Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • Molaetsa o ka sehloohong oo Bibele e buang ka oona ke ’Muso oa Molimo. Jehova o tla sebelisa ’Muso oo ho etsa hore lefatše e be Paradeise joalokaha a ne a rerile ho tloha qalong. ’Muso oa Molimo ke eng? Re tseba joang hore oa busa hona joale? O se o entse lintho life? Hona o tla etsa lintho life nakong e tlang? Khaolo ena le tse peli tse latelang li tla araba lipotso tsena.

      1. ’Muso oa Molimo ke eng, hona Morena oa oona ke mang?

      ’Muso oa Molimo ke puso e thehiloeng ke Jehova Molimo. Morena oa oona e leng Jesu Kreste o busa a le leholimong. (Matheu 4:​17; Johanne 18:​36) Ha Bibele e bua ka Jesu e re: “O tla busa e le morena . . . ka ho sa feleng.” (Luka 1:​32, 33) Kaha Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo, o tla busa batho bohle ba lefatšeng.

      2. Jesu o busa le bo-mang?

      Jesu ha a buse a le mong. Batho ba tsoang “molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng . . . ba tla busa e le marena holim’a lefatše.” (Tšenolo 5:​9, 10) Ke batho ba bakae ba tla busa le Kreste? Ho tloha ha Jesu a ne a le lefatšeng, Bakreste ba limilione e ile ea e-ba balateli ba hae. Empa ke ba 144 000 feela ba tla ea leholimong ho ea busa le Jesu. (Bala Tšenolo 14:​1-4.) Bakreste ba bang bohle ba lefatšeng, ba tla ba tlas’a ’Muso oo.​—Pesaleme ea 37:29.

      3. Ke joang ’Muso oa Molimo o leng molemo ho feta mebuso ea batho?

      Le hoja babusi ba bang ba batla ho etsetsa batho lintho tse molemo, ha ba na matla a ho etsa lintho tsohle tseo ba li batlang. Ha nako e ntse e e-ea ba hlahlangoa ke ba bang ba ka ’nang ba se ke ba nahanela litlhoko tsa batho. Empa Jesu Morena oa ’Muso oa Molimo o tla lula a busa. Molimo o ‘emisitse ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla.’ (Daniele 2:​44) Jesu o tla busa lefatše lohle ’me a ke ke a rata batho ba bang ho feta ba bang. O lerato, o mosa ’me o na le toka ebile o tla ruta batho hore le bona ba tšoare ba bang ka lerato, mosa le ka toka.​—Bala Esaia 11:9.

      ITHUTE LINTLHA TSE LING

      Hlokomela hore na ke hobane’ng ha ’Muso oa Molimo o le molemo ho feta mebuso ea batho.

      Jesu Kreste o busa lefatše a le teroneng ea hae leholimong. Babusi-’moho le eena ba lutse ka mor’a hae. Jehova o ka mor’a bona ’me oa khanya.

      4. Lefatše lohle le tla busoa ke ’muso o matla

      Jesu Kreste o na le matla a ho busa ho feta ’musi leha e le ofe. Bala Matheu 28:​18 ebe le buisana ka potso ena:

      • Ke hobane’ng ha Jesu a e-na le matla a ho busa a fetang a babusi ba bang?

      Babusi ba lefatše ba busa karolo e itseng feela ea lona hape ba busa nako e khutšoanyane. Empa ’Musong oa Molimo teng ho ke ke ha e-ba joalo. Bala Daniele 7:​14 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Ke hobane’ng ha e le ntho e thabisang ho tseba hore ’Muso oa Molimo o ke ke oa felisoa?

      • Ke hobane’ng ha e le ntho e thabisang ho tseba hore ’Muso oa Molimo o tla busa lefatše lohle?

      5. Mebuso ea lefatše e lokela ho felisoa

      Ke hobane’ng ha e le ’Muso oa Molimo feela o lokelang ho busa batho? Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

      VIDEO: ’Muso oa Molimo Ke’ng?​—Karoloana (1:41)

      • Litla-morao tsa ho busoa ke batho ke life?

      Bala Moeklesia 8:9 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Na u nahana hore ke ’Muso oa Molimo feela o lokelang ho busa? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

      6. Batho ba il’o busa ’Musong oa Molimo baa re utloisisa

      Kaha Morena oa rona Jesu e kile ea e-ba motho, o tla khona ho “utloela mefokolo ea rona bohloko.” (Baheberu 4:​15) Jehova o khethile banna le basali ba tšepahalang ba 144 000 “molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng” hore ba il’o busa le Jesu.​—Tšenolo 5:9.

      • Na u utloa e le ntho e khothatsang ho tseba hore Jesu le batho ba il’o busa le eena baa tseba hore na ho joang ho ba motho? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

      Banna le basali bao e leng batlotsuoa ba phetseng linakong tse fapa-fapaneng le ba tsoang merabeng e fapa-fapaneng.

      Jehova o khethile banna le basali ba tsoang likarolong tsohle tsa lefatše hore ba il’o busa le Jesu

      7. Melao ea ’Muso oa Molimo e molemo ho feta ea batho

      Mebuso ea lefatše e etsa melao eo e nahanang hore e tla sireletsa batho. ’Muso oa Molimo le oona o na le melao eo batho ba busoang ke oona ba lokelang ho e latela. Bala 1 Bakorinthe 6:​9-11 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • U nahana hore lefatšeng ho tla ba joang ha batho bohle ba se ba mamela melao ea Molimo?a

      • Na u nahana hore ke ntho e utloahalang hore ebe Jehova o lebeletse hore batho ba busoang ke ’Muso oa hae ba mamele melao ea hae? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

      • Ke eng e bontšang hore batho ba sa mameleng melao ea Molimo ba ka fetoha? (Sheba temana ea 11.)

      Lepolesa le laola sephethephethe. Batho ba lilemo tse fapa-fapaneng ba tšela ’mila.

      Mebuso ea lefatše e etsa melao e le hore e thuse batho le ho ba sireletsa. Empa ’Muso oa Molimo oona o na le melao e molemo le ho feta e thusang batho ba busoang ke oona le ho ba sireletsa

      MOTHO A KA ’NA A RE: “ ’Muso oa Molimo ke eng?”

      • U tla mo araba joang?

      KAKARETSO

      ’Muso oa Molimo ke ’muso o leholimong o tla busa lefatše lohle.

      Re Ithutile’ng?

      • Ke bo-mang ba tl’o busa ’Musong oa Molimo?

      • Ke ka tsela efe ’Muso oa Molimo o leng molemo ho feta mebuso ea lefatše?

      • Jehova o lebeletse hore batho ba tla busoa ke ’Muso oa hae ba etse’ng?

      Seo U ka se Etsang

      BATLA

      Ithute hore na Jesu o ile a re ’Muso oa Molimo o hokae.

      “Na ’Muso oa Molimo o ka Pelong ea Hao?” (Sehlooho se websaeteng)

      Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li khetha ho tšepahalla ’Muso oa Molimo eseng mebuso ea batho?

      Ho Tšepahalla ’Muso oa Molimo (1:​43)

      Hlokomela hore na Bibele e re’ng ka batho ba 144 000 bao Jehova a ba khethileng hore ba il’o busa le Jesu.

      “Ke Bo-mang ba Eang Leholimong?” (Sehlooho se websaeteng)

      Ke eng e thusitseng ’mè e mong ea neng a le teronkong ho bona hore Molimo ke eena feela ea tla etsa hore ho be le toka lefatšeng?

      “Kamoo ke Ileng ka Fumana Hore na ke Hobane’ng ha ho E-na le ho Hloka Toka” (Tsoha!, November 2011)

      a E meng ea melao ena ho tla buuoa ka eona Karolong ea 3.

  • ’Muso oa Molimo o Tl’o Etsa’ng?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • ’Muso oa Molimo o se o qalile ho busa. Haufinyane o tl’o etsa liphetoho tse kholo mona lefatšeng. Re tl’o ithuta ka liphetoho tse ling tse thabisang tseo u ka li lebellang ’Musong oa Molimo.

      1. ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng e le hore ho be le khotso le toka lefatšeng?

      Morena oa ’Muso oa Molimo e leng Jesu, o tl’o felisa batho ba khopo le mebuso ntoeng ea Armagedone. (Tšenolo 16:​14, 16) Ka nako eo, tšepiso ena e tsoang ka Bibeleng e tla phethahala: “Ho setse nakoana e seng kae ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng.” (Pesaleme ea 37:​10) Tlas’a ’Muso ona, Jesu o tla etsa bonnete ba hore ho ba le khotso le toka lefatšeng lohle.​—Bala Esaia 11:4.

      2. Bophelo bo tla ba joang ha ho se ho etsahala thato ea Molimo lefatšeng?

      Ha ’Muso oa Molimo o se o busa, batho “ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:​29) Nahana u se u phela lefatšeng leo ho lona ho lulang batho ba lokileng feela, ba ratang Jehova le ba ratang batho ba bang. Ka nako eo, ho tla be ho se na motho ea kulang ebile batho bohle ba tla phela ka ho sa feleng.

      3. ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng ka mor’a hore batho ba khopo ba felisoe?

      Ka mor’a hore batho ba khopo ba felisoe, Jesu o tla busa e le Morena ka lilemo tse 1 000. Ka nako eo, Jesu le ba 144 000 ba tla beng ba busa le eena ba tla thusa batho hore ba phethahale. Qetellong ea lilemo tseo, lefatše e tla be e le paradeise ebile ho lula batho ba thabileng hobane ba mamela melao ea Jehova. Ka mor’a moo, Jesu o tla khutlisetsa ’muso ho Ntate oa hae Jehova. Lebitso la Jehova le tla halaletsoa ka ho feletseng. (Matheu 6:​9, 10) Ho tla be ho hlakile hore Jehova ke ’Musi ea lokileng ea khathallang batho ba hae. Jehova o tla felisa Satane, bademona le batho bohle ba khethang ho fetohela bobusi ba hae. (Tšenolo 20:​7-10) Lintho tse thabisang tseo ’Muso oa Molimo o tl’o li etsa li tla lula li le teng.

      ITHUTE LINTLHA TSE LING

      Ithute hore na ke hobane’ng ha re ka tšepa hore Molimo o tla sebelisa ’Muso oa hae ho phethahatsa litšepiso tsohle tse ka Bibeleng.

      4. ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso ea batho

      ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Jehova o tla sebelisa ’Muso oa hae ho felisa bothata bona.

      Bala Daniele 2:​44 le 2 Bathesalonika 1:​6-8 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Jehova le Mora oa hae Jesu ba tla etsa’ng ka mebuso ea batho le batho ba e tšehetsang?

      • Lintho tseo u ithutileng tsona ka Jehova le Jesu li u kholisa joang hore ba tla etsa lintho ka toka?

      Jesu ke Morena leholimong ’me o busa lefatše la paradeise.

      5. Jesu ke Morena ea molemo

      Kaha Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo, o tla thusa batho ka litsela tse ngata. Bapala VIDEO e le hore u bone kamoo Jesu a bontšitseng kateng hore o batla ho thusa batho le hore Molimo o mo file matla a ho etsa joalo.

      VIDEO: Jesu o Ile a Bontša Hore na ’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng (1:13)

      Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bontša hore na ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng. Litlhohonolofatsong tsena tse latelang, ke life tseo u li lebeletseng ka ho fetisisa? Bala mangolo a tsamaisanang le tsona.

      HA JESU A NE A LE LEFATŠENG, O ILE A . . . 

      NAKONG E TLANG JESU O TLA . . .

      • laola boemo ba leholimo. ​—Mareka 4:​36-41.

      • felisa mathata a tikoloho. ​—Esaia 35:​1, 2.

      • fepa batho ba likete. ​—Matheu 14:​17-21.

      • felisa tlala lefatšeng. ​—Pesaleme ea 72:16.

      • folisa maloetse a mefuta eohle.​—Luka 18:​35-43.

      • etsa hore batho bohle ba phele hantle. ​—Esaia 33:24.

      • tsosa batho ba hlokahetseng.​—Luka 8:​49-55.

      • felisa lefu. ​—Tšenolo 21:​3, 4.

      6. ’Muso oa Molimo o tl’o etsa hore re thabele bophelo

      ’Musong oa Molimo, batho ba tl’o thabela bophelo feela joalokaha Jehova a ne a batla. Ba tla phela ka ho sa feleng lefatše e se e le paradeise. Bapala VIDEO e le hore u bone hore na Jehova o sebelisa Mora oa hae Jesu joang ho phethahatsa morero oa hae.

      VIDEO: Bona Hore na ho Tla ba Joang Lefatšeng le Lecha (4:38)

      Bala Pesaleme ea 145:​16 ebe le buisana ka potso e latelang:

      • Ho tseba hore Jehova o tla “khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang” ho etsa hore u ikutloe joang?

      BATHO BA BANG BA RE: “Ha re sebetsa hammoho, re ka khona ho felisa mathata a teng lefatšeng.”

      • ’Muso oa Molimo o tla felisa mathata afe ao mebuso ea batho e sa khoneng ho a felisa?

      KAKARETSO

      ’Muso oa Molimo o tla etsa lintho tseo a li batlang. Lefatše lohle e tla ba paradeise ’me ho tla phela batho ba lokileng feela ba tla beng ba sebeletsa Jehova ka ho sa feleng.

      Re Ithutile’ng?

      • ’Muso oa Molimo o tla halaletsa lebitso la Jehova joang?

      • Ke’ng e etsang hore re lumele hore ’Musong oa Molimo litšepiso tse ka Bibeleng li tla phethahala?

      • Linthong tsohle tse ntle tseo ’Muso oa Molimo o tla li etsa, ke efe eo u e lebeletseng ka ho fetisisa?

      Seo U ka se Etsang

      BATLA

      Ithute hore na Armagedone ke eng.

      “Ntoa ea Armagedone Ke’ng?” (Sehlooho se websaeteng)

      Bala ka lintho tse tla etsahala nakong eo Jesu a e bitsitseng “mahlomola a maholo.”—Matheu 24:21.

      “Mahlomola a Maholo ke Eng?” (Sehlooho se websaeteng)

      Hlokomela hore na malapa a ka etsa’ng e le hore a ipone a le Paradeiseng.

      Ipone U se U le Paradeiseng (1:50)

      Sehloohong se reng “Ke ne ke E-na le Lipotso Tse Ngata Tse Ntšoenyang,” hlokomela hore na ke joang ntate e mong ea neng a rata lipolotiki a ileng a fumana likarabo tsa lipotso tsa hae.

      “Bibele e Fetola Batho” (Molula-Qhooa, January 1, 2012)

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela