Baskitha—Batho ba Mohlolo ba Nakong e Fetileng
SECHABA se seng sa bo-hloma-u-hlomole ba tsamaeang ka lipere se fihla se khemisa ka lebelo lerōleng, ’me lisatlelebeke tsa sona li kokomohile ke thepa e hapiloeng. Batho bana ba mohlolo ba ile ba busa masabasabeng a Eurasia ho tloha ka 700 ho ea ho 300 B.C.E. Ka mor’a moo ba ile ba nyamela—empa e le feela ka mor’a ho iketsetsa lebitso historing. Le ka Bibeleng baa hlaha. E ne e le Baskitha.
Ka makholo a lilemo, bo-hloma-u-hlomole le balisa ba lipitsi ba ne ba solla makhulong a sabaletseng ho tloha Lithabeng tsa Carpathian tsa Europe ka bochabela ho fihlela Russia ka boroa-bochabela ea hona joale. Hoo e ka bang lekholong la borobeli la lilemo B.C.E, batho ba ile ba qala ho fallela ka bophirimela ka lebaka la lintoa tsa Moemphera oa Chaena Hsüan. Ha Baskitha ba fallela nģ’a bophirimela, ba ile ba loantša ba ba ba leleka Bacimmeria, ba neng ba busa Caucasus le sebaka se ka leboea ho Leoatle le Letšo.
Ha Baskitha ba ntse ba batla matlotlo, ba ile ba phahla motse-moholo oa Assyria, Ninive. Hamorao ba ile ba etsa setsoalle le Assyria khahlanong le Media, Babylonia le lichaba tse ling. Ba ile ba hlasela ho ea fihla Egepeta ka leboea. ’Nete ea hore motse oa Bethe-shane oa Iseraele ka leboea-bochabela hamorao o ile oa bitsoa Scythopolis e ka ’na ea fana ka maikutlo a hore ho ne ho e-na le nako ea puso ea Baskitha.—1 Samuele 31:11, 12.
Qetellong, Baskitha ba ile ba lula masabasabeng a libaka tsa kajeno tsa Romania, Moldova, Ukraine le Russia ka boroa. Ha ba le mono ba ile ba ruisoa ke ho sebetsa e le babuelli pakeng tsa Bagerike le lihoai tsa lijo-thollo tsa Ukraine le Russia ka boroa. Baskitha ba ne ba reka veine, masela, lihlomo le mesebetsi e meng ea bonono ea Bagerike ka lijo-thollo, mahe a linotši, matlalo a boea le likhomo. Ka tsela eo ba ile ba bokella leruo le lengata haholo.
Bapalami ba Hloahloa ba Lipere
Ho bahlabani bana ba masabasabeng, pere e ne e tšoana le kamele ho batho ba mahoatateng. Baskitha e ne e le bapalami ba hloahloa ba lipere ’me ke ba bang ba pele ba ileng ba sebelisa sale le moraho. Ba ne ba ja nama ea pere ’me ba noa lebese la ’meri. Ha e le hantle, ba ne ba etsa mahlabelo a licheso ka lipere. Ha mohlabani oa Moskitha a ne a e-shoa, pere ea hae e ne e bolaoa ’me e bolokoa ka mokhoa o hlomphehang—ka mahaletere le metjeka.
Rahistori Herodotus o hlalosa hore Baskitha ba ne ba inehelletse mekhoa e sehlōhō ka ho fetisisa, e neng e akarelletsa ho etsa linoelo ka mahata a batho bao ba ba bolaileng. Ha ba hlasela lira tsa bona, ba ne ba li bolaea ka lisabole, lilepe tsa ntoa, marumo le metsu e hlabang e tabolang nama.
Mabitla a Hlomelletsoeng Ruri
Baskitha ba ne ba sebelisa boloi le bolumeli ba bashaman le borapeli ba mollo le ba molimotsana oa ’mè. (Deuteronoma 18:10-12) Ba ne ba re lebitla ke bolulo ba bafu. Ho ne ho etsoa mahlabelo ka makhoba le liphoofolo hore ba tle ba sebelisoe ke mong’a bona ea shoeleng. Ho ne ho nahanoa hore matlotlo le bahlanka ba ntlo ba ne ba tsamaea le morena ho ea “lefatšeng le latelang.” Lebitleng la morena e mong, ho ile ha fumanoa bahlanka ba bahlano ba rapalalitsoe ba shebisitse maoto ho mong’a bona, ba loketse hore ba tsohe ’me ba tsoele pele ka mesebetsi ea bona.
Babusi ba ne ba patoa ka linyehelo tse majabajaba, ’me linakong tsa ho siama, Baskitha ba ne ba tšolla mali a bona ’me ba kuta moriri. Herodotus o ile a ngola, a re: “Ba poma karolo ea litsebe tsa bona, ba beola lihlooho tsa bona, ba iphatsa ho pota letsoho, ba itšeha liphatla le linko, ’me ba phunya matsoho a bona a matšehali ka metsu.” Ho fapana le seo, Molao oa Molimo ho Baiseraele ba nakong eona eo o ne o laela: “Le se ke la iphatsa ’meleng ka lebaka la moea o shoeleng.”—Levitike 19:28.
Baskitha ba siile li-kurgan (litutulu tsa mabitla) tse likete. Mekhabiso e mengata e fumanoeng ka har’a li-kurgan tsena e tšoantšetsa bophelo ba letsatsi le letsatsi ba Moskitha. Morena Peter e Moholo oa Russia o ile a qala ho bokella lintho tse joalo ka 1715, ’me hona joale mabenyane ana a ka bonoa libakeng tsa polokelo ea lintho tsa bohlokoa Russia le Ukraine. “Mosebetsi [ona] oa bonono oa liphoofolo” o akarelletsa litšoantšo tsa lipere, lintsu, liphakoe, likatse, mangau, likhama, matsa, (libōpuoa tsa tšōmong tseo setopo e leng sa phoofolo e ’ngoe ha hlooho eona e le ea phoofolo e ’ngoe).
Baskitha le Bibele
Bibele e bua ka ho toba ka Baskitha ka lekhetlo le le leng feela. Ho Bakolose 3:11, rea bala: ‘Ha ho Mogerike kapa Mojuda, lebollo kapa ho se bolle, osele, Moskitha, lekhoba, motho ea lokolohileng, empa Kreste ke lintho tsohle ’me o ho tsohle.’ Ha moapostola oa Mokreste Pauluse a ne a ngola mantsoe ana, lentsoe la Segerike le ngotsoeng e le “Moskitha” le ne le sa sebelisoe ho sechaba se itseng, empa le ne le sebelisetsoa maqaba a fetisisang. Pauluse o ne a hatisa hore tlas’a tšusumetso ea moea o halalelang oa Jehova, kapa matla a hae a sebetsang, esita le batho ba joalo ba ka apara botho ba bomolimo.—Bakolose 3:9, 10.
Baepolli ba bang ba lintho tsa khale ba lumela hore lebitso Ashkenaze le fumanoang ho Jeremia 51:27 ke ntho e le ’ngoe le Ashguzai ea Seassyria, e leng lentsoe le neng le sebelisetsoa Baskitha. Matlapa a mongolo oa cuneiform a bolela ka selekane seo sechaba sena se neng se se entse le Bamannai bakeng sa ho loantša Baassyria lekholong la bosupa la lilemo B.C.E. Nakoana pele Jeremia a qala ho profeta, Baskitha ba ile ba feta ntle ho tšenyo naheng ea Juda ha ba ne ba leba Egepeta leha ba khutla teng. Kahoo, ba bangata ba neng ba utloile ha a bolela esale pele hore Juda e tla hlaseloa ke batho ba tsoang leboea, ba ne ba ka ’na ba belaela hore na boprofeta ba hae bo nepahetse.—Jeremia 1:13-15.
Litsebi tse ling tsa Bibele li nahana hore ho na le moo ho angoang taba ea Baskitha ho Jeremia 50:42, e reng: “A tšoara seqha le lerumo le betsoang. A khopo ’me a ke ke a bontša mohau. Molumo oa ’ona o tšoana le leoatle le loebehlanang, ’me a tla palama lipere; a entse thekō khahlanong le uena joaloka motho a le mong, uena morali oa Babylona.” Empa temana ena e sebetsa haholo ho Bamede le Bapersia, ba ileng ba hapa Babylona ka 539 B.C.E.
Ho ’nile ha fanoa ka maikutlo a hore “naha ea Magogo” eo ho buuoang ka eona ho Ezekiele khaolo ea 38 le khaolo ea 39 e bolela morabe oa Baskitha. Leha ho le joalo, “naha ea Magogo” ke ea tšoantšetso. Ho totobetse hore e bolela tikoloho ea lefatšeng, eo Satane le mangeloi a hae ba ileng ba lahleloa ho eona ka mor’a ntoa e neng e le leholimong.—Tšenolo 12:7-17.
Baskitha ba ne ba ameha phethahatsong ea boprofeta ba Nahume bo bolelang esale pele hore Ninive e tla lihuoa. (Nahume 1:1, 14) Bakalde, Baskitha le Bamede ba ile ba hapa thepa ea Ninive ka 632 B.C.E., ba liha ’Muso oa Assyria.
Ho oa ha Mohlolo
Ke hobane’ng ha Baskitha ba nyametse? Moepolli ea ka sehloohong oa lintho tsa khale oa Ukraine o re: “’Nete ke hore ha re tsebe se etsahetseng.” Ba bang ba lumela hore ka lebaka la ho rata leruo, lekholong la pele le la bobeli la lilemo B.C.E., ba ile ba hlōloa ke sehlopha se secha sa bo-hloma-u-hlomole ba Basarmatia se tsoang Asia.
Ba bang ba nahana hore Baskitha ba ile ba lihuoa ke ho loantšana ha masika a bona. Ba bang bona ba re masala a Baskitha a sa ntsane a fumanoa har’a Baossetia ba Caucasus. Leha ho le joalo, batho bana ba mohlolo ba nakong e fetileng, ba siile lebitso historing ea batho—le ileng la etsa hore lebitso Moskitha le bolele sehlōhō.
[’Mapa o leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
◻ Motse oa Kajeno
• Motse oa Khale
Danube
SCYTHIA ← TSELA EA HO FALLA
• Kiev
Dnieper
Dniester
Leoatle le Letšo
OSSETIA
Lithaba Tsa Caucasus
Leoatle la Caspian
ASSYRIA ← LITSELA TSA TLHASELO
◻ Ninive
Tigris
MEDIA ← LITSELA TSA TLHASELO
MESOPOTAMIA
BABYLONIA ← LITSELA TSA TLHASELO
◻ Babylona
Eufrate
’MUSO OA PERSIA
◻ Susa
Lekhalo la Persia
PALESTINA
• Bethe-shane (Scythopolis)
EGEPETA ← LITSELA TSA TLHASELO
Nile
Leoatle la Mediterranean
GREECE
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Baskitha e ne e le batho ba ratang ntoa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
The State Hermitage Museum, St. Petersburg
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Baskitha ba ne ba reka mesebetsi ea bonono ea Bagerike ka thepa ea bona ’me ba ile ba rua haholo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy of the Ukraine Historic Treasures Museum, Kiev