moo, Cyruse o ile a phatlalatsa taelo ea hae e tsebahalang, ’me Bajode ba ka bang 50 000 ba neng ba le kholehong ba ile ba khutla ho ea tsosolosa Jerusalema le tempele ea Jehova, ba fihla moo hantle feela qetellong ea lilemo tse 70 tsa kholeho tse neng li boletsoe esale pele.—Esdrase 1:1-11.
Makholo a lilemo hamorao, moapostola oa Jesu Petrose o ile a tla ho tla ruta sechaba sa Bajode se neng se le sengata mona, ’me Petrose o ile a ngola bonyane le le leng mangolong a hae a bululetsoeng a Bibele a le Babylona. (1 Petrose 5:13) Leha ho le joalo, ha nako e ntse e e-ea, boprofeta bo ile ba phethahala: “Babylona, letlotlo la mebuso, khanya ea bokhabane ea ba-Kalde, o tla ba joale ka metse ea Sodoma le Gomorrha, mohla e senngoang ke Molimo. A ke ke a tsosoa le ka mohla o le mong.”—Esaia 13:19, 20.
Kajeno, Babylona e matla hase letho ha e se feela liqubu tsa majoe tse lepōqō, lithako naheng e entsoeng lesupi—bopaki bo khutsitseng empa e le bo matla ba ho nepahala ho ke keng ha hlōleha ha Lentsoe la Jehova la boprofeta.—Jeremia 51:36, 37.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabapi le matsatsi, re amohela tsela ea ho bala nako e fumanoang ka Bibeleng, eo ka linako tse ling e fapanang le matsatsi a boholo-holo a theiloeng mehloling ea lefatše e ke keng ea tšeptjoa hakaalo. Bakeng sa tlhaloso e qaqileng ea tsela ea Bibele ea ho bala nako, bona buka Aid to Bible Understanding, maqephe 322-48.
b The Dawn of Civilization and Life in the Ancient East (khatiso ea 1940), ke R. M. Engberg le F. C. Cole, maqephe 230-2.
[’Mapa o leqepheng la 31]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
BOHOLO BA ’MUSO OA BABYLONA
LEOATLE LE LEHOLO
Noka ea Eufrate
Babylona
MEDIA
Jerusalema
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
E theiloe ’mapeng o hatisitsoeng ke Pictorial Archive (Near Eastern History) Est. and Survey of Israel
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Ho Tsosolosoa ha Keiti ea Ishtar ea Babylona (ka ho le letona)
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Museum oa Western Asiatic Antiquity, East Berlin, GDR
Lithako tsa Babylona kajeno (katlaase)