Khaolo ea Leshome le Metso e Supileng
Ho Khetholla Barapeli ba ’Nete Nakong ea Bofelo
1. Ho ea ka Daniele khaolo ea 7, ke liphihlelo life tse sa tloaelehang tse neng li tla tlela sehlotšoana sa batho ba se nang mokhoa oa ho itšireletsa mehleng ea rōna?
SEHLOTŠOANA sa batho ba se nang mokhoa oa ho itšireletsa se hlaseloa ka mabifi ke ’muso o matla oa lefatše. Se pholoha se sa lemala se bile se ikutloa se nchafetse—eseng ka lebaka la matla a sona empa kahobane Jehova Molimo a se nka e le sa bohlokoa. Liketsahalo tsena tse etsahetseng karolong e qalang ea lekholo la bo20 la lilemo li ile tsa boleloa esale pele ho Daniele khaolo ea 7. Leha ho le joalo, batho baa e ne e le bo-mang? Khaolo eona ena ea Daniele e ile ea ba bitsa “bahalaleli ba Ea Holimo-limo,” Jehova Molimo. E ile ea boela ea senola hore qetellong batho bana ba tla busa hammoho ’Musong oa Bomesia!—Daniele 7:13, 14, 18, 21, 22, 25-27.
2. (a) Jehova o ikutloa joang ka bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng? (b) Ho bohlale ho latela tsela efe linakong tsee?
2 Joalokaha re ithutile ho Daniele khaolo ea 11, morena oa leboea o tla timella ruri ka mor’a hore a sokele naha ea moea e sireletsehileng ea batho bana ba tšepahalang. (Daniele 11:45; bapisa le Ezekiele 38:18-23.) E, Jehova o sireletsa ka tieo batlotsuoa ba hae ba tšepahalang. Pesaleme ea 105:14, 15 ea re bolella: “[Jehova o ile] a khalemela marena ka lebaka la bona, a re: ‘Le se ke la ama batlotsuoa ba ka, ’me le se ke la etsa letho le lebe ho baprofeta ba ka.’” Ka lebaka leo, na u ke ke ua lumela hore linakong tsena tse mahlonoko ke bohlale hore “bongata bo boholo” bo ntseng bo eketseha bo kopanele haufi kamoo ho ka khonehang le bahalaleli baa? (Tšenolo 7:9; Zakaria 8:23) Sena ke sona seo Jesu Kreste a khothalelitseng hore batho ba kang linku ba se etse—ba kopanele le barab’abo ba moea ba tlotsitsoeng ka ho ba tšehetsa mosebetsing oa bona.—Matheu 25:31-46; Bagalata 3:29.
3. (a) Ke hobane’ng ha ho se bonolo ho fumana balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng le ho lula haufi le bona? (b) Daniele khaolo ea 12 e tla thusa joang ntlheng ee?
3 Leha ho le joalo, Sera sa Molimo e leng Satane, se ’nile sa loantša batlotsuoa ntoa e mahlonoko. Se phahamisitse bolumeli ba bohata, hape se atlehile ho tlatsa lefatše ka Bakreste-’mōtoana. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba khelositsoe. Ba bang ho hlakile hore ba feletsoe ke tšepo ea hore ba tla ke ba fumane baemeli ba bolumeli ba ’nete. (Matheu 7:15, 21-23; Tšenolo 12:9, 17) Le ba fumanang “mohlape o monyenyane” ’me ba kopanela le oona, ba tlameha ho loanela ho boloka tumelo, kaha lefatše lena nako le nako le batla ho senya tumelo. (Luka 12:32) Uena ho thoe’ng ka uena? Na u fumane “bahalaleli ba Ea Holimo-limo,” ’me na u kopanela le bona? Na u eleletsoe bopaki bo tiileng ba hore bao u ba fumaneng ke bona bao Molimo a hlileng a ba khethileng? Bopaki bo joalo bo ka matlafatsa tumelo ea hao. Bo ka boela ba u hlomella hore u thuse ba bang hore ba utloisise pherekano ea bolumeli e teng lefatšeng kajeno. Daniele khaolo ea 12 e na le letlotlo la tsebo ena e pholosang bophelo.
KHOSANA E KHŌLŌ E NKA KHATO
4. (a) Ke lintho life tse peli tse arohaneng tse boleloang esale pele ka Mikaele ho Daniele 12:1? (b) Ho Daniele, hangata ho boleloa’ng ka ‘ho ema’ ha morena?
4 Daniele 12:1 e baleha tjena: “Nakong eo Mikaele o tla raoha, khosana e khōlō e emeng molemong oa bara ba sechaba sa heno.” Temana ena e bolela esale pele lintho tsena tse peli tse arohaneng ka Mikaele: ea pele ke hore ‘o eme,’ e leng ho fanang ka maikutlo a boemo ba litaba bo nkang nako e itseng; ea bobeli ke hore “o tla raoha,” e leng ho fanang ka maikutlo a ketsahalo e itseng nakong eo. Ntho ea pele, re batla ho tseba nako eo ka eona Mikaele a “emeng molemong oa bara ba sechaba” sa habo Daniele. Hopola hore Mikaele ke lebitso leo Jesu a bitsoang ka lona boemong ba hae e le ’Musi oa leholimo. Taba e buang ka ‘ho ema’ ha hae, e re hopotsa tsela eo lentsoe lena le sebelisitsoeng ka eona libakeng tse ling bukeng ea Daniele. Hangata le bolela ketso e etsoang ke morena, e kang ea ho nka ha hae matla a borena.—Daniele 11:2-4, 7, 20, 21.
5, 6. (a) Ke nakong efe moo Mikaele a emeng? (b) Mikaele o “raoha” neng, hona joang, ’me liphello tsa hoo ke life?
5 Ho totobetse hore mona lengeloi le ne le bua ka nako e itseng eo ho nang le moo e qaqisitsoeng teng boprofeteng ba Bibele. Jesu o ile a e bitsa “ho ba teng” (pa·rou·siʹa, ka Segerike) ha hae, e leng nako eo ka eona a tla be a busa e le Morena leholimong. (Matheu 24:37-39) Nako ena e boetse e bitsoa ‘matsatsi a ho qetela’ le ‘nako ea bofelo.’ (2 Timothea 3:1; Daniele 12:4, 9) Haesale Mikaele a eme e le Morena leholimong ho tloha ha nako eo e qala ka 1914.—Bapisa le Esaia 11:10; Tšenolo 12:7-9.
6 Leha ho le joalo, Mikaele o “raoha” neng? Ha a phahama hore a nke khato e khethehileng. Sena ke seo Jesu a tla se etsa haufinyane. Ka mantsoe a boprofeta Tšenolo 19:11-16 e hlalosa Jesu e le Morena ea matla oa Bomesia ea palameng a eteletse pele lebotho la mangeloi ’me a timetsa lira tsa Molimo. Daniele 12:1 e tsoela pele: “Ka sebele ho tla ba le nako ea mahlomola eo e joaloka eona e e-s’o ka e etsoa hore e be teng ho tloha ha ho e-ba le sechaba ho fihlela ka nako eo.” Kreste e le Moahloli ea ka Sehloohong oa Jehova, o tla felisa tsamaiso eohle e khopo ea lintho nakong ea “matšoenyeho a maholo” a boletsoeng esale pele.—Matheu 24:21; Jeremia 25:33; 2 Bathesalonika 1:6-8; Tšenolo 7:14; 16:14, 16.
7. (a) Ho na le tšepo efe bakeng sa bohle ba tšepahalang ‘nakong ea mahlomola’? (b) Buka ea Jehova ke eng, ’me ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho fumanoa ka ho eona?
7 Batho ba bontšang tumelo ba tla tsoella joang nakong ee e mahlonoko? Daniele o ile a bolelloa ho ea pele: “Nakong eo sechaba sa heno se tla phonyoha, e mong le e mong ea fumanoang a ngotsoe bukeng.” (Bapisa le Luka 21:34-36.) Buka ee ke efe? Ha e le hantle, e emela ho hopola ha Jehova Molimo batho ba etsang thato ea hae. (Malakia 3:16; Baheberu 6:10) Ba ngotsoeng bukeng ena ea bophelo ke batho ba sireletsehileng ka ho fetisisa lefatšeng, etsoe ba thabela tšireletso ea Molimo. Kotsi leha e le efe e ka ba tlelang, e ka etsolloa ’me e tla fela e etsolloe. Le haeba ba ka shoa pele “nako [ena e tlang] ea mahlomola” e fihla, ba lula ba sireletsehile khopolong ea Jehova e se nang moeli. O tla ba hopola ’me a ba tsose nakong ea Puso ea Jesu Kreste ea Lilemo tse Sekete.—Liketso 24:15; Tšenolo 20:4-6.
BAHALALELI ‘BAA TSOHA’
8. Daniele 12:2 e fana ka tebello efe e thabisang?
8 Ka sebele tšepo ea tsoho ke e tšelisang haholo. Daniele 12:2 ea e ama, e re: “Ho tla ba le ba bangata ba ba robetseng mobung oa lerōle ba tla tsoha, bana ba tsohele bophelong bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang ’me bao ba tsohele linyelisong le ho nyonyeheng ho hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.” (Bapisa le Esaia 26:19.) Mantsoe ana a ka ’na a re hopotsa tšepiso e amang maikutlo ea Jesu Kreste ea tsoho e akaretsang. (Johanne 5:28, 29) Ke tšepo e hlollang hakaakang! Nahana feela ha ba shoeleng hona joale—metsoalle e ratoang le litho tsa lelapa tse ratoang—ba se ba fuoa monyetla oa ho boela ba phela ka moso! Empa tšepiso ena e bukeng ea Daniele e bolela haholo-holo ka tsoho ea mofuta o mong—tsoho e seng e etsahetse. Ho ka ba joalo joang?
9. (a) Ke hobane’ng ha ho utloahala ho lebella hore Daniele 12:2 e ne e tla phethahala nakong ea matsatsi a ho qetela? (b) Boprofeta boo bo bolela tsoho ea mofuta ofe, ’me re tseba joang?
9 Nahana ka taba e potolohileng sena. Joalokaha re bone, temana ea pele ea khaolo ea 12 ha e sebetse feela tabeng ea bofelo ba tsamaiso ena ea lintho empa e sebetsa hape le nakong ena eohle ea matsatsi a ho qetela. Ha e le hantle, karolo e khōlō ea khaolo ena ha e phethahale paradeiseng e tlang ea lefatšeng empa e phethahala nakong ea bofelo. Na tsoho e bile teng nakong ee? Moapostola Pauluse o ile a ngola ka tsoho ea “bao e leng ba Kreste” e le e etsahalang “nakong ea ho ba teng ha hae.” Leha ho le joalo, ba tsosetsoang bophelong ba leholimo ba tsosoa “ba ke ke ba bola.” (1 Bakorinthe 15:23, 52) Ha ho le ea mong ho bona ea tsosetsoang “linyelisong le ho nyonyeheng ho hlolang ka nako e sa lekanyetsoang” ho boletsoeng esale pele ho Daniele 12:2. Na ho na le tsoho ea mofuta o mong? Ka Bibeleng, ho na le linako tseo ka tsona tsoho e fetisang maikutlo a lintho tsa moea. Ka mohlala, Ezekiele le Tšenolo ka bobeli li na le lirapa tsa boprofeta tse sebetsang tsosolosong ea moea, kapa tsohong.—Ezekiele 37:1-14; Tšenolo 11:3, 7, 11.
10. (a) Masala a tlotsitsoeng a ile a tsosoa ka kutloisiso efe nakong ea bofelo? (b) Ke joang batlotsuoa ba bang ba neng ba tsosolositsoe ba ileng ba tsohela “linyelisong le ho nyonyeheng ho hlolang ka nako e sa lekanyetsoang”?
10 Na bahlanka ba tlotsitsoeng ba Molimo ba ile ba tsosolosoa ka tsela eo ea moea nakong ee ea bofelo? E! Histori e paka hore ka 1918 masala a ’maloa a Bakreste ba tšepahalang a ile a hlaseloa ka tsela e sa tloaelehang e ileng ea sitisa tšebeletso ea ’ona e hlophisehileng ea phatlalatsa. Joale, le hoja ho ne ho sa lebelloa, ka 1919 a ile a boela a phela ka kutloisiso ea moea. Linnete tsena li lumellana le tlhaloso ea tsoho e ileng ea boleloa esale pele ho Daniele 12:2. A mang a ile a “tsoha” moeeng ka nako eo le ka mor’a moo. Leha ho le joalo, hoa soabisa hore hase ’ohle a ileng a lula a phela moeeng. A ileng a tsosoa eaba ka mor’a moo a khetha ho hana Morena oa Bomesia le a ileng a tlohela mosebetsi oa Molimo a ile a itlisetsa ‘linyeliso le ho nyonyeha ho hlolang ka nako e sa lekanyetsoang’ ho hlalositsoeng ho Daniele 12:2. (Baheberu 6:4-6) Leha ho le joalo, ha batlotsuoa ba tšepahalang ba itsoela molemo ka ho tsosolosoa ha bona moeeng, ba ile ba tšehetsa Morena oa Bomesia ka botšepehi. Qetellong, joalokaha boprofeta bo bolela, ho tšepahala ha bona ho isa “bophelong bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.” Kajeno, matla a bona a moea har’a khanyetso, a re thusa ho ba khetholla.
BA ‘KHANYA JOALOKA LINALELI’
11. “Ba nang le temohisiso” ke bo-mang kajeno, ’me ke ka kutloisiso efe ba khanyang joaloka linaleli?
11 Litemana tse peli tse latelang tsa Daniele khaolo ea 12 li etsa ho hoholoanyane ho re thusa ho khetholla “bahalaleli ba Ea Holimo-limo.” Temaneng ea 3 lengeloi le bolella Daniele: “Ba nang le temohisiso ba tla khanya joaloka ho khanya ha sepakapaka; le ba tlisang ba bangata ho lokeng, ba khanye joaloka linaleli ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.” “Ba nang le temohisiso” ke bo-mang kajeno? Bopaki bo sa boetse bo supa bona “bahalaleli ba Ea Holimo-limo.” Ha e le hantle, ke bo-mang haese masala a tlotsitsoeng a tšepahalang ba bileng le temohisiso ea hore Mikaele, Khosana e Khōlō, o qalile ho ema e le Morena ka 1914? Ka ho bolela linnete tse kang ena—haesita le ka ho boloka boitšoaro ba Bokreste—a ’nile a ‘khanya e le maseli’ lefatšeng lena le lefifing moeeng. (Bafilippi 2:15; Johanne 8:12) Mabapi le ’ona, Jesu o ile a profeta: “Ka nako eo ba lokileng ba tla khanya ka ho phatsimang joaloka letsatsi ’musong oa Ntate oa bona.”—Matheu 13:43.
12. (a) Nakong ea bofelo, batlotsuoa ba ’nile ba ameha joang ho ‘tliseng ba bangata ho lokeng’? (b) Ke joang batlotsuoa ba tla tlisa ba bangata ho lokeng ba be ba ‘khanye joaloka linaleli’ nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete?
12 Daniele 12:3 e bile e re bolella hore na ke mosebetsi ofe oo Bakreste bana ba tlotsitsoeng ba neng ba tla tšoareha ka oona nakong ea bofelo. Ba ne ba tla be ba ‘tlisa ba bangata ho lokeng.’ Masala a tlotsitsoeng a ile a qala ho bokella palo e setseng ea majalefa-’moho le Kreste a 144 000. (Baroma 8:16, 17; Tšenolo 7:3, 4) Ha ho ne ho phethoa mosebetsi oo—ka ho hlakileng bohareng ba bo-1930—a ile a qala ho bokella “bongata bo boholo” ba “linku tse ling.” (Tšenolo 7:9; Johanne 10:16) Bongata bona le bona bo bontša tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste. Kahoo, bo hloekile ka pel’a Jehova. Bo baloa ka limilione kajeno, bo bontša hore bo thabela tšepo ea ho pholoha timetso e tlang ea lefatše lena le khopo. Nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, Jesu le marena a 144 000 ao e bileng e leng baprista hammoho le eena ba tla sebelisa melemo e feletseng ea thekollo molokong oa batho ba utloang ba lefatšeng, kahoo ba thuse bohle ba bontšang tumelo hore ba lahle mesaletsa eohle ea sebe se futsitsoeng ho Adama. (2 Petrose 3:13; Tšenolo 7:13, 14; 20:5, 6) Joale, ka kutloisiso e feletseng, batlotsuoa ba tla ‘tlisa ba bangata ho lokeng’ ’me ba tla ‘khanya joaloka linaleli’ leholimong. Na u nka tšepo ea ho phela lefatšeng tlas’a ’muso o khanyang oa leholimo oa Kreste le babusi-’moho le eena e le ea bohlokoa? Ke tokelo e kaakang ho kopanela le “bahalaleli” ho boleleng litaba tsena tse molemo tsa ’Muso oa Molimo!—Matheu 24:14.
BAA “PHENYA”
13. Ke ka kutloisiso efe mantsoe a buka ea Daniele a neng a koetsoe ka tiiso a bile a bolokiloe e le sephiri?
13 Phatlalatso ea lengeloi ho Daniele, e qalileng morao koana ho Daniele 10:20, joale e phethela ka mantsoe ana a thabisang: “’Me ha e le uena, Daniele, etsa hore mantsoe ana e be sephiri ’me u tiise buka, ho fihlela nakong ea bofelo. Ba bangata ba tla phenya, ’me tsebo ea ’nete e tla ba ngata.” (Daniele 12:4) Ha e le hantle, karolo e khōlō ea seo Daniele a ileng a bululeloa hore a se ngole e ile ea bolokoa e le lekunutu ea ba ea koaloa ka tiiso hore batho ba se ke ba e utloisisa. Ho makatsang ke hore Daniele ka boeena o ile a ngola hamorao: “Joale ha e le ’na, ke ile ka utloa, empa ha kea ka ka utloisisa.” (Daniele 12:8) Ka kutloisiso ena, buka ea Daniele e ile ea lula e koetsoe ka tiiso ka makholo a lilemo. Kajeno teng boemo ke bofe?
14. (a) “Nakong ea bofelo,” ke bo-mang ba ’nileng ba “phenya,” hona ba phenya hokae? (b) Ho na le bopaki bofe ba hore Jehova o hlohonolofalitse ho “phenya” hoo?
14 Re thabela tokelo ea ho phela “nakong ea bofelo” e boletsoeng esale pele bukeng ea Daniele. Joalokaha ho profetiloe, ba bangata ba tšepahalang ba ’nile ba “phenya” maqephe a Lentsoe la Molimo. Phello ke efe? Ka tlhohonolofatso ea Jehova, tsebo ea ’nete e atile. Lipaki tsa Jehova tse tlotsitsoeng tse tšepahalang li hlohonolofalitsoe ka temohisiso e li nolofaletsang ho utloisisa hore Mor’a motho e ile ea e-ba Morena ka 1914, ho khetholla libata tsa boprofeta ba Daniele le ho hlokomelisa ka “ntho e nyonyehang e etsang lesupi”—’me ena ke mehlala e seng mekae feela. (Daniele 11:31) Ka hona, tsebo ena e ngata ke letšoao le leng le khethollang “bahalaleli ba Ea Holimo-limo.” Empa Daniele o ile a fumana bopaki bo eketsehileng.
BAA “ROBAKANNGOA”
15. Joale lengeloi le hlahisa potso efe, ’me ke bo-mang bao potso ee e ka ’nang ea re hopotsa bona?
15 Rea hopola hore Daniele o fumane melaetsa ena ea lengeloi a le lebōpong la “nōka e khōlō” ea Hidekele, eo hape e tsejoang e le Tigris. (Daniele 10:4) Mona o bona libōpuoa tse tharo tsa mangeloi ’me o re: “Eaba kea talima, ’na Daniele, ’me, bonang! ho ne ho e-na le ba bang ba babeli ba emeng, e mong a le mona lebōpong la molapo ’me e mong a le mane lebōpong la molapo. Joale e mong a re ho monna ea apereng line, ea neng a le ka holim’a metsi a molapo: ‘E tla ba halelele hakae ho isa bofelong ba lintho tsee tse hlollang?’” (Daniele 12:5, 6) Potso eo lengeloi le ileng la e botsa mona e ka ’na ea boela ea re hopotsa “bahalaleli ba Ea Holimo-limo.” Qalong ea ‘nako ea bofelo,’ ka 1914, ba ne ba amehile haholo ka taba ea hore na ho ne ho tla feta nako e kae pele litšepiso tsa Molimo li phethahala. Taba ea hore ke bona bao ho buuoang ka bona boprofeteng bona, e totobala karabong ea potso ena.
16. Lengeloi le bolela boprofeta bofe, ’me le hatisa joang hore kannete bo tla phethahala?
16 Tlaleho ea Daniele e tsoela pele: “’Me ka qala ho utloa monna ea apereng line, ea neng a le ka holim’a metsi a molapo, ha a phahamisetsa letsoho la hae le letona le letsoho la hae le letšehali maholimong le ho hlapanya ka Ea phelang ka nako e sa lekanyetsoang: ‘E tla ba ka nako e behiloeng, linako tse behiloeng le halofo. ’Me hang ha ho phethiloe ho robakanngoa ha matla a sechaba se halalelang, lintho tsena tsohle li tla fela.’” (Daniele 12:7) Ena ke taba e tebileng. Lengeloi le phahamisa matsoho a mabeli ha le etsa kano, mohlomong e le hore mangeloi a mabeli a ka mahlakoreng a bapileng a nōka eo e sephara a bone pontšo ena. Kahoo le hatisa hore kannete boprofeta bona bo tla phethahala. Leha ho le joalo, linako tsee tse behiloeng li neng? Karabo ha e fumanehe ka thata joalokaha u ka nahana.
17. (a) Ke ho tšoana hofe ho fumanoang boprofeteng bo tlalehiloeng ho Daniele 7:25, Daniele 12:7, le Tšenolo 11:3, 7, 9? (b) Linako tse tharo le halofo li telele hakae?
17 Boprofeta bona bo tšoana haholo le bo bong bo hlahang libakeng tse ling tse peli. Bo bong, boo re bo hlahlobileng Khaolong ea 9 ea buka ena, bo fumanoa ho Daniele 7:25; bo bong, ho Tšenolo 11:3, 7, 9. Hlokomela ho tšoana ho hong. Bo bong le bo bong bo behetsoe nako ea bofelo. Boprofeta bona ka bobeli bo ama bahlanka ba halalelang ba Molimo, bo bontša hore baa hlorisoa haesita le hore ka nakoana ba sitoa ho phetha mosebetsi oa bona oa ho bolela phatlalatsa. Boprofeta ka bong bo bontša hore bahlanka ba Molimo baa tsoha ebe ba tsosolosa mosebetsi oa bona, ba sitisa bahlorisi ba bona. Boprofeta ka bong bo bolela hore na nako ena ea mathata a bahalaleli e telele hakae. Boprofeta bona ka bobeli bo ho Daniele (7:25 le 12:7) bo bua ka ‘nako, linako, le halofo ea nako.’ Litsebi ka kakaretso li hlokomela hore sena se bolela linako tse tharo le halofo. Tšenolo e bua ka nako e joalo e le likhoeli tse 42, kapa matsatsi a 1 260. (Tšenolo 11:2, 3) Sena se tiisa hore linako tse tharo le halofo tse ho Daniele li bolela lilemo tse tharo le halofo tse bolelele ba matsatsi a 360 selemo ka seng. Empa matsatsi aa a 1 260 a qalile neng?
18. (a) Ho ea ka Daniele 12:7, ke eng se neng se tla tšoaea ho fela ha matsatsi a 1 260? (b) “Matla a sechaba se halalelang” a ile a qetella a robakantsoe neng, ’me see se ile sa etsahala joang? (c) Matsatsi a 1 260 a ile a qala neng, ’me batlotsuoa ba ile ba ‘profeta ba apere lesela la mokotla’ joang ka nako eo?
18 Boprofeta bo hlile bo hlakile tabeng ea hore na matsatsi ana a 1 260 a ne a tla fela neng—e leng ha “ho phethiloe ho robakanngoa ha matla a sechaba se halalelang.” Bohareng ba 1918, litho tse ka sehloohong tsa Watch Tower Bible and Tract Society, ho akarelletsa le mopresidente oa eona, J. F. Rutherford, li ile tsa behoa molato ka liqoso tsa bohata, tsa ahloleloa nako e telele litlamong tsa ba tsa kenngoa chankaneng. Bahalaleli ba Molimo ba ile ba fela ba bona mosebetsi oa bona o “robakanngoa” le matla a bona a rojoa. Ha re bala nako ho tloha bohareng ba 1918 re khutlela morao ka lilemo tse tharo le halofo, re fihla bofelong ba 1914. Ka nako eo sehlotšoana sa batlotsuoa se ne se itokisetsa tlhaselo e sehlōhō ea mahloriso. Ntoa ea I ea Lefatše e ne e qhomme, ’me khanyetso ea mosebetsi oa bona e ne e hōla. Bakeng sa selemo sa 1915, ba ile ba ba ba theha temana ea bona ea selemo potsong ena eo Kreste a ileng a e botsa balateli ba hae: “Na le ka noela senoelong sa ka?” (Matheu 20:22, King James Version) Joalokaha ho boletsoe esale pele ho Tšenolo 11:3, nako ea matsatsi a 1 260 e ileng ea latela e ne e le ea ho siama bakeng sa batlotsuoa—ho ne ho tšoana leha ba profeta ba apere lesela la mokotla. Mahloriso a ile a tota. Ba bang ba bona ba ile ba kenngoa chankaneng, ba bang ba hlaseloa ke mahoohoo, ’me ba bang hape ba hlokofatsoa. Ba bangata ba ile ba qetoa matla ke lefu la mopresidente oa pele oa Mokhatlo, C. T. Russell, ka 1916. Leha ho le joalo, ho ne ho tla etsahala’ng ka mor’a hore nako ee e thata e felle ka ho bolaoa ha bahalaleli baa e le mokhatlo oa baboleli?
19. Boprofeta bo ho Tšenolo khaolo ea 11 bo re tiisetsa joang hore batlotsuoa ba ne ba ke ke ba khutsisoa ka nako e telele?
19 Boprofeta bo tšoanang bo fumanoang ho Tšenolo 11:3, 9, 11 bo bontša hore ka mor’a hore ‘lipaki tse peli’ li bolaoe, li robala lefung ka nakoana feela—e leng ka matsatsi a mararo le halofo—ho fihlela li tsosoa. Ka ho tšoanang, boprofeta bo ho Daniele khaolo ea 12 bo bontša hore bahalaleli ba ne ba ke ke ba lula ba khutsitse empa ho e-na le hoo ba ne ba e-na le mosebetsi o eketsehileng o ba emetseng.
BAA ‘HLOEKISOA, BAA SOEUFATSOA, ’ME BAA TŠEKOA’
20. Ho ea ka Daniele 12:10, batlotsuoa ba ne ba tla tleloa ke litlhohonolofatso life ka mor’a liphihlelo tsa bona tse bohloko?
20 Joalokaha ho bontšitsoe pejana, Daniele o ile a ngola lintho tsena empa o ne a sa li utloisise. Ho ntse ho le joalo, e lokela ebe o ile a ipotsa hore na bahlorisi ba tla hle ba felise bahalaleli na, hobane o ile a botsa, “Karolo e qetellang ea lintho tsee e tla ba eng?” Lengeloi le ile la araba: “Tsamaea, Daniele, hobane mantsoe ao a entsoe sephiri ’me a tiisitsoe ho fihlela nakong ea bofelo. Ba bangata ba tla itlhoekisa le ho itšoeufatsa ’me ba tla tšekoa. ’Me ka sebele ba khopo ba tla etsa bokhopo, ’me ho hang ha ho ba khopo ba tla utloisisa; empa ba nang le temohisiso ba tla utloisisa.” (Daniele 12:8-10) Ho ne ho e-na le tšepo e tiileng bakeng sa bahalaleli! Ho e-na le ho timetsoa, ba ne ba tla soeufatsoa, ba hlohonolofatsoe ka ho ba le boemo bo hloekileng ka pel’a Jehova Molimo. (Malakia 3:1-3) Temohisiso ea bona litabeng tsa moea e ne e tla ba nolofalletsa hore ba lule ba hloekile mahlong a Molimo. Ho fapana le moo, ba khopo ba ne ba tla hana ho utloisisa lintho tsa moea. Empa see sohle se ne se tla etsahala neng?
21. (a) Nako e boletsoeng esale pele ho Daniele 12:11 e ne e tla qala ha ho hlahile litlhokahalo life? (b) “Tšobotsi ea kamehla” e ne e le eng, ’me e ile ea tlosoa neng? (Bona lebokose le leqepheng la 298.)
21 Daniele o ile a bolelloa: “Ho tloha nakong eo ka eona ho tlositsoeng tšobotsi ea kamehla ’me ho behiloe ntho e nyonyehang e etsang lesupi, ho tla ba le matsatsi a sekete le makholo a mabeli le mashome a robong.” Kahoo, nako ena e ne e tla qala ha ho hlahile litlhokahalo tse itseng. “Tšobotsi ea kamehla”—kapa “sehlabelo se tsoelang pele”a—e ne e lokela ho tlosoa. (Daniele 12:11, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Lengeloi le ne le bolela sehlabelo sefe? Le ne le sa bolele mahlabelo a liphoofolo a nyeheloang tempeleng leha e le efe ea lefatšeng. Ha e le hantle, esita le tempele e neng e kile ea ema Jerusalema e ne e le feela “setšoantšo sa ntho ea sebele”—e leng tempele ea Jehova e khōlō ea moea, e ileng ea qala ho sebetsa ha Kreste e e-ba Moprista ea Phahameng ho eona ka 29 C.E.! Tempeleng ena ea moea, e emelang tokisetso ea Molimo ea borapeli bo hloekileng, ha ho hlokahale linyehelo tse tsoelang pele tsa libe, hobane “Kreste o ile a nyeheloa hang le ka ho ke keng ha phetoa ho jara libe tsa ba bangata.” (Baheberu 9:24-28) Leha ho le joalo, Bakreste bohle ba ’nete ba nyehela mahlabelo tempeleng ena. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ka [Kreste] a re nyeheleng ka mehla ho Molimo sehlabelo sa thoriso, ke hore, litholoana tsa melomo e etsetsang lebitso la hae polelo ea phatlalatsa.” (Baheberu 13:15) Kahoo, tlhokahalo ena ea pele ea boprofeta—ho tlosoa ha “tšobotsi ea kamehla”—e ile ea hlaha bohareng ba 1918 ha mosebetsi oa ho bolela o batla o emisoa ka nakoana.
22. (a) “Ntho e nyonyehang e etsang lesupi” ke eng, ’me e ile ea hlomamisoa neng? (b) Nako e boletsoeng esale pele ho Daniele 12:11 e qalile neng, ’me e felile neng?
22 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka tlhokahalo ea bobeli—ho ‘behoa’ kapa ho hlomamisoa ha “ntho e nyonyehang e etsang lesupi”? Joalokaha re bone ha re ne re tšohla Daniele 11:31, ntho ena e nyonyehang e ile ea qala e le Selekane sa Lichaba ’me ea hlaha hape hamorao e se e le Machaba a Kopaneng. Lia nyonyeha ka bobeli hobane li ’nile tsa thoholetsoa ka hore ke tsona tšepo feela ea khotso lefatšeng. Kahoo, lipelong tsa batho ba bangata, mekhatlo ena e hlile e nka sebaka sa ’Muso oa Molimo! Taba ea Selekane e ile ea tekoa ka molao ka January 1919. Ka hona, litlhokahalo tse peli tsa Daniele 12:11 li ile tsa finyelloa ka nako eo. Kahoo, matsatsi a 1 290 a ile a qala mathoasong a 1919 ’me a tsoela pele ho fihlela hoetla (Karolong e ka Leboea ea Lefatše) ka 1922.
23. Bahalaleli ba Molimo ba ile ba tsoela pele ho ea boemong bo hloekileng joang nakong ea matsatsi a 1 290 a boletsoeng esale pele ho Daniele khaolo ea 12?
23 Ka nako eo, na bahalaleli ba ile ba hatela pele hore e be ba soeufetseng le ba hloekileng mahlong a Molimo? Ka sebele ba ile ba etsa joalo! Ka March 1919 mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower le metsoalle e haufi ea hae ba ile ba lokolloa chankaneng. Hamorao ba ile ba lokolloa ka ho feletseng liqosong tsa bohata tseo ba neng ba qositsoe ka tsona. Ka ho hlokomela hore mosebetsi oa bona o ne o e-s’o fele, ba ile ba tšoareha hang-hang, ba hlophisa kopano e neng e tla tšoaroa ka September 1919. Ka selemo sona seo, makasine ea habo Molula-Qhooa e ile ea hatisoa ka lekhetlo la pele. Pele e ne e bitsoa The Golden Age (hona joale ke Tsoha!) ’me kamehla e ’nile ea tšehetsa Molula-Qhooa ka hore e se ke ea tšaba ho pepesa bobolu ba lefatše lena le ka hore e thuse batho ba Molimo hore ba lule ba hloekile. Qetellong ea matsatsi a 1 290 a boletsoeng esale pele, bahalaleli ba ne ba hatetse pele haholo tseleng ea ho ba boemong bo hloekileng le ba tsosoloso. Ka September 1922, hantle hoo e ka bang bofelong ba nako ena, ba ile ba tšoara kopano ea bohlokoa Cedar Point, Ohio, U.S.A. E ile ea matlafatsa mosebetsi oa boboleli haholo. Leha ho le joalo, ho ne ho ntse ho hlokahala hore ho tsoeloe pele haholoanyane. Sena se ne se emetse nako e khethehileng e latelang.
THABO BAKENG SA BAHALALELI
24, 25. (a) Ke nako efe e boleloang esale pele ho Daniele 12:12, ’me ho bonahala eka e ile ea qala neng le ho fela neng? (b) Boemo ba moea ba masala a tlotsitsoeng e ne e le bofe qalong ea matsatsi a 1 335?
24 Lengeloi la Jehova le phethela boprofeta ba lona mabapi le bahalaleli ka mantsoe ana: “Ho thaba ea lulang a lebeletse le ea fihlang matsatsing a sekete le makholo a mararo le mashome a mararo a metso e mehlano!” (Daniele 12:12) Lengeloi ha le fane ka leseli la hore na nako ena e qala neng kapa e fela neng. Kamoo histori ea liketsahalo tsa puso ea Molimo e etsahetseng kateng, ho bonahala hore nako ena e latela hang-hang ka mor’a e tlileng pele ho eona. Haeba ho joalo, e ne e tla tsoela pele ho tloha hoetla ka 1922 ho fihlela qetellong ea nako ea selemo ka 1926 (Karolong e ka Leboea ea Lefatše). Na bahalaleli ba ile ba finyella boemo ba thabo qetellong ea nako eo? E, ka litsela tsa bohlokoa tsa moea.
25 Esita le ka mor’a kopano ea 1922 (e bontšitsoeng leqepheng la 302), ba bang ba bahalaleli ba Molimo ba ne ba ntse ba labalabela lintho tsa nako e fetileng. Kofuto e ka sehloohong ea thuto libokeng tsa bona e ne e ntse e le Bibele le meqolo ea Studies in the Scriptures, ea C. T. Russell. Ka nako eo, ho ne ho e-na le maikutlo a atileng a hore 1925 ke sona selemo seo tsoho e tla qala ka sona le seo Paradeise e tla tsosolosoa ka sona lefatšeng. Kahoo, ba bangata ba ne ba sebetsa ba habile nako e itseng. Ba bang ka boikhohomoso ba ile ba hana ho kopanela mosebetsing oa ho bolela har’a batho ka kakaretso. Boemo bona e ne e se bo thabisang.
26. Ha matsatsi a 1 335 a ntse a tsoela pele, boemo ba moea ba batlotsuoa bo ile ba fetoha joang?
26 Leha ho le joalo, ha matsatsi a 1 335 a ntse a tsoela pele, sena sohle se ile sa qala ho fetoha. Boboleli bo ile ba e-ba boemong bo hlaheletseng ha ho etsoa litokisetso tsa kamehla tsa hore e mong le e mong a kopanele tšebeletsong ea tšimo. Ho ile ha lokisetsoa liboka tsa ho ithuta Molula-Qhooa beke le beke. Tokollo ea March 1, 1925, (ea Senyesemane) e ne e e-na le sehlooho sa bohlokoa se reng, “Ho Tsoaloa ha Sechaba,” se ileng sa neha batho ba Molimo kutloisiso e feletseng ea se etsahetseng nakong ea 1914-19. Ha 1925 e se e fetile, bahalaleli ha baa ka ba hlola ba sebeletsa Molimo ba habile nako e itseng, e haufi. Ho e-na le hoo, ntho ea bohlokoa e ne e le ho halaletsoa ha lebitso la Jehova. ’Nete ena ea bohlokoa e ile ea totobatsoa ho feta neng kapa neng sehloohong sa Molula-Qhooa oa January 1, 1926, (oa Senyesemane) se reng, “Ke Mang ea Tla Hlompha Jehova?” Kopanong ea May 1926, ho ile ha lokolloa buka e bitsoang Deliverance. (Bona leqephe la 302.) E ne e le letotong la libuka tse ncha tse neng li lokiselitsoe ho nka sebaka sa Studies in the Scriptures. Bahalaleli ba ne ba se ba sa labalabele lintho tsa nako e fetileng. Ba ne ba shebile ka kholiseho nakong e tlang le mosebetsing o ka pele. Kahoo, joalokaha ho profetiloe, ha matsatsi a 1 335 a fela, bahalaleli ba ne ba thabile.
27. Tlhahlobo e akaretsang ea Daniele khaolo ea 12 e re thusa joang ho khetholla batlotsuoa ba Jehova re sa qeaqee?
27 Ha e le hantle, hase bohle ba ileng ba mamella nakong ena e mahlonoko. Ha ho pelaelo hore ke ka lebaka leo lengeloi le ileng la hatella bohlokoa ba hore ‘ba lule ba lebeletse.’ Ba ileng ba mamella ’me ba lula ba lebeletse ba ile ba hlohonolofatsoa haholo. Tlhahlobo e akaretsang ea Daniele khaolo ea 12 e hlakisa sena. Joalokaha ho boletsoe esale pele, batlotsuoa ba ile ba tsosolosoa, kapa ba tsosoa, ka kutloisiso ea moea. Ba ile ba fuoa temohisiso e hlokomelehang Lentsoeng la Molimo, ba fuoa matla a ho le “phenya,” le hore ka tataiso ea moea o halalelang, ba koaholle liphiri tsa khale. Jehova o ile a ba hloekisa ’me a etsa hore ka tsela ea moea ba khanye joaloka linaleli. Ka lebaka leo, ba ile ba tlisa ba bangata boemong ba ho ba ba lokileng ho Jehova Molimo.
28, 29. Boikemisetso ba rōna e lokela ho ba bofe ha ‘nako ea bofelo’ e le makhatheng a ho fela?
28 Ka matšoao ana ’ohle a khethollang “bahalaleli ba Ea Holimo-limo,” motho a ka ikemela ka lebaka lefe ha a hlōleha ho ba tseba le ho kopanela le bona? Litlhohonolofatso tse babatsehang li emetse bongata bo boholo bo ikopanyang tšebeletsong ea Jehova le sehlopha sena se ntseng se qepha sa batlotsuoa. Bohle re lokela ho lula re lebeletse phethahatso ea litšepiso tsa Molimo. (Habakuke 2:3) Mehleng ea rōna, ke mashome a lilemo esale Mikaele, Khosana e Khōlō, a eme molemong oa batho ba Molimo. O tla tloha a nka khato e le moahloli ea khethiloeng ke Molimo oa tsamaiso ena ea lintho. Ha a etsa joalo, rōna re tla be re le boemong bofe?
29 Karabo ea potso eo e tla itšetleha ka hore na re khetha ho phela bophelo ba botšepehi hona joale kapa che. Ho tiisa qeto ea rōna ea ho etsa joalo ha ‘nako ea bofelo’ e e-ea pheletsong, a re hlahlobeng temana ea ho qetela ea buka ea Daniele. Ho e tšohla ha rōna khaolong e latelang ho tla re thusa ho bona hore na Daniele o ile a ema joang ka pel’a Molimo oa hae le hore na o tla ema joang ka pel’a Hae nakong e tlang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E fetoletsoe ka mokhoa o bonolo feela e le “sehlabelo” ho Septuagint ea Segerike.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Ke nako efe eo ka eona Mikaele a ‘emeng,’ ’me o tla “raoha” joang hona neng?
• Daniele 12:2 e bua ka tsoho ea mofuta ofe?
• Ke linako life tse tšoaeang ho qala le ho fela ha
linako tse tharo le halofo tse boletsoeng ho Daniele 12:7?
matsatsi a 1 290 a boletsoeng esale pele ho Daniele 12:11?
matsatsi a 1 335 a profetiloeng ho Daniele 12:12?
• Ho ela hloko Daniele khaolo ea 12 ho re thusa joang ho khetholla barapeli ba ’nete ba Jehova?
[Lebokose le leqepheng la 298]
HO TLOSOA HA TŠOBOTSI EA KAMEHLA
Bukeng ea Daniele, poleloana “tšobotsi ea kamehla” e hlaha ka makhetlo a mahlano. E bolela sehlabelo sa thoriso—e leng “litholoana tsa melomo”—se nyeheloang kamehla ho Jehova Molimo ke bahlanka ba hae. (Baheberu 13:15) Ho tlosoa ha eona ho boletsoeng esale pele, ho tšohloa ho Daniele 8:11, 11:31 le 12:11.
Nakong ea lintoa tse peli tsa lefatše, batho ba Jehova ba ile ba hlorisoa hampe libakeng tse pusong ea “morena oa leboea” le “morena oa boroa.” (Daniele 11:14, 15) Ho tlosoa ha “tšobotsi ea kamehla” ho ile ha etsahala qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše ha mosebetsi oa ho bolela o ne o batla o emisitse bohareng ba 1918. (Daniele 12:7) Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, “tšobotsi ea kamehla” e ile ea “tlosoa” ka tsela e tšoanang ka matsatsi a 2 300 ke ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. (Daniele 8:11-14; bona Khaolo ea 10 ea buka ena.) E ile ea tlosoa hape ke “matsoho” a Manazi ka nako e itseng e sa qaqisoang ka Mangolong.—Daniele 11:31; bona Khaolo ea 15 ea buka ena.
[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 301]
LINAKO TSA BOPROFETA TSE HO DANIELE
Linako tse supileng October 607 B.C.E. ho ea ho
(lilemo tse 2 520): October 1914 C.E.
Daniele 4:16, 25 (’Muso oa Bomesia oa thehoa.
Bona Khaolo ea 6 ea buka ena.)
Linako tse tharo le halofo December 1914 ho ea ho June 1918
(Matsatsi a 1 260): (Bakreste ba tlotsitsoeng baa
Daniele 7:25; 12:7 hlekefetsoa. Bona Khaolo ea 9 ea
buka ena.)
Lishoalane le linakot La 1 kapa la 15 June, 1938, ho ea ho
sa hoseng tse 2 300: la 8 kapa la 22 October, 1944
Daniele 8:14 (“Bongata bo boholo” boa hlaha, boa
ata. Bona Khaolo ea 10 ea buka ena.)
Libeke tse 70 455 B.C.E. ho ea ho 36 C.E.
(lilemo tse 490): (Ho tla ha Mesia le tšebeletso ea hae
Daniele 9:24-27 ea lefatšeng. Bona Khaolo ea 11 ea
buka ena.)
Matsatsi a 1 290: January 1919 ho ea ho
Daniele 12:11 September 1922
(Bakreste ba tlotsitsoeng baa tsoha
’me ba tsoela pele moeeng.)
Matsatsi a 1 335: September 1922 ho ea ho May 1926
Daniele 12:12 (Bakreste ba tlotsitsoeng ba finyella
boemo ba thabo.)
[Litšoantšo tse leqepheng la 287]
Ka leeme bahlanka ba ka sehloohong ba Jehova ba ile ba isoa chankaneng ea ’muso ea linokoane tse khōlō Atlanta, Georgia, U.S.A. Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: (ba lutseng) A. H. Macmillan, J. F. Rutherford, W. E. Van Amburgh; (ba emeng) G. H. Fisher, R. J. Martin, G. DeCecca, F. H. Robison, le C. J. Woodworth
[Litšoantšo tse leqepheng la 299]
Likopano tse khōlō tsa bohlokoa li ile tsa tšoareloa Cedar Point, Ohio, U.S.A., ka 1919 (ka holimo) le ka 1922 (ka tlaase)
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 302]