Mehla Ea Qetello—Nako ea Kotulo
“Joale ka talima, ’me ka bona leru le lesoeu, ’me e mong ea kang mor’a motho a lutse holim’a leru, a roetse moqhaka oa gauda hlohong, ’me a nkile sekele e bohale letsohong la hae.”—TŠENOLO 14:14.
1. Ke lintho life tse ling tse entseng hore lekholo lena la lilemo e be le ikhethang?
LEKHOLO lena la bo20 la lilemo e bile nako e tletseng merusu hakaakang! Moloko oa batho o ile oa lokela ho mamella lintoa tse peli tse mahlo-mafubelu tsa lefatše. Linaha ka ho fapana li ’nile tsa senngoa ke ho fetohela mebuso. Tlala ea sekoboto e bakile mahlomola a mangata ho feta leha e le neng pele paleng ea batho. Ho hloka botsitso ha moruo, tlōlo ea molao, tšilafalo, le mafu a tšosang li bea boiketlo ba e mong le e mong tsietsing. Ka nako e tšoanang, motho o entse tsoelo-pele e kholohali linthong tsa mahlale. O sebelisitse matla a athomo ’me o bile a tsamaea khoeling. Ka sebele moloko oa rōna ke o ikhethang ka litsela tse ngata. Leha ho le joalo, ho na le ntho e ’ngoe e hlahelletseng e le eona ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisisa ea mehla ea rōna, ’me kantle ho eona lintho tse ling kaofela li fetoha lefeela.
2. Ke ketsahalo efe e profetiloeng ke Daniele e neng e lokela ho etsahala mehleng ea rōna?
2 Ketsahalo ena eo kannete e neng e tšoaea qaleho ea mehla e mecha e ile ea boleloa esale pele morao koana lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. ke moprofeta Daniele. Mamela tlaleho ea hae e bululetsoeng ea bomolimo: “Ka ba ka talima ka lipono tsa bosiu, ’me bonang, e mong ea kang mor’a motho a hlaha ka maru a leholimo, a fihla ho Moholo oa matsatsi, a atametsoa ho eena; a neoa ’muso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; ’muso oa hae ke ’muso o sa feleng, o ke keng oa feta, borena ba hae bo ke ke ba felisoa.”—Daniele 7:13, 14.
3. (a) “Moholo oa matsatsi” ke mang, ’me o ile a nea “e mong ea kang mor’a motho” eng? (b) Eo “ea kang mor’a motho” ke mang, ’me baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba ile ba itšoara joang ha Jesu a etsa boitsebahatso boo?
3 “Moholo oa matsatsi” ke Jehova Molimo. Daniele o ’mona a le kahar’a “maru a leholimo,” ke hore, a le sebakeng se sa bonahaleng sa moea, a fana ka borena ho “e mong ea kang mor’a motho.” “E mong” eo ke mang? Jesu o ile a arabela potso eo morao koo ka 33 C.E. ha a ne a qositsoe kapele ho Lekhotla le Phahameng la Bajode. Moprista e moholo oa Bajode o ile a mo antša hore a bolele hore na e ne e le Kreste kapa che. Ha a araba, ka sebete Jesu a bontša hore boprofeta ba Daniele bo sebetsa ho eena, a re: “Ho tloha joale, le tla bona Mor’a motho a lutse letsohong le letona la matla a Molimo, ’me a e-tla ka maru a leholimo.” Ho fapana le ho ikokobeletsa Morena ea khethiloeng oa Jehova, moprista e moholo o ile a mo qosa ka hore oa nyefola. Ka baka leo, baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba qobella Ponse Pilato ho ahlōlela Jesu lefu.—Mattheu 26:63-65; 27:1, 2, 11-26.
4. Jesu o ile a amohela moqhaka oa borena neng, ’me hoo ho ile ha etsoa ho sa tsotellehe khanyetso efe?
4 Boiteko bona ba ho ferekanya mantsoe a Jesu bo ile ba hlōleha ha a tsosoa bafung ’me a nyolohela leholimong ho emela nako ea Jehova e loketseng ea ho mo nea ’Muso. (Liketso 2:24, 33, 34; Pesaleme ea 110:1, 2) Nako eo e ile ea fihla ka 1914. Ho latela bopaki bohle, karolong e qetellang ea selemo seo, Jesu o ile a amohela moqhaka oa borena ho “Moholo oa matsatsi,” ’me a qala ho busa. (Mattheu 24:3-42) ’Muso o mocha o ne o talimane le khanyetso e mabifi. Empa baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba lekholong la pele la lilemo, kapa matla a kopantsoeng hammoho a lichaba, esitana le Satane le bademona ba hae ba ile ba hloleha ho thibela thato ea Molimo hore e phethoe. (Pesaleme ea 2:2, 4-6; Tšenolo 12:1-12) Ka 1914 ho ile ha hlaha mohoo leholimong ka nako e loketseng: “Mebuso ea lefatše e fetohile ’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae, ’me o tla busa ka ho sa feleng.” (Tšenolo 11:15) Ho tloha ka nako eo, re phetse “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ena e khopo ea lintho.—2 Timothea 3:1.
Nako ea Kotulo
5. (a) Ho latela boprofeta ba Daniele, ke bo-mang ba neng ba tla sebeletsa Morena ea neng a sa tsoa beoa boreneng? (b) Johanne o ile a bona pono efe eo le eona e neng e ama Jesu joaloka Morena ea neng a sa tsoa beoa boreneng?
5 Ho latela boprofeta ba Daniele, ha Jesu a amohela moqhaka oa hae, “ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba [tla mo sebeletsa].” Ho ka ba joalo joang haeba moloko oa batho ka kakaretso o mo hana joaloka Morena? Pono e susumetsang e ileng ea senoleloa moapostola Johanne e fana ka karabelo. Johanne o re bolella seo a se boneng: “’Me ka bona leru le lesoeu, ’me e mong ea kang mor’a motho a lutse holim’a leru, a roetse moqhaka oa gauda hlohong, ’me a nkile sekele e bohale letsohong la hae.” (Tšenolo 14:14) Ho tšoana le ponong ea Daniele, Jesu o bonoa mona a le holim’a leru ’me o tsebahatsoa e le “e mong ea kang mor’a motho.” O roetse moqhaka oa borena, empa letsohong la hae ha aa tšoara lere la borena, empa sekele ea mokotuli. Hobane’ng?
6. Jehova o laela Jesu ea sa tsoa beoa boreneng ho kena mosebetsing ofe?
6 Johanne o tsoela pele: “Lengeloi le leng la tsoa tempeleng, la hoeletsa ka lentsoe le phahamileng ho ea lutseng lerung, la re: Kenya sekele ea hao, u kotule; hobane nako ea ho kotula e fihlile, hobane koro ea lefatše e butsoitse.” Le hoja Jesu e le morena, o ntse a mamela litaelo tse fanoang li e-tsoa ho Jehova “tempeleng.” Kahoo ha Jehova a mo laela ho kena mosebetsing oa kotulo nakong ea mehla ea qetello, oa mamela. Jesu “a akhela sekele ea hae lefatšeng, ’me lefatše la kotuloa.”—Tšenolo 14:15, 16; Ba-Heberu 9:24; 1 Ba-Korinthe 11:3.
7. (a) “Koro ea lefatše” ke eng? (b) ‘Kotulo ea koro’ ee e qalile neng?
7 “Koro ea lefatše” ke eng? Ke batho ba tsoang tsamaisong ena ea lintho ea bosatane ho sebeletsa Jehova le Morena oa Hae ea khethiloeng. Kotulo e qala ka ho bokelloa ha ba setseng ba ba 144 000 ba tla busa le Jesu ’musong oa hae oa leholimo. (Mattheu 13:37-43) Bana ke “Iseraele oa Molimo,” “nyehelo ea pele ho Molimo le ho Konyana.” Ba lopollotsoe ho “batho ba mefuta eohle, le ba lipuo tsohle, le ba merabe eohle, le ba lichaba tsohle.” (Ba-Galata 6:16; Tšenolo 14:4, TLP; 5:9, 10) Ka tsela ena, batho ka bomong ba tsoang ‘mefuteng eohle, lichabeng tsohle, le lipuong tsohle,’ ba qala ho sebeletsa Jesu ea beiloeng teroneng.
8. (a) Ke ka selemo sefe ho phethiloeng ho bokelloa ha ba ho qetela ba ba tlotsitsoeng? (b) Ho latela pono e ’ngoe ea Johanne, mosebetsi oa kotulo o ile oa tsoela pele joang?
8 Leha ho le joalo, ha ba bang. Ponong e ’ngoe, Johanne o bona ho tšoauoa ha ba ho qetela ba ba 144 000. (Tšenolo 7:1-8) Ka ho totobetseng, ho bokelloa ha bana ho ile ha fella ka 1935. Empa joale, Johanne o tlaleha hore o bona “bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone le pel’a Konyana.” (Tšenolo 7:9-17) Kahoo mosebetsi oa kotulo o tsoela pele ha ba bang ba bangata ba tsoang ‘mefuteng eohle, lichabeng tsohle, le lipuong tsohle’ ba qala ho sebeletsa Jesu e le Morena.
9. Bana ba bacha ke bo-mang, ’me ke boprofeta bofe bo bong bo bolelang ka ho hlaha ha bona “mehleng ea bofelo”?
9 Bana ba bacha ba lebelletse ho thabela bophelo paradeising lefatšeng tlas’a Morena ea khethiloeng oa Jehova. (Pesaleme ea 37:11, 29; 72:7-9) Ho bokelloa ha bona ho ile ha boleloa esale pele boprofeteng bo bong bo bongatanyana. Ka mohlala, Esaia o ile a bolela esale pele hore “mehleng ea bofelo” lichaba li ne li tla phallela tlung ea Jehova. (Esaia 2:2, 3) Haggai o ile a profeta ho hlokoloa ha lichaba e leng nako eo ka eona “tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla tla mona.” (Haggai 2:7) Ka ho tšoanang Zakaria o ile a bua ka “banna ba leshome ba lipuo tsohle tsa lichaba” ba neng ba tla ikopanya le batho ba Molimo. (Zakaria 8:23) Ho feta moo, Jesu ka boeena o ile a profeta ka ‘bongata bona bo boholo’ ba batho. O ile a re: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae. Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae; ’me o tla khetha ba bang ho ba bang, joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli.”—Mattheu 25:31-33.
10. (a) “Koro ea lefatše” e bokelloa ka tsela efe? (b) Ke bo-mang feela ba sebelisanang le mangeloi mosebetsing oo?
10 E, moloko oohle oa batho o ntse o hlahlobjoa ka hloko ho bona hore na ke bo-mang bao e leng “linku” le hore na ke bo-mang bao e leng “lipōli.” Mosebetsi oo oa ho hlahloba o phethoa joang? Ponong ea Johanne, “koro ea lefatše” e kotuloa ho ipapisitsoe le melaetsa e matla e phatlalatsoang ke mangeloi. Lengeloi le leng le phatlalatsa molaetsa oa “evangeli ea ka mehla le mehla.” Le leng le tsebisa ka ho oa ha “Babylona e Moholo.” ’Me la boraro le lemosa khahlanong le ho rapela “sebata”, tsamaiso ea lintho ea Satane ea bopolotiki. (Tšenolo 14:6-10) Ke ’nete hore ha ho motho ea kileng a hla a utloa mantsoe a mangeloi ana ka mokhoa oa sebele. Empa ba utloile melaetsa e tšoanang le ’ona e boleloang ke batho ba tšepahalang. (Mattheu 24:14; Esaia 48:20; Zakaria 2:7; Jakobo 1:27; 1 Johanne 2:15-17) Ka ho hlakileng, melaetsa eo e phatlalatsoa ke babuelli ba batho tlas’a tataiso ea mangeloi. Motho o tsebahatsoa e le ‘nku’ kapa ‘pōli’ ka tsela eo a arabelang ka eona melaetseng ea mangeloi. Lekholong lena la bo20 la lilemo, ke Lipaki tsa Jehova feela tse ileng tsa sebelisana le mangeloi mosebetsing ona oa bohlokoa.
11. Ho hasoa ha melaetsa ee ea mangeloi ka mokhoa o pharaletseng ke habohlokoa hakae?
11 Ho hasoa ha melaetsa ena ke mosebetsi oa bohlokoa ho feta ntho leha e le efe e etsoang kajeno. Ha ho tlhōlo ea mathata a lipolotiki kapa tšibollo ea mahlale e ka ho atamelang ka bohlokoa. Melaetsa ena e supa tsela bakeng sa tharollo ea mathata ’ohle a moloko oa batho ’me e bolela ka poloko ea ka ho sa feleng ea batho ba tšepahalang. Hape, habohlokoa ka ho fetisisa, e amana le ho tlotlisoa ha lebitso la Jehova.
Tlaleho ea Selemo
12, 13. Bolela lintlha tse ling tse tsoang tlalehong ea selemo tse bontšang hore “koro” e ngata e se e bokelletsoe.
12 Ke ka lebaka lena selemo se seng le se seng Lipaki tsa Jehova li lebelletseng ho bala tlaleho ea selemo ea mosebetsi oa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Li hlasimolloa ke ho bona bopaki bo ntseng bo eketseha ba tlhohonolofatso ea hae mosebetsing oa tsona. Haeba u hlahloba tlaleho ea 1987, e hlahisitsoeng maqepheng a 12 le 15 a makasine ona, u tla bona hore mangeloi le basebetsi-’moho le ’ona ba batho a ne a le mafōlō-fōlō haholo selemong se fetileng.
13 Litaba tse molemo li ile tsa utluoa linaheng tse 210—ka sebele ‘merabeng eohle, lichabeng tsohle, le lipuong tsohle’ tse ka finyelloang hona joale. (Mareka 13:10) Ho feta moo, ba etsang tlhōrō ea 3 395 612 ba ile ba sebetsa ’moho ho finyella seo—ho feta nakong leha e le efe paleng ea Bokreste. Manane ke a thabisang esita le linaheng tse ling tse itseng ka bonngoe. United States, ho ile ha finyelloa tlhōrō e ncha ea ba 773 219. Linaha tse ling tse peli, Brazil le Mexico, li ile tsa ba le litlhōrō tsa ba 216 216 le ba 222 168 ka ho latellana; le tse ling tse tšeletseng, Brithani, Jeremane, Italy, Japane, Nigeria le Philippines, li ile tsa tlaleha litlhōrō tsa ba kaholimo ho 100 000. Ka lehlakoreng le leng, ho na le linaha tse nang le baahi ba bangata empa li e-na le bahoeletsi ba likete tse seng kae feela kapa katlaase ho moo. Mosebetsi oa meea ena e tšepahalang le oona ke oa bohlokoa bo ke keng ba lekanngoa ha e ntse e loanela ho ipoloka e le leseli la ’nete le khanyang tlas’a maemo a thata.—Mattheu 5:14-16.
14. Ke batho ba mofuta ofe ba bokelleloang ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova?
14 Ke ’nete hore batho ba Molimo ha ba thahaselle keketseho ka boeona feela. Leha ho le joalo, baa tseba hore bao bohle ba bacha ba tšolohelang ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova ke “tse lakatsehang” mahlong a Jehova. Ba bangata e ne e le “ba feheloang, ba bobolang ka baka la manyala ’ohle” ao ba neng ba a bona kahare ho Bokreste-’mōtoana. (Ezekiele 9:4) Kaofela ba phallela “thabeng ea Jehova” hobane ba batla ho rutoa litsela tsa Molimo. (Esaia 2:2, 3) Ke bopaki bo matla hakaakang ba tlhohonolofatso ea Jehova—hore tsamaisong ena ea lintho e silafetseng e shebileng feela lintho tse bonahalang, o etsa hore ba bacha ba makholo a likete selemo ka seng ba ipake e le “tse lakatsehang” tsa Jehova!
Mehla e Potlakileng
15. (a) Tšimo e lokelang ho koaheloa ka mosebetsi oa boboleli e khōlō hakae? (b) Ho latela pono ea Johanne, “bongata bo boholo ba batho” bo mafōlō-fōlō hakae?
15 Mosebetsi oa boboleli oa Lipaki tsa Jehova ke o potlakileng. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore tšimo e sabaletse. “Evangeli” e tlameha ho tsebisoa “lichaba tsohle, le mefuta eohle, le lipuo tsohle, le merabe eohle.” (Tšenolo 14:6) Setšoantšong sa Jesu, “lichaba tsohle,” li aroloa ka “linku” le “lipōli.” Ho na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa. Ke ho loketseng hakaakang hore e be “bongata bo boholo” ba batho bo bonoeng ke Johanne bo rorisa Molimo “motšehare le bosiu tempeleng ea oona.” (Tšenolo 7:15) Ho phethahatsa sena, ‘bongata bona bo boholo ba batho,’ bo e-na le baena ba bona ba tlotsitsoeng, bo ile ba tlaleha hore bo sebelitse kakaretso ea lihora tse 739 019 286 mosebetsing oa boboleli selemong se fetileng—palo e batlang e le khōlō haholo ho utloisisoa. Lefatšeng ka bophara, sena se ne se emela karolelano ea lihora tse fetang 18 ho mohoeletsi ka mong ka khoeli. Bapisa sena le karolelano ea tse 12 lilemong tse leshome feela tse fetileng, ’me u ka bona hore khatelo-pele ea mosebetsi oa boboleli ea eketseha. Karolelano ea hao ea botho e bapa joang le karolelano ea bahoeletsi ba lefatše?
16. (a) Tsela e molemo ea ho “bolela lentsoe . . . ka ho potlakileng” ke efe? (b) Ke ba bakae ba ileng ba kopanela mosebetsing oo selemong se fetileng?
16 Hape, hlokomela tlhōrō e ncha ea bo-pula-maliboho ba thusang le ba kamehla: 650 095. Hona ho bolela hore ho ne ho e-na le bo-pula-maliboho ba bangata tšimong ho feta bahoeletsi ba neng ba le teng ka 1955. Na u ne u le e mong oa bo-pula-maliboho bao? Haeba ho joalo, u ile ua fumana tsela e molemohali ea ho sebelisa keletso ea Pauluse u le motho ka mong: “Bolela lentsoe, u [le bolele] ka ho potlakileng.” (2 Timothea 4:2, NW) Ke hobane’ng ha u sa lokisetse ho kopanela mosebetsing oa bopula-maliboho bonyane ka khoeli e le ’ngoe selemong sa tšebeletso sa 1988?
Litebello tsa Keketseho e Eketsehileng
17. Ke manane afe a bontšang hore ho na le tebello e ntle ea keketseho ka nako e tlang?
17 Ka sebele ho na le tebello e ntle haholo bakeng sa keketseho nakong e tlang. Lenane la lithuto tsa mahae tsa Bibele e ne e le 3 005 048—’me seithuti ka seng sa Bibele se mocheng oa ho ba ‘ntho e lakatsehang’! Ho feta moo, ba 8 965 221 ba ile ba ba teng moketeng oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea ka ’Mesa selemong se fetileng. Boholo ba ba neng ba le teng e ne e se Lipaki tsa Jehova. Ba bang e ne e le ba sa tsoa thahasella. Ba ile ba amoheloa ka liatla tse peli ’me ba khothalletsoa ho tsoela pele ka mokhoa o motle. E ka ’na eaba ba bang ba ile ba ba teng liketsahalong tse joalo ka makhetlo a ’maloa pele. Ka ho totobetseng ba thabela ho ba ’moho le Lipaki empa joale ha ba e-s’o utloe tlhokahalo ea ho etsa ho fetang hoo.
18. Ho latela boprofeta ba Jesu le ba Zakaria, motho o lokela ho etsa joang hore a tle a baloe e le e mong oa “linku” tsa Jehova?
18 Ba joalo ba lokela ho babatsoa bakeng sa ho thahasella ha bona ’nete ea Bibele. Empa hopola hore setšoantšong sa Jesu “linku” tse kenang bophelong bo sa feleng ke ba bontšang ho thusa baena ba Jesu ba tlotsitsoeng ’me ba tšoarisana ’moho le bona. (Mattheu 25:34-40, 46) Boprofeteng ba Zakaria, lenane le feletseng la “banna ba leshome” le phatlalatsa ntle le tika-tiko: “Re tla ea le lōna, hobane re utloile hoba Jehova o na le lōna.” (Zakaria 8:23) Ha ba be le boikutlo ba botsoalle feela. Ba “itšoarella” ka batho ba Molimo ’me ba ea le bona, ba inehela bobona ho sebeletsa Molimo oa bana. Mehleng ea rōna hona ho akarelletsa ho ikopanya ka ho felletseng le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.
Ha e Sa Tla ba Halelele
19, 20. (a) Ho latela pono ea Johanne, ho tla etsahala joang ha ho bokelloa ha “koro ea lefatše” ho phethiloe? (b) Hoo ho tla bolela eng bakeng sa bao bohle ba sa ikokobeletseng Jesu e le Morena?
19 Mosebetsi oa kotulo o potlakile ka lebaka la bobeli. Haufinyane o tla phethoa. (Mattheu 24:32-34) E be joale ho etsahala joang? Bala se etsahalang ponong e latelang ea Johanne: “Lengeloi le leng la tsoa tempeleng e leholimong, le lona le nkile sekele e bohale. Le leng hape lengeloi la tsoa aletareng, le e-na le matla holim’a mollo, ’me la hoeletsa ka lentsoe le phahamileng ho le nkileng sekele e bohale, la re: Akhela sekele ea hao e bohale, ’me u khe merara ea lefatše, hobane litholoana tsa eona li butsoitse. Lengeloi la akhela sekele ea lona lefatšeng, la kotula merara ea lefatše, ’me la akhela litholoana tse kotutsoeng sehatelong se seholo sa bohale ba Molimo.”—Tšenolo 14:17-19.
20 Kamor’a ho bokelloa ha “tse lakatsehang” tse kotutsoeng, ha ho sa tla ba le lebaka le leng hape la hore lefatše lena le silafetseng la khale le tsoele pele le ntse le le teng. “Merara ea lefatše,” tsamaiso ena ea lintho kaofela ea lefatše la bosatane, e tla khuoa ’me e felisoe. Ka nako eo, esita le bahanyetsi ba tla qobelloa ho ikokobeletsa Morena ea khethiloeng oa Jehova. Johanne o ngotse: “Bonang, [Jesu] o tla ka maru, ’me mahlo ’ohle a tla ’mona, le bona ba mo hlabileng; ’me ba mefuta eohle ea lefatše ba tla soaba ka baka la hae.” (Tšenolo 1:7; Mattheu 24:30) Joale mantsoe a Jesu ho baeta-pele ba bolumeli ba Bajode, ba neng ba le kapele-pele har’a “ba mo hlabileng,” a tla phethahala. (Mattheu 26:64) Ha e le hantle, baikaketsi bao ba bolumeli ba ke ke ba tsosoa hore ba “bone” Jesu ka boeena. (Mattheu 23:33) Empa bohle ba bontšang moea oo kajeno le ba hanang ho amohela Morena ea khethiloeng oa Jehova ba tla qobelloa ho ikokobeletsa eena ha a e-tla ho timetsa lichaba ka Armageddone.—Tšenolo 19:11-16, 19-21.
21. Ke hobane’ng ha batho ba Molimo ba lokela ho sebetsa ka thata ha ba sebelisana le mangeloi a leholimo?
21 Ka sebele, ho pholoha ha batho ka bomong ho tsietsing. Re na le boikarabelo bo boima ka ho ba basebetsi-’moho le mangeloi. Empa ke tokelo e khōlō hakaakang! E se eka re ka tsoela pele ho sebetsa ka thata pele mosebetsi oa kotulo o phethoa, re sebelisana le mangeloi a leholimo ha re loanela ho fumana bohle ba seka linku, “tse lakatsehang” tsa Jehova.
Na U ka Hlalosa?
◻ Ho tla fihlela joale ke ketsahalo efe e khōlō e teng lekholong lee la bo20 la lilemo?
◻ “Koro ea lefatše” ke eng, ’me e bokelloa joang?
◻ Ke lintho life tse ling tse khethollang “linku” tsa Jehova?
◻ Tlaleho ea selemo e bontša joang hore tlhohonolofatso ea Jehova e holim’a mosebetsi oa kotulo?
◻ Ke hobane’ng ha mosebetsi oa boboleli e le o potlakileng?
[Chate e leqepheng la 12-15]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 1987 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE
(Sheba volume)