Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Buka ea Bibele ea 27—Daniele
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 6. Likarolo tse peli tse etsang buka ea Daniele ke life?

      6 Bajode ba ile ba kopanyelletsa buka ea Daniele tlas’a Mangolo, eseng tlas’a Baprofeta. Ka lehlakoreng le leng, Bibele ea Sesotho e latela lethathamo la libuka la Septuagint ea Segerike le Vulgate ea Selatine tse behang Daniele pakeng tsa baprofeta ba baholo le ba banyenyane. Ha e le hantle buka ena e na le likarolo tse peli. Ea pele ho tsona, likhaolo 1 ho ea ho 6, ho ea ka nako ea ho phethahala ha tsona, e fana ka liphihleho tsa Daniele le metsoalle ea hae tšebeletsong ea borena ho tloha ka 617 B.C.E. ho ea ho 538 B.C.E. (Dan. 1:1, 21) Karolo ea bobeli, e etsoang ke likhaolo 7 ho ea ho 12, e ngotsoe ka leemeli la motho oa pele, ke Daniele e le eena ea tlalehang ’me e hlalosa lipono tsa Daniele le lipuisano le mangeloi tseo a bileng le tsona ho tloha ka hoo e ka bang ka 553 B.C.E.f ho ea ho hoo e ka bang 536 B.C.E. (7:2, 28; 8:2; 9:2; 12:5, 7, 8) Likarolo tsena ka bobeli li etsa buka e le ’ngoe e lumellanang ea Daniele.

  • Buka ea Bibele ea 27—Daniele
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 7. Ke eng se lebisitseng tabeng ea hore Daniele le metsoalle ea hae ba kene tšebeletsong ea borena Babylona?

      7 Ho lokisetsa tšebeletso ea Naha (1:1-21). Ka 617 B.C.E. Daniele o fihla Babylona le batšoaruoa ba Bajode. Hape ho tlisoa le lijana tse halalelang tse nkuoeng tempeleng e Jerusalema, li kenngoa ntlong ea polokelo ea matlotlo ea bohetene. Daniele le metsoalle ea hae e meraro ea Baheberu ba har’a bacha ba Juda ba borena ba khethetsoeng thupelo ea ho koetlisa ka lilemo tse tharo tlung ea borena. Kahobane Daniele a entse qeto pelong ea hae hore a se itšilafatse ka limenye-menye tsa morena tsa bohetene le veine, o etsa tlhahiso ea hore ho etsoe teko ea lijo tsa meroho ka matsatsi a leshome. Teko e tsamaela Daniele le metsoalle ea hae hantle, ’me Molimo o ba neha tsebo le bohlale. Nebukadnezare o khetha bana ba bane hore ba eme pel’a hae e le baeletsi. Temana ea ho qetela ea khaolo 1, eo ho ka etsahalang hore e be e ile ea ekelletsoa nakong e telele ka mor’a hore karolo e tlang pele ho eona e ngoloe, e bontša hore Daniele o ne a sa ntse a le tšebeletsong ea borena lilemo tse ka bang 80 ka mor’a hore a isoe botšoaruoeng, e leng hoo e ka bang ka 538 B.C.E.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela