Khaolo ea Borobong
Ke Mang ea Tla Busa Lefatše?
1-3. Hlalosa toro le lipono tseo Daniele a bileng le tsona ka selemo sa pele sa puso ea Belshazare.
JOALE pono e thahasellisang ea Daniele e re khutlisetsa selemong sa pele sa Morena Belshazare oa Babylona. Ke khale Daniele e le moholehuoa Babylona, empa ha ho mohla a kileng a thekesela botšepehing ba hae ho Jehova. Ha a le ka holimo ho lilemo tse 70, moprofeta enoa ea tšepahalang o bona “toro le lipono tsa hlooho ea hae a le betheng ea hae.” Lipono tseo li mo tšosa hakaakang!—Daniele 7:1, 15.
2 Daniele oa hooa: “Bonang! meea e mene ea maholimo e ne e fuluha leoatle le leholo. ’Me libata tse ’nè tsa litonanahali li ne li nyoloha leoatleng, se seng le se seng se fapane le tse ling.” Ke libata tse makatsang hakaakang! Sa pele ke tau e nang le mapheo ’me sa bobeli se tšoana le bere. Joale ho hlaha lengau le nang le mapheo a mane le lihlooho tse ’nè! Sebata sa bone se matla a sa tloaelehang se na le meno a maholo a tšepe le linaka tse leshome. Har’a linaka tsa sona tse leshome ho hlaha lenaka “le lenyenyane” le nang le “mahlo a kang mahlo a motho” le “molomo o buang lintho tse khōlō.”—Daniele 7:2-8.
3 Joale lipono tsa Daniele li lebisa tlhokomelo leholimong. Moholo-holo oa Matsatsi o lutse ka mokhoa o khanyang teroneng e le Moahloli Lekhotleng la leholimo. ‘Ho na le ba likete tse sekete ba ntseng ba mo sebeletsa, le ba likete tse leshome tse iphetileng ka makhetlo a likete tse leshome ba ntseng ba eme ka pel’a hae.’ Ha a ahlola libata tsena haboima, o li amoha bobusi ’me o timetsa sebata sa bone. Bobusi ba ka ho sa feleng holim’a “batho, lichaba le lipuo” bo nehoa “e mong ea joaloka mora oa motho.”—Daniele 7:9-14.
4. (a) Daniele o ile a batla boitsebiso bo tšepahalang ho mang? (b) Ke hobane’ng ha seo Daniele a ileng a se bona le ho se utloa bosiung boo e le sa bohlokoa ho rōna?
4 Daniele o re: “Ha e le ’na, Daniele, moea oa ka o ne o le mahlomoleng ka hare ka lebaka la sona, ’me lipono tsa hlooho ea ka tsa qala ho ntšosa.” Ka lebaka leo, o batla “boitsebiso bo tšepahalang ka sena sohle” ho lengeloi. Lengeloi leo le hlile le mo fa “tlhaloso ea litaba.” (Daniele 7:15-28) Re na le thahasello e khōlō ho seo Daniele a ileng a se bona le ho se utloa bosiung boo, hobane se ile sa lokolisa liketsahalo tsa lefatše tse tlang tse kenellang nakong ea rōna, ha “e mong ea joaloka mora oa motho” a nehoa bobusi holim’a “batho, lichaba le lipuo.” Ka thuso ea Lentsoe la Molimo le moea oa hae, le rōna re ka utloisisa se boleloang ke lipono tsena tsa boprofeta.a
LIBATA TSE ’NÈ LI NYOLOHA LEOATLENG
5. Leoatle le fuluhuoang ke moea le tšoantšetsa eng?
5 Daniele o itse: “Libata tse ’nè tsa litonanahali li ne li nyoloha leoatleng.” (Daniele 7:3) Ke eng se neng se tšoantšetsoa ke leoatle le fuluhuoang ke moea? Lilemo hamorao, moapostola Johanne o ile a bona sebata se lihlooho li supileng se nyoloha “leoatleng.” Leoatle leo le ne le tšoantšetsa “lihlopha tsa batho le matšoele le lichaba le maleme”—boieane ba batho ba hlobohaneng le Molimo. Kahoo, leoatle ke tšoantšetso e loketseng ea matšoele a batho ba ikarohantseng le Molimo.—Tšenolo 13:1, 2; 17:15; Esaia 57:20.
6. Libata tse ’nè li tšoantšetsa eng?
6 Lengeloi la Molimo le ile la re: “Ha e le libata tsena tsa litonanahali, kahobane li le ’nè, ho na le marena a mane a tla ema a tsoa lefatšeng.” (Daniele 7:17) Ka ho hlakileng, lengeloi le ile la tsebahatsa libata tse ’nè tseo Daniele a li boneng e le “marena a mane.” Kahoo libata tsena li emela mebuso ea lefatše. Empa e le mebuso efe?
7. (a) Bahlalosi ba itseng ba Bibele ba re’ng ka toro-pono ea Daniele ea libata tse ’nè le toro ea Morena Nebukadnezare ea setšoantšo se seholohali? (b) Karolo ka ’ngoe likarolong tse ’nè tsa tšepe tsa setšoantšo e tšoantšetsa eng?
7 Bahlalosi ba Bibele ba tloaetse ho amahanya toro-pono ea Daniele ea libata tse ’nè le toro ea Nebukadnezare ea setšoantšo se seholohali. Ka mohlala, The Expositor’s Bible Commentary e re: “Khaolo ea 7 [ea Daniele] e tšoana le khaolo ea 2.” The Wycliffe Bible Commentary e re: “Ho na le tumellano e akaretsang ea hore ho hlahlamana ha mebuso e mene ea Balichaba . . . mona [ho Daniele khaolo ea 7] ho tšoana le ho tšohloang ho [Daniele] khaolo ea 2.” Mebuso e mene ea lefatše e tšoantšelitsoeng ka mefuta e mene ea tšepe torong ea Nebukadnezare e ne e le ’Muso oa Babylona (hlooho ea khauta), Medo-Persia (sefuba le matsoho tsa silevera), Greece (mpa le lirope tsa koporo) le ’Muso oa Roma (maoto a tšepe).b (Daniele 2:32, 33) A re boneng hore na mebuso ena e lumellana joang le libata tse ’nè tsa litonanahali tseo Daniele a ileng a li bona.
SE MEHARO JOALOKA TAU, SE POTLAKA JOALOKA NTSU
8. (a) Daniele o hlalositse sebata sa pele joang? (b) Sebata sa pele se ne se tšoantšetsa ’muso ofe, ’me o ile oa itšoara joaloka tau joang?
8 Daniele o ile a bona libata tse makatsang hakaakang! Ha a hlalosa se seng o itse: “Sa pele se ne se tšoana le tau, ’me se ne se e-na le mapheo a ntsu. Ka ’na ka ho talima ho fihlela mapheo a sona a hlothiloe, ’me se ile sa phahamisoa lefatšeng eaba se emisoa ka maoto a mabeli feela joaloka motho, ’me sa fuoa pelo ea motho.” (Daniele 7:4) Sebata sena se ne se tšoantšetsa bobusi bo tšoanang le bo neng bo tšoantšetsoa ke hlooho ea khauta setšoantšong se seholohali, e leng ’Muso oa Lefatše oa Babylona (607-539 B.C.E.). Joaloka “tau” e lallang, Babylona e ile ea harola lichaba ka bohale, ho akarelletsa le batho ba Molimo. (Jeremia 4:5-7; 50:17) Joalokaha eka e ne e le ka mapheo a ntsu, “tau” ena e ile ea khorohela ho ea hapa ka mabifi.—Lillo tsa Jeremia 4:19; Habakuke 1:6-8.
9. Sebata se kang tau se ile sa hlaheloa ke liphetoho life, ’me li ile tsa se ama joang?
9 Ka mor’a nako, tau ena e makatsang e mapheo e ile ea ‘hlothoa’ mapheo. Pelenyana ho ho fela ha puso ea Morena Belshazare, Babylona e ile ea felloa ke lebelo la eona la ho hapa le bophahamo ba eona bo kang ba tau holim’a lichaba. E ne e se lebelo ho feta motho. Ha e fumana “pelo ea motho,” e ile ea fokola. Ha Babylona e se e se na “pelo ea tau,” e ne e se e ke ke ea hlola e itšoara joaloka morena “har’a liphoofolo tsa moru.” (Bapisa le 2 Samuele 17:10; Mikea 5:8.) Sebata se seng se seholohali se ile sa e hlōla.
SE MEHARO JOALOKA BERE
10. “Bere” e ne e tšoantšetsa lesika lefe la babusi?
10 Daniele o ile a re: “Bonang! sebata se seng, sa bobeli, sona se ne se tšoana le bere. Se ne se phahame ka lehlakoreng le leng, ’me ho ne ho e-na le likhopo tse tharo molomong oa sona pakeng tsa meno a sona; ’me sena ke seo ba neng ba se bolella sona, ‘Tsoha, u je nama e ngata.’” (Daniele 7:5) Morena ea neng a tšoantšetsoa ke “bere” e ne e ntse e le eena ea neng a tšoantšetsoa ke sefuba le matsoho tsa silevera setšoantšong se seholohali—e leng lesika la babusi ba Medo-Persia (539-331 B.C.E.) le qalileng ka Dariase oa Momede le Cyruse e Moholo ’me la qetella ka Dariase III.
11. Ho phahama ha bere ea tšoantšetso ka lehlakoreng le leng le ho ba ha eona le likhopo tse tharo ka hanong ho ne ho bolela eng?
11 Bere ena ea tšoantšetso e ne e “phahame ka lehlakoreng le leng,” mohlomong e le hore e lokele ho hlasela le ho hapa lichaba ’me kahoo e ntšetse pele puso ea lefatše. Kapa mohlomong boemo bona bo ne bo reretsoe ho bontša hore lesika la babusi ba Persia le ne le tla phahamela Dariase eo e neng e le eena feela morena oa Media. E ka ’na eaba likhopo tse tharo tse pakeng tsa meno a bere ena li bolela litsela tse tharo tseo e ileng ea tsoa ka tsona ha e futuha ho ea hapa. “Bere” ea Medo-Persia e ile ea leba leboea ho ea hapa Babylona ka 539 B.C.E. Eaba e leba bophirimela e haola le Asia Minor ’me ea kena Thrace. Qetellong, “bere” e ile ea leba boroa ho ea hapa Egepeta. Kaha ka linako tse ling palo ea tharo e tšoantšetsa matla, mohlomong likhopo tse tharo le tsona li hatisa meharo ea ho hapa ea bere ea tšoantšetso.
12. Ho mamela ha bere ea tšoantšetso taelo e reng: “Tsoha, u je nama e ngata” ho ile ha fella ka eng?
12 “Bere” ena e ile ea hlasela lichaba ha e nka khato ka mantsoe a reng: “Tsoha, u je nama e ngata.” Ka ho harola Babylona ho latela thato ea Molimo, Medo-Persia e ne e le boemong ba ho etsetsa batho ba Jehova mosebetsi oa bohlokoa. ’Me e ile ea fela ea o etsa! (Bona sehlooho se reng, “Morena ea sa Kheseng ba Bang,” leqepheng la 149.) Ka Cyruse e Moholo, Dariase I (Dariase e Moholo) le Artaxerxese I, Medo-Persia e ile ea lokolla baholehuoa ba Babylona ba Bajuda ’me ea ba thusa ho tsosa tempele ea Jehova le ho lokisa marako a Jerusalema. Qetellong, Medo-Persia e ile ea busa liprofinse tse 127, ’me monna oa Mofumahali Esthere, Assueruse (Xerxes I), e ne e le “morena ho tloha India ho ea fihla Ethiopia.” (Esthere 1:1) Leha ho le joalo, ho phahama ha sebata se seng ho ne ho le haufi.
SE LEBELO JOALOKA LENGAU LE NANG LE MAPHEO!
13. (a) Sebata sa boraro se ne se tšoantšetsa eng? (b) Ho ka thoe’ng ka lebelo la sebata sa boraro le ’muso oa sona?
13 Sebata sa boraro se ne ‘se tšoana le lengau, empa se ne se e-na le mapheo a mane a sebōpuoa se fofang mokokotlong oa sona. ’Me sebata seo se ne se e-na le lihlooho tse ’nè, eaba se fuoa bobusi ka sebele.’ (Daniele 7:6) Joaloka mpa le lirope tsa koporo tsa setšoantšo sa torong ea Nebukadnezare tse neng li bolela ntho e le ’ngoe le lona, lengau lena le nang le mapheo a mane, le lihlooho tse ’nè le ne le tšoantšetsa lesika la babusi ba Macedonia kapa Greece ho qala ka Alexandere e Moholo. Ka bobebe le ka lebelo le kang la lengau, Alexandere o ile a haola Asia Minor, a ea ka boroa ’me a kena Egepeta a ba a leba moeling o ka bophirimela oa India. (Bapisa le Habakuke 1:8.) ’Muso oo a neng a o busa o ne o le moholo ho feta o neng o busoa ke “bere” hobane o ne o akarelletsa Macedonia, Greece le ’Muso oa Persia.—Bona sehlooho se reng, “Morena e Monyenyane o Hapa Lefatše,” leqepheng la 153.
14. “Lengau” le bile le lihlooho tse ’nè joang?
14 “Lengau” le ile la e-ba le lihlooho tse ’nè ka mor’a lefu la Alexandere ka 323 B.C.E. Qetellong balaoli ba mabotho a hae ba bane ba ile ba mo hlahlama likarolong tse sa tšoaneng tsa ’muso oa hae. Seleucus o ile a nka Mesopotamia le Syria. Ptolemy a laola Egepeta le Palestina. Lysimachus a busa Asia Minor le Thrace ’me Cassander a fumana Macedonia le Greece. (Bona sehlooho se reng, “’Muso o Moholo oa Aroloa,” leqepheng la 162.) Eaba ho hlaha tšokelo e ncha.
SEBATA SE TŠOSANG SE BONTŠA HORE SE FAPANE LE TSE LING
15. (a) Hlalosa sebata sa bone. (b) Sebata sa bone se ne se tšoantšetsa eng, ’me se ile sa harola le ho robokela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tseleng ea sona joang?
15 Daniele o hlalositse sebata sa bone e le “se tšosang le se tšabehang le se matla ka ho sa tloaelehang.” O ile a tsoela pele, a re: “Se ne se e-na le meno a tšepe, a maholo. Se ne se harola le ho silakanya, ’me ho setseng se ne se ho hatakela ka maoto. E ne e le se fapaneng le libata tse ling tsohle tse bileng teng pele ho sona, ’me se ne se e-na le linaka tse leshome.” (Daniele 7:7) Sebata sena se tšosang se ile sa qala e le ’muso oa Roma oa bopolotiki le sesole. Butle-butle o ile oa hapa likarolo tse ’nè tse busoang ke Bagerike tsa ’Muso oa Greece, ’me ka selemo sa 30 B.C.E., Roma e ne e hlaheletse e le ’muso o latelang oa lefatše oa boprofeta ba Bibele. Ha o hapa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tseleng ea oona ka matla a sesole, ’Muso oa Roma qetellong o ile oa hōla hoo o ileng oa akaretsa sebaka se tlohang British Isles ho theosa le boholo ba Europe, ho ea fihla libakeng tse pota-potileng Mediterranean ho fetela ka nģ’ane ho Babylona ho ea fihla Hloahloeng ea Persia.
16. Lengeloi le ile la fana ka boitsebiso bofe mabapi le sebata sa bone?
16 E le ha a lakatsa ho nepisisa hantle ka sebata sena “se tšosang ka ho sa tloaelehang,” Daniele o ile a mamela ka hloko ha lengeloi le hlalosa: “Ha e le linaka [tsa sona] tse leshome, ’musong oo ho tla hlaha marena a leshome; ’me e mong o sa ntse a tla hlaha ka mor’a ’ona, ’me o tla fapana le a pele, ’me o tla kokobetsa marena a mararo.” (Daniele 7:19, 20, 24) “Linaka tse leshome” tsee, kapa “marena a leshome,” e ne e le eng?
17. “Linaka tse leshome” tsa sebata sa bone li tšoantšetsa eng?
17 Ha Roma e ntse e tsoela pele moruong le ho senyeha haholoanyane ka lebaka la bophelo bo hlephileng ba sehlopha sa babusi ba eona, boemo ba eona e le ’muso oa sesole bo ile ba theoha. Qetellong, ho theoha ha matla a sesole a Roma ho ile ha totobala. ’Muso oo o matla o ile oa qetella o arohane ho ba mebuso e mengata. Kaha Bibele e atisa ho sebelisa palo ea leshome ho bontša phetheho, “linaka tse leshome” tsa sebata sa bone li tšoantšetsa mebuso eohle e hlahisitsoeng ke ho tsekoloha ha Roma.—Bapisa le Deuteronoma 4:13; Luka 15:8; 19:13, 16, 17.
18. Ke joang Roma e ileng ea tsoela pele e busa Europe ka makholo a lilemo ka mor’a ho tlosoa ha moemphera oa eona oa ho qetela?
18 Leha ho le joalo, ’Muso oa Lefatše oa Roma ha oa ka oa fela ha ho tlosoa moemphera oa oona oa ho qetela Roma ka 476 C.E. Ka makholo a mangata a lilemo, Kereke ea Roma e K’hatholike ile ea tsoela pele ho sebelisa matla a puso a bopolotiki, haholo-holo a bolumeli Europe. E ile ea etsa joalo ka puso ea marena, eo ho eona baahi ba bangata ba Europe e neng e le bafo ba morena ba tlas’a morenana. ’Me marena kaofela a ne a ananela matla a ho laela a mopapa. Ka tsela eo, ’Muso o Halalelang oa Roma oo ho oona Kereke ea Roma e K’hatholike e neng e le eona e ka sehloohong, o ile oa laola litaba tsa lefatše ho pholletsa le nako eo e telele ea histori e bitsoang Mehla ea Lefifi.
19. Ho ea ka rahistori e mong, Roma e ne e le joang ha e bapisoa le mebuso ea pele ho eona?
19 Ke mang ea ka latolang hore sebata sa bone se ne se ‘fapane le mebuso e meng kaofela’? (Daniele 7:7, 19, 23) Tabeng ena, rahistori H. G. Wells o ngotse: “’Muso ona o mocha oa Roma . . . ka litsela tse ngata o ne o fapane le ’muso leha e le ofe o moholo o neng o busitse ho tla fihlela ka nako eo lefatšeng le tsoetseng pele. . . . [O] ne o akarelelitse hoo e ka bang batho bohle ba Bagerike lefatšeng, ’me o ne o e-na le baahi ba banyenyane haholo ba Bakama le ba Basema ho feta ’muso leha e le ofe oa pele ho oona . . . Ho tla fihlela ka nako eo e ne e le mohlala o mocha historing . . . ’Muso oa Roma e ne e le lehlomela, lehlomela le lecha le sa kang la reroa; ba sa hlokomela, batho ba Roma ba ile ba iphumana ba tšoarehile ka ho leka mokhoa o moholo haholo oa puso.” Leha ho le joalo, sebata sa bone se ne se tla ba le lehlomela le leng.
LENAKA LE LENYENYANE LE NKA MARAPO
20. Lengeloi le ile la re’ng ka lehlomela la lenaka le lenyenyane le hloohong ea sebata sa bone?
20 Daniele o itse: “Ka ’na ka talima linaka, ’me, bonang! lenaka le leng, le lenyenyane, la hlaha har’a tsona, ’me ho ne ho e-na le linaka tse tharo ho tsa pele tse ileng tsa ntšoa ka pel’a lona.” (Daniele 7:8) Lengeloi le ile la bolella Daniele ka lehlomela lena: “E mong o sa ntse a tla hlaha ka mor’a ’ona [marena a leshome], ’me o tla fapana le a pele, ’me o tla kokobetsa marena a mararo.” (Daniele 7:24) Morena eo ke ofe, o ile a ema neng hona ke marena afe a mararo ao a ileng a a kokobetsa?
21. Ho tlile joang hore Brithani e be lenaka le lenyenyane la tšoantšetso le sebateng sa bone?
21 Nahana ka liphetoho tse latelang. Ka 55 B.C.E., Molaoli Julius Caesar oa Roma o ile a futuhela Britannia empa a hlōleha ho hloma sebaka sa bolulo se tiileng. Ka 43 C.E., Moemphera Claudiase o ile a qala ho hapa karolo e ka boroa ea Brithani ka ho feletseng haholoanyane. Ka 122 C.E., Moemphera Hadrian eena o ile a qala ho haha lerako le tlohang Nōkeng ea Tyne le eang Solway Firth, e le ho tšoaea moeli o ka leboea oa ’Muso oa Roma. Mathoasong a lekholo la bohlano la lilemo, mabotho a Roma a ile a tloha sehlekehlekeng seo. Rahistori e mong o ile a hlalosa: “Lekholong la leshome le metso e tšeletseng la lilemo, Engelane e ne e ile ea e-ba ’muso o tlaase. Leruo la oona le ne le fokola ha le bapisoa le la Netherlands. Baahi ba eona ba ne ba fokola haholo ha ba bapisoa le ba Fora. Sesole sa eona (ho akarelletsa le sa metsing) se ne se le boemong bo tlaase ha se bapisoa le sa Spain.” Ho totobetse hore ka nako eo Brithani e ne e le ’muso oo e seng oa bohlokoa, e le lenaka le lenyenyane la tšoantšetso la sebata sa bone. Empa boemo boo bo ne bo tla fetoha.
22. (a) Linaka tse ling tse tharo tsa sebata sa bone tseo lenaka “le lenyenyane” le ileng la li hlōla ke life? (b) Joale Brithani e ile ea hlaha e le eng?
22 Ka 1588, Philip II oa Spain, o ile a futuhela Brithani ka Likepe tsa Ntoa tsa Spain. Sehlopha sena sa likepe tse 130, se nkileng banna ba fetang 24 000, se ile sa nyolosa le English Channel empa sa hlōloa ke lebotho la Brithani la metsing sa ba sa hlaseloa ke meea le lifefo tse matla tsa Atlantic. Rahistori e mong o ile a re ketsahalo ena “e ile ea tšoaea ntle ho tikatiko hore matla a phahameng a sesole sa metsing a tlohile Spain a fetetse Engelane.” Lekholong la bo17 la lilemo, Madache a ile a haha likepe tse khōlōhali tsa khoebo lefatšeng. Leha ho le joalo, ha likolone li ntse li eketseha mose ho maoatle, Brithani e ile ea phahamela ’muso oo. Lekholong la bo18 la lilemo, Mabrithani le Mafora a ile a loantšana Amerika Leboea le India ’me hona ho ile ha lebisa Selekaneng sa Paris ka 1763. Selekane sena, kamoo sengoli William B. Willcox a boletseng kateng, “se ne se ela hloko boemo bo bocha ba Brithani e le ’muso oa Europe o busang lefatšeng le ka ntle ho Europe.” Bophahamo ba Brithani bo ile ba tiisoa ke hore e hlōle Napoléon oa Fora ka ho feletseng ka 1815 C.E. “Marena a mararo” ao Brithani e ileng ea a “kokobetsa” joalo e ne e le Spain, Netherlands le Fora. (Daniele 7:24) Ka lebaka leo, Brithani e ile ea hlaha e le ’muso oa lefatše o moholohali oa likolone le khoebo. E, lenaka “le lenyenyane” le ile la hōla hore e be ’muso oa lefatše!
23. Ke ka tsela efe lenaka le lenyenyane la tšoantšetso le ileng la “harola lefatše lohle”?
23 Lengeloi le ile la bolella Daniele hore sebata sa bone, kapa ’muso oa bone, se ne se tla “harola lefatše lohle.” (Daniele 7:23) Seo e bile ’nete ka profinse ea Roma e neng e kile ea tsejoa e le Britannia. E ile ea qetella e fetohile ’Muso oa Brithani ’me ‘e ile ea harola lefatše lohle.’ Ka nako e ’ngoe, ’muso ona o ne o nkile karolo ea bone ea lefatše lohle le karolo ea bone ea baahi ba lona.
24. Rahistori e mong o ile a re’ng mabapi le hore e be ’Muso oa Brithani e ne e le o fapaneng le e meng?
24 Joalokaha ’Muso oa Roma o ne o fapane le mebuso ea lefatše e tlileng pele ho oona, morena ea neng a tšoantšetsoa ke lenaka “le lenyenyane” le eena o ne a tla “fapana le a pele.” (Daniele 7:24) Mabapi le ’Muso oa Brithani, rahistori H. G. Wells o ile a ngola: “Ha ho letho la mofuta oo le kileng la e-ba teng. Ntho ea pele le e ka sehloohong tsamaisong ena eohle e ne e le ‘rephabliki e eteletsoeng pele ke morena’ ea Mebuso e Kopaneng ea Brithani . . . Ha ho lekala leha le le leng la ’muso le motho leha e le a le mong ea neng a kile a utloisisa kaheho ea ’Muso oa Brithani ka likarolo tsohle tsa oona. E ne e le motsoako oa mahlomela le makhomeletso ’me o ne o fapane hole le ntho leha e le efe e kileng ea bitsoa ’muso.”
25. (a) Khōlong ea lona ea morao-rao, lenaka le lenyenyane la tšoantšetso le entsoe ka eng? (b) Ke ka kutloisiso efe lenaka “le lenyenyane” le nang le “mahlo a kang mahlo a motho” le “molomo o buang lintho tse khōlō”?
25 Lenaka “le lenyenyane” le ne le sa akarelletse ’Muso oa Brithani feela. Ka 1783, Brithani e ile ea ananela boipuso ba likolone tsa eona tse 13 tsa Amerika. United States of America e ile ea qetella e fetohile mphato oa Brithani, ’me e ile ea tsoa Ntoeng ea II ea Lefatše e le sechaba se matla ho feta tsohle lefatšeng. E ntse e e-na le maqhama a matla le Brithani. ’Muso o likarolo li peli oa lefatše o ileng oa hlaha moo oa Manyesemane le Maamerika ke lona ‘lenaka le nang le mahlo.’ Ka sebele, ’muso ona oa lefatše o seli, o bile o masene! O ‘bua lintho tse khōlō,’ ke oona o supang tsela bakeng sa karolo e khōlō ea lefatše ’me o sebetsa e le ’muelli, kapa “moprofeta oa bohata” oa lona.—Daniele 7:8, 11, 20; Tšenolo 16:13; 19:20.
LENAKA LE LENYENYANE LE HANYETSA MOLIMO LE BAHALALELI BA HAE
26. Ke eng seo lengeloi le ileng la se bolela esale pele ka lipuo le liketso tsa lenaka la tšoantšetso malebana le Jehova le batho ba hae?
26 Daniele o ile a tsoela pele ho hlalosa pono ea hae, a re: “Ka ’na ka talima ha lenaka leo le loantša bahalaleli, ’me le ne le ba hlōla.” (Daniele 7:21) Mabapi le “lenaka” lena, kapa morena enoa, lengeloi la Molimo le ile la bolela esale pele: “O tla bua esita le mantsoe khahlanong le Ea Phahameng ka ho Fetisisa, ’me o tla tsoela pele ho tšoenya bahalaleli ba Ea Holimo-limo. ’Me o tla rera ho fetola linako le molao, ’me ba tla neheloa letsohong la hae ka nako, le linako le halofo ea nako.” (Daniele 7:25) Karolo ee ea boprofeta e ile ea phethahala joang hona neng?
27. (a) “Bahalaleli” ba hlorisoang ke lenaka “le lenyenyane” ke bo-mang? (b) Lenaka la tšoantšetso le ne le ikemiselitse “ho fetola linako le molao” joang?
27 “Bahalaleli” ba hlorisoang ke lenaka “le lenyenyane”—’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika—ke balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng ka moea ba lefatšeng. (Baroma 1:7; 1 Petrose 2:9) Ka lilemo tse ngata pele ho Ntoa ea I ea Lefatše, masala a batlotsuoa bana a ile a lemosa phatlalatsa hore “linako tse behiloeng tsa lichaba” li ne li tla fela ka 1914. (Luka 21:24) Ha ntoa e qhoma selemong seo, ho ne ho totobetse hore lenaka “le lenyenyane” le ne le hlokomolohile temoso ena, hobane le ile la tsitlella ho tšoenya “bahalaleli” ba tlotsitsoeng. ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o bile oa hanyetsa boiteko ba bona ba ho ntšetsa pele seo Jehova a se hlokang (kapa, “molao”) e leng hore lipaki tsa hae li bolele litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng ka bophara. (Matheu 24:14) Kahoo lenaka “le lenyenyane” le ile la leka “ho fetola linako le molao.”
28. “Nako, le linako le halofo ea nako” li telele hakae?
28 Lengeloi la Jehova le ile la bua ka nako ea boprofeta e bolelele ba “nako, le linako le halofo ea nako.” Nako eo e telele hakae? Bahlalosi ba Bibele ka kakaretso ba lumela hore polelo ena e supa linako tse tharo le halofo—kakaretso ea nako e le ’ngoe, linako tse peli, le halofo ea nako. Kaha “linako tse supileng” tsa bohlanya ba Nebukadnezare li ne li lekana le lilemo tse supileng, linako tse tharo le halofo ke lilemo tse tharo le halofo.c (Daniele 4:16, 25) An American Translation e baleha tjena: “O tla ba nehoa ka selemo, lilemo tse peli le halofo ea selemo.” Phetolelo ea James Moffatt e re: “Ka lilemo tse tharo le halofo ea selemo.” Ho buuoa ka nako e tšoanang ho Tšenolo 11:2-7, e bolelang hore lipaki tsa Molimo li ne li tla bolela li apere lesela la mokotla ka likhoeli tse 42, kapa ka matsatsi a 1 260, ebe lia bolaoa. Nako ee e ile ea qala neng ’me ea fela neng?
29. Lilemo tsa boprofeta tse tharo le halofo li ile tsa qala neng hona joang?
29 Bakeng sa Bakreste ba tlotsitsoeng, Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea bolela nako ea ho lekoa. Qetellong ea 1914, ba ne ba lebeletse ho hlorisoa. Ha e le hantle, temana ea selemo e neng e khethetsoe selemo sa 1915 ka boeona e ne e le potso ea Jesu e eang ho barutuoa ba hae, “Na le ka noela senoelong sa ka?” E ne e thehiloe ho Matheu 20:22, King James Version. Kahoo, ho qala ka December 1914, sehlopha seo se senyenyane sa lipaki se ile sa bolela ‘se apere lesela la mokotla.’
30. ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ile oa tšoenya Bakreste ba tlotsitsoeng joang Ntoeng ea I ea Lefatše?
30 Ha moea oa ntoa o tota, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba thulana le khanyetso e hōlang. Ba bang ba bona ba ile ba kenngoa litlamong. Engelane motho ea kang Frank Platt le Canada motho ea kang Robert Clegg, ba ile ba hlokofatsoa ke babusi ba sehlōhō. Ka la 12 February, 1918, ’Muso oa Canada o tlas’a Brithani o ile oa thibela moqolo oa bosupa oa Studies in the Scriptures o neng o sa tsoa hatisoa o nang le sehlooho se reng, The Finished Mystery, hammoho le lipampitšana tse nang le sehlooho se reng, The Bible Students Monthly. Khoeling e latelang, Lekala la Toka la United States le ile la phatlalatsa hore ho ajoa ha moqolo ona oa bosupa ke tlōlo ea molao. Phello e bile efe? Mahae a ile a phenya-phenngoa, lingoliloeng tsa nkoa ka mahahapa, ’me barapeli ba Jehova ba tšoaroa!
31. “Nako, le linako le halofo ea nako” li ile tsa fela neng hona joang?
31 Ho tšoenngoa ha batlotsuoa ba Molimo ho ile ha fihla tlhōrōng ka la 21 June, 1918, ha mopresidente J. F. Rutherford le litho tse ka sehloohong tsa Watch Tower Bible and Tract Society ba ahloleloa nako e telele chankaneng ka liqoso tsa bohata. Le ikemiselitse ho “fetola linako le molao,” lenaka “le lenyenyane” le ne le atlehile ho bolaea mosebetsi o hlophisehileng oa ho bolela. (Tšenolo 11:7) Kahoo, nako e neng e boletsoe esale pele e bolelele ba “nako, le linako le halofo ea nako” e ile ea fela ka June 1918.
32. Ke hobane’ng ha u ka re “bahalaleli” ha baa ka ba felisoa ke lenaka “le lenyenyane”?
32 Empa “bahalaleli” ha baa ka ba felisoa ke ho tšoenngoa ke lenaka “le lenyenyane.” Joalokaha ho profetiloe bukeng ea Tšenolo, ka mor’a nakoana ea ho se etse letho, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba phela ’me ba boela ba e-ba mafolofolo. (Tšenolo 11:11-13) Ka la 26 March, 1919, mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society le bo-mphato ba hae ba ile ba lokolloa chankaneng ’me hamorao ba lokolloa ka ho feletseng liqosong tse khahlanong le bona. Hang-hang ka mor’a moo, masala a tlotsitsoeng a ile a qala ho hlophisa bocha bakeng sa mosebetsi o eketsehileng. Leha ho le joalo, lenaka “le lenyenyane” le ne le tla tleloa ke eng?
LEKHOTLA LA MOHOLO-HOLO OA MATSATSI LEA LULA
33. (a) Moholo-holo oa Matsatsi ke mang? (b) ‘Libuka tse ileng tsa phetloa’ Lekhotleng la leholimo e ne e le life?
33 Ka mor’a ho hlalosa hakhutšoanyane ka libata tseo tse ’nè, Daniele o tlosa mahlo sebateng sa bone o a lebisa ponong e leholimong. O bona Moholo-holo oa Matsatsi a lula e le Moahloli setulong sa hae se khanyang sa borena. Moholo-holo oa Matsatsi ke Jehova Molimo feela. (Pesaleme ea 90:2) Ha Lekhotla la leholimo le lula, Daniele o bona ‘ho phetloa libuka.’ (Daniele 7:9, 10) Kaha esale Jehova a le teng ka nako e fetileng e sa lekanngoeng, o tseba histori eohle ea batho joalokaha eka e ngotsoe bukeng. O bone libata tsohle tse ’nè tsa tšoantšetso ’me a ka li ahlola ho latela tsebo ea paki e boneng ka mahlo.
34, 35. Ho tla etsahala eng ka lenaka “le lenyenyane” le mebuso e meng ea bobatana?
34 Daniele o tsoela pele: “Ka ’na ka talima ka nako eo ka lebaka la molumo oa mantsoe a maholo ao lenaka le neng le a bua; ka ’na ka talima ho fihlela sebata seo se bolailoe ’me setopo sa sona se sentsoe ebile se chesitsoe mollong o tukang. Empa ha e le libata tse ling kaofela, bobusi ba tsona bo ile ba nkoa, ’me bophelo boo li bo filoeng ba lelefatsoa ka nako le ka nako e itseng.” (Daniele 7:11, 12) Lengeloi le re ho Daniele: “Lekhotla la lula, ’me qetellong ba nka bobusi ba hae, e le hore ba mo felise le ho mo timetsa ka ho feletseng.”—Daniele 7:26.
35 Ka taelo ea Moahloli e Moholo, Jehova Molimo, lenaka le ileng la nyefola Molimo ’me la tšoenya “bahalaleli” ba hae le tla hlaheloa ke seo ’Muso oa Roma, o ileng oa hlorisa Bakreste ba pele, o ileng oa hlaheloa ke sona. Bobusi ba lona bo ke ke ba tsoela pele. Esita le ba “marena” a tlaasana a kang lenaka a tsoileng ’Musong oa Roma ha bo na ho tsoela pele. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka mebuso e hlahileng mebusong ea bobatana ea nakong e fetileng? Joalokaha ho boletsoe esale pele, bophelo ba eona bo ile ba lelefatsoa “ka nako le ka nako e itseng.” Libaka tsa eona li ’nile tsa tsoela pele ho ba le baahi ho fihlela mehleng ea rōna. Ka mohlala, Iraq e sebakeng sa Babylona ea boholo-holo. Persia (Iran) le Greece li ntse li le teng. Mesaletsa ea mebuso ena ea lefatše ke karolo ea Machaba a Kopaneng. Mebuso ena le eona e tla timela ha ho felisoa ’muso oa ho qetela oa lefatše. Mebuso eohle ea batho e tla felisoa “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.” (Tšenolo 16:14, 16) Empa, joale, ke mang ea tla busa lefatše?
BOBUSI BA KA HO SA FELENG BO HAUFI!
36, 37. (a) “E mong ea joaloka mora oa motho” ke mang, ’me o ile a hlaha ka Lekhotleng la leholimo neng hona e le ka morero ofe? (b) Ho ile ha hlongoa eng ka 1914 C.E.?
36 Daniele o ile a hooa: “Ka ’na ka talima liponong tsa bosiu, ’me, bonang! e mong ea joaloka mora oa motho o ne a tla ka maru a maholimo; ’me a kena ho Moholo-holo oa Matsatsi, eaba o atametsoa ka pel’a Eo.” (Daniele 7:13) Ha a le lefatšeng, Jesu Kreste o ne a ipitsa “Mora oa motho,” a bontša kamano ea hae le moloko oa batho. (Matheu 16:13; 25:31) Ha a bua le Sanhedrine kapa lekhotla le phahameng la Bajuda, Jesu o ile a re: “Le tla bona Mora oa motho a lutse ka letsohong le letona la matla ’me a tla ka maru a leholimo.” (Matheu 26:64) Kahoo, ponong ea Daniele, ea tlang, ea sa bonahaleng mahlong a batho le ea kenang ka ho Jehova Molimo e ne e le Jesu Kreste ea tsositsoeng, ea khanyang. See se etsahetse neng?
37 Molimo o entse selekane bakeng sa ’Muso le Jesu Kreste, feela joalokaha a ne a entse se seng le Morena Davida. (2 Samuele 7:11-16; Luka 22:28-30) Ha “linako tse behiloeng tsa lichaba” li fela ka 1914 C.E., ho ne ho nepahetse hore Jesu Kreste, e le mojalefa boreneng ba Davida, a amohele puso ea ’Muso. Tlaleho ea Daniele ea boprofeta e baleha tjena: “A fuoa bobusi le ho hlompheha le ’muso, hore batho, lichaba le lipuo kaofela ba mo sebeletse. Bobusi ba hae ke bobusi bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang bo ke keng ba feta, ’me ’muso oa hae ke o ke keng oa senngoa.” (Daniele 7:14) Kahoo ’Muso oa Bomesia o ile oa hlongoa leholimong ka 1914. Leha ho le joalo, ba bang le bona ba fuoa bobusi.
38, 39. Ke bo-mang ba tla fumana bobusi bo sa feleng holim’a lefatše?
38 Lengeloi le ile la re: “Bahalaleli ba Ea Holimo-limo ba tla amohela ’muso.” (Daniele 7:18, 22, 27) Jesu Kreste ke eena mohalaleli ea ka sehloohong. (Liketso 3:14; 4:27, 30) “Bahalaleli” ba bang ba nang le kabelo bobusing ke Bakreste ba tšepahalang ba tlotsitsoeng ka moea ba 144 000, bao e leng majalefa a ’Muso le Kreste. (Baroma 1:7; 8:17; 2 Bathesalonika 1:5; 1 Petrose 2:9) Ba tsosoa lefung e le meea e sa shoeng hore ba buse le Kreste Thabeng ea Sione ea leholimo. (Tšenolo 2:10; 14:1; 20:6) Kahoo, Kreste Jesu le Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsositsoeng ba tla busa lefatše la moloko oa batho.
39 Mabapi le bobusi ba Mor’a motho le “bahalaleli” ba bang ba tsositsoeng, lengeloi la Molimo le ile la re: “’Muso le bobusi le boholo ba mebuso e tlas’a maholimo ’ohle tsa fuoa batho bao e leng bahalaleli ba Ea Holimo-limo. ’Muso oa bona ke ’muso o hlolang ka nako e sa lekanyetsoang, ’me mebuso eohle e tla ba sebeletsa le ho ba mamela.” (Daniele 7:27) Moloko oa batho o mamelang o tla fumana litlhohonolofatso tse kaakang tlas’a ’Muso oo!
40. Re ka rua molemo joang ka ho ela hloko toro ea Daniele le lipono tsa hae?
40 Daniele o ne a sa tsebe phethahatso eohle e babatsehang ea lipono tseo a li fuoeng ke Molimo. O ile a re: “Taba ena e fella mona. Ha e le ’na, Daniele, menahano ea ka e ile ea ’na ea ntšosa haholo, hoo lebala la sefahleho sa ka le ileng la fetoha; empa ka boloka taba eo ka pelong ea ka.” (Daniele 7:28) Leha ho le joalo, rōna re phela nakong eo ka eona re ka utloisisang phethahatso ea seo Daniele a ileng a se bona. Ho ela hloko boprofeta bona ho tla matlafatsa tumelo ea rōna le ho tiisa kholiseho ea rōna ea hore Morena oa Jehova oa Bomesia o tla busa lefatše.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E le hore taba e hlake le ho qoba ho pheta ntho e le ’ngoe, re tla kopanya litemana tse hlalosang tse fumanoang ho Daniele 7:15-28 le tlhahlobo ea temana ka temana ea lipono tse tlalehiloeng ho Daniele 7:1-14.
b Bona Khaolo ea 4 ea buka ena.
c Bona Khaolo ea 6 ea buka ena.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Ke eng e tšoantšetsoang ke se seng le se seng sa ‘libata tse ’nè tsa litonanahali tse nyolohang leoatleng’?
• Lenaka “le lenyenyane” ke eng?
• Lenaka le lenyenyane la tšoantšetso le ile la tšoenya “bahalaleli” joang nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše?
• Ho tla etsahala’ng ka lenaka le lenyenyane la tšoantšetso le mebuso e meng ea bobatana?
• U ruile molemo joang ka ho ela hloko toro ea Daniele le lipono tsa hae mabapi le “libata tse ’nè tsa litonanahali”?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 149-152]
MORENA EA SA KHESENG BA BANG
SENGOLI se seng sa Mogerike sa lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. se ne se mo hopola e le morena ea sa kheseng ba bang le ea khabane. Ka Bibeleng o bitsoa “motlotsuoa” oa Molimo le “nonyana e jang nama” e hlahang “bochaba-tsatsi.” (Esaia 45:1; 46:11) Morena eo ho buuoang ka eena ka tsela eo ke Cyruse e Moholo oa Persia.
Mehato ea Cyruse e lebisang botumong e qalile hoo e ka bang ka 560/559 B.C.E. ha a ne a hlahlama ntat’ae Cambyses I boreneng ba Anshan, eo e neng e le motse kapa setereke sa Persia ea boholo-holo. Ka nako eo Anshan e ne e le sebaka se pusong ea Morena Astyages oa Media. Ha Cyruse a fetohela puso ea Media o ile a hlōla ka potlako hobane lebotho la Astyages le ile la koenehela ka ho eena. Joale Bamede ba ile ba khomarela Cyruse. Ka mor’a moo, Bamede le Bapersia ba ile ba thusana ntoeng tlas’a boeta-pele ba hae. Puso ea Medo-Persia e ile ea e-ba teng ka tsela eo ’me ka mor’a nako e ile ea atolosa ’muso oa eona ho tloha Leoatleng la Aegean ho ea fihla Nōkeng ea Indus.—Bona ’mapa.
A e-na le mabotho a kopaneng a Bamede le Bapersia, Cyruse o ile a qala ka ho ea laola boemo moo ho neng ho e-na le khathatso—karolong e ka bophirimela ea Media moo Morena Croesus oa Lydia a neng a ntse a atolosetsa ’muso oa hae sebakeng sa Media. Ha Cyruse a leba moeling o ka bochabela oa ’Muso oa Lydia, Asia Minor, o ile a hlōla Croesus ’me a hapa motse-moholo oa hae oa Sardise. Joale Cyruse o ile a hapa metse ea Ionia eaba o kenya Asia Minor eohle ka hare ho sebaka sa ’Muso oa Medo-Persia. Ka ho etsa joalo e ile ea e-ba eena ea ka sehloohong ea qothisanang lehlokoa le Babylona le morena oa eona, Nabonidus.
Joale Cyruse o ile a lokisetsa ho loana le Babylona e matla. Ho tloha mona, o ile a ameha phethahatsong ea boprofeta ba Bibele. A sebelisa moprofeta Esaia hoo e ka bang lilemo tse makholo a mabeli pele ho moo, Jehova o ne a ile a bitsa Cyruse ka lebitso a re ke eena ’musi ea neng a tla liha Babylona ’me a lokolle Bajuda botlamuoeng. E ne e le ka lebaka la ho khethoa esale pele ka tsela ena ha Mangolo a bua ka Cyruse e le “motlotsuoa” oa Jehova.—Esaia 44:26-28.
Ha Cyruse a futuhela Babylona ka 539 B.C.E., o ile a tobana le mosebetsi o boima haholo. Kaha motse ona o ne o pota-potiloe ke marako a maholo le foro e tebileng le e sephara e neng e entsoe ke nōka ea Eufrate, o ne o bonahala o sa kenehe. Moo Eufrate e neng e matha ka hare ho Babylona, mabōpong a nōka ho ne ho hahiloe lerako le leholohali le nang le liheke tse khōlō tsa koporo. Ebe Cyruse o ne a ka hapa Babylona joang?
Lilemo tse fetang lekholo pele ho moo, Jehova o ne a ile a bolela esale pele hore ho tla ba le “tšenyeho metsing a eona” le hore “a tla psha.” (Jeremia 50:38) Tumellanong le boprofeta bona, Cyruse o ile a khelosa metsi a Nōka ea Eufrate lik’hilomithara tse seng kae ka leboea ho Babylona. Joale lebotho la hae le ile la qhafutsa ka nōkeng, la hloa mothipoloha o nyolohelang lerakong eaba le kena motseng habonolo kaha liheke tsa koporo li ne li tlohetsoe li ahlame. Joaloka “nonyana e jang nama” e ubellang phofu ea eona ka potlako, ’musi enoa ‘ea hlahang bochaba-tsatsi’—ea hlahang bochabela—o ile a hapa Babylona ka bosiu bo le bong!
Ho Bajuda ba neng ba le Babylona, ho hlōla ha Cyruse ho ile ha bolela hore ho fihlile seo e neng e le khale ba se lebeletse, e leng ho lokolloa botlamuoeng le qetello ea ho fetoloa ha naha ea habo bona lesupi ka lilemo tse 70. E tlameha ebe ba ile ba thaba hakaakang ha Cyruse a ntša phatlalatso e ba lumellang ho khutlela Jerusalema le hore ba tsose tempele! Cyruse o ile a khutlisetsa ho bona lisebelisoa tsa bohlokoa tsa tempele tseo Nebukadnezare a neng a ile a li isa Babylona, a ba lumella ka molao hore ba late lifate Lebanone a ba a fana ka tumello ea hore ho ntšoe chelete ntlong ea morena e le hore ba koahele litšenyehelo tsa ho haha.—Esdrase 1:1-11; 6:3-5.
Ka tloaelo, Cyruse o ne a latela leano la ho sebelisana le batho ka qenehelo ’me a sa khese bao a neng a ba hapa. E ka ’na eaba lebaka le leng la boitšoaro ba hae e ne e le bolumeli ba hae. Mohlomong Cyruse o ne a khomaretse lithuto tsa moprofeta oa Mopersia Zoroaster ’me a rapela Ahura Mazda—molimo eo ho neng ho nahanoa hore ke ’mōpi oa sohle se molemo. Bukeng ea hae e bitsoang The Zoroastrian Tradition, Farhang Mehr oa ngola: “Zoroaster o ile a tsebahatsa Molimo e le ea phethahetseng boitšoarong. O ile a bolella batho hore Ahura Mazda ha a na boiphetetso empa o na le toka ’me ka lebaka leo, ha aa lokela ho tšajoa empa o lokela ho ratoa.” Mohlomong ho lumela ho molimo ea neng a e-na le boitšoaro le toka ho ile ha ama boitšoaro ba Cyruse le ho mo khothalletsa ho ba pelo e ntle le ho hloka leeme.
Leha ho le joalo, morena enoa o ne a khesa boemo ba leholimo ba Babylona. O ne a hlōloa ke mocheso o matla oa moo oa lehlabula. Kahoo, le hoja Babylona e ile ea lula e le motse oa moreneng oa ’muso, haesita le setsi sa bolumeli le sa tsoelo-pele ea sechaba, hangata o ne a e sebelisa e le motse oa hae oa moreneng oa mariha feela. Ha e le hantle, ka mor’a hore Cyruse a hape Babylona, o ile a phakisa a khutlela motse-moholo oa hae oa lehlabula oa Ekbatana, o limithara tse 1 900 ka holimo ho leoatle mosikong oa Thaba ea Alwand. Teng o ne a rata haholoanyane mariha a batang a neng a kopana le lehlabula le monate. Cyruse o ile a boela a haha ntlo ea borena e ntle haholo motse-moholo oa hae oa pele oa Pasargadae (haufi le Persepolis), lik’hilomithara tse ka bang 650 ka boroa-bochabela ho Ekbatana. Sebaka se neng se le moo sa bolulo se ne se sebeletsa e le sebaka sa hae sa boikhutso.
Kahoo, Cyruse o hopoloa e le mohapi ea sebete le morena ea sa kheseng ba bang. Puso ea hae ea lilemo tse 30 e ile ea fela ha a e-shoa ka 530 B.C.E. a ntse a le letšolong la ntoa. Mora oa hae Cambyses II o ile a mo hlahlama boreneng ba Persia.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Cyruse oa Mopersia o ile a bontša joang hore ke “motlotsuoa” oa Jehova?
• Cyruse o ile a etsetsa batho ba Jehova mosebetsi ofe oa bohlokoa?
• Cyruse o ne a tšoara batho bao a ba hapileng joang?
[’Mapa]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
’MUSO OA MEDO-PERSIA
MACEDONIA
Memphis
EGEPETA
ETHIOPIA
Jerusalema
Babylona
Ekbatana
Susa
Persepolis
INDIA
[Setšoantšo]
Lebitla la Cyruse le Pasargadae
[Setšoantšo]
Setšoantšo se betliloeng se Pasargadae, se tšoantšitseng Cyruse
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 153-161]
MORENA E MONYENYANE O HAPA LEFATŠE
LILEMONG tse ka bang 2 300 tse fetileng, molaoli e mong oa sesole ea moriri o mosehla ea lilemong tse ka holimo ho 20 o ile a ema lebōpong la Leoatle la Mediterranean. Mahlo a hae a ne a haneletse motseng oa sehlekehleke o ka bang bohōle ba k’hilomithara ho tloha moo. Kaha o ne a hanetsoe ho kena, molaoli enoa ea halefileng haholo o ne a ikemiselitse ho hapa motse oo. Leano la hae la ho hlasela e ne e le lefe? La ho qhobela borokho bo eang sehlekehlekeng sena le ho hlopholla mabotho a hae hore a futuhele motse ona. Borokho bona bo qhobetsoeng bo ne bo se bo ntse bo qalile ho hahuoa.
Empa molaetsa o tsoang ho morena e moholo oa ’Muso oa Persia o ile oa tšoenya molaoli enoa e monyenyane. Ka lebaka la ho chesehela ho bōpa khotso, ’musi oa Persia o ile a etsa tlhahiso e sa tloaelehang ea ho fana ka limpho: litalenta tse 10 000 tsa khauta (tse ka holimo ho liranta tse limilione tse likete tse leshome le metso e ’meli ka chelete ea hona joale), e le tšepiso ea ho mo nyalisa e mong oa barali ba morena le puso ea karolo eohle e ka bophirimela ea ’Muso oa Persia. Limpho tsena tsohle li ne li fanoa e le hore ho khutlisoe lelapa la morena leo molaoli enoa a neng a le hapile.
Molaoli ea neng a talimane le qeto ea ho amohela kapa ho hana mpho ena e ne e le Alexandere III oa Macedonia. Na o ne a lokela ho amohela mpho ee? Rahistori Ulrich Wilcken o re: “E ne e le motsotso oa makhaola-khang bakeng sa lefatše la boholo-holo. Ka sebele liphello tsa qeto ea hae li phollelitse le Mehla e Bohareng ho fihlela mehleng ea rōna, ka Bochabela le ka Bophirimela.” Pele re tšohla karabo ea Alexandere, a re boneng liketsahalo tse ileng tsa lebisa nakong ena e mahlonoko.
SE MO ENTSENG MOHLŌLI
Alexandere o hlahetse Pella, Macedonia, ka 356 B.C.E. Ntat’ae e ne e le Morena Philip II, ’m’ae e le Olympias. Olympias o ile a ruta Alexandere hore marena a Macedonia ke litloholo tsa Hercules, mora oa molimo oa Bagerike Zeuse. Ho ea ka Olympias, moholo-holo oa Alexandere e ne e le Achilles, mohale oa thothokisong ea Homer e bitsoang Iliad. A kentsoe maikutlo ao a ho hapa le a ho batla khanya ea borena ke batsoali ba hae, Alexandere e monyenyane o ne a sa thahaselle lintho tse ling hakaalo. Ha Alexandere a botsoa hore na o tla matha peisong ea Lipapali tsa Olympic, o ile a bontša hore o ne a tla etsa joalo haeba a ne a ka matha le marena. Takatso ea hae e ne e le ho etsa liketso tse khōlō ho feta tsa ntat’ae le hore a fumane khanya ka lintho tseo a li finyeletseng.
Ha a le lilemo li 13, Alexandere o ile a thabela ho rutoa ke rafilosofi oa Mogerike Aristotle, ea ileng a mo thusa hore a thahaselle filosofi, bongaka le saense. Ho phehisanoa khang ka taba ea hore na lithuto tsa filosofi tsa Aristotle li ile tsa ama tsela ea ho nahana ea Alexandere hakae. Bertrand Russell, rafilosofi oa lekholong la bo20 la lilemo o ile a re: “Ho bonahala ho le molemo ho bolela hore batho bana ba babeli ba ne ba hanyetsana linthong tse ngata. Maikutlo a Aristotle a lipolotiki a ne a thehiloe ho ipuseng ha metse e meholo ea Bagerike ho neng ho le makhatheng a ho oa.” Khopolo ea ’muso o monyenyane o entsoeng ka metse e meholo e ne e ke ke ea ipiletsa ho khosana e meharo e batlang ho etsa ’muso o moholo o nang le setsi sa puso. E tlameha ebe Alexandere o ne a le lekhonono ka maikutlo a Aristotle a ho tšoara bao e seng Bagerike joaloka makhoba, etsoe o ne a nahana ka ’muso o moholo o atlehileng o entsoeng ka selekane lipakeng tsa bahlōli le ba hlōtsoeng.
Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore Aristotle o ile a hōlisa thahasello ea Alexandere ea ho bala le ho ithuta. Alexandere o ile a lula e le sebali se seholo bophelo bohle ba hae, a rata ka ho khethehileng lingoliloeng tsa Homer. Ho boleloa hore o ile a ithuta Iliad—mela eohle e 15 693 ea thothokiso—ka hlooho.
Thuto ea Aristotle e ile ea emisa ka tšohanyetso ka 340 B.C.E. ha khosana e lilemo li 16 e khutlela Pella ho ea busa Macedonia bosieong ba ntat’a eona. Khosana ena eo e neng e tla ba mohlahlami boreneng ha ea ka ea senya nako ho ipabola lintoeng. Philip o ile a thaba haholo ha e potlakela ho kokobetsa morabe oa marabele oa Bamaedi oa Thrace, e hapa motse oa bona o ka sehloohong ka ho panya ha leihlo, e ba e reha sebaka seo Alexandroúpolis, e se rehella ka eona.
O TSOELA PELE HO HAPA
Ho bolaoa ha Philip ka tšohanyetso ka 336 B.C.E. ho ile ha etsa hore Alexandere ea lilemo li 20 e be mojalefa boreneng ba Macedonia. Ha a kena Asia le Hellespont (eo hona joale e leng Dardanelles) nakong ea selemo ka 334 B.C.E., Alexandere o ile a qalisa letšolo la ho hapa ka lebotho le lenyenyane empa le le sehlahlo la masole a litaaso a 30 000 le a palameng a 5 000. Lebotho la hae le ne le tsamaea le lienjiniere, bo-mapotiele, litsebi tsa mehaho, bo-rasaense le bo-rahistori.
Nōkeng ea Granicus sekhutlong se ka leboea-bophirimela ho Asia Minor (eo e leng Turkey hona joale) Alexandere o ile a hlōla Bapersia ntoeng ea pele. Mariheng ao o ile a hapa Asia Minor bophirimela. Nakong ea hoetla selemong se latelang ho ile ha loanoa ntoa ea bobeli ea makhaola-khang le Bapersia Issus, sekhutlong se ka boroa-bochabela sa Asia Minor. Morena e moholo oa Bapersia, Morena Dariase III, o ile a ea moo a e-na le lebotho la banna ba ka bang halofo ea milione ho ea khahlana le Alexandere. Dariase ea neng a itšepile ho tlōla o ile a ba a tla le ’m’ae, mosali oa hae le litho tse ling tsa lelapa la hae e le hore ba tl’o bona seo ho neng ho lebeletsoe hore e tla ba tlhōlo e tsoileng matsoho. Empa Bapersia ba ne ba sa itokisetsa tlhaselo ea tšohanyetso le e matla ea Bamacedonia. Mabotho a Alexandere a ile a hlōla lebotho la Bapersia ka ho feletseng ’me Dariase o ile a baleha, a siea lelapa la hae lepalapaleng matsohong a Alexandere.
Ho e-na le hore Alexandere a lelekise Bapersia ba balehang, o ile a leba boroa a sikile le Lebōpo la Mediterranean, a ntse a hapa litsi tsa sesole tse neng li sebelisoa ke lebotho le matla la Bapersia. Empa motse o sehlekehlekeng oa Tyre o ile oa itoanela ha o hlaseloa. Kaha Alexandere o ne a ikemiselitse ho o hapa, o ile a qala ho o thibella ka nako e ileng ea nka likhoeli tse supileng. Ha a ntse a o thibeletse, ke moo ho ileng ha tla mpho ea Dariase e boletsoeng pejana ea ho bōpa khotso. Lithelo tsena e ne e le tse hohelang hoo ho tlalehoang hore moeletsi ea tšeptjoang oa Alexandere, Parmenio, o ile a re: ‘Ha ke ne ke le Alexandere, ke ne ke tla li amohela.’ Empa molaoli e monyenyane o ile a araba: ‘Le ’na ke ne ke tla etsa joalo ha ke ne ke le Parmenio.’ Ha Alexandere a hana lipuisano o ile a tsoela pele ka ho thibella motse oo ’me ka July 332 B.C.E. a senya ’muso oo o ikhohomosang o leoatleng.
Ha Alexandere a qenehela Jerusalema e neng e inehetse ho eena, o ile a leba boroa ’me a hapa Gaza. Kaha Egepeta e ne e khathetse ke puso ea Persia, e ile ea mo amohela e le molopolli. Ha a le Memphis o ile a etsetsa poho ea Apis sehlabelo, kahoo a khahlisa baprista ba Egepeta. O ile a boela a theha motse oa Alexandria oo hamorao o ileng oa qothisana lehlokoa le Athene e le setsi sa thuto ’me le hona joale o ntse o reheletsoe ka eena.
Ka mor’a moo, Alexandere o ile a leba leboea-bochabela, a haola Palestina a leba Nōkeng ea Tigris. Ka selemo sa 331 B.C.E., o ile a loana ntoa ea boraro e khōlō le Bapersia, Gaugamela, haufi le lithako tse helehang tsa Ninive. Mona banna ba 47 000 ba Alexandere ba ile ba hlōla lebotho le hlophisitsoeng bocha la Persia la masole a 250 000 bonyane! Dariase o ile a baleha ’me hamorao a bolaoa ke batho ba hae.
Alexandere a le motlotlo ke ho hlōla, o ile a retelehela boroa eaba o hapa Babylona, motse-moholo oa Persia oa mariha. O ile a boela a hapa motse-moholo oa Susa le oa Persepolis, a nka kapukapu ea letlotlo la Persia ’me a chesa ntlo e khōlō ea borena ea Xerxes. Qetellong, motse-moholo oa Ekbatana o ile oa oela ho eena. Ka mor’a moo mohlōli enoa ea matjato o ile a hapa karolo e setseng ea ’muso oa Persia, a kenella ka bochabela ho ea fihla Nōkeng ea Indus, e leng Pakistan kajeno.
Ha Alexandere a tšela Indus, sebakeng se moeling oa profinse ea Persia ea Taxila, o ile a kopana le sera se matla, e leng morena oa Maindia ea bitsoang Porus. Alexandere o ile a loana le eena ntoa ea hae ea bone eo e neng e bile e le ea ho qetela e khōlō ka June 326 B.C.E. Lebotho la Porus le ne le akarelletsa masole a 35 000 le litlou tse 200 tse ileng tsa tšosa lipere tsa Bamacedonia. Ntoa ena e ile ea e-ba e mahlo-mafubelu ’me ho ile ha shoa ba bangata ho eona, empa mabotho a Alexandere a ile a hlōla. Porus o ile a inehela ’me a kena selekaneng le eena.
Ho ne ho fetile lilemo tse fetang robeli esale lebotho la Bamacedonia le tšelela Asia ’me masole a ne a khathetse a bile a hlolohetsoe hae. A ne a batla ho khutlela hae ka lebaka la hore a ne a tšositsoe ke ho loana ntoa e mahlo-mafubelu le Porus. Le hoja qalong Alexandere a ne a le leqe, o ile a lumellana le takatso ea ’ona. Ka sebele Greece e ne e fetohile ’muso oa lefatše. Kaha ho ne ho thehiloe likolone tsa Greece linaheng tse hapiloeng, puo ea Bagerike le mekhoa ea bona li ile tsa pharalla hohle ho pholletsa le ’muso oa bona.
MONNA EO E NENG E LE TŠUSUMETSO E MATLA
Ntho e ileng ea momahanya lebotho la Macedonia lilemong tseo le neng le hapa ka tsona e ne e le botho ba Alexandere. Ka mor’a lintoa, Alexandere ka tloaelo o ne a etela ba lemetseng, a hlahloba maqeba a bona, a rorisa masole ka liketso tsa ’ona tsa bonatla le ho a tlotla ka limpho tse lumellanang le seo a se finyeletseng. A oeleng ntoeng ’ona Alexandere o ne a a lokisetsa lepato la semetletsa. Batsoali le bana ba banna ba oeleng ntoeng ba ne ba lokolloa makhethong ’ohle le litšebeletsong tse ling. E le ho itebatsa ka mor’a lintoa, Alexandere o ne a etsa lipapali le litlhōlisano. Ketsahalong e ’ngoe, o ile a ba a lokisetsa nako ea phomolo bakeng sa banna ba sa tsoa nyala, a ba fa monyetla oa hore ba qete mariha ba e-na le basali ba bona, Macedonia. Liketso tse joalo li ile tsa etsa hore banna ba hae ba mo rate le ho mo nka e le oa bohlokoa.
Tabeng ea lenyalo la Alexandere le Khosatsana Roxana oa Bactria, sengoli sa lipale tsa batho sa Mogerike, Plutarch, sea ngola: “Ka sebele e ne e le taba ea lerato, empa ka nako e tšoanang ho ile ha bonahala e ne e ntšetsa pele sepheo seo a neng a e-na le sona ka nako eo. Etsoe ho ile ha khotsofatsa batho ba hapiloeng ha ba bona a khetha mosali har’a bona, ’me ho ile ha etsa hore ba ikutloe ba mo rata haholo ha ba fumana hore tabeng e le ’ngoe feela ea lerato eo a ileng a nkeha ke eona, eena monna ea neng a etsa lintho ka teka-tekano e feletseng, le teng o ile a mamella ho se kopanele liphate le eena ho fihlela a ka mo fumana ka molao le ka tsela e hlomphehang.”
Alexandere o ne a boetse a hlompha manyalo a ba bang. Le hoja a ne a hapile mosali oa Morena Dariase, o ile a hlokomela hore o tšoaroa hantle. Ka ho tšoanang, ha a utloa hore masole a mabeli a Macedonia a ile a hlekefetsa basali ba balichaba ba bang, o ile a laela hore a bolaoe haeba a fumanoa a le molato.
Alexandere o ne a rata bolumeli haholo joaloka ’m’ae, Olympias. Pele ho lintoa le ka mor’a tsona o ne a etsa mahlabelo ’me a e-ea ho lilaoli tsa hae mabapi le hore na lipontšo tse itseng li bolela eng. O ne a boetse a e-ea ho senohe se sehalalelong sa Ammon, Lybia. Ha a le Babylona o ile a phetha litaelo tsa Bakalde mabapi le mahlabelo, haholo-holo a etsetsoang molimo oa Babylona Bel (Marduk).
Le hoja Alexandere e ne e le motho ea jang ka tekano, qetellong o ile a inehella lino. O ne a bebera ha a e-noa khalase e ’ngoe le e ’ngoe ea veine ’me a ithorisa ka lintho tseo a li finyeletseng. E ’ngoe ea liketso tse khopo ka ho fetisisa tsa Alexandere e bile ea hore ka lekhetlo le leng ha a ne a halefile ka lebaka la botahoa, a bolaee motsoalle oa hae Clitus. Empa Alexandere o ile a inyatsa hoo a ileng a robala liphateng ka matsatsi a mararo, a sa je, a sa noe. Qetellong, metsoalle ea hae e ile ea atleha ho mo susumelletsa hore a je.
Ka mor’a nako, ho lakatsa botumo ha Alexandere ho ile ha hlahisa litšobotsi tse ling tse sa rateheng. O ile a qala ho lumela liketselletso habonolo ’me a qala ho ahlola batho ka mokhoa o feteletseng haholo. Ka mohlala, ha Alexandere a se a kentsoe moea oa hore Philotas o ne a ameha tekong ea ho mo bolaea, o ile a laela hore Philotas le ntat’ae Parmenio, moeletsi eo e neng e kile ea e-ba motšepuoa oa hae, ba bolaoe.
SE ILENG SA FEKISA ALEXANDERE
Nakoana ka mor’a hore Alexandere a khutlele Babylona, o ile a tšoaroa ke feberu ea malaria e sa kang ea hlola e fola. Ka la 13 June, 323 B.C.E., ka mor’a hore Alexandere a phele lilemo tse 32 le likhoeli tse 8 feela, o ile a fekisoa ke sera se matla ka ho fetisisa, lefu.
Ho ile ha e-ba feela joalokaha banna ba bang ba bohlale ba Maindia ba ile ba re: “Morena Alexandere, motho e mong le e mong o fumana karolonyana feela ea lefatše lena e kang ena eo re emeng ho eona; ’me kaha u motho joaloka batho ba bang, haese feela hore u mafolofolo u bile u leqoophe, u solla le lefatše lena lohle hōle le haeno, u tšoenyehile u bile u tšoenya le ba bang. Empa haufinyane u tla shoa, ’me u tla fumana feela karolonyana ea lefatše e lekaneng lebitla la hao.”
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Semelo sa Alexandere e Moholo e ne e le sefe?
• Hang hoba e be mojalefa boreneng ba Macedonia, Alexandere o ile a kena letšolong lefe?
• Hlalosa tse ling tsa lintoa tseo Alexandere a ileng a li hlōla.
• Ho ka thoe’ng ka botho ba Alexandere?
[’Mapa]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LIBAKA TSEO ALEXANDERE A ILENG A LI HAPA
MACEDONIA
EGEPETA
Babylona
Nōka ea Indus
[Setšoantšo]
Alexandere
[Setšoantšo]
Aristotle le morutoana oa hae Alexandere
[Setšoantšo se tletseng leqephe]
[Setšoantšo]
Khau eo ho thoeng e tšoantšitse Alexandere e Moholo
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 162, 163]
’MUSO O MOHOLO OA AROLOA
TABENG ea ’muso oa Alexandere e Moholo, Bibele e ile ea bolela esale pele hore o tla khaoloa likoto ’me o aroloe ‘empa o sa aroleloe litloholo tsa hae.’ (Daniele 11:3, 4) Tumellanong le seo, nakong ea lilemo tse 14 ka mor’a lefu la tšohanyetso la Alexandere ka 323 B.C.E., mora oa hae oa molao Alexandere IV le mora oa hae oa matšeho Heracles ba ile ba bolaoa ka tšohanyetso.
Ka selemo sa 301 B.C.E., balaoli ba bane ba Alexandere ba ile ba inkela marapo ’musong oo o moholo o neng o emisitsoe ke molaoli oa bona. Molaoli Cassander o ile a nka puso ea Macedonia le Greece. Molaoli Lysimachus a fumana Asia Minor le Thrace. Mesopotamia le Syria tsa nkoa ke Seleucus I Nicator. Ptolemy Lagus, kapa Ptolemy I, o ile a busa Egepeta le Palestina. Ka tsela eo, ’muso o le mong o moholo oa Alexandere o ile oa ntša mebuso e mene e busoang ke Bagerike, kapa ea Greece.
Mebusong ena e mene e busoang ke Bagerike, puso ea Cassander e ile ea e-ba eona e khutšoanyane ka ho fetisisa. Lilemo tse seng kae ka mor’a hore Cassander a qale ho busa, lesika lohle la bana ba hae ba batona le ile la fela ’me ka 285 B.C.E., Lysimachus o ile a hapa karolo ea Europe ea ’Muso oa Greece. Lilemo tse ’nè hamorao, Lysimachus o ile a bolaoa ke lebotho la Seleucus I Nicator ntoeng, e leng ho ileng ha mo neha marapo karolong e khōlō ea libaka tsa Asia. Seleucus e ile ea e-ba morena oa pele lesikeng la Seleucus, Syria. O ile a theha Antioke e Syria ’me a e etsa motse-moholo oa hae o mocha. Seleucus o ile a bolaoa ka tšohanyetso ka 281 B.C.E., empa lesika la marena leo a ileng a le theha le ile la tsoela pele pusong ho fihlela ka 64 B.C.E. ha Molaoli oa Roma Pompey a etsa Syria profinse ea Roma.
Likarolong tse ’nè tsa ’muso oa Alexandere, ’muso oa lesika la Ptolemy ke oona o ileng oa tšoarella ka ho fetisisa. Ptolemy I o ile a inkela tlotla ea morena ka 305 B.C.E. ’me ea e-ba eena oa pele har’a marena a Bamacedonia, kapa bo-Faro, ba Egepeta. Ha a etsa Alexandria motse-moholo, o ile a potlakela ho qala lenaneo la ntlafatso ea metse e meholo ea litoropo. Mosebetsi o mong oa hae o moholo ka ho fetisisa oa kaho e ne e le Laebrari ea Alexandria e tummeng. Ptolemy o ile a lata setsebi se hlomphuoang sa Athene, Demetrius Phalereus, Greece, hore a tl’o okamela mosebetsi ona o moholo. Ho tlalehoa hore lekholong la pele la lilemo C.E., laebrari ena e ne e e-na le meqolo e milione. Lesika la marena la Ptolemy le ile la tsoela pele le busa Egepeta ho fihlela ha e oela ho Roma ka 30 B.C.E. Joale Roma e ile ea nkela Greece sebaka e le ’muso o moholo oa lefatše.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• ’Muso o moholo oa Alexandere o ile oa aroloa joang?
• Lesika la marena la Seleucus le ile la tsoela pele le busa Syria ho fihlela neng?
• ’Muso oa lesika la Ptolemy oa Egepeta o ile oa fela neng?
[’Mapa]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
HO KHAOLOA LIKOTO HA ’MUSO OA ALEXANDERE
Cassander
Lysimachus
Ptolemy I
Seleucus I
[Litšoantšo]
Ptolemy I
Seleucus I
[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 139]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
MEBUSO EA LEFATŠE EA BOPROFETA BA DANIELE
Setšoantšo se seholohali (Daniele 2:31-45)
Libata tse ’nè tse nyolohang leoatleng (Daniele 7:3-8, 17, 25)
BABYLONIA ho tloha ka 607 B.C.E.
MEDO-PERSIA ho tloha ka 539 B.C.E.
GREECE ho tloha ka 331 B.C.E.
ROMA ho tloha ka 30 B.C.E.
’MUSO OA LEFATŠE OA MANYESEMANE LE MAAMERIKA ho tloha ka 1763 C.E.
LEFATŠE LE AROHANENG LIPOLOTIKING nakong ea bofelo
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 128]
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 147]