Jehova ke “Mosenoli oa Liphiri”
“Kannete Molimo oa lōna ke Molimo oa melimo le Khosi ea marena le Mosenoli oa liphiri.”—DAN. 2:47.
U KA ARABA JOANG?
Ke lintho life tseo Jehova a re senoletseng tsona ka bokamoso?
Lihlooho tsa pele tse tšeletseng tsa sebata li tšoantšetsa’ng?
Sebata se amana joang le setšoantšo seo Nebukadnezare a se boneng torong?
1, 2. Ke’ng eo Jehova a re senoletseng eona, hona ke hobane’ng ha a entse seo?
KE MEBUSO efe e tla be e laola lefatše ha ’Muso oa Molimo o felisa puso ea batho? Re tseba karabo kaha re e tsebisitsoe ke “Mosenoli oa liphiri,” e leng Jehova Molimo. O sebelisitse moprofeta Daniele le moapostola Johanne hore ba re thuse ho hlokomela hore na mebuso eo ke efe.
2 Jehova o ile a senolela banna bao letoto la lipono tsa libata tse ileng tsa hlaha ka ho latellana. O ile a boela a bolella Daniele hore na setšoantšo se seholohali se entsoeng ka lirafshoa tse sa tšoaneng seo a ileng a se bona torong se ne se bolela’ng. Jehova o ile a etsa hore litlaleho tseo li ngoloe li be li bolokoe ka Bibeleng molemong oa rōna. (Bar. 15:4) O ile a etsa seo e le hore re ka ba le tšepo e matla ea hore haufinyane ’Muso oa hae o tla felisa mebuso eohle ea batho.—Dan. 2:44.
3. E le hore re utloisise boprofeta bo ka Bibeleng hantle, ke sefe seo re lokela’ng ho se utloisisa pele, hona hobane’ng?
3 Boprofeta ba Daniele le ba Johanne bo senola boitsebiso bo mabapi le marena a robeli kapa mebuso ea batho, le hore na a tla hlaha a latellana joang. Leha ho le joalo, re ka utloisisa boprofeta boo hantle haeba feela re utloisisa hore na boprofeta ba pele bo tlalehiloeng ka Bibeleng bo bolela’ng. Hobane’ng? Hobane Bibele eohle le boprofeta bohle bo ho eona bo amana le boprofeta boo.
PEŌ EA NOHA LE SEBATA
4. Ke bo-mang bao e leng peō ea mosali, hona peō eo e tla etsa’ng?
4 Nakoana ka mor’a bofetoheli bo ileng ba etsahala Edene, Jehova o ile a tšepisa hore “mosali” o ne a tla hlahisa “peō.”a (Bala Genese 3:15.) Qetellong, peō eo e ne e tla khoba noha e leng Satane, hlooho. Hamorao Jehova o ile a senola hore peō eo e ne e tla tsoa ho Abrahama, sechabeng sa Iseraele, lelokong la Juda ’me e tsoe lelapeng la Morena Davida. (Gen. 22:15-18; 49:10; Pes. 89:3, 4; Luka 1:30-33) Kreste Jesu ke eena karolo e ka sehloohong ea peō eo. (Bagal. 3:16) Karolo ea bobeli ea peō eo, ke litho tsa phutheho ea Bokreste tse tlotsitsoeng ka moea. (Bagal. 3:26-29) Jesu hammoho le batlotsuoa bana ba theha ’Muso oa Molimo, e leng oona oo Molimo a tla o sebelisa ho felisa Satane.—Luka 12:32; Bar. 16:20.
5, 6. (a) Daniele le Johanne ba bua ka mebuso e meholo e mekae ka palo? (b) Lihlooho tsa sebata seo ho buuoang ka sona ho Tšenolo li emela’ng?
5 Boprofeta boo ba pele bo ileng ba fanoa Edene, bo ile ba boela ba bolela hore Satane le eena o ne a tla hlahisa “peō.” Peō ea hae e ne e tla bontša bora kapa e hloee peō ea mosali. Ke bo-mang bao e leng peō ea noha? Ke bohle ba bontšang hore ba hloile Molimo joaloka Satane, le ba hanyetsang batho ba Molimo. Ho theosa le histori, Satane o ’nile a hlophisa peō ea hae ka mekhatlo e sa tšoaneng ea lipolotiki kapa mebuso. (Luka 4:5, 6) Leha ho le joalo, ke mebuso e seng mekae feela ea batho e bileng le tšusumetso e matla ho batho ba Molimo, ebang ke sechaba sa Iseraele kapa phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng. Ke hobane’ng ha taba ee e le ea bohlokoa? Hobane e hlalosa hore na ke hobane’ng ha lipono tsa Daniele le Johanne li bua ka mebuso e matla e robeli feela.
6 Qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E., Jesu ea tsositsoeng bafung o ile a fa Johanne letoto la lipono tse hlollang. (Tšen. 1:1) Ho e ’ngoe ea tsona, Johanne o ile a bona Diabolose, a tšoantšetsoa ke drakone, e eme lebōpong la leoatle le leholo. (Bala Tšenolo 13:1, 2.) Johanne o ile a boela a bona sebata se makatsang se e-tsoa leoatleng ’me Diabolose a se fa matla a maholo. Hamorao, lengeloi le ile la bolella Johanne hore sebata se ’mala o sekareleta, e leng setšoantšo sa sebata seo ho buuoang ka sona ho Tšenolo 13:1, se emela “marena a supileng” kapa mebuso. (Tšen. 13:14, 15; 17:3, 9, 10) Nakong eo Johanne a neng a ngola boprofeta bona ka eona, marena a mahlano a ne a se a oele, a le mong a ntse a busa ’me e mong “a e-s’o fihle.” Mebuso eo kapa mebuso e matla ea lefatše ke efe? A re ke re tšohleng hlooho ka ’ngoe ea sebata seo ho builoeng ka sona ho Tšenolo. Re tla boela re bone kamoo boprofeta ba Daniele bo ileng ba fana ka boitsebiso bo qaqileng kateng mabapi le e meng ea mebuso ena, ka linako tse ling esita le lilemo tse makholo pele e e-ba teng.
EGEPETA LE ASSYRIA—KE LIHLOOHO TSA PELE TSE PELI
7. Hlooho ea pele e emela’ng, hona hobane’ng?
7 Hlooho ea pele ea sebata e emela Egepeta. Hobane’ng? Hobane Egepeta ke ’muso oa pele o moholo o ileng oa hloea batho ba Molimo oa ba oa ba loantša. Litloholo tsa Abrahama—e leng eena eo peō ea mosali e tšepisitsoeng e neng e tla hlaha ka eena—li ile tsa ngatafala Egepeta. Kahoo, Baegepeta ba ile ba hatella Baiseraele. Satane o ile a leka ho felisa sechaba sa Molimo pele peō e fihla. O ile a etsa seo joang? Ka hore a susumetse Faro hore a bolaee bana bohle ba batona ba Baiseraele. Jehova o ile a nyopisa morero oo eaba o lokolla batho ba hae bokhobeng Egepeta. (Ex. 1:15-20; 14:13) Hamorao o ile a fa Baiseraele Naha e Tšepisitsoeng.
8. Hlooho ea bobeli ke mang, ’me e ile ea leka ho etsa’ng?
8 Hlooho ea bobeli ea sebata e emela Assyria. ’Muso ona o matla le oona o ile oa leka ho fiela sechaba sa Molimo. Ke ’nete hore Jehova o ile a sebelisa Baassyria ho ahlola ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome hobane e ne e rapela litšoantšo ebile e le marabele. Leha ho le joalo, Baassyria ba ile ba hlasela Jerusalema. E ka ’na eaba sepheo sa Satane e ne e le ho felisa leloko la borena leo qetellong Jesu a neng a tla hlaha ho lona. Tlhaselo eo e ne e se karolo ea morero oa Jehova, kahoo ka mohlolo o ile a pholosa batho ba hae ba tšepahalang eaba o timetsa batho bao ba neng ba ba futuhetse.—2 Mar. 19:32-35; Esa. 10:5, 6, 12-15.
BABYLONA—KE HLOOHO EA BORARO
9, 10. (a) Jehova o ile a lumella Bababylona hore ba etse’ng? (b) E le hore boprofeta bo phethahale, ke sefe se neng se lokela ho etsahala?
9 Hlooho ea boraro ea sebata seo Johanne a se boneng e emela ’muso oo motse-moholo oa oona e neng e le Babylona. Jehova o ile a lumella Bababylona hore ba timetse Jerusalema le hore ba ise sechaba sa hae botlamuoeng. Leha ho le joalo, pele Jehova a lumella hore sechaba sa hae se hobosoe ka tsela ena, o ile a lemosa Baiseraele bao ba marabele hore ba ne ba tla oeloa ke tlokotsi eo. (2 Mar. 20:16-18) O ile a bolela esale pele hore batho bao e neng e le marena ao ho neng ho boleloa hore a lutse “teroneng ea Jehova” Jerusalema, ba ne ba tla tlosoa. (1 Likron. 29:23) Leha ho le joalo, Jehova o ile a boela a tšepisa hore setloholo sa Morena Davida, se “nang le tokelo ea molao,” se ne se tla tla ’me se fuoe matla ao a puso.—Ezek. 21:25-27.
10 Boprofeta bo bong bo ile ba bontša hore Bajuda ba ne ba tla be ba ntse ba rapela tempeleng Jerusalema ha Mesia ea tšepisitsoeng kapa Motlotsuoa a fihla. (Dan. 9:24-27) Boprofeta bo neng bo ngotsoe pele Baiseraele ba isoa botlamuoeng Babylona, bo ile ba bolela hore motho enoa o ne a tla hlahela Bethlehema. (Mik. 5:2) E le hore boprofeta boo bo phethahale, Bajuda ba ne ba tla lokela ho lokolloa botlamuoeng, ba khutlele naheng ea habo bona ’me ba tsosolose tempele. Empa leano la Babylona e ne e le hore e se ke ea lokolla batlamuoa ba eona. Joale bothata boo bo ne bo tla hlōloa joang? Jehova o ile a senolela baprofeta ba hae karabo.—Amose 3:7.
11. ’Muso oa Babylona o tšoantšetsoa ka litsela life tse sa tšoaneng? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
11 Moprofeta Daniele o ne a le har’a batho ba isitsoeng botlamuoeng Babylona. (Dan. 1:1-6) Jehova o ile a mo sebelisa hore a senole hore na mebuso e neng e tla tla ka mor’a ’muso oo o matla oa lefatše e ne e tla latellana joang. Jehova o ile a senola sephiri sena a sebelisa litšoantšo tse sa tšoaneng. Ka mohlala, o ile a etsa hore Morena Nebukadnezare oa Babylona a lore a bona setšoantšo se seholohali se entsoeng ka mefuta e sa tšoaneng ea lirafshoa. (Bala Daniele 2:1, 19, 31-38.) Jehova o ile a sebelisa Daniele ho bolela hore hlooho ea setšoantšo seo ea khauta, e emela ’Muso oa Babylona.b ’Muso oa lefatše o latelang Babylona o tšoantšetsoa ke sefuba le matsoho a silevera. Ebe ’muso oo e ne e tla ba ofe, hona o ne o tla tšoara batho ba Molimo joang?
MEDO-PERSIA—KE HLOOHO EA BONE
12, 13. (a) Jehova o ile a senola’ng mabapi le ho hlōloa ha Babylona? (b) Ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe Medo-Persia e tšoantšetsoa ke hlooho ea bone ea sebata?
12 Lilemo tse fetang lekholo pele ho mehla ea Daniele, Jehova o ile a sebelisa moprofeta Esaia ho bolela hore na ke ’muso ofe oa lefatše o neng o tla hlōla Babylona. Jehova ha aa ka a bolela feela tsela eo motse oa Babylona o neng o tla hlōloa ka eona, empa o ile a ba a bolela le lebitso la motho ea neng a tla o hlōla. Moeta-pele eo e ne e le Cyruse, oa Persia. (Esa. 44:28–45:2) Daniele o ile a boela a bontšoa lipono tse ling tse peli mabapi le ’Muso oa Lefatše oa Medo-Persia. Ponong e ’ngoe, ’muso oo o ile oa tšoantšoa le bere e neng e phahame ka lehlakoreng le leng. E ile ea bolelloa hore ‘e je nama e ngata.’ (Dan. 7:5) Ponong e ’ngoe, Daniele o ile a bona pheleu e linaka li peli.—Dan. 8:3, 20.
13 Jehova o ile a sebelisa ’Muso oa Medo-Persia ho phethahatsa boprofeta ka hore o timetse Babylona ’me o khutlisetse Baiseraele naheng ea habo bona. (2 Likron. 36:22, 23) Leha ho le joalo, oona ’muso ona o ile oa batla o felisa batho ba Molimo. Buka ea Bibele ea Esthere e bua ka leano le ileng la lohuoa ke tona-kholo ea Persia, e leng monna ea bitsoang Hamane. O ile a hlophisa hore Bajuda bohle ba neng ba le tlas’a ’Muso o moholo oa Persia ba bolaoe, a ba a khetha le letsatsi leo ba neng ba tla bolaoa ka lona. Leha ho le joalo, Jehova o ile a boela a lopolla batho ba Hae ba neng ba hloiloe ke peō ea Satane. (Esth. 1:1-3; 3:8, 9; 8:3, 9-14) Kahoo, ho loketse hore ebe Medo-Persia e tšoantšetsoa ke hlooho ea bone ea sebata seo ho buuoang ka sona bukeng ea Tšenolo.
GREECE—KE HLOOHO EA BOHLANO
14, 15. Ke boitsebiso bofe boo Jehova a fanang ka bona mabapi le ’Muso oa Greece ea boholo-holo?
14 Hlooho ea bohlano ea sebata seo ho buuoang ka sona bukeng ea Tšenolo e emela Greece. Joalokaha Daniele a ile a bontša pejana nakong eo a neng a hlalosa toro ea Nebukadnezare, ’muso ona o tšoantšetsoa ke mpa le lirope tsa koporo tsa setšoantšo seo. Daniele o ile a boela a bona lipono tse peli tse fanang ka boitsebiso bo hlollang mabapi le ’muso ona hammoho le ’musi oa oona ea neng a hlaheletse ka mahetla.
15 Ponong e ’ngoe, Daniele o ile a bona Greece e tšoantšetsoa ke lengau le nang le mapheo a mane, e leng se bontšang hore ’muso oo o ne o tla hlōla ka potlako. (Dan. 7:6) Ponong e ’ngoe, Daniele o ile a hlalosa kamoo phooko e nang le lenaka le hlaheletseng e ileng ea bolaea pheleu e linaka li peli e leng Medo-Persia, ka potlako kateng. Jehova o ile a bolella Daniele hore phooko e tšoantšetsa Greece ’me lenaka le leholo le tšoantšetsa e mong oa marena a eona. Daniele o ile a boela a tlaleha hore lenaka le leholo le ne le tla robeha ’me sebakeng sa lona ho ne ho tla hlaha linaka tse nyenyane tse ’nè. Le hoja boprofeta bona bo ile ba ngoloa lilemo tse makholo pele Greece e e-ba ’muso o matla, lintho tsohle tse boletsoeng ka eona li ile tsa phethahala. Alexandere e Moholo, e leng morena oa Greece ea boholo-holo ea neng a hlaheletse ka mahetla, ke eena ea ileng a etella pele ha ho ne ho hlaseloa Medo-Persia. Leha ho le joalo, ho e-s’o ee kae lenaka leo le ile la robeha; morena eo e moholo o ile a shoa a le lilemo li 32 feela nakong eo puso ea hae e neng e le matla haholo. Qetellong, ’muso oa hae o ile oa nkoa ke balaoli ba hae ba bane.—Bala Daniele 8:20-22.
16. Antiochus IV o ile a etsa’ng?
16 Ka mor’a hore Greece e hlōle Persia, e ile ea busa naha ea batho ba Molimo. Nakong ena, Bajuda ba ne ba se ba khutletse Naheng e Tšepisitsoeng ba se ba bile ba tsosolositse tempele Jerusalema. Bajuda e ne e ntse e le sechaba seo Molimo a se khethileng, ’me tempele e tsosolositsoeng e ne e ntse e le setsi sa borapeli ba ’nete. Leha ho le joalo, lekholong la bobeli la lilemo B.C.E., Greece, e leng hlooho ea bohlano ea sebata, e ile ea hlasela sechaba sa Molimo. Antiochus IV, e leng e mong oa batho ba ileng ba busa ka mor’a Alexandere, o ile a beha aletare ea molimo oa bohetene tempeleng Jerusalema ’me a bolela hore batho ba latelang bolumeli ba Sejuda ba lokela ho bolaoa. Ruri lena e bile lehloeo le leholo le ileng la bontšoa ke karolo e ’ngoe ea peō ea Satane! Leha ho le joalo, hamorao Greece e ile ea nkeloa sebaka ke ’muso o mong oa lefatše. Ebe ke ’muso ofe oo e neng e tla ba hlooho ea botšelela ea sebata?
ROMA—KE ’MUSO OA BOTŠELELA O ‘TŠOSANG LE O TŠABEHANG’
17. Hlooho ea botšelela e ile ea phetha karolo efe e ka sehloohong ho phethahatsa Genese 3:15?
17 Roma e ne e le oona ’muso oa lefatše nakong eo Johanne a neng a bona pono ea sebata. (Tšen. 17:10) Hlooho ena ea botšelela e ile ea phetha karolo e ka sehloohong ho phethahatsa boprofeta bo tlalehiloeng ho Genese 3:15. Satane o ile a sebelisa basebeletsi ba ’muso oa Roma ho loma peō “serethe.” Ka tsela efe? Ka bohata ba ile ba qosa Jesu ka hore o ne a fetohela ’muso ’me ba mo bolaea. (Mat. 27:26) Empa ho e-s’o ee kae, leqeba leo le ile la fola kaha Jehova o ile a tsosa Jesu bafung.
18. (a) Ke sechaba sefe se secha seo Jehova a ileng a se khetha, hona hobane’ng? (b) Peō ea noha e ile ea tsoela pele ho bontša bora ho peō ea mosali joang?
18 Baeta-pele ba bolumeli ba Baiseraele ba ile ba etsa ’momori le Baroma khahlanong le Jesu ’me boholo ba sechaba le bona bo ile ba mo lahla. Kahoo, Jehova o ile a lahla Baiseraele ba tlhaho, a se ke a hlola a ba nka e le sechaba sa hae. (Mat. 23:38; Lik. 2:22, 23) Joale o ile a khetha sechaba se secha, e leng “Iseraele ea Molimo.” (Bagal. 3:26-29; 6:16) Sechaba seo, e ne e le phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e entsoeng ka Bajuda le Balichaba. (Baef. 2:11-18) Ka mor’a lefu la Jesu le tsoho ea hae, peō ea noha e ile ea tsoela pele ho bontša bora ho peō ea mosali. Ka makhetlo a ’maloa Roma e ile ea leka ho felisa phutheho ea Bokreste, e leng karolo ea bobeli ea peō.c
19. (a) Daniele o hlalosa ’muso oa lefatše oa botšelela joang? (b) Ho tla tšohloa’ng sehloohong se seng?
19 Torong eo Daniele a ileng a e hlalosetsa Nebukadnezare, Roma e tšoantšetsoa ke meomo ea tšepe. (Dan. 2:33) Daniele o ile a boela a bona pono e neng e sa hlalose ’Muso oa Roma feela empa e neng e boetse e hlalosa ’muso oa lefatše o latelang o neng o tla tsoa ho Roma. (Bala Daniele 7:7, 8.) Ka lilemo tse makholo, lira tsa Roma li ne li nka ’muso oo e le o ‘tšosang le o tšabehang le o matla ka ho sa tloaelehang.’ Leha ho le joalo, boprofeta bo ile ba bolela esale pele hore “linaka tse leshome” li ne li tla hlaha ’musong ona le hore ka mor’a moo ho ne ho tla hlaha lenaka le leng le lenyenyane ’me le ne le tla ba matla ho feta manaka ana a mang. Linaka tsee tse leshome ke life, hona lenaka le lenyenyane ke eng? Lenaka le lenyenyane le tsamaisana joang le tlhaloso ea setšoantšo se seholohali seo Nebukadnezare a se boneng torong? Ho tla tšohloa likarabo sehloohong se leqepheng la 14.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mosali enoa o emela mokhatlo oa Jehova o kang mosali o entsoeng ka libōpuoa tsa moea tse leholimong.—Esa. 54:1; Bagal. 4:26; Tšen. 12:1, 2.
b Babylona e tšoantšetsoa ke hlooho ea setšoantšo seo ho buuoang ka sona bukeng ea Daniele le hlooho ea boraro ea sebata seo ho buuoang ka sona bukeng ea Tšenolo. Sheba chate e leqepheng la 12-13.
c Le hoja Roma e ile ea timetsa Jerusalema ka 70 C.E., tlhaselo eo e ne e se ho phethahatsa Genese 3:15. Ka nako eo, Baiseraele ba tlhaho e ne e se e se sechaba se khethiloeng ke Molimo.