Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Leka ho Bona ba Bang ka Tsela eo Jehova a ba Bonang ka Eona
    Molula-Qhooa—2003 | March 15
    • 7. Jonase o ne a sebelelitse Jehova tlas’a maemo afe Iseraele, ’me ho tseba see ho u fa maikutlo afe ka eena?

      7 Jonase o ne a sebelitse ka botšepehi Iseraele tšimong eo batho ba eona ba neng ba sa amohele molaetsa. Moprofeta Amose, ea ileng a phela hoo e ka bang nakong e le ’ngoe le Jonase, o ile a hlalosa Baiseraele ba mehleng eo e le batho ba ratang menate le lintho tse bonahalang.b Ho ne ho etsahala lintho tse mpe ka hare ho naha, empa Baiseraele ba ne ba iphapanyetsa tsona ka ho feletseng. (Amose 3:13-15; 4:4; 6:4-6) Empa letsatsi le leng le le leng Jonase ka botšepehi o ne a phetha mosebetsi oa hae oa ho ba bolella molaetsa. Haeba u ’moleli oa litaba tse molemo, ua tseba hore na ho thata hakaakang ho bua le batho ba khotsofaletseng seo ba leng sona le ba iphapantseng. Kahoo, rea lumela hore Jonase o ne a fokola, leha ho le joalo, re ’ne re hopole botšepehi ba hae le mamello ea hae ha a ntse a bolela molaetsa ho Baiseraele ba se nang tumelo.

  • Leka ho Bona ba Bang ka Tsela eo Jehova a ba Bonang ka Eona
    Molula-Qhooa—2003 | March 15
    • b Ho hlakile hore Jeroboame II o ile a eketsa leruo la ’muso o ka leboea oa Iseraele ka ho hapa libaka tse ngata, ka ho khutlisa libaka tse neng li hapiloe le ka lekhetho leo a ileng a le bokella.—2 Samuele 8:6; 2 Marena 14:23-28; 2 Likronike 8:3, 4; Amose 6:2.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela