Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1990 | August 15
    • E le mohlala o amang boprofeta ba Bibele, The Watch Tower ea December 15, 1928, e ile ea tšohla Mikea 5:2-15. Buka ea Mikea e ile ea bua haholo ka ho etsoa lesupi ha Samaria ke ‘ba-Assyria’ le ho khutla ha Bajuda kholehong Babylona. (Mikea 1:1, 5-7; 4:10) E boetse ea supa ho lintho tse neng li tla etsahala hamorao, tse kang ho tsoaloa ha Messia Bethlehema. (Mikea 5:2) Mikea o ile a profeta hore ka mor’a topollo ea bona ho “mo-Assyria,” “masala a Jakobo” a ne a tla ba “joalo ka phoka e tsoang ho Jehova” le “joalo ka taoana har’a mehlape ea linku.” (Mikea 5:6-8) The Watch Tower e ile ea hlalosa: “Hona ho ka ’na ha nkoa e le pontšo ea hore a mang a masala a tla ba lefatšeng esita le ka mor’a hore Harmagedone e loanoe ’me a tla ba le mosebetsi o mong hape oo a tla o etsa lebitsong la Morena le tlotlisong ea hae.” Hlokomela puo e ikokobelitseng, e utloahalang e sebelisitsoeng ho kenyelletsa ntho ena e ka ’nang ea etsahala: “Hona ho ka ’na ha nkoa e le pontšo.”

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1990 | August 15
    • Litlhaloso tse mabapi le hore ho ka etsahala hore ba bang ba batlotsuoa ba pholohele lefatšeng le lecha li entsoe ka mehopolo e metle le leseling la mehlala ea Bibele bakeng sa ho leka ho utloisisa boprofeta kapa mehlala eo hamorao e ka bang le seo e se tšoantšang. Empa ha ho ka etsahala hore ho se be lea mong oa masala ea tla sala holim’a lefatše, ho ke ke ha e-ba le lebaka la ho se khotsofale. Re se re ntse re tseba hore litaba tsa Bibele li utloisisoa hamolemo ha nako e ntse e feta. Ka mohlala, Molula-Qhooa oa January 1, 1982 o ile oa tšohla Mikea 5:6-9 hape ’me oa hlalosa hore, “masala a Baiseraele ba moea, ha a ea ka a tlameha ho emela ho fihlela ka mor’a . . . Harmagedone e le hore a ka tšoana le ‘phoka’ e khathollang batho.” Tlhaloso ena e ile ea boela ea hlahisa hape monyetla oa hore masala a ka ’na a pholoha ntoa e khōlō ea Molimo ’me ka nakoana “a tla tsoela pele e le ‘phoka’ e khathollang ‘bongata bo boholo’ ba ‘linku tse ling.’” Leha ho le joalo, re ka bona, hore ho feta ha nako le ho eketseha ha leseli la moea li ka atolosa le ho fetola kutloisiso ea rōna ea boprofeta kapa ea litšoantšiso tsa Bibele.—Liproverbia 4:18.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela