Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mantsoe a Mane a Ileng a Fetola Lefatše
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
    • 10. Banna ba bohlale ba ile ba tsoella joang boitekong ba bona ba ho hlalosa mongolo o leboteng?

      10 Banna ba bohlale ba ile ba subuhlellana ka holong e khōlō. Ba ne ba sa haelle, hobane Babylona e ne e le motse o keneng ka botebo bolumeling ba bohata le o tletseng litempele. Ntle ho pelaelo, banna ba neng ba bolela hore ba khona ho bala lipontšo tsa liketsahalo tse tlang le mengolo ea mohlolo ba ne ba le bangata haholo. E tlameha ebe banna bana ba bohlale ba ile ba thabela monyetla o ka pel’a bona. Ona e ne e le monyetla oa bona oa hore ba sebelise tsebo ea bona ka pel’a batho ba baholo sechabeng, ba ikhapele kamohelo ea morena, ’me ba phahamele boemong ba matla a maholo. Empa ba ile ba hlōleha hakaakang! “Ba ne ba sa tšoanelehe ka ho lekaneng ho bala mongolo kapa ho tsebisa morena tlhaloso ea oona.”d—Daniele 5:8.

      11. E ka ’na eaba ke hobane’ng ha banna ba bohlale ba Babylona ba ne ba sitoa ho bala mongolo oo?

      11 Ha ho tsebahale hore na banna ba bohlale ba Babylona ba ile ba fumana mongolo ka booona—litlhaku ka botsona—o sa balehe. Haeba litlhaku li ne li sa balehe, banna bana ba se nang molao ba ne ba tla be ba e-na le monyetla o moholo oa ho iqapela tlhaloso leha e le efe ea bohata, mohlomong le eona tlhaloso e rorisang morena ka ho feteletseng. Ho hong hoo e ka ’nang eaba ho ile ha etsahala ke hore litlhaku tseo li ne li baleha hantle. Leha ho le joalo, kaha lipuo tse kang Searame le Seheberu li ne li ngoloa ntle ho liluma-nosi, lentsoe le leng le le leng le ne le ka ’na la bolela lintho tse ngata. Haeba ho le joalo, e ka ’na eaba banna ba bohlale ba ne ba thatafalloa ke ho etsa qeto ea hore na litlhaku tseo li reretsoe hore e be mantsoe afe. Le haeba ba ne ba ka etsa qeto e joalo, ba ne ba ntse ba tla sitoa ho utloisisa moelelo oa mantsoe ao hoo ba ka a hlalosang. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, ’nete e salang ke hore: Banna ba bohlale ba Babylona ba ile ba hlōleha—hampe haholo!

  • Mantsoe a Mane a Ileng a Fetola Lefatše
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
    • d Koranta e bitsoang Biblical Archaeology Review e re: “Litsebi tsa Babylona li ne li thathamisitse likete-kete tsa matšoao a lipontšo tse tšosang tsa nako e tlang libukeng. . . . Ha Belshazare a ne a batla ho tseba hore na mongolo o leboteng o bolela eng, ha ho pelaelo hore banna ba bohlale ba Babylona ba ile ba retelehela libukeng tsena tsa lipontšo tsa nako e tlang. Empa e ile ea e-ba tsa lefeela.”

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela