Puso ea Lefatše ea Fetoha
HAEBA ho ne ho le bonolo hore u khethe, u ne u ka batla ho phela tlas’a puso ea mofuta ofe? Boholo rōna re ne re ka khetha puso e tsitsitseng e fanang ka bolokolohi bo lekaneng ba botho. Re ne re ka rata puso e neng e ka laola ea molao, ea phahamisa khotso, ea khothalletsa toka har’a batho, ’me ea ntlafatsa nala ea lintho tse bonahalang. Ka sebele, re ne re ka rata puso e sa hatelleng kapa e sa silafalang.
Ka masoabi, lipuso tse ngata li hlolehile ho ba sena. Ha re talima lefatše kamoo le leng kateng karolong ea ho qetela ea lekholo lena la bo20 la lilemo, re bona eng? Bofuma, tšenyeho, ho hloleha ho finyella se hlokoang, khatello, ho hloka toka ha batho, tlōlo ea molao, le ho imeloa maikutlong ha machaba. Sena ke tholoana ea likete tsa lilemo tsa puso ea batho.
Ha e le hantle, ke ’nete, hore babusi ba bang ka bomong ha baa ba leeme ’me e bile baa tšoaneleha. ’Me mefuta e meng ea lipuso ha ho bapisoa e ’nile ea e-ba e tsitsitseng le e atlehang ka nakoana. Empa ho hlōleha ha puso ea batho ka kakaretso ho etsa seo ka tlhaho re ikutloang hore e lokela ho se etsetsa batho ho paka bonnete ba polelo ea Bibele: “Tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Ka mantsoe a mang, motho o ne a sa etsetsoa ho ipusa ntle ho thuso e ka thōko.
Ke ka hona ho leng molemo ho tseba hare puso ea lefatše ea fetoha. Re bolela eng ka mantsoe aa? Re bolela hore puso ea letsatsi le letsatsi ea bophelo ba batho haufi e tla ba matsohong a mofuta o mocha ka ho feletseng oa puso o tla atleha ka ho feletseng. Phetoho ena e feletseng ea puso e ile ea boleloa e sa le pele ke Molimo. Ha e le hantle, e hlile ke sona sehlooho sa Bibele.
Kameho ea Molimo ka Puso
Molimo e sa le o ntse o amehile ka ho busoa ha batho. O shebetse haufi hore na ke ho isa tekanyong efe lipuso tsa batho li phethang boikarabelo ba tsona, ’me ka linako tse ling o li biletsa ho ikarabella. Ha e le hantle, lihistori tsa mefuta e meng ea lipuso tse ling tse ileng tsa hlahella tsa lilemong tse 2 500 tse fetileng tsa histori li ile tsa boleloa e sa le pele ka Bibeleng. Bukeng ea Daniele, e ngotsoeng lilemo tse fetang 500 pele ho tsoalo ea Kreste. boprofeta bo ne bo tlalehiloe bo neng bo bolela e sa le pele ho oa ha Babylona ea boholo-holo, ha esita le ho phahama le ho oa ha Medo-Persia, Greece, le Roma. Boprofeta bo bile ba bolela le ho hōla ha ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika oa mehleng ea rōna. Ho nahanisisa ka bokhutšoanyane ka bo bong ba boprofeta bona ho tla re thusa ho utloisisa se hlileng se boleloang ke polelo ea hore puso ea lefatše ea fetoha.
Ba pele ba boprofeta bona bo hlollang ke toro e bululetsoeng eo ho eona mebuso ea lefatše ea lipolotiki ho tloha mehleng ea Daniele ho theosa ho tla fihla nakong ea rōna e neng e emeloa ke setšoantšo se seholo. Joale, lejoe le khephohang e se ka matsoho a motho, la otla le ho robokela setšoantšo sena. Lejoe la silakanya mebuso ena ea lefatše ho e etsa lerole, ‘ea e-ba joale ka mooko o fefoloang seotlong, lehlabula; ea nkoa ke moea, ’me nģalo ea eona ha ea ka ea hlola e fumanoa.’—Daniele 2:31-43.
Eona khaolo ena ea Daniele e hlalosa hare na sena se ne se bolela eng. E bontša hore lipuso tse hlōlehang tsa batho li ne li tla nkeloa sebaka ke ntho e ’ngoe e phahameng ka ho fetisisa. Ea re bolella: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo [ea batho] kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng; . . . toro ke ea ’nete, ’me koahollo ea eona e tiile.”—Daniele 2:44, 45.
Empa hoo e ne e se qetello ea taba. Ponong ea bobeli, mebuso e hlahlamanang ea lefatše e ne e emeloa ke libata tse khōlō tse nang le litšobotsi tsa ’muso o emeloang. Daniele joale o ile a lumelloa ho bona sebaka sena sohle ho ea fihla ka teroneng ea leholimo e hlollang ea “Moholo oa matsatsi,” ’me o ile a bontšoa ntho e ’ngoe e neng e tla etsahala, eseng mehleng ea hae empa nakong ea ho busa ha ’muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika oa nakong ea rōna. O ile a bona Lekhotla la Jehova le seriti la leholimo ha le lula ho ahlola mebuso ena ea lefatše. (Daniele 7:2-12) Joalokaha litemana tse latelang li bontša, ho ile ha ntšoa taelo ea bomolimo ea hore puso e fetoloe. Puso ee e ne e tla fuoa mang?
E Mong ea Kang Mor’a Motho
Daniele o fana ka karabo e thabisang:
“Ka ba ka talima ka lipono tsa bosiu, ’me bonang, e mong ea kang mor’a motho a hlaha ka maru a leholimo, a fihla ho Moholo oa matsatsi, a atametsoa ho eena; a neoa ’muso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; ’muso oa hae ke ’muso o sa feleng, o ke keng oa feta, borena ba hae bo ke ke ba felisoa.”—Daniele 7:13, 14.
Kahoo Daniele o ile a sebelisoa ho bolela e sa le pele hore “Moholo oa matsatsi,” Jehova Molimo ka boeena, o tla felisa puso e mpe ea lipuso tsa batho tsa bohatelli. Sena se tla nkeloa sebaka ka puso e molemo haholoanyane ho feta eo batho ba kileng ba e nahana—’Muso o sa bonahaleng o nang le matla le tokelo ho tsoa leholimong. Empa enoa “ea kang mor’a motho’ ea neng a tla amohela ’Muso ke mang?
Ha rea siuoa tsietsing. Jesu o itsebahalitse e le “Mor’a motho.” O hlalositse ho ba teng ha hae e le nakong ea ha ‘Mor’a motho tla a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a ena le eena kaofela.’ (Mattheu 25:31) Ha moprista e moholo a kōpa Jesu hore a bolelle lekhotla haeba ke “Kreste Mora oa Molimo,” Jesu o ile a araba: “U boletse teng; hape, ke re ho lōna: Ho tloha joale, le tla bona Mor’a motho a lutse letsohong le letona la matla a Molimo, ’me a etla ka maru a leholimo.”a—Mattheu 26:63, 64.
’Muso oa Lefatše oa Batho oa Ho Qetela
Lilemo tse 600 kamor’a mehla ea Daniele, tlas’a tšusumetso ea bomolimo moapostola Johanne o ile a ngola buka ea Bibele ea Tšenolo. Buka eo e bua ka mebuso ea lefatše e le “marena” a matla, ere: “Hape, ke marena a supileng. Ho se ho oele a mahlano, e mong o sa le teng, ’me e mong ha a e-so ho tle; etlare hobane a tle, o tla ba teng ho se hokae.”—Tšenolo 17:10.
E mehlano e neng e se e oele ha Johanne a ngola sena e ne e le Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia, le Greece. ’Muso oa Roma o ne o ntse o “sa le teng.” Ka ho totobetseng, oa bosupa, ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika oa nakong ea rōna, o ne o e-s’o tle ka nako eo. Ho ea ka Tšenolo, ha ho ’muso oa lefatše o tla hlahlama ona oa bosupa—o ntseng o le teng kajeno. Ona ke oa ho qetela. Ha ho sa tla ba le o mong.
Leha ho le joalo, hona ha ea lokela ho ba khopolo e tšosang—ke e khathollang! E bolela hare puso e se nang toka, e tletseng ntoa ea batho e haufi le ho fela. Boprofeta boa lumellana ho bolela ka phetoho e khōlō tseleng eo lefatše le busoang ka eona—phetoho ho tloha pusong ea batho ea boithati ho ea ho e lokileng ea leholimo, ’Muso oa Molimo.
Puso ea ’Muso
Empa ’Muso oo ke eng? Ke ntho e fetang hole feela tšusumetso ea botle lipelong tsa batho le bophelong ba batho. O boetse o fetisa hole bophelo ba seo ho thoeng ke kereke ea Bokreste. ’Muso oa Molimo ke puso ea sebele. O na le morena, babusi le eena, sebaka, le bafo. ’Me o tla fana ka mahlohonolo a hlollang a boletsoeng pejana.
Jesu o tsebahatsoa e le Morena oa ’Muso oo. O itšoantšitse le motho e moholo ea ileng ‘a etela lefatšeng le hole ho inkela borena, a ntoo boea.’ Ka nako eo e tlang, o itse: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae.”—Luka 19:12; Mattheu 25:31.
“Mor’a motho” o ne a tla tla neng? Ha rea lokela ho nahana karabo. Mantsoe a Jesu mona ke karolo ea karabo ea hae potsong ena: ‘Ke eng ntho eo e tla ba pontšo ea ho ba teng ha hao, le ea ho fela ha lefatše?’ (Mattheu 24:3, 30, NW) Joalokaha ho bontšitsoe hangata ka maqephe a makasine ona ‘ho ba teng’ hoo ho simollotse ho sa bonahale maholimong qetellong ea “mehla ea lichaba” ka 1914.b—Luka 21:24.
Joalokaha Tšenolo khaolo 12 e re ho ne ho tla etsahala, Jesu joale o ile a nka ’muso ’me a lihela Satane lefatšeng ho tsoa leholimong. Lentsoe le tsoang leholimong la hoeletsa: “Joale ho hlahile poloko, le matla, le ’muso oa Molimo oa rōna, le matla a Kreste oa oona; hobane monģosi oa banab’abo rōna, . . . o lihetsoe.” Sena se hlalosa ho mpefala ha maemo a lefatše ho tloha ka nako eo. Ka hona, lentsoe le tsoang leholimong la tsoela pele: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.”—Tšenolo 12:9-12.
Nako eo e khutšoanyane haufinyane e tla fela. Likhaolong tse ’maloa hamorao, Jesu ea khanyang o bonoa a le holim’a pere e tšoeu. O bitsoa “Lentsoe la Molimo,” o tla ‘otla lichaba’ ’me ‘a li alose ka lere la tšepe’—feela joalokaha Daniele a ile a bontša hore lichaba li ne li tla robokeloa ke ’Muso oa Molimo o kang lejoe o neng o tla hōla o tlale lefatše lohle.—Tšenolo 19:11-16; Daniele 2:34, 35, 44, 45.
Mebuso ea batho ea lipolotiki e kang sebata e ke ke ea hlola e hatella batho hape!
Babusi le Eena
Empa ho sa na le ho eketsehileng. Daniele o ile a susumetsoa ho bolela hore ’Muso o ne o sa tl’o neoa feela “e mong ea kang mor’a motho” empa ‘o ne o tla neoa hape le sechaba sa bahalaleli ba Mookameli ea phahameng.’—Daniele 7:27.
Bana ke bo-mang? Tšenolo e re ka Konyana, Kreste Jesu: “Ua lopollela Molimo, ka mali a hao, batho ba mefuta eohle, le ba lipuo tsohle, le ba merabe eohle, le ba lichaba tsohle; ’me u ba beile marena le baprista ho Molimo oa rōna, ’me ba tla busa holim’a lefatše.” E tsoela pele ho bolela hore “e tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena lilemo tse sekete.” Palo ea bona e fanoe e le 144 000.—Tšenolo 5:9, 10; 14:1; 20:6.
Bana ke bao Molimo o Holimo-limo o ba khethang ho ea kopanela pusong ea lefatše le Mora oa hae, Jesu Kreste. Na bokamoso ba rōna bo ne bo ka ba matsohong a tšepahalang haholoanyane ho feta ho ba ho aa a bao Molimo o ba khethang? Le hanyenyane. ’Muso ’ona e tla ba eona puso e molemohali e ka bang teng—e phahameng ho feta hole ntho efe le efe eo motho a kileng a e tseba. Tlas’a puso ea oona lefatše lohle le tla fetoloa ho ba Paradeise eo Molimo o neng o e rerile tšimolohong.
Bala sehlooho se latelang ’me u bone haeba ona e le mofuta oa puso eo u neng u tla khetha ho phela tlas’a eona kapa che.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kamanong le pono ea Daniele, New Catholic Encyclopedia e re: “Ho ka ba le pelaelo e fokolang ea hore mona Daniele o bua ka ketsahalo ea bohlokoa ba ka ho sa feleng qetellong ea mehla.” Ea phaella: “Polelo ea Jesu ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Bajode e re fa bopaki bo sa belaetseng ba ho itsebahatsa ha hae e le Mor’a Motho le ho supa ka ho hlaka ho tleng ha Hae ka matla.”
b Bona litokollo tsa Molula-Qhooa oa Mphalane 15, 1982 le The Watchtower ea ’Mesa 1, 1984.
[Lebokose le leqepheng la 4]
“Sehlooho sa Bahlokoahali sa Thuto ea Jesu”
“Sehlooho sa ’Muso oa Molimo se nka sebaka sa bohlokoahali ba Jesu.”—New Catholic Encyclopedia.
“[’Muso oa Molimo] ka kakaretso o hlile o nkoa e le oona sehlooho sa bohlokoahali sa thuto ea Jesu.”—Encyclopædia Britannica.
Empa ke ka lekhetlo lefe la ho qetela u ileng ua utloa ho buisanoa ka “sehlooho seo sa bohlokoahali sa thuto ea Jesu” kerekeng?
[Lebokose le leqepheng la 5]
Pherekano ka ’Muso oa Molimo
Batho ba bang ba ’nile ba nahana hore “kereke e lefatšeng” ke ’Muso oa Molimo, ha ba bang ba ’nile ba lumela hore lefatše la joale “le tla tsoela pale tlas’a tšusumetso ea Bokreste ho fihlela le fetoha ’Muso.” Ba bang hape ba bolela hore ’Muso oa Molimo “ke puso ea Molimo ka pelong le bophelong ba motho ka mong.”
Empa na see ke sona phetho ka ’Muso oa Molimo—tsamaiso ea bolumeli, phetoho e tlang butle ea lipolotiki, kapa boemo bo itseng ba moea ka lipelong tsa batho?