Lintho Tse ka Bonoang Lefatšeng la Pallo
Joppo—Kou ea Likepe ea Boholo-holo e Hlokomelehang
ISERAELE EA BOHOLO-HOLO e ne e e-na le lebōpo la leoatle le lelelele, le lehlabathe. Leha ho le joalo Baiseraele ba ne ba sa tsejoe ka ho khetheha e le batho ba tsamaeang leoatleng. Mohlomong sebōpeho sa lebōpo la bona e ne e le sona sesosa.
E ne e batla e le letoto la libaka tse lebōpong la leoatle le liqubu tsa lehlabathe, tse entsoeng ke lehlabathe le hoholeloang leoatleng ke Nōka ea Nile.a Haeba u ne u kile ua sesa ka sekepe ho tloha moeling oa Egepeta, u ka be u sa fumana kou ea tlhaho e hlahelletseng ka sebele ka boroa ho Thaba ea Karmele.
Empa hoo e ka bang bohareng ha u nyolosa le lebōpo la Iseraele u ne u tla be u bone motse oa Joppo leralleng. Joalokaha setšoantšo se bontša, mokoloko oa mafika a thōko le lebōpo a ne a entse seotloana se senyenyane. Le hoja kou ena e ne e le ka tlaase ho e hojana ka leboea Acre (Ptolemaise), e ne e ntse e etsa hore Joppo e hlokomelehe. (Liketso 21:7) Ho fihlela ha Heroda e Moholo a haha kou e iketselitsoeng ea Sesarea, Joppo e ne e le sebaka se molemo ka ho fetisa se sikang le lebōpo hore likepe li ka ema ho sona. Sena se chabisa leseli liťsupisong tse ling tsa Bibele ho Joppo.
Ha a lumela ho thusa Salomone ka ho haha tempele, Hurame morena oa Tire o ile a re: ‘Re tla u isetsa [lifate tse tsoang Lebanone], li kopantsoe hammoho, re li fihlise Joppo; uena u tla li lata teng, u be u li nyolosetse Jerusalema.’ (2 Likronike 2:1, 11, 16, NW) Lifate tsena tse kopantsoeng hammoho e ka ’na eaba li ne li tloha likoung tsa Fenisia tsa Tire kapa tsa Sidone. (Esaia 23:1, 2; Ezekiele 27:8, 9) Ha li feta Karmele, lifate tse kopantsoeng hammoho tsa kedare li ile tsa fihla Joppo. Ho tloha moo likedare li ne li ka isoa Jerusalema, lik’hilomithara tse 55 ka bochabela/boroa-bochabela. Joppo e ne e boetse e le sebaka seo ho emisoang lifate tsa kedare ho sona ha Bajode ba ne ba tsosolosa tempele ka mor’a ho ea kholehong.—Esdrase 3:7, NW.
Mohlomong basebetsi ba tsamaeang le lifate ba ile ba tsamaea ka likepe tsa Fenisia, tse tšoanang le se tšoantšelitsoeng mona. Ha u ntse u ithuta sona, hopola hore ka mor’a hore Jehova a romele Jonase ho ea Ninive, moprofeta eo o ile a balehela ’nģeng e fapaneng. “[Jonase] a theohela Joppo, ’me teng a fihlela sekepe se eang Tarshishe; eaba o ntša tefo ea leeto, a kena sekepeng hore a tle a ee le batho ba sona Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova.”—Jonase 1:1-3.
Kamoo ho bonahalang kateng, Jonase o ile a kena sekepeng sena sa thepa se tšoanelehelang ho sesa leoatleng, se neng se khona ho nka leeto le lelelele la ho tloha Joppo ho ea Tarshishe (mohlomong Spain ea boholo-holo). E ka ’na eaba se ne se e-na le karolo e phahameng e betliloeng, eo pel’a eona ho neng ho leketlile lejoe le se ropang. Baeti, ba sokang sekepe, le thepa e ’ngoe ba ne ba ka fella moo ho luloang ka sekepeng, e leng ho sa bontšoang mona moo se tšoantšelitsoeng. Ka tlas’a moo ho luloang e ne e le moo ho lulang thepa, moo thepa e eketsehileng e neng e ka bolokoa le moo Jonase a ileng a ea robala teng. Sekepe sena se ne se entsoe ka mapolanka a juniper a matla ’me se ne se e-na le sefate sa kedare ho tšehetsa seili e khōlō ea line. Hlokomela lehlakoreng le leng le le leng mokoloko oa masokoana a malelele (mohlomong a lieike tsa Bashane). Joale ak’u nahane ka sekepe se le leoatleng ’me se sokeloa ke sefefo se befileng. Utloa ha batho ba sekepe ba hoeletsa melimo ea bona bakeng sa thuso ho fihlela ha qetellong ba qobelleha ho akhela Jonase ka ntle e le hore bona ka bobona ba tle ba se ke ba timela.—Ezekiele 27:5-9; Jonase 1:4-15.
Joppo ea lekholong la pele la lilemo e ne e le lehae la phutheho ea Bakreste, bao ba bang ba bona e ka ’nang eaba ba ne ba sebetsa sebakeng seo likepe li fihlelang ho sona kapa bao e kileng ea e-ba batsamaisi ba sekepe. Setho sa phutheho ena e mafolo-folo e ne e le Mojode oa mosali Dorkase (Tabitha). “O na a tletse mesebetsi e metle le lithuso tseo a neng a li etsa.” Ka selemo sa 36 C.E., Dorkase o ile a kula ’me a shoa, e leng ho ileng ha etsa hore ba bangata ba lle, ba hopola mesebetsi ea hae e mengata e molemo. Bakreste-’moho ba ile ba ea lata moapostola Petrose Lydda (Lod ea mehleng ea kajeno, pel’a boema-fofane ba Tel Aviv) ho ea Joppo. Petrose o ile a tsosa khaitseli ena e ratehang, mohlolo o ileng oa “tsejoa ke ba motse oa Joppo kaofela, ’me ha lumeloa ho Morena ke ba bangata.”—Liketso 9:36-42.
Petrose o ile a lula Joppo ka nakoana tlung ea Simone, mosuhi oa matlalo. Mona moapostola o ile a ba le pono e ileng ea mo khannela ho nkela ba bang ba baena ba phutheho ea Joppo ka leboea ’mileng o pel’a lebōpo la leoatle ho ea koung e ncha ea Sesarea. Mono Petrose o ile a bolella le ho kolobetsa molaoli oa lebotho la Roma Kornele, Molichaba oa pele ea sa bollang oa ho ba Mokreste ea tlotsitsoeng ka moea. (Liketso 9:43–10:48) Ho tlameha ho ile ha ba le thabo e kaakang Joppo ha baena ba khutla ka litaba tsa ketsahalo ee ea bohlokoa historing ea Bokreste!
Kajeno baeti ba bangata ba etela Joppo, eo e leng karolo ea Tel Aviv-Jaffa ea mehleng ena, ’me ka bonolo ba ka hopola liketsahalo tsa Bibele tse etsahetseng koung ena e hlokomelehang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a U ka bona lebōpo lena le lehlabathe habonolo setšoantšong se nkiloeng ka satellite se sekoahelong sa 1989 Almanaka ea Lipaki tsa Jehova. Almanaka ena e boetse e fana ka setšoantšo se seholoanyane sa ponahalo e ka holimo ea Joppo.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.