Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Buka ea Bibele ea 28—Hosea
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 14. Ke ho phethahala hofe ho nepahetseng ha boprofeta ba Hosea ho lokelang ho hlokomeloa?

      14 Buka ea Hosea e matlafatsa tumelo boprofeteng bo bululetsoeng ba Jehova. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Hosea a ileng a e profetela Iseraele le Juda e ile ea phethahala. Iseraele e ile ea lahloa ke baratuoa ba eona ba bonyatsi ba lichaba tse ahisaneng le eona tse rapelang litšoantšo, ’me ea kotula sefefo sa timetso matsohong a Assyria ka 740 B.C.E. (Hosea 8:7-10; 2 Mar. 15:20; 17:3-6, 18) Leha ho le joalo, Hosea o ile a profeta hore Jehova o ne a tla bontša mohau ho Juda le ho e boloka, empa e se ka matla a sesole. Hona ho ile ha phethahala ha lengeloi la Jehova le bolaea Baassyria ba 185 000 ba neng ba sokela Jerusalema. (Hos. 1:7; 2 Mar. 19:34, 35) Empa leha ho le joalo, Juda e ile ea akarelletsoa kahlolong ea Hosea 8:14: “Ke tla romela mollo metseng ea bona, o chese matlo a bona a borena,” ponelo-pele e ileng ea phethahala habohloko ha Nebukadnezare a etsa Juda le Jerusalema lesupi, 609-607 B.C.E. (Jer. 34:6, 7; 2 Likron. 36:19) Boprofeta bo bongata ba Hosea mabapi le tsosoloso bo ile ba phethahala ha Jehova a bokella hammoho Juda le Iseraele, ’me ka 537 B.C.E. ba ‘khutla lefatšeng’ leo ba neng ba isitsoe botšoaruoa ho lona.—Hos. 1:10, 11; 2:14-23; 3:5; 11:8-11; 13:14; 14:1-9; Esdr. 2:1; 3:1-3.

  • Buka ea Bibele ea 28—Hosea
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 17. (a) Ho hlokahala eng bakeng sa motho leha e le ofe ea oelang bofebeng ba moea? (b) Ke tšepiso efe ea ’Muso e thabisang e ka bukeng ea Hosea?

      17 Tšoantšiso ea mosali oa sehlola e ileng ea tšoantšetsoa ka ho hlakileng hakana bophelong ba Hosea e bontša hore Jehova o nyonya ba mo furallang ’me ba khelohela litseleng tsa borapeli ba litšoantšo le borapeli ba bohata, ka baka leo ba etsa bofebe ba moea. Motho leha e le ofe ea oetseng phosong o lokela ho khutlela ho Jehova ka pako ea ’nete ’me ‘a lefe ka nyehelo ea manamane a melomo ea hae.’ (Hos. 14:2, NW; Ba-Heb. 13:15) Bana ba tla thaba hammoho le bara ba moea ba masala a Iseraele ho phethahatsoeng ha tšepiso ea ’Muso ho Hosea 3:5: “Empa hamorao, bana ba Iseraele ba tla khutla, ba batle Jehova, Molimo oa bona, le Davida, morena oa bona; mehleng ea morao [“karolong e qetellang ea mehla,” NW], ba tla itlhahanela ho Jehova le ho molemo oa hae.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela