Buka ea Bibele ea 34—Nahume
Mongoli: Nahume
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Juda
Ho Ngoloa ho Phethiloe: Pele ho 632 B.C.E.
1. Ke eng e tsejoang ka Ninive ea boholo-holo?
“TŠENOLO [“phatlalatso khahlanong le,” NW] bakeng sa Ninive.” (Nah. 1:1) Boprofeta ba Nahume bo qala ka mantsoe ana a profetang kotsi. Empa ke hobane’ng ha a ne a etsa phatlalatso e joalo ea tlokotsi? Ke eng se tsejoang ka Ninive ea boholo-holo? Nahume o akaretsa histori ea eona ka mantsoe ana a mararo: “motse oa mali.” (3:1) Lithota tse peli tse leng ka bochabela ho lebōpo la Nōka ea Tigrise mabapa le motse oa hona joale oa Mosul, ka leboea ho Iraq, li tšoaea sebaka sa Ninive ea boholo-holo. E ne e sirelelitsoe haholo ka marako le ka liforo ’me e ne e le motse-moholo oa ’Muso oa Assyria karolong e qetellang ea histori ea eona. Leha ho le joalo, motse ona o simolohile morao matsatsing a Nimrode, ‘setsomi sa senatla pel’a Jehova. Ho tsoa Assure [“Assyria,” NW], a haha Ninive.’ (Gen. 10:9-11) Ka baka leo Ninive e bile le tšimoloho e mpe. E ile ea tsejoa ka ho khethehileng nakong ea puso ea Sargone, Sankeribe, Esare-Haddone, le Ashurbanipale, nakong e qetellang ’Muso o Moholo oa Assyria. Ka lintoa le litlhōlo, e ile ea ithuisa ka likhapo tsa phahlo le ho tuma ka tšoaro e sehlōhō ea bobatana eo babusi ba eona ba neng ba tšoara batšoaruoa ba eona ba bangata ka eona.a Ho boletse C. W. Ceram, leqepheng 266 la buka ea hae Gods, Graves and Scholars (1954): “Ninive e ile ea hopoleha molokong oa batho ka polao, ho tlatlapa phahlo, khatello le ho nyelisa ba fokolang; ka ntoa le ka mefuta eohle ea ho khahlapetsoa ’meleng; ka liketso tsa tšollo ea mali tsa babusi ba eona ba neng ba phelisa batho ka tšabo ’me le bona hangata ba ne ba bolaoa ke ba qothisanang lehlokoa le bona ba neng ba le sehlōhō ho ba feta.”
2. Bolumeli ba Ninive e ne e le ba mofuta ofe?
2 Ho thoe’ng ka bolumeli ba Ninive? E ne e rapela melimo e mengata-ngata, e mengata ea eona e ne e nkuoe Babylona. Babusi ba eona ba ne ba kōpa thuso ho melimo ena ha ba e-tsoa ho ea timetsa le ho ripitla, ’me baprista ba eona ba meharo ba ne ba susumelletsa liphutuho tsa eona tsa tlhōlo, ba lebelletse ho lefuoa ka liphahlo tse hapuoang. Bukeng ea hae Ancient Cities (1886, leqephe 25), W. B. Wright o re: “Ba ne ba rapela matla, ’me ba ne ba etsa lithapelo tsa bona feela litšoantšong tse khōlō tsa majoe, litau le lipoho tseo litho tsa tsona tse tenya, mapheo a lintsu, ’me lihlooho tsa batho e ne e le tšoantšetso ea matla, sebete, le tlhōlo. Ho loana e ne e le mosebetsi oa sechaba, ’me baprista e ne e le bahlohlelletsi ba sa khaotseng ba ntoa. Ba ne ba phela haholo-holo ka phahlo e hapiloeng litlhōlong, ’me ba ne ba abeloa e hlomamisitsoeng pele ba bang ba abeloa, hobane moloko ona oa ba tlatlapang thepa e ne e le oa ba fetelletseng bolumeling.”
3. (a) Ke ka tsela efe se boleloang ke lebitso la Nahume se loketseng? (b) Boprofeta ba Nahume ke ba nakong efe?
3 Le hoja boprofeta ba Nahume bo le bokhutšoaane, bo thahasellisa haholo. Sohle seo re se tsebang ka moprofeta ka boeena se ngotsoe temaneng e qalang: “Buka ea pono ea Nahume oa Elkoshe.” Lebitso la hae (Seheberu, Na·chumʹ) le bolela “Motšelisi.” Ho hang molaetsa oa hae e ne e se matšeliso ho Ninive, empa e ne e le matšeliso ho batho ba ’nete ba Molimo, o ne o bolela tokoloho e tiileng le e sa feleng ho sera se sa tšoareleng le se matla. Hape ke ho tšelisang hore Nahume ha a bolele letho ka libe tsa batho ba habo. Le hoja sebaka sa Elkoshe se sa tsejoe ka ho toba, ho bonahala ho ka etsahala hore ebe boprofeta bona bo ngoletsoe Juda. (Nah. 1:15) Ho oa ha Ninive, ho etsahetseng ka 632 B.C.E., e ne e le hona ho tla etsahala ha Nahume a tlaleha boprofeta ba hae, ’me o ile a bapisa ketsahalo ena le ho oa ha No-Amone (Thebese, Egepeta) ho etsahetseng pelenyana ho sena. (3:8) Ka baka leo, e tlameha ebe boprofeta ba Nahume bo ngotsoe neng-neng nakong ena.
4. Ke litšoaneleho life tsa bongoli tse bonahalang bukeng ea Nahume?
4 Tsela ea ho ngoloa ha buka ena ke e ikhethang. Ha e na mantsoe a mangata a sa hlokahaleng. Matla a eona le ho beha lintho ka tsela ea sebele a lumellana le hore ke karolo ea mangolo a bululetsoeng. Nahume e hlahelletse haholo ka puo ea eona e hlalosang, e hapang maikutlo, le e tšoantšang, hape le ka tlhaloso ea eona e hlomphehang, khopolo e hlakileng, le lipoleloana tse hlakisang taba ka ho hlollang. (1:2-8, 12-14; 2:4, 12; 3:1-5, 13-15, 18, 19) Ho bonahala boholo ba khaolo e qalang bo ngotsoe ka tsela ea thothokiso e latelang alfabeta. (1:8, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.) Mokhoa oa Nahume oa ho ngola o eketsoa ke ho sebelisa sehlooho se le seng. O nyonya ka ho felletseng sera se bolotsana sa Iseraele. O bona timetso feela bakeng sa Ninive.
5. Ke eng se pakang bonnete ba boprofeta ba Nahume?
5 Bonnete ba boprofeta ba Nahume bo pakoa ke ho nepahala ha ho phethahala ha bona. Mehleng ea Nahume, ke mang e mong haese moprofeta oa Jehova ea neng a ka leka ho profeta hore motse-moholo o ikhohomosang oa ’muso oa lefatše oa Assyria o ne o tla buloa ‘menyakong e holim’a linōka,’ ntlo ea oona ea borena e heletsoe, le hore oona ka boona o ne ‘o tla haptjoa, o hlakoloe le ho senngoa’? (2:6-10) Liketsahalo tse ileng tsa latela li ile tsa bontša hore ka sebele boprofeta bo ne bo bululetsoe ke Molimo. Litlaleho tsa histori tsa morena oa Babylona Nabopolassare li hlalosa ho thoptjoa ha Ninive ke Bamede le Bababylona: “Motse [ba o fetola] maralla a lesupi le litutu[lu (tsa majoe) . . . ].”b Ho etsoa lesupi ha Ninive ho ne ho phethiloe ka ho felletseng hoo sebaka seo e neng e le ho sona se ileng sa lebaloa ka lilemo tse makholo a mangata. Banyatsi ba bang ba ile ba nyatsa Bibele ntlheng ena, ba bolela hore Ninive ha ho mohla e kileng ea e-ba teng.
6. Ke eng se sibolotsoeng sebakeng seo Ninive ea boholo-holo e neng e le ho sona se pakang ho nepahala ha Nahume?
6 Leha ho le joalo, ho eketsang bopaki bonneteng ba Nahume, ke hore sebaka seo Ninive e neng e le ho sona se ile sa fumanoa, ’me mosebetsi oa ho epolla o qalile moo lekholong la bo19 la lilemo. Ho lekanngoa hore ho ile ha hlokahala hore mobu o etsang litone tse limillione tse ngata o tlosoe ho epolla motse ka ho felletseng. Ho epollotsoe eng Ninive? Lintho tse ngata tse tšehetsang ho nepahala ha boprofeta ba Nahume! Ka mohlala, liemahale tsa eona le mongolo o litšoantšong li tiisa sehlōhō sa eona, ’me ho na le karolo tse setseng tsa liemahale tse khōlō tsa lipoho le litau tse nang le mapheo. Ha ho makatse ha Nahume a buile ka eona e le joaloka “letsaba la litau”!—2:11.c
7. Ke eng se tšehetsang buka ea Nahume e le e halalelang?
7 Hore buka ea Nahume ea halalela ho bontšoa ke ho amoheloa ha eona ke Bajode e le karolo ea Mangolo a bululetsoeng. E lumellana ka ho felletseng le Bibele eohle. Boprofeta bo boleloa ka lebitso la Jehova, e fana ka bopaki bo botle mabapi le makhabane le boholo ba lona.
LITABA TSE KA HARE TSA NAHUME
8. Ke molaetsa ofe oa timetso o phatlalatsoang bakeng sa Ninive, empa ke litaba life tse molemo bakeng sa Juda?
8 Phatlalatso ea Jehova khahlanong le Ninive (1:1-15). “Jehova ke Molimo o boulelang [“o batlang ha boinehelo bo isoa ho eena a ’notši,” NW], o phetetsang.” Ka mantsoe ana moprofeta o rala motheo bakeng sa “Tšenolo [“phatlalatso khahlanong le,” NW] bakeng sa Ninive.” (1:1, 2) Le hoja Jehova a lieha ho halefa, joale ’mone ha a bonahatsa phetetso ea hae ka sefefo le ka sekhohola. Lithaba lia sisinyeha, maralla a qhibiliha, lefatše lea kokomoha. Ke mang ea ka emang pel’a mocheso oa khalefo ea hae? Leha ho le joalo, Jehova ke setšabelo sa ba balehelang ho eena. Empa Ninive e kotsing ea timetso. E tla felisoa ka moroallo, ’me “tlokotsi e ke ke ea hlaha habeli.” (1:9) Jehova o tla hlakola lebitso la eona le melimo ea eona. O tla e pata. Ka ho se tšoane ho khathollang, ho na le litaba tse molemo bakeng sa Juda! Ke life? ’Moleli oa khotso o ba memela ho etsa mekete ea bona le ho lefa likano tsa bona, kahobane sera, “ea bolotsana [“motho ea se nang molemo oa letho,” NW],” o tla felisoa. ‘O tla timeletsoa ruri.’—1:15.
9. Ke pono efe ea boprofeta eo re nang le eona ka ho hlōloa ha Ninive?
9 Ponelo-pele ea ho timetsoa ha Ninive (2:1–3:19). Nahume o bolela phephetso e somang Ninive hore e iphe matla a macha hore e eme khahlanong le ea tlang ho e hasanya. Jehova o tla bokella ba hae, ‘khanya ea Jakobo le ea Iseraele.’ Bona thebe le bahale ba hae ba apereng sekarelata le litšepe tse khubelu joaloka mollo ‘tsa makoloi a ntoa tse loketseng letsatsi leo a rerang makhotla a hae ka lona’! Makoloi a lipere a ntoa a “khehlemana ka matla” litseleng, a tsekema joaloka mahalima. (2:2-4) Joale re na le pono ea boprofeta ea ntoa. Baninive ba khoptjoa tseleng le ho itlhahanela ho ea sireletsa lerako empa ha ho thuso ea letho. Menyako ea nōka ea buleha, ntlo ea borena ea heleha, ’me makhabunyane a lla a iteta lifuba. Banna ba balehang ba laeloa ho ema, empa ha ho lea mong ea retelehang. Motse o tlatlaptjoa thepa le ho siuoa e le lesupi. Lipelo lia qhibiliha. Letsaba la litau le kae? Tau e ne e tlatsitse letsaba la eona ka litopo bakeng sa malinyane a eona, empa Jehova oa phatlalatsa: “Bona, ke tla ho uena.” (2:13) E, Jehova o tla chesa makoloi a ntoa a Ninive, a romele sabole ho ea bolaea malinyane a litau, a li amohe lijo tsa tsona lefatšeng.
10. Ninive e pepesoa e le eng, hona bofelo ba eona bo hlalosoa joang ka ho tsoelang pele?
10 “Jo! Motse oa mali! O tletse bohata le polao [“bosholu,” NW] kahohle.” Utloa molumo oa sephali le oa mabili a makoloi. Bona pere e khemang, koloi ea lipere e tlōlakang, mokalli oa pere, sabole e bekenyang, lerumo le phatsimang—ho latelang, liqubu-qubu tsa ba bolailoeng. “Ha ho moo litopo li fellang.” (3:1, 3) Hobane’ng? Ke hobane o tšoasitse lichaba bootsoeng ba hae le malapa ka boloi ba hae. Ka lekhetlo la bobeli Jehova oa phatlalatsa: “Bona, ke tla ho uena.” (3:5) Ninive e tla pepesoa e le seotsoa ’me e tla tlatlapuoa thepa, qetello ea eona e bohloko e ke ke ea fapana le ea No-Amone (Thebese), eo Assyria e e thopileng. Liqhobosheane tsa eona li joaloka lifeie tse butsoitseng, “ere ha li sisinngoa, li oele molomong oa ea li jang.” (3:12) Bahlabani ba eona ba joaloka basali. Ha ho letho le ka bolokang Ninive mollong le saboleng. Balebeli ba eona ba tla baleha joaloka tsie letsatsing le chesang, ’me batho ba eona ba tla qhalanngoa. Morena oa Assyria o tla tseba hore ha ho topollo, leha e le hore ho tla ba le pholiso tlokotsing ena. Bohle ba utloang peho ena ba tla opa liatla, kahobane kaofela ba hlokofalitsoe ke bobe ba Assyria.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
11. Ke metheo efe ea bohlokoa ea Bibele e bontšoang ke Nahume?
11 Boprofeta ba Nahume bo bontša metheo e meng ea bohlokoa ea Bibele. Mantsoe a qalang a pono a pheta lebaka la Molimo bakeng sa ho fana ka ea bobeli ho Litaelo tse Leshome: “Jehova ke Molimo o boulelang [“o batlang ha boinehelo bo isoa ho eena a ’notši,” NW].” Kapele ka mor’a moo o tiisa hore o “iphetetsa ho ba mo loantšang.” Boikhohomoso bo sehlōhō ba Assyria le melimo ea eona li ne li ke ke tsa e sireletsa ho phethahatsoeng ha kahlolo ea Jehova. Re ka kholiseha hore ka nako e loketseng Jehova o tla phethahatsa toka holim’a bohle ba khopo. “Jehova o pelo e telele, o moholo ka matla, ha a latolele motho molato oa hae.” Ka baka leo toka le boholo ba Jehova li phahamisoa ha a timeletsa ruri Assyria e matla. Ninive e ile ea fela ea ‘hapuoa, ea hlakoloa, le ho senngoa!’—1:2, 3; 2:10.
12. Nahume o tsebahatsa tsosoloso efe, hona ke joang boprofeta ba hae bo ka amahanngoang le tšepo ea ’Muso?
12 Ho fapana le Ninive e ‘timeletsoang ruri,’ Nahume o tsebahatsa ho tsosolosoa ha ‘khanya ea Jakobo le ea Iseraele.’ Hape Jehova o romela litaba tse molemo ho batho ba hae: “Bonang lithabeng maoto a ba bolelang litaba tse molemo, ba tumisang tsa khotso!” Litaba tsena tse molemo tsa khotso li amana le ’Muso oa Molimo. Re tseba sena joang? Ho hlakile kahobane Esaia o sebelisitse polelo e tšoanang, empa ho eona o eketsa mantsoe ana: “Ba bolelang khotso, ba tlisang taba tse molemo, ba bolelang topollo, ba reng ho Sione: Molimo oa hao oa busa [“o fetohile morena,” NW].” (Nah. 1:15; 2:2; Esa. 52:7) Hape, moapostola Pauluse ho Ba-Roma 10:15 o sebelisa polelo ena ho bao Jehova a ba romang joaloka baboleli ba litaba tse molemo ba Bakreste. Bana ba bolela “litaba tse molemo tsa ’muso.” (Matt. 24:14, NW) Ho latela se boleloang ke lebitso la hae, Nahume o fana ka matšeliso a mangata ho bohle ba batlang khotso le poloko tse tsoang ’Musong oa Molimo. Ka sebele bana bohle ba tla elelloa hore ‘Jehova o molemo; ke setšabelo tšiung ea tlokotsi ho ba mo tšepileng.’—Nah. 1:7.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 201.
b Ancient Near Eastern Texts, e hlophisitsoeng ke J. B. Pritchard, 1974, leqephe 305; masakana ke a bona; Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 958.
c Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 955.