Mehla ea Bofelo ho Latela Eng?
“Ke le bolella ’nete, moloko ona o ke ke oa feta tseo li e-s’o etsahale.”—Jesu Kreste, Mattheu 24:34, New International Version.
HA Jesu a hlalosa “pontšo . . . ea ho fela ha tsamaiso ea lintho,” o boleletse barutuoa ba hae ba maketseng mantsoe a kaholimo. (Mattheu 24:3, NW) Joale ke eng seo Jesu a neng a se bolela ka lentsoe “moloko”? ’Me ke liketsahalo life tse tla lebisa bofelong ba tsamaiso ea lintho? Ka mantsoe a mang, ke liketsahalo life tseo re lokelang ho li talima nakong e tlang e haufi?
Moloko o ka Phela Nako e Kae?
The American Legion Magazine e bontšitse hore banna le basali ba U.S. ba 4 743 826 ba ile ba nka karolo Ntoeng ea I ea Lefatše. Empa ka 1984 ke ba 272 000 ba neng ba ntse ba phela, ’me ba ne ba e-shoa ka karolelano ea ba 9 hora e ’ngoe le e ’ngoe. Na hoo, ho bolela hore, moloko oa 1914 o se o felile?
Lentsoe la Segerike bakeng sa moloko le sebelisitsoeng ke Mattheu, Mareka, le Luka litlalehong tsa bona tsa mantsoe a Jesu ke gened. Le ka sebelisoa ka mekhoa e fapaneng ho latela mantsoe a potolohileng taba. Leha ho le joalo, The New International Dictionary of New Testament Theology e le hlalosa e le: “Ba tsoetsoeng ka nako e le ’ngoe . . . Se amanang le hona ke tlhaloso: lithaka, ba lekanang ka lilemo.” A Greek-English Lexicon of the New Testament ea hlalosa: “Lenane le kopaneng la ba tsoetsoeng ka nako e le ’ngoe, le kopanyelletsang bohle ba tsoetsoeng nakong ea moloko, o itseng, lithaka.” Litlhaloso tsena li tšoanela bohle ba tsoetsoeng nakong ea ketsahalo ea histori le bohle ba neng ba phela nakong eo.
J. A. Bengel bukeng ea hae New Testament Word Studies o itse: “Baheberu . . . ba ne ba bala lilemo tse 75 e le moloko o le mong, ’me mantsoe, o ke ke oa feta, a bolela hore karolo e khōloanyane ea moloko [oa mehleng ea Jesu] ha e le hantle, e seng kaofela ha oona, e ne e tla feta pele tsohle li phethahala.” Ho bile joalo ka 70 C.E. ha Jerusalema e ne e timetsoa.
Ka ho tšoanang kajeno, batho ba bangata ba moloko oa 1914 ba shoele. Leha ho le joalo, ho sa le teng ba limillione lefatšeng ba tsoetsoeng selemong seo kapa pele ho sona. Le hoja palo ea bona e fokotseha, mantsoe a Jesu e tla ba ’nete, “moloko ona o ke ke oa feta tseo tsohle li e-s’o etsahale.” Lena ke lebaka le leng la ho lumela hore letsatsi la Jehova le tlang joaloka lesholu le haufi. Kahoo, ke liketsahalo life tseo Bakreste ba lokelang ho li ela hloko?
“Na Khotso le Tšireletseho” li Haufinyana?
“Le tsoe le tseba hantle-ntle le lona hoba letsatsi la Jehova le tla tla hantle joaloka lesholu bosiu. Neng le neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ Ke moo hang timetso ea tšohanyetso e tla ba oela holimo.”—1 Ba-Thessalonika 5:2, 3, NW.
Ho tloha bofelong ba Ntoa ea II ea Lefatše ka 1945, batho ba bile lintšing tsa ntoa ha linaha tse matla tsa lefatše, United States le Soviet Union, li qhoebeshana. Ho hlonngoa ha metsu ea ntoa Cuba ka 1962 e ne e le khohlano e tobileng e kotsi. Empa Soviet Union ea tlosa metsu ea eona ea ntoa Cuba, le United States ea tlosa metsu ea eona ea ntoa Turkey. Ena ebile e ’ngoe ea lipontšo tse ngata tsa Ntoa ea Mantsoe.
Ho beha lihlomo fatše e bile sehlooho sa puisano ka makholo a lilemo ’me ho qeteletse e le puo ea linaha tse peli. Hona joale, likhoeling tsa ho qetela Reagan e le Mopresidente le lenaneo la glasnost (boikutlo bo bulehileng) la Mongoli Gorbachev, ho bonahala ho na le puo e tebileng ea ho fokotsa libetsa tsa nuclear. Hore na sena ke selelekela sa ho tlisa khotso le tšireletseho tse nahanoang lefatšeng lohle, re ke ke ra profeta. Empa tumellanong le boprofeta ba Bibele, ke seo Bakreste ba se talimmeng. Ha se etsahala, ho latela eng?
Liithuti tsa Bibele tse seli li ke ke tsa thetsoa “neng le neng ha ba re: ‘Khotso le Tšireletseho!’”—ebang e phatlalatsoa ke Machaba a Kopaneng kapa ke linaha tse matla ka botsona. Bibele e bontša ka ho hlakileng hore khotso ea ’nete le tšireletseho li ka tlisoa feela ke puso e lokileng, ’Muso oa Molimo ka Kreste.
Ka lebaka leo phatlalatso ea lefatše lohle ea nako e tlang ea khotso le tšireletseho e etsoang ke baetapele ba lefatše e tla ba nako ea hore Molimo o nke bohato, “joaloka lesholu bosiu,” o makatse lefatše le sa lumeleng. E, “timetso ea tšohanyetso” e tla oela mebuso ea bolumeli le ea lipolotiki e ’nileng ea soma Jehova le lipaki tsa hae. Re tseba sena joang?
Bohato bo Tiileng ba Mopalami oa Pere e Tšoeu
Ha re khutlela ponong ea banna ba bane ba lipere tsa Tšenolo, ho na le mopalami e mong eo re sa mo qollang—oa pele, ea palameng pere e tšoeu. Mongoli oa Bibele oa mo hlalosa: “Eaba kea talima, ka bona pere e tšoeu, ’me ea e kaletseng a tšoere seqha; a fuoa moqhaka, ’me a tloha e le ea hlōlang le ea tla hlōla.” Enoa e ntse e le eena ea hlalositsoeng khaolong ea 19 ea Tšenolo: “’Me ha hlaha pere e tšoeu, ’me ea e kaletseng o bitsoa Motšepehi le oa ’Nete; o ahlola ka ho loka. . . . Sabole e bohale e tsoa molomong, oa hae, a tle a otle lichaba ka eona; o tla li alosa ka lere la tšepe.” Enoa ke mang? Tlaleho eona eo e re bolella hore o na le lebitso le ngotsoeng, “Morena oa marena, le ’Musi oa babusi.” Ke Mora oa Molimo ea tsositsoeng, Kreste Jesu.—Tšenolo 6:2; 19:11-16.
Joale, ke eng se khannelang “Morena oa marena” ho nka bohato? Ho fihlile moo “morena oa leboea” (lichaba tse khahlanong le puso ea khoebo e lokolohileng) le “morena oa boroa” (lichaba tse buellang khoebo e lokolohileng tlas’a boetapele ba United States), joaloka ha ho totobalitsoe ho Daniele khaolo 11, ba seng ba sa tsebe ho nka bohato bo eang pele kapa morao. (Joaloka ha Daniele 11:40 e profetile, “morena oa leboea” o se a fetetse linaheng tse ngata, haholo-holo ho tloha ka 1945.)a
Kahoo, ke eng se loketseng ho etsahala hape pele Molimo o kenella litaba ho felisa tsamaiso ea joale ea lintho?
Boprofeta ba Bibele bo bontša ho tla etsahala hore ntlheng e ’ngoe mekha ea lipolotiki e batlang liphetoho ea Machaba a Kopaneng e tla fetohele malumeli a itšunyang lipolotiking le ho hlobolisa, ho senya matla a oona ’me e buse batho ba oona ba litumela-khoela.—Tšenolo 17:16, 17.b
Timetso ena ea litho tsa bolumeli ba bohata lefatšeng ntle ho pelaelo e tla ba le phello e bohloko ho Lipaki tsa Jehova. Sena hamorao se tla etsa hore Morena oa Jehova, Mopalami oa pere e tšoeu, a hlasele. (Ezekiele 38:10-12, 21-23) ’Me Daniele 2:44 e re’ng ka phello? “Empa mehleng ea marena ao [mebuso e teng hona joale ea lipolotiki], Molimo oa leholimo o tla hloma ’Muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae . . . o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” E, ntoa ea Molimo ea Armageddone khahlanong le litho tse bonahalang tsa bopolotiki tsa Satane lefatšeng e tla fella ka tlhōlo e phethahetseng ho Jehova le Morena oa hae oa marena.—Tšenolo 16:14-16; 19:17-21.
Ho tla latela eng? Tebello ea khale ea Bakreste ba ratang khotso, ba tšabang Molimo—’Muso oa Molimo oa Lilemo tse Sekete holim’a batho ba tšepahalang! Joale ho tla phethahatsoa tšepiso e khanyang ea Tšenolo 21:3, 4: “Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”
Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka boprofeta bona bo hlollang ba Bibele le seo bo se bolelang ho rōna ka bomong, re kōpa hore u ikopanye le Lipaki tsa Jehova sebakeng sa lōna kapa u ngolle bahatisi ba makasine ona naheng ea heno.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka tsekisano ena, bona buka “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng,” khaolo 11, “Mehla e Beetsoeng Mehla ea Bofelo,” e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka boprofeta bona, bona buka ea Watchtower “Babylon the Great Has Fallen!” God’s Kingdom Rules!, khaolo 26, “The Judgment Upon the Great Harlot,” eo le eona e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watchtower.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 14]
Moloko—“Lenane la ba tsoetsoeng ka nako e le ’ngoe, le kopanyelletsang bohle ba phelang nakong ea moloko o itseng.”—“A Greek-English Lexicon of the New Testament”
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 16]
Boprofeta ha Bibele ho bontša hore mekha ea lipolotiki e batlang liphetoho ea Machaba e Kopaneng e tla fetohela malumeli a lefatše a itšunyang lipolotiking
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Kamor’a Armageddone, lefatšeng le lecha la Molimo la khotso le ho loka, ‘lintho tsa pele li tla be li fetile.’—Tšenolo 21:3, 4