Buka ea Bibele ea 30—Amose
Mongoli: Amose
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Juda
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 804 B.C.E.
1. Amose e ne e le mang?
ENE e se moprofeta leha e le hore e ne e le mor’a moprofeta empa e ne e le molisa oa linku le ea hlaba-hlabang lifeiga tsa lifate tsa sykomora—enoa e ne e le Amose ha Jehova a mo bitsa ’me a mo roma ho ea profeta e seng feela bakeng sa sechaba sa habo sa Juda empa ka ho khethehileng bakeng sa ’muso oa Iseraele o ka leboea. Ke e mong oa baprofeta ba boleloang ho 2 Marena 17:13, 22, 23. O ne a tsoa Tekoa e Juda, e bohōle ba lik’hilomithara tse 16 ka boroa ho Jerusalema ’me e ka ba leeto la letsatsi ho tloha moeling o ka boroa oa ’muso oa meloko e leshome oa Iseraele.—Amose 1:1; 7:14, 15.
2. Nako ea boprofeta ba Amose e ka lekanyetsoa joang?
2 Temana e qalang ea boprofeta ba hae e bolela hore e ne e le mehleng ea Oziase morena oa Juda le Jeroboame II mor’a Joase, morena oa Iseraele, moo a ileng a qala mosebetsi oa hae e le moprofeta, lilemo tse peli pele ho tšisinyeho ea lefatše e sa tloaelehang. Hona ho beha boprofeta bona nakong ea lilemo tse 26 ho tloha ka 829 ho ea ho hoo e ka bang ka 804 B.C.E., nakong eo marena ana a mabeli a neng a busa. Moprofeta Zakaria o boletse ka tšisinyeho ea lefatše e bileng kotsi mehleng ea Oziase, eo nakong ea eona batho ba ileng ba baleha ka baka la tšabo. (Zak. 14:5) Rahistori oa Mojode Josephus o boletse hore tšisinyeho eo ea lefatše e etsahetse nakong eo ka boikhohomoso Oziase a neng a leka ho nyehela mokubetso tempeleng. Leha ho le joalo, ho bonahala hore tšisinyeho ea lefatše eo Amose a boletseng ka eona e etsahetse pelenyana pusong ea Oziase.
3. (a) Ke hobane’ng ha molaetsa oa Amose oa bomalimabe o ne o le nakong? (b) O ile a phahamisa bobusi ba Jehova joang?
3 Lebitso Amose le bolela “Ho ba Mojaro” kapa “Ho Sikara Mojaro.” Le hoja a ne a sikere mojaro oa melaetsa e tletseng bomalimabe bakeng sa Iseraele le Juda (le bakeng sa lichaba tse ngata tsa bahetene), hape o ne a sikere mojaro oa molaetsa oa matšeliso mabapi le ho tsosolosoa ha batho ba Jehova. Ho ne ho e-na le mabaka a ho bolela mojaro oa bomalimabe Iseraeleng. Katleho ea moruo, bophelo bo mabotho-botho, le ho tlōloa ha melao ea boitšoaro e ne e le lintho tse tloaelehileng. Batho ba ne ba lebetse Molao oa Jehova. Katleho eo ba neng ba bonahala ba e-na le eona e ile ea foufatsa mahlo a bona hoo joaloka litholoana tse butsoitseng haholo, ba neng ba se ba bolla ho ea timelong. Amose a profeta hore nakong ea lilemo tse ’maloa, ’muso oa meloko e leshome o tla isoa botšoaruoeng ka ’nģane ho Damaseka. Ka sena o ne a hōlisa ho loka le bobusi ba Jehova, eo ka makhetlo a 21 a ’mitsang Morena [“Morena ’Musi,” NW]’—Amose 1:8.
4. Ke ho phethahala ha boprofeta bofe ho pakang bonnete ba Amose?
4 Ho phethahala ha boprofeta bona le bo bong ho pakela bonnete ba Amose. Hape moprofeta o boletse esale pele hore lichaba tsa lira tse ka mathōko ho Iseraele—Basyria, Bafilista, Batyre, Baedomo, Baammone, le Bamoabe—kaofela li tla koenngoa ke mollo oa timetso. Ke ’nete ea histori hore liqhobosheane tsena tsohle tsa lira li ile tsa heletsoa nakong ea teng. Litsela tsa Juda le Iseraele li ne li nyatseha haholo kahobane ba ne ba lahlile Jehova e le hore ba etse borapeli bo fosahetseng. Qhobosheane ea ho qetela ea Iseraele, motse o sirelelitsoeng oa Samaria, ka mor’a hore e thibelloe ke mabotho a ntoa a Baassyria tlas’a Salmanasare V, e ile ea oa ka selemo sa 740 B.C.E. (2 Mar. 17:1-6) Juda ha ea ka ea ithuta ho se etsahaletseng ngoan’abo eona, ka hona ea timetsoa ka 607 B.C.E.
5. Ho epolloa ha lintho tsa khale ho tiisa tlaleho ea Amose joang?
5 Amose o ile a nyatsa Iseraele ka baka la bophelo bo mabotho-botho ba eona, hobane barui ba ne ba qhekella mafutsana hore ba hahe “matlo a khabisitsoeng ka manaka a tlou,” ao ba neng ba noela veine ho oona le ho ja haholo ho oona. (Amose 3:15; 5:11, 12; 6:4-7) Baepolli ba lintho tsa khale ba epolotse bopaki ba katleho e joalo. Lintho tse ngata tse entsoeng ka manaka a tlou li ile tsa fumanoa ha ho chekoa Samaria. Encyclopedia of Archaeological Excavations in the Holy Land e re: “Lihlopha tse peli tse khōlō li ka khetholloa: 1. Matlapa a betliloeng litšoantšo, . . . 2. Matlapa a litšoantšo tse fatuoeng, ’me bohareng ba tsona li khabisitsoe ka majoe a bohlokoa, a koahetsoeng ka galase e mebala, le moalo o mosesaane oa gauda, jj. . . . Manaka a tlou a nkoa e le mosebetsi oa bonono oa Fenisia, ’me ho ka etsahala hore a ne a sebelisetsoa ho aloa ka hare thepeng ea ka tlung ea borena ea marena a Iseraele. Bibele e bolela ka ‘ntlo ea manaka a tlou’ eo Akabe a neng a e hahile (1 Mar. 22:39) le ‘litulo tsa manaka a tlou,’ ho bontšang bophelo bo mabotho-botho bo neng bo pheloa Samaria ho ea ka mantsoe a khalemelo a Amose (6:4).”a
6. Ke eng se tlosang pelaelo leha e le efe ka bonnete ba Amose?
6 Ha ho na pelaelo hore buka ea Amose e oela libukeng tse amoheloang li halalela tsa Bibele. Ho pheta ha Setefane litemana tse tharo tsa buka ena ka mantsoe a sele ho Liketso 7:42, 43 le ho qotsa ha Jakobo ho eona ho Liketso 15:15-18 ho tlosa pelaelo leha e le efe mabapi le bonnete ba buka ena.—Amose 5:25-27; 9:11, 12.
LITABA TSE KA HARE TSA AMOSE
7. Amose o lemosa ka likahlolo tsa Jehova khahlanong le lichaba life?
7 Likahlolo khahlanong le lichaba (1:1–2:3). “Jehova o tla rora Sione.” (1:2) Amose o tsoela pele ho lemosa ka likahlolo tse chesang tsa Hae khahlanong le lichaba. Damaseka (Syria) e hatisitse Gileade ka litšepe tse hatisang. Gaza (Filistia) le Tyre li neheletse batšoaruoa ba Iseraele Edomo. Edomo ka boeona mohau le lerato la boena lia haella. Ammone e hlasetse Gileade. Moabe e chesitse masapo a morena oa Edomo ho a etsa molora. Letsoho la Jehova le khahlanong le lichaba tsena tsohle, ’me o re: “Nke ke ka fetoha.”—1:3, 6, 8, 9, 11, 13; 2:1.
8. Ke hobane’ng ha kahlolo ea Jehova e phatlalatsoa le bakeng sa Juda le Iseraele?
8 Kahlolo khahlanong le Juda le Iseraele (2:4-16). Jehova a ke ke a khutlisa bohale ba hae khahlanong le Juda. Ba fositse ka ‘ho nyelisa molao oa Jehova.’ (2:4) Iseraele eona? Jehova o ba timelellelitse Baamore bao ba neng ba ba tšaba ’me a ba neha naha e ntle. A ba tsosetsa Banazari le baprofeta, empa ba etsa hore Banazari ba robe kano ea bona le ho laela baprofeta: “Le se ke la profeta.” (2:12) Ka baka leo Jehova o sisinya metheo ea bona joaloka koloi e huloang ke likhomo e tletse lijo-thollo tse sa tsoa heloa. Ha e le linatla tsa bona, li tla baleha li hlobotse.
9. Ke eng se pakang hore Jehova ke eena ea boletseng, ’me Amose o profetela bo-mang ka ho khethehileng?
9 Ho ikarabella ha Iseraele (3:1–6:14). Ka hore Amose a sebelise litšoantšo tse matla, o hatisa ’nete ea hore ho profeta ha hae ka bohona, ho paka hore ke Jehova ea boletseng. “Hobane Morena Jehova ha a etse letho, a e-so ho senole morero oa hae ho bahlanka ba hae, baprofeta. . . . Morena Jehova oa bua: ea sa tl’o profeta ke mang?” (3:7, 8) Amose o hlile a profeta ka ho khethehileng khahlanong le ba nkang thepa ea ba bang ka bolotsana ba neng ba rata mabotho-botho ba lulang Samaria. Jehova o tla ba amoha litulo tsa bona, ’me matlo a bona a manaka a tlou a tla felisoa.
10. Jehova o hopotsa Baiseraele ka eng, ’me ke letsatsi lefe la bomalimabe le tlang ho fihla?
10 Jehova o pheta kamoo a neng a tla otla le ho lokisa Iseraele. Ka makhetlo a mahlano oa ba hopotsa: “Ha lea ka la khutlela ho ’na.” Ka baka leo, Iseraele, “itokisetse ho khahlana le Molimo oa hao.” (4:6-12) Amose o etsa sello sa boprofeta sa mahlomola: “O oele, ha a sa tla boela a eme, moroetsana oa Iseraele; o lihetsoe fatše; ha ho ea mo tsosang.” (5:2) Leha ho le joalo, Jehova, Moetsi oa lintho tse hlollang tse leholimong le tse lefatšeng, ha a khaotse ho bitsa Iseraele hore e mo batle e le hore e lule e phela. E, “batlang ho hotle, e seng ho hobe, le tle le phele.” (5:4, 6,14) Empa letsatsi la Jehova le tla bolela eng ho bona? E tla ba letsatsi la bomalimabe. Joaloka nōka e halefileng e tla ba hoholela botšoaruoeng ka ’nģane ho Damaseka, ’me matlo a bona a khabisitsoeng ka manaka a tlou a mekete eo ba ikotlollang ho eona a tla fetoloa lithako le lithōle.
11. Ke ka taelo ea mang Amose a phehellang ho profeta khahlanong le Iseraele?
11 Amose o profeta ho sa tsotellehe khanyetso (7:1-17). Jehova o bontša moprofeta oa hae sekitiloto (khoele ea ho lekanya) se leng bohareng ba Iseraele. Ho ke ke ha e-ba le seipato se seng. O tla felisa lihalalelo tsa Iseraele le ho phahamisetsa ntlo ea Jeroboame II sabole. Amatsia moprista oa Bethele o romela ho Jeroboame, a re: “Amose o u fetohetse.” (7:10) Amatsia o bolella Amose hore a ee Juda le ho profeta teng. Amose o mo tsebisa ka ho hlakileng ea mo rommeng, a re: “Jehova o ntšoere ke alositse mohlape, ’me Jehova a re ho ’na: E-ea, u profete holim’a sechaba sa ka sa Iseraele.” (7:15) Joale Amose o profeta koluoa bakeng sa Amatsia le ba ntlo ea hae.
12. Ke tlala efe e boleloang esale pele bakeng sa Iseraele, empa boprofeta bo phetheloa ka tšepiso efe e khanyang?
12 Khatello, kotlo, le tsosoloso (8:1–9:15). Jehova o bontša Amose seroto sa litholoana tsa lehlabula. O nyatsa Baiseraele ka ho hatella mafutsana ’me o hlapanya “ka Khanya ea Jakobo” hore ba tla lla ka baka la mesebetsi ea bona e mebe. “Bonang, matsatsi a tla, ho itsalo Morena Jehova, ao ke tla romela ho lapa lefatšeng, e seng ho lapela bohobe, leha e le ho nyoreloa metsi; empa e leng ho lapela mantsoe a Jehova.” (8:7, 11) Ba tla oa ’me ba ke ke ba tsoha hape. Leha ba ka phunyeletsa ho ea fihla ’nģalong ea bafu (Sheol) kapa ba hloella maholimong, letsoho la Jehova le tla ba lata teng. Batho ba hae ba etsang bobe ba tla shoa ka sabole. Joale, ho latela tšepiso e khanyang! “Ka tsatsi leo, ke tla tsosa motlotloane oa Davida o oeleng, ke tsose likheo tsa lerako la oona . . . ke tle ke o hahe joalo ka mehleng ea boholo-holo.” (9:11) Nala ea batšoaruoa ba phuthiloeng e tla ba khōlō hoo ea lemang ka mohoma a tlang ho tšoara ea kotulang le pele a bokella chai ea hae. Litlhohonolofatso tsena tse tsoang ho Jehova li tla ba teng ka ho sa feleng!
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
13. Rōna kajeno re ka rua molemo joang litemosong tsa Amose?
13 Kajeno babali ba Bibele ba ka rua molemo ka ho ela hloko lebaka le entseng hore Amose a fane ka litemoso ho Iseraele, Juda, le ho baahisani ba tsona. Ba lahlang molao oa Jehova, ba qhekellang le ho hatella mafutsana, ba meharo le ba boitšoaro bo bobe, le ba sebelisang borapeli ba litšoantšo ba ke ke ba fumana kamohelo ea Jehova. Empa Jehova o tšoarela ba furallang lintho tse joalo le ho li bakela, ho ba joalo o bontša mohau. Re bohlale haeba re ikarola litloaelanong tse silafatsang lefatšeng lena le lebe le ho ela hloko khothatso ea Jehova: “Mpatleng, le tle le phele!”—5:4, 6, 14.
14. Na Bajode ba mehleng ea Setefane ba ile ba rua molemo likhopotsong tsa Amose?
14 Nakong eo Setefane a neng a bolaeloa tumelo ka eona, o ile a qotsa Amose. O ile a hopotsa Bajode bao hore kahobane Baiseraele ba ne ba rapela litšoantšo tsa melimo esele, e kang Moloke le Refane, ba ile ba isoa botšoaruoeng. Na Bajode bao ba ile ba rua molemo ha ba utloa ho phetoa mantsoe a Amose? Che! Ba tuka ke bohale, ba tlepetsa Setefane ka majoe ho fihlela a e-shoa ’me ba itlisetsa bomalimabe bo bong timetsong ea Jerusalema, 70 C.E.—Amose 5:25-27; Lik. 7:42, 43.
15. Ke boprofeta bofe ba tsosoloso boo ho leng molemo ho bo ela hloko?
15 Ho molemo ho hlokomela ho phethahala ha boprofeta bo bongata ba Amose, e seng feela bo phethahetseng ka ho otloa ha Iseraele, Juda, le lichaba tse ling empa hape le boprofeta ba tsosoloso. Ho paka ’nete ea mantsoe a Jehova ka Amose, batšoaruoa ba Iseraele ba ile ba khutla ka 537 B.C.E. ho haha le ho lula metseng ea bona e neng e sentsoe le ho lema lifate tsa bona tsa morara le lirapa tsa bona.—Amose 9:14; Esdr. 3:1.
16. Ke joang Jakobo a bontšitseng ho phethahala ha Amose 9:11, 12 mabapi le phutheho ea Bokreste?
16 Leha ho le joalo, ho bile le phethahatso e khanyang le e hahang ea boprofeta ba Amose mehleng ea baapostola. Ha Jakobo a bua tlas’a pululelo ka ho bokelloa ha bao e seng Baiseraele phuthehong ea Bokreste, o ile a bontša ka ho hlakileng hore hona ho boletsoe esale pele boprofeteng ba Amose 9:11, 12. O bontša hore ‘ho tsosoa ha ntlo [“metlotloane,” NW] ea Davida e oeleng’ ho phethahala mabapi le phutheho ea Bokreste, “hore batho ba setseng ba batle Morena [“Jehova,” NW], le tsona lichaba kaofela, tseo lebitso la ka le rapeloang [“le bitsoang,” NW] holim’a tsona; ho rialo Morena.” Mona, ka sebele, ho ne ho na le setšehetso sa Mangolo bakeng sa khōlo e ncha, joalokaha Simone Petrose a hlalosa—hore Molimo o ne a inkela lichabeng “sechaba se khethetsoeng lebitso la oona.”—Lik. 15:13-19.
17. Ke nala efe le ho ba teng ka ho sa feleng tseo Amose a li profetang mabapi le ’Muso oa Molimo?
17 Jesu Kreste, Hlooho ea phutheho ea Bokreste, libakeng tse ling o khetholloa e le “mor’a Davida” ea jang lefa “terone ea Davida ntat’ae” le ea busang ka ho sa feleng. (Luka 1:32, 33; 3:31) Ka hona boprofeta ba Amose bo supa ho phethahatsoeng ha selekane le Davida bakeng sa ’muso. Hase feela hore mantsoe a phethang a Amose a fana ka pono e hlollang ea nala e khōlō nakong eo ho ‘tsosoang motlotloane oa Davida’ empa hape a hatisa ho ba teng ka ho sa feleng ha ’Muso oa Molimo: “Ke tla ba hloma naheng ea bona, ’me ha ba sa tla hlola ba tlosoa naheng ea bona, eo ke ba neileng eona: ho bolela Jehova, Molimo oa hao.” Lefatše le tla tlala ka litlhohonolofatso tse sa feleng hakaakang ha Jehova a “tsosa motlotloane oa Davida” ka ho felletseng!—Amose 9:13-15.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a 1978, Jerusalem, leqephe 1046.