Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Litemoso tsa Molimo tse U Amang
    Molula-Qhooa—1989 | April 15
    • Ha ho ea phonyohang kahlolo ea Jehova. Boprofeta ba Obadia, bo builoeng hoo e ka bang ka 607 B.C.E., bo ile ba bolela esale pele ka ho lelekoa ha Baedomo lefatšeng la habo bona ho sa tsotellehe boemo ba bona bo bonahalang eka ke ba tšireletseho holimo “har’a linaleli.” ’Me le hoja bophelo ba botho ba sengoli sena sa Bibele bo sa senoloa, se phelela se boleloang ke lebitso la sona, “mohlanka oa Jehova.” Ka tsela efe? Ka ho tsebahatsa kahlolo e ripitlang. Ha Edomo e oa, e tla haptjoa ka ho felletseng ke metsoalle e selekaneng le eona. Esita le batho ba eona ba bohlale le ba matla ba ke ke ba pholoha.—1-9.

  • Litemoso tsa Molimo tse U Amang
    Molula-Qhooa—1989 | April 15
    • ○ 7—Mehleng ea Bibele, ‘ho ja bohobe’ hammoho le motho e mong ho ne ho bonahala e le selekane sa botsoalle. Ho fapane hakaakang! Bababylona, ‘banna ba selekaneng’ le Baedomo, ba ne ba tla ipaka ho ba babolai ba bona. Ke ’nete, Bababylona ba mehleng ea Nebukadnezare ba ile ba lumella Edomo ho ba le karolo khapong ea Juda ka mor’a hore Jerusalema e etsoe lesupi. Empa Nabonidus ea ileng a fetoha morena oa Babylona hamorao o ile a felisetsa ruri merero ea Edomo ea khoebo le ea moruo.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela