Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova o Senola se “Tla Etsahala Haufinyane”
    Molula-Qhooa—2012 | June 15
    • 9 Ke khale bahlanka ba Jehova ba batla ho utloisisa hore na maoto a setšoantšo a tšoantšetsa’ng. Daniele 2:41 e hlalosa motsoako oa tšepe le letsopa e le “’muso” o le mong eseng e mengata. Kahoo, letsopa le bolela hore ho na le ntho e etsang hore ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o se ke oa ba matla joaloka ’Muso oa Roma, oo ho ileng ha boleloa hore ke meomo e entsoeng ka tšepe. Ho boleloa hore letsopa ke “bana ba moloko oa batho” kapa batho feela ba tloaelehileng. (Dan. 2:43) ’Musong oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika, batho ba ’nile ba tsohela ’muso matla ba batla litokelo tsa bona, ba etsa matšolo a ho loanela litokelo tsa botho, ba theha mekhatlo ea basebetsi le mekhatlo e loanelang boipuso. Batho feela ba tloaelehileng ba sitisa ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika hore o etse lintho ka matla a kang a tšepe. Batho ba na le maikutlo a sa tšoaneng litabeng tsa lipolotiki. Ho feta moo, haeba moeta-pele a hlōla likhetho ka palo e nyenyane feela, ha a be le matla a lekaneng ho phethahatsa seo a se tšepisitseng bakhethi. Daniele o ile a bolela esale pele a re: “’Muso oo o tla ba matla ’me ka karolo e ’ngoe e tla ba o pshatlehang.”—Dan. 2:42; 2 Tim. 3:1-3.

  • Jehova o Senola se “Tla Etsahala Haufinyane”
    Molula-Qhooa—2012 | June 15
    • 11 Na palo ea menoana ea maoto ea setšoantšo see e na le seo e se bolelang? Nahana ka sena: Liponong tse ling, Daniele o bua ka palo e tobileng—ka mohlala, o bolela hore na linaka tse lihloohong tsa libata tse fapa-fapaneng li kae ka palo. Lipalo tseo ke tsa bohlokoa. Leha ho le joalo, ha Daniele a hlalosa setšoantšo, ha a bolele hore na menoana ea sona ea maoto e mekae. Kahoo, ho bonahala eka palo ea menoana ea maoto e ne e se ea bohlokoa joalokaha e ne e se taba ea bohlokoa hore na setšoantšo se na le liphaka, matsoho, menoana ea matsoho, meomo kapa maoto a makae. Daniele o bolela ka ho toba hore menoana ea maoto e entsoe ka tšepe le letsopa. Ho latela tlhaloso ea hae, re ka fihlela qeto ea hore ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika ke oona o tla beng o busa ha “lejoe” le emelang ’Muso oa Molimo le otla maoto a setšoantšo.—Dan. 2:45.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela