Khaolo ea Bosupa
Mantsoe a Mane a Ileng a Fetola Lefatše
1. Mantsoe a mane a ileng a ngoloa leboteng khale a ile a e-ba le phello e khōlō hakae?
MANTSOE a mane a bonolo a ngotsoeng leboteng le litsoeng. Leha ho le joalo, mantsoe ao a mane a ile a tšosa ’musi ea matla hoo a ileng a batla a lahleheloa ke kelello. A ne a phatlalatsa ho theoloa ha marena a mabeli teroneng, lefu la e mong oa ’ona le ho fela ha ’muso o matla oa lefatše. Mantsoe ao a ile a fella ka ho kokobetsoa ha sehlopha sa bolumeli se hlomphehang haholo. Habohlokoa ka ho fetisisa, a ile a phahamisa borapeli bo hloekileng ba Jehova a ba a tiisa bobusi ba hae bocha, e leng lintho tseo ka bobeli batho ba bangata ba neng ba sa li natse ka nako eo. Ka sebele, mantsoe ao a bile a fana ka leseli liketsahalong tsa lefatše kajeno! Mantsoe a mane a ne a ka etsa seo sohle joang? A re boneng.
2. (a) Ho ile ha etsahala’ng Babylona ka mor’a lefu la Nebukadnezare? (b) Joale ke ’musi ofe ea ileng a busa?
2 Ho ne ho fetile mashome a lilemo ho tloha ha ho etsahala liketsahalo tse hlalositsoeng ho Daniele khaolo ea 4. Puso ea lilemo tse 43 ea Morena Nebukadnezare ea ikhohomosang Babylona, e ile ea fela ha a e-shoa ka 582 B.C.E. Ho ile ha tsoa letoto la bahlahlami lelapeng la hae, empa ho shoa kapele kapa ho bolaoa ho ile ha felisa puso ea bona ka ho latellana. Qetellong, monna ea bitsoang Nabonidus o ile a nka borena ka bofetoheli. Kaha Nabonidus e ne e le mora oa mosali eo e neng e le moprista ea phahameng oa molimo oa khoeli Sin, ho totobetse hore o ne a sa amane ka tsoalo le ntlo ea borena ea Babylona. Litsebi tse ling li fana ka maikutlo a hore o ile a nyala morali oa Nebukadnezare ho etsa hore puso ea hae e be ea molao, a etsa hore mora oa bona Belshazare a kopanele puso le eena, ’me ka linako tse ling o ne a mo tlohela e le eena ea ikarabellang Babylona ka lilemo tse telele. Ka lebaka leo, Belshazare e ne e tla ba setloholo sa Nebukadnezare. Na o ne a ithutile ka liphihlelo tsa ntat’ae-moholo hore Jehova ke Molimo ea Holimo-limo ea tsebang ho kokobetsa morena leha e le ofe? Le hanyenyane!—Daniele 4:37.
MOKETE O TSOA TAOLONG
3. Mokete oa Belshazare o ne o le joang?
3 Khaolo ea 5 ea Daniele e qala ka mokete. “Ha e le Morena Belshazare, a etsa mokete o moholo bakeng sa matona a hae a sekete, ’me o ne a noa veine ka pel’a ba sekete.” (Daniele 5:1) Joalokaha u ka inahanela, e tlameha ebe ho ile ha hlokahala holo e khōlō ho amohela banna bana bohle, hammoho le basali ba morena ba banyenyane le lirethe tsa hae. Setsebi se seng se re: “Mekete ea Bababylona e ne e e-ba metle, le hoja e ne e atisa ho fella ka botahoa. Veine, e neng e latoa linaheng tse ling, le limenyemenye tsa mefuta eohle li ne li tlala tafole. Monko oa litlolo tse nkhang hamonate o ne o tlala holo; libini tse binang ka mantsoe le tse binang ka liletsa li ne li thabisa baeti ba bokaneng.” Belshazare a hlahelletse moo bohle ba ka mo bonang, o ne a khaqa veine ea hae.
4. (a) Ke hobane’ng ha ho ka bonahala ho makatsa hore ebe Bababylona ba ne ba keteka bosiung ba la 5/6 October, 539 B.C.E.? (b) Ke eng eo ka ho totobetseng e ileng ea betefatsa Bababylona ho sa tsotellehe mabotho a hlaselang?
4 Ho bonahala ho makatsa hore ebe Bababylona ba ne ba le moeeng oa thabo e kana bosiung bona ba la 5/6 October, 539 B.C.E. Sechaba sa bona se ne se le ntoeng, ’me litaba tsa bona li ne li sa tsamaee hantle. Nabonidus o ne a sa tsoa hlōloa ke mabotho a futuhileng a Bamede le Bapersia ’me o ne a balehetse Borsippa ka boroa-bophirimela ho Babylona. Joale mabotho a Cyruse a ne a hlomme liahelo hona ka ntle ho Babylona. Leha ho le joalo, ha ho bonahale eka Belshazare le matona a hae ba ne ba tšoenyehile. Etsoe motse oa bona e ne e le Babylona e sa keneheng! Marako a eona a maholo a ne a eme a okametse liforo tse tebileng tse fepeloang ke Nōka ea Eufrate e khōlō ha e phalla ka hare ho motse. Ho ne ho fetile lilemo tse fetang sekete ho se sera se kileng sa tsometsa Babylona. Ba ne ba tla be ba tšoenngoa ke eng? Mohlomong Belshazare o ile a nahana hore lerata la mokete oa bona le ne le tla bontša lira tse ka ntle hore ha ho letho leo ba le tšohileng ’me le li nyahamise.
5, 6. Ke eng seo Belshazare a ileng a se etsa ka lebaka la ho susumetsoa ke veine, ’me ke hobane’ng ha see e ne e le nyeliso e fetisisang ho Jehova?
5 Ka mor’a nakoana feela ho noa ha Belshazare ho feteletseng ho ile ha e-ba le liphello. Joalokaha Liproverbia 20:1 e bolela, “veine ke mosomi.” Tabeng ena veine e hlile ea etsa hore morena a etse booatla ba mofuta o tebileng ka ho fetisisa. O ile a laela hore lijana tse halalelang tse tsoang tempeleng ea Jehova li tlisoe moketeng. Lijana tsena, tse neng li hapiloe ha Nebukadnezare a hapa Jerusalema, li ne li lokela ho sebelisoa feela borapeling bo hloekileng. Esita le baprista ba Bajuda ba neng ba filoe tokelo ea ho li sebelisa tempeleng ea Jerusalema nakong e fetileng, ba ne ba lemositsoe hore ba lule ba hloekile.—Daniele 5:2; bapisa le Esaia 52:11.
6 Leha ho le joalo, Belshazare o ne a ntse a nahanne ketso e nyefolang haholoanyane. “Morena le matona a hae, lirethe tsa hae le basali ba hae ba banyenyane . . . ba noa veine, ’me ba rorisa melimo ea khauta le ea silevera, koporo, tšepe, lehong le lejoe.” (Daniele 5:3, 4) Kahoo Belshazare o ne a rerile ho phahamisetsa melimo ea hae ea bohata ka holim’a Jehova! Kamoo ho bonahalang kateng, boikutlo bona bo ne bo tloaelehile har’a Bababylona. Ba ne ba nyelisa baholehuoa ba bona ba Bajuda, ba soma borapeli ba bona ’me ba sa ba tšepise hore ba tla khutlela naheng ea habo bona e ratoang. (Pesaleme ea 137:1-3; Esaia 14:16, 17) Mohlomong morena enoa ea tahiloeng o ne a ikutloa hore ho kokobetsa baholehuoa bana le ho nyelisa Molimo oa bona ho ne ho tla khahla basali ba hae le matona a hae, ho etse hore a bonahale a le matla.a Empa haeba Belshazare o ile a ikutloa a thabetse matla ka tsela e itseng, hoo ha hoa ka ha nka nako e telele.
MONGOLO O LEBOTENG
7, 8. Mokete oa Belshazare o ile oa khaoletsoa joang, ’me see se ile sa e-ba le phello efe ho morena?
7 Tlaleho e bululetsoeng e re: “Ka motsotso oo ha hlaha menoana ea letsoho la motho ’me e ne e ngola ka pel’a seluloana sa lebone holim’a molilo oa lebota la ntlo ea ’muso ea morena, ’me morena o ne a bona bokamorao ba letsoho le neng le ngola.” (Daniele 5:5) E ne e le pono e tšosang hakaakang! Letsoho le ile la hlaha moo ho sa tsejoeng, le lokotseha haufi le karolo e bonesitsoeng hantle ea lebota. Nahana ho khutsa ho ileng ha e-ba teng ka tšohanyetso moketjaneng ona ha bamemuoa ba ahlama ba le makaletse. Letsoho le ile la qala ho ngola molaetsa o makatsang moo ho litsoeng.b Ketsahalo ena e bile e tšosang le e sa lebaleheng hoo ho fihlela kajeno batho ba bang ba sebelisang polelo e reng, “mongolo o leboteng” ho fana ka maikutlo a lemosang ka tlokotsi e haufi.
8 Phello e ile ea e-ba efe ho morena enoa ea ikhohomosang ea neng a lekile ho etsa hore eena le melimo ea hae ba phahamele Jehova? “Ka nako eo, ha e le morena, lebala la sefahleho sa hae le ile la fetoha, ’me menahano ea hae ea qala ho mo tšosa, ’me manonyello a liqholo tsa hae a ne a khoehla ’me mangole a hae a ne a otlana.” (Daniele 5:6) Belshazare o ne a lakalitse hore a bonahale a le moholo hape a le matla ka pel’a bafo ba hae. Ho e-na le hoo, o ile a fetoha mohlala oa sebele oa ho tšoha ka ho feletseng—sefahleho sa hae se ile sa pulufala, linoka tsa khoehla, ’mele oa hae kaofela oa thothomela ka matla hoo mangole a hae a neng a otlana. Ka sebele mantsoe a Davida a neng a tobisitsoe ho Jehova ka pina e ile ea e-ba ’nete, ha a re: “Mahlo a hao a khahlanong le ba ikhohomosang, e le hore u ka ba theolela tlaase.”—2 Samuele 22:1, 28; bapisa le Liproverbia 18:12.
9. (a) Ke hobane’ng ha ho tšoha ha Belshazare e ne e se tšabo ea bomolimo? (b) Ke eng seo morena a ileng a se tšepisa banna ba bohlale ba Babylona?
9 Re hlokomele hore tšabo ea Belshazare e ne e se tšabo ea bomolimo eo e leng tlhompho e tebileng ea Jehova, e leng qalo ea bohlale bohle. (Liproverbia 9:10) Che, ena e ne e le tšabo e feteletseng ’me ha ea ka ea hlahisa letho le bohlale ho morena ea thothomelang.c Ho e-na le ho kōpa tšoarelo ho Molimo eo a neng a sa tsoa mo nyelisa, o ile a bitsa “linohe, Bakalde le linohe tsa linaleli” ka lentsoe le phahameng. O bile a re: “Motho leha e le ofe ea tla bala mongolo ona le ho mpontša tlhaloso ea oona, o tla apesoa bopherese, a roesoe sefaha sa khauta molaleng, ’me o tla busa e le oa boraro ’musong.” (Daniele 5:7) Ka sebele ’musi oa boraro ’musong o ne a tla ba moholo, a phahameloe feela ke marena a mabeli a busang, Nabonidus le Belshazare ka boeena. Sebaka se joalo ka tloaelo se ne se ka bolokeloa mora e moholo oa Belshazare. Morena o ne a batla ka hohle-hohle hore molaetsa ona oa mohlolo o hlalosoe!
10. Banna ba bohlale ba ile ba tsoella joang boitekong ba bona ba ho hlalosa mongolo o leboteng?
10 Banna ba bohlale ba ile ba subuhlellana ka holong e khōlō. Ba ne ba sa haelle, hobane Babylona e ne e le motse o keneng ka botebo bolumeling ba bohata le o tletseng litempele. Ntle ho pelaelo, banna ba neng ba bolela hore ba khona ho bala lipontšo tsa liketsahalo tse tlang le mengolo ea mohlolo ba ne ba le bangata haholo. E tlameha ebe banna bana ba bohlale ba ile ba thabela monyetla o ka pel’a bona. Ona e ne e le monyetla oa bona oa hore ba sebelise tsebo ea bona ka pel’a batho ba baholo sechabeng, ba ikhapele kamohelo ea morena, ’me ba phahamele boemong ba matla a maholo. Empa ba ile ba hlōleha hakaakang! “Ba ne ba sa tšoanelehe ka ho lekaneng ho bala mongolo kapa ho tsebisa morena tlhaloso ea oona.”d—Daniele 5:8.
11. E ka ’na eaba ke hobane’ng ha banna ba bohlale ba Babylona ba ne ba sitoa ho bala mongolo oo?
11 Ha ho tsebahale hore na banna ba bohlale ba Babylona ba ile ba fumana mongolo ka booona—litlhaku ka botsona—o sa balehe. Haeba litlhaku li ne li sa balehe, banna bana ba se nang molao ba ne ba tla be ba e-na le monyetla o moholo oa ho iqapela tlhaloso leha e le efe ea bohata, mohlomong le eona tlhaloso e rorisang morena ka ho feteletseng. Ho hong hoo e ka ’nang eaba ho ile ha etsahala ke hore litlhaku tseo li ne li baleha hantle. Leha ho le joalo, kaha lipuo tse kang Searame le Seheberu li ne li ngoloa ntle ho liluma-nosi, lentsoe le leng le le leng le ne le ka ’na la bolela lintho tse ngata. Haeba ho le joalo, e ka ’na eaba banna ba bohlale ba ne ba thatafalloa ke ho etsa qeto ea hore na litlhaku tseo li reretsoe hore e be mantsoe afe. Le haeba ba ne ba ka etsa qeto e joalo, ba ne ba ntse ba tla sitoa ho utloisisa moelelo oa mantsoe ao hoo ba ka a hlalosang. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, ’nete e salang ke hore: Banna ba bohlale ba Babylona ba ile ba hlōleha—hampe haholo!
12. Ho hlōleha ha banna ba bohlale ho ile ha paka eng?
12 Kahoo banna bana ba bohlale ba ile ba pepesoa hore ke balotsana le hore sehlopha sa bona sa bolumeli se hlomphuoang ke sa bolotsana. Ba ne ba soabisa hakaakang! Ha Belshazare a bona hore ho tšepa ha hae balumeli bana e ne e bile ha lefeela, o ile a tšoha haholoanyane ’me lebala la hae la pulufala haholoanyane, matona a hae le ’ona a ‘qakeha.’e—Daniele 5:9.
HO BITSOA MONNA EA NANG LE TEMOHISISO
13. (a) Ke hobane’ng ha mofumahali a ile a etsa tlhahiso ea hore ho bitsoe Daniele? (b) Daniele o ne a phela bophelo ba mofuta ofe?
13 Ka nako ena e mahlonoko, mofumahali ka boeena—mohlomong ’mè oa morena—o ile a kena ka holong ea mokete. O ne a utloile hore ho na le moferefere moketeng, ’me o ne a tseba ea neng a ka bala mongolo o leboteng. Mashome a lilemo pele ho moo, ntat’ae, Nebukadnezare, o ne a entse Daniele mookameli oa banna bohle ba hae ba bohlale. Mofumahali o ne a mo hopola e le monna ea nang le “moea o sa tloaelehang le tsebo le temohisiso.” Kaha ho bonahala Belshazare a ne a sa tsebe Daniele, ho ka etsahala hore ebe moprofeta eo o ile a lahleheloa ke boemo ba hae bo phahameng pusong ka mor’a lefu la Nebukadnezare. Empa boemo bo hlahelletseng e ne e se ntho ea bohlokoa ho Daniele. Mohlomong o ne a le ka holimo ho lilemo tse 90 ka nako ena, a ntse a sebeletsa Jehova ka botšepehi. Ho sa tsotellehe ho ba kholehong Babylona ka lilemo tse mashome a robeli, o ne a ntse a tsejoa ka lebitso la hae la Seheberu. Le eena mofumahali o ile a ’mitsa Daniele, ha aa ka a sebelisa lebitso la hae la Sebabylona leo a neng a kile a le rehoa. Ka sebele, mofumahali o ile a phehella morena: “Ho ke ho bitsoe Daniele, e le hore a bontše tlhaloso.”—Daniele 1:7; 5:10-12.
14. Daniele o ile a talimana le qaka efe ha a bona mongolo o leboteng?
14 Daniele o ile a bitsoa ’me a tla ka pel’a Belshazare. Ho ne ho hlabisa lihlong ho kōpa mohau ho Mojuda enoa eo morena a neng a sa tsoa nyelisa Molimo oa hae. Ho ntse ho le joalo, Belshazare o ile a leka ho rorisa Daniele, a mo tšepisa moputso o tšoanang—sebaka sa boraro ’musong—haeba a ka bala le ho hlalosa mantsoe ana ao e neng e le sephiri. (Daniele 5:13-16) Daniele o ile a phahamisa mahlo a sheba mongolo o leboteng, ’me moea o halalelang oa mo thusa ho lemoha seo o se bolelang. E ne e le molaetsa oa tlokotsi o tsoang ho Jehova Molimo! Ke joang Daniele a neng a ka bolella morena eo oa moikhohomosi sefahla-mahlo ka kahlolo e bohale e mo tlelang—le hona e le ka pel’a basali ba hae le matona a hae? Nahana qaka eo Daniele a neng a talimane le eona! Na o ile a tsilatsila ka lebaka la mantsoe a thoriso a morena le tšepiso ea hae ea maruo le boemo bo hlahelletseng? Na moprofeta o ne a tla bebofatsa phatlalatso ea Jehova?
15, 16. Ke thuto efe ea bohlokoa historing eo Belshazare a neng a hlōtsoe ho ithuta eona, ’me ho hlōleha ho joalo ho atile hakae kajeno?
15 Daniele o ile a bua ka sebete, a re: “Limpho tsa hao e be tsa hao, ’me lineo tsa hao u li fe ba bang. Leha ho le joalo, ke tla balla morena mongolo, ’me ke tla mo tsebisa tlhaloso.” (Daniele 5:17) Ka mor’a moo, Daniele o ile a lumela hore Nebukadnezare o ne a le moholo, e le morena ea matla hoo a neng a khona ho bolaea, ho otla, ho phahamisa, kapa ho kokobetsa mang kapa mang eo a neng a khetha ho mo etsa joalo. Leha ho le joalo, Daniele o ile a hopotsa Belshazare hore Jehova, “Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa,” o ne a entse hore Nebukadnezare a be moholo. Ke Jehova ea neng a kokobelitse morena eo ea matla ha a tlala boikakaso. E, Nebukadnezare o ne a ile a qobelloa hore a tsebe hore “Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho, le hore o emisa eo a mo batlang holim’a oona.”—Daniele 5:18-21.
16 Belshazare o ne a “tsebile sena sohle.” Leha ho le joalo, o ne a sitiloe ho ithuta ho hong historing. Ha e le hantle, o ne a entse ho fetang hōle sebe sa Nebukadnezare sa ho ikhohomosa ho fosahetseng eaba o etsa ketso ea ho nyefola Jehova pepenene. Daniele o ile a pepesa sebe sa morena. Ho feta moo, ka sebete o ile a bolella Belshazare ka pel’a seboka seo sa bohetene hore melimo ea bohata ‘ha e bone letho, ha e utloe letho, ha e tsebe letho.’ Moprofeta eo ea sebete oa Molimo o ile a phaella ka ho re ho fapana le melimo eo e se nang thuso, Jehova ke Molimo “eo phefumoloho ea hao e leng letsohong la hae.” Ho fihlela kajeno, batho ba etsa lintho tse sa pheleng melimo, ba rapela chelete, mosebetsi, botumo le eona menyaka. Empa ha ho le e ’ngoe linthong tsena e ka fanang ka bophelo. Ke Jehova feela eo kaofela re leng teng ka lebaka la hae, eo re itšetlehileng ka eena bakeng sa moea o mong le o mong oo re o phefumolohang.—Daniele 5:22, 23; Liketso 17:24, 25.
SELOTHO SEA RAROLLOA!
17, 18. Mantsoe a mane a neng a ngotsoe leboteng e ne e le afe, ’me a bolela’ng ka ho toba?
17 Joale moprofeta eo ea tsofetseng o ile a tsoela pele ho etsa se neng se thatafaletse banna bohle ba bohlale ba Babylona. O ile a bala a ba a hlalosa mongolo o ngotsoeng leboteng. Mantsoe ao a ne a re: “MENE, MENE, TEKEL le PARSIN.” (Daniel 5:24, 25) A bolela’ng?
18 Ka ho toba, mantsoe ana a bolela “mina, mina, shekele le lihalofo tsa lishekele.” Lentsoe le leng le le leng e ne e le tekanyo ea boima ba chelete, a thathamisitsoe ka tatellano ea matla a eona a theko. E ne e le ntho e qakang hakaakang! Le haeba banna ba bohlale ba Babylona ba ne ba ka khona ho bala litlhaku tseo, ho sa ntsane ho sa makatse hore ebe ba ile ba hlōloa ho li hlalosa.
19. Tlhaloso ea lentsoe “MENE” e ne e le efe?
19 Tlas’a tšusumetso ea moea o halalelang oa Molimo, Daniele o ile a hlalosa: “Tlhaloso ea lentsoe ke ena: MENE, Molimo o balile matsatsi a ’muso oa hao ’me o o qetile.” (Daniele 5:26) Liluma-’moho tsa lentsoe la pele li lumella lentsoe “mina” le mofuta oa lentsoe la Searame bakeng sa “balile,” ho itšetlehile ka liluma-nosi tse kenngoang ke ’mali. Daniele o ne a tseba hantle hore kholeho ea Bajuda e ne e le haufi le ho fela. Nakong ea eona ea lilemo tse 70 e boletsoeng esale pele, ho ne ho se ho fetile lilemo tse 68. (Jeremia 29:10) ’Moloki e Moholo oa Nako, Jehova, o ne a balile matsatsi a puso ea Babylona e le ’muso oa lefatše, ’me bofelo bo ne bo le haufi ho feta kamoo mang kapa mang ea neng a le moketeng oa Belshazare a neng a nahana kateng. Ha e le hantle, e ne e se Belshazare feela ea neng a feletsoe ke nako, empa le eena ntat’ae, Nabonidus. Mohlomong ke ka lebaka leo lentsoe “MENE” le ileng la ngoloa habeli—ho phatlalatsa qetello ea puso ea marena ana a mabeli.
20. Tlhaloso ea lentsoe “TEKEL” e ne e le efe, ’me e ile ea sebetsa joang ho Belshazare?
20 Ka lehlakoreng le leng, “TEKEL” e ne e ngotsoe hanngoe feela le hona e le ka bonngoeng. E ka ’na eaba sena se supa hore e ne e tobisitsoe haholo-holo ho Belshazare. ’Me sena se ne se tla be se loketse hobane eena ka boeena o ne a bontšitse ho hloka tlhompho ho hoholo ho Jehova. Lentsoe leo ka bolona le bolela “shekele,” empa liluma-’moho li boetse li lumella lentsoe “lekantsoe.” Kahoo Daniele o ile a re ho Belshazare: “TEKEL, u lekantsoe sekaleng ’me u fumanoe u haelloa.” (Daniele 5:27) Ho Jehova, lichaba tse feletseng hase letho joaloka lerōle sekaleng. (Esaia 40:15) Ha li na matla a ho nyopisa merero ea hae. Morena a le mong oa moikhohomosi e ne e boetse e le eng? Belshazare o ne a lekile ho iphahamisetsa ’Musi oa bokahohle. Mothoana enoa o ne a lekile ho nyelisa Jehova le ho soma borapeli bo hloekileng empa o ne a “fumanoe [a] haelloa.” E, Belshazare o ne a tšoaneloa ka ho feletseng ke kahlolo e neng e atamela ka potlako!
21. “PARSIN” e ne e hlahisa mantsoe a mararo e le ’ngoe joang, ’me lentsoe lee le ne le supa eng ka bokamoso ba Babylona e le ’muso oa lefatše?
21 Lentsoe la ho qetela leboteng e ne e le “PARSIN.” Daniele o ile a le bala le le ka bonngoeng, “PERES,” mohlomong e le hobane a ne a bua le morena a le mong ha e mong a ne a le sieo. Lentsoe lena le ne le phethela selotho se seholo sa Jehova ka ho hlahisa mantsoe a mararo ho le le leng. Ka ho toba, “parsin” e bolela “lihalofo tsa lishekele.” Empa litlhaku tsena li lumella litlhaloso tse ling hape tse peli—“likarolo” le “Bapersia.” Kahoo Daniele o ile a bolela esale pele hore: “PERES, ’muso oa hao o arotsoe ’me o filoe Bamede le Bapersia.”—Daniele 5:28.
22. Belshazare o ile a arabela joang ha ho rarolloa selotho, ’me mohlomong o ne a e-na le tšepo efe?
22 Kahoo selotho se ile sa rarolloa. Babylona e matla e ne e tla tloha e oela ho mabotho a Bamede le Bapersia. Le hoja Belshazare a ne a aparetsoe ke lihlong ka lebaka la phatlalatso ena ea tlokotsi, o ile a phelela lentsoe la hae. O ile a laela bahlanka ba hae hore ba apese Daniele bopherese, ba mo roese sefaha sa khauta ’me ba phatlalatse hore ke eena ’musi oa boraro ’musong. (Daniele 5:29) Daniele ha aa ka a hana tlotla ena kaha o ile a hlokomela hore e bonahatsa tlotla e tšoanelang Jehova. Ha e le hantle, mohlomong Belshazare o ne a tšepile hore o fokotsa kahlolo ea Jehova ka ho tlotla moprofeta oa Hae. Haeba ho ne ho le joalo, o ne a siiloe ke nako.
HO OA HA BABYLONA
23. Ke boprofeta bofe ba boholo-holo bo neng bo phethahala hona nakong ea ha mokete oa Belshazare o ntse o tsoela pele?
23 Hona nakong ea ha Belshazare le litho tsa lekhotla la hae ba ntse ba noella ho tlotlisa melimo ea bona le ho soma Jehova, liketsahalo tse khōlō li ne li tsoela pele lefifing ka ntle ho ntlo ea borena. Boprofeta bo neng bo boletsoe ka Esaia hoo e ka bang lilemo tse makholo a mabeli pejana bo ne bo phethahala. Jehova o ne a boletse esale pele mabapi le Babylona: “Ke felisitse ho feheloa hohle ho bakoang ke eena.” E, ho hatelloa hohle ho khopo ha bakhethoa ba Molimo ke motse oo, ho ne ho tla fela. Ka tsela efe? Boprofeta bona boo bo ne bo itse: “Nyoloha, Uena Elame! Thibella, Uena Media!” Elame e ile ea e-ba karolo ea Persia ka mor’a mehla ea moprofeta Esaia. Nakong ea mokete oa Belshazare, oo le oona o neng o boletsoe esale pele boprofeteng bona bona ba Esaia, Persia le Media ka sebele li ne li kopantse mabotho bakeng sa ho “nyoloha” le ho “thibella” Babylona.—Esaia 21:1, 2, 5, 6.
24. Ke makolopetso afe a ho oa ha Babylona ao boprofeta ba Esaia bo neng bo a boletse esale pele?
24 Ha e le hantle, moeta-pele oa mabotho ana ka boeena o ne a boletsoe ka lebitso esale pele, joalokaha le lintlha tsa sehlooho tsa leqheka la hae la ntoa li ne li boletsoe esale pele. Lilemo tse ka bang 200 esale pele, Esaia o ne a profetile hore Jehova o ne a tla tlotsa e mong ea bitsoang Cyruse hore a futuhele Babylona. Litšitiso tsohle li ne li ne li tla tlosoa tseleng ea hae nakong ea ho hlasela ha hae. Metsi a Babylona a ne a tla ‘psha,’ ’me mamati a eona a matla a ne a tla siuoa a bulehile. (Esaia 44:27–45:3) Ho ile ha fela ha e-ba joalo. Mabotho a Cyruse a ile a khelosa metsi a Nōka ea Eufrate, a theolela metsi tlaase e le hore a ka tsamaea ka nōkeng. Mamati a marako a Babylona a ne a siiloe a bulehile ke balebeli ba sa natseng letho. Joalokaha bo-rahistori ba lefatše ba lumela, motse o ile oa hlaseloa ha baahi ba oona ba ntse ba keteka ka thabo e feteletseng. Babylona e ile ea haptjoa ho se khanyetso ea letho. (Jeremia 51:30) Leha ho le joalo, bonyane ho ile ha e-ba le mofu a le mong ea hlokomelehang. Daniele o ile a tlaleha hore: “Bosiung bona boo Belshazare morena oa Bakalde a bolaoa ’me Dariase Momede a amohela ’muso, a le lilemo tse ka bang mashome a tšeletseng a metso e ’meli.”—Daniele 5:30, 31.
HO ITHUTA HO HONG MONGOLONG O LEBOTENG
25. (a) Ke hobane’ng ha Babylona ea boholo-holo e le tšoantšetso e loketseng ea tsamaiso ea kajeno ea lefatše lohle ea bolumeli ba bohata? (b) Bahlanka ba Molimo ba kajeno ba ne ba le kholehong Babylona ka kutloisiso efe?
25 Tlaleho e bululetsoeng e ho Daniele khaolo ea 5 ke ea bohlokoa haholo ho rōna. Joaloka setsi sa mekhoa ea bolumeli ba bohata, Babylona ea boholo-holo ke tšoantšetso e loketseng ea ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Ho Tšenolo, molubalube ona o thetsang oa lefatše lohle o bitsoang “Babylona e Moholo” o tšoantšitsoe e le seotsoa se nyoretsoeng mali. (Tšenolo 17:5) E sa natse litemoso tsohle tse mabapi le lithuto le mekhoa tsa eona tsa bohata tse hlomphollang Molimo, e hlorisitse ba bolelang ’nete ea Lentsoe la Molimo. Joaloka baahi ba Jerusalema ea boholo-holo le Juda, masala a tšepahalang a Bakreste ba tlotsitsoeng a ne a hlile a kentsoe kholehong “Babylona e Moholo” ha mahloriso a susumetsoang ke baruti a batla a emisa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso ka 1918.
26. (a) Ke joang “Babylona e Moholo” e ileng ea oa ka 1919? (b) Ke temoso efe eo rōna ka borōna re lokelang ho e ela hloko le ho e fetisetsa ho ba bang?
26 Leha ho le joalo, ka tšohanyetso “Babylona e Moholo” e ile ea oa! E bile ho oa ho se nang lerata ka ho feletseng—feela joalokaha Babylona ea boholo-holo e ile ea oa ho se lerata ho hang, ka 539 B.C.E. Empa leha ho le joalo, ho oa hona ha tšoantšetso e ne e le ho senyang. Ho etsahetse ka 1919 C.E. ha batho ba Jehova ba ne ba lokolloa kholehong ea Babylona ’me ba hlohonolofatsoa ka ho amoheloa ke Molimo. Sena se ile sa felisa matla a “Babylona e Moholo” holim’a batho ba Molimo ’me sa tšoaea ho qaleha ha ho pepesoa ha eona phatlalatsa e le molotsana ea ke keng a tšeptjoa. Ho oa hoo e bile ho ke keng ha etsolloa, ’me haufinyane e tla timetsoa la ho qetela. Ka lebaka leo bahlanka ba Jehova ba ’nile ba pheta temoso e reng: “Tsoang ho eena, batho ba ka, haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae.” (Tšenolo 18:4) Na u etse temoso eo hloko? Na u e fetisetsa ho ba bang?f
27, 28. (a) Ke ’nete efe ea bohlokoa eo ho seng mohla Daniele a kileng a e lebala? (b) Re na le bopaki bofe ba hore Jehova o haufi le ho nka khato khahlanong le lefatše le khopo la kajeno?
27 Kahoo, kajeno mongolo o leboteng—empa hase bakeng sa “Babylona e Moholo” feela. Hopola ’nete ena ea bohlokoa e ka sehloohong bukeng ea Daniele: Jehova ke ’Musi oa Bokahohle. Ke eena feela ea nang le tokelo ea ho beha ’musi holim’a moloko oa batho. (Daniele 4:17, 25; 5:21) Ntho leha e le efe e emeng tseleng ea merero ea Jehova e tla tlosoa. Ho setse nako e nyenyane feela pele Jehova a nka khato. (Habakuke 2:3) Bakeng sa Daniele, nako e joalo e ile ea qetella e tlile ha a e-na le lilemo tse ka holimo ho mashome a robong a phela. Ke ka nako eo moo a ileng a bona ha Jehova a tlosa ’muso oa lefatše—’muso o neng o hateletse batho ba Molimo ho tloha ha Daniele e sa le moshemane.
28 Ho na le bopaki bo ke keng ba latoloa ba hore Jehova Molimo o behile ’Musi setulong sa borena leholimong bakeng sa moloko oa batho. Hore ebe lefatše le hlokomolohile Morena enoa ’me le hanyelitse puso ea hae ke bopaki bo tiileng ba hore Jehova o tla tloha a felisa bahanyetsi bohle ba puso ea ’Muso. (Pesaleme ea 2:1-11; 2 Petrose 3:3-7) Na u nkile khato ka ho potlaka ha mehla ea rōna le ho beha tšepo ea hao ’Musong oa Molimo? Haeba ho joalo, ka sebele u ithutile ho hong mongolong o leboteng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho sengoliloeng se seng sa boholo-holo, Morena Cyruse o itse ka Belshazare: “Ho behiloe motho ea fokolang e le [’musi] oa naha ea habo.”
b Esita le eona ntlha ena e qaqileng ea tlaleho ea Daniele e bile e nepahetseng. Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane hore mabota a matlo a borena a Babylona ea boholo-holo a ne a entsoe ka litene tse litsoeng.
c Mohlomong litumela-khoela tsa Bababylona li ile tsa etsa hore mohlolo ona e be o tšosang haholoanyane. Buka e bitsoang Babylonian Life and History e re: “Ho phaella melimong e mengata eo Bababylona ba neng ba e rapela, re fumana ba inehetse haholo bolumeling ba meea, ’me ba e lumela ka tekanyo e khōlō hoo lithapelo le lipina tsa bona tsa ho itšireletsa ho eona e leng karolo e khōlō haholo ea lingoliloeng tsa bona tsa bolumeli.”
d Koranta e bitsoang Biblical Archaeology Review e re: “Litsebi tsa Babylona li ne li thathamisitse likete-kete tsa matšoao a lipontšo tse tšosang tsa nako e tlang libukeng. . . . Ha Belshazare a ne a batla ho tseba hore na mongolo o leboteng o bolela eng, ha ho pelaelo hore banna ba bohlale ba Babylona ba ile ba retelehela libukeng tsena tsa lipontšo tsa nako e tlang. Empa e ile ea e-ba tsa lefeela.”
e Lingoli tsa libuka tse hlalosang mantsoe li re lentsoe le sebelisitsoeng mona bakeng sa ‘qakeha’ le fana ka maikutlo a moferefere o moholo, joalokaha eka seboka seo se ile sa tlala pherekano.
f Bona leqephe la 205-71 bukeng ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Mokete oa Belshazare o ile oa khaoletsoa joang bosiung ba la 5/6 October, 539 B.C.E.?
• Tlhaloso ea mongolo o leboteng e ne e le efe?
• Ke boprofeta bofe bo mabapi le ho oa ha Babylona bo neng bo ntse bo phethahala ha mokete oa Belshazare o ntse o tsoela pele?
• Tlaleho ea mongolo o leboteng e bolela’ng bakeng sa mehla ea rōna?
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 98]
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 103]