Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Part 5—Greece—’Muso oa Bohlano o Moholo oa Lefatše
    Molula-Qhooa—1988 | April 15
    • “Eaba phooko e natlafala ka ho fetisisa, ’me eitse hobane e fihle matleng a eona, lenaka le lelelele la khoroha; bakeng sa lona ha mela manaka a mane a bonahalang ho lebana le meea e mene ea leholimo. . . . Phooko, ke morena oa ba-Gerike, ’me lenaka le lelelele le lipakeng tsa mahlo a eona ke morena oa pele. Lenaka le khorohileng, leo manaka a mane a melileng sebakeng sa lona, le lekanya hore mebuso e mene e tla tsoa sechabeng seo, empa e ke ke ea e-ba le matla a sona.”—Daniele 8:8, 21, 22.

  • Part 5—Greece—’Muso oa Bohlano o Moholo oa Lefatše
    Molula-Qhooa—1988 | April 15
    • Joalokaha Bibele e ne e boletse esale pele, ho thabela ha Alexander bobusi ba lefatše e ile ea e-ba ha nako e khutšoanyane. Ha a le sehlōhlōlōng sa mosebetsi oa hae oa tlhōlo, a le lilemo li 32 feela, likhapo tsa Alexander tse matla li ile tsa fihla qetellong. A tšoeroe ke feberu ea malaria, o ile a tsoela pele ho keteka ho fihlela a tahoa ’me ka tšohanyetso a shoela Babylona ka 323 B.C.E. Setopo sa hae se ile sa isoa Egepeta ’me sa patoa Alexandria. “Lenaka le lelelele” le neng le emela “morena oa pele” le ne le robiloe. Joale ho ile ha etsahala joang ka ’muso oa hae?

      Boprofeta bo ne bo boletse hore ’muso oa hae o ne o tla aroloa “empa e ke ke ea e-ba oa litloholo tsa hae.” Moena oa Alexander ea neng a fokola ’meleng Philip Arrhidaeus o ile a busa ka nako e khutšoanyane empa a bolaoa. Ho bile joalo le ka mora oa Alexander oa molao Alexander (Allou) le mora oa hae oa bonyatsi Heracles (Hercules). Kahona leloko la Alexander e Moholo, motšolli e moholo oa mali, le ile la timela.

      Hape ho ile ha profetoa hore “mebuso e mene e tla tsoa sechabeng seo, empa e ke ke ea e-ba le matla a sona” le hore ’muso oa hae o ne “o tla robakoa likoto, o aroleloe meea e mene ea maholimo, empa . . . matla a oona a ke ke a lekana le matla a oona a pele.” Na hoo ho ile ha etsahala?

      Kamor’a nako, ’muso o moholo oa Alexander o ile oa aroleloa matona a hae a mane: (1) Letona Cassander—Macedonia le Greece. (2) Letona Lysimachus—Asia Minor le European Thrace. (3) Letona Seleucus Nicator—Babylonia, Media, Syria, Persia, le litereke tse ka bochabela ho Nōka ea Indus. (4) Letona Ptolemy Lagus—Egepeta, Libya, le Palestine. Joalokaha ho ne ho profetiloe, ho tsoa ’musong o le mong o moholo oa Alexander ha phahama mebuso e mene e fetotsoeng ea Magerike.a

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela