Mikaele Khosana e Khōlō Oa Ema
“’Me ka nako eo Mikaele o tla ema, khosana e khōlō e emeng molemong oa bara ba sechaba sa heno.”—DANIELE 12:1, NW.
1. Ke tsela efe ea kamoso ea liketsahalo tsa lefatše e bonoang e sa le pele ka Bibeleng, ’me ho phahama potso efe ka batho ba Molimo ka lebaka la see?
JEHOVA o fane ka temoso e hlakileng: Ha ho mohla ho tla ba le khotso lefatšeng hafeela bora bo ntse bo le teng pakeng tsa morena oa leboea le morena oa boroa. Mebuso ena e ’meli e tla ’ne e be le lithahasello tse loantšanang kamehla. Ho feta moo, sehlohlolong sa bora ba eona, morena oa leboea o tla sokela sebaka sa moea sa batho ba Molimo pele ‘a e-ea bofelong ba hae.’ (Daniele 11:44, 45) Na batho ba Molimo ba tla pholoha tlhaselo ee? Hona ho etsahala eng ka morena oa boroa ha sera sa hae se seholo se e-ea bofelong?
2, 3. (a) Re fumana boprofeta bofe ka bukeng ea Ezekiele bo re thusang ho utloisisa boprofeta bo buang ka morena oa leboea le morena oa boroa? (b) Ho latela boprofeta ba Ezekiele, phello ea tlhaselo e khōlō ea ho qetela ho batho ba Molimo e tla ba efe?
2 Boprofeta ba mphato oa Daniele Ezekiele bo re thusa ho arabela lipotso tsena. Ezekiele le eena o ile a bululeloa hore a bue ka ‘mehla ea qetello,’ ’me o lemositse ka tlhaselo e tlang ea ‘Gogo oa Magogo’ khahlanong le naha ea batho ba Molimo. (Ezekiele 38:2, 14-16; Daniele 10:14) Boprofeteng boo, Gogo o ne a tšoantšetsa Satane, ’me makhotla a hae a ne a tšoantšetsa baemeli bohle ba lefatšeng ba Satane ba neng ba tla etsa boiteko ba ho qetela le bo hlōlehileng ba ho felisa batho ba Molimo. Kaha tlhaselo ena, joalo ka ea morena oa leboea, e etsahala mehleng ea qetello, hoa utloahala ho fihlela qeto ea hore ‘ho emisa ha morena oa leboea litente tsa borena pakeng tsa leoatle le thaba e khethehileng e khahlehang’ ke ka ho tšehetsa tlhaselo ea Gogo. (Daniele 11:40, 45) Na tlhaselo ee e tla atleha?
3 Ezekiele o ile a profeta: “Tsatsing leo, Mohla Gogo a futuhelang naha ea Iseraele, ho bolela Morena Jehova, bohale bo tla tlala linko tsa ka. Ke tla mo tsekisa ke tšoere lefu la seoa le mali; ke tla mo nesetsa lipula tsa likhohola le majoe a sefako, le mollo, le sebabole, ke li nesetse le makhotla a hae le lichaba tse ngata tse leng ho eena.” (Ezekiele 38:18, 22) Che, tlhaselo e ke ke ea atleha. Bakreste ba ’nete ba tla pholosoa, ’me letšoele la Gogo le tla timetsoa.—Ezekiele 39:11.
4. Na morena oa boroa o tla pholoha ha morena oa leboea a fela? Ke boprofeta bofe bo bong bo tšehetsang karabelo ee?
4 Ka ho hlakileng, nako ea qetello ea morena oa leboea ke nako ea bofelo bakeng sa Gogo le letšoele lohle la hae, ho akarelletsa morena oa boroa. Hona ho lumellana le boprofeta bo bong bukeng ea Daniele. Ka mohlala, re bala hore kamor’a hore ’Muso oa Molimo o hlongoe, o ne o “tla robaka o felise mebuso eo kaofela [ho akarelletsa morena oa leboea le morena oa boroa], empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” (Daniele 2:44) Hape, ponong ea Daniele ea pheleu le phooko, ’muso oa bopolotiki oa Manyesemane le Maamerika o tšoantšetsoa ke lenakana. Lenakana lena, “qetellong ea puso ea ’ona,” le timetsoa ke boemeli bo phahametseng matla a motho, e seng morena oa leboea: ‘O tla rojoa e seng ka matsoho a motho.’—Daniele 7:24-27; 8:3-10, 20-25.
Mikaele Khosana e khōlō
5. Moemeli e Moholo oa Jehova e tla ba mang bakeng sa poloko ea batho ba Hae, ’me ke hobane’ng ha hoo ho loketse?
5 Lengeloi joale le senola Boemeli boo Jehova a tla bo sebelisa ho felisa mebuso ena eohle. o re: “’Me ka nako eo Mikaele o tla ema, khosana e khōlō e emeng molemong oa bara ba sechaba sa heno. ’Me ka sebele ho tla ba le nako ea matšoenyeho e e-song ho ka e e-ba teng esale sechaba se e-ba teng ho fihlela nakong eo. ’Me ka nako eo sechaba sa heno se tla pholoha, e mong le e mong ea fumanoang a ngotsoe bukeng.” (Daniele 12:1, NW) Qalehong ea boprofeta ba lengeloi, Mikaele o tlalehiloe e le ea loanelang Iseraele khahlanong le khosana ea Persia le ea Greece. (Daniele 10:20, 21) Joale, ha boprofeta bo atamela ho felella, Mikaele eena enoa o ‘eme’ bakeng sa sechaba sa habo Daniele. Moemeli eo oa batho ba Molimo ke mang?
6, 7. (a) Ho latela liithuti tse ling tsa Bokreste-’mōtoana, Mikaele ke mang? (b) Ke bopaki bofe ba Bibele bo re thusang ho khetholla Mikaele hantle?
6 Morao koana mathoasong a bo-1800, seithuti sa Bibele Joseph Benson o ile a bolela hore tlhaloso ea Mikaele joalokaha e fumanoa ka Bibeleng “ka ho hlakileng e supa ho Messia.” Molutere oa lekholong la leshome le metso e robileng mono o le mong la lilemo E. W. Hengstenberg o lumetse hore “Mikaele hase mang kapa mang haese Kreste.” Ka ho tšoanang, moruti oa bolumeli J. P. Lange, ha a hlalosa ka Tšenolo 12:7, o ngotse: “Re nka hore Mikaele . . . ho tloha qalong, ke Kreste ka seaparo se kang sa ntoa khahlanong le Satane.” Na Bibele e tšehetsa boitsebahatso boo? E, ea bo tšehetsa.a
7 Ka mohlala, ho latela lengeloi, Mikaele o tla “ema.” Boprofeteng ba lengeloi, ‘ho ema’ kapa ‘ho emela’ (‛a·madhʹ ka Seheberu) ho ka ’na ha bolela “ho tšehetsa.” (Daniele 11:1) Hape ka ho sa tšoaneng ho ka ’na ha fana ka maikutlo a ‘ho hlōla,’ “ho fetohela,” “ho hanyetsa,” kapa “ho ema khahlanong le.” (Daniele 11:6, 11, 14, 15, 16a, 17, 25) Empa hangata, ho supa bohato ba morena, ebang ke ha a nka matla a hae a puso kapa a nka bohato hamolemo boemong ba hae e le morena. (Daniele 11:2-4, 7, 16b, 20, 21, 25) Ena ke tlhaloso e tšoanelang hamolemo mantsoe a lengeloi ho Daniele 12:1. ’Me ka sebele e tšehetsa ’nete ea hore Mikaele ke Jesu Kreste, kaha Jesu ke Morena ea khethiloeng oa Jehova, ea romiloeng ho timetsa lichaba tsohle ka Harmagedone. (Tšenolo 11:15; 16:14-16; 19:11-16) E boetse e lumellana le boprofeta bo bong bo supang nakong ea ha ’Muso oa Molimo, tlas’a Jesu Kreste, o nka bohato khahlanong le lichaba tsa lefatše lena.—Daniele 2:44; 7:13, 14, 26, 27.
8, 9. (a) ‘Sechaba sa habo Daniele’ e ne e le sefe tšimolohong, ’me hona joale ke sefe? (b) Thahasello e matla ea Mikaele ho ‘sechaba sa habo Daniele’ e bontšitsoe joang ho theosa le mehla?
8 Mikaele ke khale a amana le ‘sechaba sa habo Daniele,’ Baiseraele. O ne a e-na le bona lefeelleng, ’me o ile a ba tlatsa khahlanong le ‘mahosana’ a moea a mebuso e meholo ea boholo-holo. (Daniele 10:13, 21; Exoda 23:20, 21; Juda 9) ’Me o ile a tsoaloa lefatšeng e le motho Jesu hore e be Messia eo e leng khale a lebelletsoe, “peō” e tšepisitsoeng moholo-holo oa Daniele Abrahama. (Genese 22:16-18; Ba-Galata 3:16; Liketso 2:36) Ka masoabi, Iseraele ea tlhaho ka kakaretso e ile ea hana Jesu; kahoo, Jehova a e hana hore e ka ba sechaba sa hae se khethehileng. (Mattheu 21:43; Johanne 1:11) A itherela ho bea lebitso la hae sechabeng se secha, “Iseraele oa Molimo,” ea entsoeng ka Bajode ba tlhaho le bao e seng Bajode, ba lumelang ho Jesu.—Ba-Galata 6:16; Liketso 15:14; 1 Petrose 2:9, 10.
9 Sechaba sena se secha, phutheho e tlotsitsoeng ea Bokreste, e qalile ho phela ka 33 C.E. ’me kamorao ho moo ea sebeletsa joaloka Iseraele oa Molimo. Bana ho tloha ka nako eo ho ea pele e ne e tla ba ‘sechaba sa habo Daniele.’ (Ba-Roma 2:28, 29) Pele a tsohela ho ea leholimong ka 33 C.E., Jesu o tšepisitse hore o tla ’ne a tšehetse ‘sechaba sa habo Daniele’ ha a bolella litho tsa kamoso tsa Iseraele eo e mocha hore: “Bonang, ’na, ke na le lōna ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.”—Mattheu 28:20; Ba-Efese 5:23, 25-27.
Ho “Ema” Molemong oa Sechaba sa Daniele
10. Ho latela mantsoe a lengeloi ho Daniele, Mikaele o tla nka bohato ba ho qetela joang, ’me hoo ho mema lipotso life?
10 Empa joale lengeloi le re Mikaele o tla nka bohato ka tsela e khethehileng. Le sebelisa lentsoe ‘ema’ habeli, le re: “’Me ka nako eo Mikaele o tla ema, khosana e khōlō e emeng molemong oa bara ba sechaba sa heno.” (Daniele 12:1, NW) Le bolela eng ha le re Jesu o ‘eme’? Hona a ka “ema” joang haeba a se a ntse a ‘eme molemong oa sechaba sa habo’ Daniele? Pele re arabela lipotso tsena, nahana ka boitsebiso bo bong bo likolohileng taba.
11. Ke ka tsela efe e ka bang ho loketseng ho bolela hore Jesu haesale a ‘eme’ ho tloha ka 1914?
11 Hoba a tsohe ka 33 C.E., Jesu o boleletse balateli ba hae: “Ke neiloe borena bohle leholimong le lefatšeng.” (Mattheu 28:18) Ke khale Jesu a rena joalo holim’a bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng ba lefatšeng. (Ba-Kolosse 1:13) Leha ho le joalo, nako e ne e s’o tle bakeng sa Jesu hore a rene e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Ho e-na le hoo, hoba a nyolohele leholimong o ile a ‘lula ka letsohong le letona la Molimo leholimong’ ho fihlela nako ea ha ho hlongoa ’Muso oo. (Pesaleme ea 110:1, 2; Liketso 2:34, 35) Nako eo e ile ea tla ka 1914, “nako e beiloeng.” (Daniele 11:29) Ka selemo seo, Jesu o ile a beoa teroneng e le Morena ea busang oa ’Muso oa Molimo ’me hang, joaloka Mikaele lengeloi le leholo, a leleka Satane leholimong. (Tšenolo 11:15; 12:5-9) Kahoo ho tloha ka 1914, Jesu haesale a ‘eme’ joaloka Morena.—Pesaleme ea 2:6.
12, 13. Ke mahlohonolo afe a hlahelletseng ao batho ba Molimo ba a thabetseng lilemong tsa ho tloha ka 1914, a bontšang hore Jesu haesale a ‘eme molemong oa sechaba sa habo Daniele’?
12 Ho “ema” ha Jesu e bile tlhohonolofatso e khōlō bakeng sa ‘bara ba sechaba sa habo’ Daniele. Ho nka matla a borena ha hae le ho lelekela Satane lefatšeng ho ile ha hloekisa lehae la bona la kamoso la leholimo. (Johanne 14:2, 3) Kamorao ho moo, ba neng ba se ba shoele ba tšepahetse ba ne ba ka tsosetsoa lefeng la bona la leholimo. (1 Ba-Thessalonika 4:16, 17) Masala a bona a neng a sa ntsane a le lefatšeng a ile a hlorisoa haholo ntoeng ea pele ea lefatše, ho ileng ha batla ho emisa mosebetsi oa oona oa ho bolela. Empa ka 1919 a ile a tsosoa ’me a hlahisoa ponong ea lefatše e le sechaba se secha.—Esaia 66:7, 8; Tšenolo 9:14; 11:11, 12.
13 Kamorao ho moo, Jesu o ile a phethahatsa tšepiso ea hae ea ho “khetha ’musong oa hae likhopiso tsohle le ba etsang bokhopo.” (Mattheu 13:41) Ka tsela ena, o bolokile phutheho e hloekileng ea Bakreste ba tlotsitsoeng ba ‘tsebileng Molimo oa bona, ba hlōtseng le ba entseng hamolemo.’ Ba boletse litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle, kahoo ‘ba ruta ba bangata kutloisiso.’ (Daniele 11:32, 33, NW; Mattheu 24:14) Ho tloha ka 1935 Jehova o kentse ka phuthehong ea hae palo e ntseng e eketseha ea “linku tse ling,” tse nang le tšepo ea lefatšeng le tse kopanetseng ka botšepehi mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.—Johanne 10:16; Tšenolo 7:9, 14, 15.
14. Phello ea hore e be Jesu haesale a ‘eme molemong oa sechaba sa habo Daniele’ ka mehla eohle ea ho qetela e bile efe?
14 Hona ho ba teng ha sehlopha sena sa Bakreste kajeno ke ho tsotehang. Lefatšeng le arohaneng lipolotiking, ha ba jele paate ho hang joaloka bafo ba ’Muso oa Molimo. (Johanne 17:14) Ka baka leo, ba hlorisitsoe ke marena ana ka bobeli. Bolumeli ba bohata le bona bo rerile mano ba ba ba chea maraba a hore ba felisoe ho hang. Ho sa tsotellehe hoo, ba tsoetse pele ’me kajeno ba fumanoa linaheng tse fetang 200 ’me palo ea bona e ka holimo ho limillione tse tharo tsa batho ba tšepahalang. Ba thabela paradeise ea moea tlas’a puso ea Kreste e fapaneng ho hang le lefifi la lefatše lena le ho tepella ha lona. (Esaia 65:13, 14) Kahoo, Jesu haesale ‘a eme molemong oa bara ba sechaba sa habo’ Daniele mehleng ena eohle ea qetello.—Daniele 12:1, NW.
Mikaele ‘Oa Ema’
15. Jesu o ‘eme’ ka tsela efe, ’me hoo ho etsahala neng?
15 Ka hona ke joang Jesu, ea seng a ntse a ‘eme,’ a “emang” ka nako eo? (Daniele 12:1, NW) Ka hore kamoo ho leng kateng, bobusi ba hae bo nka tšobotsi e ncha. Ke nako ea hore a nke bohato ka tsela e totobetseng ho boloka ‘sechaba sa habo Daniele’ hore se ka felisoa ke mebuso ea batho. (Ezekiele 38:18, 19) “Nako” eo ho buuoang ka eona mona ka ho hlakileng ke “mehleng ea qetello” ea morena oa leboea le morena oa boroa, ha morena oa leboea a sokela sebaka sa moea sa batho ba Molimo. (Daniele 11:40-45) Pele ho nako ena, bafo ba tšepahalang ba lefatšeng ba Jesu, ke bona feela ba nkileng bobusi ba hae ka botebo. (Pesaleme ea 2:2, 3) Hona joale, leha ho le joalo, ke nako ea ‘ponahalo ea Morena Jesu,’ ha e mong le e mong a tla qobelloa ho hlokomela borena ba hae. (2 Ba-Thessalonika 1:7, 8) Hona ho tla akarelletsa ho timetsoa ha mabotho ’ohle a hanyetsang, ho lateloa ke Puso ea Lilemo tse Sekete ea Jesu le babusi-’moho le eena, ha ’Muso e tla ba eona puso feela holim’a batho.—Tšenolo 19:19-21; 20:4.
16. Phello ea ‘ho ema’ ha Jesu ho lichaba tseo e seng tsa bomolimo ke efe?
16 Tumellanong le sena, lengeloi le bolela hore ha Mikaele a ema, “ho tla ba le nako ea matšoenyeho e e-song ho ka e e-ba teng esale sechaba se e-ba teng ho fihlela nakong eo.” (Daniele 12:1, NW; bapisa Mattheu 24:21.) E tla ba nako ea ho timetsoa ha ba khopo le ea pholoho bakeng sa ba tšepahalang. (Liproverbia 2:21, 22) Mamela boitšoaro ba ho tšoha ba batho ba sa tšepahaleng ka nako eo: “Ba re ho lithaba le ho mafika: Re oeleng holimo, le re pate pel’a sefahleho sa ea lutseng teroneng le pel’a bohale ba Konyana. Hobane letsatsi le leholo la khalefo ea eona le chabile, ’me ho ka ema mang?”—Tšenolo 6:16, 17.
17. Joale ho tla etsahala joang ka makhotla a lefatšeng a Satane, ho akarelletsa morena oa leboea le morena oa boroa?
17 Phello ea ‘nako ena ea matšoenyeho’ mabothong a lefatšeng a Satane e hlalosoa boprofeteng ba Ezekiele khahlanong le Gogo oa Magogo: “U tla oela lithabeng tsa Iseraele, e le uena le makhotla ’ohle a hao, le lichaba tse leng ho uena.” (Ezekiele 39:4) Jeremia, ha a bua ka nako e tšoanang ea matšoenyeho, o itse: “Ba hlabiloeng ke Jehova ba tla ba teng ho nka pheletsong e ’ngoe ea lefatše, ho isa pheletsong e ’ngoe ea lefatše.” (Jeremia 25:33) Ka sebele e tla ba nako ea matšoenyeho. Jesu o tla felisa histori e telele ea ho loana ha batho ha a ‘ema’ ho tlosa mebuso ea batho e ikarabellang.—Pesaleme ea 46:9; 1 Ba-Korinthe 15:25.
Baphonyohi ba “Nako ea Matšoenyeho”
18. (a) Phihlelo ea barapeli ba ’nete e tla ba efe ha Mikaele a “ema”? (b) ‘Ho ngoloa bukeng’ ho bolela eng?
18 Ha batho ba Molimo ba tla utloa liphello tsa bobatana ba sera, ena e tla ba “nako ea matšoenyeho” haholo-holo bakeng sa ba khopo. (Pesaleme ea 37:20) Lengeloi le bolella Daniele: “’Me ka nako eo sechaba sa heno se tla pholoha, e mong le e mong ea fumanoang a ngotsoe bukeng.” (Daniele 12:1, NW) Ba bangata ho ‘bara ba sechaba sa habo’ Daniele ba tla be ba shoele ’me ba amohetse moputso oa bona oa leholimo ka nako ena. Bana ha ho pelaelo hore ba tla kopanela le Mikaele tlhōlong ena e khōlō ea ntoa. (Tšenolo 2:26, 27; Pesaleme ea 2:8, 9) Ba saletseng lefatšeng ba ke ke ba ba le kabelo ho loaneng; empa e tla ba ba tšepahalang, kahoo ba tla pholoha. (Tšenolo 17:14; 19:7, 8) Metsoalle ea bona, “bongata bo boholo ba batho,” le eona e tla pholoha. (Tšenolo 7:14) Masala a tlotsitsoeng le “linku tse ling” kahoo ba tla ipaka e le ba ‘fumanoang ba ngotsoe bukeng,’ ke hore, mabitso a bona a tla be a ngotsoe e le a tumellanong le ho amohela neo ea bophelo bo sa feleng, e-bang ke leholimong kapa lefatšeng.—Johanne 10:16; Exoda 32:32, 33; Malakia 3:16; Tšenolo 3:5.
19. (a) Ho “ema” ha Mikaele ho tla tlisetsa lefatše khotso joang? (b) Ke potso efe e emetseng ho arabeloa?
19 Bana ba tla neoa tokelo ea ho bona ho hlongoa ha khotso ea ’nete ea lefatše ka bophara. Ba tla bona phethahatso ea tšepiso ea Jehova: “Ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše.” (Pesaleme ea 37:9) Kaha ka nako eo ’Muso oa Molimo e tla be e le eona puso feela lefatšeng, motho e mong le e mong ea phelang e tla be e le mohlanka oa Jehova. (Esaia 11:9) Ka hona, “mehleng ea qetello” ea marena ana a mabeli, Mikaele “o tla ema” ho tlisetsa batho khotso. Ha ho pokello ea lihlomo ea mebuso e meholo kapa boiteko leha e le bofe bo bong bo ka thibelang phetoho ena. Leha ho le joalo, na hoo ho bolela hore re lokela ho ema ho fihlela ka nako eo hore re thabele khotso? Che, ho na le khotso e itseng eo Bakreste ba ka e thabelang le hona joale—ka sebele, khotso ea mofuta o molemo ho feta bosieo ba ntoa feela tjee. Khotso ena ke eng? Boprofeta ba lengeloi ho Daniele bo tsoela pele ho fana ka leseli ntlheng ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kaha Mikaele o bitsoa arekangeloi, ba bang ba ikutloa hore ho mo khetholla e le Jesu ho tlosa ho hong ka tsela e itseng seriting kapa setulong sa Jesu. (Juda 9) Empa, bopaki ba ho khetholla joalo bo entse hore liithuti tse boletsoeng ka holimo tsa Bokreste-’mōtoana li hlokomele Mikaele e le Jesu ho sa tsotellehe ’nete ea hore mohlomong li ne li lumela ho Boraro-bo-bong.
Na U sa Hopola?
◻ Mikaele Khosana e Khōlō ke mang?
◻ Sechaba sa habo Daniele ke sefe kajeno?
◻ Hona joale Mikaele o emetse sechaba sa habo Daniele joang?
◻ Mikaele o tla tloha a ema ka tsela e tsotehang joang?
◻ Ke bafe ba tla pholoha nako ea ho ema ha Mikaele?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Boiteko ba ho qetela bo tsielehileng ba ho felisa batho ba Molimo bo tla hlōleha—empa joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Batho ba Molimo ba tla tleloa ke pholoho ha Mikaele a “ema” ho felisa bora ba marena ana a mabeli