Buka ea Bibele ea 33—Mikea
Mongoli: Mikea
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Juda
Ho Ngoloa ho Phethiloe: Pele ho 717 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: hoo e ka bang ka 777–717 B.C.E.
1. Mikea e ne e le motho oa mofuta ofe?
NAHANA ka monna ea hōlileng tsebong, ea qetileng lilemo tse ngata a sebeletsa Jehova ka botšepehi. Nahana ka monna ea sebete, ea neng a ka bolella babusi ba sechaba sa habo, ‘Lōna le hloeang botle, le ratang bobe, ba jang nama ea sechaba sa ka, ba buhang letlalo la bona.’ Nahana ka monna ea ikokobelitseng, ea nehang Jehova tlotla eohle bakeng sa lipolelo tsa hae tse matla, ea buisoang ke moea oa Hae. Na u ne u ke ke ua thabela botsoalle le monna ea joalo? O ne a tla fana ka letlotlo le leholo hakaakang la boitsebiso le keletso e utloahalang! Moprofeta Mikea e ne e le monna ea joalo. Re ka iphumanela keletso ea hae e khethiloeng bukeng e nang le lebitso la hae.—Mik. 3:2, 3, 8.
2. Ke eng se tsejoang ka Mikea le ka nako ea ho profeta ha hae?
2 Joaloka baprofeta ba bang, ha ho boleloe letho le lengata ka Mikea ka boeena bukeng ea hae; ke molaetsa o neng o le bohlokoa. Lebitso Mikea ke khutsufatso ea Mikaele (le bolelang, “Ke Mang ea Joaloka Molimo?”) kapa Mikaia (le bolelang, “Ke Mang ea Joaloka Jehova?”). O ile a sebeletsa e le moprofeta nakong ea puso ea Jothame, Akaze, le Ezekiase (777-717 B.C.E.), hoo ho entse hore e be moprofeta nakong e tšoanang le baprofeta Esaia le Hosea. (Esaia 1:1; Hos. 1:1) Lilemo tse tobileng tseo a sebelelitseng e le moprofeta ka tsona ha li tsejoe, empa e ka batla e le lilemo tse 60. Boprofeta ba hae bo mabapi le ho senngoa ha Samaria e tlameha e be bo fanoe pele motse oo o timetsoa ka 740 B.C.E., ’me ho ngoloa ha eona kaofela e tlameha e be ho phethiloe qetellong ea puso ea Ezekiase, 717 B.C.E. (Mik. 1:1) Mikea e ne e le moprofeta ea tsoang motseng oa mahae oa Moreshethe karolong e nang le mobu o nonneng ea Shefela, boroa bo ka bophirima ho Jerusalema. Ho tloaelana ha hae le bophelo ba mahae ho bontšoa ke mofuta oa lipapiso tseo a li sebelisitseng ho hlakisa lipolelo tsa hae.—2:12; 4:12, 13; 6:15; 7:1, 4, 14.
3. Mikea o ile a sebeletsa linakong life tsa bohlokoa, ’me ke hobane’ng ha Jehova a ile a mo roma ho ba moprofeta?
3 Mikea o phetse linakong tse kotsi le tsa bohlokoa. Liketsahalo tse fetang kapele li ne li profeta timetso bakeng sa ’muso oa Iseraele le oa Juda. Iseraele e ne e senyehile boitšoarong le tšebeletsong ea litšoantšo, ’me seo sa isa ho timetsoeng ha sechaba ke Baassyria, ho hlakile hore e bile nakong eo Mikea a neng a phela ka eona. Juda e ile ea tloha boemong ba ho etsa ho lokileng pusong ea Jothame ho fetohela ho etsiseng bokhopo ba Iseraele pusong ea borabele ea Akaze le ho hlaphoheloa boemong bona nakong ea puso ea Ezekiase. Jehova o ile a tsosa Mikea ho lemosa batho ba Hae ka matla ka seo A neng a tla se tlisa holim’a bona. Boprofeta ba Mikea bo ile ba sebeletsa ho tšehetsa ba Esaia le ba Hosea.—2 Mar. 15:32–20:21; 2 Likron. likhao. 27-32; Esa. 7:17; Hos. 8:8; 2 Ba-Kor. 13:1.
4. Ke eng se pakang bonnete ba buka ea Mikea?
4 Ho na le bopaki bo bongata bo bontšang bonnete ba buka ea Mikea. Ka mehla e ile ea amoheloa ke Bajode e le karolo ea mangolo a halalelang a Seheberu. Jeremia 26:18, 19 e supa ka ho toba mantsoeng a Mikea: “Sione o tla lengoa joalo ka tšimo, Jerusalema a fetohe liqubu tsa majoe.” (Mik. 3:12) Boprofeta bona bo ile ba phethahala ka nepo ka 607 B.C.E. ha morena oa Babylona a felisa Jerusalema ka ho felletseng, a “timetsa ntho tsohle tsa teng.” (2 Likron. 36:19) Boprofeta bo tšoanang mabapi le Samaria, hore e ne e tla fetoha “sefika sa majoe se pel’a tšimo,” le bona bo ile ba phethahala. (Mik. 1:6, 7) Samaria e ile ea senngoa ke Baassyria ka 740 B.C.E. ha ba nka ’muso o ka leboea oa Iseraele ba o isa botšoaruoeng. (2 Mar. 17:5, 6) Hamorao oa hlōloa ke Alexandere e Moholo lekholong la bone la lilemo B.C.E. le ho felisoa ke Bajode tlas’a John Hyrcanus I lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. Mabapi le timetso ena ea ho qetela ea Samaria, The New Westminster Dictionary of the Bible, 1970, leqephe 822, e re: “Mohlōli o e helelitse, a leka ho felisa ka ho felletseng bopaki ba hore motse o liqhobosheane o kile oa ema thabaneng eo.”
5. Thuto ea lintho tsa khale tse epollotsoeng e tiisa joang ho phethahala ha boprofeta ba Mikea?
5 Bopaki ba lintho tsa khale tse epolotsoeng le bona bo tšehetsa ho phethahala ha boprofeta ba Mikea. Libukeng tsa litlaleho tsa histori ea Assyria ho na le litšupiso tse mabapi le ho timetsoa ha Samaria ke Baassyria. Ka mohlala, Morena Sargone oa Assyria o ile a ithorisa: “Ke ile ka thibella le ho hlōla Samaria (Sa-me-ri-na).”a Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe e bile morena ea busitseng pele ho Sargone, Shalmanesere V, ea qetelletseng tlhōlo eo. Mabapi le Shalmanesere, tlaleho ea Babylona e re: “O ile a senya Samaria.”b Ho hlaseloa ha Juda nakong ea puso ea Ezekiase, joalokaha ho profetile Mikea, ho tlalehiloe hantle ke Sankeribe. (Mik. 1:6, 9; 2 Mar. 18:13) O ne a betlile setšoantšo se seholo leboteng le likarolo li ’nè la ntlo ea hae ea borena Ninive se bontšang ho haptjoa ha Lakishe. Setšoantšong sa hae o boletse sena: “Ke ile ka thibella metse ea hae e matla e 46 . . . Ka thopa (ho eona) batho ba 200 150 . . . Eena ka mo etsa motšoaruoa Jerusalema, sebakeng sa hae sa borena, joaloka nonyana e koalletsoeng.” Hape o thathamisa makhetho ao Ezekiase a mo lefileng oona, le hoja a fetelletsa tefo. Ha a bolele letho ka koluoa e ileng ea oela makhotla a hae a ntoa.c—2 Mar. 18:14-16; 19:35.
6. Ke eng se etsang hore ho se be le pelaelo mabapi le ho bululeloa ha Mikea?
6 Ho qhalang pelaelo leha e le efe mabapi le ho bululeloa ha buka ena ke boprofeta bo totobetseng ba Mikea 5:2, bo boletseng esale pele ka sebaka seo Messia a neng a tla tsoalloa ho sona. (Matt. 2:4-6) Hape ho na le litemana tse tšoanang le Mangolong a Segerike a Bokreste.—Mik. 7:6, 20; Matt. 10:35, 36; Luka 1:72, 73.
7. Ho ka boleloa eng ka matla a Mikea a ho hlalosa?
7 Le hoja ho ka etsahala hore ebe Mikea o ne a e-tsoa motseng oa mahae oa Juda, empa o ne a sa haelloe ke tsebo ea ho itlhalosa. Litlhaloso tse ling tse molemo haholo Lentsoeng la Molimo li fumanoa bukeng ea hae. Khaolo 6 e ngotsoe joaloka puisano e hapang maikutlo. Phetoho e potlakileng e hapa tlhokomelo ea ’mali ha Mikea a tloha kapele ntlheng e ’ngoe ’me a fetela ho e ’ngoe, ho tloha lipolelong tsa thohako ho ea ho tsa tlhohonolofatso le ho khutla hape. (Mik. 2:10, 12; 3:1, 12; 4:1) Ho na le lipolelo tse ngata tse hlakileng tse tšoantšetsang: Nakong eo Jehova a tsoang ho ea hlasela, “lithaba li tla qhibiliha ka tlas’a hae, likhohlo li petsohe, joalo ka makheha a linotši ha a le pel’a mollo, le joalo ka metsi a tšolletsoeng motheong.”—1:4; bona hape 7:17.
8. Ho na le eng karolong ka ’ngoe ho tse tharo tsa Mikea?
8 Buka ena e ka aroloa ka likarolo tse tharo, karolo ka ’ngoe e qala ka lentsoe “Utloang” ’me e na le likhalemelo, litemoso tsa kotlo, le litšepiso tsa tlhohonolofatso.
LITABA TSE KA HARE TSA MIKEA
9. Ke likotlo life tse boleloang khahlanong le Samaria le Juda?
9 Karolo 1 (1:1–2:13). Jehova o tsoa tempeleng ea hae ho tla otla Samaria ka baka la borapeli ba hae ba litšoantšo. O tla e etsa “sefika sa majoe” le ho “akhela majoe a oona thotaneng,” ha a thumakanya litšoantšo tse betliloeng tsa oona. Ho ke ke ha ba le ba o folisang. Juda le eona e na le molato ’me e tla hlaseloa ‘ho fihla monyako oa Jerusalema.’ Ba rerang lintho tse kotsi baa nyatsoa ’me ba tla lla: “Re sentsoe ruri.”—1:6, 12; 2:4.
10. Mohau oa Jehova o hlahella joang?
10 Kapele tlhokomelo e lebisoa mohaung oa Jehova ha a phatlalatsa ka lebitso la Jehova: “Ke tla u bokella, ke u bokelle ruri, uena Jakobo kaofela . . . ke tla ba bea hammoho joalo ka linku tse har’a lesaka, joalo ka mohlape o har’a makhulo; e tla ba boieane ba batho.”—2:12.
11. (a) Joale ke molaetsa ofe oa kahlolo o boleloang khahlanong le babusi ba Jakobo le Iseraele? (b) Mikea o lumela mohloli oa sebete sa hae joang?
11 Karolo 2 (3:1–5:15). Joale Mikea o tsoela pele: “Utloang he, lōna lihlooho tsa Jakobo, lōna marena a ntlo ea Iseraele.” Molaetsa o bohloko oa kahlolo o phatlalatsoa khahlanong le ‘ba hloileng botle, ba ratang bobe’ ba hatelletseng batho. Ba ‘pshatlile masapo a bona, ba a khaola likoto.’ (3:1-3) Ba kopanyelletsoang ho bona ke baprofeta ba bohata ba sa faneng ka tataiso leha e le efe ea ’nete, ba etsang hore batho ba Molimo ba khelohe. Ho hlokahala sebete se fetang seo motho a nang le sona ho phatlalatsa molaetsa ona! Empa ka kholiseho Mikea o re: “Ke tletse matla, ke tletse moea oa Jehova, le ho loka le bonatla, ke tle ke bolelle Jakobo bokoenehi ba hae, ke tsebise Iseraele sebe sa hae.” (3:8) Molaetsa oa hae oa kahlolo bakeng sa babusi ba nang le molato oa mali o fihla sehlohlolong se bohloko: “Hlooho tsa teng li ahlolela limpho, baprista ba teng ba ruta ka baka la moputso, baprofeta ba teng ba noha ka baka la chelete.” (3:11) Ka baka leo Sione o tla lengoa joaloka tšimo, ’me Jerusalema e tla fetoha sefika sa majoe.
12. Ke boprofeta bofe bo hlollang bo fanoeng bakeng sa ‘mehla ea bofelo’?
12 Boprofeta ha bo fetoha hape ka tšohanyetso, bo fetohela “mehleng ea bofelo” ho fana ka tlhaloso e hlollang, e potlakileng ea ho tsosolosoa ha borapeli ba Jehova thabeng ea hae. (4:1) Lichaba tse ngata li tla nyolohela teng ho ea ithuta ka litsela tsa Jehova, hobane molao oa hae le lentsoe li tla tsoa Sione le Jerusalema. Ba ke ke ba ithuta ntoa hape, empa e mong le e mong oa bona o tla lula ka tlas’a sefate sa hae sa morara le sa feiga. Ba ke ke ba tšosoa. Batho ka mefuta ea bona ba ka ’na ba latela melimo ea bona, empa barapeli ba ’nete ba tla tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa bona, ’me o tla ba busa e le Morena oa bona ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, pele Sione e lokela ho isoa botšoaruoeng Babylona. E tla ba feela ha e tsosolositsoe moo Jehova a tlang ho silakanya lira tsa eona.
13. Ke ’musi oa mofuta ofe ea tla tsoa Bethlehema, ’me “masala a Jakobo” a tla ba joaloka eng?
13 Joale Mikea o bolela esale pele ka ’musi Iseraeleng “ea leng teng e sa le tšimolohong” ea tla tsoa Bethlehema ea Efrata. O tla busa e le ‘molisa ka matla a Jehova’ ’me o tla ba moholo, e seng feela Iseraeleng, empa “ho isa pheletsong ea lefatše.” (5:2, 4) Baassyria ba hlaselang ba tla ba le katleho ea nakoana, hobane ba tla khutlela naheng ea bona ’me naha ea bona e tla fetoha lesupi. “Masala a Jakobo” a tla ba joaloka “phoka e tsoang ho Jehova” har’a batho le joaloka tau e sebete har’a lichaba. (5:7) Jehova o tla fothola borapeli ba bohata le ho lefetsa kotlo holim’a lichaba tse sa utloeng.
14. (a) Karolo ea 3 ea Mikea e sebelisa papiso efe tšimolohong ea eona? (b) Ke litlhokahalo life tsa Jehova tseo batho ba Iseraele ba hlōlehileng ho li finyella?
14 Karolo 3 (6:1–7:20). Joale pono e hlollang ea lekhotla e fanoa ka mokhoa oa puisano. Jehova o na le ‘tseko [“nyeoe ea molao,” NW]’ le Iseraele, ’me o bitsa maralla le lithaba hore e be lipaki. (6:1) O phephetsa Iseraele hore e fane ka bopaki khahlanong le eena, ’me o pheta liketso tsa hae tse lokileng lebitsong la bona. Jehova o hloka eng ho motho oa lefatšeng? Eseng bongata ba mahlabelo a liphoofolo, empa, ho e-na le hoo, ‘hore a etse se lokileng, a rate bokhabane, le ho tsamaea ka boikokobetso le Molimo oa hae.’ (6:8) Sena ke sona se haellang Iseraeleng. Ho e-na le toka le mosa ho na le “sekala se khopo,” pefo, leshano, le bolotsana. (6:11) Ho e-na le ho tsamaea ka boikokobetso le Molimo, ba tsamaea ka likeletso tse khopo le ka borapeli ba litšoantšo ba Omri le Akabe, ba ileng ba busa Samaria.
15. (a) Moprofeta o bontša masoabi ka eng? (b) Buka ea Mikea e na le sephetho sefe se tšoanelehang?
15 Moprofeta o bontša masoabi ka boitšoaro ba batho ba hae bo senyehileng. “Ea fetang ba bang ka molemo o joalo ka tšehlo.” (7:4) Ho na le mesebetsi ea bolotsana pakeng tsa metsoalle e haufi-ufi le har’a malapa. Mikea ha a nyahame. “Ha e le ’na, ke tla talima ho Jehova, ke lebelle Molimo oa poloko ea ka; Molimo oa ka o tla nkutloa.” (7:7) O khalemela ba bang hore ba se thabele kotlo ea Jehova holim’a batho ba Hae, hobane topollo e tla ba teng. Jehova o tla lisa le ho fepa batho ba hae le ho ba bontša “limakatso,” a tšose lichaba. (7:15) Ha Mikea a phetha buka ea hae, o pheta moelelo oa lebitso la hae ka ho rorisa Jehova ka baka la mosa oa Hae. E, ‘Molimo ke ofe ea joalo ka uena, Jehova?’—7:18.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
16. (a) Boprofeta ba Mikea bo ipakile bo le molemo joang mehleng ea Ezekiase? (b) Bo na le litemoso life tse matla bakeng sa mehla ena?
16 Lilemo tse ka holimo ho 2 700 tse fetileng, boprofeta ba Mikea bo ile ba ipaka bo le ‘molemo haholo bakeng sa ho khalemela,’ hobane Morena Ezekiase oa Juda o ile a arabela hantle molaetseng oa hae ’me a etsa hore sechaba se bake le ho fetola bolumeli ba sona. (Mik. 3:9-12; Jer. 26:18, 19; bapisa le 2 Marena 18:1-4.) Kajeno boprofeta bona bo bululetsoeng bo molemo ka ho eketsehileng. Utloang, lōna bohle ba ipolelang le le barapeli ba Molimo, litemoso tse hlakileng tsa Mikea khahlanong le bolumeli ba bohata, borapeli ba litšoantšo, leshano, le pefo! (Mik. 1:2; 3:1; 6:1) Pauluse o tiisa litemoso tsena ho 1 Ba-Korinthe 6:9-11, moo a bolelang hore Bakreste ba ’nete ba hloekisitsoe le hore ha ho motho ea inehelang mekhoeng e joalo ea tlang ho rua lefa la ’Muso oa Molimo. Ka tsela e bonolo le e hlakileng, Mikea 6:8 e bolela hore Jehova o hloka hore motho a tsamaee le Eena ka toka, mosa, le ka boikokobetso.
17. Mikea o fana ka khothatso efe ho ba sebeletsang Molimo tlas’a tlhoriso le boima?
17 Mikea o ile a isa molaetsa oa hae har’a batho ba neng ba arohane hoo ‘ba ntlo ea motho e neng e le bona lira ho eena.’ Hangata Bakreste ba ’nete ba bolela maemong a tšoanang, ba bang ba bile ba ekoa ke malapa a bona le ho thulana le tlhoriso e bohloko. Ka linako tsohle ba lokela ho letela Jehova, ‘Molimo oa poloko ea bona,’ ka mamello. (Mik. 7:6, 7; Matt. 10:21, 35-39) Tlhorisong kapa ha ho thulanoa le kabelo e thata, ba itšetlehang ho Jehova ka sebete, joaloka Mikea, ‘ba tlala matla, le ho tlala moea oa Jehova,’ ho boleleng molaetsa oa Hae. Mikea o profetile hore sebete se joalo se ne se tla bonahala ka ho khethehileng ho “masala a Jakobo.” Bana ba ne ba tla ba joaloka ‘tau har’a lichaba, le har’a merabe e mengata,’ ’me ka nako e tšoanang ba ne ba tla ba joaloka phoka e khathollang le lipula tse tsoang ho Jehova. Litšoaneleho tsena li ile tsa bonahala ka sebele har’a ‘masala a Iseraele (Jakobo)’ a ileng a fetoha litho tsa phutheho ea Bokreste lekholong la pele la lilemo.—Mik. 3:8; 5:7, 8; Ba-Roma 9:27; 11:5, 26.
18. Ke boprofeta bofe ba Mikea bo hokahanang le ho busa ha ’Muso oa Molimo ka Kreste Jesu?
18 Ho tsoalloa ha Jesu Bethlehema, phethahatsong ea boprofeta ba Mikea, hase feela hore ho tiisa ho bululeloa ha buka ena ke Molimo empa hape ho fana ka leseli le eketsehileng la kutloisiso temaneng ena e le boprofeta ba ho tla ha ’Muso oa Molimo tlas’a Kreste Jesu. Jesu ke eena ea hlahang Bethlehema (Ntlo ea Bohobe) ka melemo e phelisang ho bohle ba sebelisang tumelo sehlabelong sa hae. Ke eena ea ‘lisang ka matla a Jehova’ le ea fetohang e moholo le ho atolosetsa khotso lipheletsong tsa lefatše har’a mohlape o tsosolositsoeng, o kopaneng oa Molimo.—Mik. 5:2, 4; 2:12; Joh. 6:33-40.
19. (a) Ke khothatso efe e susumetsang tumelo e fanoeng bakeng sa ba phelang “mehleng ea bofelo”? (b) Mikea o phahamisa bobusi ba Jehova joang?
19 Khothatso e khōlō e fumanoa boprofeteng ba Mikea mabapi le ‘mehla ea bofelo,’ ha “lichaba tse ngata” li batla thuto e tsoang ho Jehova. “Ka lisabole tsa bona ba tla tea mehoma, ka marumo a bona ba tee lisekele; sechaba se seng se ke ke sa hlola se tsohela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa. Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feie ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang, hobane molomo oa Jehova oa makhotla o boletse.” Ba lahlile borapeli bohle ba bohata, ba kopana le Mikea ho tiisa sena: “Rōna, re tla tsamaea ka lebitso la Jehova, Molimo oa rōna, ka mehla le mehla.” Ka ’nete boprofeta ba Mikea bo susumetsa tumelo mabapi le ho fana ka ponelo-pele ea liketsahalo tsena tsa bohlokoa. Hape, ke buka e khethehileng mabapi le ho phahamisa Jehova e le ’Musi ea sa feleng le Morena. Mantsoe ana ke a thabisang hakaakang: “Jehova o tla busa thabeng ea Sione, ka ho sa eeng kae”!—Mik. 4:1-7; 1 Tim. 1:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ancient Near Eastern Texts, e hlophisitsoeng ke James B. Pritchard, 1974, leqephe 284.
b Assyrian and Babylonian Chronicles, ea A. K. Grayson, 1975, leqephe 73.
c Ancient Near Eastern Texts, 1974, leqephe 288; Insight on the Scriptures, Moq. 2, maqephe 894-5.