Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mantsoe a Mane a Ileng a Fetola Lefatše
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
    • MONGOLO O LEBOTENG

      7, 8. Mokete oa Belshazare o ile oa khaoletsoa joang, ’me see se ile sa e-ba le phello efe ho morena?

      7 Tlaleho e bululetsoeng e re: “Ka motsotso oo ha hlaha menoana ea letsoho la motho ’me e ne e ngola ka pel’a seluloana sa lebone holim’a molilo oa lebota la ntlo ea ’muso ea morena, ’me morena o ne a bona bokamorao ba letsoho le neng le ngola.” (Daniele 5:5) E ne e le pono e tšosang hakaakang! Letsoho le ile la hlaha moo ho sa tsejoeng, le lokotseha haufi le karolo e bonesitsoeng hantle ea lebota. Nahana ho khutsa ho ileng ha e-ba teng ka tšohanyetso moketjaneng ona ha bamemuoa ba ahlama ba le makaletse. Letsoho le ile la qala ho ngola molaetsa o makatsang moo ho litsoeng.b Ketsahalo ena e bile e tšosang le e sa lebaleheng hoo ho fihlela kajeno batho ba bang ba sebelisang polelo e reng, “mongolo o leboteng” ho fana ka maikutlo a lemosang ka tlokotsi e haufi.

  • Mantsoe a Mane a Ileng a Fetola Lefatše
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
    • b Esita le eona ntlha ena e qaqileng ea tlaleho ea Daniele e bile e nepahetseng. Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane hore mabota a matlo a borena a Babylona ea boholo-holo a ne a entsoe ka litene tse litsoeng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela