Khaolo ea Leshome le Metso e ’Meli
O Matlafatsoa ke Lenģosa le Tsoang ho Molimo
1. Daniele o ile a hlohonolofatsoa joang ka lebaka la ho ba le thahasello e matla ho phethahaleng ha morero oa Jehova?
THAHASELLO ea Daniele e matla ho phethahaleng ha morero oa Jehova e ile ea putsoa haholo. O ile a fuoa boprofeta bo susumetsang ba libeke tse 70 bo mabapi le nako ea ho hlaha ha Mesia. Daniele o ile a boela a hlohonolofatsoa ka ho bona masala a tšepahalang a sechaba sa habo a khutlela naheng ea habo ’ona. Seo se etsahetse ka 537 B.C.E., ho elella qetellong ea “selemo sa pele sa Cyruse morena oa Persia.”—Esdrase 1:1-4.
2, 3. E ka ’na eaba ke hobane’ng ha Daniele a sa ka a khutlela naheng ea Juda le masala a Bajuda?
2 Daniele e ne e se e mong oa ba ileng ba khutlela naheng ea Juda. O ne a ka ’na a thatafalloa ke ho nka leeto kaha o ne a se a tsofetse. Leha ho le joalo, Molimo o ne a sa ntsane a hopotse ho mo fa mosebetsi o eketsehileng Babylona. Ho ile ha feta lilemo tse peli. Joale, tlaleho ea re bolella: “Ka selemo sa boraro sa Cyruse morena oa Persia ho ile ha e-ba le taba e ileng ea senoleloa Daniele, eo lebitso la hae e neng e le Belteshazare; ’me taba e ne e le ’nete, ’me ho ne ho e-na le tšebeletso e khōlō ea sesole. O ile a utloisisa taba, eaba o utloisisa ntho e bonoeng.”—Daniele 10:1.
3 “Selemo sa boraro sa Cyruse” se ne se tla oela ho 536/535 B.C.E. Ho ne ho fetile lilemo tse ka bang 80 ho tloha ha Daniele a isoa Babylona le bana ba lesika la borena le bacha ba Juda ba malapa a boemo bo phahameng. (Daniele 1:3) Haeba o ne a sa tsoa feta lilemo tse 13 ha a qala ho fihla Babylona, joale o ne a tla be a e-na le lilemo tse isang ho 100. O ne a e-na le tlaleho e babatsehang hakaakang ea tšebeletso e tšepahalang!
4. Ho sa tsotellehe ho tsofala ha Daniele, ke karolo efe ea bohlokoa eo a neng a sa ntsane a tla e phetha tšebeletsong ea Jehova?
4 Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe botsofali ba hae, karolo ea Daniele tšebeletsong ea Jehova e ne e sa ntsane e tsoela pele. Ka eena, Molimo o ne a sa ntsane a tla phatlalatsa molaetsa oa boprofeta oa bohlokoa bo pharaletseng. E ne e le boprofeta bo neng bo tla sebetsa ho tla fihlela nakong ea rōna le ka nģ’ane ho eona. Ho lokisetsa Daniele mosebetsi ona o eketsehileng, Jehova o ile a bona ho loketse hore a mo thuse, e le hore a mo matlafaletse mosebetsi o tlang.
LEBAKA LA HO TŠOENYEHA
5. Ke litlaleho life tseo e ka ’nang eaba li ne li bakela Daniele ho tšoenyeha?
5 Le hoja Daniele a sa ka a khutlela naheng ea Juda le masala a Bajuda, o ne a thahasella ka matla se neng se etsahala koana naheng ea habo e ratoang. Ka litlaleho tse ileng tsa fihla ho eena, Daniele o ile a ithuta hore litaba ha li tsamaee hantle. Aletare e ne e tsositsoe le motheo oa tempele o ne o raliloe Jerusalema. (Esdrase, khaolo ea 3) Empa lichaba tsa boahisani li ne li hanyetsa mosebetsi oa ho tsosolosa, ’me li ne li rera ho tšoenya Bajuda ba khutlileng. (Esdrase 4:1-5) Ka sebele, ho ne ho ka ba bonolo hore Daniele a tšoenyehe ka lintho tse ngata.
6. Ke hobane’ng ha Daniele a ne a tšoenngoa ke maemo a neng a le Jerusalema?
6 Daniele o ne a e-na le tsebo e ntle ea boprofeta ba Jeremia. (Daniele 9:2) O ne a tseba hore ho tsosoa ha tempele Jerusalema le ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete teng ho ne ho amana haufi-ufi le morero oa Jehova mabapi le batho ba Hae le hore sena sohle se ne se tla etella pele ho hlaha ha Mesia ea tšepisitsoeng. Ha e le hantle, Daniele o ne a fuoe tlotla e khōlō ka hore ebe o ne a fumane boprofeta bo tsoang ho Jehova ba “libeke tse mashome a supileng.” Ka bona o ile a utloisisa hore Mesia o ne a tla tla “libeke” tse 69 ka mor’a hore ho tsoe lentsoe le reng Jerusalema e tsosoe ’me e hahuoe bocha. (Daniele 9:24-27) Leha ho le joalo, ka lebaka la boemo ba ho senyeha ha Jerusalema le ho lieha ho haha tempele, ho bonolo ho bona hore na ke hobane’ng ha Daniele a ne a ka nyahama, a tepella le ho khathala matla.
7. Daniele o ile a etsa’ng ka libeke tse tharo?
7 Tlaleho e re: “Matsatsing ao ’na, Daniele, ke ne ke siame ka libeke tse tharo tse tletseng. Ha kea ka ka ja bohobe bo monate, ’me ha ho nama kapa veine tse ileng tsa kena ka hanong la ka, ’me ho hang ha kea ka ka itlotsa ho fihlela libeke tse tharo tse tletseng li phetheha.” (Daniele 10:2, 3) “Libeke tse tharo tse tletseng,” kapa matsatsi a 21, tsa ho siama le ho itima lijo e ne e le nako e telele ka mokhoa o sa tloaelehang. Ho bonahala eka li ile tsa fela “ka letsatsi la mashome a mabeli a metso e mene la khoeli ea pele.” (Daniele 10:4) Kahoo, nako ea ho itima lijo ha Daniele e ne e akarelletsa Paseka, e neng e ketekoa ka letsatsi la bo14 la khoeli ea pele, e leng Nisane, le mokete o latelang oa matsatsi a supileng oa bohobe bo sa lomosoang.
8. Ke ketsahalong efe ea pejana moo Daniele a neng a ile a batla tataiso ea Jehova ka tieo, ’me phello e ne e ile ea e-ba efe?
8 Daniele o ne a ile a ba le phihlelo e tšoanang ketsahalong ea pejana. Ka nako eo, o ne a qakehile ka phethahatso ea boprofeta ba Jehova mabapi le ho etsoa lesupi ha Jerusalema ka lilemo tse 70. Joale Daniele o ile a etsa joang? O re: “Ka lebisa sefahleho sa ka ho Jehova Molimo oa ’nete, e le hore ke mo batle ka thapelo le ka likōpo tse tiileng, ka ho itima lijo le ka ho apara lesela la mokotla le ka ho lula moloreng.” Jehova o ile a araba thapelo ea Daniele ka ho romela lengeloi Gabriele ho eena ka molaetsa o ileng oa mo khothatsa haholo. (Daniele 9:3, 21, 22) Na joale Jehova o ne a tla etsa ka tsela e tšoanang ebe o fa Daniele khothatso eo a neng a e hloka ka matla?
PONO E TŠOSANG
9, 10. (a) Daniele o ne a le hokae ha a tleloa ke pono? (b) Hlalosa seo Daniele a ileng a se bona ponong.
9 Daniele ha aa soetseha. O tsoela pele ho re bolella se etsahalang ka mor’a moo, o re: “Ha ke ntse ke le lebōpong la nōka e khōlō, ke hore, Hidekele, ke ile ka boela ka phahamisa mahlo le ho talima, ’me ho ne ho e-na le monna ea itseng ea apereng line, a itlamile letheka ka khauta ea Ufaze.” (Daniele 10:4, 5) Hidekele e ne e le e ’ngoe ea linōka tse ’nè tseo mohloli oa tsona o neng o le tšimong ea Edene. (Genese 2:10-14) Ka Sepersia sa Khale, Hidekele e ne e tsejoa e le Tigra, eo ho eona ho ileng ha hlaha lebitso la Segerike Tigris. Sebaka se pakeng tsa eona le Eufrate se ile sa bitsoa Mesopotamia, e bolelang “Naha e Pakeng tsa Linōka.” Sena se tiisa hore ha Daniele a fumana pono ena, o ne a sa ntsane a le naheng ea Babylonia, le hoja mohlomong a ne a se motseng oa Babylona.
10 Daniele o ile a bona pono e hlollang hakaakang! Ho totobetse hore ha a phahamisa mahlo, ha aa ka a bona motho feela tjee. Daniele o ile a fana ka tlhaloso ena e hlakileng: “’Mele oa hae o ne o le joaloka krysolite, ’me sefahleho sa hae se le joaloka ponahalo ea lehalima, ’me mahlo a hae a le joaloka lirumula tsa mollo, ’me matsoho a hae le sebaka sa maoto a hae li ne li le joaloka ponahalo ea koporo e bentšitsoeng, ’me molumo oa mantsoe a hae o ne o le joaloka molumo oa bongata.”—Daniele 10:6.
11. Pono ee e bile le phello efe ho Daniele le banna bao a neng a e-na le bona?
11 Ho sa tsotellehe ho phatsima ha pono ena, Daniele o ile a re: “Banna ba neng ba e-na le ’na, ha baa ka ba bona ponahalo eo.” Ka lebaka le leng le sa hlalosoang, “ba ile ba oeloa ke ho thothomela ho hoholo, hoo ba ileng ba baleha ho ea ipata.” Kahoo, Daniele o ile a sala a le mong lebōpong la nōka. Pontšo ea “ponahalo ena e khōlō” e ne e le e hlollang hoo a ileng a lumela: “Ho ne ho se matla a setseng ho ’na, ’me ho hlompheha ha ka ha fetoha tšenyeho ho ’na, ’me ha kea ka ka lula ke e-na le matla.”—Daniele 10:7, 8.
12, 13. Ke eng se bontšoang mabapi le lenģosa ka (a) liaparo tsa lona? (b) ponahalo ea lona?
12 A re ke re shebisiseng lenģosa lena le sa tloaelehang le ileng la tšosa Daniele hakana. Le ne le ‘apere line, le itlamile letheka ka khauta ea Ufaze.’ Iseraele ea boholo-holo, senyepa, efoda le setsiba sa sefuba tsa moprista ea phahameng, hammoho le liaparo tse telele tsa ka holimo tsa baprista ba bang, li ne li entsoe ka line e ntle e tšophiloeng ’me li khabisitsoe ka khauta. (Exoda 28:4-8; 39:27-29) Kahoo, moaparo oa lenģosa lena o bontša khalalelo le seriti sa ho ba le matla a ho laela.
13 Daniele o ile a tšosoa hape ke ponahalo ea lenģosa lena—ho khanya ho fahlang ha ’mele oa lona o kang lehakoe, ho phatsima ho foufatsang ha sefahleho sa lona se benyang, matla a phunyelletsang a mahlo a lona a kang mollo le ho benya ha matsoho le maoto a lona a matla. Esita le lentsoe la lona le laelang le ne le tšosa. Sena sohle se bontša hore le ne le e-na le matla a phahametseng a motho. ‘Monna enoa ea apereng line,’ e ne e le lengeloi la boemo bo phahameng, le sebeletsang sebakeng se halalelang seo Jehova a leng teng ho sona, moo a neng a e-tsoa teng ka molaetsa.a
HO MATLAFATSOA “MONNA EA KHAHLEHANG HAHOLO”
14. Daniele o ne a hloka thuso efe e le hore a amohele molaetsa oa lengeloi?
14 Molaetsa oo lengeloi la Jehova le neng le o tliselitse Daniele o ne o le matla o bile o rarahane. Pele Daniele a ka o amohela, ho ne ho hlokahala hore a hlaphoheloe matšoenyehong a hae a ’mele le a kelello. Ho bonahala hore ha lengeloi lena le hlokomela sena, le ile la thusa Daniele ka lerato le ho mo khothatsa. A re tsamaisaneng le Daniele ha a pheta se ileng sa etsahala.
15. Lengeloi le ile la etsa’ng ho thusa Daniele?
15 “Ha ke ntse ke utloa molumo oa mantsoe a hae, le ’na ke ne ke khalehile ke oele ka sefahleho, sefahleho sa ka se shebile fatše.” Mohlomong Daniele o ne a thotofalitsoe ke ho tšoha le ho tšoenyeha. Lengeloi le ile la etsa joang ho mo thusa? Daniele o re: “Bonang! ho bile le letsoho le ileng la nkama, ’me butle-butle la ntsosa hore ke khumame ka mangole ’me ke itšoareletse ka liatla.” Ho phaella moo, lengeloi le ile la khothatsa moprofeta ka mantsoe ana: “Uena Daniele, monna ea khahlehang haholo, utloisisa mantsoe ao ke a buang ho uena, ’me u eme moo u neng u eme teng, etsoe joale ke rometsoe ho uena.” Letsoho le thusang le mantsoe a tšelisang li ile tsa hlasimolla Daniele. Le hoja a ne a “thothomela,” o ile a fela a “ema.”—Daniele 10:9-11.
16. (a) Ho ka bonoa joang hore Jehova o arabela lithapelo tsa bahlanka ba hae kapele? (b) Ke hobane’ng ha lengeloi le ile la lieha ho ea thusa Daniele? (Akarelletsa lebokose.) (c) Lengeloi le ne le tliselitse Daniele molaetsa ofe?
16 Lengeloi le ile la bontša hore le ne le tlile ka ho khetheha ho tla matlafatsa Daniele. Lengeloi le ile la re: “U se ke ua tšoha, Uena Daniele, etsoe ho tloha letsatsing la pele leo u fileng pelo ea hao kutloisiso ka lona le ho ikokobetsa ka pel’a Molimo oa hao mantsoe a hao a utloiloe, ’me ke tlile ka lebaka la mantsoe a hao.” Joale lengeloi la hlalosa hore na tieho e ne e bakiloe ke eng. Le ile la re: “Empa khosana ea sebaka se pusong ea borena sa Persia e ne e eme ho nkhanyetsa ka matsatsi a mashome a mabeli a motso o mong, ’me, bonang! Mikaele, e mong oa likhosana tse ka pele-pele, o ile a tla ho tla nthusa; ’me ke ile ka sala moo ka thōko ho marena a Persia.” Ka thuso ea Mikaele, lengeloi lena le ile la finyella thōmo ea lona, la tla ho Daniele ka molaetsa ona o potlakileng ka ho fetisisa: “Ke tlile ho tla etsa hore u lemohe se tla hlahela sechaba sa heno karolong e qetellang ea matsatsi, hobane ke pono ea matsatsi a sa ntseng a tla tla.”—Daniele 10:12-14.
17, 18. Daniele o ile a thusoa joang ka lekhetlo la bobeli, ’me seo se ile sa mo nolofalletsa ho etsa’ng?
17 Ho e-na le hore Daniele a hlasimolloe ke ho lebella ho amohela molaetsa o hlollang joalo, ho bonahala hore lintho tseo a ileng a li utloa li ile tsa mo ama ka mokhoa osele. Tlaleho ena e re: “Joale ha a buile le ’na mantsoe a kang ana, ke ne ke shebisitse sefahleho fatše ’me ke sa khone ho bua.” Empa lengeloi la lenģosa le ne le loketse ho fana ka thuso e lerato—ka lekhetlo la bobeli. Daniele o ile a re: “Bonang! e mong ea tšoanang le bara ba moloko oa batho o ne a nkama molomo, ’me ka qala ho bula molomo le ho bua.”b—Daniele 10:15, 16a.
18 Daniele o ile a matlafala ha lengeloi le mo ama molomo. (Bapisa le Esaia 6:7.) Ha matla a Daniele a ho bua a se a khutlile, o ile a tseba ho hlalosetsa lengeloi la lenģosa bothata boo a neng a bo mameletse. Daniele o ile a re: “Moren’a ka, ka lebaka la ponahalo eo ke ile ka tsitsipana ka tšohanyetso, ’me ha kea ka ka lula ke e-na le matla leha e le afe. Kahoo mohlanka oa enoa moren’a ka o khonne joang ho bua le enoa moren’a ka? ’Me ha e le ’na, ho fihlela joale ha ho matla a ’nileng a lula ka ho ’na, ’me ho hang ha ho phefumoloho e ileng ea sala ho ’na.”—Daniele 10:16b, 17.
19. Daniele o ile a thusoa joang ka lekhetlo la boraro, ’me e le ka phello efe?
19 Daniele o ne a sa belaele ka letho kapa hona ho ikemela. O ne a mpa a bolela bothata ba hae, ’me lengeloi le ile la utloisisa polelo ea hae. Kahoo, Daniele o ile a thusoa ke lengeloi lena la lenģosa ka lekhetlo la boraro. Moprofeta enoa o ile a re: “Ea nang le ponahalo e kang ea motho oa lefatše [a] boela a nkama le ho ’matlafatsa.” Ka mor’a ho mo ama ka mokhoa oo o hlasimollang, lenģosa lena le ile la bua mantsoe ana a tšelisang: “U se ke ua tšoha, Uena monna ea khahlehang haholo. E se eka u ka ba le khotso. E-ba matla, e, e-ba matla.” Ho bonahala hore ho angoa ka lerato joalo le mantsoe ao a hahang e bile tsona lintho tseo Daniele a neng a hlile a li hloka. Ka phello efe? Daniele o ile a re: “Hang ha a bua le ’na ke ile ka ipha matla ’me qetellong ka re: ‘Moren’a ka a ke a bue, hobane u ’matlafalitse.’” Joale Daniele o ne a loketse kabelo ’ngoe e phephetsang.—Daniele 10:18, 19.
20. Ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala boiteko hore lengeloi la lenģosa le phethe kabelo ea lona?
20 Ka mor’a hore lengeloi lena le matlafatse Daniele le ho mo thusa hore a hlaphoheloe kelellong le ’meleng, le ile la boela la pheta morero oa thōmo ea lona. Le ile la re: “Na u hlile ua tseba hore na ke hobane’ng ha ke tlile ho uena? ’Me joale ke tla khutlela ho ea loana le khosana ea Persia. Ha ke tloha, bona! khosana ea Greece le eona ea tla. Leha ho le joalo, ke tla u bolella lintho tse ngotsoeng ka har’a lingoliloeng tsa ’nete, ’me ha ho ea ntšehelitseng ka matla linthong tsena haese Mikaele, khosana ea lōna.”—Daniele 10:20, 21.
21, 22. (a) Ke eng seo re ka ithutang sona phihlelong ea Daniele mabapi le tsela eo Jehova a sebelisanang le bahlanka ba hae ka eona? (b) Joale Daniele o ile a matlafaletsoa eng?
21 Jehova o lerato o bile o nahanela hakaakang! Kamehla o sebelisana le bahlanka ba hae ho latela bokhoni ba bona le likhaello tsa bona. Ka lehlakoreng le leng, o ba fa likabelo ho latela seo a tsebang hore ba ka se finyella, le hoja ka linako tse ling ba ka ’na ba ikutloa ka tsela e fapaneng. Ka lehlakoreng le leng, o ikemiselitse ho ba mamela ’me ka mor’a moo a fane ka se hlokahalang ho ba thusa ho phethahatsa likabelo tsa bona. E se eka kamehla re ka etsisa Ntat’a rōna oa leholimo, Jehova, ka hore ka lerato re khothatse le ho matlafatsa barapeli-’moho le rōna.—Baheberu 10:24.
22 Molaetsa o tšelisang oa lengeloi e bile khothatso e khōlō ho Daniele. Ho sa tsotellehe botsofali ba hae, joale Daniele o ile a matlafatsoa le ho lokisetsoa ho amohela le ho tlaleha boprofeta bo eketsehileng bo tsotehang molemong oa rōna.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Le hoja lengeloi lena le sa boleloa ka lebitso, ho bonahala hore ke lona leo lentsoe la lona le ileng la utloahala ha le laela Gabriele hore a thuse Daniele ka pono eo a neng a sa tsoa e bona. (Bapisa Daniele 8:2, 15, 16 le 12:7, 8.) Ho feta moo, Daniele 10:13 e bontša hore Mikaele, “e mong oa likhosana tse ka pele-pele,” o ile a tla ho tla thusa lengeloi lena. Kahoo, e tlameha ebe lengeloi lena le sa boleloang ka lebitso le na le tokelo ea ho sebetsa haufi-ufi le Gabriele le Mikaele.
b Le hoja e ka ’na eaba lona lengeloi le neng le bua le Daniele le ile la mo ama molomo le ho mo tsosa, mantsoe a sebelisitsoeng mona a siea monyetla oa hore mohlomong sena se ile sa etsoa ke lengeloi le leng, leo e ka ’nang eaba e ne e le Gabriele. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Daniele o ile a matlafatsoa ke lengeloi la lenģosa.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Ke hobane’ng ha lengeloi la Jehova le ile la lieha ho tla thusa Daniele ka 536/535 B.C.E.?
• Liaparo le ponahalo tsa lengeloi la Molimo la lenģosa li ne li bontša eng ka lona?
• Daniele o ne a hloka thuso ea mofuta ofe, ’me lengeloi le ile la fana ka eona joang ka makhetlo a mararo?
• Lengeloi le ne le tliselitse Daniele molaetsa ofe?
[Lebokose le leqepheng la 204, 205]
Na ke Mangeloi a Bahlokomeli Kapa Babusi ba Bademona?
RE KA ithuta ho hongata ho seo buka ea Daniele e se buang ka mangeloi. E re bolella ka karolo ea mangeloi ho phethahatseng lentsoe la Jehova le boiteko boo a bo etsang ho phethahatsa likabelo tsa ’ona.
Lengeloi la Molimo le ile la bolela hore ha le le tseleng le il’o bua le Daniele, le ile la thibeloa ke “khosana ea sebaka se pusong ea borena sa Persia.” Ka mor’a ho loana le eona ka matsatsi a 21, lengeloi la lenģosa le ile la tsoela pele feela ka thuso ea “Mikaele, e mong oa likhosana tse ka pele-pele.” Lengeloi le ile la boela la bolela hore le ne le tla lokela ho loana hape le sera seo ’me mohlomong le “khosana ea Greece.” (Daniele 10:13, 20) E ne e se mosebetsi o bonolo, esita le bakeng sa lengeloi! Leha ho le joalo, likhosana tsee tsa Persia le Greece e ne e le bo-mang?
Pele ho tsohle, re hlokomela hore Mikaele o ne a bitsoa “e mong oa likhosana tse ka pele-pele” le “khosana ea lōna.” Hamorao, Mikaele o ile a bitsoa “khosana e khōlō e emeng molemong oa bara ba sechaba sa [habo Daniele].” (Daniele 10:21; 12:1) Sena se supa hore Mikaele ke lengeloi leo Jehova a neng a le abetse hore le tsamaise Baiseraele lefeelleng.—Exoda 23:20-23; 32:34; 33:2.
Se tšehetsang qeto ena ke polelo ea morutuoa Jude e reng, “Mikaele lengeloi le ka sehloohong [o ile a ba] le phapang le Diabolose ’me a pheha khang ka setopo sa Moshe.” (Jude 9) Boemo, bonatla le matla a ho laela tsa Mikaele, kannete li ile tsa mo etsa “lengeloi le ka sehloohong,” e leng ho bolelang “lengeloi le leholo” kapa “hlooho ea mangeloi.” Ke ho loketseng ka ho fetisisa hore ebe boemo bona bo phahameng bo ke ke ba sebelisetsoa mang kapa mang ntle ho Jesu Kreste, Mora oa Molimo, pele a phela lefatšeng le ka mor’a moo.—1 Bathesalonika 4:16; Tšenolo 12:7-9.
Na see se bolela hore Jehova o ile a boela a khetha mangeloi hore a okamele lichaba tse kang Persia le Greece e le hore a li tataise litabeng tsa tsona? Ha e le hantle, Jesu Kreste, Mora oa Molimo, o ile a bua phatlalatsa, a re: “’Musi oa lefatše . . . ha ho moo a ntšoarang teng.” Jesu o ile a boela a re: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena . . . ’muso oa ka ha o tsoe mohloling ona.” (Johanne 14:30; 18:36) Moapostola Johanne o ile a phatlalatsa hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Ho hlakile hore ha ho mohla lichaba tsa lefatše li kileng tsa e-ba tlas’a tataiso kapa puso ea Molimo kapa Kreste ’me ho ntse ho le joalo. Ha Jehova a ntse a lumelletse “ba phahameng ba nang le matla a ho laela” hore ba be teng le hore ba tsoele pele ho laola litaba tsa puso tsa lefatše, ha aa ba khethela mangeloi a ba okametseng. (Baroma 13:1-7) “Likhosana” kapa “babusi” leha e le bafe ba ba okametseng ba ka behoa feela ke “’musi oa lefatše,” Satane Diabolose. E ne e tla tlameha hore e be babusi ba bademona ho e-na le hore e be mangeloi a bahlokomeli. Ka lebaka leo, ho na le makhotla a sa bonahaleng a bademona kapa “likhosana,” tse susumetsang babusi ba bonahalang, ’me hase batho feela ba amehang likhohlanong tsa lichaba.
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 199]
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 207]