Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ba Lekiloe—Empa ba Tšepahetse ho Jehova!
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
    • MOKHETHOA OA BACHA BA JERUSALEMA

      7, 8. Ka Daniele 1:3, 4 le 6, re ka finyella qeto efe ka semelo sa Daniele le metsoalle ea hae e meraro?

      7 Hase matlotlo a tempele ea Jehova feela a ileng a tlisoa Babylona. Tlaleho e re: “Joale morena a re Ashpenaze molaoli oa hae oa lekhotla ea ka sehloohong a tlise ba bang ba bara ba Iseraele le bana ba lesika la borena le ba marena, bana bao ho neng ho se na sekoli ho bona ho hang, empa ba e-na le ponahalo e ntle ’me ba e-na le temohisiso bohlaleng bohle ’me ba tloaelane le tsebo, ’me ba e-na le temoho ea se tsejoang, bao ho bona ho neng ho boetse ho e-na le bokhoni ba ho ema ka tlung ea ’muso ea morena.”—Daniele 1:3, 4.

      8 Ho ile ha khethoa bo-mang? Rea bolelloa: “Joale har’a bona ho ne ho e-na le ba bang ba bara ba Juda, Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria.” (Daniele 1:6) Sena se hlahisa leseli ka semelo se batlang se patehile sa Daniele le metsoalle ea hae. Ka mohlala, re hlokomela hore e ne e le “bara ba Juda,” leloko leo e neng e le la borena. Ebang e ne e le ba lesika la borena kapa che, hoa utloahala ho nahana hore bonyane ba ne ba tsoa malapeng ao e leng a bohlokoa bo itseng le a nang le tšusumetso. Ntle le ho ba ba hlaphohetsoeng kelellong le ba phelang hantle ’meleng, ba ne ba e-na le temohisiso, bohlale, tsebo le temoho—tsena tsohle ba ne ba e-na le tsona ha ba sa le banyenyane hoo ba neng ba ka bitsoa “bana,” mohlomong ha ba le lilemong tse qalang tsa bocha ba bona. E tlameha ebe Daniele le metsoalle ea hae ba ne ba ipabola—e le mokhethoa har’a bacha ba neng ba le Jerusalema.

  • Ba Lekiloe—Empa ba Tšepahetse ho Jehova!
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
    • NTOA EA KELELLO

      10. Baheberu ba banyenyane ba ne ba rutiloe eng, ’me morero oa see e ne e le ofe?

      10 Hang-hang ntoa e ile ea qala likelellong tse se nang phihlelo tsa baholehuoa bana. Ho tiisa hore bacha bana ba Baheberu ba ne ba tla fetoloa hore ba tšoanele tsamaiso ea Babylona, Nebukadnezare o ile a laela hore bahlanka ba hae ‘ba ba rute mongolo le puo ea Bakalde.’ (Daniele 1:4) Ena e ne e se thuto feela tjee e tloaelehileng. The International Standard Bible Encyclopedia e hlalosa hore e ne e “akarelletsa thuto ea Sesumere, Seakade le Searame . . . , le lipuo tse ling, hammoho le lingoliloeng tse nkang taba ka bophara tse ngotsoeng ka tsona.” “Lingoliloeng tse nkang taba ka bophara” li ne li akarelletsa histori, lipalo, thuto ea linaleli le lintho tse ling. Leha ho le joalo, “boitsebiso bo amanang le seo ba bolumeli, ba omina [lipontšo tse mabapi le nako e tlang] hammoho le ba bolepi ba linaleli . . . , bo ne bo phetha karolo e khōlō.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela