Khaolo ea Boraro
Ba Lekiloe—Empa ba Tšepahetse ho Jehova!
1, 2. Ke liketsahalo life tsa bohlokoa tse sebelelitseng e le selelekela sa tlaleho ea Daniele?
BUKENG ea boprofeta ea Daniele, liketsahalo li qala ka nako ea phetoho ea bohlokoa liketsahalong tsa machaba. Assyria e ne e sa tsoa lahleheloa ke motse-moholo oa eona oa Ninive. Egepeta e ne e qobeletsoe boemong bo sa hlahellang haholo ka boroa ho naha ea Juda. Babylona e ne e phahama ka potlako e le ’muso o ka sehloohong tlhōlisanong ea ho busa lefatše.
2 Ka 625 B.C.E., Faro Neko oa Egepeta o ile a leka maoala a ho qetela ho thibela ho atolohela ha Babylona ka boroa. Ho phetha seo, o ile a isa lebotho la hae Karkemishe, e lebōpong la Nōka ea Eufrate e ka holimo. Ntoa ea Karkemishe, kamoo e ileng ea bitsoa kateng, e ne e le ketsahalo ea makhaola-khang, ea bohlokoa historing. Lebotho la Babylona le neng le eteletsoe pele ke Nebukadnezare, Khosana eo e neng e tla ba Mohlahlami boreneng, le ile la hlōla mabotho a Faro Neko ka ho feletseng. (Jeremia 46:2) Nebukadnezare a nkehile ke matla a ho hlōla ha hae, o ile a hatakela Syria le Palestina ’me a felisa ka hohle puso ea Egepeta sebakeng sena. Ke lefu la ntat’ae Nabopolassar feela le ileng la emisa phutuho ea hae ka nakoana.
3. Phutuho ea pele ea Nebukadnezare khahlanong le Jerusalema e bile le phello efe?
3 Ka selemo se hlahlamang, Nebukadnezare—a se a behiloe boreneng e le morena oa Babylona—o ile a boela a lebisa tlhokomelo ea hae liphutuhong tsa hae tsa sesole Syria le Palestina. Ke nakong ena moo a ileng a tla Jerusalema ka lekhetlo la pele. Bibele e tlaleha hore: “Matsatsing a hae Nebukadnezare morena oa Babylona o ile a hlaha, kahoo Jojakime ea e-ba mohlanka oa hae ka lilemo tse tharo. Leha ho le joalo, a koeneha ’me a mo fetohela.”—2 Marena 24:1.
NEBUKADNEZARE JERUSALEMA
4. Polelo e ho Daniele 1:1 e reng, “ka selemo sa boraro sa ho busa ha Jojakime,” e lokela ho utloisisoa joang?
4 Re thahasella haholo polelo e reng “ka lilemo tse tharo” hobane mantsoe a qalang a Daniele a baleha tjena: “Ka selemo sa boraro sa ho busa ha Jojakime morena oa Juda, Nebukadnezare morena oa Babylona a tla Jerusalema ’me a e thibella.” (Daniele 1:1) Ka selemo sa boraro sa borena bo feletseng ba Jojakime, ea busitseng ho tloha ka 628 ho fihlela ka 618 B.C.E., Nebukadnezare e ne e e-s’o be “morena oa Babylona” empa e ne e le khosana eo e neng e tla ba mohlahlami boreneng. Ka 620 B.C.E., Nebukadnezare o ile a qobella Jojakime ho lefa sethaba-thaba. Empa Jojakime o ile a mo fetohela hoo e ka bang ka mor’a lilemo tse tharo. Kahoo, e bile ka 618 B.C.E., kapa ka selemo sa boraro sa borena ba Jojakime e le mohlanka oa Babylona moo Morena Nebukadnezare a ileng a tla Jerusalema ka lekhetlo la bobeli ho ea ahlola Jojakime oa lerabele.
5. Phutuho ea bobeli ea Nebukadnezare khahlanong le Jerusalema e bile le phello efe?
5 Phello ea ho thibella hona e bile hore “ka mor’a nako Jehova [o ile] a nehelana ka Jojakime morena oa Juda le karolo ea lisebelisoa tsa ntlo ea Molimo oa ’nete letsohong la hae.” (Daniele 1:2) Mohlomong Jojakime o ile a bolaoa kapa a shoa bofetoheling qalong ea ho thibelloa ha Jerusalema. (Jeremia 22:18, 19) Ka 618 B.C.E., mora oa hae ea lilemo li 18, Jojakine, o ile a mo hlahlama e le morena. Empa puso ea Jojakine e ile ea nka likhoeli tse tharo le matsatsi a leshome feela eaba oa inehela ka 617 B.C.E.—Bapisa le 2 Marena 24:10-15.
6. Nebukadnezare o ile a etsa’ng ka lisebelisoa tse halalelang tsa tempele ea Jerusalema?
6 Nebukadnezare o ile a hapa lisebelisoa tse halalelang tsa tempele ea Jerusalema ’me “a li tlisa naheng ea Shinare ka tlung ea molimo oa hae; ’me lisebelisoa a li tlisa ka tlung ea matlotlo ea molimo oa hae,” Marduk, kapa Merodake ka Seheberu. (Daniele 1:2; Jeremia 50:2) Ho ile ha sibolloa mongolo oa Sebabylona oo ho oona ho tšoantšoang Nebukadnezare a re ka tempele ea Marduke: “Ka hare ke ile ka boloka silevera le khauta le majoe a bohlokoa . . . ’me ka beha ntlo ea matlotlo ea ’muso oa ka moo.” Re tla boela re bala ka lisebelisoa tsena tse halalelang mehleng ea Morena Beleshazare.—Daniele 5:1-4.
MOKHETHOA OA BACHA BA JERUSALEMA
7, 8. Ka Daniele 1:3, 4 le 6, re ka finyella qeto efe ka semelo sa Daniele le metsoalle ea hae e meraro?
7 Hase matlotlo a tempele ea Jehova feela a ileng a tlisoa Babylona. Tlaleho e re: “Joale morena a re Ashpenaze molaoli oa hae oa lekhotla ea ka sehloohong a tlise ba bang ba bara ba Iseraele le bana ba lesika la borena le ba marena, bana bao ho neng ho se na sekoli ho bona ho hang, empa ba e-na le ponahalo e ntle ’me ba e-na le temohisiso bohlaleng bohle ’me ba tloaelane le tsebo, ’me ba e-na le temoho ea se tsejoang, bao ho bona ho neng ho boetse ho e-na le bokhoni ba ho ema ka tlung ea ’muso ea morena.”—Daniele 1:3, 4.
8 Ho ile ha khethoa bo-mang? Rea bolelloa: “Joale har’a bona ho ne ho e-na le ba bang ba bara ba Juda, Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria.” (Daniele 1:6) Sena se hlahisa leseli ka semelo se batlang se patehile sa Daniele le metsoalle ea hae. Ka mohlala, re hlokomela hore e ne e le “bara ba Juda,” leloko leo e neng e le la borena. Ebang e ne e le ba lesika la borena kapa che, hoa utloahala ho nahana hore bonyane ba ne ba tsoa malapeng ao e leng a bohlokoa bo itseng le a nang le tšusumetso. Ntle le ho ba ba hlaphohetsoeng kelellong le ba phelang hantle ’meleng, ba ne ba e-na le temohisiso, bohlale, tsebo le temoho—tsena tsohle ba ne ba e-na le tsona ha ba sa le banyenyane hoo ba neng ba ka bitsoa “bana,” mohlomong ha ba le lilemong tse qalang tsa bocha ba bona. E tlameha ebe Daniele le metsoalle ea hae ba ne ba ipabola—e le mokhethoa har’a bacha ba neng ba le Jerusalema.
9. Ke hobane’ng ha ho bonahala ho totobetse hore Daniele le metsoalle ea hae e meraro ba ne ba e-na le batsoali ba tšabang Molimo?
9 Tlaleho ha e re bolelle hore na batsoali ba bacha bana e ne e le bo-mang. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore e ne e le batho ba tšabang Molimo ba neng ba nkile boikarabelo ba bona ba botsoali ka botebo. Ha ho talingoa ho hlepha boitšoarong le moeeng ho neng ho atile Jerusalema ka nako eo, haholo har’a ‘bana ba lesika la borena le marena,’ ho hlakile hore litšoaneleho tse babatsehang tse neng li fumanoa ho Daniele le metsoalle ea hae e meraro ha lia ka tsa tla ka mohlolo. Ha ho pelaelo hore e tlameha ebe ho ile ha ba bohloko ha batsoali ba bona bara ba bona ba nkoa ba isoa naheng e hōle. Hoja feela ba ne ba tsebile phello, ba ka be ba bile motlotlo hakaakang! Ke habohlokoa hakaakang hore batsoali ba hōlise bana ba bona “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova”!—Baefese 6:4.
NTOA EA KELELLO
10. Baheberu ba banyenyane ba ne ba rutiloe eng, ’me morero oa see e ne e le ofe?
10 Hang-hang ntoa e ile ea qala likelellong tse se nang phihlelo tsa baholehuoa bana. Ho tiisa hore bacha bana ba Baheberu ba ne ba tla fetoloa hore ba tšoanele tsamaiso ea Babylona, Nebukadnezare o ile a laela hore bahlanka ba hae ‘ba ba rute mongolo le puo ea Bakalde.’ (Daniele 1:4) Ena e ne e se thuto feela tjee e tloaelehileng. The International Standard Bible Encyclopedia e hlalosa hore e ne e “akarelletsa thuto ea Sesumere, Seakade le Searame . . . , le lipuo tse ling, hammoho le lingoliloeng tse nkang taba ka bophara tse ngotsoeng ka tsona.” “Lingoliloeng tse nkang taba ka bophara” li ne li akarelletsa histori, lipalo, thuto ea linaleli le lintho tse ling. Leha ho le joalo, “boitsebiso bo amanang le seo ba bolumeli, ba omina [lipontšo tse mabapi le nako e tlang] hammoho le ba bolepi ba linaleli . . . , bo ne bo phetha karolo e khōlō.”
11. Ho ile ha nkoa mehato efe ho tiisa hore bacha ba Baheberu ba hapelloa bophelong ba lekhotla la Babylona?
11 E le hore bacha bana ba Baheberu ba ka amohela ka botlalo mekhoa le meetlo ea bophelo ba lekhotleng la Babylona, “morena [o ile] a ba abela kabelo ea letsatsi le letsatsi ea limenyemenye tsa morena le ea veine ea hae e nooang, esita le ho ba fepa ka lilemo tse tharo, e le hore bofelong ba tsona ba ka ema ka pel’a morena.” (Daniele 1:5) Ho feta moo, “molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong o ile a ba reha mabitso. Kahoo a reha Daniele lebitso la Belteshazare; ’me Hanania a mo reha Shadrake; ’me Mishaele a mo reha Meshake; ’me Azaria a mo reha Abednego.” (Daniele 1:7) Mehleng ea Bibele ho ne ho tloaelehile hore motho a rehoe lebitso le lecha ho tšoaea ketsahalo ea bohlokoa bophelong ba hae. Ka mohlala, Jehova o ile a fetola mabitso a Abrame le Sarai hore e be Abrahama le Sara. (Genese 17:5, 15, 16) Hore motho e mong a fetole lebitso la e mong ke bopaki bo totobetseng ba matla a ho laela kapa bolaoli. Ha Josefa e e-ba molaoli oa lijo Egepeta, Faro o ile a mo reha Zafenathe-panea.—Genese 41:44, 45; bapisa le 2 Marena 23:34; 24:17.
12, 13. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore ho fetola mabitso a bacha bao ba banyenyane ba Baheberu e ne e le boiteko ba ho senya tumelo ea bona?
12 Tabeng ea Daniele le metsoalle ea hae e meraro ea Baheberu, ho fetoloa ha mabitso ho ne ho e-na le seo ho se bolelang. Mabitso ao batsoali ba bona ba neng ba ba rehile ’ona a ne a lumellana le borapeli ba Jehova. “Daniele” e bolela “Moahloli oa Ka ke Molimo.” “Hanania” e bolela hore “Jehova o Bontšitse Kamohelo.” E ka ’na eaba “Mishaele” e bolela “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?” “Azaria” e bolela “Jehova o Thusitse.” Ha ho pelaelo hore batsoali ba bona ba ne ba e-na le tšepo e tiileng ea hore bara ba bona ba ne ba tla hōlela tlas’a tataiso ea Jehova Molimo hore e be bahlanka ba hae ba tšepahalang le ba ke keng ba koeneha.
13 Leha ho le joalo, mabitso a macha a ileng a rehoa Baheberu bana ba bane kaofela a ne a amana haholo le a melimo ea bohata, a fana ka maikutlo a hore Molimo oa ’nete o ne a laoloa ke melimo e joalo. E ne e le boiteko bo bolotsana hakaakang ba ho senya tumelo ea bacha baa!
14. Mabitso a macha ao Daniele le metsoalle ea hae e meraro ba ileng ba a rehoa a bolela eng?
14 Lebitso la Daniele le ile la fetoleloa ho Belteshazare, e bolelang “Sireletsa Bophelo ba Morena.” Ho hlakile hore lebitso lena e ne e le khutsufatso ea thapeli e lebisoang ho Bele, kapa Marduk, molimo o ka sehloohong oa Babylona. Ebang Nebukadnezare o ile a ameha ho khetheleng Daniele lebitso lena kapa che, o ile a ba motlotlo ho lumela hore le ne le khethiloe “ho ea ka lebitso la molimo oa [hae].” (Daniele 4:8) Hanania o ile a boela a rehoa Shadrake, eo litsebi tse ling li lumelang hore ke lebitso le kopantseng mantsoe a sa tšoaneng le bolelang “Taelo ea Aku.” Ho thahasellisang ke hore Aku e ne e le lebitso la molimo oa Sumere. Mishaele o ile a boela a rehoa Meshake (eo e ka ’nang eaba e ne e le Mi·sha·aku), mohlomong e le ho sothoa ka bohlale ha “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?” hore e be “Ke Mang ea Leng Seo Aku a Leng Sona?” Lebitso la Azaria la Sebabylona e ne e le Abednego, eo e ka ’nang eaba e bolela “Mohlanka oa Nego.” “Nego” ke sebōpeho se seng sa “Nebo,” eo e leng lebitso la molimo eo babusi ba bangata ba Babylona le bona ba neng ba reheletsoe ka eena.
HO ETSA QETO EA HO LULA BA TŠEPAHALA HO JEHOVA
15, 16. Ke likotsi life joale tseo Daniele le metsoalle ea hae ba neng ba tobane le tsona, ’me ba ile ba itšoara joang?
15 Mabitso a Sebabylona, lenaneo la ho rutoa bocha le lijo tse khethehileng—tsena tsohle e ne e se feela boiteko ba ho hapella Daniele le Baheberu ba banyenyane ba bararo tseleng ea bophelo ea Babylona empa hape e ne e le boiteko ba ho ba arohanya le Molimo oa bona, Jehova, le koetliso ea bona le semelo sa bona sa bolumeli. Bacha baa ba ne ba tla etsa joang ha ba talimane le khatello ee eohle le teko?
16 Tlaleho e bululetsoeng e re: “Daniele a etsa qeto ka pelong ea hae hore a ke ke a itšilafatsa ka limenyemenye tsa morena le ka veine ea hae e nooang.” (Daniele 1:8a) Le hoja e le Daniele feela ea boletsoeng ka lebitso, se ileng sa latela se totobatsa hore metsoalle ea hae e meraro e ile ea tšehetsa qeto ea hae. Mantsoe a reng, “a etsa qeto ka pelong ea hae” a bontša hore thuto e neng e fanoe ke batsoali ba Daniele le ba bang koana hae, e ne e fihlile pelong ea hae. Ha ho pelaelo hore koetliso e tšoanang e ile ea tataisa Baheberu ba bang ba bararo ha ba etsa qeto. Sena se bontša ka matla bohlokoa ba ho ruta bana ba rōna, esita leha ho ka ’na ha bonahala ba le banyenyane haholo hore ba utloisise.—Liproverbia 22:6; 2 Timothea 3:14, 15.
17. Ke hobane’ng ha Daniele le metsoalle ea hae ba ile ba hana lijo tsa morena tsa letsatsi le letsatsi feela, ba se ke ba hana litokisetso tse ling?
17 Ke hobane’ng ha Baheberu baa ba banyenyane ba ile ba hana limenyemenye le veine feela ba sa ka ba hana litokisetso tse ling? Lebaka la Daniele le bontša ka ho hlaka hore na ke hobane’ng: ‘O ne a ke ke a itšilafatsa.’ Ho lokela ho ithuta “mongolo le puo ea Bakalde” le ho rehoa lebitso la Sebabylona, le hoja ho ne ho ka ’na ha se ke ha amoheleha, ho ne ho hlile ho ke ke ha silafatsa motho. Nahana ka mohlala oa Moshe, lilemo tse ka bang 1 000 pele ho moo. Le hoja a ne a ‘rupetsoe ka bohlale bohle ba Baegepeta,’ o ile a lula a tšepahala ho Jehova. Khōliso eo a neng a e filoe ke batsoali ba hae e ile ea mo fa motheo o tiileng. Ka lebaka leo, “ka tumelo Moshe, ha a hōlile, o ile a hana ho bitsoa mora oa morali oa Faro, a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le batho ba Molimo ho e-na le hore a thabele sebe ka nakoana.”—Liketso 7:22; Baheberu 11:24, 25.
18. Ke ka litsela life lijo tsa morena li neng li tla silafatsa Baheberu baa ba banyenyane?
18 Ke ka litsela life lijo tsa morena oa Babylona li neng li tla silafatsa bahlankana baa? Tsela ea pele, mohlomong limenyemenye tsena li ne li akarelletsa lijo tse neng li thibetsoe ke Molao oa Moshe. Ka mohlala, Bababylona ba ne ba ja liphoofolo tse sa hloekang, tseo Molao o neng o hanela Baiseraele ho li ja. (Levitike 11:1-31; 20:24-26; Deuteronoma 14:3-20) Tsela ea bobeli, Bababylona ba ne ba sa tloaela ho ntša liphoofolo tseo ba li hlabang mali pele ba ja nama ea tsona. Ho ja nama e sa ntšoang mali, e ne e tla ba ho tlōla molao oa Jehova ka ho toba mabapi le mali. (Genese 9:1, 3, 4; Levitike 17:10-12; Deuteronoma 12:23-25) Tsela ea boraro, ho tloaelehile hore barapeli ba melimo ea bohata ba nyehele lijo tsa bona ho melimo ea litšoantšo pele ba li ja hammoho. Bahlanka ba Jehova ba ne ba ke ke ba kopanela ho seo ho hang! (Bapisa le 1 Bakorinthe 10:20-22.) Tsela ea ho qetela, ho ja lihanyamafotha le ho noa lino tse bohale letsatsi le leng le le leng, ho hang ho ne ho ke ke ha fa motho oa lilemo life kapa life bophelo bo botle, re se re sa re letho ka bacha.
19. Bacha baa ba Baheberu ba ne ba ka ’na ba ikemela ka ho re’ng, empa ke eng se ileng sa ba thusa ho finyella qeto e nepahetseng?
19 Ho tseba seo u lokelang ho se etsa ke taba e ’ngoe, empa ho ba sebete hore u se etse ha u le tlas’a khatello kapa teko ke taba e fapaneng haholo. Daniele le metsoalle ea hae e meraro ba ne ba ka ’na ba nahana hore kaha ba hōle le batsoali ba bona le metsoalle, batho bao ba ne ba ke ke ba tseba seo ba se entseng. Ba ne ba ka ’na ba boela ba ikemela ka hore e ne e le taelo ea morena le hore ho ne ho bonahala ho se letho leo ba ka le etsang. Ntle ho moo, ha ho pelaelo hore bacha ba bang ba ne ba amohela litokisetso tsena habonolo ba bile ba nka hore ho kenella ho tsona ke tlotla ho e-na le ho ba tšitiso. Empa monahano o joalo o fosahetseng o ne o ka lebisa habonolo lerabeng la sebe se etsoang ka lekunutu, seo e leng leraba ho bacha ba bangata. Bacha bana ba Baheberu ba ne ba tseba hore “mahlo a Jehova a sebakeng se seng le se seng” le hore “Molimo oa ’nete o tla tlisa mosebetsi oa mofuta o mong le o mong kahlolong kamanong le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e patiloeng, ebang e ntle kapa e mpe.” (Liproverbia 15:3; Moeklesia 12:14) A bohle re ke re ithuteng ho hong tseleng ea bacha bana ba tšepahalang.
SEBETE LE PHEHELLO LI ILE TSA PUTSA
20, 21. Daniele o ile a nka khato efe, ’me e le ka phello efe?
20 Kaha Daniele o ne a entse qeto pelong ea hae hore o tla hanyetsa tšusumetso e senyang, o ile a tsoela pele ho nka khato tumellanong le qeto ea hae. “A ’na a kōpa molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong hore a se ke a itšilafatsa.” (Daniele 1:8b) “A ’na a kōpa”—eo ke polelo ea bohlokoa. Hangata, boiteko bo etsoang ka phehello boa hlokahala haeba re e-na le tšepo ea hore re tla atleha ho loantša liteko kapa ho hlōla mefokolo e itseng.—Bagalata 6:9.
21 Tabeng ea Daniele, ho phehella ho ile ha putsa. “Tumellanong le hoo Molimo oa ’nete a fa Daniele mosa o lerato le mohau ka pel’a molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong.” (Daniele 1:9) Hase hobane Daniele le metsoalle ea hae e ne e le batho ba nang le botho bo ratehang le ba bohlale ha qetellong litaba tsa bona li ile tsa atleha. Ho e-na le hoo, e bile ka lebaka la tlhohonolofatso ea Jehova. Ha ho pelaelo hore Daniele o ile a hopola maele a Seheberu a reng: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. Litseleng tsohle tsa hao u mo ele hloko, ’me eena o tla otlolla litsela tsa hao.” (Liproverbia 3:5, 6) Ka sebele ho latela keletso eo e ile ea e-ba ho putsang.
22. Molaoli oa lekhotla o ile a phahamisa khanyetso efe e utloahalang?
22 Qalong, molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong o ile a hana, a re: “Ke tšaba khosi ea ka morena, ea abileng lijo tsa lōna le lino tsa lōna. Ke hobane’ng, joale, ha a lokela ho bona lifahleho tsa lōna li shebahala li nyahame ha li bapisoa le tsa bana bao e leng lithaka tsa lōna, ’me ke hobane’ng ha le lokela ho etsa hore hlooho ea ka e be molato ho morena?” (Daniele 1:10) Khanyetso ena le tšabo li ne li e-na le lebaka le utloahalang. Morena Nebukadnezare o ne a sa hanyetsoe ha a buile, ’me molaoli eo o ile a hlokomela hore “hlooho” ea hae e ne e tla ba kotsing haeba a ne a ka etsa se khahlanong le litaelo tsa morena. Daniele o ne a tla etsa joang?
23. Daniele o ile a bontša temohisiso le bohlale joang ka tsela eo a ileng a e nka?
23 Ke mona moo temohisiso le bohlale li ileng tsa sebetsa. Mohlomong Daniele e monyenyane o ile a hopola maele a reng: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo, empa lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.” (Liproverbia 15:1) Ho e-na le hore Daniele ka manganga a tsitlelle hore kōpo ea hae e amoheloe ’me mohlomong a qholotse ba bang hore ba mo etse moshoela-tumelo, o ile a e lala ka ’mele. Ka nako e nepahetseng, o ile a atamela “mohlokomeli,” eo mohlomong a neng a utloisisa haholoanyane ho fana ka bolokolohi bo bonyenyane hobane a ne a sa ikarabelle ka ho toba ho morena.—Daniele 1:11.
HO ETSOA TLHAHISO EA TEKO EA MATSATSI A LESHOME
24. Daniele o ile a etsa tlhahiso ea hore ho etsoe teko efe?
24 Daniele o ile a etsa tlhahiso ea teko ho mohlokomeli, a re: “Ka kōpo, beha bahlanka ba hao tekong ka matsatsi a leshome, ’me ba re fe meroho re je le metsi re noe; ’me lifahleho tsa rōna le lifahleho tsa bana ba jang limenyemenye tsa morena li hlahe ka pel’a hao, ’me u etse ho ea kamoo u bonang kateng ka bahlanka ba hao.”—Daniele 1:12, 13.
25. E ka ’na eaba “meroho” eo Daniele le metsoalle ea hae e meraro ba neng ba e ngoatheloa e ne e akarelletsa eng?
25 Matsatsi a leshome ba ja ‘meroho le ho noa metsi’—na ba ne ba tla ‘shebahala ba nyahame’ ha ba bapisoa le ba bang? “Meroho” ke phetolelo ea lentsoe la Seheberu leo ha e le hantle le bolelang “lipeō.” Liphetolelo tse ling tsa Bibele li le fetolela e le “pulse” (ka Senyesemane), e hlalosoang e le “lipeō tse jeoang tsa limela tse sa tšoaneng tse behang lijo ka makhapetleng (tse kang lierekisi, linaoa, kapa lensisi).” Litsebi tse ling li na le maikutlo a hore taba eo ho buuoang ka eona e fana ka maikutlo a lijo tse akarelletsang ho fetang feela lipeō tse jeoang. Buka e ’ngoe ea litšupiso e re: “Seo Daniele le metsoalle ea hae ba neng ba se kōpa, e ne e le lijo tsa meroho tse sa natefisoang tse jeoang ke batho ba tloaelehileng eseng tsa lihanyamafotha le nama e ngata tsa tafoleng ea borena.” Kahoo, meroho e ne e ka ’na ea akarelletsa lijo tse hahang tsa linaoa, likomokomore, sefothafotha, eiee e sephara, lensisi, mahapu, hanyanese le bohobe bo entsoeng ka lijo-thollo tse sa tšoaneng. Ka sebele ha ho ea neng a tla nka seo e le lijo tse se nang phepo. Mohlomong mohlokomeli o ile a lemoha ntlha eo. “Qetellong a ba mamela mabapi le taba ena ’me a ba beha tekong ka matsatsi a leshome.” (Daniele 1:14) Phello e bile efe?
26. Phello ea teko ea matsatsi a leshome e bile efe, ’me ke hobane’ng ha litaba li bile ka tsela eo?
26 “Bofelong ba matsatsi a leshome lifahleho tsa bona tsa bonahala li le ntle ebile li nonne ho feta tsa bana bohle ba neng ba ja limenyemenye tsa morena.” (Daniele 1:15) Ha rea lokela ho nka sena e le bopaki ba hore lijo tsa meroho li molemo ho feta lihanyamafotha le lijo tsa nama e ngata. Matsatsi a leshome ke nako e khutšoanyane hore lijo tsa mofuta leha e le ofe li hlahise litholoana tse bonahalang, empa ha e khutšoanyane haholo hore Jehova a phethe morero oa hae. Lentsoe la hae le re: “Tlhohonolofatso ea Jehova—ke eona e ruisang, ’me ha a e phaelle ka bohloko.” (Liproverbia 10:22) Baheberu ba bane ba banyenyane ba ile ba beha tumelo le tšepo ea bona ho Jehova, ’me ha aa ka a ba lahla. Makholo a lilemo hamorao, Jesu Kreste o ile a phela ntle ho lijo ka matsatsi a 40. Tabeng ena, o ile a qotsa mantsoe a fumanoang ho Deuteronoma 8:3, moo re balang: “Motho ha a phele ka bohobe feela empa motho o phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea molomo oa Jehova.” Phihlelo ea Daniele le metsoalle ea hae ke mohlala o hlokomelehang oa sena.
TEMOHISISO LE BOHLALE SEBAKENG SA LIMENYEMENYE LE VEINE
27, 28. Ke ka litsela life lijo tseo Daniele le metsoalle ea hae e meraro ba ileng ba ikhethela tsona e neng e le ho lokisetsa lintho tse khōlō tse tlang?
27 Matsatsi ao a leshome, e ne e mpa e le teko feela, empa liphello e ne e le tse khotsofatsang ka ho fetisisa. “Kahoo mohlokomeli a ’na a nka limenyemenye tsa bona le veine ea bona e nooang ’me a ba fa meroho.” (Daniele 1:16) Ha ho thata ho nahana seo bacha ba bang ba neng ba le lenaneong la koetliso ba ileng ba se nahana ka Daniele le metsoalle ea hae. Ho hana matletsetletse a morena hore ba je meroho letsatsi le leng le le leng e lokela ebe ho ile ha bonahala e le booatla bo fetisisang ho bona. Empa ho ne ho tla tloha ho e-ba le liteko tse matla le meleko ’me tsena li ne li tla hloka kelo-hloko eohle le ho hlaphoheloa hohle tseo Baheberu bana ba banyenyane ba neng ba ka li khona. Ho feta tsohle, e ne e le tumelo ea bona le tšepo ea bona ho Jehova tse neng li tla ba pholosa litekong tsa bona tsa tumelo.—Bapisa le Joshua 1:7.
28 Bopaki ba hore Jehova o ne a e-na le bacha bana bo ka bonoa polelong e ileng ea latela: “Ha e le bana bana, ka bone ba bona, Molimo oa ’nete a ba fa tsebo le temohisiso ea mongolo oohle le bohlale; ’me Daniele o ne a e-na le kutloisiso ea mefuta eohle ea lipono le litoro.” (Daniele 1:17) Ba ne ba hloka ho fetang matla a ’mele le bophelo bo botle e le hore ba nke khato mabapi le linako tse thata tse ka pele. “Ha bohlale bo kena ka pelong ea hao le tsebo e e-ba e khahlisang moeeng oa hao, matla a ho nahana a tla u lebela, temoho e tla u sireletsa, ho u lopolla tseleng e mpe.” (Liproverbia 2:10-12) Ke sona seo Jehova a ileng a se etsetsa bacha bana ba bane ba tšepahalang ho ba hlomella se neng se e-tla.
29. Ke hobane’ng ha Daniele a ne a ‘utloisisa mefuta eohle ea lipono le litoro’?
29 Ho boleloa hore Daniele “o ne a e-na le kutloisiso ea mefuta eohle ea lipono le litoro.” Sena hase ka kutloisiso ea hore o ne a fetohile senohe. Ho thahasellisang ke hore le hoja Daniele a nkoa e le e mong oa baprofeta ba ka sehloohong ba Baheberu, ha ho mohla a ileng a bululeloa hore a bolele lipolelo tse kang “sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng” kapa “sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng.” (Esaia 28:16; Jeremia 6:9) Leha ho le joalo, e ne e le feela ka tlas’a tataiso ea moea o halalelang oa Molimo Daniele a neng a khona ho utloisisa le ho hlalosa lipono le litoro tse neng li senola morero oa Jehova.
QETELLONG, TEKO EA MAKHAOLA-KHANG
30, 31. Ke hobane’ng ha tsela e neng e khethiloe ke Daniele le metsoalle ea hae e ile ea e-ba molemo ho bona?
30 Lilemo tse tharo tsa ho rutoa bocha le ho ntlafatsoa ponahalo li ile tsa fela. Joale ho ile ha latela teko ea makhaola-khang—ho ea hlaha ka pel’a morena ka seqo. “Bofelong ba matsatsi ao ka ’ona morena a neng a itse ba tlisoe, molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong le eena a ba tlisa ka pel’a Nebukadnezare.” (Daniele 1:18) E ne e le nako ea hore bacha bana ba bane ba ikarabelle. Na ho khomarela melao ea Jehova ho e-na le ho inehela litseleng tsa Babylona ho ne ho tla ba molemo ho bona?
31 “Morena a qala ho bua le bona, ’me ho bona bohle ha hoa ka ha fumanoa ea tšoanang le Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria; ’me ba ile ba tsoela pele ho ema ka pel’a morena.” (Daniele 1:19) Tsela eo ba ileng ba etsa lintho ka eona ka lilemo tse tharo tse fetileng e ile ea bonahala e nepahetse ka ho feletseng hakaakang! Ba ne ba sa etsa booatla ka ho khomarela lijo tse neng li laeloa ke tumelo ea bona le matsoalo a bona. Ka ho tšepahala ho se neng se ka ’na sa bonahala se le senyenyane, Daniele le metsoalle ea hae ba ile ba hlohonolofatsoa ka lintho tse khōlō. Tokelo ea “ho ema ka pel’a morena” e ne e le pakane e neng e batloa ke bacha bohle ba neng ba le lenaneong la koetliso. Bibele ha e bolele hore na ebe ke bacha bana ba bane ba Baheberu feela ba ileng ba khethoa. Leha ho le joalo, tsela ea bona e tšepahalang ka sebele e ile ea ba tlisetsa “moputso o moholo.”—Pesaleme ea 19:11.
32. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria ba ne ba thabela tokelo e khōloanyane ho feta ho ba ka lekhotleng la morena?
32 Mangolo a re: “Na u bone motho ea nang le tsebo mosebetsing oa hae? O tla ema ka pel’a marena.” (Liproverbia 22:29) Kahoo, Nebukadnezare o ile a khetha Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria hore ba eme ka pel’a morena, ke hore, ho ba karolo ea lekhotla la borena. Ho sena sohle, re ka bona ha letsoho la Jehova le tsamaisa litaba hore ebe ka bahlankana bana—haholo-holo ka Daniele—litšobotsi tsa bohlokoa tsa morero oa bomolimo li ne li ka tsebahatsoa. Le hoja ho khetheloa ho ba karolo ea lekhotla la borena la Nebukadnezare e ne e le tlotla e khōlō, ho sebelisoa ka tsela e hlollang joalo ke Morena oa Bokahohle, Jehova, e ne e le tlotla e khōlō le ho feta.
33, 34. (a) Ke hobane’ng ha morena a ile a khahloa ke Baheberu ba banyenyane? (b) Re ka ithuta eng phihlelong ea Baheberu bao ba bane?
33 Kapele Nebukadnezare o ile a fumana hore bohlale le temohisiso tseo Jehova a neng a li file bacha bana ba bane ba Baheberu li ne li phahame haholo ho feta tseo baeletsi bohle le banna bohle ba bohlale ba lekhotla la hae ba neng ba e-na le tsona. “Mabapi le taba e ’ngoe le e ’ngoe ea bohlale le kutloisiso eo morena a neng a ba botsa eona, o ile a fumana ba bile ba le bohlale ka makhetlo a leshome ho feta baprista bohle ba sebelisang boselamose le linohe tse neng li le sebakeng sohle sa hae se pusong ea borena.” (Daniele 1:20) Ke joang ho neng ho ke ke ha e-ba joalo? ‘Baprista ba sebelisang boselamose’ le “linohe” ba ne ba tšepile thuto ea lefatše le ea tumela-khoela ea Babylona, athe Daniele le metsoalle ea hae ba ne ba tšepile bohlale bo tsoang holimo. Ho hang ho ne ho se ba ka bapisoang le bona—ho ne ho se ba ka qothisanang lehlokoa le bona!
34 Lintho ha li hlile ha lia fetoha haholo ho theosa le lilemo. Lekholong la pele la lilemo C.E., ha ho ne ho rena filosofi ea Bagerike le molao oa Baroma, moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole hore: “Bohlale ba lefatše lena ke booatla ho Molimo; kaha ho ngoliloe: ‘O tšoasa ba bohlale manong a bona.’ ’Me hape: ‘Jehova o tseba hore menahano ea batho ba bohlale ke lefeela.’ Kahoo a ho se ke ha e-ba le ea mong ea ithorisang ka batho.” (1 Bakorinthe 3:19-21) Kajeno, ho hlokahala hore re khomarele seo Jehova a re rutileng sona ’me re se ke ra khelosoa habonolo ke lintho tse hapang le tse majabajaba tsa lefatše lena.—1 Johanne 2:15-17.
HO TŠEPAHALA HO ISA QETELLONG
35. Re boleletsoe ho hokae ka metsoalle e meraro ea Daniele?
35 Tumelo e matla ea Hanania, Mishaele le Azaria e bontšoa ka mokhoa o hlakileng ho Daniele khaolo ea 3, mabapi le setšoantšo sa khauta sa Nebukadnezare lehoatateng la Dura le tekong ea sebōpi sa mollo. Ha ho pelaelo hore Baheberu bana ba tšabang Molimo ba ile ba lula ba tšepahala ho Jehova ho fihlela lefung la bona. Re tseba sena hobane ntle ho pelaelo moapostola Pauluse o ne a bua ka bona ha a ngola ka “bao ka tumelo ba ileng . . . ba thiba matla a mollo.” (Baheberu 11:33, 34) Ke mehlala e babatsehang bakeng sa bahlanka ba Jehova, ba banyenyane le ba baholo.
36. Daniele o bile le mosebetsi ofe o hlaheletseng?
36 Ka , temana ea ho qetela ea khaolo ea 1 e re: “Daniele a lula moo ho fihlela selemong sa pele sa Morena Cyruse.” Histori e senola hore Cyruse o ile a liha Babylona ka bosiu bo le bong, ka 539 B.C.E. Ho totobetse hore ka lebaka la botumo le boemo ba hae, Daniele o ile a tsoela pele ho sebeletsa lekhotleng la Cyruse. Ha e le hantle, Daniele 10:1 e re bolella hore “ka selemo sa boraro sa Cyruse morena oa Persia,” Jehova o ile a senolela Daniele taba e ’ngoe ea bohlokoa. Haeba e ne e le mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ha a tlisoa Babylona ka 617 B.C.E., o ne a tla be a e-na le lilemo tse ka bang 100 ha a fumana pono eo ea ho qetela. Mosebetsi oo e bile oa nako e telele le o hlohonolofetseng hakaakang tšebeletsong e tšepahalang ho Jehova!
37. Re ka ithuta eng ka ho hlahloba Daniele khaolo ea 1?
37 Khaolo ea pele ea buka ea Daniele ha e phete feela pale ea bacha ba bane ba tšepahalang ba thulanang ka katleho le liteko tsa tumelo. E re bontša kamoo Jehova a ka sebelisang mang kapa mang eo a lakatsang ho mo sebelisa hore a phethe morero oa hae. Tlaleho ena e paka hore haeba e le Jehova ea se lumellang, se ka bonahalang e le tlokotsi se ka phetha morero oa bohlokoa. ’Me e re bolella hore ho tšepahala linthong tse nyenyane ho tlisa moputso o moholo.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Ho ka thoe’ng ka semelo sa Daniele le metsoalle ea hae e menyenyane e meraro?
• Khōliso e ntle ea Baheberu baa ba bane ba banyenyane e ile ea lekoa joang Babylona?
• Jehova o ile a putsa Baheberu bao ba bane joang bakeng sa boemo ba bona bo sebete?
• Ke eng seo bahlanka ba kajeno ba Jehova ba ka ithutang sona ho Daniele le metsoalle ea hae e meraro?
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 30]