Khaolo ea Leshome le Metso e ’Meli
‘U Lule U le Lebeletse’
1, 2. (a) U ka ipotsa lipotso life? (b) Ba bang ba baprofeta ba 12 ba ne ba phela tlas’a boemo bofe, hona Mikea o ne a ikutloa joang?
KE KHALE hakae u letetse letsatsi leo Jehova a tla felisa bokhopo ka lona lefatšeng? U ikemiselitse ho le letela ho fihlela neng? Ha u ntse u le letetse, u ikutloa joang, ’me see se etsa hore u phele bophelo ba mofuta ofe? Ha ho pelaelo hore likarabo tsa hao li ke ke tsa tšoana le tsa batho ba tsamaeang kereke ba iphelelang ka tsela e ratoang ke bona, ba lebeletse ho ea leholimong.
2 Ha u ntse u letetse letsatsi leo le leholo, libuka tsena tse ngotsoeng ke baprofeta ba 12 li ka u thusa haholo. Ba bangata ba baprofeta bana ba phetse ha Molimo a ne a le haufi le ho phethisa kahlolo. Ka mohlala, Mikea e bile moprofeta nakong ea ha Baassyria ba le haufi le ho futuhela Samaria ka 740 B.C.E. (Bona chate e bontšang tatellano ea liketsahalo leqepheng la 20 le la 21.) Ntle ho pelaelo, letsatsi la Jehova khahlanong le Juda le lona le ne le ntse le atamela. Kaha Mikea o ne a sa tsebe hantle hore na Molimo o ne a tla nka khato neng, na o ile a nahana hore o tla lula a sa etse letho, a tšepile hore Molimo a nke khato ka potlako? Mikea o ile a re: “Ha e le ’na, ke tla ’ne ke lebelle Jehova. Ke tla letela Molimo oa poloko ea ka. Molimo oa ka o tla nkutloa.” (Mikea 7:7) E, kaha Mikea o ne a kholisehile ka se tla etsahala, o ile a tšoana le molebeli ea hloahloa ea lutseng qhooeng.—2 Samuele 18:24-27; Mikea 1:3, 4.
3. Habakuke le Sofonia ba ne ba e-na le boikutlo bofe ha Jerusalema e le haufi le ho timetsoa?
3 Joale, ak’u shebe moo Sofonia le Habakuke ba hlahang teng chateng e bontšang tatellano ea liketsahalo. Hlokomela hore ba ile ba profeta ha Jerusalema e le haufi le ho timetsoa ka 607 B.C.E. Leha ho le joalo, ba ne ba sa tsebe hantle hore na nako ea hore Molimo a phethise kahlolo e ne e se e hlile e atametse kapa hore na ho ne ho tla feta lilemo tse mashome pele e fihla. (Habakuke 1:2; Sofonia 1:7, 14-18) Ha Sofonia a ngola o ile a re: “‘Lulang le ntebeletse,’ ho bolela Jehova, ‘ho fihlela letsatsing la ha ke ema bakeng sa khapo, etsoe qeto ea ka ea boahloli ke . . . hore ke tšollele nyatso ea ka holim’a eona, bohale bohle ba ka bo tukang.’” (Sofonia 3:8) Ho thoe’ng ka Habakuke ea phetseng nakoana feela ka mor’a Sofonia? Ha Habakuke a ngola o ile a re: “Pono ena e sa ntse e le bakeng sa nako e behiloeng, e ntse e potlakela bofelong, ’me e ke ke ea bolela leshano. Esita le haeba e ka lieha, u lule u e lebeletse; kaha ruri e tla phethahala. E ke ke ea siuoa ke nako.”—Habakuke 2:3.
4. Sofonia le Habakuke ba ile ba profeta tlas’a maemo afe, hona ba ile ba bontša boikutlo bofe?
4 Boemo bo neng bo le teng ha ho phatlalatsoa se ngotsoeng ho Sofonia 3:8 le Habakuke 2:3 bo re beha leseling. Nakong ea ha Bajuda ba bang ba ne ba re, “Jehova a ke ke a etsa se molemo, ’me a ke ke a etsa se sebe,” Sofonia o ile a phatlalatsa “letsatsi la bohale ba Jehova.” Ke letsatsi leo ka lona lichaba tsa lireng hammoho le Bajuda ba sa mameleng ba neng ba tla bona khalefo ea Molimo. (Sofonia 1:4, 12; 2:2, 4, 13; 3:3, 4) Na u nahana hore Sofonia o ne a tšaba ho nyatsuoa kapa ho halefeloa ke Molimo? Ho e-na le ho tšoha, o ile a bolelloa hore a lule a ‘lebeletse.’ U ka ’na ua ipotsa, ‘Ho thoe’ng ka Habakuke?’ Le eena o ne a lokela hore a ‘lule a lebeletse.’ Sofonia le Habakuke ba ne ba amehile ka se tla etsahala, ’me ba ne ba sa iphelele feela joalokaha eka lintho li ne li ke ke tsa fetoha. (Habakuke 3:16; 2 Petrose 3:4) Leha ho le joalo, joalokaha ho boletsoe, ntlha ea bohlokoa eo baprofeta bana ba babeli ba neng ba tšoana ka eona ke hore ka bobeli ba ne ba lokela hore ba ‘lule ba lebeletse.’ Hape ua tseba hore: Seo baprofeta bana ba babeli ba neng ba se lebeletse se ile sa fela sa etsahala ka 607 B.C.E. Kahoo, ho ile ha totobala hore ba bile bohlale ka hore ba lule ba “lebeletse.”
5, 6. Kaha rea tseba hore na re nakong efe kemisong ea Molimo ea ho phethahatsa merero ea hae, re lokela ho ba le boikutlo bofe?
5 Le uena u ka kholiseha ka ho tšoanang hore “letsatsi la bohale ba Jehova” khahlanong le tsamaiso ea hona joale ea lintho le tla tla; ke ntho ea sebele, eo ruri e tla etsahala, e ka tšeptjoang. Ha ho pelaelo hore u lumela sena. Joaloka Sofonia le Habakuke, ha u tsebe ka ho toba hore na letsatsi leo le tla tla neng. (Mareka 13:32) Leha ho le joalo, le tla fela le tle, ’me ho phethahala ha boprofeta ba Bibele mehleng ena ho bontša ntle ho pelaelo hore le se le le haufi. Kahoo, seo Jehova a ileng a se hatisa ho baprofeta bao sea sebetsa le ho uena—‘U lule u le lebeletse.’ Hape hopola ’nete ena e ke keng ea latoloa: Molimo oa rōna ke eena feela Molimo ea “nkang bohato molemong oa ea mo lebellang.”—Esaia 64:4.
6 U ka bontša boikutlo bo nepahetseng ba ho lebella “letsatsi la bohale ba Jehova,” u be u bontše ka liketso hore u kholisehile hore le tla tla hantle feela ka nako e behiloeng. Ha u kholisehile u bile u bontša seo ka liketso, u tla be u lumellana le seo Jesu a se buileng. O ile a khothatsa baapostola le Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ka ho re: “Matheka a lōna a ke a tlangoe ’me mabone a lōna a ke a tuke, ’me le be joaloka batho ba letetseng mong’a bona . . . Ho thaba makhoba ao monghali ha a fihla a a fumanang a lebetse! Kannete ke re ho lōna, O tla itlama ’me a etse hore a otle ka lehlakore tafoleng ’me o tla atamela a a sebeletse.” (Luka 12:35-37) E, boikutlo bo nepahetseng ba ho leta bo bontša hore re kholisehile hore letsatsi le leholo la Jehova le tla tla hantle feela ka nako eo a e behileng.
HO ‘LE LEBELLA’ LE HO ‘ITOKISA’
7, 8. (a) Ho se fele pelo ha Molimo ho feletse ka eng? (b) Petrose o re khothalletsa hore re be le boikutlo bofe?
7 Le pele ’Muso oa Molimo o thehoa leholimong ka 1914, bahlanka ba Molimo ba kajeno ba ne ba se ba ntse ba lebeletse letsatsi le leholo la Jehova ’me ba ntse ba le lebeletse le kajeno. Ka sebele ha baa lula feela ba sa etse letho ha ba ntse ba le lebeletse. Ho e-na le hoo, ba bile mafolofolo mosebetsing oo ba o filoeng ke Molimo oa ho fana ka bopaki. (Liketso 1:8) Leha ho le joalo, ak’u nahane ka sena: Haeba letsatsi le leholo la Jehova le ne le ile la fihla ka 1914, u ka be u le hokae? Esita le haeba le ne le tlile lilemong tse 40 tse fetileng, na ka nako eo u ne u se u le motho ea etsang ‘liketso tse halalelang tsa boitšoaro le liketso tsa boinehelo ba bomolimo’? (2 Petrose 3:11) Ho thoe’ng ka litho tsa lelapa la hao tseo e leng Lipaki kapa metsoalle ea hao e haufi-ufi phuthehong? Ha ho pelaelo hore joalokaha 2 Petrose 3:9 e bontša, nako ena ea ho lebella letsatsi le leholo la Jehova e u buletse tsela ea ho bolokeha, uena hammoho le ba bang ba bangata ba kang uena. Taba ea hore ebe Jehova ha aa ka a felisa tsamaiso eohle e khopo ka mor’a hore ’Muso o thehoe, e file ba bangata monyetla oa ho baka, joalokaha le Baninive ba ile ba baka ’me ba bolokeha. Kaofela re na le mabaka a utloahalang a ho lumellana le mantsoe a moapostola Petrose a reng: “Le nke ho se fele pelo ha Morena oa rōna e le poloko.” (2 Petrose 3:15) Nako ena eo re phelang ho eona e sa ntse e fa batho monyetla oa hore ba bake kapa ba fetole bophelo ba bona le tsela eo ba nahanang ka eona.
8 Ke ’nete hore ha Mokreste a nahana ka hore na boemo bo ne bo le joang mehleng ea Mikea, Sofonia le Habakuke, a ka ’na a bona bo sa mo ame. A ka ’na a re, “Ebile tseo ke lintho tsa khale haholo!” Leha ho le joalo, re ka ithuta lithuto life ho tsona? Re se re boletse keletso ea Petrose ea hore ho hlokahala hore Bakreste e be batho ba etsang ‘liketso tse halalelang tsa boitšoaro le liketso tsa boinehelo ba bomolimo.’ Hang ha Petrose a qeta ho bua mantsoe ao, o ile a hatisa ntho e ’ngoe e hlokahalang—o ile a re re lokela ho ‘lula re letile ’me re lule re hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova.’ (2 Petrose 3:11, 12) Kahoo, re lokela ho ‘lula re hopola’ letsatsi leo, re le ‘lebeletse.’
9. Ke hobane’ng ha re lokela hore re ‘lule re lebeletse’?
9 Ebang re qetile lilemo tse ngata kapa tse seng kae feela re sebeletsa Jehova, na re ‘lula re lebeletse re bile re letile’ joaloka Mikea? (Baroma 13:11) Ke ’nete hore ka botho, re ka ’na ra labalabela ho tseba hore na bofelo bo tla tla neng le hore na ho setse nako e kae pele bo fihla. Empa ho hang re ke ke ra tseba. Hopola mantsoe a Jesu ha a re: “Haeba mong’a ntlo a ne a tsebile hore na lesholu le tla ka tebelo efe, a ka be a ile a lula a falimehile ’me a se ke a lumella hore ntlo ea hae e thuhuoe. Ka lebaka lena le lōna le itokise, hobane Mor’a motho o tla tla ka hora eo le sa e nahaneng.”—Matheu 24:43, 44.
10. Ke lithuto life tseo u ithutang tsona bophelong ba moapostola Johanne le tseleng eo a neng a talima litaba ka eona?
10 Mantsoe a Jesu a tšoana haholo le se ngotsoeng ke Mikea, Sofonia le Habakuke. Leha ho le joalo, ha Jesu a bua mantsoe ao, o ne a thusa rōna balateli ba hae, eseng batho ba mehleng ea khale. Bakreste ba bangata ba inehetseng ba sebelisitse keletso ea Jesu e le kannete; ba ‘itokisitse,’ ’me ba lutse ba lebeletse. Moapostola Johanne o ile a beha mohlala o motle tabeng ena. Ke e mong oa ba bane ba neng ba le Thabeng ea Mehloaare ba ileng ba botsa Jesu ka bofelo ba tsamaiso ea lintho. (Matheu 24:3; Mareka 13:3, 4) E ne e le ka selemo sa 33 C.E., ’me ho ne ho se chate e bontšang tatellano ea liketsahalo eo Johanne a neng a ka e sheba ha a batla ho bona hore na ha e le hantle ho setse nako e kae pele lintho tse boletsoeng li etsahala. Nahana ka se ileng sa etsahala hamorao hoo e ka bang lilemo tse 60 ka mor’a hore Johanne a botse Jesu ka bofelo ba tsamaiso ea lintho. Johanne o ne a se a tsofetse, empa ha aa ka a nyahama ebile ha aa ka a khaotsa ho lebella. Ho e-na le hoo, ha Johanne a utloa Jesu a re: “E; ke tla kapele,” o ile a re: “Amen! Tloo, Morena Jesu.” Johanne o ne a sa ikoahlaele tsela eo a neng a phetse ka eona. O ne a kholisehile hore ha Jehova a phethisa kahlolo, O ne a tla boela a putse e mong le e mong ho latela mesebetsi ea hae. (Tšenolo 22:12, 20) Ho sa tsotellehe hore na kahlolo eo e ne e tla tla neng, Johanne o ne a batla hore e fihle a ‘itokisitse,’ joalokaha Morena Jesu a ne a mo elelitse. Na le uena u ikutloa joalo?
HO LE “LEBELLA” KAPA HO “KHORA”?
11. Batho ba mehleng ea Mikea le Hosea ba ne ba fapane joang le baprofeta baa ba babeli?
11 Nahana ka thuto e ’ngoe eo re e ka fumanang ho baprofeta ba phetseng ha nako ea hore Jehova a phethise likahlolo tsa hae Iseraele a ntoo fetela Juda, e ne e se e atametse. Ha Mikea ‘a ntse a lebeletse ’me a letile,’ batho ba bangata ba mehleng ea hae ba ne ba se na taba. Ba ile ‘ba hloea se molemo ’me ba rata bobe.’ Mikea o ile a ba lemosa hore haeba ba sa fetohe, “ba tla hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso, empa a ke ke a ba araba.” (Mikea 3:2, 4; 7:7) Hosea ea phetseng mehleng ea Mikea o ile a bua ka temo ha a khothatsa ba phelang ’musong o ka leboea oa Iseraele a re: “Itjalleng peō ka ho loka; kotulang tumellanong le mosa o lerato. Itemeleng thite, ha ho sa na le nako ea ho batla Jehova.” Ho sa tsotellehe khothatso ena, ba bangata ha baa ka ba mamela. Ba ile ba ‘lema bokhopo,’ ’me ba kotula ho se loke. (Hosea 10:12, 13) Ba ne ba lumella mekhoa e fosahetseng kapa ba kenya letsoho ho eona, ‘ba tšepa tsela ea bona’ ho e-na le ho tšepa tsela ea Jehova. Kajeno ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore, ‘Ho tlile joang hore barapeli ba ’nete, ba neng ba se ba ntse ba phela Naheng e Tšepisitsoeng, ba hlaheloe ke see?’ Hosea o ile a bontša hore sesosa sa bothata ba bona e ne e le boikutlo bo kang boo re lokelang ho itebela hore re se ke ra ba le bona e le hore re lule re lebeletse letsatsi le leholo la Jehova. Boikutlo bona ke ba ho raha qhebelele le ho “khora.”
12. (a) Hosea o ile a lemoha phetoho efe e seng ntle ho Baiseraele pele ho 740 B.C.E.? (b) Batho ba ne ba bontša ka litsela life hore baa “khora”?
12 Ha batho ba Molimo ba fihla Naheng e Tšepisitsoeng, naheng e phallang lebese le mahe a linotši, ba ile ba rua haholo. Ba ile ba ikutloa joang ka see? Hosea o ile a pheta mantsoe a Jehova, a re: “Ho ea ka lekhulo la bona ba boetse ba khora. Ba ile ba khora ’me lipelo tsa bona tsa qala ho iphahamisa. Ke ka lebaka leo ba ileng ba ntebala.” (Hosea 13:6) Makholo a lilemo pejana, Molimo o ne a ile a lemosa batho ba hae ka eona kotsi eo. (Deuteronoma 8:11-14; 32:15) Leha ho le joalo, mehleng ea Hosea le Amose, Baiseraele ba ile ba oela kotsing ena—ba ile “ba khora.” Amose o re hlakisetsa taba ena. O bolela hore ba bangata ba ne ba e-na le thepa e mabothobotho matlong a bona, ’me malapa a mang a ne a bile a e-na le matlo a mabeli. Ba ne ba e-ja limenyemenye, ba noa veine ea boleng bo phahameng ka linoelo tse khethehileng ’me ba itlotsa ka “oli e ntle ka ho fetisisa,” eo mohlomong e neng e le litlolo tse nkhang hamonate. (Amose 3:12, 15; 6:4-6) Mohlomong ua tseba hore ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e neng e fosahetse, empa ho hlakile hore ho li nka e le tsa bohlokoa ka ho fetisisa ke hona ho neng ho fosahetse.
13. Ke bofokoli bofe bo boholo boo Baiseraele ba neng ba e-na le bona, ho sa tsotellehe hore na ba ne ba ruile kapa che?
13 Ha e le hantle, hase bohle ba neng ba le ’musong o ka leboea ba ileng ba rua ba ba ba “khora.” Ba bang ba ne ba futsanehile ’me ba hula ka thata hore ba iphelise ba be ba phelise le ba malapa a bona. (Amose 2:6; 4:1; 8:4-6) Kajeno, ho joalo likarolong tse ngata tsa lefatše. Na le mafutsana Iseraeleng ea boholo-holo a ne a ka sebelisa keletso ea Molimo e fumanoang ho Hosea 13:6, hona na le rōna re ka e sebelisa kajeno? Ka sebele ho joalo. Jehova o ne a bontša hore ho sa tsotellehe hore na morapeli oa ’nete o ruile kapa che, ho hlokahala hore a itebele hore a se ke a tšoareha haholo ka lintho tse bonahalang hoo a ka bang a ‘lebala Molimo.’—Luka 12:22-30.
14. Ke hobane’ng ha ho loketse hore re itekole hore na re ntse re lebeletse letsatsi la Jehova?
14 Kaha re phela nakong eo ka eona re ka shebang morao ’me ra bona kamoo boprofeta bo bongata ba Bibele bo phethahalang kateng, re na le mabaka a eketsehileng a hore re be seli, re itokise, re lebelle letsatsi la Jehova. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba e se e le nako re le lebeletse, mohlomong e se e le lilemo tse mashome? Nakong e fetileng re ile ra ithukhubetsa tšebeletsong ra ba ra etsa liqeto tse neng li bontša hore re kholisehile hore letsatsi la Jehova le haufi. Empa le joale ha le e-s’o fihle. Na re ntse re le lebeletse? Re ka ba ra ipotsa potso ena e amang motho ka mong, ‘Na ke ntse ke lutse ke le lebeletse ka tieo, kapa ke se ke khoehlisitse?’—Tšenolo 2:4.
15. Tse ling tsa lintho tse ka bontšang hore re se re khoehlisitse ntlheng ea ho lebella letsatsi la Jehova ke life?
15 Ho na le litsela tse ngata tseo re ka itekolang ka tsona hore na re lebeletse letsatsi la Jehova kapa che, empa ke hobane’ng ha re sa itekole ka ho sebelisa tse ling tsa lintho tseo Amose a li buileng ha a hlalosa batho ba mehleng ea hae ba neng ba “khora”? Ha re ntse re li hlahloba, re ka sheba hore na ebe re na le matšoao a itseng a ho “khora.” Mohlomong Mokreste eo lilemong tse fetileng a neng a bontša ka tsela eo a nahanang ka eona le ka liketso hore o lebeletse letsatsi la Jehova, o se a qalile ho hahamalla ho ba le ntlo e mabothobotho haholoanyane kapa koloi e ntle haholoanyane, ho ba le liaparo tsa morao-rao, ho itlotsa ka litlolo tse turang le ho roala mabenyane a turang kapa ho noa veine ea boleng bo phahameng kapa ho ja limenyemenye. Ha ho moo Bibele e reng re lokela ho itšotla, re itime menyaka e itekanetseng. Motho ea sebetsang ka thata o lokela ‘ho ja ’me a noe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o thata.’ (Moeklesia 3:13) Leha ho le joalo, kotsi e bakoa ke haeba Mokreste a se a ichebetse feela lijo, lino le ponahalo ea hae. (1 Petrose 3:3) Jesu o ile a hlokomela hore batlotsuoa ba bang ba Asia Minor ba ne ba se ba amehile haholo ka lintho tse ling, e leng ho bontšang hore Bakreste ba ka oela lerabeng lena. (Tšenolo 3:14-17) Na le rōna re oetse boemong bo tšoanang? Na rea “khora,” mohlomong re se re amehile haholo ka lintho tse bonahalang? Na re se re khoehlisitse ntlheng ea ho lebella letsatsi la Jehova?—Baroma 8:5-8.
16. Ke hobane’ng ha ho khothalletsa bana ba rōna hore ba hahamalle ho phela bophelo ba ho “khora” ho ke ke ha ba tsoela molemo?
16 Tsela eo re eletsang bana ba rōna kapa batho ba bang ka eona e ka bontša hore re se re khoehlisitse ntlheng ea ho lebella letsatsi la Jehova. Mokreste a ka ’na a re: ‘Ke ile ka khetha ho se ntšetse thuto ea ka pele kapa ho se hahamalle menyetla e itseng ea mosebetsi kahobane ke ne ke nahana hore bofelo bo haufi haholo. Hona joale ke batla ho tiisa hore bana ba ka ba fumana thuto e tla ba thusa hore ba phele hamonate.’ Mohlomong ba bang mehleng ea Hosea ba ne ba nahana joalo. Haeba ho ne ho le joalo, na taba ea hore ebe batsoali bao ba ne ba khothalletsa bana ba bona haholo-holo ho phela bophelo ba ho “khora” e ne e tla tsoela bana molemo? Hona haeba bana bao ba ne ba hlile ba hahamalla bophelo ba ho “khora,” bo mabothobotho, ho ka be ho etsahetse joang ka bona ka 740 B.C.E., ha Samaria e ripitloa ke Baassyria?—Hosea 13:16; Sofonia 1:12, 13.
LULA U LEBELETSE LINTHO TSA SEBELE
17. Re lokela ho etsisa Mikea ka tsela efe?
17 Joaloka barapeli ba ’nete ba boholo-holo, re ka kholiseha hore seo Molimo a se tšepisitseng se tla phethahala ka nako e loketseng, ka nako e behiloeng ke eena. (Joshua 23:14) Moprofeta Mikea o ile a bontša hore o bohlale ka hore a letele Molimo oa poloko ea hae. Kaha re khona ho bona lintho tse seng li etsahetse, re ka sheba chate e bontšang tatellano ea liketsahalo tsa mehleng ea hae ’me ra bona kamoo a neng a phela haufi kateng le nako ea hore Samaria e hapuoe. Ho thoe’ng ka rōna le nako eo re phelang ho eona? Ha re hetla morao bophelong ba rōna, na ho tla hlaka hore re ne re khetha lintho ka bohlale, joaloka ha re khetha mosebetsi oa boipheliso, re khetha hore na re phela bophelo ba mofuta ofe le ha re khetha ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng? ’Nete ke hore ha re tsebe “letsatsi leo le hora eo.” (Matheu 24:36-42) Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore re tla be re bontša hore re bohlale haeba re hlaolela ho ba le boikutlo bo kang ba Mikea ’me re bontša seo ka liketso. Ha Mikea a putsoa ka bophelo lefatšeng le entsoeng paradeise hape, o tla thaba hakaakang ha a fumana hore re ile ra rua molemo molaetseng oa hae oa boprofeta le mohlaleng oa hae oa ho tšepahala! Re tla be re le lipaki tse phelang tsa hore Jehova ke Molimo oa poloko!
18, 19. (a) Obadia o ile a bua esale pele ka tlokotsi efe e tlang? (b) Obadia o ile a fa Baiseraele tšepo joang?
18 Re na le mabaka a utloahalang a ho kholiseha. Ka mohlala, nahana ka buka e khutšoanyane ea boprofeta ea Obadia. E ne e bua haholo ka Edomo ea boholo-holo, e bolela kahlolo ea Jehova khahlanong le batho ba neng ba sotla ‘barab’abo bona,’ Baiseraele. (Obadia 12) Joalokaha ho ne ho boletsoe esale pele, ba ile ba fela ba timetsoa, joalokaha re tšohlile sena Khaolong ea 10 bukeng ena. Bababylona ba neng ba busoa ke Nabonidus, ba ile ba hapa Edomo bohareng ba lilemo tsa bo-500 B.C.E., eaba sechaba sa Baedomo sea nyamela. Leha ho le joalo, ho na le ntlha e ’ngoe ea bohlokoa molaetseng oa Obadia, e leng ntlha e amanang le hore re lule re lebeletse letsatsi le leholo la Jehova.
19 Ua tseba hore sechaba sa lireng (Babylona) se ileng sa ripitla Edomo, se ile sa boela sa phethahatsa kotlo ea Molimo ho batho ba hae ba sa tšepahaleng. Ka 607 B.C.E., Bababylona ba ile ba timetsa Jerusalema eaba ba isa Bajuda kholehong. Joale naha eo e ile ea fetoha lesupi. Na ho ile ha fella moo? Che. A sebelisa Obadia, Jehova o ile a bolela esale pele hore Baiseraele ba ne ba tla khutlela naheng ea habo bona. U ka bala tšepiso ena e khothatsang ho Obadia 17, e reng: “Thabeng ea Sione ke moo ba phonyohang ba tla ba teng, e tla ba ntho e halalelang; ’me ntlo ea Jakobo e tla rua lintho tseo ba tla li rua.”
20, 21. Ke hobane’ng ha Obadia 17 e lokela ho re tšelisa?
20 Histori e tiisa hore seo Jehova a ileng a sebelisa Obadia hore a se bue se ile sa fela sa etsahala. Molimo o ile a bolela esale pele, ’me ha fela ha e-ba joalo. Baholehuoa ba likete ba tsoang Juda le Iseraele ba ile ba khutla ka 537 B.C.E. Ka lebaka la tlhohonolofatso ea Jehova, ba khutlileng ba ile ba fetola naha eo e letsoatlare paradeise e talana. U balile boprofeta bo mabapi le phetoho ena e hlollang ho Esaia 11:6-9 le 35:1-7. Ntho ea bohlokoa ke hore borapeli ba ’nete bo ile ba boela ba thehoa tempeleng ea Jehova e tsosolositsoeng. Kahoo, Obadia 17 e ka ba bopaki bo bong bo re bontšang hore litšepiso tsa Jehova lia tšepahala. Kamehla lia phethahala.
21 Obadia o ile a phetha boprofeta ba hae ka mantsoe ana a matla: “Borena e tla ba ba Jehova.” (Obadia 21) Kaha u tšepile tšepiso eo, u lebeletse nako e khanyang eo ka eona Jehova a tla sebelisa Jesu Kreste hore a buse ho se ea mo hanyetsang bokahohleng bohle, ho kopanyelletsa le lefatšeng lena la rōna. Ebang ke nako e khutšoanyane kapa e se e le lilemo tse mashome u lebeletse letsatsi le leholo la Jehova—le litlhohonolofatso tsa lona, ruri u ka kholiseha hore tebello e joalo e thehiloeng Bibeleng e tla phethahala.
22. Ke hobane’ng ha u batla ho ba le boikutlo bo tšoanang le bo hlalosoang ho Habakuke 2:3 le Mikea 4:5?
22 Kahoo, ho nepahetse hore re phete tšepiso ena e tiileng ea Habakuke, eo ka sebele e re amang kajeno: “Pono ena e sa ntse e le bakeng sa nako e behiloeng, e ntse e potlakela bofelong, ’me e ke ke ea bolela leshano. Esita le haeba e ka lieha, u lule u e lebeletse; kaha ruri e tla phethahala. E ke ke ea siuoa ke nako.” (Habakuke 2:3) Esita le haeba ho ea ka pono ea batho ho ka ’na ha bonahala eka letsatsi le leholo la Jehova lea lieha, ka sebele letsatsi leo le tla tla ka nako e behiloeng. Jehova o re tšepisa seo. Kahoo, ba seng ba sebelelitse Molimo ka lilemo tse ngata le ba sa tsoa amohela borapeli ba hae ba ka tsoela pele hammoho ba kholisehile joalokaha Mikea 4:5 e bolela: “Re tla tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.”
LINTLHA TSEO U KA NAHANISISANG KA TSONA
• Ke ntlha efe ea sehlooho e amang boikutlo ba hao eo u e fumanang ho Mikea 7:7; Habakuke 2:3; le Sofonia 3:8?
• Ke hobane’ng ha keletso e ho Jakobo 5:10, 11 e le ea bohlokoa ho uena ebile e ka u tsoela molemo?
• U ka rua molemo joang ka ho thuisa ka 2 Petrose 3:9, 11, 12, 14?
U TLA RUA MOLEMO JOANG?
• Ebang u morui kapa u mofutsana, u ka ithuta lithuto life ho Amose 3:15; 5:11; le Hagai 1:4-7?
• Ho na le ho loantšana hofe pakeng tsa ho khora le ho lula u lebeletse letsatsi la Jehova?—Habakuke 3:17, 18.
• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u lule u lebeletse letsatsi la Jehova ka cheseho?—Sofonia 1:12-15.
[Setšoantšo se leqepheng la 153]
Sofonia
[Setšoantšo se leqepheng la 154]
“‘Lulang le ntebeletse,’ ho bolela Jehova.”—Sofonia 3:8
[Litšoantšo tse leqepheng la 160]
U khothalletsa bana ba hao hore ba phele bophelo ba mofuta ofe?
[Setšoantšo se leqepheng la 163]
Re sebeletsa Jehova re thabile, re letetse bophelo bo sa feleng