Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Ha ho Khotso Bakeng sa ba Khopo”
    Molula-Qhooa—1987 | July 1
    • 16 Mehla ena ea qetello e thata ka ho khethehileng bakeng sa batho ba Molimo, bao lekholong lena la lilemo ba hlorisitsoeng ke marena ana ka bobeli. Lengeloi le ile la lemosa hore morena oa leboea “o tla tla le naheng e khahlehang, ’me ho tla oa ba le bangata.” ‘Naha e khahlehang’ e tšoantšetsa naha ea batho ba Molimo. Joale mantsoe a lengeloi a lokela ho bolela hore morena oa leboea, ntle ho ho hapa lichaba tse ngata, o hlasela sebaka sa moea sa batho ba Jehova. (Daniele 8:9; 11:41-44; Ezekiele 20:6) Temaneng ea 45, boprofeta boa eketsa: “O tla emisa tente tsa hae tsa borena pakeng tsa maoatle, mabapa le thaba e khethehileng e [khahlehang].” Ka mantsoe a mang, o ipea moo a tla etsa tlhaselo ea ho qetela khahlanong le paradeise ea bona ea moea.

  • “Ha ho Khotso Bakeng sa ba Khopo”
    Molula-Qhooa—1987 | July 1
    • 18. (a) Mohloli oa “litlaleho” tse profetiloeng ke lengeloi ke ofe? (b) Qetello e tla ba efe bakeng sa morena oa leboea?

      18 Litlaleho tsee li tla be li re’ng? Lengeloi ha le qaqise, empa le senola mohloli oa tsona. Li tsoa “Bochabela,” ’me Jehova Molimo le Jesu Kreste ba boleloa e le “marena a bochaba-tsatsi.” (Tšenolo 16:12) Litlaleho tsena li boetse li tsoa “Leboea,” ’me Bibele e bua ka tšoantšetso ka Thaba ea Sione, motse oa Morena e Moholo Jehova, e le moo “e hlanamelang Leboea.” (Pesaleme ea 48:2) Kahoo, ke “litlaleho” tse tsoang ho Jehova Molimo le Jesu Kreste tse sutuletsang morena oa leboea phutuhong ea hae ea ho qetela e khōlō. Empa liphello e tla ba tse mo bolaeang. Qetello ea temana ea 45 ea re bolella: “O tla fela, ho se ea mo thusang.”

  • Mikaele Khosana e Khōlō Oa Ema
    Molula-Qhooa—1987 | July 1
    • 2, 3. (a) Re fumana boprofeta bofe ka bukeng ea Ezekiele bo re thusang ho utloisisa boprofeta bo buang ka morena oa leboea le morena oa boroa? (b) Ho latela boprofeta ba Ezekiele, phello ea tlhaselo e khōlō ea ho qetela ho batho ba Molimo e tla ba efe?

      2 Boprofeta ba mphato oa Daniele Ezekiele bo re thusa ho arabela lipotso tsena. Ezekiele le eena o ile a bululeloa hore a bue ka ‘mehla ea qetello,’ ’me o lemositse ka tlhaselo e tlang ea ‘Gogo oa Magogo’ khahlanong le naha ea batho ba Molimo. (Ezekiele 38:2, 14-16; Daniele 10:14) Boprofeteng boo, Gogo o ne a tšoantšetsa Satane, ’me makhotla a hae a ne a tšoantšetsa baemeli bohle ba lefatšeng ba Satane ba neng ba tla etsa boiteko ba ho qetela le bo hlōlehileng ba ho felisa batho ba Molimo. Kaha tlhaselo ena, joalo ka ea morena oa leboea, e etsahala mehleng ea qetello, hoa utloahala ho fihlela qeto ea hore ‘ho emisa ha morena oa leboea litente tsa borena pakeng tsa leoatle le thaba e khethehileng e khahlehang’ ke ka ho tšehetsa tlhaselo ea Gogo. (Daniele 11:40, 45) Na tlhaselo ee e tla atleha?

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela