Khaolo ea Leshome
Ke Mang ea ka Emang Khahlanong le Khosi ea Likhosana?
1, 2. Ke hobane’ng ha pono eo Daniele a ileng a ba le eona selemong sa boraro sa puso ea Belshazare e le ea bohlokoa ho rōna?
HO FETILE lilemo tse 57 tempele ea Jehova e Jerusalema e ripitliloe. Belshazare le ntat’ae Nabonidus ba busa hammoho ’Musong oa Babylona, e leng ’muso oa boraro oa lefatše oa boprofeta ba Bibele.a Moprofeta oa Molimo Daniele ke moholehuoa Babylona. “Ka selemo sa boraro sa ho busa ha Morena Belshazare,” Jehova o bontša Daniele pono e senolang makolopetso a itseng a ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete.—Daniele 8:1.
2 Pono ea boprofeta eo Daniele a ileng a e bona e bile le phello e matla ho eena ’me ke e thahasellisang haholo ho rōna ba phelang ‘nakong ea bofelo.’ Lengeloi Gabriele le re ho Daniele: “Bona! ke u tsebisa se tla etsahala karolong e qetellang ea nyatso, hobane ke ea nako e behiloeng ea bofelo.” (Daniele 8:16, 17, 19, 27) Ka hona, a re ke re nahaneng ka thahasello e khōlō ka seo Daniele a ileng a se bona le seo sena se se bolelang ho rōna kajeno.
PHELEU E NANG LE LINAKA TSE PELI
3, 4. Ke phoofolo efe eo Daniele a ileng a e bona e eme molatsoaneng, ’me e tšoantšetsa eng?
3 Daniele oa ngola: “Eaba ke qala ho bona ponong; eitse ha ke ntse ke talimile, ka ba Shushane qhobosheaneng, profinseng ea Elame; eaba ke bona ponong, ’me ke ne ke le molatsoaneng oa Ulai.” (Daniele 8:2) Hore na Daniele o ne a hlile a le Shushane (Susa)—motse-moholo oa Elame, o lik’hilomithara tse ka bang 350 ka bochabela ho Babylona—kapa o ne a le moo ka pono feela, ha hoa boleloa.
4 Daniele o tsoela pele: “Ha ke phahamisa mahlo, eaba kea talima, ’me, bonang! pheleu e emeng ka pel’a molatsoana, ’me e ne e e-na le linaka tse peli.” (Daniele 8:3a) Ho tseba hore na pheleu ena ke eng ha ho lule e le sephiri ho Daniele. Hamorao lengeloi Gabriele le re: “Pheleu eo u e boneng e e-na le linaka tse peli e emela marena a Media le Persia.” (Daniele 8:20) Bamede ba ne ba e-tsoa sehlabeng se ka bochabela ho Assyria, ’me qalong Bapersia ba ne ba phela bophelo ba hloma-u-hlomole sebakeng se ka leboea ho Hloahloa ea Persia. Leha ho le joalo, ha ’Muso oa Medo-Persia o ntse o hōla, baahi ba oona ba ile ba e-ba le takatso e feteletseng ea menono.
5. Ho ile ha tla joang hore lenaka le ileng “la hlaha hamorao” le lelefale?
5 Daniele oa tlaleha: “Linaka tse peli li ne li le telele, empa le leng le ne le le lelelele ho feta le leng, ’me le lelelele ho feta le leng ke lona le ileng la hlaha hamorao.” (Daniele 8:3b) Lenaka le lelelele le ileng la hlaha hamorao le tšoantšetsa Bapersia, athe lenaka le leng le emela Bamede. Qalong, Bamede ke bona ba neng ba le matla pusong. Empa ka 550 B.C.E., Cyruse ’musi oa Persia o ile a hlōla Morena Astyages oa Media habonolo. Cyruse o ile a kopanya mekhoa le melao ea lichaba tsena tse peli, a momahanya mebuso ea tsona, ’me a atolosa ho hapa ha tsona. Ho tloha ka nako eo, ’muso ona o ile oa e-ba le likarolo tse peli.
PHELEU EA IKHOHOMOSA
6, 7. Ho ile ha tla joang hore ebe “ha ho libata tse ileng tsa ’na tsa tsoela pele ho ema ka pel’a” pheleu?
6 Ha Daniele a tsoela pele ho hlalosa pheleu ena, o re: “Ka bona pheleu e khorohela ka bophirimela le ka leboea le ka boroa, ’me ha ho libata tse ileng tsa ’na tsa tsoela pele ho ema ka pel’a eona, ’me ho ne ho se ea lopollang letho letsohong la eona. ’Me e ile ea etsa ho ea ka thato ea eona, ’me ea ikhohomosa.”—Daniele 8:4.
7 Ponong e fetileng eo Daniele a ileng a e bontšoa, Babylona e ne e tšoantšetsoa ke sebata se ileng sa nyoloha leoatleng le se neng se tšoana le tau e nang le mapheo a ntsu. (Daniele 7:4, 17) Sebata seo sa tšoantšetso se ile sa sitoa ho ema ka pel’a “pheleu” e ponong ena e ncha. Babylona e ile ea oela ho Cyruse e Moholo ka 539 B.C.E. Hoo e ka bang ka lilemo tse 50 ka mor’a moo, “ha ho libata,” kapa mebuso ea lipolotiki, tse ileng tsa tseba ho ema khahlanong le ’Muso oa Medo-Persia—e leng ’muso oa bone oa lefatše oa boprofeta ba Bibele.
8, 9. (a) Ke joang “pheleu” e ileng ea “khorohela ka bophirimela le ka leboea le ka boroa”? (b) Buka ea Esthere e re’ng mabapi le mohlahlami oa Morena Dariase I oa Persia?
8 O hlaha “bochaba-tsatsi”—bochabela—’Muso oa Lefatše oa Medo-Persia o ile oa etsa kamoo o ratang kateng, oa “khorohela ka bophirimela le ka leboea le ka boroa.” (Esaia 46:11) Morena Cambyses II, ea ileng a hlahlama Cyruse e Moholo, o ile a hapa Egepeta. O ile a hlahlangoa ke Morena Dariase I oa Persia, ea ileng a leba bophirimela ka mose ho mochophoro oa leoatle oa Bosporus ka 513 B.C.E. eaba o hlasela sebaka sa Europe sa Thrace, seo motse-moholo oa sona e neng e le Byzantium (Istanbul ea kajeno). Ka selemo sa 508 B.C.E., o ile a hlōla Thrace ’me a hapa Macedonia ka 496 B.C.E. Kahoo, nakong ea Dariase, “pheleu” ea Medo-Persia e ne e hapile sebaka ka mahlakoreng a mararo a ka sehloohong: ka leboea ho ea fihla Babylonia le Assyria, ka bophirimela ho pholletsa le Asia Minor le ka boroa ho ea fihla Egepeta.
9 Ha Bibele e paka boholo ba ’Muso oa Medo-Persia, e bua ka mohlahlami oa Dariase, Xerxes I, e le “Assueruse ea neng a busa e le morena ho tloha India ho ea Ethiopia, liprofinseng tse lekholo le mashome a mabeli a metso e supileng.” (Esthere 1:1) Empa ’muso ona o moholo o ne o tla suthela o mong, ’me ntlheng ena, pono ea Daniele e senola makolopetso a mang a hapang maikutlo a lokelang ho matlafatsa tumelo ea rōna lentsoeng la Molimo la boprofeta.
PHOOKO E THULA PHELEU
10. Ponong ea Daniele, ke phoofolo efe e ileng ea thula “pheleu”?
10 Nahana hore na Daniele o makatsoa hakaakang ke seo a se bonang joale. Tlaleho e re: “Ka ’na ka talima, ’me, bonang! ho ne ho e-na le phooko e tsoang bophirima-tsatsi holim’a lefatše lohle, ’me e ne e sa thetse fatše. ’Me ha e le phooko, e ne e e-na le lenaka le hlaheletseng pakeng tsa mahlo a eona. ’Me e ile ea ’na ea tla ho ea fihla ho pheleu e nang le linaka tse peli, eo ke neng ke e bone e eme ka pel’a molatsoana; eaba e tla ho eona e matha ka khalefo e matla. ’Me ka e bona e tla haufi le pheleu, ’me ea qala ho bontša lehloeo ho eona, eaba e thula pheleu le ho roba linaka tsa eona tse peli, ’me pheleu ha ea ka ea e-ba le matla a ho ema ka pel’a eona. Kahoo ea e lahlela fatše ’me ea e hatakela, ’me ha hoa ka ha e-ba le ea lopollang pheleu letsohong la eona.” (Daniele 8:5-7) See sohle se bolela’ng?
11. (a) Lengeloi Gabriele le ile la hlalosa “phooko e phophomang boea” le “lenaka le leholo” la eona joang? (b) Ke mang ea neng a tšoantšetsoa ke lenaka le hlaheletseng?
11 Rōna hammoho le Daniele, ha rea tlohelloa hore re nohe hore na pono ena e bolela’ng. Lengeloi Gabriele le tsebisa Daniele hore: “Phooko e phophomang boea e emela morena oa Greece; ’me ha e le lenaka le leholo le neng le le pakeng tsa mahlo a eona, le emela morena oa pele.” (Daniele 8:21) Ka 336 B.C.E., morena oa ho qetela oa ’Muso oa Persia, e leng Dariase III (Codommanus), o ile a behoa boreneng. Ka selemo sona seo, Alexandere e ile ea e-ba morena oa Macedonia. Histori e bontša hore Alexandere e Moholo e bile eena ‘morena oa pele oa Greece’ ea neng a boletsoe esale pele. Ha a qala “bophirima-tsatsi,” kapa bophirimela, ka selemo sa 334 B.C.E., Alexandere o ile a pholletsa ka potlako. Joalokaha eka o ne a “sa thetse fatše,” o ile a hapa libaka ’me a thula “pheleu.” Ka hore e felise puso ea Medo-Persia e neng e nkile lilemo tse ka bang makholo a mabeli, Greece e ile ea fetoha ’muso oa bohlano oa lefatše oa bohlokoa ka Bibeleng. Ke phethahatso e tsotehang hakaakang ea boprofeta ba bomolimo!
12. “Lenaka le leholo” la phooko ea tšoantšetso le ile la “robeha” joang, ’me linaka tse ’nè tse ileng tsa hlaha sebakeng sa lona ke life?
12 Empa matla a Alexandere e ne e tla ba a nakoana. Pono ena e boetse ea senola: “’Me phooko ea ikhohomosa ka ho fetisisa; empa hang ha e e-ba matla, lenaka le leholo la robeha, ’me ha hlaha tse ’nè ka ho hlaheletseng sebakeng sa lona, ka nģ’a meea e mene ea maholimo.” (Daniele 8:8) Ha Gabriele a hlalosa boprofeta bona, o re: “Leo ha le robehile, hoo qetellong ho hlahileng tse ’nè sebakeng sa lona, ho na le mebuso e mene sechabeng sa habo e tla ema, empa e se ka matla a hae.” (Daniele 8:22) Joalokaha ho boletsoe esale pele, Alexandere ha a le sehlohlolong sa mosebetsi oa hae oa ho hlōla, o ile a ‘robeha,’ kapa a shoa, a le lilemo li 32 feela. ’Me qetellong ’muso oa hae o moholo o ile oa aroleloa balaoli ba hae ba bane.
LENAKA LE LENYENYANE LA MOHLOLO
13. Ke eng e ileng ea hlōmela ho le leng la linaka tse ’nè, ’me e ile ea itšoara joang?
13 Karolo e latelang ea pono e akaretsa lilemo tse fetang 2 200, ’me phethahatso ea eona e kenella linakong tsa kajeno. Daniele oa ngola: “Ho le leng la tsona [linaka tse ’nè] ha hlaha lenaka le leng, le lenyenyane, ’me la ’na la e-ba leholoanyane haholo ka nģ’a boroa le ka nģ’a bochaba-tsatsi le ka nģ’a Mokhabiso. ’Me la ’na la e-ba leholoanyane ho ea fihla lekhotleng la maholimo, hoo le ileng la etsa hore lekhotla le leng le linaleli tse ling li oele lefatšeng, eaba lea li hatakela. ’Me la ikhohomosa ho ea fihla ho Khosi ea lekhotla, ’me tšobotsi ea kamehla e ile ea tlosoa ho eona, ’me sebaka se tiisitsoeng sa sehalalelo sa eona sa heletsoa. ’Me lekhotla le ile la nehelanoa butle-butle, hammoho le tšobotsi ea kamehla, ka lebaka la tlōlo; ’me la ’na la lahlela ’nete lefatšeng, ’me la nka bohato eaba lea atleha.”—Daniele 8:9-12.
14. Lengeloi Gabriele le ile la re’ng ka liketso tsa lenaka le lenyenyane la tšoantšetso, ’me ho ne ho tla etsahala’ng ka lenaka leo?
14 Pele re ka utloisisa se boleloang ke mantsoe a sa tsoa qotsoa, re lokela ho mamela lengeloi la Molimo. Ka mor’a hore lengeloi Gabriele le bue ka ho nka puso ha mebuso e mene e tsoileng ’musong oa Alexandere, le re: “Karolong e qetellang ea ’muso oa bona, ha batlōli ba nka khato ho isa qetellong, ho tla ema morena ea sefahleho se bohale bo tšosang le ea utloisisang lipolelo tse sa hlakang. ’Me matla a hae a tla ba maholo, empa e se ka matla a hae. ’Me o tla baka tšenyo ka tsela e hlollang, ’me ka sebele o tla atleha ’me a etse ka mokhoa o atlehileng. ’Me ka sebele o tla felisa ba matla, hape le sechaba se entsoeng ka bahalaleli. ’Me ho ea ka temohisiso ea hae ka sebele o tla boela a etse hore thetso e atlehe letsohong la hae. ’Me o tla ikhohomosa pelong, ’me nakong ea ho se be matšoenyehong o tla felisa ba bangata. ’Me o tla ema khahlanong le Khosi ea likhosana, empa ha a na ho rojoa ka letsoho.”—Daniele 8:23-25.
15. Lengeloi le ile la bolella Daniele hore a etse’ng mabapi le pono ee?
15 Lengeloi le re ho Daniele: “Ha e le uena, u boloke pono eo e le sephiri, hobane e sa ntse e tla ba ea matsatsi a mangata.” (Daniele 8:26) Phethahatso ea karolo ena ea pono e ne e tla nka “matsatsi a mangata” pele e etsahala ’me Daniele o ne a lokela ho ‘boloka pono eo e le sephiri.’ Ho bonahala hore seo e se bolelang se ile sa lula e le sephiri ho Daniele. Leha ho le joalo, e tlameha ebe joale ‘matsatsi ao a mangata’ a fetile. Kahoo rea botsa: ‘Histori ea lefatše e senola eng mabapi le phethahatso ea pono ee ea boprofeta?’
LENAKA LE LENYENYANE LE BA MATLA
16. (a) Lenaka le lenyenyane le ile la hlaha lenakeng lefe la tšoantšetso? (b) Roma e ile ea fetoha ’muso oa lefatše oa botšelela oa boprofeta ba Bibele joang, empa ke hobane’ng ha e ne e se eona lenaka le lenyenyane la tšoantšetso?
16 Ho ea ka histori, lenaka lena le lenyenyane e ne e le lehlōmela la lenaka le leng la linaka tse ’nè tsa tšoantšetso—le karolong e hōle-hōle ka bophirimela. Ona e ne e le ’muso o busoang ke Bagerike oa Molaoli Cassander, e leng Macedonia le Greece. Hamorao, ’muso ona o ile oa metsoa ke ’muso oa Molaoli Lysimachus, morena oa Thrace le Asia Minor. Lekholong la bobeli la lilemo pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna, likarolo tsena tse ka bophirimela tsa ’muso o busoang ke Bagerike li ile tsa haptjoa ke Roma. ’Me ka selemo sa 30 B.C.E., Roma e ile ea hapa mebuso eohle e busoang ke Bagerike, ea iketsa ’muso oa botšelela oa lefatše oa boprofeta ba Bibele. Empa ’Muso oa Roma e ne e se oona lenaka le lenyenyane la ponong ea Daniele, hobane ’muso oo ha oa ka oa tsoela pele ho fihlela ‘nakong e behiloeng ea bofelo.’—Daniele 8:19.
17. (a) Brithani e ne e e-na le kamano efe le ’Muso oa Roma? (b) ’Muso oa Brithani o amana joang le ’muso o neng o busoa ke Bagerike oa Macedonia le Greece?
17 Ebe joale ke mang eo histori e mo khethollang e le “morena ea sefahleho se bohale bo tšosang” ea leqhoko? Ha e le hantle Brithani e ne e le lehlōmela le ka leboea-bophirimela la ’Muso oa Roma. Ho theosa ho fihlela karolong e qalang ea lekholo la bohlano la lilemo C.E., ho ne ho e-na le liprofinse tsa Roma ho seo hajoale e leng Brithani. Ha nako e ntse e feta, ’Muso oa Roma o ile oa felloa ke matla, empa tšusumetso ea tsoelo-pele ea Bagerike le Baroma e ile ea tsoela pele Brithani le likarolong tse ling tsa Europe tse neng li busoa ke Roma. Mohapi oa Khau ea Nobel oa Mexico eo e bileng e leng seroki le sengoli, Octavio Paz, o ile a ngola: “Ha ’Muso oa Roma o e-oa, Kereke e ile ea o nkela sebaka.” O ile a eketsa: “Lingoli tsa Kereke, hammoho le litsebi tsa morao, li ile tsa kenyelletsa filosofi ea Bagerike thutong ea Bokreste.” Rafilosofi oa lekholong la bo20 la lilemo eo e bileng e leng setsebi sa lipalo, Bertrand Russell, o itse: “Tsoelo-pele ea Bophirimela, e hlahileng mehloling ea Bagerike, e thehiloe neanong ea filosofi le saense e qalileng Mileta [motse o mong oa Bagerike o Asia Minor] lilemong tse fetileng tse likete tse peli le halofo.” Kahoo, ho ka boleloa hore ’Muso oa Brithani o nkile meetlo ea oona ’musong o neng o busoa ke Bagerike oa Macedonia le Greece.
18. Lenaka le lenyenyane le ileng la fetoha ‘morena ea sefahleho se bohale bo tšosang nakong ea bofelo’ ke eng? Hlalosa.
18 Ka 1763 ’Muso oa Brithani o ne o hlōtse linaha tse matla tse qothisanang lehlokoa le oona, e leng Spain le Fora. Ho tloha ka nako eo o ile oa bontša hore ke oona o busang maoatle le hore ke oona ’muso oa bosupa oa lefatše oa boprofeta ba Bibele. Esita le ka mor’a hore likolone tse 13 tsa Amerika li khaole maqhama le Brithani ka 1776 hore li thehe United States of America, ’Muso oa Brithani o ile oa hōla hore o akaretse kotara ea lefatše le kotara ea baahi ba lona. ’Muso oa bosupa oa lefatše o ile oa fumana matla a eketsehileng hape ha United States of America e lumellana le Brithani ho theha ’muso oa lefatše o likarolo li peli oa Manyesemane le Maamerika. Moruong le sesoleng, ka sebele ’muso ona o ne o fetohile “morena ea sefahleho se bohale bo tšosang.” Ka hona, lenaka le lenyenyane le ileng la fetoha ’muso oa bopolotiki o bohale bo tšosang ‘nakong ea bofelo’ ke ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika.
19. “Mokhabiso” o boletsoeng ponong ke eng?
19 Daniele o ile a bona hore lenaka le lenyenyane le ile “la ’na la e-ba leholoanyane haholo” ka nģ’a “Mokhabiso.” (Daniele 8:9) Naha e Tšepisitsoeng, eo Jehova a ileng a e fa batho ba hae ba khethiloeng, e ne e le ntle hoo e neng e bitsoa “mokhabiso oa linaha tsohle,” ke hore, oa lefatše lohle. (Ezekiele 20:6, 15) Ke ’nete hore Brithani e ile ea hapa Jerusalema ka la 9 December, 1917, ’me ka selemo sa 1920, Selekane sa Lichaba se ile sa abela Great Britain puso ea Palestina, e neng e tla tsoela pele ho fihlela ka la 14 May, 1948. Empa pono ena ke ea boprofeta, e nang le litšoantšetso tse ngata. “Mokhabiso” o boletsoeng ponong ha o tšoantšetse Jerusalema, empa o tšoantšetsa boemo ba lefatšeng ba batho bao Molimo a ba talimang e le ba halalelang nakong ea ’muso oa lefatše oa bosupa. A re boneng kamoo ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o lekang ho tšosa bahalaleli kateng.
HO HELETSOA ‘SEBAKA SA SEHALALELO SA HAE’
20. ‘Lekhotla la maholimo’ le “linaleli” tseo lenaka le lenyenyane le lekang ho li theola ke bo-mang?
20 Lenaka le lenyenyane le ile “la ’na la e-ba leholoanyane ho ea fihla lekhotleng la maholimo, hoo le ileng la etsa hore lekhotla le leng le linaleli tse ling li oele lefatšeng.” Ho ea ka tlhaloso ea lengeloi, ‘lekhotla la maholimo’ le “linaleli” tseo lenaka le lenyenyane le lekang ho li theola ke “sechaba se entsoeng ka bahalaleli.” (Daniele 8:10, 24) “Bahalaleli” bana ke Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea. Ka ho kenngoa kamanong le Molimo ka selekane se secha, se sebetsang ka lebaka la mali a tšolotsoeng a Jesu Kreste, baa halaletsoa, baa hloekisoa ’me ba khetheloa tšebeletso e khethehileng ea Molimo. (Baheberu 10:10; 13:20) Kaha Jehova o ba abetse ho ba majalefa hammoho le Mora oa hae lefeng la leholimo, o ba talima ba halalela. (Baefese 1:3, 11, 18-20) Ka hona, ponong ea Daniele, ‘lekhotla la maholimo’ le bolela masala a lefatšeng a “bahalaleli” ba 144 000, ba tla busa leholimong le Konyana.—Tšenolo 14:1-5.
21. Ke bo-mang ba leng ‘sebakeng se halalelang’ seo ’muso oa lefatše oa bosupa o lekang ho se etsa lesupi?
21 Kajeno masala a ba 144 000 ke baemeli ba lefatšeng ba “Jerusalema ea leholimo”—’Muso oa Molimo o kang motse—le tokisetso ea oona ea tempele. (Baheberu 12:22, 28; 13:14) Ka kutloisiso ena, a ‘sebakeng se halalelang’ seo ’muso oa lefatše oa bosupa o lekang ho se hatakela le ho se etsa lesupi. (Daniele 8:13) Ha Daniele a boetse a bua ka sebaka seo se halalelang e le “sebaka se tiisitsoeng sa sehalalelo” sa Jehova, o re: “Tšobotsi ea kamehla e ile ea tlosoa ho eona [Khosi Jehova], ’me sebaka se tiisitsoeng sa sehalalelo sa eona sa heletsoa. ’Me lekhotla le ile la nehelanoa butle-butle, hammoho le tšobotsi ea kamehla, ka lebaka la tlōlo; ’me la ’na la lahlela ’nete lefatšeng, ’me la nka bohato eaba lea atleha.” (Daniele 8:11, 12) See se ile sa phethahatsoa joang?
22. Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ’muso oa lefatše oa bosupa o ile oa etsa “tlōlo” e hlokomelehang joang?
22 Lipaki tsa Jehova li bile le phihlelo efe nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše? Li ile tsa hlorisoa haholo! Hoo ho ile ha qaleha linaheng tsa Bonazi le Bofascista. Empa kapele ‘’nete e ne e lahleloa lefatšeng’ hohle ’musong o moholo oa ‘lenaka le lenyenyane le neng le se le e-na le matla a maholo.’ Hoo e ka bang Linaheng tsohle tse leng Selekaneng le Brithani, ho ile ha etsoa thibelo khahlanong le “lekhotla” la baboleli ba ’Muso le mosebetsi oa lona oa ho bolela “litaba tse molemo.” (Mareka 13:10) Ha lichaba tsena li qobella batho ba tsona ho ngolisa sesoleng, li ile tsa hana ho lokolla basebeletsi ba Lipaki tsa Jehova tšebeletsong ea sesole, tsa bontša hore ha li hlomphe ho khethoa ha tsona e le basebeletsi ba Molimo, ho entsoeng ka tsela ea puso ea Molimo. Bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba ile ba feta har’a pefo ea mahoohoo le linyeliso tse sa tšoaneng United States. Ha e le hantle, ’muso oa lefatše oa bosupa o ile oa leka ho tlosa sehlabelo sa thoriso—e leng “litholoana tsa melomo”—seo nako le nako batho ba Jehova ba se nyehelang ho eena e le “tšobotsi ea kamehla” ea borapeli ba bona. (Baheberu 13:15) Ka tsela eo, ’muso oo oa lefatše o ile oa etsa “tlōlo” ea ho hlasela sebaka se loketseng se busoang ke Molimo ea Holimo-limo—‘sebaka se tiisitsoeng sa sehalalelo sa hae.’
23. (a) Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ile oa ema “khahlanong le Khosi ea likhosana” joang? (b) “Khosi ea likhosana” ke mang?
23 Ka ho hlorisa “bahalaleli” nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, lenaka le lenyenyane le ile la ikhohomosa “ho ea fihla ho Khosi ea lekhotla.” Kapa, joalokaha lengeloi Gabriele le bolela, le ile la ema “khahlanong le Khosi ea likhosana.” (Daniele 8:11, 25) Tlotla “Khosi ea likhosana” e sebetsa feela ho Jehova Molimo. Lentsoe la Seheberu sar, le fetoletsoeng e le “khosi” kapa “khosana,” le amana le ketso e bolelang “ho busa.” Ho phaella moelelong o bolelang mora oa morena kapa motho ea boemong ba borena, lentsoe lena le sebetsa ho eo e leng hlooho, kapa ea ka sehloohong. Buka ea Daniele e bua ka likhosana tse ling tsa mangeloi—ka mohlala, Mikaele. Molimo ke eena Khosi ea likhosana tsohle tse joalo. (Daniele 10:13, 21; bapisa le Pesaleme ea 83:18.) Na re nahana hore ho na le ea ka emang khahlanong le Jehova—Khosi ea likhosana?
“SEBAKA SE HALALELANG” SE TLISOA BOEMONG BO NEPAHETSENG
24. Daniele 8:14 e re tiisetsa eng?
24 Ha ho ea ka emang khahlanong le Khosi ea likhosana—esita le eena morena ea “sefahleho se bohale bo tšosang” joaloka ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika! Boiteko ba morena enoa ba ho fetola sehalalelo sa Molimo lesupi ha bo atlehe. Ka mor’a “lishoalane le linako tsa hoseng tse likete tse peli le makholo a mararo,” kamoo lengeloi la lenģosa le bolelang kateng, “sebaka se halalelang se tla tlisoa boemong ba sona bo nepahetseng,” kapa “se tla hlaha se hlōtse.”—Daniele 8:13, 14; The New English Bible.
25. Nako ea boprofeta ea matsatsi a 2 300 e telele hakae, ’me e lokela ho amahanngoa le ketsahalo efe?
25 Matsatsi ana a 2 300 a etsa nako e itseng ea boprofeta. Kahoo, ho ameha selemo sa boprofeta sa matsatsi a 360. (Tšenolo 11:2, 3; 12:6, 14) Ka hona, matsatsi ana a 2 300 a ne a tla lekana le lilemo tse 6, likhoeli tse 4 le matsatsi a 20. Nako ee e bile efe? Ha e le hantle, ka bo-1930, batho ba Molimo ba ile ba qala ho feta har’a mahloriso a eketsehileng linaheng tse sa tšoaneng. Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlorisoa ka bohale bo tšosang linaheng tsa ’muso oa lefatše o likarolo li peli oa Manyesemane le Maamerika. Ka lebaka lefe? Ka lebaka la ho tsitlella ha tsona ho “mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Liketso 5:29) Ka hona, e tlameha ebe matsatsi a 2 300 a amana le ntoa eo.b Empa ho ka thoe’ng ka qalo le qetello ea nako ee ea boprofeta?
26. (a) Bonyane ke ho tloha neng moo ho ka qaloang ho bala matsatsi a 2 300? (b) Nako ea matsatsi a 2 300 e ile ea fela neng?
26 Hore “sebaka se halalelang” se ‘tlisoe,’ kapa se tsosolosetsoe ho seo se lokelang ho ba sona, e ne e tla tlameha hore ebe matsatsi a 2 300 a qalile nakong e fetileng eo ka eona se neng se le ‘boemong bo nepahetseng’ ponong ea Molimo. Bonyane e ne e le ka la 1 June, 1938 ha Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o phatlalatsa karolo ea 1 ea sehlooho se reng “Tlhophiso.” Karolo ea 2 e ile ea hlaha tokollong ea June 15, 1938. Ha re bala matsatsi a 2 300 (lilemo tse 6, likhoeli tse 4 le matsatsi a 20 almanakeng ea Seheberu) ho tloha ka la 1 kapa ka la 15 June, 1938, hoo ho re tlisa ho la 8 kapa la 22 October, 1944. Ka letsatsi la pele la kopano e khethehileng e neng e tšoaretsoe Pittsburgh, Pennsylvania, U.S.A., ka la 30 September le ka la 1 October, 1944, mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower o ile a bua ka sehlooho se reng, “Tokiso ea Puso ea Molimo Kajeno.” Sebokeng sa selemo sa mokhatlo ka la 2 October, molao oa motheo oa Mokhatlo o ile oa lokisoa ka boiteko ba hore o lumellane le tokisetso ea puso ea Molimo ka hohle kamoo molao o neng o tla lumella kateng. Ka ho hatisoa ha litlhokahalo tse hlakisitsoeng tsa Bibele, tlhophiso ea puso ea Molimo e ile ea phakisa ea hlongoa ka botlalo haholoanyane liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova.
27. Ho bile le bopaki bofe ba hore “tšobotsi ea kamehla” e ile ea qepha nakong ea lilemo tsa mahloriso tsa Ntoa ea II ea Lefatše?
27 Ha matsatsi a 2 300 a ntse a tsoela pele nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, e ileng ea qala ka 1939, ho nyeheloa ha “tšobotsi ea kamehla” sehalalelong sa Molimo ho ile ha qepha haholo ka lebaka la mahloriso. Ka 1938, Mokhatlo oa Watch Tower o ne o e-na le makala a 39 a tsamaisang mosebetsi oa Lipaki lefatšeng ka bophara, empa ka 1943 a ne a se a le 21 feela. Keketseho ea lenane la baboleli ba ’Muso le eona e bile e fokolang nakong eo.
28, 29. (a) Ha Ntoa ea II ea Lefatše e le haufi le ho lala, ho ile ha e-ba le phetoho efe mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova? (b) Ho ka thoe’ng ka boiteko bo mabifi ba sera ba ho etsa “sebaka se halalelang” lesupi le ho se senya?
28 Joalokaha re hlokometse, likhoeling tsa ho qetela tsa Ntoa ea II ea Lefatše, Lipaki tsa Jehova li ile tsa boela tsa tiisa boikemisetso ba tsona ba ho hōlisa puso ea Molimo ka ho mo sebeletsa e le mokhatlo oa puso ea Molimo. Mosebetsi oa tsona le mokhoa oa tsona oa puso li ile tsa qala ho hlophisoa bocha ka sepheo sona sena ka 1944. Ha e le hantle, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa October 15, 1944, o ne o e-na le sehlooho se reng, “Ho Hlophisetsoa Mosebetsi oa ho Qetela.” Sehlooho sena le tse ling tse buang ka tšebeletso tsa nakong eo li ile tsa bontša hore matsatsi a 2 300 a ne a felile le hore “sebaka se halalelang” se ne se boetse se le “boemong ba sona bo nepahetseng.”
29 Boiteko bo mabifi ba sera ba ho etsa “sebaka se halalelang” lesupi le ho se senya bo ne bo hlōlehile ka ho feletseng. Ka sebele, “bahalaleli” ba setseng lefatšeng, hammoho le metsoalle ea bona ea “bongata bo boholo,” ba ne ba hlōtse. (Tšenolo 7:9) Sehalalelo, se le boemong ba sona bo nepahetseng ba puso ea Molimo, joale se tsoela pele ho etsetsa Jehova tšebeletso e halalelang.
30. Ke eng se tla tloha se etsahala ka “morena ea sefahleho se bohale bo tšosang”?
30 ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o sa ntsane o le litulong. “Empa,” kamoo lengeloi Gabriele le boletseng kateng, “ha [o] na ho rojoa ka letsoho.” (Daniele 8:25) Haufinyane, ’muso ona oa bosupa oa lefatše oa boprofeta ba Bibele—‘morena enoa ea sefahleho se bohale bo tšosang’—ha o na ho rojoa ke matsoho a motho empa o tla rojoa ke matla a phahametseng a motho ka Armagedone. (Daniele 2:44; Tšenolo 16:14, 16) Ho thabisa hakaakang ho tseba hore joale bobusi ba Jehova Molimo, Khosi ea likhosana, bo tla tlosoa qoso eohle!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mebuso e supileng ea lefatše eo e leng ea bohlokoa bo khethehileng ka Bibeleng ke Egepeta, Assyria, Babylonia, Medo-Persia, Greece, Roma le ’muso oa lefatše o likarolo li peli oa Manyesemane le Maamerika. Mebuso ena kaofela ke e hlokomelehang hobane e ile ea sebetsana le batho ba Jehova.
b Daniele 7:25 le eona e bua ka nako e itseng eo ka eona ‘bahalaleli ba Ea Holimo-limo ba tsoelang pele ho tšoenngoa.’ Joalokaha ho hlalositsoe khaolong e fetileng, sena se ne se amana le ntoa ea pele ea lefatše.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Ke eng se tšoantšetsoang ke
“pheleu” e nang le “linaka tse peli”?
“phooko e phophomang boea” le “lenaka le leholo” la eona?
linaka tse ’nè tse hlahang sebakeng sa “lenaka le leholo”?
lenaka le lenyenyane le ileng la hlaha ho le leng la linaka tse ’nè?
• Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ke joang ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ileng oa leka ho etsa “sebaka se halalelang” lesupi, hona na o ile oa atleha?
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 166]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
’Muso oa Medo-Persia
MACEDONIA
EGEPETA
Memphis
ETHIOPIA
Jerusalema
Babylona
Ekbatana
Susa
Persepolis
INDIA
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 169]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
’Muso oa Bagerike
MACEDONIA
EGEPETA
Babylona
Nōka ea Indus
[’Mapa o leqepheng la 172]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
’Muso oa Roma
BRITANNIA
ITALY
Roma
Jerusalema
EGEPETA
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 164]
[Litšoantšo tse leqepheng la 174]
Ba bang ba batho ba hlaheletseng ba ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika:
1. George Washington, mopresidente oa pele oa United States (1789-97)
2. Mofumahali Victoria oa Brithani (1837-1901)
3. Woodrow Wilson, mopresidente oa United States (1913-21)
4. David Lloyd George, tona-khōlō ea Brithani (1916-22)
5. Winston Churchill, tona-khōlō ea Brithani (1940-45, 1951-55)
6. Franklin D. Roosevelt, mopresidente oa United States (1933-45)