Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Morena oa Leboea” Mehleng ea Bofelo
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2020 | May
    • 13. Lilemong tsa bo-1930 le nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, morena oa leboea o ile a etsa’ng?

      13 Hamorao lilemong tsa bo-1930, haholo-holo nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, morena oa leboea o ile a hlasela batho ba Molimo a se na le mohau. Nakong eo Manazi a neng a busa Jeremane, Hitler le balateli ba hae ba ile ba thibela mosebetsi oa bahlanka ba Molimo. Morena oa leboea e leng Jeremane o ile a bolaea bahlanka ba Jehova ba ka bang 1 500 eaba o isa ba likete-kete likampong tsa mahloriso. Daniele o ile a profeta ka liketsahalo tseo kaofela. Morena oa leboea o ile ‘a nyatsa selekane se halalelang’ eaba o ‘tlosa tšobotsi ea kamehla’ ke hore ka bokhopo bohle a thibela bolokolohi ba bahlanka ba Molimo ba ho rorisa lebitso la Jehova phatlalatsa. (Dan. 11:30b, 31a) ’Musi oa bona e leng Hitler, o ile a ba a ikana hore o tl’o bolaea Paki e ’ngoe le ’ngoe e lulang Jeremane.

  • “Morena oa Leboea” Mehleng ea Bofelo
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2020 | May
    • LIRA TSE PELI LI SEBETSA ’MOHO

      17. “Ntho e nyonyehang e etsang lesupi” ke’ng?

      17 Morena oa leboea o ile a tšehetsa morena oa boroa ka tsela e ikhethang e leng ea ho “beha ntho e nyonyehang e etsang lesupi.” (Dan. 11:31) “Ntho e nyonyehang” ke Machaba a Kopaneng.

      18. Ke hobane’ng ha Machaba a Kopaneng e le “ntho e nyonyehang”?

      18 Machaba a Kopaneng a bitsoa “ntho e nyonyehang” hobane a ipolela hore a ka fana ka ntho e ka tlisoang ke ’Muso oa Molimo feela, e leng ho tlisa khotso lefatšeng lohle. Hape boprofeta bo bontša hore ntho ena e nyonyehang e ‘etsa lesupi’ hobane Machaba a Kopaneng a tla hlasela likereke le ho li felisa.—Sheba chate e reng, “Marena a Loantšanang Mehleng ea Bofelo.”

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela