Khaolo ea Leshome le Metso e Meraro
“Phatlalatsang Sena Har’a Lichaba”
1. Ke hobane’ng ha ho bua ha Jehova le moprofeta oa hae ho ka bapisoa le ho puruma ha tau?
NA U kile ua utloa tau e puruma? Lerata la ho puruma ha eona le feta la boro e thuhang majoe. U ne u tla etsa joang haeba u ka utloa tau e puruma haufi ha ho khutsitse har’a bosiu? Mohlomong u ne u tla raoha hang-hang. E mong oa baprofeta ba 12 bao re ntseng re tšohla mangolo a bona, e leng Amose, o ile a sebelisa papiso ena: “Ho na le tau e purumileng! Ke mang ea ke keng a tšoha? ’Musi Morena Jehova o buile! Ke mang ea ke keng a profeta?” (Amose 3:3-8) Haeba u ne u ka utloa Jehova ka boeena a bua, na u ne u ke ke ua etsa seo Amose a ileng a se etsa? O ile a nka khato hang-hang ’me a profeta khahlanong le sechaba sa Iseraele sa meloko e leshome.
2. (a) U ka etsisa Amose joang ha a ne a phetha thōmo ea ho profeta? (b) Ke eng seo re tlil’o se tšohla khaolong ee?
2 U ka ’na ua re, ‘Empa ’na ha ke moprofeta!’ U ka ’na ua ikutloa u sa tšoanelehe hakaalo kahobane ha ua koetlisetsoa hore u be moprofeta. Leha ho le joalo, hopola Amose. Ha Amose a tobane le moprista Amazia ea neng a rapela namane, o ile a re: “Ke ne ke se moprofeta, kapa hona hore ke ne ke le mora oa moprofeta; empa ke ne ke le mohlokomeli oa liphoofolo le ea khang lifeiga tsa lifate tsa sikamora.” (Amose 7:14) Le hoja Amose e ne e le motho oa boemo bo tlaase, o ne a ikemiselitse ho phetha thōmo ea hae ea ho ba moprofeta oa Jehova. Uena? Na ua hlokomela hore kabelo eo u e fuoeng ho na le moo e tšoanang teng le ea baprofeta ba 12? U lokela ho phatlalatsa molaetsa oa Molimo bakeng sa mehla ena u be u rute batho ’me u ba etse barutuoa. U talima kabelo eo ea bohlokoa joang? U lokela ho phatlalatsa molaetsa ofe har’a lichaba? U phetha kabelo ea hao ka botlalo hakae? Ke eng se bontšang hore na ua atleha mosebetsing oo kapa che? A re ke re hlahlobeng likarabo.
‘LIPOHOANA TSA MOLOMO OA HAO’
3. U ka etsa mosebetsi o tšoanang le oa baprofeta bao re ntseng re ithuta libuka tsa bona joang?
3 Na ruri u etsa mosebetsi o kang oa baprofeta? E ka ’na eaba ha u e-s’o utloe ha tau e puruma, e leng ho bolelang hore ha ua bululeloa ke Jehova ka ho toba. Leha ho le joalo, u utloile molaetsa o potlakileng o hlahang Lentsoeng la hae, Bibele, o buang ka letsatsi la Jehova le seng le le haufi. Joalokaha re hlokometse Khaolong ea 1 ea buka ena, lentsoe “moprofeta” le lentsoe “boprofeta” ke mantsoe a bolelang lintho tse fapa-fapaneng. Le hoja mohlomong u se moprofeta ea tšoanang le Amose kapa baprofeta ba bang ba boholo-holo, u ntse u ka bua ka lintho tseo e leng hona li tla etsahala. Joang? U ka phatlalatsa melaetsa ea boprofeta eo u ithutileng eona ka Mangolong a Halalelang, ho kopanyelletsa le libukeng tsa baprofeta bao ba 12. Ena ke nako ea hore u etse sona seo.
4. Boprofeta ba Joele 2:28-32 bo phethahala ka tsela efe kajeno?
4 Ak’u shebe taba ena ka leihlo le leng. Ha Jehova Molimo a bua ka tsela e akaretsang, o ile a bolella moprofeta Joele hore ho ne ho tla ba le nako eo ka eona batho ba mefuta eohle ba tla profeta, a re: “Ka mor’a moo ke tla tšollela moea oa ka holim’a nama ea mofuta o mong le o mong, ’me ka sebele bara ba lōna le barali ba lōna ba tla profeta. Ha e le banna-baholo ba lōna, ba tla lora litoro. Ha e le bahlankana ba lōna, ba tla bona lipono.” (Joele 2:28-32) Ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., moapostola Petrose o ile a bolela hore litemana tsena li phethahetse ha moea o halalelang o tšolleloa holim’a batho ba neng ba bokane kamoreng e ka holimo Jerusalema le ha ho boleloa “lintho tse hlollang tsa Molimo” ka mor’a moo. (Liketso 1:12-14; 2:1-4, 11, 14-21) Joale nahana ka mehleng ea rōna. Boprofeta ba Joele bo ’nile ba phethahala haholoanyane ho tloha mathoasong a lilemo tsa bo-1900. Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea—banna le basali, ba hōlileng le ba bacha—ba ile ba qala ho “profeta”; ka mantsoe a mang, ba ile ba qala ho phatlalatsa “lintho tse hlollang tsa Molimo,” ho akarelletsa litaba tse molemo tsa ’Muso oo hona joale o seng o thehiloe maholimong.
5. (a) Ke tlotla efe eo bohle re nang le eona? (b) Ho nyehela ‘lipohoana tsa molomo oa hao’ ho akarelletsa hore u etse’ng, hona ke hobane’ng ha u nka seo e le tlotla?
5 Le hoja ba “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” ba sa tsoaloa ka moea o halalelang hore e be bara ba Molimo, ha ba bua le balateli ba Jesu Kreste ba tlotsitsoeng ba re: “Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.” (Tšenolo 7:9; Johanne 10:16; Zakaria 8:23) Ebang u na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng maholimong kapa lefatšeng, ke tlotla hore u nyehele ‘lipohoana tsa molomo oa hao.’ (Hosea 14:2) Polelo ee e hlahang boprofeteng ba Hosea e bolela’ng? C. F. Keil, eo e leng setsebi sa Bibele, o re: “Lipohoana . . . e ne e le liphoofolo tse ntle ka ho fetisisa tseo ho neng ho ka etsoa linyehelo tsa teboho ka tsona.” Moapostola Pauluse o ne a bua ka Hosea 14:2, ha a ne a ngola mantsoe a reng: “A re nyeheleng kamehla ho Molimo sehlabelo sa thoriso, ke hore, litholoana tsa melomo e bolelang lebitso la hae phatlalatsa.” (Baheberu 13:15) E, polelo e reng “lipohoana tsa melomo ea rōna” e bolela ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e tsoang melomong ea rōna, e leng mantsoe ao re a buang ha re rorisa Jehova.
6. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba boleng ba mahlabelo a rōna a thoriso?
6 U tlisetsa Jehova mahlabelo a thoriso ha u mo rapela ho tloha botebong ba pelo, u bua hantle ka eena libokeng tsa Bokreste, le ha u bua le ba bang ka cheseho tšebeletsong ea boboleli. Leha ho le joalo, e mong le e mong oa rōna a ka ’na a ipotsa, ‘Ha ke etsa lintho tse joalo, ke fana ka nyehelo ea boleng bo joang?’ Ho latela seo u ithutileng sona, ha ho pelaelo hore u hloile baprista ba mehleng ea Malakia bao ka nyeliso ba neng ba tlisetsa Molimo liphoofolo tse holofetseng aletareng. A sebelisa Malakia, Jehova o ile a lokela ho ba bontša ka ho hlaka hore mahlabelo a bona ke a boleng bo tlaase, kaha bona ba ne ba sa nke hore ba ne ba nyelisa tafole ea Jehova. (Malakia 1:8) Le rōna ka ho tšoanang, re lokela ho hlahloba boleng ba mahlabelo a rōna ho tiisa hore ke a molemo ka ho fetisisa ebile ha a na sekoli ka tsela e itseng.
MOLAETSA O LOKELANG HO PHATLALATSOA
7. Ke tšobotsi efe ea molaetsa oa rōna o likarolo li peli eo re lokelang ho e phatlalatsa ka sebete?
7 Ho nyehela “lipohoana tsa melomo ea rōna” tšebeletsong ea boboleli ho hloka sebete, na ha ho joalo? Lebaka ke hore molaetsa oo re o isang ho batho o likarolo li peli, ’me batho ha ba rate tšobotsi e ’ngoe ea molaetsa ona. Ha moprofeta Joele a bua le batho ba Molimo, o ile a re: “Phatlalatsang sena har’a lichaba, ‘Halaletsang ntoa! Tsosang banna ba matla! Ba ke ba atamele! Ba ke ba nyolohe, banna bohle ba ntoa!’” (Joele 3:9) Mantsoe ana a tobisitsoe le ho lichaba tse phelang mehleng ea kajeno, ’me ka sebele lichaba li tla thatafalloa hakaakang! Ena ke phatlalatso ea ntoa ea Jehova e lokileng khahlanong le batho ba mo hanyetsang. Le hoja Jehova a laela batho ba hae hore ba ‘tee lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela,’ lichaba tsa lireng tsona o li bolella hore li ‘tee mehoma ea tsona hore e be lisabole le likere tsa tsona tse faolang limela hore e be marumo.’ (Mikea 4:3; Joele 3:10) E, lira tsa Molimo li lokela ho itokisetsa ho kopana le ’Mōpi oa bokahohle ntoeng. Ka sebele molaetsa ona oo re lokelang ho o isa ho batho ha o jese litheohelang.
8. Ke hobane’ng ha “ba setseng ba Jakobo” ba tšoantšoa le tau?
8 Molaetseng oa moprofeta Mikea, ba nyehelang ‘lipohoana tsa melomo ea bona’ ba tšoantšoa le tau. Ha a ngola o ile a re: “Har’a lichaba . . . ba setseng ba Jakobo ba tla ba joaloka tau har’a liphoofolo tsa moru, joaloka taoana e moetse har’a mehlape ea linku, eo, ha e feta, ka sebele e hatakelang hammoho le ho rusolla; ’me ha ho na molopolli.” (Mikea 5:8) Ke hobane’ng ha papiso ee e le e loketseng? Mehleng ea rōna, batho ba Molimo ba eteletsoeng pele ke masala a batlotsuoa, ba lokela ho bontša hore ba sebete sa tau ha ba phatlalatsa molaetsa oa temoso lichabeng.a
9. (a) Ke neng moo ho hlokahalang hore u be sebete sa tau? (b) U ka ba sebete joang ha batho ba u hanyetsa kapa ba iphapanyetsa molaetsa oa hao?
9 Na u sebete joaloka tau ha u phatlalatsa tšobotsi e lemosang ea molaetsa oo? Ho ka ’na ha hlokahala hore u bontše sebete se joalo eseng feela ha u eme ka pel’a ba boholong empa le ha u bua le lithaka tsa hao sekolong kapa batho bao u sebetsang le bona kapa beng ka uena ba sa lumelang. (Mikea 7:5-7; Matheu 10:17-21) U ka iteta sebete joang ha u kopana le batho ba hanyetsang kapa ba iphapanyetsang molaetsa oa hao? Utloa hore na ke eng se ileng sa thusa Mikea hore a phethe mosebetsi o boima oa ho lemosa ka timetso ea Samaria le Jerusalema: “Ke tletse matla, ka moea oa Jehova, le oa toka le bonatla, e le ho bolella Jakobo bofetoheli ba hae le Iseraele sebe sa hae.” (Mikea 1:1, 6; 3:8) Le uena u ka ‘tlala matla’ hobane u ka amohela moea o mongata o matlafatsang oa Molimo. (Zakaria 4:6) Ka ho itšetleha ka Molimo ka thapelo, u tla khona ho phatlalatsa mantsoe a ka ’nang a hlohlontša batho litsebe.—2 Marena 21:10-15.
10. Re ka etsisa Sofonia joang ha re phatlalatsa molaetsa oa “letsatsi la Jehova”?
10 Ke ’nete hore u lokela ho ba sebete, empa le teng u lokela ho tseba ho buisana le batho u sa ba khopise ha u ba bolella molaetsa oa temoso. Ho hlokahala hore re be “bonolo ho [kapa re “se khopise”] bohle,” esita leha re bolella batho molaetsa oa “letsatsi la Jehova” le seng le le haufi. (2 Timothea 2:24, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW; Joele 2:1, 11; Sofonia 1:14) Ntlheng ena, ho na le seo re ka ithutang sona ho baprofeta ba 12. Ba ile ba phatlalatsa melaetsa ea Jehova ea kahlolo ka sebete, leha ho le joalo, ba ne ba nahanela batho ba ba mamelang. Ka mohlala, moprofeta Sofonia ha aa ka a hlatha koana le koana ha a bua le likhosana tsa mehleng ea hae (kapa, bahlomphehi) tse ithatafalitseng lipelo, empa ha aa ka a akarelletsa Morena Josiase ea tšepahalang ha a li tšoaea phoso. (Sofonia 1:8) Ha re phatlalatsa molaetsa oa temoso, na re ka thusa batho ka hore re ba talime e le ba ka fetohang linku, re se ba nke hampe?—Matheu 25:32-34.
11. (a) Tšobotsi ea bobeli ea molaetsa o likarolo li peli oo re o phatlalatsang ke efe? (b) U ka etsisa baprofeta ba 12 joang ha u phatlalatsa letsatsi la Jehova?
11 Tšobotsi e ’ngoe ea molaetsa o likarolo li peli oo re o phatlalatsang ke efe? Tšobotsi ena e totobalitsoe ho Mikea khaolo ea 5. “Ba setseng ba Jakobo ba tla ba joaloka phoka e tsoang ho Jehova har’a lichaba tse ngata, joaloka lipula tsa melupe holim’a limela, tse sa lebelleng ho motho kapa ho letela bara ba motho oa lefatše.” (Mikea 4:1; 5:7) Ka lebaka la litaba tse molemo tseo ba li bolellang “lichaba tse ngata” kajeno, “ba setseng” ba Jakobo oa moea, kapa Iseraele, le metsoalle ea bona, ba joaloka “phoka e tsoang ho Jehova” e khathollang, ba bile ba tšoana le “lipula tsa melupe holim’a limela.” Re lokela ho ithuta lithuto tse ngata libukeng tsa ho qetela tse 12 tsa Mangolo a Seheberu mabapi le tšobotsi ena ea bobeli ea molaetsa oa rōna, kaha baprofeta bao ha baa ka ba phatlalatsa timetso feela empa ba ile ba phatlalatsa le tsosoloso. Tšebeletsong ea hao ea boboleli, na u totobatsa tšobotsi e khothatsang ea molaetsa oa letsatsi la Jehova?
U PHATLALATSA MOLAETSA OO JOANG?
12, 13. (a) Ke hobane’ng ha batho ba Molimo ba tšoantšoa le boieane ba likokoanyana? (b) U ikutloa joang ha u bala Joele 2:7, 8?
12 Joale, u phatlalatsa molaetsa oo o likarolo li peli joang? Moprofeta Joele o ile a tšoantša mosebetsi oa batho ba Molimo le seoa se ipheta-phetang sa likokoanyana tse akarelletsang litsie. (Joele 1:4) Empa har’a lintho tse ngata hakaale tseo batho ba Jehova ba ka tšoantšoang le tsona, ke hobane’ng ha re ba tšoantša le boieane ba likokoanyana? Ke kahobane, joalokaha Joele 2:11 e boletse, Molimo o re likokoanyana tsena ke “lebotho la hae la sesole.” (Bukeng ea Tšenolo le teng batho ba Molimo ba tšoantšetsoa ke litsie. Bona Tšenolo 9:3, 4.) Mosebetsi oa litsie tse hlalositsoeng ke Joele o ne o tšoana le mollo o chesang, ’me moo li fetileng teng li siea sebaka se tšoanang le “serapa sa Edene” se fetohile “lefeella la lesupi.” (Joele 2:2, 3) U ka bontša joang hore ua elelloa hore na boprofeta ba Joele ke ba bohlokoa hakae?
13 Nahana kamoo libōpuoa tsena tse nyenyane li putulang kateng. Joele o ile a bapisa litsie le lebotho la banna, a re: “Ba matha joaloka banna ba matla. Ba hloa lerako joaloka banna ba ntoa. E mong le e mong o ea ka tsela ea hae, ’me ha ba fetole litsela tsa bona. E mong ha a sutumetse e mong. Joaloka monna ea phetseng hantle ’meleng tseleng ea hae, ba ntse ba e-ea; ’me haeba ba bang ba oa har’a metsu, ba bang ha ba khelohe tsela.” (Joele 2:7, 8) Khanyetso e kang “lerako” e ne e ke ke ea ba sitisa kapa ea thibela tlokotsi eo ba e bakang. “Haeba ba bang ba oa har’a metsu,” joalokaha ho etsahetse ha Bakreste ba tšepahalang ba bolaoa ke lira tse hatellang, ba bang ba ntšetsa mosebetsi pele, ba phetha thōmo eo Jehova a ba fileng eona. Na u ikemiselitse ho lula u etsa mosebetsi oa ho phatlalatsa letsatsi la Jehova ho fihlela Molimo a re mosebetsi o phethiloe? Mohlomong ha u etsa mosebetsi ona, u bile u nkile sebaka sa Bakreste ba tšepahalang ba seng ba shoele.
14. U ka kenya letsoho joang ho tiisa hore mosebetsi oa boboleli o phethoa ka botlalo?
14 Taba ea bohlokoa boprofeteng bona ke ho phetha mosebetsi ka mokhoa o phethahetseng. Uena ka bouena u ka kenya letsoho joang ntlheng ea ho etsa mosebetsi oa boboleli ka mokhoa o phethahetseng, e leng mosebetsi o hlalositsoeng boprofeteng ba Joele? Ka hore u kopanele tšebeletsong ea ntlo le ntlo u ntan’o khutlela ho ba amohetseng molaetsa ’me u ba rute. Hape u ka khutlela le ho ba neng ba le sieo malapeng. Ka tsela eo u bontša hore u utloisisa se hlalosoang ke boprofeta bona. Ha u pakela batho seterateng, u ka ’na ua kopana le bao u neng u ke ke ua fihla ho bona. Mokhoa o mong ke ona: U ka ’na ua khona ho thusa batho ba lulang sebakeng sa heno ba tsoang linaheng tse ling.b Na u sebelisa menyetla eohle e joalo, ’me u kenya letsoho ho tiisa hore mosebetsi oa boboleli o phethoa ka botlalo kajeno?
KE ENG E BONTŠANG HORE NA U ATLEHA HAKAE?
15. Ke eng seo re se hlokomelang mabapi le seo batho ba ileng ba se etsa ha ba utloa melaetsa ea baprofeta ba 12?
15 Batho ba etsa’ng ha ba utloa molaetsa o buang ka letsatsi la Jehova le tšosang? Ha ua lokela ho makala ha ba u hanyetsa kapa ba iphapanyetsa molaetsa ona. Baprofeta ba bangata ba Molimo ba ile ba hlaheloa ke ntho e tšoanang, ’me boholo ba bona ba ne ba lokela ho fetisa melaetsa e bohale e neng e lemosa batho. (Jeremia 1:17-19; 7:27; 29:19) Ho sa tsotellehe seo, baprofeta ba bangata ba ile ba fumana litholoana tse ntle! Bonyane ba bahlano ba bona—e leng Jonase, Mikea, Sofonia, Hagai le Zakaria—ba ile ba khona ho susumetsa lipelo tsa batho ba bang hore ba bakele libe tseo ba li entseng ’me ba fetohe.
16. Boiteko ba moprofeta Mikea bo ile ba beha litholoana life?
16 Ho bonahala eka mosebetsi oa Sofonia oa ho profeta o ile oa susumelletsa Morena Josiase hore a qalise ho tsosolosa borapeli ba ’nete. Ka sebete Mikea o ile a phatlalatsa molaetsa oa kahlolo khahlanong le ba ka sehloohong Juda, ’me liketso tsa Morena Ezekiase li ne li lumellana le mantsoe a Mikea. (Mikea 3:1-3) Ho thahasellisang ke hore ba bang ba banna ba baholo mehleng ea Jeremia ba ile ba nka seo Ezekiase a ileng a se etsa ha a utloa molaetsa oo e le mohlala o motle, ke kahoo ba ileng ba re morena enoa ‘o ne a tšaba Jehova ’me o ile a nolofatsa sefahleho sa Jehova.’ (Jeremia 26:18, 19; 2 Marena 18:1-4) Ha Ezekiase e ntse e le moeta-pele oa bona, baahi ba Juda le batho ba bang ba ratang ba tsoang ’musong o ka leboea, ba ile ba keteka Paseka le Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang, ba ba ba lelefatsa mokete oo ka beke e ’ngoe. Ho khutlela ha bona borapeling ba ’nete ho ile ha fella ka eng? Ho ile “ha e-ba le thabo e khōlō Jerusalema.” (2 Likronike 30:23-26) Mikea o ne a qalile ho phatlalatsa molaetsa oa Molimo oa timetso sechabeng se koenehileng se neng se eteletsoe pele ke Morena Akaze. Leha ho le joalo, moprofeta enoa o ile a kotula litholoana tse ntle hobane ka lebaka la boiteko ba hae, Ezekiase mora oa Akaze o ile a amohela molaetsa oa hae.
17. Hagai le Zakaria ba ile ba finyella eng?
17 Hape nahana ka moprofeta Hagai le moprofeta Zakaria. Ba ile ba profeta har’a Bajuda ba khutlileng botlamuoeng, ba neng ba se ba sa natse letho ba bile ba ichebile bobona. (Hagai 1:1, 2; Zakaria 1:1-3) Ha baprofeta bana ba babeli ba qala mosebetsi oa bona, ho ne ho se ho fetile lilemo tse 16 ho raliloe motheo oa tempele. Batho ba ne ba ‘matha molemong oa matlo a bona’ ha ntlo ea Jehova eona e le “lesupi.” Hagai o ile a re ho Bajuda: “‘Le be matla, lōna batho bohle ba naha,’ ho bolela Jehova, ‘’me le sebetse.’” Joale ho ile ha etsahala joang? Jehova o ile a “tsosa moea” oa ’Musisi Zorobabele, Moprista ea Phahameng Joshua, le “bohle ba setseng ba sechaba.” Ka lebaka leo, ba ile ba khona ho phetha mosebetsi oa tempele.—Hagai 1:9, 12, 14; 2:4.
18, 19. (a) Linaheng tse ling batho ba nka bohato bofe ha ho phatlalatsoa letsatsi la Jehova? (b) U tla etsa joang ha e le moo ho hlokahala hore batho bohle ba tsebisoe molaetsa oa temoso?
18 Ba bangata ba baprofeta ba 12 ba ne ba phatlalatsa melaetsa sechabeng seo pele se neng se inehetse ho Jehova. Le hoja mohlomong re pakela batho ba e-s’o ka ba tseba Molimo oa ’nete, empa re ntse re ka ithuta ho itseng ha re sheba hore na mosebetsi oa baprofeta bao o ile oa beha litholoana life. Le kajeno, libakeng tse ngata, batho ba amohela molaetsa o potlakileng oa letsatsi la Jehova. Ho etsahala se tšoanang le se ileng sa boleloa esale pele ke Zakaria ha a re: “Ka sebele lichaba tse ngata li tla kopanngoa le Jehova letsatsing leo, ’me li tla fetoha batho ba ka; ’me ke tla lula ka hare ho uena.” (Zakaria 2:11) Kajeno, batho ba Molimo ba fumana hore ka sebele batho ba “lichaba tse ngata” ba amohela molaetsa. (Tšenolo 7:9) Zakaria o ile a bolela sena esale pele: “Batho ba bangata le lichaba tse matla li tla tla ho batla Jehova oa mabotho Jerusalema le ho nolofatsa sefahleho sa Jehova.” Ba hlalosoa ka hore ke “banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba” ba neng ba tla tšoara moleka oa seaparo sa Moiseraele oa moea, ’me ba re: “Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.”—Zakaria 8:20-23.
19 Hlokomela hore ho buuoa ka ‘lipuo tsohle tsa lichaba.’ Bibele le lingoliloeng tsa Bibele li fetoleloa ka lipuo tse ngata, ’me Lipaki Tsa Jehova li koetlisa basebeletsi ba rutang batho ba ‘lipuo tsohle tsa lichaba.’ (Matheu 28:19, 20; Liketso 1:8) Mohlomong u ithutile puo e ’ngoe e le hore u ka thusa batho ba sebakeng sa heno ba buang puo eo. ’Me ba bangata ba ikemiselitse ho ithuta puo e le ’ngoe kapa tse peli tse ncha le ho fallela linaheng tseo ho tsona ho nang le batho ba bangata ba amohelang litaba tse molemo ka potlako. Na u ka fallela masimong a behang joalo ’me ‘u phatlalatse molaetsa oo har’a lichaba’? Nahanisisa ka sena u be u rapele ka sona. Haeba u na le bana, buisanang khafetsa le le lelapa hore na le ka khona ho falla, ’me u etse hore bana ba hao ba lule ba nahana ka pakane ena ha ba ntse ba hōla.
20. Jehova o ile a hlokomelisa ka boikutlo bofe mabapi le batho ba Ninive?
20 Moprofeta e mong ea ileng a bua le batho ba neng ba mamela le hoja ho ne ho sa lebelloa hore ba ka etsa joalo ke Jonase. Banna ba Ninive, esita le morena oa teng, ba ile ba amohela molaetsa oa Jonase, ’me ba bontša tumelo ho Jehova. Molimo o ile a botsa: “Na ha kea tšoanela ho utloela Ninive motse o moholo bohloko, oo ho oona ho nang le batho ba fetang likete tse lekholo le mashome a mabeli bao ho hang ba sa tsebeng phapang pakeng tsa letsoho la bona le letona le letsoho la bona le letšehali?” (Jonase 4:11) Hopola mantsoe ana ha u nahana ka se u susumelletsang hore u tsebise ba bang ka letsatsi le tšosang la Jehova. Na u ikutloa u kolota Jehova ha e le moo a u pholositse ka thekollo? Na u ikutloa u e-na le boikarabelo joalokaha u le mohlanka oa Jehova ea inehetseng? (1 Bakorinthe 9:16, 17) Ana ke mabaka a utloahalang a ho phatlalatsa letsatsi la Jehova. Leha ho le joalo, ho phaella moo, na batho bao u ba tsebisang ka letsatsi la Jehova bona u ba ‘utloela bohloko’? U ka thaba hakaakang haeba mohau o kang oa Molimo o u susumelletsa hore u tsebise batho ka letsatsi leo!
21. U ka ithuta eng mohlaleng oa Amose mabapi le seo a ileng a se etsa ha a ne a sokeloa ke Amazia?
21 Ha re tsebe hakaalo hore na batho ba ile ba etsa’ng ha ba utloa molaetsa oa Joele, Obadia, Nahume, Habakuke le Malakia. Bonyane re tseba seo motho e mong a ileng a se etsa ha Amose a mo bolella molaetsa. Amazia o ile a hanyetsa Amose ka matla, a qosa moprofeta enoa ka hore o etselitse morena ’momori a ba a leka ho leleka Amose hore a se ke a hlola a bolela molaetsa Bethele. (Amose 7:10-13) Ka sebete Amose o ile a ema a tiile ha a thulana le khanyetso. Le kajeno, batho ba bolumeli ba ka ’na ba leka ho susumetsa baeta-pele ba bang ba lipolotiki hore ba hlorise batho ba Jehova kapa ba thibele mosebetsi oa bona oa bohlokoa oa boboleli. Na u tla etsisa Amose ’me u phatlalatse litaba tse molemo ka sebete ho sa tsotellehe khanyetso?
22. Ke hobane’ng ha u ka bolela hore tšebeletso ea boboleli ea atleha tšimong ea heno?
22 Le hoja baprofeta ba 12 ba ile ba thulana le maemo a fapa-fapaneng, kaofela ba ile ba phetha thōmo ea bona. Ntho ea bohlokoa hase hore batho ba amohele molaetsa o likarolo li peli oo re o phatlalatsang, empa ke hore re fe Jehova “lipohoana tsa melomo ea rōna,” e leng “sehlabelo sa thoriso” se molemo ka ho fetisisa. (Hosea 14:2; Baheberu 13:15) Ka mor’a moo, Molimo ke eena ea tsebang hore na liphello e tla ba life. O tla hula bao ka sebele e leng linku. (Johanne 6:44) Ho feta moo, u ka ba ’moleli ea atlehang oa molaetsa oa Molimo ho sa tsotellehe hore na batho ba etsa’ng. Kholiseha hore “maoto a ea tlisang litaba tse molemo, ea phatlalatsang khotso,” a matle ho ba ananelang litaba tse molemo. Empa ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore a matle mahlong a Jehova. (Nahume 1:15; Esaia 52:7) Kaha letsatsi le leholo la Jehova le se le le haufi haholo, ikemisetse hore u tsoele pele ho etsa seo Joele a ileng a bolela esale pele hore se ne se tla etsahala mehleng ea rōna: “Phatlalatsang sena har’a lichaba, ‘Halaletsang ntoa! Tsosang banna ba matla!’” Ena ke ntoa ea Molimo ha a futuhela lichaba.—Joele 3:9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mohlomong boprofeta bona bo phethahetse ka lekhetlo la pele mehleng ea Bamaccabee ha Bajuda ba neng ba eteletsoe pele ke Bamaccabee ba leleka lira tsa bona Juda ’me ba nehela tempele bocha. Sena se ile sa thusa masala a Bajuda hore a amohele Mesia ha a hlaha.—Daniele 9:25; Luka 3:15-22.
b Bukana ea Good News for People of All Nations, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, e ’nile ea sebelisoa ka katleho ho thusa batho ba sa bueng puo e buuoang haholo sebakeng sa heno.
NA U UTLOISISITSE?
• U ka nyehela ‘lipohoana tsa molomo oa hao’ joang kajeno?—2 Marena 20:3; Malakia 1:11.
• U phatlalatsa molaetsa ofe o likarolo li peli?—Esaia 61:2; Mikea 5:7, 8.
• Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore u be sebete sa tau ha u phatlalatsa letsatsi la Jehova?—Jeremia 1:19; Joele 3:9-12.
U NE U TLA ARABA JOANG?
• U ka ithuta thuto efe tabeng ea hore batho ba Molimo ba tšoantšoa le boieane ba likokoanyana?—Joele 1:4; 2:3; Liketso 20:24.
• U ka bontša joang hore ua hlokomela hore u lokela ho phetha tšebeletso ea hao ka botlalo?—Amose 7:14, 15; Mikea 1:1-4; Liketso 10:42.
• Ke hobane’ng ha u ka kholiseha hore ha u phatlalatsa letsatsi la Jehova u atlehile mahlong a Molimo?—Malakia 3:10.
[Setšoantšo se leqepheng la 165]
U ne u tla etsa joang haeba u ka utloa tau e puruma?
[Setšoantšo se leqepheng la 166, 167]
Ho tloha mathoasong a lilemo tsa bo-1900 ho fihlela kajeno, batho ba Molimo ba ’nile ba “profeta”
[Setšoantšo se leqepheng la 169]
Na u phatlalatsa letsatsi la Jehova ka sebete?
[Litšoantšo tse leqepheng la 172, 173]
U ka atleha tšebeletsong ea hao ea boboleli ho sa tsotellehe seo batho ba se etsang