KHAOLO 3
Jehova o Senola Morero oa Hae
NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO
Butle-butle Jehova o senolela batho ba mo tšabang morero oa hae
1, 2. Jehova o ’nile a senolela batho morero oa hae joang?
BATSOALI ba lerato, ba buisana le bana ba bona ka litaba tse amang lelapa. Leha ho le joalo, ba ba hlokolosi hore na ba ba bolella boitsebiso bo bokae. Ba bolella bana ba bona lintho tseo ba nahanang hore ba tla li utloisisa ho ea ka lilemo tsa bona.
2 Ka ho tšoanang, butle-butle Jehova o ’nile a senolela batho morero oa hae. Empa o ne a etsa seo ka nako e nepahetseng. Hlokomela kakaretso e khutšoaane ea kamoo Jehova a senotseng linnete tse amanang le ’Muso kateng, ho pholletsa le histori.
Ke Hobane’ng ha re Hloka ’Muso
3, 4. Na Jehova o ile a rera esale pele hore na bophelo ba batho bo tla ba joang? Hlalosa.
3 Qalong, Jehova o ne a sa rera hore ho be le ’Muso oa Bomesia. Hobane’ng? Hobane Jehova ha aa ka a rera esale pele hore na bophelo ba batho bo tla ba joang; o bōpile batho ba e-na le bolokolohi ba ho ikhethela. Kahoo, o ile a bolella Adama le Eva ka morero oa hae ’me a re: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.” (Gen. 1:28) Jehova o ne a boetse a batla hore ba hlomphe melao ea hae mabapi le se setle le se sebe. (Gen. 2:16, 17) Adama le Eva ba ka be ba ile ba khetha ho lula ba tšepahala. Haeba bona le bana ba bona ba ile ba mamela, re ka be re sa hloke ’Muso o busoang ke Kreste, ho phethahatsa morero oa Molimo. Hona joale, lefatše le ka be le tletse batho ba phethahetseng, ba rapelang Jehova.
4 Taba ea hore Satane, Adama le Eva ha baa ka ba mamela, ha ea etsa hore Jehova a tlohele morero oa hae oa hore lefatše le tlale batho ba phethahetseng. Ho e-na le hoo, Jehova o ile a rala moralo oa ho phethahatsa morero oo. Morero oa hae ha o tšoane le terene e lokelang ho tsamaea seporong se itseng e le hore e fihle moo e eang teng le eo batho ba ka etsang hore e se ke ea fihla moo e eang. Hang ha Jehova a boletse morero oa hae, ha ho na mang kapa mang ea ka etsang hore morero oo o se ke oa phethahala. (Bala Esaia 55:11.) Haeba ho e-na le ntho e itseng e sitisang hore morero oa hae o phethahale, Jehova o sebelisa mokhoa o mong.a (Ex. 3:14, 15) Ha a bona ho hlokahala, o tsebisa bahlanka ba hae ba tšepahalang ka mokhoa o mocha oo a tla o sebelisa ho finyella morero oa hae.
5. Jehova o ile a etsa’ng ka mor’a hore ho be le borabele Edene?
5 Ka mor’a hore ho be le borabele Edene, Jehova o ile a rera ho theha ’Muso. (Mat. 25:34) Nakong eo ho neng ho bonahala ho se na tšepo, Jehova o ile a senolela batho hore na o tla sebelisa eng ho etsolla mahlomola a bakiloeng ke Satane ka lebaka la ho rata ho busa batho. (Gen. 3:14-19) Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a senola lintlha tse mabapi le ’Muso ka nako e le ’ngoe.
Jehova o Qala ho Senola Linnete Mabapi le ’Muso
6. Jehova o ile a profeta eng, empa ke eng seo a sa kang a se senola?
6 Ka lekhetlo la pele Jehova o ile a profeta hore ho tla ba le “peō” e tla silakanya noha. (Bala Genese 3:15.) Leha ho le joalo, ka nako eo Jehova ha aa ka a senola hore na peō eo le peō ea noha ke bo-mang. Ha e le hantle, ho ile ha feta lilemo tse 2 000 pele Jehova a bolela lintlha tse mabapi le peō eo.b
7. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a khetha Abrahama, hona re ithuta ntlha efe ea bohlokoa tabeng ee?
7 Qetellong, Jehova o ile a khetha hore peō e tšepisitsoeng e tsoe lesikeng la Abrahama. Molimo o ile a khetha Abrahama hobane o ne a ‘mamela lentsoe la [Jehova].’ (Gen. 22:18) Re ithuta ntlha ea bohlokoa tabeng ena—Jehova o senolela batho ba mo tšabang feela morero oa hae.—Bala Pesaleme ea 25:14.
8, 9. Jehova o ile a bolella Abrahama le Jakobo lintlha life mabapi le peō e tšepisitsoeng?
8 Ha Jehova a bua le motsoalle oa hae Abrahama a sebelisa lengeloi, o ile a senola ka lekhetlo la pele taba ea bohlokoa mabapi le peō e tšepisitsoeng: E ne e tla ba motho. (Gen. 22:15-17; Jak. 2:23) Empa motho eo o ne a tla silakanya noha joang? Noha e ne e le mang? Hamorao Molimo o ne a tla re senolela likarabo tsa lipotso tseo.
9 Jehova o ile a bolela hore peō e tšepisitsoeng e ne e tla hlaha ka setloholo sa Abrahama e leng Jakobo, monna ea neng a e-na le tumelo e matla ho Molimo. (Gen. 28:13-22) Jehova o ile a bontša hore Ea Tšepisitsoeng e ne e tla ba setloholo sa mor’a Jakobo e leng Juda. Jakobo o ile a profeta hore setloholo sena sa Juda se tla fumana “lere” e leng molamu o bontšang matla a borena ’me “lichaba li tla [se] mamela.” (Gen. 49:1, 10) Ka ho bolela seo, ka lekhetlo la pele Jehova o ile a senola hore Ea Tšepisitsoeng e ne e tla ba ’musi, morena.
10, 11. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a senolela Davida le Daniele morero oa hae?
10 Lilemo tse ka bang 650 Juda a se a shoele, Jehova o ile a senolela Morena Davida, e leng setloholo sa Juda lintlha tse eketsehileng ka morero oa hae. Jehova o ile a hlalosa Davida e le “monna ea ratoang ke pelo ea hae.” (1 Sam. 13:14; 17:12; Lik. 13:22) Ka lebaka la hore Davida o ne a tšaba Molimo, Jehova o ile a khetha ho etsa selekane le eena, a mo tšepisa hore e mong oa litloholo tsa hae o tla busa ka ho sa feleng.—2 Sam. 7:8, 12-16.
11 Lilemo tse ka bang 500 hamorao, Jehova o ile a sebelisa moprofeta Daniele ho bolela hantle selemo seo Motlotsuoa, kapa Mesia a neng a tla hlaha ka sona lefatšeng. (Dan. 9:25) Jehova o ne a talima Daniele e le motho “ea khahlehang haholo.” Hobane’ng? Hobane Daniele o ne a hlompha Jehova ka ho tebileng a bile a mo sebeletsa a sa khaotse.—Dan. 6:16; 9:22, 23.
12. Daniele o ile a bolelloa hore a etse’ng, hona hobane’ng?
12 Le hoja Jehova a ile a sebelisa baprofeta ba tšepahalang ba kang Daniele hore ba tlalehe lintlha tse ngata ka peō e tšepisitsoeng, Mesia, e ne e-s’o be nako ea hore bahlanka ba Jehova ba utloisise ka botlalo seo a ileng a bululela hore ba se ngole. Ka mohlala, ka mor’a hore Daniele a amohele pono e neng e bua ka ho thehoa ha ’Muso oa Molimo, o ile a bolelloa hore a tiise boprofeta boo ho fihlela nako eo Jehova a e khethileng e fihla. Ka nako eo, tsebo ea ’nete ‘e ne e tla ba ngata.’—Dan. 12:4.
Jesu o Etsa Hore Morero oa Molimo o Hlake le ho Feta
13. (a) Peō e tšepisitsoeng e ne e le mang? (b) Jesu o ile a hlakisa boprofeta bo tlalehiloeng ho Genese 3:15 joang?
13 Ka ho hlaka, Jehova o ile a re Jesu ke peō e tšepisitsoeng, setloholo sa Davida se neng se tla busa e le Morena. (Luka 1:30-33; 3:21, 22) Ha Jesu a qala tšebeletso ea hae, e ile ea ka batho ba chabeloa ke letsatsi mabapi le morero oa Molimo. (Mat. 4:13-17.) Ka mohlala, Jesu o ile a hlakisa hore na “noha” e boletsoeng ho Genese 3:14, 15, e ne e le mang, ha a bitsa Diabolose “’molai” le “ntate oa leshano.” (Joh. 8:44) Tšenolong eo a ileng a e fa Johanne, Jesu o ile a re “noha ea pele” ke “Diabolose le Satane.”c (Bala Tšenolo 1:1; 12:9.) Tšenolong eona eo, Jesu o ile a bontša kamoo eena—peō e tšepisitsoeng—a tla phethahatsa boprofeta bo ileng ba boleloa Edene ’me a silakanye Satane hoo a ke keng a hlola a e-ba teng.—Tšen. 20:7-10.
14-16. Na kamehla barutuoa ba lekholo la pele la lilemo ba ne ba utloisisa ka botlalo linnete tseo Jesu a neng a li senola? Hlalosa.
14 Joalokaha re bone Khaolong ea 1 ea buka ena, Jesu o ne a bua haholo ka ’Muso. Empa ha aa ka a bolella barutuoa ba hae lintho tsohle tseo ba neng ba batla ho li tseba. Le hoja a ile a bua lintlha tse tobileng, ho ile ha feta nako e telele—ka linako tse ling lilemo tse makholo—pele balateli ba Kreste ba qala ho utloisisa ka ho feletseng bohlokoa ba linnete tseo Mong’a bona a neng a li senola. Nahana ka mehlala e seng mekae.
15 Ka selemo sa 33, Jesu o ile a hlakisa hore babusi ba neng ba tla thusa Morena oa ’Muso oa Molimo, ba ne ba tla nkoa lefatšeng ’me ba tsosetsoe leholimong e le libōpuoa tsa moea. Leha ho le joalo, barutuoa ba hae ha baa ka ba utloisisa sena hang-hang. (Dan. 7:18; Joh. 14:2-5) Selemong sona seo, Jesu o ile a bontša ka lipapiso hore ’Muso o ne o tla thehoa nako e telele ka mor’a hore a nyolohele leholimong. (Mat. 25:14, 19; Luka 19:11, 12) Barutuoa ha baa ka ba utloisisa ntlha ena ea bohlokoa ’me hamorao ba ile ba botsa Jesu ea tsositsoeng ba re: “Na u khutlisetsa ’muso ho Iseraele nakong ee?” Empa Jesu ha aa ka a ba bolella lintlha tse eketsehileng ka nako eo. (Lik. 1:6, 7) Jesu o ile a boela a ruta hore ho tla ba le “linku tse ling” tseo e neng e sa tl’o ba karolo ea “mohlatsoana” o neng o tla busa le eena. (Joh. 10:16; Luka 12:32) Balateli ba Kreste ba ne ba sa utloisise hore na lihlopha tsena tse peli e ne e le bo mang ho fihlela nako e telele ka mor’a hore ’Muso o thehoe ka 1914.
16 Jesu o ne a e-na le lintho tse ngata tseo a neng a ka li bolella barutuoa ba hae ha a ntse a le lefatšeng empa o ne a tseba hore ba ne ba ke ke ba khona ho li jara. (Joh. 16:12) Ha ho pelaelo hore ho ile ha senoloa lintho tse ngata tse amanang le ’Muso lekholong la pele la lilemo. Leha ho le joalo, eo e ne e-s’o ka e e-ba nako ea hore tsebo e joalo e be ngata.
Tsebo ea ’Nete e ba Ngata “Nakong ea Bofelo”
17. Re lokela ho etsa’ng e le hore re utloisise linnete tse mabapi le ’Muso, empa re boetse re hloka’ng?
17 Jehova o ile a tšepisa Daniele hore “nakong ea bofelo” ba bangata ba tla “phenya, ’me tsebo ea ’nete” ea morero oa Molimo e ne e tla ba ngata. (Dan. 12:4) Batho ba batlang tsebo eo ba lokela ho sebetsa ka thata hore ba e fumane. Buka e ’ngoe e bolela hore leetsi la Seheberu e leng “phenya” le bolela hore motho o hlahloba buka ka hloko le ka ho feletseng. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na re hlahloba Bibele hakae, re ke ke ra utloisisa linnete tse mabapi le ’Muso ntle le haeba Jehova a re thusa hore re li utloisise.—Bala Matheu 13:11.
18. Batho ba tšabang Jehova ba ile ba bontša tumelo le boikokobetso joang?
18 Joalokaha Jehova a ile a senola linnete tse amanang le ’Muso ho fihlela ka 1914, o ntse a tsoela pele ho etsa joalo nakong ea bofelo. Joalokaha Khaolo ea 4 le ea 5 ea buka ena li tla bontša, lilemong tse 100 tse fetileng, batho ba Molimo ba ile ba tlameha ho lokisa tsela eo ba utloisisang lintho ka eona ka makhetlo a mangata. Na seo se bolela hore Jehova ha a ba tšehetse? Che ha ho joalo. O oa ba tšehetsa. Hobane’ng? Hobane batho ba tšabang Jehova ba ile ba bontša litšobotsi tse peli tseo a li ratang, e leng tumelo le boikokobetso. (Baheb. 11:6; Jak. 4:6) Bahlanka ba Jehova ba na le tumelo ea hore litšepiso tsohle tse ka Lentsoeng la Molimo li tla phethahala. Ba bontša boikokobetso ha ba lumela hore ha baa ka ba utloisisa hore na litšepiso tseo li tla phethahala joang. Taba ea hore ba ikokobelitse e bonahala makasineng ea The Watch Tower ea March 1, 1925, e ileng ea re: “Rea tseba hore Morena ke eena ea itlhalosang, le hore o tla hlalosa Lentsoe la hae ho batho ba hae ka tsela ea hae le ka nako ea hae e loketseng.”
“Morena . . . o tla hlalosa Lentsoe la hae ho batho ba hae ka tsela ea hae le ka nako ea hae e loketseng”
19. Jehova ha aa ka a re lumella hore re utloisise eng, hona hobane’ng?
19 Ha ’Muso o ne o thehoa ka 1914, batho ba Molimo ba ne ba e-na le tsebo e fokolang feela ea kamoo boprofeta bo mabapi le ’Muso bo tla phethahala kateng. (1 Bakor. 13:9, 10, 12) Ka lebaka la ho chesehela ho bona litšepiso tsa Molimo li phethahala, ka linako tse ling re ne re fihlela liqeto tse fosahetseng. Ha lilemo li ntse li feta, ka bohlale ba ile ba bua mantsoe a mang ho ekeletsa ho se qotsitsoeng makasineng ea The Watch Tower serapeng se fetileng. Sehlooho seo se ile sa re: “Ho bonahala hore re lokela ho lumela hore re ke ke ra utloisisa boprofeta ho fihlela bo se bo phethahetse kapa re bona bo phethahala.” Joale, kaha re phela mehleng ea bofelo, ho na le boprofeta bo amanang le ’Muso bo bongata bo phethahetseng le bo ntseng bo phethahala. Ka lebaka la hore batho ba Molimo ba ikokobelitse ebile ba ikemiselitse hore ba lokisoe ha ba fositse, Jehova o entse hore ba utloisise morero oa hae ka ho feletseng. Ka sebele tsebo ea ’nete e ngata!
Ho Lokisoa ha Kutloisiso ho Ama Batho ba Molimo Joang?
20, 21. Liphetoho tse ileng tsa e-ba teng lekholong la pele la lilemo, li ile tsa ama Bakreste joang?
20 Ha Jehova a lokisa tsela eo re neng re utloisisa ’nete ka eona, seo se ka bontša hore na re ikokobelitse kapa che. Na tumelo le boikokobetso li tla re susumetsa ho amohela liphetoho? Bakreste ba neng ba phela bohareng ba lilemo tsa lekholo la pele ba ile ba tobana le teko e joalo. Ka mohlala, nka hore u Mokreste oa Mojuda ea neng a phela mehleng eo. U hlompha Molao oa Moshe haholo ’me u ikotla sefuba ka lefa leo. Joale u amohela mangolo a bululetsoeng a tsoang ho moapostola Pauluse, a bolelang hore ha u sa lokela ho latela Molao le hore Jehova o lahlile Iseraele ea tlhaho ’me o se a batla hore ho bokelloe Iseraele ea moea, e akarelletsang Bajuda le Balichaba. (Bar. 10:12; 11:17-24; Bagal. 6:15, 16; Bakol. 2:13, 14) U ne u tla etsa’ng?
21 Bakreste ba neng ba ikokobelitse ba ile ba amohela tlhaloso eo e bululetsoeng ea Pauluse ’me Jehova o ile a ba hlohonolofatsa. (Lik. 13:48) Ba bang ha baa ka ba lumela ha ba lokisoa ’me ba ile ba hana ho fetoha. (Bagal. 5:7-12) Haeba ba ne ba sa fetohe, ba ne ba tla lahleheloa ke monyetla oa ho busa le Kreste.—2 Pet. 2:1.
22. U ikutloa joang ha ho e-ba le liphetoho kutloisisong ea rōna ka morero oa Molimo?
22 Lilemong tsa morao tjena, Jehova o ’nile a lokisa kutloisiso ea rōna ka ’Muso. Ka mohlala, o ile a re thusa hore re bone ka ho hlaka ha bafo ba ’Muso ba tla aroloa ho batho ba sa amoheleng linnete joalokaha linku li aroloa ho lipōli. O ile a boela a re ruta hore na palo ea 144 000 e tla finyelloa neng, hore na lipapiso tsa ’Muso tseo Jesu a ileng a li bua li bolela’ng, le hore na motlotsuoa oa ho qetela o tla tsosetsoa leholimong neng.d U etsa’ng ha ho e-ba le liphetoho tse joalo? Na tumelo ea hao ea matlafala? Na u li bona e le bopaki ba hore Jehova o tsoela pele ho ruta batho ba hae ba ikokobelitseng? Boitsebiso bo latelang bukeng ena bo tla etsa hore u kholisehe le ho feta hore butle-butle, Jehova o senolela batho ba mo tšabang morero oa hae.
a Lebitso la Molimo le tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang “ho ba.” Lebitso la Jehova le bontša hore ke Mophethahatsi oa litšepiso tsa hae. Sheba lebokose le reng, “Se Boleloang ke Lebitso la Molimo,” khaolong ea 4.
b Le hoja nako ena e ka bonahala e le ngata kajeno, re lokela ho hopola hore batho ba ne ba phela nako e telele; ho bile le meloko e mene e phetseng ka nako e le ’ngoe le Adama le Abrahama. Adama o phetse ka nako e le ’ngoe le Lameke, ntate oa Noe. Sema, mora oa Noe o phetse ka nako e le ’ngoe le Lameke. Sema o phetse ka nako e le ’ngoe le Abrahama.—Gen. 5:5, 31; 9:29; 11:10, 11; 25:7.
c Lentsoe “Satane,” le hlaha ka makhetlo a 18 Mangolong a Seheberu. Leha ho le joalo, lentsoe “Satane” le hlaha ka makhetlo 30 Mangolong a Bakreste a Segerike. Hoa utloahala hore Mangolo a Seheberu ha aa ka a bua ka Satane ho sa hlokahale empa a ne a amehile ka hore na Mesia ke mang. Ha Mesia a fihla, o ile a pepesa Satane, e leng taba e tlalehiloeng ka Mangolong a Segerike a Bakreste.
d E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng mabapi le liphetoho tsena, sheba Molula-Qhooa oa: October 15, 1995, leqepheng la 23-28; January 15, 2008, leqepheng la 20-24; July 15, 2008, leqepheng la 17-21; July 15, 2013, leqepheng la 9-14.