Khaolo ea Bone
Ho Ema le ho oa ha Setšoantšo se Seholohali
1. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella boemo bo ileng ba hlaha lilemo tse leshome ka mor’a hore Morena Nebukadnezare a ise Daniele le ba bang kholehong?
HO SE ho fetile lilemo tse leshome Morena Nebukadnezare a tlisitse Daniele le ‘banna ba bang ba ka pele-pele ba naha’ ea Juda kholehong Babylona. (2 Marena 24:15) Daniele e monyenyane o sebeletsa ka lekhotleng la morena nakong ea ha ho hlaha boemo bo behang bophelo kotsing. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella see? Hobane tsela eo Jehova Molimo a kenellang ka eona tabeng ena ha e felle feela ka ho pholosa bophelo ba Daniele le ba ba bang empa e boetse e re bontša tlhahlamano ea mebuso ea lefatše ea boprofeta ba Bibele e kenellang mehleng ea rōna.
MORENA O THULANA LE BOTHATA
2. Nebukadnezare o ile a lora toro ea hae ea pele ea boprofeta neng?
2 Moprofeta Daniele o ile a ngola: “Ka selemo sa bobeli sa ho busa ha Nebukadnezare, Nebukadnezare a lora litoro; ’me moea oa hae oa qala ho khathatseha, ’me a hloka boroko.” (Daniele 2:1) Molori e ne e le Nebukadnezare, morena oa ’Muso oa Babylona. O ne a atlehile ho ba ’musi oa lefatše ka 607 B.C.E. ha Jehova Molimo a mo lumella hore a timetse Jerusalema le tempele ea eona. Ka selemo sa bobeli sa puso ea Nebukadnezare e le ’musi oa lefatše, (606/605 B.C.E.), Molimo o ile a mo romela toro e tšosang.
3. Ke bo-mang ba ileng ba bonahala ba hlōleha ho hlalosa toro ea morena, ’me Nebukadnezare o ile a arabela joang?
3 Toro ena e ile ea tšoenya Nebukadnezare hoo a neng a sitoa ho robala. Hoa utloahala hore o ne a chesehela ho tseba seo e se bolelang. Empa morena enoa ea matla o ne a lebetse toro ena! Ka hona o ile a bitsa maselamose a Babylona, babetsi le baloi ’me a laela hore ba bolele toro ba be ba e hlalose. Mosebetsi ona e ne e le o ka holimo ho matla a bona. Ho hlōleha ha bona ho ile ha halefisa Nebukadnezare hoo a ileng a laela hore “ho timetsoe banna bohle ba bohlale ba Babylona.” Taelo ena e ne e tla etsa hore moprofeta Daniele a kopane ka ho toba le motimetsi ea khethiloeng. Hobane’ng? Hobane eena le metsoalle ea hae e meraro ea Baheberu—Hanania, Mishaele le Azaria—ba ne ba balelloa har’a banna ba bohlale ba Babylona.—Daniele 2:2-14.
DANIELE OA THUSA
4. (a) Daniele o ile a tseba se torong ea Nebukadnezare le seo e se bolelang joang? (b) Daniele o ile a re’ng ha a leboha Jehova Molimo?
4 Ka mor’a hore a tsebe lebaka la taelo e bohale ea Nebukadnezare, “Daniele a kena ’me a kōpa morena hore a mo fe nako e tobileng ea ho bontša morena tlhaloso.” O ile a e fuoa. Daniele a boela tlung ea hae ’me eena le metsoalle ea hae e meraro ea Baheberu ba rapela, ba kōpa “mehauhelo ho Molimo oa leholimo malebana le sephiri sena.” Ka pono hona bosiung boo, Jehova o ile a senolela Daniele sephiri sa toro ena. Ka teboho, Daniele o ile a re: “Lebitso la Molimo le ke le bokoe ho tloha nakong e sa lekanyetsoang esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ka lebaka la bohlale le matla—etsoe ke tsa hae. ’Me o fetola linako le mehla, o tlosa marena le ho emisa marena, o fana ka bohlale ho ba bohlale le tsebo ho ba tsebang temoho. O senola lintho tse tebileng le lintho tse patiloeng, o tseba se leng lefifing; ’me leseli le lula ho eena.” Daniele o ile a rorisa Jehova ka temohisiso eo.—Daniele 2:15-23.
5. (a) Ha Daniele a le ka pel’a morena, o ile a isa tlotla joang ho Jehova? (b) Ke hobane’ng ha re thahasella tlhaloso ea Daniele kajeno?
5 Ka letsatsi le hlahlamang, Daniele o ile a atamela Arioke, mookameli oa balebeli, ea neng a khethetsoe ho timetsa banna ba bohlale ba Babylona. Arioke ha a utloa hore Daniele a ka hlalosa toro eo, o ile a mo potlakisetsa ho morena. A sa itlotlise ka letho, Daniele o ile a bolella Nebukadnezare hore: “Molimo o teng maholimong eo e leng Mosenoli oa liphiri, ’me o tsebisitse Morena Nebukadnezare se tla etsahala karolong e qetellang ea matsatsi.” Daniele o ne a sa itokisetsa ho senola bokamoso ba ’Muso oa Babylona feela empa o ne a tla senola le lethathamo la liketsahalo tsa lefatše ho tloha mehleng ea Nebukadnezare ho fihlela mehleng ea rōna le ka morao ho eona.—Daniele 2:24-30.
TORO EA HOPOLOA
6, 7. Daniele o ile a hopotsa morena toro efe?
6 Nebukadnezare o ile a mamela ka hloko ha Daniele a hlalosa: “Uena morena, u ile ua talima, ’me, bona! setšoantšo se itseng se seholohali. Setšoantšo seo, se neng se le seholo ’me ho khanya ha sona e le ho sa tloaelehang, se ne se eme ka pel’a hao, ’me ponahalo ea sona e ne e le e tšabehang. Ha e le setšoantšo seo, hlooho ea sona e ne e le ea khauta e ntle, sefuba sa sona le matsoho a sona e le a silevera, mpa ea sona le lirope tsa sona e le tsa koporo, meomo ea sona e le ea tšepe, karolo e ’ngoe ea maoto a sona e le ea tšepe ’me karolo e ’ngoe e le ea letsopa le bōpiloeng. U ile ua ’na ua talima ho fihlela lejoe le khephoha empa e se ka matsoho, ’me le otla setšoantšo seo maotong a sona a tšepe le letsopa le bōpiloeng eaba lea a silakanya. Ka nako eo tšepe, letsopa le bōpiloeng, koporo, silevera le khauta, kaofela ha tsona, li ile tsa silakanngoa le ho ba joaloka ’mōkō o tsoang seotlong sa lehlabula, ’me moea oa li fefola hoo ho sa kang ha fumanoa mohlala oa tsona ho hang. ’Me ha e le lejoe le ileng la otla setšoantšo, le ile la fetoha thaba e khōlō ’me la tlala lefatše lohle.”—Daniele 2:31-35.
7 E tlameha ebe Nebukadnezare o ile a hlolloa hakaakang ha a utloa Daniele a phutholla toro eo! Empa hlokomela! Banna ba bohlale ba Babylona ba ne ba tla pholoha feela haeba Daniele a ne a ka boela a hlalosa toro eo. Daniele ha a ipuella le metsoalle ea hae e meraro ea Baheberu, o ile a re: “Toro ke ena, ’me tlhaloso ea eona re tla e bolela ka pel’a morena.”—Daniele 2:36.
’MUSO O KHETHEHILENG KA HO FETISISA
8. (a) Daniele o ile a hlalosa hore hlooho ea khauta ke mang kapa ke eng? (b) Hlooho ea khauta e bile teng neng?
8 “Uena morena, morena oa marena, uena eo Molimo oa leholimo a u fileng ’muso, bonatla, le matla le ho hlompheha, le eo a mo fileng letsohong, kae kapa kae moo bara ba moloko oa batho ba lulang teng, libata tsa naha le libōpuoa tse nang le mapheo tsa maholimo, le eo a mo entseng ’musi holim’a tsona kaofela, u hlooho ea khauta.” (Daniele 2:37, 38) Mantsoe ana a ile a sebetsa ho Nebukadnezare ka mor’a hore Jehova a mo sebelisetse ho timetsa Jerusalema ka 607 B.C.E. Ho bile joalo hobane marena a neng a behoa boreneng Jerusalema, a ne a tsoa lesikeng la Davida, e leng morena ea neng a tlotsitsoe ke Jehova. Jerusalema e ne e le motse-moholo oa Juda, ’muso oa Molimo o neng o tšoantšetsa bobusi ba Jehova holim’a lefatše. Ka ho timetsoa ha motse oo ka 607 B.C.E., ’muso ona oa Molimo oa tšoantšetso o ile oa khaotsa ho ba teng. (1 Likronike 29:23; 2 Likronike 36:17-21) Mebuso e latellanang ea lefatše e neng e tšoantšetsoa ke likarolo tsa tšepe tsa setšoantšo joale e ne e ka busa lefatše e sa tšoenngoe ke ’muso oa tšoantšetso oa Molimo. E le hlooho ea khauta, tšepe ea bohlokoahali e neng e tsejoa mehleng ea boholo-holo, Nebukadnezare o ne a ile a ikhetha ka ho phethola ’muso oo ka ho timetsa Jerusalema.—Bona sehlooho se reng, “Morena oa Mohlabani o Emisa ’Muso,” leqepheng la 63.
9. Hlooho ea khauta e ne e tšoantšetsa eng?
9 Nebukadnezare, ea ileng a busa ka lilemo tse 43, e bile hlooho ea lesika la borena le ileng la busa ’Musong oa Babylona. Le ne le akarelletsa mokhoenyana oa hae Nabonidus le mora oa hae e moholo, Evile-merodake. Lesika leo la borena le ile la tsoela pele ka lilemo tse ling hape tse 43, ho fihlela lefung la Belshazare, mora oa Nabonidus, ka 539 B.C.E. (2 Marena 25:27; Daniele 5:30) Kahoo, hlooho ea khauta e setšoantšong sena sa torong e ne e sa tšoantšetse Nebukadnezare feela empa e ne e tšoantšetsa lesika lohle la babusi ba Babylona.
10. (a) Toro ea Nebukadnezare e ile ea bontša joang hore ’Muso oa Lefatše oa Babylona o ne o ke ke oa tšoarella? (b) Ke eng seo moprofeta Esaia a ileng a se bolela esale pele ka mohapi oa Babylona? (c) Medo-Persia e ne e fetoa ke Babylona ka kutloisiso efe?
10 Daniele o ile a bolella Nebukadnezare hore: “Ka mor’a hao ho tla hlaha ’muso o mong o tlaasana ho uena.” (Daniele 2:39) ’Muso o tšoantšetsoang ke sefuba le matsoho tsa silevera tsa setšoantšo o ne o tla hlahlama lesika la borena la Nebukadnezare. Esaia o ne a ile a bolela ’muso ona hoo e ka bang lilemo tse 200 esale pele, a ba a bolela lebitso la morena oa oona ea hlōlang—Cyruse. (Esaia 13:1-17; 21:2-9; 44:24–45:7, 13) Ona e ne e le ’Muso oa Medo-Persia. Le hoja Medo-Persia e ile ea hlahisa tsoelo-pele e khōlō e neng e sa fetoe ke ea ’Muso oa Babylona, ’muso ona oa morao o tšoantšetsoa ke silevera, tšepe eo e seng ea bohlokoa joaloka khauta. O ne o fetoa ke ’Muso oa Lefatše oa Babylona ka hore ha oa ka oa ikhetha ka ho phethola Juda, eo e neng e le ’muso oa tšoantšetso oa Molimo oo motse-moholo oa oona o neng o le Jerusalema.
11. Lesika la borena la Nebukadnezare le ile la khaotsa ho ba teng neng?
11 Lilemo tse ka bang 60 ka mor’a hore Daniele a hlalose toro ena, o ile a bona qetello ea lesika la borena la Nebukadnezare. Daniele o ne a le teng bosiung ba la 5/6 October, 539 B.C.E., ha lebotho la Medo-Persia le hapa Babylona e neng e bonahala e ke ke ea kenoa ’me le bolaea Morena Belshazare. Ka ho shoa ha Belshazare, hlooho ea khauta ea setšoantšo sa torong—e leng ’Muso oa Babylona—e ile ea khaotsa ho ba teng.
BAHOLEHUOA BA LOKOLLOA KE ’MUSO O MONG
12. Ke joang taelo e ileng ea phatlalatsoa ke Cyruse ka 537 B.C.E. e ileng ea tsoela Bajuda ba kholehong molemo?
12 Medo-Persia e ile ea nkela ’Muso oa Babylona sebaka e le ’muso o ka sehloohong oa lefatše ka 539 B.C.E. Dariase oa Momede e ile ea e-ba ’musi oa pele oa motse o hapiloeng oa Babylona ha a le lilemo li 62. (Daniele 5:30, 31) Ka nakoana, eena le Cyruse oa Mopersia ba ile ba busa hammoho ’Musong oa Medo-Persia. Ha Dariase a shoa, Cyruse e ile ea e-ba eena feela hlooho ea ’Muso oa Persia. Ho Bajuda ba neng ba le Babylona, puso ea Cyruse e ile ea bolela tokollo kholehong. Ka 537 B.C.E., Cyruse o ile a ntša taelo e neng e lumella Bajuda ba botlamuoeng Babylona hore ba khutlele naheng ea habo bona le hore ba tsose Jerusalema le tempele ea Jehova. Leha ho le joalo, ’muso oa tšoantšetso oa Molimo ha oa ka oa tsosolosoa Juda le Jerusalema.—2 Likronike 36:22, 23; Esdrase 1:1–2:2a.
13. Sefuba le matsoho tsa silevera tsa setšoantšo tsa torong ea Nebukadnezare li ne li tšoantšetsa eng?
13 Sefuba le matsoho tsa silevera tsa setšoantšo sa torong li ne li tšoantšetsa lesika la borena la Persia le qalileng ka Cyruse e Moholo. Lesika leo la borena le ile la tsoela pele ka lilemo tse fetang 200. Ho na le tumelo ea hore Cyruse o shoele a futuhile ka ntoa ka 530 B.C.E. Ho marena a ka bang 12 a ileng a mo hlahlama boreneng ’Musong oa Persia, bonyane a 2 a ile a tšoara bakhethoa ba Jehova hantle. E mong e ne e le Dariase I (oa Mopersia), ’me e mong e ne e le Artaxerxese I.
14, 15. Dariase e Moholo le Artaxerxese I ba ile ba thusa Bajuda ka eng?
14 Dariase I e bile oa boraro lesikeng la borena la Persia ka mor’a Cyruse e Moholo. Ba babeli ba tlileng pele ho eena e ne e le Cambyses II le mor’abo, Bardiya, (kapa mohlomong moikhakanyi oa moprista oa Momede ea neng a bitsoa Gaumata). Ha Dariase I, eo hape a tsejoang e le Dariase e Moholo, a lula setulong sa borena ka 521 B.C.E., mosebetsi oa ho tsosa tempele Jerusalema o ne o thibetsoe. Ha a fumana tokomane e nang le taelo ea Cyruse polokelong ea lintho tsa bohlokoa Ekbatana, Dariase ha aa ka a fella feela ka ho tlosa thibelo eo ka 520 B.C.E. O ile a boela a fana ka chelete e tsoang matlotlong a borena bakeng sa ho tsosa tempele.—Esdrase 6:1-12.
15 ’Musi ea latelang oa Persia ea ileng a thusa mosebetsing oa tsosoloso oa Bajuda ke Artaxerxese I, ea ileng a hlahlama ntat’ae Assueruse (Xerxes I) ka 475 B.C.E. Artaxerxese o ile a rehoa lebitso la Longimanus hobane letsoho la hae le letona le ne le le lelelele ho feta le letšehali. Ka selemo sa bo20 sa puso ea hae, ka 455 B.C.E., o ile a roma Nehemia, moqhatsetsi oa hae oa Mojuda, hore e e’o ba ’musisi oa Juda le hore a tsose marako a Jerusalema. Ketso ena e ile ea tšoaea qalo ea ‘libeke tse mashome a supileng tsa lilemo’ tse hlalosoang ho Daniele khaolo ea 9 ea ba ea beha matsatsi a ho hlaha le ho shoa ha Mesia, kapa Kreste, Jesu oa Nazaretha.—Daniele 9:24-27; Nehemia 1:1; 2:1-18.
16. ’Muso oa Lefatše oa Medo-Persia o ile oa fela neng hona e le tlas’a morena ofe?
16 Morena oa ho qetela ho a tšeletseng a ileng a hlahlama Artaxerxese I boreneng ’Musong oa Persia, ke Dariase III. Puso ea hae e ile ea fela ka tšohanyetso ka 331 B.C.E. ha Alexandere e Moholo a mo hlōla ka sehlōhō Gaugamela, haufi le Nineve ea boholo-holo. Tlhōlo ena e ile ea felisa ’Muso oa Lefatše oa Medo-Persia joalokaha o ne o tšoantšetsoa ke karolo ea silevera ea setšoantšo sa torong ea Nebukadnezare. ’Muso o neng o tla latela o ne o phahame ka litsela tse itseng empa o le tlaasana ka tse ling. Sena se hlaka ha re mamela ha Daniele a tsoela pele ho hlalosa toro ea Nebukadnezare.
’MUSO—O MOHOLO EMPA E LE O TLAASANA
17-19. (a) Mpa le lirope tsa koporo li ne li tšoantšetsa ’muso ofe oa lefatše, ’me puso ea oona e ne e le khōlō hakae? (b) Alexandere III e ne e le mang? (c) Ho ile ha tla joang hore Segerike e be puo ea machaba, ’me se ne se loketse hantle bakeng sa eng?
17 Daniele o ile a bolella Nebukadnezare hore mpa le lirope tsa setšoantšo se seholohali e ne e le “’muso o mong, oa boraro, oa koporo, o [neng o tla] busa holim’a lefatše lohle.” (Daniele 2:32, 39) ’Muso ona oa boraro o ne o tla hlahlama Babylonia le Medo-Persia. Joalokaha koporo e le ka tlaasana ho silevera, ’muso ona o mocha oa lefatše o ne o tla ba ka tlaasana ho Medo-Persia ka hore o ne o ke ke oa tlotloa ka tokelo leha e le efe e kang ea ho lokolla batho ba Jehova. Leha ho le joalo, ’muso ona o kang koporo o ne o tla “busa holim’a lefatše lohle,” e leng se bontšang hore o ne o tla nka sebaka se seholo ho feta Babylonia kapa Medo-Persia. Linnete tsa histori li tiisa eng ka ’muso oo oa lefatše?
18 Nakoana ka mor’a hore Alexandere III ea ratang bophahamo e be mojalefa boreneng ba Macedonia ka 336 B.C.E. ha a le lilemo li 20, o ile a qala letšolo la ho hapa. Ka lebaka la katleho ea hae lintoeng, o ile a bitsoa Alexandere e Moholo. Ka ho hlōla a sa tsoa hlōla, o ile a ’na a kenella hare ho ’muso oa Persia. Ha a hlōla Dariase III ntoeng e neng e le Gaugamela ka 331 B.C.E., ’Muso oa Persia o ile oa qala ho oa ’me Alexandere o ile a hloma Greece e le ’muso o mocha oa lefatše.
19 Ka mor’a hore a hlōle Gaugamela, Alexandere o ile a tsoela pele ho hapa metse e meholo ea Persia ea Babylona, Susa, Persepolis le Ekbatana. Ha a hapa karolo eohle e setseng ea ’Muso oa Persia, o ile a atolosetsa ho hapa ha hae India bophirimela. Ho ile ha thehoa likolone tsa Greece linaheng tse hapiloeng. Kahoo, puo ea Bagerike le semelo sa bona li ile tsa tlala hohle ’musong ona. Ha e le hantle, ’Muso oa Greece o ile oa e-ba moholo ho feta eohle e tlileng pele ho oona. Joalokaha Daniele a ne a boletse esale pele, ’muso oa koporo o ile oa “busa holim’a lefatše lohle.” Phello e ’ngoe ea sena e bile hore Segerike (sa Koine) se ile sa fetoha puo ea machaba. Ka lebaka la ho pharalla ha sona ha se hlalosa taba ka nepo, se ile sa bonahala se tšoaneleha haholo bakeng sa ho ngola Mangolo a Segerike a Bakreste le bakeng sa ho hasa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.
20. Ho ile ha etsahala joang ka ’Muso oa Greece ka mor’a lefu la Alexandere e Moholo?
20 Alexandere e Moholo o ile a phela lilemo tse robeli feela e le ’musi oa lefatše. Le hoja a ne a le monyenyane, Alexandere ea neng a le lilemo li 32, o ile a kula ka mor’a mokete ’me a shoa nakoana ka mor’a moo, ka la 13 June, 323 B.C.E. Ka mor’a nako, ’muso oa hae o moholo o ile oa aroloa ka libaka tse ’nè, karolo ka ’ngoe e busoa ke e mong oa balaoli ba hae ba mabotho. Kahoo, ’muso o le mong o moholo o ile oa hlahisa mebuso e mene e ileng ea qetella e metsitsoe ke ’Muso oa Roma. ’Muso oa lefatše o kang koporo o ile oa tsoela pele ho fihlela ka 30 B.C.E. ha ’muso oa lesika la Ptolemy o neng o busa Egepeta le oo e neng e le oa ho qetela mebusong ena e mene o oela ho Roma qetellong.
’MUSO O SILAKANYANG LE HO THUMAKANYA
21. Daniele o ile a hlalosa “’muso oa bone” joang?
21 Daniele o ile a tsoela pele ka tlhaloso ea hae ea setšoantšo sa torong, a re: “Ha e le ’muso oa bone [o tlileng ka mor’a Babylona, Medo-Persia le Greece], o tla ba matla joaloka tšepe. Joalokaha tšepe e silakanya le ho sila ntho e ’ngoe le e ’ngoe, kahoo, joaloka tšepe e tamukanyang, le eona ena o tla e silakanya le ho e tamukanya kaofela.” (Daniele 2:40) Ka bonatla ba oona le matla a oona a ho silakanya, ’muso ona oa lefatše o ne o tla tšoana le tšepe—o be matla ho feta mebuso e tšoantšitsoeng ka khauta, silevera kapa koporo. ’Muso oa Roma e ne e le ’muso oa mofuta oo.
22. ’Muso oa Roma o ne o tšoana le tšepe joang?
22 Roma e ile ea silakanya le ho thumakanya ’Muso oa Greece ea ba ea metsa mesaletsa ea ’muso oa lefatše oa Medo-Persia le oa Babylona. Kaha e ne e bontša ho se hlomphe ’Muso oa Molimo o neng o boleloa ke Jesu Kreste, e ile ea mo bolaela thupeng ea tlhokofatso ka 33 C.E. Boitekong ba eona ba ho thumakanya Bokreste ba ’nete, Roma e ile ea hlorisa barutuoa ba Jesu. Ho feta moo, Baroma ba ile ba timetsa Jerusalema le tempele ea eona ka 70 C.E.
23, 24. Ntle ho ’Muso oa Roma, maoto a setšoantšo a tšoantšetsa eng?
23 Meomo ea tšepe ea setšoantšo sa torong ea Nebukadnezare e ne e sa tšoantšetse ’Muso oa Roma feela empa e ne e boetse e tšoantšetsa lehlomela la oona la bopolotiki. Hlahloba mantsoe ana a tlalehiloeng ho Tšenolo 17:10: “Ho na le marena a supileng: a mahlano a oele, e mong o teng, e mong ha a e-s’o fihle, empa ha a fela a fihla o lokela ho lula nakoana e khutšoanyane.” Ha moapostola Johanne a ne a ngola mantsoe ana, o ne a holehiloe ke Baroma, sehlekehlekeng sa Patmose. Marena a mahlano, kapa mebuso ea lefatše, a neng a oele, e ne e le Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia le Greece. Oa botšelela—’Muso oa Roma—o ne o ntse o busa. Empa le oona o ne o tla oa, ’me morena oa bosupa o ne a tla hlaha ho se seng sa libaka tse hapiloeng tsa Roma. Oo e ne e tla ba ’muso ofe oa lefatše?
24 Ka nako e ’ngoe Brithani e ne e le karolo ea ’Muso oa Roma e ka leboea-bophirimela. Empa ka selemo sa 1763 e ne e fetohile ’Muso oa Brithani—e le Britannia e neng e busa maoatle a supileng. Ka 1776 likolone tsa eona tse 13 tsa Amerika li ne li se li phatlalalitse boipuso ba tsona e le hore li thehe United States of America. Leha ho le joalo, lilemong tsa moraonyana, Brithani le United States e ile ea e-ba bo-mphato ntoeng le khotsong. Kahoo, kopano ena ea Manyesemane le Maamerika e hlahile e le ’muso oa bosupa oa lefatše oa boprofeta ba Bibele. Joaloka ’Muso oa Roma, e bile “matla joaloka tšepe,” e sebelisa matla a ho laela a kang tšepe. Kahoo, meomo ea tšepe ea setšoantšo sa torong e akarelletsa ’Muso oa Roma hammoho le ’muso oa lefatše o likarolo li peli oa Manyesemane le Maamerika.
MOTSOAKO O SA TIEANG
25. Daniele o ile a re’ng ka maoto a setšoantšo le menoana ea sona?
25 Ka mor’a moo Daniele o ile a bolella Nebukadnezare hore: “Erekaha u bone maoto le menoana karolo e ’ngoe ea eona e le ea letsopa le bōpiloeng la sebōpi ’me karolo e ’ngoe e le ea tšepe, ’muso oo o tla arohana, empa o tla batla o e-ba thata joaloka tšepe, kahobane u bone tšepe e tsoakane le letsopa le mongobo. Ha e le menoana ea maoto eo karolo e ’ngoe ea eona e leng ea tšepe ’me karolo e ’ngoe e le ea letsopa le bōpiloeng, ka karolo e ’ngoe ’muso oo o tla ba matla ’me ka karolo e ’ngoe e tla ba o pshatlehang. Erekaha u bone tšepe e tsoakane le letsopa le mongobo, ba tla tsoakana le bana ba moloko oa batho; empa ha ba na ho khomarelana, enoa ho eane, feela joalokaha tšepe e sa tsoakane le letsopa le bōpiloeng.”—Daniele 2:41-43.
26. ’Muso o tšoantšetsoang ke maoto le menoana o ile oa iponahatsa neng?
26 Tlhahlamano ea mebuso ea lefatše e tšoantšetsoang ke likarolo tse sa tšoaneng tsa setšoantšo sa torong ea Nebukadnezare, e qalile ka hlooho ’me ea tsoela pele ho fihlela maotong. Hoa utloahala hore maoto le menoana tsa ‘tšepe e tsoakaneng le letsopa le mongobo’ li ne li tla tšoantšetsa ponahatso ea ho qetela ea puso ea motho e neng e tla ba teng “nakong ea bofelo.”—Daniele 12:4.
27. (a) Maoto le menoana tsa tšepe e kopaneng le letsopa li tšoantšetsa maemo afe a lefatše? (b) Ke eng e tšoantšetsoang ke menoana e leshome ea setšoantšo?
27 Ha ho thoasa lekholo la bo20 la lilemo, ’Muso oa Brithani o ne o busa motho a le mong ho ba bang le ba bang ba bane lefatšeng. Mebuso e meng ea Europe e ne e laola ba bang ba eketsehileng ba limilione. Empa Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea fella ka ho hlaha ha lihlopha tsa lichaba tse ileng tsa nka sebaka sa mebuso e meholo ea lefatše. Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, mokhoa ona o ile oa tota. Ha bochaba bo ntse bo eketseha, lenane la lichaba tse lefatšeng le ile la hōla haholo. Menoana ea maoto e leshome ea setšoantšo e tšoantšetsa mebuso eohle le puso eohle e joalo tse teng ka nako e le ’ngoe, hobane ka Bibeleng, palo ea leshome ka linako tse ling e emela phetheho linthong tsa lefatšeng.—Bapisa le Exoda 34:28; Matheu 25:1; Tšenolo 2:10.
28, 29. (a) Ho ea ka Daniele, letsopa le ne le tšoantšetsa eng? (b) Ho ka thoe’ng ka motsoako oa tšepe le letsopa?
28 Kaha joale re “nakong ea bofelo,” re maotong a setšoantšo. E meng ea mebuso e tšoantšetsoang ke maoto le menoana tsa setšoantšo tsa tšepe e tsoakaneng le letsopa e tšoana le tšepe—ke ea bompoli kapa ea bohatelli. E meng e tšoana le letsopa. Ka tsela efe? Daniele o ile a amahanya letsopa le “bana ba moloko oa batho.” (Daniele 2:43) Ho sa tsotellehe sebōpeho sa ho pshatleha feela sa letsopa, leo bana ba moloko oa batho ba entsoeng ka lona, mebuso e tloaelehileng e kang tšepe e ’nile ea tlameha ho mamela haholoanyane sechaba se batlang ho ba le lentsoe mebusong e se busang. (Jobo 10:9) Empa ho khomarelana ha ho eo lipakeng tsa puso ea bompoli le sechaba—joalokaha ho ne ho ke ke ha kopanngoa tšepe le letsopa. Nakong eo setšoantšo se soahlamanang ka eona, ka sebele lefatše le tla be le le litsekana lipolotiking!
29 Na boemo ba karohano ba maoto le menoana bo tla etsa hore setšoantšo see sohle se oe? Ho tla etsahala joang ka setšoantšo see?
SEHLOHLOLO SE IKHETHANG!
30. Hlalosa sehlohlolo sa toro ea Nebukadnezare.
30 Nahana ka sehlohlolo sa toro. Daniele o ile a re ho morena: “U ile ua ’na ua talima ho fihlela lejoe le khephoha empa e se ka matsoho, ’me le otla setšoantšo seo maotong a sona a tšepe le letsopa le bōpiloeng eaba lea a silakanya. Ka nako eo tšepe, letsopa le bōpiloeng, koporo, silevera le khauta, kaofela ha tsona, li ile tsa silakanngoa le ho ba joaloka ’mōkō o tsoang seotlong sa lehlabula, ’me moea oa li fefola hoo ho sa kang ha fumanoa mohlala oa tsona ho hang. ’Me ha e le lejoe le ileng la otla setšoantšo, le ile la fetoha thaba e khōlō ’me la tlala lefatše lohle.”—Daniele 2:34, 35.
31, 32. Ke eng se ileng sa boleloa esale pele mabapi le karolo ea ho qetela ea toro ea Nebukadnezare?
31 Ha bo fana ka tlhaloso, boprofeta bo ile ba tsoela pele: “Matsatsing a marena ao Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Me ’muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya ’me o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang; kahobane u bone hore lejoe le ile la khephoha thabeng empa e se ka matsoho, le hore le ile la silakanya tšepe, koporo, letsopa le bōpiloeng, silevera le khauta. Molimo e moholo o tsebisitse morena se tla etsahala ka mor’a sena. Toro ea tšepahala, ’me tlhaloso ea eona ke e ka tšeptjoang.”—Daniele 2:44, 45.
32 Nebukadnezare a utloisisa hore o hopolitsoe toro ea hae le ho e hlalosetsoa, o ile a lumela hore ke Molimo oa Daniele feela eo e leng “Khosi ea marena le Mosenoli oa liphiri.” Morena o ile a boela a fa Daniele le metsoalle ea hae e meraro ea Baheberu maemo a boikarabelo bo boholo. (Daniele 2:46-49) Leha ho le joalo, ebe ke eng se boleloang ke ‘tlhaloso e ka tšeptjoang’ ea Daniele?
‘THABA E TLALA LEFATŠE’
33. “Lejoe” le ile la khephoha “thabeng” efe, ’me see se etsahetse neng hona joang?
33 Ha “linako tse behiloeng tsa lichaba” li fela ka October 1914, “Molimo oa leholimo” o ile a hloma ’Muso oa leholimo ka hore a behe Mora oa hae ea tlotsitsoeng, Jesu Kreste, teroneng e le “Morena oa marena le Khosi ea likhosi.”a (Luka 21:24; Tšenolo 12:1-5; 19:16) Ke kahoo ka matla a Molimo, eseng ka matsoho a motho, “lejoe” la ’Muso oa Mesia le ileng la khephoha “thabeng” ea bobusi ba bokahohleng ba Jehova. ’Muso ona oa leholimo o matsohong a Jesu Kreste, eo Molimo a mo nehileng ho se shoe. (Baroma 6:9; 1 Timothea 6:15, 16) Kahoo, ‘’muso ona oa Morena [Molimo] oa rōna le oa Kreste oa hae’—oo e leng ponahatso ea bobusi ba bokahohleng ba Jehova—o ke ke oa fetela ho mang kapa mang. O tla ema ka ho sa feleng.—Tšenolo 11:15.
34. Ke joang ’Muso oa Molimo o ileng oa tsoaloa “matsatsing a marena ao”?
34 ’Muso ona o tsoetsoe “matsatsing a marena ao.” (Daniele 2:44) Marena ana e ne e se feela a neng a tšoantšetsoa ke menoana ea maoto e leshome ea setšoantšo empa e ne e boetse e le a neng a tšoantšetsoa ke likarolo tsa sona tsa tšepe, koporo, silevera le khauta. Le hoja mebuso ea lefatše ea Babylona, Persia, Greece le Roma e ne e fetile, mesaletsa ea eona e ne e ntse e le teng ka 1914. Ka nako eo, ’Muso oa Turkey oa Maturkey o ne o busa sebaka sa Babylonia ’me mebuso ea sechaba e ne e busa Persia (Iran), Greece le Roma, Italy.
35. “Lejoe” le tla otla setšoantšo neng, ’me setšoantšo se tla felisoa ka ho feletseng joang?
35 ’Muso oa Molimo oa leholimo o tla tloha o otla setšoantšo sa tšoantšetso maotong. Ka lebaka leo, mebuso eohle e tšoantšetsoang ke sona e tla khaoloa likoto, e felisoe. Ka sebele, “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle,” “lejoe” leo le tla otla ka matla a silakanyang hoo setšoantšo se tla siloa hore e be phofo ’me moea oa sefefo sa Molimo o tla se fiela joaloka ’mōkō o seotlong. (Tšenolo 16:14, 16) Ka mor’a moo, joaloka lejoe le ileng la hōla ho fihlela le lekana le thaba ’me le tlala lefatše, ’Muso oa Molimo o tla fetoha thaba ea puso e tla ama “lefatše lohle.”—Daniele 2:35.
36. Ke hobane’ng ha ’Muso oa Mesia o ka bitsoa puso e tsitsitseng?
36 Le hoja ’Muso oa Mesia e le oa leholimo, o tla atolosetsa matla a ’ona lefatšeng la rōna bakeng sa ho hlohonolofatsa baahi bohle ba mamelang ba lefatše. ’Muso ona o tsitsitseng ‘o ke ke oa senngoa le ka mohla’ kapa oa “fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang.” Ho fapana le mebuso ea babusi ba batho ba shoang, “o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang,” ka ho sa feleng. (Daniele 2:44) E se eka u ka ba le tokelo ea ho ba e mong oa bafo ba oona ka ho sa feleng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Khaolo ea 6 ea buka ena.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Ke mebuso efe ea lefatše e tšoantšetsoang ke likarolo tse sa tšoaneng tsa setšoantšo se seholohali sa torong ea Nebukadnezare?
• Maoto le menoana e leshome tsa tšepe e tsoakaneng le letsopa li tšoantšetsa boemo bofe ba lefatše?
• “Lejoe” le ile la khephoha neng, hona le ne le khephoha “thabeng” efe?
• “Lejoe” le tla otla setšoantšo neng?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 63-67]
MORENA OA MOHLABANI O EMISA ’MUSO
KHOSANA ea Babylona eo e neng e tla ba mohlahlami boreneng le lebotho la eona ba qhala mabotho a Egepeta a Faro Neko Karkemishe, Syria. Baegepeta ba hlōtsoeng ba balehela boroa nģ’a Egepeta ’me Bababylona baa ba lelekisa. Empa molaetsa o tsoang Babylona o tlama khosana e hlōlang hore e tlohele ho ba lelekisa. Molaetsa ke hore ntat’a eona, Nabopolassar, o shoele. Ha Nebukadnezare a neha balaoli ba hae boikarabelo ba hore ba tle le baholehuoa le khapo, o khutlela hae ka potlako ’me o nka borena bo siiloeng ke ntat’ae.
Ka hona Nebukadnezare o ile a lula setulong sa borena sa Babylona ka selemo sa 624 B.C.E. ’me a fetoha ’musi oa bobeli oa ’Muso o Mocha oa Babylona. Pusong ea hae ea lilemo tse 43, o ile a hapa libaka tseo e neng e kile ea e-ba tsa ’Muso oa Lefatše oa Assyria ’me a atolosa ’muso oa hae, a hapa Syria ka leboea le Palestina ka bophirimela ho theosa ho ea fihla moeling oa Egepeta.—Bona ’mapa.
Ka selemo sa bone sa puso ea hae (620 B.C.E.), Nebukadnezare o ile a etsa Juda ’muso o tlas’a hae. (2 Marena 24:1) Lilemo tse tharo hamorao, bofetoheli ba Bajuda bo ile ba etsa hore Jerusalema e thibelloe ke Bababylona. Nebukadnezare o ile a isa Jojakine, Daniele le ba bang kholehong Babylona. Morena o ile a boela a nka tse ling tsa lisebelisoa tsa tempele ea Jehova. O ile a etsa Tsedekia, rangoan’a Jojakine, morena oa Juda ea tlas’a hae.—2 Marena 24:2-17; Daniele 1:6, 7.
Nakoana hamorao, Tsedekia le eena o ile a mo fetohela, a etsa selekane le Egepeta. Nebukadnezare o ile a thibella Jerusalema hape, ’me ka 607 B.C.E., a phunya lerako la eona, a chesa tempele ’me a senya motse. O ile a bolaea bara bohle ba Tsedekia eaba o foufatsa Tsedekia ’me oa mo tlama, e le hore a mo ise Babylona e le motšoaruoa. Nebukadnezare o ile a isa batho ba bangata kholehong eaba o isa lisebelisoa tse saletseng tsa tempele Babylona. “Kahoo Juda ea ea kholehong ho tloha naheng ea eona.”—2 Marena 24:18–25:21.
Nebukadnezare o ile a hapa le Tyre ka ho thibella motse oo—e leng thibello e ileng ea nka lilemo tse 13. Nakong ea thibello, masole a hae a ile a phumoha “lefatla” ke ho kutluloa ke lihelemete tsa ’ona, ’me a ile a ‘phumoha’ mahetla ke ho roala thepa e neng e sebelisetsoa ho haha lintho tse thibellang motse oo. (Ezekiele 29:18) Qetellong, Tyre e ile ea inehela ho mabotho a Babylona.
Ho hlakile hore morena oa Babylona e ne e le molaoli ea bohlale ea tsebang maqiti a ntoa. Lingoliloeng tse ling tsa litšupiso tse ngotsoeng ke litsebi, haholo-holo tsa Babylona, le tsona li mo hlalosa e le morena ea nang le toka. Leha Mangolo a sa bolele ka ho toba hore Nebukadnezare o ne a e-na le toka, moprofeta Jeremia o ile a bolela hore le hoja Tsedekia a ne a entse bofetoheli, o ne a tla tšoaroa hantle ‘haeba a ne a ka ea ho likhosana tsa morena oa Babylona.’ (Jeremia 38:17, 18) Ka mor’a timetso ea Jerusalema, Nebukadnezare o ile a tšoara Jeremia ka tlhompho. Mabapi le Jeremia, morena o ile a laela: “Mo nke ’me u mo behe leihlo, u se ke ua mo etsa ntho leha e le efe e mpe. Empa feela kamoo a ka buang le uena kateng, u mo etse joalo.”—Jeremia 39:11, 12; 40:1-4.
Joaloka motsamaisi, Nebukadnezare ka potlako o ile a bona bokhoni le litšoaneleho tsa Daniele le metsoalle ea hae e meraro—Shadrake, Meshake le Abednego—bao mabitso a bona a Seheberu e neng e le Hanania, Mishaele le Azaria. Ka lebaka leo morena o ile a ba sebelisa maemong a boikarabelo ’musong oa hae.—Daniele 1:6, 7, 19-21; 2:49.
Boinehelo ba Nebukadnezare ba bolumeli bo ne bo e-ea ka ho khetheha ho Marduk, molimo ea ka sehloohong oa Babylona. Morena o ne a isa tlotla ho Marduk bakeng sa ho hlōla hohle ha hae. Ke Babylona moo a ileng a haha le ho khabisa litempele tsa Marduk le melimo e meng e mengata ea Babylona. E ka ’na eaba setšoantšo sa khauta se ileng sa emisoa lehoatateng la Dura se ne se nehetsoe ho Marduk. Ho bonahala Nebukadnezare a ne a itšetleha haholo ka bonohe ha a lokisetsa liphutuho tsa hae tsa sesole.
Nebukadnezare o ne a boetse a le motlotlo ka ho nchafatsa Babylona, motse o moholohali o pota-potiloeng ke marako oa mehleng eo. Ka hore Nebukadnezare a qetele marako a motse a maholohali a matahaneng ao ntat’ae a neng a qalile ho a haha, o ile a etsa hore ho bonahale eka motse-moholo oo o ke ke oa keneha. Morena o ile a lokisa ntlo ea khale ea borena e neng e le bohareng ba motse ’me a haha ntlo ea borena ea hlabula hoo e ka bang lik’hilomithara tse peli ka leboea. E le hore Nebukadnezare a khotsofatse mofumahali oa hae oa Momede, ea neng a hloloheloa maralla a naha ea habo le meru ea eona, ho boleloa hore o ile a etsa lirapa tse mothipoloheng—tse nkoang e le o mong oa mehlolo e supileng ea lefatše la boholo-holo.
Ka letsatsi le leng morena o ile a ithorisa ha a ntse a tsamaea tikolohong ea ntlo ea borena ea Babylona, a re: “Na ena hase Babylona e Khōlō, eo ke e hahileng bakeng sa ntlo ea borena ka matla a bonatla ba ka le bakeng sa seriti sa boholo ba ka bo hlomphehang?” O ile a hlaseloa ke bohlanya “ha lentsoe le sa ntse le le molomong oa [hae].” Kaha a ne a sa tšoanelehe hore a ka busa ka lilemo tse supileng, o ile a ja limela joalokaha Daniele a ne a boletse esale pele. Qetellong ea nako eo, ’muso o ile oa khutlisetsoa ho Nebukadnezare, ea ileng a busa ho fihlela a e-shoa ka 582 B.C.E.—Daniele 4:30-36.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
Ke eng se ka boleloang ka Nebukadnezare e le
• molaoli ea tsebang maqiti a ntoa?
• motsamaisi?
• morapeli oa Marduk?
• sehahi?
[’Mapa]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
’MUSO OA BABYLONA
LEOATLE LE LEFUBELU
Jerusalema
Nōka ea Eufrate
Nōka ea Tigris
Ninive
Susa
Babylona
Ure
[Setšoantšo]
Babylona, motse o moholohali o pota-potiloeng ke marako oa mehleng ea oona
[Setšoantšo]
Drakone e ne e le letšoao la Marduk
[Setšoantšo]
Lirapa tse mothipoloheng tse tummeng tsa Babylona
[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 56]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
MEBUSO EA LEFATŠE EA BOPROFETA BA DANIELE
Setšoantšo se seholohali (Daniele 2:31-45)
BABYLONIA ho tloha ka 607 B.C.E.
MEDO-PERSIA ho tloha ka 539 B.C.E.
GREECE ho tloha ka 331 B.C.E.
ROMA ho tloha ka 30 B.C.E.
’MUSO OA LEFATŠE OA MANYESEMANE LE MAAMERIKA ho tloha ka 1763 C.E.
LEFATŠE LE AROHANENG LIPOLOTIKING nakong ea bofelo
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 47]
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 58]