Lilekane Tse Amang Morero oa ka Mehla oa Molimo
“Jehova . . . o hopola selekane sa hae ka ho sa eeng kae, le lentsoe lee a le laoletseng meloko a sekete.”—PESALEME EA 105:7, 8.
1, 2. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore boholo ba rōna re anngoe ke selekane?
HO HLAKILE hore ho na le selekane se ammeng uena—bophelo ba hao ba nakong a fetileng, bophelo ba hao ba hona joale le bophelo ba hao ba nakong e tlang. U ka ’na ua ipotsa, ‘E be ke selekane sefe?’ Tabeng ena, ke lenyalo, hobane ba bangata ho rōna re bana ba lenyalo ’me ba bangata ho rōna re lenyalong. Esita le bona ba e-song ho kene lenyalong ba ka ’na ba nahana ka mahlohonolo a lenyalo le thabileng nakong e tlang.
2 Makholong a lilemo a fetileng moprofeta oa Moheberu Malakia o ile a ngola ka “mosali oa bocha ba hao,” “molekane oa hao le mosali oa selekane sa hao.” (Malakia 2:14-16) O ne a ka bitsa lenyalo selekane, hobane lenyalo ke konteraka kapa tumellano e etsoang ka molao, tokisetso pakeng tsa batho ba babeli hore ba tla etsa ntho eitseng hammoho. Tumellano ea lenyalo ke selekane se etsoang ke batho ba babeli seo ho sona batho ba babeli ba lumelang hore ba fetoha monna le mosali, ba amohela ho itlama e mong ka e mong ’me ba lebelletse melemo ea ka mehla.
3. Ke hobane’ng ha lilekane tse ling li ka ’na tsa re ama ho feta lenyalo?
3 Lenyalo le ka ’na la bonahala e le selekane se nang le matla a maholohali a botho ho rōna, empa leha ho le joalo Bibele e bua ka lilekane tsa bohlokoa bo pharaletseng haholoanyane. Buka e ’ngoe ea liphuputso ha e bapisa lilekane tsa Bibele le tsa malumeli ao e seng a Bibele, e bolela hore ke Bibeleng feela moo “taelo ena ea kamano pakeng tsa Molimo le batho ba oona e fetohang tsamaiso e akaretsang e qetellang ka ho kenyelletsa lintho tse amang bokahohle.” E, lilekane tsena li ama morero oa ka mehla oa ’Mōpi oa rōna ea lerato. Joalokaha u tla bona, ho amohela ha hao mahlohonolo a mangata-ngata ho momahane le lilekane tsena. U na le lebaka la ho botsa, ‘Empa hoo ho joalo joang?’
4. Ke selekane sefe sa pele se supang morerong oa ka mehla oa Molimo?
4 U hlokomela hantle liphello tse kotsi tsa ha Adama le Eva ba hana bobusi ba Molimo. Re futsitse ho se phethahale ho bona, e leng lona lebaka le susumetsang ho kula ho ’nileng ha re hlokofatsa, le ho isang lefung. (Genese 3:1-6, 14-19) Leha ho le joalo, re ka leboha hore sebe sa bona se ne se ke ke sa etsolla morero oa Molimo oa ho tlatsa lefatše ka barapeli ba ’nete ba thabelang bophelo ba ka mehla le thabo. Ntlheng ena, Jehova o ile a etsa selekane se ngotsoeng ho Genese 3:15: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peo ea hao le peo ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.” Leha ho le joalo, mokhoa o mokhutšoanyane le o tšoantšetsang oo polelo ena e boletsoeng ka oona o ile oa siea lipotso tse ngata tse sa arabeloang. E be Jehova o ne a tla phethahatsa tšepiso ee ea selekane joang?
5, 6. (a) Molimo o ile oa etsa qeto ea ho sebelisa mokhoa ofe ha o phetha morero oa oona? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella mokhoa oo Molimo o o sebelisitseng ho etsa see?
5 Ho tsoela pele, Molimo o ile oa ikhethela ho lokisetsa letoto le khethehileng la lilekane tsa bomolimo, tseo, ha ho balelloa selekane sa Edeneng, e leng tse supileng kaofela. E mong le e mong ho rōna ea nang le tšepo ea ho thabela mahlohonolo a ka mehla o lokela ho utloisisa lilekane tsena. Hona ho akarelletsa ho tseba hore na li ile tsa etsoa joang hona neng, hore na ho ne ho ameha bo-mang, hore na sepheo sa tsona e ne e le sefe kapa hore na litumellano e ne e le life, le hore na lilekane li amana joang morerong oa Molimo oa ho hlohonolofatsa batho ba utloang ka bophelo bo sa feleng. Ena ke nako e loketseng ea ho hlahloba lilekane tsena, hobane ka la 22 Tlhakubele, 1989, liphutheho tsa Bokreste li tla bokana ho ikhopotsa Sejo sa Morena sa Mantsiboea, seo ka ho toba se amang lilekane tsena.
6 Ha e le hantle, ho batho ba bang khopolo ea lilekane e ka ’na ea utloahala e le ntho feela, e amang molao, e ke keng ea khahla batho hakaalo. Leha ho le joalo, nahana ka seo Theological Dictionary of the Old Testament e se buang: “Mantsoe bakeng sa ‘selekane’ lefatšeng la boholo-holo la Bochabela bo Haufi hammoho le la Bagerike le la Baroma . . . a sebelisoa ho latela litlhaloso tsa mantsoe tsa mefuta a ’meli: kano le boitlamo ka lehlakoreng le leng, lerato le botsoalle ka ho le leng.” Re ka bona litšobotsi tseo ka bobeli—kano le botsoalle—e le tsona tšiea ea lilekane tsa Jehova.
Selekane sa Abrahama—Motheo oa Mahlohonolo a ka Mehla
7, 8. Jehova o ile a etsa selekane sa mofuta ofe le Abrahama? (1 Likronike 16:15, 16)
7 Mopatriareka Abrahama, “ntat’a bohle ba lumelang,” e ne e le “motsoalle oa Molimo.” (Ba-Roma 4:11; Jakobo 2:21-23) Molimo o ile oa mo hlapanyetsa ka kano, oa hloma selekane se neng se hlokahala hore re amohele mahlohonolo a ka mehla.—Ba-Heberu 6:13-18.
8 Ha Abrahama a ntse a le Ure, Jehova o ile a mo bolella hore a fallele naheng e ’ngoe, eo ho ileng ha etsahala hore e be Kanana. Ka nako eo Jehova o ile a tšepisa Abrahama: “Ke tla u etsa sechaba se seholo, ke u hlohonolofatse, ’me ke tla holisa lebitso la hao, . . . ’me mefuta eohle ea lefatše a tla hlohonolofalla ho uena.”a (Genese 12:1-3) Ka morao ho moo, butle-butle Molimo o ile oa eketsa lintlha ho seo ka nepo re buang ka sona e le selekane sa Abrahama: Peō ea Abrahama, kapa mojalefa, e ne e tla rua Lefatše la Pallo; peō ea hae e ne e tla etsa hore ho be teng bana ba se nang palo; Abrahama le Sara e ne e tla ba mohloli oa marena.—Genese 13:14-17; 15:4-6; 17:1-8, 16; Pesaleme ea 105:8-10.
9. Re tseba joang hore re ka ameha selekaneng sa Abrahama?
9 Molimo o ile oa se bitsa “selekane sa ka, se mahareng a ka le uena [Abrahama].” (Genese 17:2) Empa ka sebele re lokela ho ikutloa hore bophelo ba rōna boa ameha, hobane hamorao Molimo o ile oa atolosa mantsoe a selekane, oa re: “Ho hlohonolofatseng ke tla u hlohonolofatsa, ’me ho atiseng ke tla atisa moloko oa hao, o be kaa ka linaleli tsa maholimo, le lehlabathe le lebopong la leoatle, ’me moloko oa hao o tla rua likhoro tsa lira tsa oona. Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao.” (Genese 22:17, 18) Re karolo ea lichaba tseo; re boloketsoe monyetla oa tlhohonolofatso.
10. Ke lintho life tseo re li lemohang ka selekane se entsoeng le Abrahama?
10 A re ke re emiseng hanyenyane re nahane ka seo re ka ithutang sona selekaneng sa Abrahama. Joaloka selekane sa Edene se bileng teng pele ho sona, selekane sena se supa ‘peōng’ e tlang, kahoo se fana ka maikutlo a hore peō ena e ne e tla ba le lesika la batho. (Genese 3:15) Leo e ne e tla ba lesika la Sema, ho theosa ho ea fihla ho Abrahama, le ka mora oa hae Isaaka. Lesika lena le ne le tla ama borena, ’me ka mokhoa o mong o itseng le ne le tla lumella tlhohonolofatso bakeng sa batho ba linaha tsohle eseng bakeng sa lelapa le le leng feela. Selekane seo se ile sa finyelloa joang?
11. Phethahatso ea sebele ea selekane sa Abrahama e ile ea e-ba teng joang?
11 Bana ba Abrahama ka Jakobo, kapa Iseraele, ba ile ba eketseha hore a be sechaba se seholo. Joaloka peō ea sebele ea Abrahama e se nang palo, ba ne ba nehetsoe borapeling bo hloekileng ba Molimo oa Abrahama, Isaaka le Jakobo. (Genese 28:13; Exoda 3:6, 15; 6:3; Liketso 3:13) Hangata Baiseraele ba ne ba furalla borapeli bo hloekileng, “empa Jehova a hauhela Baiseraele, a ba rekolohela . . . ka baka la selekane sa hae le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, a se ke a rata ho ba timetsa.” (2 Marena 13:23; Exoda 2:24; Levitike 26:42-45) Le ka mor’a hore Molimo o amohele phutheho ea Bokreste e le batho ba oona, ka nakoana o ile oa tsoela pele ho bontša mohau o khethehileng ho Baiseraele joaloka batho bao e neng e le peō ea sebele ea Abrahama.—Daniele 9:27.
Peō ea Moea ea Abrahama
12, 13. Jesu o ile a ipaka joang hore ke karolo ea pele phethahatsong ea peō ea moea ea selekane sa Abrahama?
12 Selekane sa Abrahama se ne se e-na le phethahatso a ’ngoe, phethahatso ea moea. Phethahatso ena e kholoanyane ha ea ka ea bonahala pele ho mehla ea Jesu, empa re ka thabela hore e hlakile mehleng ea rōna. Re na le tlhaloso ea phethahatso ea eona Lentsoeng la Molimo. Pauluse oa ngola: “Lipallo li ile tsa bolelloa Abrahama le peō ea hae. Ha a re: ‘Le ho lipeō,’ joalokaha eka ho na le tse joalo tse ngata, empa joalokaha eka ho na le e le ’ngoe feela: ‘Le ho peō ea hao,’ e leng Kreste.”—Ba-Galata 3:16, NW.
13 E, peō eo e ne e tla tla ka lesika le le leng, kapa lelapa le le leng, hoo e bileng ’nete ka Jesu, ea tsoetsoeng e le Mojode ka tlhaho, setloholo sa sebele sa Abrahama. (Mattheu 1:1-16; Luka 3:23-34) Ho phaella moo, e ne e le karolo ea lelapa la Abrahama e Moholoanyane leholimong. Hopola hore e bile ka tumelo e tebileng mopatriareka Abrahama a neng a ile a utloisisa ho tela mora oa hae Isaaka haeba Molimo o ne o batla joalo. (Genese 22:1-18; Ba-Heberu 11:17-19) Ka ho tšoanang, Jehova o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng hore e be sehlabelo sa topollo bakeng sa batho ba lumelang. (Ba-Roma 5:8; 8:32) Ka hona hoa utloahala hore na ke hobane’ng ha Pauluse a ile a tsebahatsa Jesu Kreste e le karolo ea pele ea peō ea Abrahama ho latela selekane sena.
14. Karolo ea bobeli ea peō ea Abrahama ke efe, ’me hona ho isa puisanong efe e tsoelang pele?
14 Pauluse o ile a tsoela pele ho bontša hore phethahatsong ea moea, Molimo o ne o tla ‘atisa peō ea Abrahama.’ O ile a ngola: “Haeba le ba Kreste, ka sebele le peō ea Abrahama, majalefa mabapi le pallo.” (Genese 22:17; Ba-Galata 3:29, NW) Ba joalo ke Bakreste ba tsoetsoeng ka moea ba 144 000 ba bōpang karolo ea bobeli ea peō ea Abrahama. Ha ba hanyetsane le karolo ea pele ea peō empa ke “ba Kreste.” (1 Ba-Korinthe 1:2; 15:23) Rea tseba hore ba bangata ba bona ba ke ke ba lokolisa leloko la bona ho ea fihla ho Abrahama, hobane ba tsoa lichabeng tsa bao e seng Bajode. Leha ho le joalo, hoo e leng habohlokoa haholo phethahatsong ea moea ke hore ka tlhaho hase karolo ea lelapa la Abrahama e Moholoanyane, Jehova; ho e-na le hoo, ba tsoa lelapeng le sa phethahalang la moetsalibe Adama. Ka hona ho tla hlokahala hore re bone ka lilekane tsa moraonyana hore na ba ka tšoaneleha joang ho ba karolo ea “peō ea Abrahama.”
Ho Phaelloa ka Selekane sa Molao Hanakoana
15-17. (a) Ke hobane’ng ha selekane sa Abrahama se ile sa phaelloa ka selekane sa Molao? (b) Molao o ile oa finyella sepheo see joang?
15 Ka mor’a hore Molimo o etse selekane sa Abrahama e le bohato ba bohlokoa bo isang phethahatsong ea morero oa oona, e be lesika la Peō le ne le tla sireletsoa joang hore le se ke la silafala kapa la felisoa ho fihlela nakong eo a neng a tla hlaha ka eona? Nakong eo Peō e ileng ea fihla ka eona, barapeli ba ’nete ba ne ba tla mo tseba joang? Pauluse o arabela lipotso tse joalo ka ho supa bohlale ba Molimo ka hore hanakoana o phaella ka selekane sa Molao. Moapostola oa ngola:
16 “Joale Molao o teng ka lebaka lefe? O ile oa phaelloa ho totobatsa litlōlo, ho fihlela ho fihla peō a etselitsoeng pallo; ’me o ile oa fetisoa ka mangeloi ka letsoho la Mokena-lipakeng. . . . Molao o fetohile morupeli oa rōna ea re isang ho Kreste, e le hore re ka boleloa re le ba lokileng ka lebaka la tumelo.”—Ba-Galata 3:19, 24, NW.
17 Thabeng ea Sinai, Jehova o ile a etsa selekane se khethehileng sa sechaba pakeng tsa hae le Iseraele—selekane sa Molao, ka Moshe e le mokena-lipakeng oa sona.b (Ba-Galata 4:24, 25) Batho ba ile ba lumela hore ba tla kena selekaneng sena, ’me se ile sa tiisoa ka mali a lipoho le liphooko. (Exoda 24:3-8; Ba-Heberu 9:19, 20) Se ile sa neha Baiseraele melao ea puso ea Molimo le moralo oa puso e lokileng. Selekane sena se ne se hanela ho nyallana le bahetene kapa ho kopanela mekhoeng ea boitšoaro bo bobe le ea bolumeli ba bohata. Ka hona se ne se sirelelitse Baiseraele ’me e ne e le matla a ho boloka lesika la peō le sa silafala. (Exoda 20:4-6; 34:12-16) Empa kaha ha ho Moiseraele ea sa phethahalang ea neng a ka boloka Molao ka ho phethahetseng, o ile oa totobatsa libe. (Ba-Galata 3:19) Hape o ile oa bontša bohlokoa ba moprista ea phethahetseng le oa ka mehla le ba sehlabelo se neng se ke ke sa phetoa selemo le selemo. Molao o ne o tšoana le morupeli ea neng a isa ngoana ho mokoetlisi ea hlokahalang, eo e neng e tla ba Messia, kapa Kreste. (Ba-Heberu 7:26-28; 9:9, 16-22; 10:1-4, 11) Ha se phethile morero oa sona, selekane sa Molao se ne se tla fela.—Ba-Galata 3:24, 25; Ba-Roma 7:6; bona “Lipotso tse Tsoang ho Babali,” leqephe 31.
18. Ke tebello efe e tsoetseng pele e neng e ameha selekaneng sa Molao, empa ke hobane’ng ha ho ne ho le thata ho e utloisisa?
18 Ha Molimo o etsa selekane sena sa nakoana, o boetse oa bolela sepheo sena se hlollang: “Ekare ha le ka fela la utloa lentsoe la ka, la boloka selekane sa ka, le tla ba letlotlo la ka la sebele . . . Le tla ba ho ’na ’muso oa baprista, le sechaba se khethehileng.” (Exoda 19:5, 6) Ke tebello a kaakang! Sechaba sa marena le baprista. Empa hoo ho ne ho ka etsahala joang? Joalokaha hamorao Molao o ile oa totobatsa, leloko le busang (Juda) le leloko la boprista (Levi) a ile a abeloa boikarabelo bo sa tšoaneng. (Genese 49:10; Exoda 28:43; Numere 3:5-13) Ha ho motho eo a neng e ka ba ’musi ea ba ea e-ba moprista. Ho ntse ho le joalo, mantsoe a Molimo ho Exoda 19:5, 6 a ile a fana ka lebaka la ho lumela hore ka mokhoa o mong o itseng o sa senoloang, ba selekaneng sa Molao ba ne ba tla ba le monyetla oa ho fana ka litho tsa “’muso oa baprista, le sechaba se khethehileng.”
Selekane sa ’Muso sa Davida
19. Borena bo ile ba suptjoa joang lilekaneng tsee?
19 Ka nako ea teng Jehova o ile a phaella ka selekane se seng se ileng sa hlakisa ka ho tsoetseng pele kamoo a neng a tla phetha morero oa hae kateng, tlhohonolofatsong ea rōna ea ka mehla. Re bone hore selekane sa Abrahama se ile sa supa esale pele boreneng bo tla ba teng har’a peō ea sebele ea Abrahama. (Genese 17:6) Selekane sa Molao se ile sa boela sa bona esale pele hore ho ne ho tla ba le marena har’a batho ba Molimo, hobane Moshe o ile a bolella Iseraele: ‘Etlare hobane u kene [Lefatšeng la Pallo] leha u ka re: Ke tla ipeela morena joalo ka lichaba tsohle tse nteetseng hare; u ipeele morena ea tla khethoa ke Jehova, Molimo oa hao; . . . u ke ke ua bea molichaba.’ (Deuteronoma 17:14, 15) Molimo o ne o tla lokisetsa borena bo joalo joang, hona bo ne bo tla amana kae le selekane sa Abrahama?
20. Davida o ile a kenella joang le lesika la hae tabeng ee?
20 Le hoja morena oa pele oa Iseraele e ne e le Saule oa leloko la Benjamine, o ile a lateloa ke Davida ea sebete le ea tšepahalang oa Juda. (1 Samuele 8:5; 9:1, 2; 10:1; 16:1, 13) Ho ea qetellong ea puso ea Davida, Jehova o ile a khetha ho etsa selekane le Davida. A qala ka ho re: “Ka sebele ke tla hōlisa peō ea hao ka morao ho uena, e tlang ho tsoa lithong tsa hao tse ka hare; ’me ka sebele ke tla tiisa ’muso oa hae. Ke eena ea tla hahela lebitso la ka ntlo, ’me ka sebele ke tla tiisa ’muso oa hae ka thata ho isa nakong e sa tsejoeng.” (2 Samuele 7:12, 13, NW) Joalokaha ho bontšitsoe moo, mora oa Davida Salomone e bile eena morena ea latelang, ’me o ile a sebelisetsoa ho hahela Molimo ntlo, kapa tempele, Jerusalema. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le ho eketsehileng.
21. Selekane sa ’Muso sa Davida se ile sa etsa tokisetso bakeng sa eng?
21 Jehova o ile a tsoela pele ho etsa selekane sena le Davida: “Ntlo ea hao le ’muso oa hao li tla ’ne li tiee pel’a hao ka ho sa feleng, le terone ea hao e tla tiisoa ka mehla.” (2 Samuele 7:16) Ka bonolo feela, ka ho etsa joalo Molimo o ne o theha ka lelapa la Davida letoto la marena a tsoang lelapeng le le leng bakeng sa Iseraele. E ne e sa lokela hore e be feela letoto la ka mehla la marena a Davida. Qetellong, e mong lesikeng la Davida o ne a tla tla ho tla busa “ka ho sa feleng, terone ea hae e tla ’ne e be teng pel’a ka [Molimo] joaloka letsatsi.”—Pesaleme ea 89:20, 29, 34-36; Esaia 55:3, 4.
22. Selekane se entsoeng le Davida se ne se amana joang le lesika la Peō, hona e le ka phello efe?
22 Ho hlakile, he, hore selekane sa Davida se ile sa boela sa fokotsa lesika la Peō. Le bona Bajode ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba hlokomela hore Messia o ne a tla lokela hore e be ngoana oa Davida. (Johanne 7:41, 42) Joalokaha lengeloi le ile la paka, Jesu Kreste, karolo ea pele ea peō eo ea selekane sa Abrahama, o ile a tšoanelehela ho fetoha Mojalefa oa ka mehla oa ’Muso ona oa Davida. (Luka 1:31-33) Ka hona Jesu o ile a fumana tokelo ea ho busa holim’a Lefatše la Pallo, sebaka sa lefatšeng seo Davida a neng a ile a busa ho sona. Hona ho lokela ho eketsa tšepo ea rōna ho Jesu; oa busa, eseng ka ho ikhapela puso ka likhoka, empa ka tokisetso e hlomiloeng ea molao, selekane sa bomolimo.
23. Ke lipotso le litaba life tseo ho sa ntsaneng ho saletse hore li rarolloe?
23 Hona joale re buisane feela ka lilekane tse ’nè lilekaneng tsa Molimo tse hlalosang kamoo Molimo o lokiselitseng ho finyella morero oa oona oa ho tlisetsa batho mahlohonolo a ka mehla. Mohlomong, ua bona hore taba ena ha ea fella. Ho saletse lipotso: Kaha batho ba ile ba tsoela pele ba sa phethahala, e be hoo ho ne ho ka fetoloa ka mehla ke moprista ofe kapa sehlabelo sefe? E be batho ba ne ba ka tšoaneleha joang ho fetoha karolo ea peō ea Abrahama? Na ho na le lebaka la ho lumela hore tokelo ea ho busa e ne e tla atolosoa hore e akarelletse ho fetang sebaka sa lefatšeng feela? E be karolo ea peō ea Abrahama ea pele, le karolo ea eona ea bobeli, li ne li tla tlisetsa “lichaba tsohle tsa lefatše” tlhohonolofatso joang, ho akarelletsa e mong le e mong oa rōna? A re boneng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sena ke selekane se lehlakore le leng, kaha ke motho a le mong feela (Molimo) ea itlamang hore o tla phethahatsa litumellano tsa sona.
b “Khopolo ea ho ba le selekane e ne e le tšobotsi e khethehileng ea bolumeli ba Iseraele, bona feela bo neng bo batla botšepehi bo khethehileng le ho thibela monyetla oa botšepehi linthong tse peli kapa tse ngata joalokaha ho ne ho lumelloa ke malumeli a mang.”—Theological Dictionary of the Old Testament, Moqolo II, leqephe 278.
Karabelo ea Hao ke Efe?
◻ Selekane sa Abrahama se ile sa rala motheo joang bakeng sa hore re amohele mahlohonolo a ka mehla?
◻ Peō ea sebele, ea nama, ea Abrahama e bile eng? Peō ea tšoantšetso ea e-ba eng?
◻ Ke hobane’ng ha selekane sa Abrahama se ile sa phaelloa ka selekane sa Molao?
◻ Selekane sa ’Muso sa Davida se ile sa ntšetsa pele morero oa Molimo joang?
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 13]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Selekane sa Edene Genese 3:15
Selekane sa Abrahama
Peō ea pele
Peō ea bobeli
Mahlohonolo a ka mehla
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 14]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Selekane sa Edene Genese 3:15
Selekane sa Abrahama
Selekane sa molao
Selekane sa ’Muso sa Davida
Peō ea pele
Peō ea bobeli
Mahlohonolo a ka mehla
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Hore Molimo o sebetse morero oa oona molemong oa batho, o ile oa etsa selekane le Abrahama ea tšepahalang