Khaolo ea Borobeli
O Pholosoa Litleneng Tsa Litau!
1, 2. (a) Dariase Momede o ile a hlophisa ’muso oa hae o atolohileng joang? (b) Hlalosa mesebetsi le matla a ho laela tsa babusisi ba liprofinse.
BABYLONA e ne e oele! Bokhabane boo e neng e bile le bona ka lilemo tse lekholo e le ’muso oa lefatše bo ne bo felisitsoe ka lihora tse seng kae feela. Ho ne ho qaleha mehla e mecha ea Bamede le Bapersia. Dariase oa Momede, eo joale e neng e le mohlahlami boreneng ba Belshazare, o ne a talimane le phephetso ea ho hlophisa ’muso oa hae o atolohileng.
2 O mong oa mesebetsi ea pele eo Dariase a ileng a e etsa e bile ho khetha babusisi ba 120 ba liprofinse. Ho na le tumelo ea hore ka linako tse ling ba neng ba sebeletsa boemong bona ba ne ba khethoa har’a beng ka morena. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, ’musisi e mong le e mong oa profinse o ne a busa setereke se le seng se seholo kapa karolo e itseng e nyenyane ea ’muso. (Daniele 6:1) Mesebetsi ea hae e ne e akarelletsa ho bokella makhetho le ho fetisetsa sethabathaba lekhotleng la borena. Le hoja nako le nako ’musisi oa profinse a ne a phenya-phenngoa ke moemeli ea etileng oa morena, o ne a e-na le matla a maholo a ho laela. Tlotla ea hae e ne e bolela “mosireletsi oa ’Muso.” Profinseng ea hae, ’musisi oa profinse o ne a nkoa e le mohlanka oa morena, ea nang le matla a batlang a lekana le a morena.
3, 4. Ke hobane’ng ha Dariase a ile a rata Daniele, ’me morena o ile a mo beha boemong bofe?
3 Daniele o ne a tla kena kae tokisetsong ee e ncha? Na Dariase oa Momede o ne a tla lokolla moprofeta eo ea seng a hōlile oa Mojuda mosebetsing, eo joale a neng a le ka holimo ho lilemo tse mashome a robong? O ne a ke ke! Ha ho pelaelo hore Dariase o ile a lemoha hore Daniele o ne a ile a bolela ho oa ha Babylona ka nepo esale pele le hore boprofeta bo joalo bo ne bo hloka temoho e phahametseng matla a motho. Ho phaella moo, Daniele o ne a e-na le phihlelo ea lilemo tse ngata a sebelisana le lihlopha tse sa tšoaneng tsa baholehuoa ba Babylona. Dariase o ne a ikemiselitse ho boloka likamano tsa khotso le bafo ba hae bao a sa tsoa ba hapa. Ka hona, ha ho pelaelo hore o ne a tla batla motho ea bohlale le ea nang le phihlelo joaloka Daniele hore e be moeletsi oa hae. A le boemong bofe?
4 E ne e ntse e tla hle e be ho makatsang ha Dariase a ne a ka khetha moholehuoa oa Mojuda Daniele hore e be ’musisi oa profinse. Empa nahana hore na ke pherekano e kaakang e bileng teng ha Dariase a phatlalatsa qeto ea hae ea ho etsa Daniele e mong oa balaoli ba bararo ba phahameng ba neng ba tla okamela babusisi ba liprofinse! Hase hoo feela, Daniele o ne a boetse “a ikhetholla ka ho tsitsitseng,” a bontša hore o phahametse balaoli-’moho le eena ba phahameng. Ka sebele, ho ne ho fumanoa “moea o sa tloaelehang” ho eena. Dariase o ne a bile a ikemiselitse ho mo fa setulo sa ho ba tona-khōlō.—Daniele 6:2, 3.
5. E tlameha ebe balaoli ba bang ba phahameng le babusisi ba liprofinse ba ile ba itšoara joang ka ho khethoa ha Daniele, ’me e le ka lebaka lefe?
5 E tlameha ebe balaoli ba bang ba phahameng le babusisi ba liprofinse ba ne ba bela ke bohale. Ka sebele ba ne ba sitoa ho mamella khopolo ea hore Daniele—eo e neng e se Momede kapa Mopersia kapa setho sa lelapa la borena—a be boemong ba ho ba le matla a ho ba laela! Dariase o ne a ka phahamisetsa molichaba boemong bo hlaheletseng joalo joang, eaba o hlokomoloha batho ba naha ea hae, esita le ba lelapa la hae? E tlameha ebe mohato o joalo o ile oa bonahala o le leeme. Ho feta moo, e tlameha ebe babusisi ba liprofinse ba ile ba talima botšepehi ba Daniele e le tšitiso e sa amoheleheng mekhoeng ea bona ea bomenemene le bobolu. Empa leha ho le joalo, balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse ba ile ba tšaba ho atamela Dariase ka taba ena. Ho sa tsotellehe boemo, Dariase o ne a hlompha Daniele haholo.
6. Balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse ba ile ba leka ho senya Daniele lebitso joang, ’me ke hobane’ng ha boiteko boo e bile ba lefeela?
6 Ka hona, bo-ralipolotiki bana ba mōna ba ile ba rera bolotsana. Ba ile ba leka “ho fumana boikaketsi khahlanong le Daniele mabapi le ’muso.” Na ho ne ho ka ba le ntho leha e le efe e sa lokang e ka fumanoang tseleng eo a phethang boikarabelo ba hae ka eona? Na o ne a sa tšepahale? Balaoli ba phahameng le babusisi ba profinse ba ne ba sa fumane letho le bontšang ho hlokomoloha kapa bobolu tseleng eo Daniele a neng a phetha mesebetsi ea hae ka eona. Ba ile ba nahana: “Ho hang ha re na ho fumana lebaka la boikaketsi ho Daniele enoa, haese hore re le fumane khahlanong le eena molaong oa Molimo oa hae.” Ke kahoo banna bana ba bolotsana ba ileng ba loha leano. Ba ile ba nahana hore le tla etsa hore Daniele a shoelle ruri.—Daniele 6:4, 5.
HO QALISOA LEANO LA POLAO
7. Balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse ba ile ba etsa tlhahiso efe ho morena, ’me ba ile ba e etsa ka mokhoa ofe?
7 Dariase o ile a atameloa ke sehlopha sa balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse ba ileng “ba kena e le letšoele.” Polelo ea Searame e sebelisitsoeng mona e na le moelelo oa morusu o kang sealuma. Ho hlakile hore banna bana ba ile ba etsa eka ba na le taba e potlakileng haholo eo ba lokelang ho e hlahisa ho Dariase. Mohlomong ba ile ba nahana hore ha a na ho ba le lipotso tse ngata mabapi le tlhahiso ea bona haeba ba e hlahisa ka kholiseho le ka hore ke ntho e hlokang khato e potlakileng. Kahoo, ba ile ba toba taba ba re: “Balaoli bohle ba phahameng ba ’muso, balaoli le babusisi ba liprofinse, balaoli ba phahameng ba hlomphehang le babusisi, ba eletsane hore ba tiise taelo ea borena e hlomamisitsoeng le ho phethahatsa molao oa thibelo, hore mang kapa mang ea etsang kōpo e matla ho molimo leha e le ofe kapa motho ka matsatsi a mashome a mararo haese ho uena, morena, o lokela ho lahleloa ka sekoting sa litau.”a—Daniele 6:6, 7.
8. (a) Ke hobane’ng ha Dariase a ne a tla fumana molao oo o khothalletsoang o ipiletsa? (b) Sepheo se seholo sa balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse e ne e le sefe?
8 Litlaleho tsa histori li tiisa hore ho ne ho tloaelehile hore marena a Mesopotamia a talingoe a be a rapeloe joaloka melimo. Kahoo ha ho pelaelo hore Dariase o ile a ikutloa a phahame ke tlhahiso ena. Mohlomong o ile a boela a bona molemo oa eona. Hopola hore ho ba neng ba phela Babylona, Dariase e ne e le molichaba le mofihli. Molao ona o mocha o ne o tla sebeletsa ho mo tiisa boreneng, ’me o ne o tla khothalletsa matšoele a phelang Babylona ho phatlalatsa botšepehi le tšehetso ea ’ona ’musong o mocha. Leha ho le joalo, balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse ba ne ba sa ameha ho hang ka boiketlo ba morena ha ba etsa tlhahiso mabapi le taelo ena. Sepheo sa bona se seholo e ne e le ho cheha Daniele, etsoe ba ne ba tseba hore o tloaetse ho rapela Molimo ka makhetlo a mararo ka letsatsi a le ka pel’a lifensetere tse butsoeng tsa kamore ea hae e marulelong.
9. Ke hobane’ng ha molao ona o mocha o ne o ke ke oa bakela ba bangata bao e seng Bajuda bothata?
9 Na thibelo ee ea thapelo e ne e tla baka bothata bakeng sa lihlopha tsohle tsa bolumeli Babylona? E ne e sa tl’o baka bo boholo hakaalo, haholo kaha thibelo ena e ne e tla nka khoeli feela. Ho feta moo, ke methoaela feela ho bao e seng Bajuda e neng e tla nka hore ho rapela motho ka nakoana ke ho sekisetsa. Setsebi se seng sa Bibele se re: “Ho rapela morena ho ne ho sa hloke letho le sa tloaelehang lichabeng tse ngata tse rapelang litšoantšo; ka lebaka leo, ha Bababylona ba laeloa ho hlompha mohlōli—e leng Dariase oa Momede—ka tlhompho e tšoanelang molimo, ha baa ka ba e-ba leqe ho mamela taelo eo. Ke Mojuda feela ea neng a khopisoa ke taelo e joalo.”
10. Bamede le Bapersia ba ne ba talima molao o hlonngoeng ke morena oa bona joang?
10 Ho sa tsotellehe boemo, baeti ba Dariase ba ile ba mo phehella ho “tiisa taelo e hlomamisitsoeng le ho saena se ngotsoeng, e le hore se se ke sa fetoloa, ho ea ka molao oa Bamede le Bapersia, o sa hlakoloeng.” (Daniele 6:8) Bochabela ba boholo-holo, hangata ha morena a buile e ne eba le lumme. Sena se ne se ntšetsa pele maikutlo a hore ha a fose. Esita le molao o neng o ka etsa hore batho ba se nang molato ba shoe o ne o tlameha ho tsoela pele o sebetsa!
11. Molao oa Dariase o ne o tla ama Daniele joang?
11 Dariase o ile a saena taelo ena a sa nahane ka Daniele. (Daniele 6:9) Ka ketso eo, ka ho se tsebe o ile a saena lengolo la hore molaoli oa hae oa bohlokoahali a bolaoe. E, joang kapa joang Daniele o ne a tla angoa ke molao ona.
DARIASE O TLAMEHA HO LIHA KAHLOLO E KHAHLANONG LE MAIKUTLO A HAE
12. (a) Daniele o ile a etsa joang hang ha a tseba ka molao oo o mocha? (b) Ke bo-mang ba neng ba lisitse Daniele, hona e le ka lebaka lefe?
12 Daniele o ile a phakisa a lemoha molao ona o behelang thapelo meeli. Kapele-pele o ile a kena ka tlung ea hae ’me a ea kamoreng ea hae e marulelong, eo lifensetere tsa eona li neng li bulehela nģ’a Jerusalema.b Daniele o ile a qala ho rapela Molimo hona moo, “joalokaha a ne a ntse a etsa kamehla pele ho sena.” E ka ’na eaba Daniele o ne a nahanne hore o mong, empa beng ba morero oa bolotsana ba ne ba mo lisitse. Ba ile “ba phutheha” hang-hang ’me ha ho pelaelo hore ba ile ba phutheha ka cheseho e tšoanang le eo ba ileng ba atamela Dariase ka eona. Joale, ba ne ba bona ka mahlo—Daniele o ne a “etsa kōpo e matla le ho kōpa mohau ka pel’a Molimo oa hae.” (Daniele 6:10, 11) Balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse ba ne ba e-na le bopaki bohle boo ba bo hlokang ba ho qosa Daniele ka pel’a morena.
13. Lira tsa Daniele li ile tsa tlalehela morena eng?
13 Ka mano, lira tsa Daniele li ile tsa botsa Dariase: “Na ha ho na molao oa thibelo oo u o saenneng hore motho leha e le ofe ea etsang kōpo e matla ho molimo leha e le ofe kapa motho ka matsatsi a mashome a mararo haese ho uena, morena, o lokela ho lahleloa ka sekoting sa litau?” Dariase o ile a araba, a re: “Taba e hlomamisitsoe hantle ho ea ka molao oa Bamede le Bapersia, o sa hlakoloeng.” Joale, beng ba morero oa bolotsana ba ile ba potlakela ho toba taba. “Daniele, oa baholehuoa ba Juda, ha aa ka a re letho ka uena, morena, leha e le ka molao oa thibelo oo u o saenneng, empa o etsa kōpo ea hae e matla ka makhetlo a mararo ka letsatsi.”—Daniele 6:12, 13.
14. Kamoo ho bonahalang kateng, ke hobane’ng ha balaoli ba phahameng le babusisi ba litereke ba ile ba re Daniele ke “oa baholehuoa ba Juda”?
14 Ke habohlokoa hore ebe balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse ba ile ba bua ka Daniele e le “oa baholehuoa ba Juda.” Kamoo ho bonahalang kateng, ba ne ba batla ho hatisa hore Daniele enoa eo Dariase a mo phahamiselitseng boemong bo hlaheletseng hakana e ne e hlile e se letho haese lekhoba feela la Mojuda. Ba ne ba lumela hore ka lebaka leo, ka sebele o ne a tlameha ho mamela molao—ho sa tsotellehe hore na morena o ikutloa joang ka eena!
15. (a) Dariase o ile a arabela joang mabapi le litaba tseo balaoli ba phahameng le babusisi ba litereke ba neng ba mo tliselitse tsona? (b) Ke joang balaoli ba phahameng le babusisi ba litereke ba ileng ba tsoela pele ho bontša hore ba khesa Daniele?
15 Mohlomong balaoli bana ba phahameng le babusisi ba liprofinse ba ne ba lebeletse hore morena a ba putse bakeng sa mosebetsi oa bona o hloahloa oa bofokisi. Haeba ho joalo, ba ne ba tla tloha ba makala. Dariase o ile a tšoenyeha haholo ke litaba tseo ba mo tliselitseng tsona. Ho e-na le ho halefela Daniele kapa ho mo ahlolela hore a lahleloe ka sekoting sa litau hang-hang, Dariase o ile a qeta letsatsi lohle a loanela ho mo pholosa. Empa boiteko ba hae e ile ea e-ba ba lefeela. Ka mor’a nakoana, beng ba morero oa bolotsana ba ile ba khutla, ’me ka ho hloka lihlong, ba batla hore Daniele a bolaoe.—Daniele 6:14, 15.
16. (a) Ke hobane’ng ha Dariase a ne a hlompha Molimo oa Daniele? (b) Dariase o ne a e-na le tšepo efe ka Daniele?
16 Dariase o ile a ikutloa hore ha a na boikhethelo tabeng ena. Molao o ne o ke ke oa hlakoloa, leha e le hore “tlōlo” ea Daniele e ne e ka tšoareloa. Ntho feela eo Dariase a neng a ka e bolella Daniele ke ho re, “Molimo oa hao eo u mo sebeletsang ka tiisetso, o tla u pholosa.” Dariase o ile a bonahala a hlompha Molimo oa Daniele. Ke Jehova ea neng a file Daniele tsebo ea ho bolela esale pele ka ho oa ha Babylona. Molimo o ne a boetse a file Daniele “moea o sa tloaelehang” o neng o mo khetholla ho balaoli ba bang ba phahameng. Mohlomong Dariase o ne a lemoha hore mashome a lilemo pele ho moo, Molimo eena enoa o ne a ile a lopolla bacha ba bararo ba Baheberu sebōping sa mollo. E ka ’na eaba morena o ne a tšepile hore joale Jehova ke eena ea tla lopolla Daniele, kaha Dariase o ne a sitoa ho etsolla molao oo a neng a o saenne. Kahoo, Daniele o ile a lahleloa ka sekoting sa litau.c Ka mor’a moo, “ho ile ha tlisoa lejoe eaba le behoa molomong oa sekoti, ’me morena a le tiisa ka lesale la hae la tiiso le ka lesale la tiiso la matona a hae, e le hore ho se be le letho le fetoloang tabeng ea Daniele.”—Daniele 6:16, 17.
LIKETSAHALO LI FETOHA KA POTLAKO
17, 18. (a) Ke eng e bontšang hore Dariase o ne a utloisitsoe bohloko ke boemo ba Daniele? (b) Ho ile ha etsahala’ng ha morena a khutlela sekoting sa litau hoseng ho latelang?
17 Dariase ea nyahameng o ile a khutlela tlung ea hae ea borena. Ha ho libini tse ileng tsa tlisoa ka pel’a hae, hobane o ne a se moeeng oa boithabiso. Ho e-na le hoo, Dariase o ile a sekama bosiu kaofela a shebile, a itima lijo. “A felloa ke boroko.” Ka meso, Dariase o ile a potlakela sekoting sa litau. O ile a hooa ka lentsoe le hlomohileng: “Uena Daniele, mohlanka oa Molimo ea phelang, na Molimo oa hao eo u mo sebeletsang ka tiisetso o khonne ho u pholosa litaung?” (Daniele 6:18-20) O ile a hlolloa—a ba a utloa ho re kokololo!—ha ho hlaha karabo!
18 “Morena, u ’ne u phele esita le ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” Ka tumeliso ena e tletseng tlhompho, Daniele o ile a bontša hore ha aa jara morena ka pelo. O ne a hlokomela hore sesosa sa sebele sa mahloriso a hae e ne e se Dariase empa e ne e le balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse ba mohono. (Bapisa le Matheu 5:44; Liketso 7:60.) Daniele o ile a tsoela pele: “Molimo oa ka o rometse lengeloi la hae ’me la koala melomo ea litau, ’me ha lia mphelisa, kahobane ke fumanoe ke hloka molato ka pel’a hae; le ka pel’a hao, morena, ha ho ketso e kotsi eo ke e entseng.”—Daniele 6:21, 22.
19. Ke joang Dariase a neng a thetsitsoe le ho qhekelloa ke balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse?
19 E tlameha ebe mantsoe ao a ile a tšoenya letsoalo la Dariase hakaakang! Ka nako ena eohle o ne a tsebile hore Daniele o ne a sa etsa letho le tšoaneloang ke hore a lahleloe ka sekoting sa litau. Dariase o ne a lemoha hantle hore balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse ba ne ba entse morero oa bolotsana oa hore Daniele a bolaoe le hore ba ne ba qhekeletse morena e le hore ba phethe sepheo sa bona sa boithati. Ka ho tsitlella ha bona hore “balaoli bohle ba phahameng ba ’muso” ba ne ba bueletse hore ho fetisoe molao ona, ba ne ba fane ka maikutlo a hore Daniele le eena ho ne ho buisanoe le eena tabeng ena. Dariase o ne a tla sebetsa taba ea banna bana ba mano hamorao. Leha ho le joalo, o ile a qala ka ho fana ka taelo ea hore Daniele a nyolloe ka sekoting sa litau. Ka mokhoa oa mohlolo, Daniele o ne a se na le mongoapo leha o le mong feela!—Daniele 6:23.
20. Ho ile ha etsahala’ng ka lira tsa Daniele tse lonya?
20 Kaha joale Daniele o ne a se a sireletsehile, Dariase o ne a e-na le mosebetsi o mong oo a lokelang ho shebana le oona. “Eaba morena oa laela, ’me ba tlisa banna bana ba shahlileng ba neng ba qositse Daniele, ’me ba lahlela bona, le bara ba bona le basali ba bona ka sekoting sa litau; ba ne ba e-s’o fihle fatše ka sekoting ha litau li ba hlōla, ’me li robokela masapo ’ohle a bona.”d—Daniele 6:24.
21. Ha ho sebetsanoa le litho tsa malapa a bafosi, ho ne ho e-na le phapang efe pakeng tsa Molao oa Moshe le melao ea lichaba tse ling tsa boholo-holo?
21 Ho bolaea beng ba morero oo oa bolotsana hammoho le basali ba bona le bana ho ka ’na ha bonahala e le ho hloka kutloelo-bohloko ho phethahetseng. Ha ho bapisoa, Molao oo Molimo a ileng a fana ka oona ka moprofeta Moshe o ne o re: “Bo-ntate ha baa lokela ho bolaoa ka lebaka la bana, le bana ha baa lokela ho bolaoa ka lebaka la bo-ntate. E mong le e mong a bolaeloe sebe sa hae.” (Deuteronoma 24:16) Leha ho le joalo, lichabeng tse ling tsa boholo-holo, haeba taba e ne e le ea tlōlo ea molao e tebileng, ho ne ho tloaelehile hore litho tsa lelapa li bolaoe hammoho le mofosi. Mohlomong sena se ne se etsetsoa hore litho tsa lelapa li tle li se ke tsa khona ho iphetetsa hamorao. Leha ho le joalo, ka sebele khato ena e ileng ea nkoa khahlanong le malapa a balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse e ne e sa hlohlelletsoa ke Daniele. Mohlomong o ile a utloisoa bohloko ke tlokotsi ena eo banna bana ba khopo ba neng ba e tliselitse malapa a bona.
22. Dariase o ile a ntša phatlalatso efe e ncha?
22 Balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse ba bolotsana ba ne ba shoele. Dariase o ile a ntša phatlalatso e neng e re: “Ke fana ka taelo ea hore, sebakeng se seng le se seng sa ’muso oa ka, batho ba lokela ho thothomela le ho tšoha ka pel’a Molimo oa Daniele. Etsoe ke Molimo ea phelang le Ea mamellang ho isa linakong tse sa lekanyetsoang, ’me ’muso oa hae ke o ke keng oa senngoa, ’me puso ea hae ke ea ka ho sa feleng. Oa pholosa le ho lopolla le ho etsa lipontšo le limakatso maholimong le lefatšeng, etsoe o pholositse Daniele marōng a litau.”—Daniele 6:25-27.
SEBELETSA MOLIMO U SA PHETSE
23. Daniele o ile a beha mohlala ofe mabapi le mosebetsi oa hae oa boipheliso, ’me re ka tšoana le eena joang?
23 Daniele o behetse bahlanka bohle ba Molimo ba kajeno mohlala o motle. Kamehla boitšoaro ba hae e ne e le bo sa nyatseheng. Mosebetsing oa hae oa boipheliso, Daniele “e ne e le ea ka tšeptjoang ’me ho hang ha hoa ka ha fumanoa ho se tsotelle kapa ntho e bolileng ho eena.” (Daniele 6:4) Ka tsela e tšoanang, Mokreste o lokela ho ba mahlahahlaha mabapi le mosebetsi oo a o hiretsoeng. Hona ha ho bolele ho ba ea lelekisang leruo la lintho tse bonahalang ka ho ba ea sa natseng batho ba bang khoebong kapa ho iketsa nonyana e hahelang ka tšiba tsa e ’ngoe. (1 Timothea 6:10) Mangolo a laela hore Mokreste a phethahatse mosebetsi oa hae oa boipheliso ka botšepehi le ka moea oohle, “joalokaha eka [o] sebeletsa Jehova.”—Bakolose 3:22, 23; Tite 2:7, 8; Baheberu 13:18.
24. Ke joang Daniele a ileng a bontša hore ha a sekisetse tabeng ea borapeli?
24 Borapeling ba hae, Daniele o ne a sa sekisetse. Tloaelo ea hae ea ho rapela e ne e le taba e tsejoang ke bohle. Ho feta moo, balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse ba ne ba tseba hantle hore Daniele o nka borapeli ba hae ka botebo. Ka sebele, ba ne ba kholisehile hore o tla tšoarella mokhoeng ona le haeba molao o ne o o hanela. Ke mohlala o motle hakaakang ho Bakreste ba kajeno! Le bona ba na le botumo ba ho etelletsa borapeli ba Molimo pele. (Matheu 6:33) Sena se lokela ho totobala ho ba shebeletseng, hobane Jesu o ile a laela balateli ba hae, a re: “Leseli la lōna a le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntate oa lōna ea leng maholimong.”—Matheu 5:16.
25, 26. (a) Ba bang ba ka fihlela qeto efe ka seo Daniele a ileng a se etsa? (b) Ke hobane’ng ha Daniele a ile a talima ho fetola tloaelo ea hae e le ho tšoanang le ho sekisetsa?
25 Ba bang ba ka ’na ba re Daniele a ka be a ile a qoba mahloriso ka hore a rapele Jehova sephiring ka nako eo ea matsatsi a 30. Etsoe ha ho hlokahale hore motho a be boemong bo itseng ba ’mele kapa ba sebaka e le hore Molimo a mo utloe. A ka ba a lemoha le lintho tseo motho a li nahanang ka pelong. (Pesaleme ea 19:14) Ho sa tsotellehe seo, Daniele o ile a talima ho fetola tloaelo ea hae ka tsela leha e le efe e le ho tšoanang le ho sekisetsa. Hobane’ng?
26 Kaha tloaelo ea Daniele ea ho rapela e ne e tsebahala, o ne a tla fana ka maikutlo afe haeba a ne a ka khaotsa hang feela ka tšohanyetso? Ba shebeletseng ba ne ba tla fihlela qeto ea hore Daniele o tšaba batho le hore taelo ea morena e ne e phahametse molao oa Jehova. (Pesaleme ea 118:6) Empa Daniele o ile a bontša ka liketso hore o lebisa boinehelo ba hae bo khethehileng ho Jehova. (Deuteronoma 6:14, 15; Esaia 42:8) Ha e le hantle, Daniele o ne a sa nyelise molao oa morena ha a etsa sena. Ho ntse ho le joalo, ha aa ka a bontša tšabo ka ho sekisetsa. Daniele o mpa feela a ile a tsoela pele ho rapela kamoreng ea hae e marulelong, “joalokaha a ne a ntse a etsa kamehla,” pele ho taelo ena ea morena.
27. Kajeno bahlanka ba Molimo ba ka tšoana le Daniele joang ka (a) ho ipeha tlas’a ba phahameng ba nang le matla a ho laela? (b) ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho? (c) ho loanela ho phela ka khotso le batho bohle?
27 Kajeno bahlanka ba Molimo ba ka ithuta ka mohlala oa Daniele. Ba tsoela pele ‘ho ipeha tlas’a ba phahameng ba nang le matla a ho laela,’ ba hlompha melao ea naha eo ba phelang ho eona. (Baroma 13:1) Leha ho le joalo, ha melao ea batho e thulana le ea Molimo, batho ba Jehova ba nka boemo ba baapostola ba Jesu, bao ka sebete ba ileng ba re: “Re lokela ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Liketso 5:29) Ka ho etsa joalo, Bakreste ha ba khothalletse ho tsohela ba boholong matla kapa bofetoheli. Ho e-na le hoo, pakane ea bona ke feela ho phela ka khotso le batho bohle e le hore ba ‘ka tsoela pele ba phela bophelo bo khutsitseng le bo thōtseng ka boinehelo bo feletseng ba bomolimo.’—1 Timothea 2:1, 2; Baroma 12:18.
28. Ke joang Daniele a ileng a sebeletsa Jehova “ka tiisetso”?
28 Ka makhetlo a mabeli Dariase o ile a bolela hore Daniele o sebeletsa Molimo “ka tiisetso.” (Daniele 6:16, 20) Motso oa Searame oa lentsoe le fetoletsoeng e le “tiisetso” o na le moelelo oa ho “pota-pota.” O fetisa maikutlo a ho potoloha ho sa emiseng, kapa ntho e ’ngoe e sa khaotseng. Botšepehi ba Daniele bo ne bo le joalo. Bo ne bo latela mokhoa o ka boleloang esale pele ntle ho khoao. Ho ne ho se pelaelo hore na Daniele o ne a tla etsa joang ha a talimane le liteko, ebang ke tse khōlō kapa tse nyenyane. O ne a tla tsoela pele tseleng eo a neng a se a e thehile ka lilemo-lemo—ea ho se sekisetse le ho tšepahala ho Jehova.
29. Kajeno bahlanka ba Jehova ba ka rua molemo joang tseleng e tšepahalang e ileng ea nkoa ke Daniele?
29 Bahlanka ba Molimo ba kajeno ba batla ho latela tsela e ileng ea nkoa ke Daniele. Ka sebele, moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste bohle hore ba nahane ka mohlala oa banna ba boholo-holo ba neng ba tšaba Molimo. Ka tumelo, ba ile “ba tlisa ho loka, ba fumana litšepiso,” ’me—ho totobetse hore ho ne ho boleloa Daniele ha ho thoe—“ba thiba melomo ea litau.” Joaloka bahlanka ba Jehova kajeno, a re bontšeng tumelo le ho se phetse tseo Daniele a neng a e-na le tsona ’me “re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna.”—Baheberu 11:32, 33; 12:1.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Boteng ba ‘sekoti sa litau’ Babylona bo tšehetsoa ke bopaki ba lintho tse ngotsoeng tsa boholo-holo tse bontšang hore babusi ba Bochabela ba ne ba atisa ho rua mehlape ea liphoofolo tse hlaha.
b Kamore e marulelong e ne e le phaposi e boinotšing eo motho a neng a ka phomola ho eona ha a ne a lakatsa hore a se ke a tšoenngoa.
c Mohlomong sekoti sa litau e ne e le lemena le ahlameng. Mohlomong le ne le boetse le e-na le mamati kapa mekoallo e ka tlosoang hore liphoofolo li tsebe ho kena ka hare.
d Lentsoe “qositse” le fetoletse polelo ea Searame eo hape e ka fetoleloang e le “etselelitse.” Sena se totobatsa boikemisetso bo lonya ba lira tsa Daniele.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Ke hobane’ng ha Dariase Momede a ile a etsa qeto ea ho sebelisa Daniele boemong bo phahameng?
• Balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse ba ile ba loha leano lefe la bolotsana? Jehova o ile a pholosa Daniele joang?
• U ithutile’ng ka ho ela hloko mohlala oa Daniele oa botšepehi?
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 114]
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 121]
[Setšoantšo se leqepheng la 127]
Daniele o ile a sebeletsa Jehova “ka tiisetso.” Na le uena u etsa joalo?