Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Khetholla Barapeli ba ’Nete Nakong ea Bofelo
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
    • 21. (a) Nako e boletsoeng esale pele ho Daniele 12:11 e ne e tla qala ha ho hlahile litlhokahalo life? (b) “Tšobotsi ea kamehla” e ne e le eng, ’me e ile ea tlosoa neng? (Bona lebokose le leqepheng la 298.)

      21 Daniele o ile a bolelloa: “Ho tloha nakong eo ka eona ho tlositsoeng tšobotsi ea kamehla ’me ho behiloe ntho e nyonyehang e etsang lesupi, ho tla ba le matsatsi a sekete le makholo a mabeli le mashome a robong.” Kahoo, nako ena e ne e tla qala ha ho hlahile litlhokahalo tse itseng. “Tšobotsi ea kamehla”—kapa “sehlabelo se tsoelang pele”a—e ne e lokela ho tlosoa. (Daniele 12:11, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Lengeloi le ne le bolela sehlabelo sefe? Le ne le sa bolele mahlabelo a liphoofolo a nyeheloang tempeleng leha e le efe ea lefatšeng. Ha e le hantle, esita le tempele e neng e kile ea ema Jerusalema e ne e le feela “setšoantšo sa ntho ea sebele”—e leng tempele ea Jehova e khōlō ea moea, e ileng ea qala ho sebetsa ha Kreste e e-ba Moprista ea Phahameng ho eona ka 29 C.E.! Tempeleng ena ea moea, e emelang tokisetso ea Molimo ea borapeli bo hloekileng, ha ho hlokahale linyehelo tse tsoelang pele tsa libe, hobane “Kreste o ile a nyeheloa hang le ka ho ke keng ha phetoa ho jara libe tsa ba bangata.” (Baheberu 9:24-28) Leha ho le joalo, Bakreste bohle ba ’nete ba nyehela mahlabelo tempeleng ena. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ka [Kreste] a re nyeheleng ka mehla ho Molimo sehlabelo sa thoriso, ke hore, litholoana tsa melomo e etsetsang lebitso la hae polelo ea phatlalatsa.” (Baheberu 13:15) Kahoo, tlhokahalo ena ea pele ea boprofeta—ho tlosoa ha “tšobotsi ea kamehla”—e ile ea hlaha bohareng ba 1918 ha mosebetsi oa ho bolela o batla o emisoa ka nakoana.

      22. (a) “Ntho e nyonyehang e etsang lesupi” ke eng, ’me e ile ea hlomamisoa neng? (b) Nako e boletsoeng esale pele ho Daniele 12:11 e qalile neng, ’me e felile neng?

      22 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka tlhokahalo ea bobeli—ho ‘behoa’ kapa ho hlomamisoa ha “ntho e nyonyehang e etsang lesupi”? Joalokaha re bone ha re ne re tšohla Daniele 11:31, ntho ena e nyonyehang e ile ea qala e le Selekane sa Lichaba ’me ea hlaha hape hamorao e se e le Machaba a Kopaneng. Lia nyonyeha ka bobeli hobane li ’nile tsa thoholetsoa ka hore ke tsona tšepo feela ea khotso lefatšeng. Kahoo, lipelong tsa batho ba bangata, mekhatlo ena e hlile e nka sebaka sa ’Muso oa Molimo! Taba ea Selekane e ile ea tekoa ka molao ka January 1919. Ka hona, litlhokahalo tse peli tsa Daniele 12:11 li ile tsa finyelloa ka nako eo. Kahoo, matsatsi a 1 290 a ile a qala mathoasong a 1919 ’me a tsoela pele ho fihlela hoetla (Karolong e ka Leboea ea Lefatše) ka 1922.

      23. Bahalaleli ba Molimo ba ile ba tsoela pele ho ea boemong bo hloekileng joang nakong ea matsatsi a 1 290 a boletsoeng esale pele ho Daniele khaolo ea 12?

      23 Ka nako eo, na bahalaleli ba ile ba hatela pele hore e be ba soeufetseng le ba hloekileng mahlong a Molimo? Ka sebele ba ile ba etsa joalo! Ka March 1919 mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower le metsoalle e haufi ea hae ba ile ba lokolloa chankaneng. Hamorao ba ile ba lokolloa ka ho feletseng liqosong tsa bohata tseo ba neng ba qositsoe ka tsona. Ka ho hlokomela hore mosebetsi oa bona o ne o e-s’o fele, ba ile ba tšoareha hang-hang, ba hlophisa kopano e neng e tla tšoaroa ka September 1919. Ka selemo sona seo, makasine ea habo Molula-Qhooa e ile ea hatisoa ka lekhetlo la pele. Pele e ne e bitsoa The Golden Age (hona joale ke Tsoha!) ’me kamehla e ’nile ea tšehetsa Molula-Qhooa ka hore e se ke ea tšaba ho pepesa bobolu ba lefatše lena le ka hore e thuse batho ba Molimo hore ba lule ba hloekile. Qetellong ea matsatsi a 1 290 a boletsoeng esale pele, bahalaleli ba ne ba hatetse pele haholo tseleng ea ho ba boemong bo hloekileng le ba tsosoloso. Ka September 1922, hantle hoo e ka bang bofelong ba nako ena, ba ile ba tšoara kopano ea bohlokoa Cedar Point, Ohio, U.S.A. E ile ea matlafatsa mosebetsi oa boboleli haholo. Leha ho le joalo, ho ne ho ntse ho hlokahala hore ho tsoeloe pele haholoanyane. Sena se ne se emetse nako e khethehileng e latelang.

    • [Lebokose le leqepheng la 298]

      HO TLOSOA HA TŠOBOTSI EA KAMEHLA

      Bukeng ea Daniele, poleloana “tšobotsi ea kamehla” e hlaha ka makhetlo a mahlano. E bolela sehlabelo sa thoriso—e leng “litholoana tsa melomo”—se nyeheloang kamehla ho Jehova Molimo ke bahlanka ba hae. (Baheberu 13:15) Ho tlosoa ha eona ho boletsoeng esale pele, ho tšohloa ho Daniele 8:11, 11:31 le 12:11.

      Nakong ea lintoa tse peli tsa lefatše, batho ba Jehova ba ile ba hlorisoa hampe libakeng tse pusong ea “morena oa leboea” le “morena oa boroa.” (Daniele 11:14, 15) Ho tlosoa ha “tšobotsi ea kamehla” ho ile ha etsahala qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše ha mosebetsi oa ho bolela o ne o batla o emisitse bohareng ba 1918. (Daniele 12:7) Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, “tšobotsi ea kamehla” e ile ea “tlosoa” ka tsela e tšoanang ka matsatsi a 2 300 ke ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. (Daniele 8:11-14; bona Khaolo ea 10 ea buka ena.) E ile ea tlosoa hape ke “matsoho” a Manazi ka nako e itseng e sa qaqisoang ka Mangolong.—Daniele 11:31; bona Khaolo ea 15 ea buka ena.

  • Ho Khetholla Barapeli ba ’Nete Nakong ea Bofelo
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
    • Matsatsi a 1 290: January 1919 ho ea ho

      Daniele 12:11 September 1922

      (Bakreste ba tlotsitsoeng baa tsoha

      ’me ba tsoela pele moeeng.)

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela