Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • O Matlafatsoa ke Lenģosa le Tsoang ho Molimo
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
    • 10 Daniele o ile a bona pono e hlollang hakaakang! Ho totobetse hore ha a phahamisa mahlo, ha aa ka a bona motho feela tjee. Daniele o ile a fana ka tlhaloso ena e hlakileng: “’Mele oa hae o ne o le joaloka krysolite, ’me sefahleho sa hae se le joaloka ponahalo ea lehalima, ’me mahlo a hae a le joaloka lirumula tsa mollo, ’me matsoho a hae le sebaka sa maoto a hae li ne li le joaloka ponahalo ea koporo e bentšitsoeng, ’me molumo oa mantsoe a hae o ne o le joaloka molumo oa bongata.”—Daniele 10:6.

  • O Matlafatsoa ke Lenģosa le Tsoang ho Molimo
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
    • 13 Daniele o ile a tšosoa hape ke ponahalo ea lenģosa lena—ho khanya ho fahlang ha ’mele oa lona o kang lehakoe, ho phatsima ho foufatsang ha sefahleho sa lona se benyang, matla a phunyelletsang a mahlo a lona a kang mollo le ho benya ha matsoho le maoto a lona a matla. Esita le lentsoe la lona le laelang le ne le tšosa. Sena sohle se bontša hore le ne le e-na le matla a phahametseng a motho. ‘Monna enoa ea apereng line,’ e ne e le lengeloi la boemo bo phahameng, le sebeletsang sebakeng se halalelang seo Jehova a leng teng ho sona, moo a neng a e-tsoa teng ka molaetsa.a

  • O Matlafatsoa ke Lenģosa le Tsoang ho Molimo
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
    • a Le hoja lengeloi lena le sa boleloa ka lebitso, ho bonahala hore ke lona leo lentsoe la lona le ileng la utloahala ha le laela Gabriele hore a thuse Daniele ka pono eo a neng a sa tsoa e bona. (Bapisa Daniele 8:2, 15, 16 le 12:7, 8.) Ho feta moo, Daniele 10:13 e bontša hore Mikaele, “e mong oa likhosana tse ka pele-pele,” o ile a tla ho tla thusa lengeloi lena. Kahoo, e tlameha ebe lengeloi lena le sa boleloang ka lebitso le na le tokelo ea ho sebetsa haufi-ufi le Gabriele le Mikaele.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela